Pono ea Bibele
Na “Testamente e Ncha” e Khahlanong le Bajode?
MOEVANGELI e mong oa Amerika o kile a re: “Kereke e hlomamisitsoeng e entse sebe ho pholletsa le karolo e khōlō ea histori ea eona ’me e tla ikarabella haholo Kahlolong, haholo-holo bakeng sa lehloeo le bontšitsoeng khahlanong le sechaba sa Bajode.”
Ke hobane’ng ha lehloeo khahlanong le Bajode le bile le histori e telele le e mpe joalo, e tsoetseng pele ho fihlela lekholong la bo20 la lilemo? Ba bang ba beha molato ho Mangolo a Segerike a Bokreste, ao ho thoeng ke Testamente e Ncha. Ka mohlala, Krister Stendahl, hlooho ea Harvard Divinity School, o ile a re: “Hore . . . lipolelo tsa Testamente e Ncha li sebelelitse e le tumello ea ‘bomolimo’ ea ho bontša lehloeo khahlanong le Bajode hoa tsebahala ’me ke ’nete e amoheloang hohle.” Le hoja sena se amoheloa hohle, na ka sebele ke ’nete?
Ke Mang ea Ileng a Behoa Molato ka Lefu la Jesu?
Karolo eo hangata e qotsoang e le bopaki ba hore “Testamente e Ncha” e khahlanong le Bajode ke Mattheu 27:15-25. Moo re bolelloa hore letšoele la Bajode le ile la batla hore ’musisi oa Moroma Ponse Pilato a re Jesu a khokhotheloe, le bile le hoelelitse: “Mali a hae a be holim’a rōna, le holim’a bana ba rōna.” Na moo “Testamente e Ncha” e ne e ruta hore Bajode bohle ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ikarabella bakeng sa lefu la Jesu le hore Bajode ba lokela ho tsejoa ka ho sa feleng e le babolai ba Kreste?
Pele ho tsohle, Bajode ba bangata ba ile ba arabela joang ho Jesu nakong ea tšebeletso ea hae? “Testamente e Ncha” e senola hore Jesu o ne a ratoa haholo ke matšoele a Bajode, haholo-holo Galilea, moo a ileng a ntšetsa pele boholo ba tšebeletso ea hae teng. (Johanne 7:31; 8:30; 10:42; 11:45) Matsatsi a mahlano feela pele a tšoaroa le ho bolaoa, letšoele la Bajode le ile la mo amohela Jerusalema e le Messia.—Mattheu 21:6-11.
Joale, ke mang ea neng a batla hore Jesu a bolaoe? “Testamente e Ncha” e hlokomelisa hore Jesu o ne a sa ratoe ke baprista ba baholo le Bafarisi ba bangata le Basadduci hobane o ne a pepesa boikaketsi ba bona. (Mattheu 21:33-46; 23:1-36)a Moprista e Moholo Kaiafa e ne e le e mong oa bahanyetsi ba Jesu ba ka sehloohong. Ntle ho pelaelo ka boeena o ile a lahleheloa moruong ha Jesu a ne a leleka ba ananyang ka lichelete tempeleng. (Mareka 11:15-18) Ho phaella moo, Kaiafa o ne a tšaba hore ho ratoa ha Jesu ke matšoele a Bajode qetellong ho ne ho tla etsa hore Baroma ba kenelle le hore a felloe ke matla. (Johanne 11:45-53) Ka hona, baprista ba baholo le baeta-pele ba bang ba bolumeli ba ile ba rera lefu la Jesu ’me ba mo isa lekhotleng la Baroma hore a bolaoe. (Mattheu 27:1, 2; Mareka 15:1; Luka 22:66–23:1) Ke ho makatsang hakaakang hore ebe ho ratoa ha Jesu ke matšoele a Bajode ho lebisitse lefung la hae!
Ka baka la ho ratoa ha Jesu haholo, ke joang letšoele la Bajode le neng le ka tsitlella ho hooa hore a bolaoe? Kaha batšehetsi ba bangata ba Jesu e ne e le Bagalilea, ho ka etsahala hore ebe letšoele le neng le batla hore a bolaoe boholo e ne e le Bajudea. Bagalilea ba ne ba batla ba na le kutloelo-bohloko, boikokobetso, ’me ba lokile ka tlhaho, ha Bajudea ba ne ba batla ba na le boikhohomoso, ba ruile, ’me ba rutehile haholo, haholo-holo Jerusalema. Ka ho hlokomelehang, Mattheu o senola hore letšoele le ne le susumelitsoe ke “baprista ba baholo le baholo.” (Mattheu 27:20) Ke leshano lefe leo ba neng ba le boleletse letšoele e le hore ba le susumetse ka tsela eo? Na e ne e le leshano leo ba neng ba le hlahisitse pejana qosong ea Jesu le le ileng la phetoa nakong ea polao ea Jesu, e leng la hore Jesu o itse o tla qhaqha tempele?—Mareka 14:57, 58; 15:29.b
Boikarabello ba Sechaba
Haeba letšoele lena la Bajode e ne e se sechaba sa Bajode kaofela, ke hobane’ng ha moapostola Petrose, ha a bua le letšoele le leholo la Bajode le neng le khobokane Jerusalema matsatsi a ka bang 50 hamorao Moketeng oa Libeke, a ile a re: “Le [thakhisitse Jesu] ka matsoho a ba khopo”? (Liketso 2:22, 23) Ka sebele Petrose o ne a tseba hore boholo ba batho bana bo ne bo sa amehe liketsong tse isitseng polaong ea Jesu. Ka hona, Petrose o ne a bolela’ng?
Ho latela Mangolo, polao e neng e sa lefelloe e ne e tlisa molato eseng feela ho ’molai empa hape le ho sechaba se hlōlehileng ho etsa hore ’molai a sebetsoe ka toka. (Deuteronoma 21:1-9) Ka mohlala, leloko lohle la Benjamine le kile la ahloleloa ho ba molato oa mali ka lebaka la ho hlōleha ho ahlola sehlopha sa babolai se neng se le har’a lona. Le hoja karolo e khōlō ea leloko leo e ne e sa amehe ka ho toba polaong, ka ho mamella tlōlo ena ea molao, le ne le e lumella ’me kahoo le ne le jere boikarabelo bo boholo. (Baahloli 20:8-48) Ruri, ho hlokomelehile hore “ho thōla ho bolela ho chaela taba monoana.”
Ka tsela e tšoanang, sechaba sa Bajode sa lekholong la pele la lilemo se ile sa lumella tlōlo ea molao ea baeta-pele ba sona ba nang le molato oa mali. Ka ho mamella liketso tsa polao tsa baprista ba baholo le Bafarisi, sechaba sohle se ile sa jara boikarabelo. Ntle ho pelaelo ke ka lona lebaka leo Petrose a ileng a hopotsa bamameli ba hae ba Bajode hore ba bontše pako.c
Liphello tsa ho latola Jesu joalo e le Messia e bile life? Jesu o ile a re ho motse oa Jerusalema: “Ntlo [tempele] ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Mattheu 23:37, 38) E, Molimo o ile a hula tšireletso ea hae, ’me mabotho a Roma a ile a latela ka hore a senye Jerusalema hammoho le tempele ea eona. Feela joalokaha lelapa la motho le ne le tla utloa liphello haeba mong’a lona a ne a ka hafotsa leruo lohle la hae, ho lahleheloa ke tšireletso ea bomolimo ha hoa ka ha utluoa feela ke ba ileng ba hoeletsa ka hore Jesu a bolaoe empa hape le malapa a bona. Ka kutloisiso ena mali a Jesu a bile holim’a bona le bana ba bona.—Mattheu 27:25.
Leha ho le joalo, ha ho letho ka “Testamenteng e Ncha” le bolelang hore meloko e hlahlamang ea Bajode e ne e tla jara molato o khethehileng bakeng sa lefu la Jesu. Ho fapana le hoo, ka lebaka la ho rata ntat’a bona moholo Abrahama, Molimo o ile a bontša Bajode kameho e khethehileng, a ba neha monyetla oa pele oa hore e be Bakreste. (Liketso 3:25, 26; 13:46; Ba-Roma 1:16; 11:28) Qetellong ha monyetla ona o atolosetsoa ho Balichaba, Molimo o ile a khaotsa ho sebetsana le motho leha e le ofe motheong oa mofuta oa sechaba se itseng. Petrose o itse: “Ke lemoha ka ’nete hore Molimo ha o ee ka tšobotsi ea batho. Empa har’a lichaba tsohle, ea o tšabang, le ea etsang ho lokileng, ke eena ea o khahlisang.” (Liketso 10:34, 35) Hamorao moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ha ho na khethollo pakeng tsa Mojode le Mogerike.” (Ba-Roma 10:12, NW) Ka nako eo Bajode ba ne ba na le boemo bo tšoanang le ba Balichaba ka pel’a Molimo, ’me ho ntse ho le joalo le kajeno.—Bapisa le Ezekiele 18:20.
Ke Hobane’ng ha Bokreste-’mōtoana bo Hloile Bajode?
Ka hona ho ka bonoa hore “Testamente e Ncha” ha e khahlanong le Bajode. Ho e-na le hoo, “Testamente e Ncha” e tlaleha lithuto tsa motho ea ileng a phela ’me a shoa e le Mojode le ea ileng a ruta balateli ba hae ba Bajode ho hlonepha litekanyetso tsa Molao oa Moshe. (Mattheu 5:17-19) Empa haeba “Testamente e Ncha” e ke ke ea behoa molato, ke hobane’ng ha ho bile le lehloeo le lekaale khahlanong le Bajode Bokreste-’mōtoaneng?
Bokreste ka bobona ha boa lokela ho behoa molato. Ka tsela e tšoanang le ea Bakreste ba bohata nakong ea Juda ba neng ‘ba fetola mohau oa Molimo bohlola,’ batho ba ipolelang hore ke Bakreste ho theosa le histori ba hulanyelitse lebitso la Kreste qhafutsong ea liketso tsa bona tsa leeme le lehloeo la merabe. (Juda 4) Ka hona, lehloeo le teng Bokreste-’mōtoaneng khahlanong le Bajode ke ka lebaka la ho ba le boikutlo ba lehloeo la boithati ba batho bao e leng Bakreste ka lebitso feela.
Ho thahasellisang, Jesu ka boeena o boletse esale pele hore ba bang ba ne ba tla bolela hore ba entse mesebetsi e matla ea mefuta eohle ka lebitso la hae empa ka sebele e ne e tla ba “ba sebetsang bokhopo”—eseng metsoalle ea hae! (Mattheu 7:21-23) Boholo ba batho bana ba lekile ho sebelisa “Testamente e Ncha” e le mokhoa oa ho lokafatsa lehloeo le leeme la bona, empa batho ba nang le kelello ba ka utloisisa ka botlalo boikaketsi boo bo feletseng.
Bakreste ba bohata ba tla tlameha ho ikarabella ho Molimo bakeng sa lehloeo la bona khahlanong le Bajode. Empa joalokaha chelete ea maiketsetso e sa latole boteng ba chelete ea sebele, boteng ba Bakreste ba nketsisane leha e le hanyenyane ha bo fokolise taba ea hore, ruri, Bakreste ba ’nete ba teng, batho ba tsejoang ka lerato la bona, eseng lehloeo la bona. Ke hobane’ng ha u sa itloaetse batho ba joalo Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova e haufi le uena?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Rahistori oa Mojode oa lekholong la pele la lilemo Joseph ben Matthias (Flavius Josephus) o tlaleha hore mehleng ena, baprista ba baholo ba Iseraele ba ne ba khethoa le ho tlosoa litulong ke baemeli ba Roma hoo e ka bang hanngoe ka selemo. Boemong bona, boprista bo phahameng bo ne bo theohile maemong a bona ’me bo fetohile ofisi ea meharo e neng e hohela batho ba babe ka ho fetisisa sechabeng. The Babylonian Talmud e paka boitšoaro bo feteletseng ba baprista ba bang ba phahameng. (Pesaḥim 57a) Talmud ka ho tšoanang e hlokomela tšekamelo ea Bafarisi mabapi le boikaketsi. (Soṭah 22b)
b Ha e le hantle Jesu o itse ho bahanyetsi ba hae: “Qhaqhang tempele ena, ’me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.” (Johanne 2:19-22) Empa joalokaha Johanne a bontša, Jesu o ne a sa bolele tempele e Jerusalema, empa “o na a bolela tempele ea ’mele oa hae.” Ka hona Jesu o ne a bapisa lefu la hae le tsoho ea hae tse tlang le ho qhaqhoa ha mohaho le ho ahuoa ha oona hape.—Bapisa le Mattheu 16:21.
c Mehleng ea morao tjena boikarabelo bo tšoanang bo ’nile ba hlokomeloa. Hase baahi bohle ba Jeremane ea Bonazi ba neng ba ameha ka ho toba liketsong tse sehlōhō. Leha ho le joalo, Jeremane e ile ea hlokomela boikarabelo ba sechaba ’me ka boithatelo ea khetha ho lefella bahlaseluoa ba tlhoriso ea Bonazi.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 13]
Lehloeo le teng Bokreste-’mōtoaneng khahlanong le Bajode le sebelisoa ke batho bao e leng Bakreste ka lebitso feela
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Jesu le barutuoa ba hae ha ba ka ba ntšetsa pele lehloeo khahlanong le Bajode