Pono ea Bibele
Lerato le Tlamahanyang
KA 1978 sefefo se matla ka Leboea ho Atlantic se ile sa tsukutla sekepe se mabotho-botho sa Queen Elizabeth 2. Maqhubu a bophahamo ba mekato e leshome a ile a khahlellana holim’a sekepe seo, a se lebisa koana le koana joaloka poropo ka metsing. Thepa le baeti ba ile ba tjebeloa koana le koana ha sekepe se ntse se akhotseha ka matla. Ka ho makatsang, ho ile ha hlaha likotsi tse fokolang feela har’a baeti ba 1200. Boqapi, thepa le kaho tse molemo li ile tsa thibela sekepe ho robeha likoto.
Lilemong tse makholo tse fetileng sekepe se seng se ile sa tšoaroa ke sefefo se matla. Moapostola Pauluse le ba bang ba 275 ba ne ba se palame. Ba tšaba hore sefefo se matla se tla roba sekepe likoto, basesisi ho bonahala ba ile ba kenya “lithuso”—liketane kapa lithapo—ka tlas’a sekepe ho tloha lehlakoreng le leng ho ea ho le leng bakeng sa ho tšoara hammoho mapolanka a neng a hahile sekepe sena sa khoebo. Baeti bohle ba neng ba se palame ba ile ba pholoha, le hoja sekepe se sa ka sa pholoha.—Liketso, khaolo ea 27.
Ka linako tse ling liteko bophelong li ka etsa hore re ikutloe eka re ka sekepeng se leoatleng le befileng. Maqhubu a matšoenyeho, ho soetseha le ho tepella maikutlo li ka re hohola, tsa leka lerato la rōna ka ho feletseng. Ho tobana ka katleho le lifefo tse joalo le ho qoba ho robeha likoto, le rōna ka ho tšoanang re hloka lithuso tse itseng.
Ha Lifefo li Hlaha
Tumelo le mamello tsa moapostola Pauluse li tlalehiloe hantle ka Bibeleng. O ile a sebeletsa liphutheho tsa Bokreste qalong. (2 Bakorinthe 11:24-28) Seo a se finyeletseng mosebetsing oa Morena se fana ka bopaki bo hlakileng ba lerato la hae le tebileng bakeng sa baahisani ba hae le kamano ea hae e matla le Molimo. Leha ho le joalo, bophelo ba Pauluse hase kamehla e bileng bo se nang makukuno. Ka ho toba le ka tšoantšetso, moapostola eo o ile a tobana ka katleho le lifefo tse ngata.
Mehleng ea Pauluse, ha sekepe se ne se thulana le sefefo se mabifi, ho pholoha ha baeti le ha sekepe ho ne ho itšetleha ka tsebo ea basesisi ba sekepe esita le kamoo sekepe se momahaneng kateng. Boemo e ne e le bo tšoanang ha moapostola eo a ne a thulana le lifefo tsa tšoantšetso. Le hoja Pauluse a ne a ile a thulana ka katleho le tahlehelo ea sebele, ho koalloa teronkong le ho hlokofatsoa, lifefo tse mabifi ka ho fetisisa tse ileng tsa phephetsa botsitso ba hae moeeng le maikutlong le matla a hae a ho tsoela pele a bontša lerato li ile tsa hlaha ka hare ho phutheho ea Bokreste.
Ka mohlala, Pauluse o ile a sebetsa selemo le halofo a khothetse bakeng sa ho theha phutheho motseng oa Korinthe. Ho kopana ha hae le Bakorinthe ho ile ha mo etsa hore a hlaolele maikutlo a mosa ka mohlape. Pauluse o bile a ipolela e bile ntate ho bona. (1 Bakorinthe 4:15) Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe tlaleho ea lerato la hae le mosebetsi oa hae o boima molemong oa phutheho, ba bang Korinthe ba ile ba bua ka Pauluse ka tsela e nyefolang. (2 Bakorinthe 10:10) Leseling la sohle seo a ileng a se etsa ka boitelo, e tlameha ebe hoo e bile ho nyahamisang hakaakang!
Ke joang batho bao Pauluse a neng a ba file lerato le khaphatsehang joalo ba neng ba ka ba sehlōhō le ho mo nyelisa joalo? E tlameha ebe Pauluse o ile a ikutloa eka o tsekolloa likoto, joaloka sekepe se tšoeroeng ke sefefo se matla. Ho ka be ho bile bonolo hakaakang ho eena ho inehela, ho nahana hore boiteko ba hae ba nakong e fetileng e bile ba lefeela, kapa ho hlonama! Ke’ng se ileng sa tiisa Pauluse? Ke’ng se ileng sa mo thibela hore a tsekolloe likoto ke ho soetseha?
Lerato le re Tlamahanyang Hammoho
Pauluse ha aa ka a siea pelaelo ea letho likelellong tsa babali ba hae mabapi le mohloli oa matla a hae hammoho le tšusumetso. O ile a ngola: “Lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella.” (2 Bakorinthe 5:14) Pauluse o ile a supa mohloli o totobetseng oa matla le tšusumetso. Matla a qobellang ke “lerato leo Kreste a nang le lona.” Setsebi sa Bibele se ile sa hlokomela se latelang mabapi le lengolo lena: “Pauluse ha a re lerato la rōna ho Kreste le re tlamahanya le tšebeletso ea rōna . . . Seo e ne e tla be e le ho seha moeli. Lerato la rōna ho Kreste lea susumetsoa ’me kamehla le hōlisoa ke lerato la hae ho rōna.”—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Lerato leo Kreste a ileng a le bontša ka ho inehela lefung le utloisang bohloko thupeng ea tlhokofatso—ka mokhoa oo a nehelana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho ba thekollo bakeng sa ho pholosa moloko oohle oa batho o lumelang—le ile la susumetsa, la qobella, ’me la khannela Pauluse ho tsoela pele a sebeletsa lithahasello tsa Kreste le tsa mokhatlo oa bara ba motho. Ka tsela ena, lerato la Kreste le ile la laola Pauluse, la mo thibela ho ba moithati, ’me la etsa hore sepheo sa hae e be ho sebeletsa Molimo le batho-’moho le eena.
Ka sebele, mohloli oa tšusumetso tseleng ea bophelo ba Mokreste ea tšepahalang ke lerato la Kreste. Ha re tobane le liteko tse ka ’nang tsa re fokolisa ’meleng, maikutlong le moeeng, matla a qobellang a lerato la Kreste a re nolofalletsa ho fetela ka ’nģane ho moo motho e mong ea haelloang ke tšusumetso a ka inehelang teng. Le re fa matla a ho tiisetsa.
Re ke ke ra itšetleha ka maikutlo a rōna a sa phethahalang bakeng sa ho re tšehetsa le ho re susumetsa. Sena ke ’nete haholo-holo haeba liteko tsa rōna li tlisoa ke ho soetseha kapa ho tšoenyeha. Ka lehlakoreng le leng, lerato la Kreste le na le matla a ho re tlamahanya le tšebeletso ea rōna, ho re tšehetsa le ho re susumetsa, ho sa tsotellehe liteko tsa rōna tsa botho. Lerato la Kreste le nolofalletsa Mokreste ho tiisetsa e seng feela ho fetela ka ’nģane ho seo ba bang ba se lebeletseng empa mohlomong esita le ka ’nģane ho seo eena ka boeena a se lebeletseng.
Ho feta moo, kaha lerato la Kreste lea tiisetsa, phello ea lona ha e fele le ka mohla. Ke matla a qobellang a sa thekeseleng leha e le ho fokotseha. “Lerato ha le fele le ka mohla.” (1 Bakorinthe 13:8) Le re nolofalletsa ho tsoela pele re mo latela ka botšepehi, ho sa tsotellehe se ka etsahalang.
Liteko tse amang maikutlo li ba matla hoo li ka ’nang tsa re tsekolla. Kahoo, ke habohlokoa hakaakang hore re thuise ka lerato leo Kreste a le bontšitseng ho rōna. Lerato la Kreste le tla re tlamahanya hammoho. Lerato la hae le etsa hore ho be bonolo ho qoba ho senyeheloa ke tumelo ea rōna joaloka sekepe se soahlamaneng. (1 Timothea 1:14-19) Ho feta moo, lerato la Kreste le re qobella ho etsa sohle ho tlotlisa ea entseng hore pontšo ea lerato la Kreste e be teng, Jehova Molimo.—Baroma 5:6-8.