Syrakuse—Moo Pauluse a Ileng a Emisa Teng
HOO e ka bang ka selemo sa 59 C.E., sekepe se seng se ile sa tloha sehlekehlekeng sa Malta se leoatleng la Mediterranean se e-ea Italy. Sekepe seo se ne se e-na le setšoantšo sa “Bara ba Zeuse,” ba neng ba talingoa e le melingoana e sireletsang basesisi ba likepe. Mongoli oa Bibele ea bitsoang Luka o bolela hore sekepe seo se ile sa “ema koung ea likepe Syrakuse” lebōpong le ka boroa-bochabela la Sicily eaba se “lula matsatsi a mararo.” (Liketso 28:11, 12) Luka o ne a palame sekepe seo a e-na le Aristakase le moapostola Pauluse, ea neng a isoa nyeoeng Roma.—Liketso 27:2.
Ha re tsebe hore na Pauluse o ile a lumelloa ho theoha sekepe Syrakuse. Haeba eena kapa bo-mphat’oa hae ba ile ba theoha, mohlomong ba ile ba bona eng?
Mehleng ea Bagerike le ea Baroma, Syrakuse e ne e qothisana lehlokoa le Athene le Roma. Ho boleloa hore e ile ea thehoa ke Bakorinthe ka 734 B.C.E. Syrakuse e kile ea e-ba motse o tummeng ’me ke moo ho tsoaletsoeng batho ba tsebahalang ba mehleng ea khale, ba kang sengoli sa litšoantšiso se bitsoang Epicharmus le setsebi sa thuto ea lipalo se bitsoang Archimedes. Ka 212 B.C.E., Baroma ba ile ba hapa Syrakuse.
Ho etela motseng oo mehleng ea kajeno ho ka ’na ha u thusa ho utloisisa hore na Syrakuse e ne e le joang mehleng ea Pauluse. Motse ona o ne o e-na le likarolo tse peli—e ’ngoe e le sehlekehlekeng se senyenyane sa Ortygia, moo e ka ’nang eaba sekepe seo Pauluse a neng a se palame se ile sa emisa teng, ’me e ’ngoe e le karolong ea naha e seng sehlekehlekeng.
Kajeno, sehlekehlekeng sena u ka fumana lithako tsa tempele ea khale ka ho fetisisa Sicily e hahiloeng ka tsela ea Bagerike—e leng tempele ea Apollo, ea lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. Ho boetse ho na le litšiea tsa tempele e neng e nehetsoe ho Athena, ea lekholong la bohlano la lilemo B.C.E., empa e ile ea e-ba karolo ea kereke e khōlō.
Toropo ea kajeno ea motse ona ha e sehlekehlekeng ’me ke moo u ka etelang serapeng sa lithako sa Neapolise. Haufi le moo ho kenoang le teng ho na le lebala la liketsahalo la Bagerike. Ke lithako tse ling tsa mehaho ea Bagerike ea mabala a liketsahalo a matle ka ho fetisisa. Kaha le ne le le ka pel’a leoatle, e ne le sebaka se khahlehang seo ho neng ho ka tšoareloa lipapali ho sona. Karolong e ka boroa ea serapa seo ho na le lebala la lipapali la Baroma la lekholong la boraro la lilemo C.E. Le na le sebōpeho se bochitja bo motopo joaloka lehe, le bolelele ba limithara tse 140 le bophara ba limithara tse 119, ’me ke la boraro ho a maholo ka ho fetisisa Italy.
Haeba u ka ba le monyetla oa ho etela Syrakuse, u ka lula setulong se pel’a leoatle Ortygia, ua phetla Bibele ea hao ho Liketso 28:12, ’me ua bona ka leihlo la kelello ha moapostola Pauluse a le sekepeng se lebileng koung ena.
[Setšoantšo se Qanollang/’Mapa o leqepheng la 30]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Malta
Sicily
Syrakuse
ITALY
Regiame
Puteoli
Roma
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lithako tsa lebala la liketsahalo la Bagerike le Syrakuse