“Lentsoe la Jehova la Tsoela Pele ho Hōla”
“O romela polelo ea hae lefatšeng; lentsoe la hae le matha ka lebelo.”—PESALEME EA 147:15.
1, 2. Jesu o ile a fa barutuoa ba hae mosebetsi ofe, hona o ne o ama eng?
BOPROFETA bo bong bo tsotehang ka ho fetisisa ka Bibeleng bo fumanoa ho Liketso 1:8. Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho balateli ba hae ba tšepahalang: “Le tla amohela matla ha moea o halalelang o fihla holim’a lōna, ’me le tla ba lipaki tsa ka . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” Mosebetsi oo e ne e tla ba o moholo hakaakang!
2 Ho bolela lentsoe la Molimo lefatšeng lohle e tlameha ebe ho ile ha bonahala e le mosebetsi o boima ho barutuoa bao ba ’maloa ba ileng ba o amohela. Nahana ka se neng se ameha. Ba ne ba tla lokela ho thusa batho ba bang ho utloisisa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. (Matheu 24:14) Ho pakela Jesu ho ne ho boetse ho hloka ho ruta ba bang lithuto tsa hae tse matla le ho hlalosa karolo eo a e phethang morerong oa Jehova. Ho feta moo, mosebetsi ona o ne o akarelletsa ho etsa barutuoa le ho ba kolobetsa. Sena se ne se tla etsoa lefatšeng ka bophara!—Matheu 28:19, 20.
3. Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae eng, ’me ba ile ba nka khato efe ho phetha mosebetsi oo ba neng ba o filoe?
3 Leha ho le joalo, Jesu o ile a tiisetsa balateli ba hae hore moea o halalelang o ne o tla ba le bona ha ba phetha mosebetsi ona oo a neng a ba file oona. Kahoo, ho sa tsotellehe boholo ba mosebetsi ona le boiteko bo sa khaotseng le bo mabifi ba bahanyetsi ba ho ba khutsisa, barutuoa ba pele ba Jesu ba ile ba phetha ka katleho seo a neng a ba laetse sona. Ke ’nete eo ho seng motho ea ka e latolang.
4. Lerato la Molimo le bonahalitsoe joang taelong ea ho bolela le ho ruta ba bang?
4 Letšolo la ho bolela le ho ruta lefatšeng ka bophara e ne e le pontšo ea lerato la Molimo ho ba neng ba sa mo tsebe. Le ne le ba fa monyetla oa ho atamela Jehova le ho tšoareloa libe. (Liketso 26:18) Taelo ea ho bolela le ho ruta e ne e boetse e bontša lerato la Molimo ho ba tsamaisang molaetsa, kaha e ne e ba fa sebaka sa ho bontša boinehelo ba bona ho Jehova le ho bontša lerato la bona ho batho ba bang. (Matheu 22:37-39) Moapostola Pauluse o ne a nka tšebeletso ea Bokreste e le ea bohlokoa hoo a neng a e bitsa “letlotlo.”—2 Bakorinthe 4:7.
5. (a) Histori e tšepahalang ka ho fetisisa ea Bakreste ba pele re e fumana hokae, ’me ho hlalosoa ho hōla hofe ho eona? (b) Ke hobane’ng ha buka ea Liketso e le ea bohlokoa ho bahlanka ba Molimo kajeno?
5 Histori e tšepahalang ka ho fetisisa ea mosebetsi oa ho bolela oa Bakreste ba pele e fumanoa bukeng e bululetsoeng ea Liketso, e ngotsoeng ke morutuoa Luka. Ke tlaleho ea ho hōla ho makatsang le ho potlakileng. Ho hōla hona ha tsebo ea Lentsoe la Molimo ho re hopotsa ka Pesaleme ea 147:15, e reng: “[Jehova] o romela polelo ea hae lefatšeng; lentsoe la hae le matha ka lebelo.” Tlaleho ea Bakreste ba pele, ba neng ba filoe matla ke moea o halalelang, ea thabisa ebile ke ea bohlokoa haholo kajeno. Lipaki tsa Jehova li kene mosebetsing o tšoanang oa ho bolela le ho etsa barutuoa, empa feela e le ka mokhoa o moholo haholoanyane. Le rōna re thulana le mathata a tšoanang le ao Bakreste ba lekholo la pele la lilemo ba neng ba thulana le ’ona. Ha re nahana kamoo Jehova a ileng a hlohonolofatsa le ho matlafatsa Bakreste ba pele kateng, tumelo ea hore o re tšehelitse ea tiea.
Palo ea Barutuoa ea Hōla
6. Ke polelo efe e mabapi le ho hōla e hlahang hararo ka bukeng ea Liketso, ’me e bolela eng?
6 Tsela e ’ngoe ea ho hlahloba phethahatso ea Liketso 1:8 ke ho nahana ka polelo ena e reng, “lentsoe la Jehova la ’na la hōla,” e leng polelo e hlahang hararo feela ka Bibeleng ka mekhoa e fapanang mona le mane ’me kaofela e le ka bukeng ea Liketso. (Liketso 6:7; 12:24; 19:20) Litemaneng tsena, “lentsoe la Jehova,” kapa “lentsoe la Molimo,” le bolela litaba tse molemo—molaetsa o susumetsang oa ’nete ea Molimo, e leng molaetsa o phelang le o matla o neng o fetola bophelo ba ba neng ba o amohela.—Baheberu 4:12.
7. Ho hōla ha lentsoe la Molimo ho amahanngoa le eng ho Liketso 6:7, ’me ho ile ha etsahala eng ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E.?
7 Liketso 6:7 ke eona ea pele e buang ka ho hōla ha lentsoe la Molimo. E baleha tjena: “Ka lebaka leo lentsoe la Molimo la tsoela pele ho hōla, ’me palo ea barutuoa ea ’na ea ata haholo Jerusalema; bongata bo boholo ba baprista ba qala ho mamela tumelo.” Mona, ho hōla ho amahanngoa le ho eketseha ha palo ea barutuoa. Pejana, ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., moea o halalelang oa Molimo o ile oa tšolleloa holim’a barutuoa ba ka bang 120 ba neng ba bokane kamoreng e ka holimo. Ka mor’a moo moapostola Petrose o ile a fana ka puo e susumetsang, ’me ho ba neng ba mametse, ba ka bang 3 000 ba ile ba fetoha balumeli ka letsatsi lona leo. E tlameha ebe moferefere o ile oa ba moholo ha batho ba likete ba leba letšeng kapa matšeng a Jerusalema le mathōkong a eona ho ea kolobetsoa ka lebitso la Jesu, monna ea neng a khokhothetsoe thupeng joaloka senokoane matsatsing a ka bang 50 pele ho moo!—Liketso 2:41.
8. Palo ea barutuoa e ile ea eketseha joang lilemo ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E.?
8 Seo e ne e le linyane feela. Boiteko bo tsoelang pele ba baeta-pele ba bolumeli ba Bajuda ba ho emisa mosebetsi oa ho bolela e ne e le ba lefeela. Baeta-pele bao ba ile ba halefisoa ke hore ‘Jehova o ile a tsoela pele ho eketsa [barutuoa] letsatsi le letsatsi ka ba ntseng ba pholosoa.’ (Liketso 2:47) Kapele feela “palo ea banna ea e-ba ba ka bang likete tse hlano.” Ka mor’a moo, “balumeli Moreneng ba ’na ba tsoela pele ho eketseha, matšoele a banna hammoho le a basali.” (Liketso 4:4; 5:14) Mabapi le se ileng sa etsahala hamorao, rea bala: “Joale, phutheho ho pholletsa le Judea le Galilea le Samaria kaofela ea kena nakong ea khotso, e ntse e hahoa; ha e ntse e tsamaea tšabong ea Jehova le matšelisong a moea o halalelang ea ’na ea tsoela pele ho ata.” (Liketso 9:31) Lilemo hamorao, mohlomong hoo e ka bang ka 58 C.E., ho ile ha buuoa ka “likete tse ngata . . . tsa balumeli.” (Liketso 21:20) Ka nako eo, ho ne ho boetse ho e-na le balumeli ba bangata ba Balichaba.
9. U ka hlalosa Bakreste ba pele joang?
9 Palo ena e ile ea hōlisoa haholo ke basokolohi ba bacha. Bolumeli bona bo ne bo le bocha empa litho tsa bona li le mahlahahlaha. Ho e-na le hore barutuoa bana e be litho tsa kereke tse sa etseng letho, ba ne ba inehetse ka ho feletseng ho Jehova le Lentsoe la hae, ka linako tse ling ba ithutile ’nete ho ba neng ba hlorisoa ka sehlōhō. (Liketso 16:23, 26-33) Ba neng ba amohela Bokreste ba ne ba bo amohela ka mor’a ho etsa qeto e nang le mabaka le e nahannoeng hantle. (Baroma 12:1) Ba ne ba rutiloe litsela tsa Molimo; ’nete e ne e le ka likelellong le lipelong tsa bona. (Baheberu 8:10, 11) Ba ne ba ikemiselitse ho shoela seo ba se lumelang.—Liketso 7:51-60.
10. Bakreste ba pele ba ile ba amohela boikarabelo bofe, ’me ke eng e tšoanang eo re e fumanang kajeno?
10 Ba neng ba amohela thuto ea Bokreste ba ne ba hlokomela boikarabelo ba bona ba ho ruta ba bang ’nete. Sena se ile sa thusa ka ho toba hore palo e hōle haholoanyane. Setsebi se seng sa Bibele se ile sa re: “Ho jala tumelo ho ne ho sa nkoe e le tokelo e khethehileng ea ba chesehang haholo kapa ba khethetsoeng ho ba baboleli ba evangeli. Ho bolela evangeli e ne e le tokelo e khethehileng le tšoanelo ea setho se seng le se seng sa Kereke. . . . Ho tloha qalong feela Bokreste bo ile ba matlafatsoa ke hore Bakreste ba ithaope ka boikitlaetso.” O ile a tsoela pele ho ngola, a re: “Ho bolela evangeli e ne e le tšusumetso ea bohlokoa ho Bakreste ba pele.” Ho joalo le ka Bakreste ba ’nete kajeno.
Palo ea Linaha ea Hōla
11. Ho Liketso 12:24 ho hlalosoa ho hōla hofe, ’me ho etsahetse joang?
11 Lekhetlo la bobeli leo ka lona ho buuoang ka ho hōla ha lentsoe la Molimo ke ho Liketso 12:24: “Lentsoe la Jehova la tsoela pele ho hōla le ho hasana.” Mona polelo ena e amana le ho hōla ha palo ea linaha tseo lentsoe la Molimo le boleloang ho tsona. Mosebetsi o ile oa atleha leha mebuso e ne e ntse e hanyetsa. Moea o halalelang o ile oa tšolloa ka lekhetlo la pele Jerusalema, ’me ho tloha moo, lentsoe le ile la ata ka potlako. Mahloriso a neng a le Jerusalema a ile a hasanyetsa barutuoa libakeng tsohle tsa Judea le Samaria. Phello e ile ea e-ba efe? “Ba neng ba hasane ba pholletsa le naha ba bolela litaba tse molemo tsa lentsoe.” (Liketso 8:1, 4) Filipi o ile a laeloa ho ea pakela monna eo eitseng ka mor’a hore a kolobetsoe, a ileng a isa molaetsa Ethiopia. (Liketso 8:26-28, 38, 39) Kapele feela ’nete e ile ea mela Lyda, Thoteng ea Sarone, le Jopa. (Liketso 9:35, 42) Hamorao, moapostola Pauluse o ile a tsamaea lik’hilomithara tse likete leoatleng le naheng, a theha liphutheho linaheng tse ngata tsa Mediterranean. Moapostola Petrose o ile a ea Babylona. (1 Petrose 5:13) Lilemong tse 30 feela ka mor’a hore ho tšolloe moea o halalelang ka Pentekonta, Pauluse o ile a ngola hore litaba tse molemo li ne li ‘boletsoe pōpong eohle e tlas’a leholimo,’ mohlomong o ne a bua ka lefatše le neng le tsejoa la mehleng eo.—Bakolose 1:23.
12. Bahanyetsi ba Bokreste ba ile ba lumela joang hore palo ea linaha tseo lentsoe la Molimo le boleloang ho tsona ea hōla?
12 Esita le bahanyetsi ba Bokreste ba ne ba lumela hore lentsoe la Molimo le metse hohle ’Musong oa Roma. Ka mohlala, Liketso 17:6 e bolela hore Thesalonika, Greece e ka leboea, bahanyetsi ba ile ba hooa, ba re: “Banna bana ba ferekantseng lefatše leo ho ahiloeng ho lona ba teng le mona.” Ho feta moo, qalong ea lekholo la bobeli la lilemo, Pliny e Monyenyane o ile a ngolla Moemphera Trajan oa Roma a le Bithynia ka Bokreste. O ile a ipelaetsa ka ho re: “Ha bo felle metseng feela, empa bo fetiselitse bobe ba bona metsaneng le linaheng tse haufi.”
13. Ho hōla ha palo ea linaha tseo lentsoe la Molimo le boleloang ho tsona ho ile ha bonahatsa lerato la Molimo ho moloko oa batho joang?
13 Palo ena e hōlang, ea linaha tseo lentsoe la Molimo le boleloang ho tsona, e ne e le pontšo ea lerato le tebileng la Jehova ho moloko oa batho o ka pholosoang. Ha Petrose a ntse a shebeletse ha moea o halalelang o iponahatsa ho Korneliase oa Molichaba, o ile a re: “Kannete-nete kea lemoha hore Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:34, 35) E, litaba tse molemo e ne e le molaetsa o eang ho batho bohle ’me ho sa ntsane ho le joalo, le palo e hōlang ea linaha tseo lentsoe la Molimo le boleloang ho tsona e entse hore hohle batho ba be le monyetla oa ho nka khato ka seo lerato la Molimo le ba etsetsang sona. Lekholong lena la bo21 la lilemo, lentsoe la Molimo le hlile le nametse likarolong tsohle tsa lefatše.
Ho Hōla ho Ileng ha Hlōla
14. Ho Liketso 19:20 ho hlalosoa ka ho hōla ha mofuta ofe, ’me lentsoe la Molimo le ile la hlōla eng?
14 Lekhetlo la boraro leo ka lona ho boleloang ka ho hōla ha lentsoe la Molimo ke ho Liketso 19:20: “Ka tsela e matla lentsoe la Jehova la ’na la hōla le ho hlōla.” Lentsoe la Segerike la tšimolohong le fetoletsoeng e le “hlōla” le fana ka maikutlo a “ho ea ka sefutho.” Litemana tse tlang pele li bolela hore batho ba bangata ba Efese e ile ea e-ba balumeli, le ba ’maloa ba neng ba sebelisa boselamose ba ile ba chesa libuka tsa bona ka pel’a bohle. Kahoo, lentsoe la Molimo le ile la hlōla litumelo tsa bohata tsa bolumeli. Litaba tse molemo li ile tsa hlōla litšitiso tse ling hape, tse kang mahloriso. Ho ne ho se letho le ka li thibelang. Ho sena, re boetse re fumana ntho e tšoanang ka ho hlollang le Bokreste ba ’nete mehleng ea rōna.
15. (a) Rahistori e mong oa Bibele o ile a ngola eng ka Bakreste ba pele? (b) Barutuoa ba ile ba rorisa mang ka katleho ea bona?
15 Baapostola le Bakreste ba bang ba pele ba ile ba bolela lentsoe la Molimo ka cheseho. Rahistori e mong oa Bibele o ile a bolela sena mabapi le bona: “Ha batho ba rata ho bua ka Morena oa bona, ba fumana litsela tse ngata tsa ho etsa joalo. Ka sebele, re khahloa ke cheseho ea banna le basali bana ho feta ho khahloa ke mekhoa eo ba e sebelisang.” Ho sa tsotellehe seo, Bakreste bao ba pele ba ne ba hlokomela hore katleho ea bosebeletsi ba bona e ne e sa itšetleha ka boiteko ba bona feela. Ba ne ba laetsoe ke Molimo hore ba tsoele pele ka mosebetsi oa bona, ’me Molimo o ne a ba tšehelitse hore ba o finyelle. Molimo ke eena ea hōlisang batho moeeng. Moapostola Pauluse o ile a lumela sena lengolong la hae le neng le e-ea phuthehong ea Korinthe. O ile a ngola: “Ke ile ka lema, Apolose a nosetsa, empa Molimo a ’na a hōlisa. Etsoe re basebetsi-’moho le Molimo.”—1 Bakorinthe 3:6, 9.
Moea o Halalelang oa Sebetsa
16. Ke eng se bontšang hore moea o halalelang o ile oa matlafatsa barutuoa ho bua ka sebete?
16 Hopola hore Jesu o ile a tiisetsa barutuoa ba hae hore moea o halalelang o tla ba le kabelo ho hōleng ha lentsoe la Molimo le hore moea o halalelang o ne o tla matlafatsa barutuoa mosebetsing oa bona oa ho bolela. (Liketso 1:8) See se ile sa etsahala joang? Nakoana ka mor’a hore moea ona o tšolleloe holim’a barutuoa ka Pentekonta, Petrose le Johanne ba ile ba biletsoa ho ea bua le Sanhedrine ea Bajuda, e leng lekhotla le phahameng ka ho fetisisa la naha, leo baahloli ba lona ba neng ba ikarabella ka polao ea Jesu Kreste. Na baapostola ba ne ba tla thothomela ke tšabo ka pel’a lekhotla lee le tšosang le le tletseng bora? Le hanyenyane! Moea o halalelang o ile oa matlafatsa Petrose le Johanne hore ba bue ka sebete hoo bahanyetsi ba bona ba ileng ba makala, ’me “ba qala ho hlokomela hore ba kile ba ba le Jesu.” (Liketso 4:8, 13) Moea o halalelang o ile oa boela oa etsa hore Setefane a be sebete ho pakela Sanhedrine. (Liketso 6:12; 7:55, 56) Pejana, moea o halalelang o ne o ile oa susumetsa barutuoa hore ba bolele ka sebete. Luka oa tlaleha: “Ha ba entse thapeli, sebaka seo ba neng ba bokane ho sona sa sisinyeha; eaba kaofela ba tlala moea o halalelang ’me ba ne ba bolela lentsoe la Molimo ka sebete.”—Liketso 4:31.
17. Moea o halalelang o ile oa boela oa thusa barutuoa ka litsela life bosebeletsing ba bona?
17 Ka moea oa hae o halalelang o matla, Jehova, hammoho le Jesu ea tsositsoeng, ba ile ba tsamaisa mosebetsi oa ho bolela. (Johanne 14:28; 15:26) Ha moea o ne o tšolleloa holim’a Korneliase, ho beng ka eena le ho metsoalle e haufi ea hae, moapostola Petrose o ile a lemoha hore Balichaba ba sa bollang ba ne ba ka tšoanelehela ho kolobetsoa ka lebitso la Jesu Kreste. (Liketso 10:24, 44-48) Hamorao, moea o ile oa phetha karolo ea bohlokoa ha o khethela Barnabase le Saule (kapa, moapostola Pauluse) mosebetsi oa boromuoa le ha o laela hore na ba lokela ho ea hokae le hore na ha baa lokela ho ea hokae. (Liketso 13:2, 4; 16:6, 7) O ile oa tsamaisa tsela eo baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema ba neng ba etsa liqeto ka eona. (Liketso 15:23, 28, 29) Moea o halalelang o ile oa boela oa tataisa ho khethoa ha balebeli ka phuthehong ea Bokreste.—Liketso 20:28.
18. Bakreste ba pele ba ile ba bontša lerato joang?
18 Ho phaella moo, moea o halalelang o ile oa iponahatsa ho Bakreste ka bobona, oa hlahisa litšoaneleho tsa bomolimo, tse kang lerato. (Bagalata 5:22, 23) Lerato le ile la susumelletsa barutuoa ho arolelana lintho. Ka mohlala, ka mor’a Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha qalisoa letlōle la bohle hore ho lokisetsoe litlhoko tsa barutuoa ba Jerusalema. Tlaleho ea Bibele e re: “Ho ne ho se ea hlokang har’a bona; etsoe bohle ba neng ba e-na le masimo kapa matlo ba ne ba a rekisa ebe ba tlisa chelete ea lintho tse rekisitsoeng ’me ba ne ba e beha maotong a baapostola. Ka mor’a moo ho ne ho abeloa e mong le e mong, hantle feela kamoo a neng a hloka kateng.” (Liketso 4:34, 35) Lerato lena le ne le sa felle feela ho balumeli-’moho empa le ne le fetela le ho ba bang, ka ho ba bolella litaba tse molemo le ka liketso tse ling tsa mosa. (Liketso 28:8, 9) Jesu o itse lerato le bontšang boitelo le ne le tla khetholla balateli ba hae. (Johanne 13:34, 35) Ha ho pelaelo hore tšoaneleho ea bohlokoa ea lerato e ne e hulela batho ho Molimo ’me e khothalletsa ho hōla lekholong la pele la lilemo, hantle feela joalokaha e etsa kajeno.—Matheu 5:14, 16.
19. (a) Lentsoe la Jehova le ile la hōla ka litsela life tse tharo lekholong la pele la lilemo? (b) Re tla hlahloba eng sehloohong se latelang?
19 Poleloana, “moea o halalelang” e hlaha ka makhetlo a 41 kaofela bukeng ea Liketso. Ho hlakile hore ho hōla ha sebele ha Bokreste lekholong la pele la lilemo ho ne ho amana haufi-ufi le matla a moea o halalelang le tataiso ea oona. Palo ea barutuoa e ile ea eketseha, lentsoe la Molimo la namela sebakeng se seholo, ’me la hlōla malumeli le lifilosofi tsa mehla eo. Ho hōla hona ha lekholong la pele la lilemo ho tšoana le mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova oa kajeno. Sehloohong se latelang, re tla hlahloba ho hōla ho babatsehang ka tsela e tšoanang ha lentsoe la Molimo mehleng ea kajeno.
Na Ua Hopola?
•Palo ea barutuoa ba pele e ile ea hōla joang?
•Lentsoe la Molimo le ile la namela linaheng tse ling joang?
•Lentsoe la Molimo le ile la hlōla joang lekholong la pele la lilemo?
•Moea o halalelang o ile oa ba le kabelo efe ho hōleng ha lentsoe la Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Filipi o ile a bolela litaba tse molemo ho Moethiopia, a li atolosetsa naheng e ’ngoe
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Moea o halalelang o ne o tsamaisa baapostola le banna ba baholo ba Jerusalema
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 10]
Upper right corner: Reproduction of the City of Jerusalem at the time of the Second Temple - located on the grounds of the Holyland Hotel, Jerusalem