Buka ea Bibele ea 13—1 Likronike
Mongoli: Esdrase
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema (?)
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 460 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Ka mor’a 1 Likronike 9:44: 1077–1037 B.C.E.
1. Ke ka litsela life Likronike tsa Pele e leng karolo ea bohlokoahali e bileng e leng molemo ea tlaleho ea bomolimo?
NA LIKRONIKE tsa Pele ke lethathamo le se nang boikutlo la maloko feela? Na e mpa feela e le ho phetoa-phetoa ha libuka tsa Samuele le Marena? Le hanyenyane! Ena ke karolo e chabisang leseli eo e bileng e leng ea bohlokoahali ea tlaleho ea bomolimo—eo e neng e le ea bohlokoahali nakong ea ho ngoloa ha eona ho hlophiseng sechaba hammoho le borapeli ba sona bocha, e bile e le ea bohlokoahali ’me e le molemo ho bontšeng mokhoa oa borapeli ba bomolimo bakeng sa linako tsa ka morao ho moo, ho akarelletsa nako ena ea kajeno. Likronike tsa Pele e na le tse ling tsa lipolelo tse ntle ka ho fetisisa tsa thoriso ho Jehova tse ka fumanoang ka har’a Lengolo lohle. E fana ka mahlaseli a babatsehang a ho loka ha ’Muso oa Jehova, ’me bohle ba tšepileng ’Muso oo ba lokela ho ithuta eona e le hore e ba tsoele molemo. Ho theosa le lilemo Bajode le Bakreste ka ho tšoanang ba ’nile ba nka libuka tse peli tsa Likronike e le letlotlo. Mofetoleli oa Bibele Jerome o ne a talima Likronike tsa Pele le tsa Bobeli ka tsela e hlomphehang hoo a neng a li nka e le “kakaretso ea Testamente ea Khale” a bile a pheha khang ea hore “ke tsa bohlokoa le molemo o phahameng, hoo ea inahanang hore o tseba mengolo e halalelang, ’me a sa li tsebe, a mpang a ithetsa feela.”a
2. Ke hobane’ng ha Likronike e ile ea ngoloa?
2 Ho bonahala eka qalong libuka tse peli tsa Likronike e ne e le buka e le ’ngoe, kapa moqolo o le mong, oo hamorao o ileng oa aroloa e le hore o sebelisoe habobebe. Ke hobane’ng ha Likronike e ile ea ngoloa? Nahana ka boemo. Khōleho ea Babylona e ne e felile hoo e ka bang lilemo tse 77 pejana. Bajode ba ne ba boetse ba ahile naheng ea habo bona. Leha ho le joalo, ho ne ho e-na le tšekamelo e kotsi ea ho suthela thōko le borapeli ba Jehova tempeleng e tsosolositsoeng Jerusalema. Morena oa Persia o ne a file Esdrase tumello ea ho khetha baahloli le matichere a molao oa Molimo (hammoho le oa morena) le ho khabisa ntlo ea Jehova. Mathathamo a nepahetseng a maloko a ne a hlokahala ho tiisa hore ke batho ba lumelletsoeng feela ba sebeletsang bopristeng esita le ho netefatsa mafa a meloko, ao boprista bo neng bo tšehelitsoe ke ’ona. Ka baka la boprofeta ba Jehova mabapi le ’Muso, ho ne ho boetse ho hlokahala hore ho be le tlaleho e hlakileng eo ho ka itšetlehoang ka eona ea lesika la Juda le la Davida.
3. (a) Esdrase o ne a lakatsa ho kenya Bajode eng? (b) Ke hobane’ng ha a ile a totobatsa histori ea Juda, ’me o ile a hatisa bohlokoa ba borapeli bo hloekileng joang?
3 Ka tieo Esdrase o ne a lakatsa ho tsosa Bajode ba khutlileng molota ho se tsotelleng ha bona le ho ba kenya kelo-hloko ea hore ka sebele e ne e le majalefa a mosa o lerato oa Jehova o tšepisitsoeng ka selekane. Ka hona, ho Likronike o ile a beha ka pel’a bona tlaleho e felletseng ea histori ea sechaba le tšimoloho ea batho, e khutlelang morao koana ho motho oa pele, Adama. Kaha ’muso oa Davida e ne e le eona taba ea bohlokoahali, o ile a totobatsa histori ea Juda, ’me o batla a siile ka ho felletseng tlaleho ea ho se bake leha e le hanyenyane feela ha ’muso oa meloko e leshome. O bontšitse ha marena a Juda a maholo ka ho fetisisa a kenelletse kahong kapa tsosolosong ea tempele ’me ka cheseho a etelletse pele borapeling ba Molimo. O ile a supa libe tsa bolumeli tse ileng tsa lebisa ho lihoeng ha ’muso, ha ka nako e tšoanang a hatisa litšepiso tsa Molimo tsa tsosoloso. O ile a hatisa bohlokoa ba borapeli bo hloekileng ka ho lebisa tlhokomelo lintlheng tse ngata tse amanang le tempele, baprista ba eona, Balevi, litsebi tsa ’mino, joalo-joalo. E tlameha e be ho ile ha khothatsa Baiseraele haholo ho ba le tlaleho ea histori e neng e shebane le lebaka leo ba khutlileng ka lona botlamuoeng ka ntle ho naha—ho tsosolosa borapeli ba Jehova Jerusalema.
4. Ke bopaki bofe bo tšehetsang hore Esdrase ke eena mongoli oa Likronike?
4 Bopaki ba hore Esdrase o ngotse Likronike ke bofe? Litemana tse peli tse qetellang tsa Likronike tsa Bobeli li tšoana le litemana tse peli tse qalang tsa Esdrase, ’me Likronike tsa Bobeli e qetella bohareng ba polelo e qetelloang ho Esdrase 1:3. Ka hona e tlameha e be mongoli oa Likronike e ne e boetse e le mongoli oa Esdrase. Sena se bontšoa ka ho eketsehileng ke hore mokhoa oa ho ngola, puo, mantsoe, le tsela ea ho ngola mantsoe tsa Likronike le Esdrase lia tšoana. Tse ling tsa lipolelo tse ka libukeng tsena tse peli ha li fumanehe libukeng leha e le life tse ling tsa Bibele. Esdrase, ea ngotseng buka ea Esdrase, e tlameha e be o boetse o ngotse Likronike. Neano ea Bajode e tšehetsa qeto ena.
5. Litšoaneleho tsa Esdrase tsa moea le tsa mosebetsi oa lefatše e ne e le life?
5 Ha ho e mong ea neng a tšoaneleha hamolemo ho feta Esdrase bakeng sa ho hlophisa histori ena e tšepahalang e bileng e nepahetseng. “Hobane Esdrase o na a sekehetse pelo ea hae ho batla molao oa Jehova le ho etsa ka oona, le ho ruta ba-Iseraele melao le likahlolo.” (Esdr. 7:10) Jehova o ile a mo thusa ka moea o halalelang. ’Musi oa lefatše oa Mopersia o ile a hlokomela bohlale ba Molimo bo ho Esdrase ’me a mo fa matla a pharalletseng sechabeng seterekeng sa Juda se pusong ea hae. (Esdr. 7:12-26) Ka hona, Esdrase a fuoe matla a bomolimo le matla a maholo a bolaoli, o ne a ka hlophisa tlaleho ea hae ho tsoa litokomaneng tse molemohali tse neng li ka fumaneha.
6. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha ka ho nepahala ha Likronike?
6 Esdrase e ne e le mofuputsi ea sa tloaelehang. O ile a fuputsa litlalehong tsa khalenyana tsa histori ea Bajode tse neng li hlophisitsoe ke baprofeta ba tšepahalang ba linakong tseo hammoho le tse hlophisitsoeng ke ba neng ba etsa mosebetsi oa ho tlaleha le ba neng ba boloka litlaleho tsa sechaba. E ka ’na eaba e meng ea mengolo eo a ileng a e sheba e ne e le litokomane tsa naha tse tsoang Iseraele le Juda, litlaleho tsa maloko, lingoliloeng tsa histori tse ngotsoeng ke baprofeta, le litokomane tsa lihlooho tsa meloko le tsa malapa. Esdrase o supa bonyane mehloli e joalo ea boitsebiso e 20.b Ka ho supa lingoliloeng tse ling pepenene tjena, ka botšepehi Esdrase o ile a fa batho ba mehleng ea hae monyetla oa ho hlahloba mehloli eo a nkileng litaba ho eona haeba ba lakatsa ho etsa joalo, ’me sena se tiisa ka ho eketsehileng khang ea hore lentsoe la hae le ka lumeloa e bile lea tšepahala. Kajeno rōna re ka kholiseha ka ho nepahala ha libuka tsa Likronike ka lebaka le tšoanang le leo Bajode ba nakong ea Esdrase ba neng ba e-na le kholiseho e joalo ka lona.
7. Likronike e ngotsoe neng, ke bo-mang ba neng ba e talima e le tlaleho ea ’nete, ’me e akaretsa nako efe?
7 Kaha Esdrase o ile “a tloha Babylona” selemong sa bosupa sa morena oa Persia Artaxerxese Longimanus, e leng 468 B.C.E., ’me Esdrase ha a tlalehe ho fihla ho ikhethang ha Nehemia ka 455 B.C.E., e tlameha e be Likronike e phethiloe pakeng tsa linako tsena, mohlomong hoo e ka bang ka selemo sa 460 B.C.E., Jerusalema. (Esdr. 7:1-7; Neh. 2:1-18) Bajode ba nakong ea Esdrase ba ne ba amohela Likronike e le karolo ea sebele ea ‘Lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo le bileng le leng molemo.’ Ba ne ba e bitsa Div·rehʹ Hai·ya·mimʹ, e bolelang “Litaba tsa Matsatsi,” ke hore, histori ea matsatsi kapa linako. Lilemo tse ka bang 200 hamorao, bafetoleli ba Septuagint ea Segerike le bona ba ile ba akarelletsa Likronike har’a Mangolo a halalelang. Ba ile ba arola buka eo likarolo tse peli, ’me ka ho hopola hore e ne e tlatselletsa Samuele le Marena kapa Bibele eohle ea nakong eo, ba ile ba e bitsa Pa·ra·lei·po·meʹnon, e bolelang “Lintho tse Tlōtsoeng (Tse sa Boleloang; Tse Siiloeng ka Thōko).” Le hoja lebitso leo le hlile le sa lokela, ho ntse ho le joalo ketso ea bona e bontša hore ba ne ba talima Likronike e le Lengolo la ’nete, le bululetsoeng. Ha Jerome a hlophisa Vulgate ea Selatine, o ile a etsa tlhahiso: “Ka ho khethehileng haholoanyane re ka [li] bitsa Khro·ni·konʹ ea histori eohle ea bomolimo.” Ho bonahala hore sehlooho “Likronike” se nkiloe ho sena. Kronike ke tlaleho ea liketsahalo ka tatellano eo li etsahetseng ka eona. Ka mor’a hore buka ea Likronike tsa Pele e thathamise maloko a eona, e ipapisa haholo-holo le nako ea Morena Davida, ho tloha ka 1077 B.C.E. ho theosa ho isa lefung la hae.
LITABA TSE KA HARE TSA LIKRONIKE TSA PELE
8. Buka ea Likronike tsa Pele e arotsoe likarolo life tse peli?
8 Buka ena ea Likronike tsa Pele e arohana ka tsela e utloahalang ho ba likarolo tse peli: likhaolo tse 9 tse qalang, tse sebetsanang haholo-holo le maloko, le likhaolo tsa ho qetela tse 20, tse akaretsang liketsahalo tsa nakong ea lilemo tse 40 ho tloha lefung la Saule ho isa qetellong ea puso ea Davida.
9. Ke hobane’ng ha ho se na lebaka la ho tšehetsa nako ea moraonyana bakeng sa ho ngoloa ha Likronike?
9 Maloko (1:1–9:44). Likhaolo tsena li thathamisa leloko le tlohang ho Adama ho theosa ho ea lesikeng la Zorobabele. (1:1; 3:19-24) Tsela eo liphetolelo tse ngata li behang litaba ka eona e isa lesika la Zorobabele molokong oa leshome. Kaha o ile a khutlela Jerusalema ka 537 B.C.E., ho ne ho ke ha e-ba le nako e lekaneng bakeng sa hore meloko e mengata hakaalo e be e se e hlahile ka 460 B.C.E., e leng nako eo ho bonahalang eka Esdrase o phethile ho ngola ha hae ka eona. Leha ho le joalo, taba e ngotsoeng ka Seheberu e sekheeqe karolong ena, ’me ho ke ke ha etsoa qeto ea hore na boholo ba banna ba thathamisitsoeng ba ne ba amana joang le Zorobabele. Kahoo, ha ho na lebaka la ho tšehetsa nako ena ea morao bakeng sa ho ngoloa ha Likronike, joalokaha ba bang ba etsa.
10. (a) Ho boletsoe meloko efe pele? (b) Ke leloko lefe leo ka ho utloahalang le lokolisoang qalong ea khaolo ea bobeli? (c) Mathathamo a mang a boletsoeng ke afe, ’me ho qetelloa ka eng?
10 Pele ho fanoe ka meloko e leshome ho tloha ho Adama ho ea ho Noe, ho ntan’o latela meloko e leshome ho theosa ho ea ho Abrahama. Bara ba Abrahama le bana ba bona; litloholoana tsa Esau le tsa Seire, ea neng a phela tikolohong ea Seire e nang le lithaba tse ngata; ’me ho thathamisitsoe le marena a pele a Edomo. Leha ho le joalo, ho tloha khaolong ea bobeli tlaleho eo e ipapisitse le litloholo tsa Iseraele, kapa Jakobo, eo leloko le qalang ho lokolisoa ho tloha ho eena ho kena ho Juda e ntan’o ba meloko e leshome e isang ho Davida. (2:1-14) Ho boetse ho thathamisitsoe meloko e meng, haholo-holo ho buuoa ka moloko oa Levi le baprista ba baholo, ’me ho qetelloa ka leloko la moloko oa Benjamine ka ho kenyelletsa Morena Saule, Mobenjamine, eo ha e le hantle tlaleho ea histori e qalang ka eena. Ka linako tse ling ho ka ’na ha bonahala eka ho na le ho hanyetsana pakeng tsa maloko a ho Esdrase le likarolo tse ling tsa Bibele. Leha ho le joalo, ho tlameha ho hopoloe hore batho ba itseng ba ne ba boetse ba tsejoa ka mabitso a mang le hore puo ea fetoha ’me ho feta ha nako ho ne ho ka fetola tsela ea ho ngola mabitso a mang. Ho ithuta ho hlokolosi ho tlosa boholo ba mathata ao.
11. Fana ka mehlala ea boitsebiso bo bong bo molemo bo tsoakiloeng le tlaleho ea maloko.
11 Mona le mane Esdrase o tsoaka maloko ao a a thathamisang le likaroloana tsa boitsebiso ba histori le ba tlhaloso ea libaka bo sebeletsang ho hlakisa litaba le ho fana ka likhopotso tsa bohlokoa. Ka mohlala, ha Esdrase a thathamisa litloholo tsa Rubene, o phaella ka karoloana ena ea bohlokoa ea boitsebiso: “Bana ke bara ba Rubene, letsibolo la Iseraele. E ne e le eena letsibolo; empa kahobane a na a silafalitse malao a ntat’ae, boholo ba hae ba ho tsoaloa bo ne bo neiloe bara ba Josefa, mor’a Iseraele; leha ho le joalo, e ne e se hore Josefa a ngoloe mangolong a meloko ka ho re, o na le boholo ba ho tsoaloa. Hobane ke Juda ea ileng a feta banab’abo, ’me ke ho eena ho tsoileng morena; leha ho le joalo, litokelo tsa boholo ba ho tsoaloa e ne e le tsa Josefa.” (5:1, 2) Ho hlalositsoe ho hongata mantsoeng ana a fokolang. Ho feta moo, ke ho Likronike feela moo re ithutang hore Joabe, Amasa, le Abishai kaofela e ne e le bachana ba Davida, e leng ho re thusang ho utloisisa liketsahalo tse fapa-fapaneng tse ba potolohileng.—2:16, 17.
12. Maemo a potolohileng lefu la Saule ke afe?
12 Ho se tšepahale ha Saule ho fella ka lefu la hae (10:1-14). Tlaleho ena e qala ka ho hlasela ho matla ha Bafilista ntoeng ea Thaba ea Gilboa. Bara ba bararo ba Saule, ho akarelletsa Jonathane, baa bolaoa. Joale Saule o ntšoa kotsi. A sa batle hore a nkoe ke sera, o phehella lehlahana la hae le mo jarelang lihlomo: “Pshemola sabole ea hao, u ntlhabe ka eona, e se re mohlomong maqai ao a tla, ’me a ntšoma.” Ha lehlahana la hae le mo jarelang lihlomo le hana, Saule oa ipolaea. Ka hona Saule oa shoa ka lebaka la ho ‘ikhantšetsa Jehova, bakeng sa lentsoe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a na a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse litaba ho bona, a sa ka a botsa Jehova.’ (10:4, 13, 14) Jehova o fa Davida ’muso.
13. Davida o atleha joang ’musong?
13 Davida o tiisoa ’musong (11:1–12:40). Ka nako e loketseng meloko e 12 e phuthehela ho Davida Hebrone ’me e mo tlotsa hore e be morena oa Iseraele kaofela. O hapa Sione ’me o tsoela pele ‘ho ’na a hola, kahobane Jehova oa makhotla o na le eena.’ (11:9) Banna ba linatla ba behoa boikarabelong ba lebotho, ’me ka bona, Jehova o pholosa ka “pholoho e khōlō.” (11:14, NW) Davida o fumana tšehetso e kopaneng ha banna ba ntoa ba bōkana hammoho ka pelo e le ’ngoe e felletseng ho mo etsa morena. Ho ba le mokete le thabo Iseraele.
14. Davida o tsoella joang ntoeng e khahlanong le Bafilista, ’me ke ketsahalo efe e susumetsang tumelo e tlisang pina ea thabo?
14 Davida le areka ea Jehova (13:1–16:36). Davida o bua le baeta-pele ba sechaba, ’me ba lumellana ka ho fallisetsa Areka Jerusalema ho tloha Kiryathe-Jearime, moo e bileng teng ka lilemo tse ka bang 70. Tseleng, Uzza oa shoa ka lebaka la hore ka ho hloka tlhompho o iphapanyetsa litaelo tsa Molimo, ’me Areka e siuoa lehaeng la Obed-Edomo ka nakoana. (Num. 4:15) Bafilista ba tsosolosa liphutuho tsa bona, empa Davida o ba hlōla habeli ka tlhōlo e khōlō, Baale-Peratsime le Gibeone. Ka taelo ea Davida, joale Balevi ba latela mokhoa oa puso ea Molimo ho fallisetseng Areka e sireletsehile Jerusalema, moo e kenngoang ka har’a tente eo Davida a e hlometseng eona, ka metjeko le ka nyakallo. Ho nyeheloa sehlabelo e bile hoa binoa, Davida ka boeena o tlatsetsa ka pina e isang liteboho ho Jehova bakeng sa ketsahalo eo. Ho finyelloa tlhoro ea eona e khōlō sehloohong: “Maholimo a ke a thabe, ’me lefatše le hlasimolohe; a ho ke ho boleloe har’a lichaba, ho thoe: Jehova oa busa.” (1 Likron. 16:31) Ke ketsahalo e hlasimollang, e susumetsang tumelo hakaakang! Hamorao, pina ena ea Davida e amoheloa e le motheo oa lipina tse ncha, tseo e ’ngoe ea tsona e leng Pesaleme ea 96. E ’ngoe e tlalehiloe litemaneng tse 15 tse qalang tsa Pesaleme ea 105.
15. Jehova o arabela takatso ea Davida ea ho hahela borapeli bo kopaneng ntlo ka tšepiso efe e tsotehang?
15 Davida le ntlo ea Jehova (16:37–17:27). Joale tokisetso e sa tloaelehang e ba teng Iseraele. Areka ea selekane e lula ka tenteng Jerusalema moo Asafe le banab’abo ba sebeletsang teng, ha Gibeone teng, lik’hilomithara tse seng kae ka leboea-bophirimela ho Jerusalema, moprista e moholo Tsadoke le banab’abo ba ntšetsa pele mahlabelo a laetsoeng tabernakeleng. Ka mehla Davida a le seli ka ho phahamisa le ho kopanya borapeli ba Jehova, o bontša takatso ea hae ea ho hahela areka ea Jehova ea selekane ntlo. Empa Jehova o bolela hore hase Davida empa ke mor’a hae ea tla Mo hahela ntlo le hore O tla “tiisa terone ea hae ka ho sa feleng,” a bontše mosa o lerato o kang oa ntate ho mora. (17:11-13) Tšepiso ena e tsotehang ea Jehova—selekane sena sa ’muso o sa feleng—e ama Davida pelo. Teboho ea hae e tšoloha ha a kōpa ka tieo hore lebitso la Jehova “le ipake le tšepahala ’me le fetohe le leholo ho isa nakong e ke keng ea lekanngoa” le hore tlhohonolofatso ea Hae e be holim’a ntlo ea Davida.—17:24, NW.
16. Jehova o phethahatsa tšepiso efe ka Davida, empa Davida o etsa sebe joang?
16 Litlhōlo tsa Davida (18:1–21:17). Ka Davida, joale Jehova o phethahatsa tšepiso ea Hae ea ho fa peō ea Abrahama Naha e Tšepisitsoeng. (18:3) Ka letoto le latellanang ka potlako la liphutuho, Jehova o fana ka “pholoho ho Davida” kae kapa kae moo a eang teng. (18:6, NW) Ka litlhōlo tsa ntoa tse makatsang, Davida o kokobetsa Bafilista, o bolaea Bamoabe, o hlōla Batsoba, o qobella Basyria ho lefa lekhetho, ’me o hlōla Edomo le Ammone hammoho le Amaleke. Leha ho le joalo, Satane o hlohlelletsa Davida ho bala Iseraele ’me ka ho etsa seo o etsa sebe. Jehova o romela lefu la seoa e le kotlo empa ka mohau o felisa tlokotsi eo seotlong sa Ornane, ka mor’a hore ba 70 000 ba timetsoe.
17. Davida o etsa tokisetso efe bakeng sa ho haha ntlo ea Jehova, ’me o khothatsa Salomone joang?
17 Tokisetso ea Davida bakeng sa tempele (21:18–22:19). Davida o fumana tlhokomeliso ea lengeloi ka Gade hore “a hahele Jehova aletare seotlong sa Ornane mo-Jebuse.” (21:18) Ka mor’a ho reka setša ho Ornane, ka kutlo Davida o nyehela mahlabelo moo ’me o hoeletsa ho Jehova, ea mo arabelang “ka ho theolela mollo aletareng ea licheso, o e-tsoa leholimong.” (21:26) Davida o etsa qeto ea hore Jehova o batla hore ntlo ea hae e hahoe hona moo, ’me o qalella mosebetsi oa ho betla thepa le ho e bokella, o re: “Mor’a ka Salomone o sa le mocha, o sa le monyenyane, ’me ntlo e tla haheloa Jehova e ka khona e phahame haholo ka botumo le ka khanya mafatšeng ’ohle; ha ho le joalo, ke tla mo lokisetsa eona.” (22:5) O hlalosetsa Salomone hore Jehova ha aa ka a mo lumella ho haha ntlo, kaha e bile monna oa lintoa le mali. O phehella mor’a hae ka matla hore a be sebete ’me a be matla boikarabelong bona, o re: “Ema, u sebetse, ’me Jehova a ke a be le uena.”—22:16.
18. Palo ea sechaba e etsoa ka morero ofe?
18 Davida o hlophisetsa borapeli ba Jehova (23:1–29:30). Ho baloa sechaba, lekhetlong lena hoo ho etsoa ho latela thato ea Molimo, bakeng sa ho hlophisa bocha litšebeletso tsa baprista le Balevi. Litšebeletso tsa Balevi li hlalositsoe ka lintlha tse qaqileng haholoanyane mona ho feta kae kapa kae ka Mangolong. Ka mor’a moo ho thathamisitsoe ka ho hlaka likarolo tsa tšebeletso ea morena.
19. Davida o laea Salomone ka mantsoe afe, o fana ka lipolane life, ’me o beha mohlala ofe o babatsehang?
19 Ho tlella qetellong ea puso ea hae e tletseng liketsahalo tse khōlō, Davida o phutha baemeli ba sechaba sohle, “phutheho ea Jehova.” (28:8) Morena oa ema. “Banab’eso, le sechaba sa ka, ’mameleng.” Joale o bua le bona ka se lakatsoang ke pelo ea hae, “ntlo ea Molimo.” O laela Salomone ba ntse ba le teng: “Ha e le uena, mor’a ka Salomone, hlokomela Molimo oa ntat’ao, ’me u o sebeletse ka pelo eohle ea hao le ka moea o o ratang [“le ka sephefumolohi se thabileng,” NW]; hobane Jehova o botsisisa lipelo tsohle, ’me o lekola merero eohle le mehopolo eohle. Ekare ha u mo batla, o tla fumanoa ke uena; ha u mpa u mo furalla, o tla u lahla ka ho sa feleng. Bona joale hoba Jehova o u khethile hore u hahe ntlo e tla ba sehalalelo. Iphe matla, ’me u etse.” (28:2, 9, 10, 12) O fa Salomone e monyenyane lipolane tsa mohaho tse bontšang lintlha tse qaqileng tse amohetsoeng ho Jehova ka pululelo ’me eena ka boeena o etsa monehelo ka letlotlo le leholohali morerong oo oa kaho—litalenta tsa gauda tse 3 000 le litalenta tsa silevera tse 7 000, tseo a li bokelletseng bakeng sa morero ona. Mahosana le sechaba a bona mohlala o babatsehang joalo ka pel’a ’ona, a arabela ka ho etsa monehelo ka gauda e lekanang le litalenta tse 5 000 le lidarike tse 10 000 le silevera e lekanang le litalenta tse 10 000, hammoho le tšepe le koporo tse ngata.c (29:3-7) Sechaba se thabela tokelo ena haholo.
20. Ho finyelloa sehlohlolo sefe se phahameng thapelong ea ho qetela ea Davida?
20 Joale Davida o rorisa Jehova thapelong, o lumela hore ha e le hantle nyehelo ena e kholohali e tsoile letsohong la Hae ’me o kōpa tlhohonolofatso ea Hae e tsoelang pele holim’a sechaba le holim’a Salomone. Thapelo ena ea ho qetela ea Davida e fihla sehlohlolong se phahameng ho phahamiseng ’muso oa Jehova le lebitso la Hae le khanyang: “Oho, Jehova, Molimo oa Iseraele ntat’a rōna, u bokoe ka ho sa feleng le ka ho sa feleng! Oho, Jehova, boholo, le matla, le letlōtlo, le hlōlo, le khanya, ke tsa hao! Hobane tsohle tse maholimong le lefatšeng ke tsa hao. Borena le bona ke ba hao, Jehova, ’me u phahametse tsohle u le morena. Leruo le khanya li tsoa ho uena, ’me u rena holim’a tsohle. Matla le bonatla li matsohong a hao, hape u na le matla letsohong la hao a ho holisa le a ho tiisa ntho tsohle. ’Me joale, Molimo oa rōna, rea u boka, re rorisa lebitso la hao le khanyang.”—29:10-13.
21. Likronike tsa Pele e qetella ka ntlha efe ea bohlokoahali?
21 Salomone o tlotsoa lekhetlo la bobeli ’me o qala ho lula ‘teroneng ea Jehova’ tulong tsa Davida ea hōlileng. Ka mor’a puso ea lilemo tse 40, Davida o shoa “a tsofetse haholo, a tletse matsatsi le maruo le khanya.” (29:23, 28) Joale Esdrase o qetella Likronike tsa Pele ka ntlha ea bohlokoahali, o hatisa bophahamo ba ’muso oa Davida holim’a mebuso eohle ea lichaba.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
22. Likronike tsa Pele e ile ea khothatsa Baiseraele ba habo Esdrase joang?
22 Baiseraele ba habo Esdrase ba ile ba fumana molemo o moholo bukeng ea hae. Ba e-na le histori ena e kopaneng hantle hammoho le pono ea eona ea litaba e ncha le e shebang litaba hamolemo, ba ile ba ananela mehauhelo e lerato ea Jehova e tlileng ho bona ka lebaka la botšepehi ba hae selekaneng sa ’Muso seo a se entseng le Morena Davida le ka lebaka la lebitso la hae. Ba khothalitsoe, ba ile ba khona ho nka borapeli bo hloekileng ba Jehova ka cheseho e nchafalitsoeng. Maloko a ile a matlafatsa kholiseho ea bona bopristeng bo neng bo sebeletsa tempeleng e tsosolositsoeng.
23. Mattheu, Luka, le Setefane ba ile ba sebelisa Likronike tsa Pele hamolemo joang?
23 Likronike tsa Pele e ne e boetse e e-na le molemo o moholo phuthehong ea pele ea Bokreste. Mattheu le Luka ba ne ba ka qotsa malokong a eona ha ba paka ka ho hlakileng hore Jesu Kreste e ne e le “mor’a Davida” e bile e le Messia ea nang le tokelo ea molao. (Matt. 1:1-16; Luka 3:23-38) Ha Setefane a phetha bopaki ba hae ba ho qetela, o ile a bua ka kōpo ea Davida ea ho hahela Jehova ntlo le ho haha ha Salomone. Joale o ile a bontša hore “Ea holimo-limo a ke ke a aha litempeleng tse entsoeng ka matsoho,” a bontša hore tempele ea mehleng ea Salomone e ne e tšoantšetsa lintho tsa leholimo tse e fetang hōle ka khanya.—Lik. 7:45-50.
24. Ke eng eo re ka e etsisang mohlaleng o khanyang oa Davida kajeno?
24 Ho thoe’ng ka Bakreste ba ’nete kajeno? Likronike tsa Pele e lokela ho haha le ho susumetsa tumelo ea rōna. Ho na le ho hongata hoo re ka ho etsisang mohlaleng o khanyang oa Davida. O ne a fapane hakaakang le Saule ea hlokang tumelo, ka hore ka mehla o ne a botsa Jehova! (1 Likron. 10:13, 14, NW; 14:13, 14; 17:16; 22:17-19) Davida, ho tliseng ha hae areka ea Jehova Jerusalema, lipesalemeng tsa hae tsa thoriso, ho hlophiseng ha hae Balevi bakeng sa tšebeletso, le kōpong ea hae ea ho hahela Jehova ntlo e khanyang, o ile a bontša hore Jehova hammoho le borapeli ba Hae o nka sebaka sa pele kelellong ea hae. (16:23-29) E ne e se ’melaeli. O ne a sa ipatlele litokelo tse khethehileng empa o ne a batla feela ho etsa thato ea Jehova. Ka hona, ha Jehova a fa mor’a hae kabelo ea ho haha ntlo, ka pelo eohle o ile a laea mor’a hae ’me a fana ka nako ea hae, matla a hae, le leruo la hae ho lokisetseng mosebetsi o neng o tla qaleha ka mor’a lefu la hae. (29:3, 9) A mohlala o babatsehang oa boinehelo ka sebele!—Ba-Heb. 11:32.
25. Likronike tsa Pele e lokela ho re susumelletsa ho ba le kananelo efe ea lebitso la Jehova le ’Muso oa hae?
25 Joale ho latela likhaolo tse qetellang tseo e leng tlhoro ea buka. Puo e tsotehang eo Davida a rorisitseng Jehova le ho tlotlisa ‘lebitso la hae le khanyang’ ka eona e lokela ho tsosa ka hare ho rōna kananelo e thabisang ea tokelo ea rōna kajeno ea ho tsebahatsa khanya ea Jehova le ’Muso oa hae ka Kreste. (1 Likron. 29:10-13) E se eka ka mehla tumelo le thabo tsa rōna li ka tšoana le tsa Davida ha re senola teboho bakeng sa ’Muso o sa feleng oa Jehova ka ho ikitlaetsa tšebeletsong ea Hae. (17:16-27) Ruri Likronike tsa Pele e etsa hore sehlooho sa Bibele sa ’Muso oa Jehova ka Peō ea hae se phatsime hantle ho feta leha e le neng pele, e re siea re lebelletse ho senoloa ho eketsehileng ha merero ea Jehova.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Commentary ea Clarke, Moq. II, leqephe 574.
b Insight on the Scriptures, Moq. 1, maqephe 444-5.
c Insight on the Scriptures, Moq. 2, leqephe 1076.