Lentsoe la Jehova Lea Phela
Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Liketso
BUKA ea Bibele ea Liketso e fana ka histori e pharaletseng ea ho thehoa ha phutheho ea Bokreste le ho hōla ha eona. E ngotsoe ke ngaka Luka, ’me e fana ka tlaleho e thabisang ea mosebetsi o entsoeng ke Bakreste ka lilemo tse 28—ho tloha ka 33 C.E. ho isa ho 61 C.E.
Karolo e qalang ea Liketso e bua haholo ka mosebetsi o entsoeng ke moapostola Petrose, ’me e qetellang e bua ka o entsoeng ke moapostola Pauluse. Ka ho sebelisa seemeli “re” le “rōna,” Luka o bontša hore o ne a le teng ha liketsahalo tse ling li ne li etsahala. Ho ela hloko molaetsa oa buka ea Liketso ho tla re thusa hore re ananele haholo matla a Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le moea oa hae o halalelang. (Baheb. 4:12) Ho boetse ho tla re susumeletsa hore re itele ’me ho tla matlafatsa tumelo ea rōna tšepong ea ’Muso.
PETROSE O SEBELISA “LINOTLOLO TSA ’MUSO”
Ka mor’a ho amohela moea o halalelang, baapostola ba fana ka bopaki ka sebete. Petrose o sebelisa senotlolo sa pele sa “linotlolo tsa ’muso oa maholimo” ho bulela Bajuda le basokolohi monyako oa tsebo le monyetla oa ho “amohela lentsoe” e le hore ba kene ’Musong. (Mat. 16:19; Lik. 2:5, 41) Mahloriso a atang ka potlako a qhalakanya barutuoa, empa sena se etsa hore mosebetsi oa boboleli o pharalle.
Ha ba utloa hore Basamaria ba amohetse lentsoe la Molimo, baapostola ba Jerusalema ba romela Petrose le Johanne ho bona. Ka ho fa Basamaria monyetla oa ho kena ’Musong, Petrose o sebelisa senotlolo sa bobeli. (Lik. 8:14-17) Mohlomong nakong e ka etsang selemo Jesu a tsositsoe, ho etsahala liphetoho tse makatsang ho Saule oa Tarsase. Ka 36 C.E., Petrose o sebelisa senotlolo sa boraro, ’me batho ba lichaba ba sa bollang ba tšolleloa mpho e sa lefelloeng ea moea o halalelang.—Lik. 10:45.
Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
2:44-47; 4:34, 35—Ke hobane’ng ha balumeli ba ile ba rekisa thepa ea bona ’me ba abela ba bang chelete eo ba e fumaneng? Ba bangata bao e ileng ea e-ba balumeli ba ne ba tsoa libakeng tse hōle ’me ba ne ba se na lijo tse lekaneng hore ba eketse nako ea bona ea ho lula Jerusalema. Leha ho le joalo, ba ne ba lakatsa ho lula moo nako e teletsana e le hore ba ithute haholoanyane ka tumelo ea bona e ncha le hore ba pakele ba bang. Bakreste ba bang ba ile ba rekisa thepa ea bona, e le hore ba thuse batho bao, ’me chelete e fumanoeng e ile ea abeloa ba hlokang.
4:13—Na Petrose le Johanne ba ne ba sa tsebe ho bala le ho ngola kapa ba ne ba sa ruteha? Che, ha ho joalo. Ho ne ho thoe ke “batho ba sa rutehang le ba tloaelehileng” hobane ba ne ba sa fumana koetliso ea bolumeli likolong tsa bo-rabi.
5:34-39—Luka o ne a ka tseba joang se builoeng ke Gamaliele sebokeng sa lekhotla la Sanhedrine seo batho ba bang ba neng ba sa lumelloa ho ba ho sona? Bonyane ho ka ’na ha e-ba le mabaka a mararo: (1) Pauluse eo e neng e le e mong oa ba kileng ba rutoa ke Gamaliele o ile a bolella Luka; (2) Luka o ile a bua le setho se neng se le mosa sa Sanhedrine, se kang Nikodemase; (3) Luka o ile a fumana boitsebiso bona ka pululelo ea Molimo.
7:59—Na Setefane o ne a rapela Jesu? Che, ha ho joalo. Motho o lokela ho rapela Jehova Molimo, ’me le lithapelo tsa hae li lokela ho lebisoa ho eena feela. (Luka 4:8; 6:12) Maemong a tloaelehileng, Setefane a ka be a ile a rapela Jehova ka lebitso la Jesu. (Joh. 15:16) Leha ho le joalo, ketsahalong ena, Setefane o ile a ba le pono ea “Mor’a motho a eme ka letsohong le letona la Molimo.” (Lik. 7:56) Kaha o ne a hlokomela ka botlalo hore Jesu o ne a filoe matla a ho tsosa bafu, Setefane o ile a bua le Jesu a Mo kōpa hore a sireletse moea oa hae, empa o ne a sa rapele eena ka ho toba.—Joh. 5:27-29.
Seo re Ithutang Sona:
1:8. Mosebetsi oa lefatše lohle oa ho paka o etsoang ke barapeli ba Jehova o ke ke oa etsoa ka ntle ho thuso ea moea o halalelang.
4:36–5:11. Josefa oa Cyprase o ile a rehoa Barnabase, e bolelang “Mora oa Matšeliso.” Mohlomong baapostola ba ile ba mo reha lebitso la Barnabase hobane o ne a le pelo-nolo, a le mosa a bile a thusa batho ba bang. Re lokela ho tšoana le eena re se ke ra tšoana le Ananiase le Safira, ba ileng ba sebelisa boikhakanyo, boikaketsi le bolotsana.
9:23-25. Ho baleha lira tsa rōna e le hore re tsoele pele ho bolela litaba tse molemo hase bokoala.
9:28-30. Haeba ho bonahala eka batho ba ka re ntša kotsi ’meleng, boitšoarong, kapa moeeng ha re paka libakeng tse itseng kapa re pakela batho ba itseng, re lokela ho ba hlokolosi le ho khetha hore na re bolela hokae hona neng.
9:31. Linakong tsa ha ho bonahala ho e-na le khotso, re lokela ho loanela ho matlafatsa tumelo ea rōna ka ho ithuta le ho thuisa. Sena se tla re thusa ho tsamaea tšabong ea Jehova ka hore re sebelise seo re ithutang sona le ka ho cheseha tšebeletsong.
TŠEBELETSO EA PAULUSE E ETSOANG KA CHESEHO
Ka 44 C.E., Agabase o tla Antioke, moo Barnabase le Saule ba qetileng “selemo sohle” ba ntse ba ruta. Agabase o bolela esale pele ka “tlala e khōlō,” e ileng ea e-ba teng lilemo tse peli hamorao. (Lik. 11:26-28) “Ka mor’a hore ba phethahatse ka botlalo tšebeletso ea lithuso Jerusalema,” Barnabase le Saule ba khutlela Antioke. (Lik. 12:25) Ka 47 C.E.—hoo e ka bang lilemo tse 12 ka mor’a hore Saule a sokolohe—Barnabase le Saule ba rongoa ke moea o halalelang hore ba nke leeto la boromuoa. (Lik. 13:1-4) Ka 48 C.E., ba khutlela Antioke, “moo ba neng ba behiloe tlhokomelong ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo.”—Lik. 14:26.
Likhoeli tse ka bang robong hamorao, Pauluse (eo hape a neng a bitsoa Saule) o khetha Silase hore a tsamaee le eena ’me o nka leeto la bobeli. (Lik. 15:40) Timothea le Luka ba kopana le Pauluse tseleng ’me ba tsamaea le eena. Luka o lula Filipi ha Pauluse eena a fetela Athene ’me hamorao a e-ea Korinthe, moo a kopanang le Akuila le Prisilla ’me o hlola selemo le likhoeli tse tšeletseng sebakeng seo. (Lik. 18:11) Pauluse o siea Timothea le Silase Korinthe, o tsamaea le Akuila le Prisilla ’me mathoasong a 52 C.E. o tloha ka sekepe ho ea Syria. (Lik. 18:18) Akuila le Prisilla ba tsamaea le eena ho fihla Efese, moo ba ileng ba sala teng.
Ka mor’a ho lula nakoana Antioke e Syria, Pauluse o kena leetong la hae la boraro ka 52 C.E. (Lik. 18:23) Efese teng, “lentsoe la Jehova [le ntse le] hōla le ho hlōla.” (Lik. 19:20) Pauluse o lula lilemo tse ka bang tharo moo. (Lik. 20:31) Ka Pentekonta ea 56 C.E., Pauluse o Jerusalema. Ka mor’a hore a tšoaroe, o fana ka bopaki a sa tšabe letho ka pel’a ba boholong. Ha a le Roma, moapostola Pauluse ha a lumelloe ho tloha ha hae ka lilemo tse peli (hoo e ka bang ka 59-61 C.E.), ’me ha a ntse a le moo o fumana litsela tsa ho bolela ka ’Muso le ho ruta ka “lintho tse malebana le Morena Jesu Kreste.”—Lik. 28:30, 31.
ipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:
14:8-13—Ke hobane’ng ha batho ba Lystra ba bitsa “Barnabase Zeuse, empa Pauluse ba mo bitsa Hermese”? Zeuse e ne e le ’musi oa melimo ea litšōmo tsa Bagerike, ’me mora oa hae Hermese o ne a tsejoa ka ho ba kheleke puong. Kaha Pauluse e ne e le eena ea etelletseng pele puong, batho ba Lystra ba ile ba mo bitsa Hermese ’me ba bitsa Barnabase Zeuse.
16:6, 7—Ke hobane’ng ha moea o halalelang o ile oa hanela Pauluse le metsoalle ea hae ho bolela seterekeng sa Asia le Bithynia? Basebetsi ba ne ba se bangata moo. Kahoo, moea o halalelang o ile oa ba laela hore ba ee masimong a behang haholo.
18:12-17—Ke hobane’ng ha Motsamaisi oa Profinse Galio a sa ka a kena taba ha batho ba neng ba shebelletse ba qala ho otla Sosthene? Mohlomong Galio o ile a nahana hore motho eo ho neng ho bonahala hore ke moeta-pele oa sehlopha seo sa mahoohoo se neng se otla Pauluse o ne a habola lesheleshele leo a iphehletseng lona. Leha ho le joalo, ho bonahala eka ketsahalo eo e ile ea hlahisa litholoana tse molemo kaha e ile ea etsa hore Sosthene a sokolohele Bokresteng. Hamorao, Pauluse o bitsa Sosthene “mor’abo rōna” ha a bua ka eena.—1 Bakor. 1:1.
18:18—Pauluse o ile a etsa boitlamo bofe? Litsebi tse ling li bolela hore Pauluse o ne a entse boitlamo ba ho ba Monazari. (Num. 6:1-21) Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore na boitlamo ba Pauluse e ne e le bofe. Ho feta moo, Mangolo ha a re letho ka hore na Pauluse o ne a entse boitlamo bona pele kapa ka mor’a hore a sokolohe kapa hore na o ne a le qalong kapa qetellong ea bona. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, ho etsa boitlamo bo joalo e ne e se sebe.
Seo re Ithutang Sona:
12:5-11. Re ka rapella barab’abo rōna ebile re lokela ho ba rapella.
12:21-23; 14:14-18. Heroda o ile a amohela habonolo tlotla e neng e lokela ho fuoa Molimo feela. Seo se ne se fapane hakaakang le se ileng sa etsoa ke Pauluse le Barnabase bao hang-hang le hona e le ka matla ba ileng ba hana tlotla le thoriso tse neng li sa ba lokela! Ha rea lokela ho lakatsa ho fuoa tlotla bakeng sa eng kapa eng eo re ka e finyellang tšebeletsong ea Jehova.
14:5-7. Ho ba hlokolosi ho ka re thusa ho lula re le mafolofolo tšebeletsong.—Mat. 10:23.
14:22. Bakreste ba lebeletse matšoenyeho. Ha ba leke ho a qoba ka ho koenehela tumelo ea bona.—2 Tim. 3:12.
16:1, 2. Bacha ba Bakreste ba lokela ho ikitlaetsa ha ba sebeletsa Molimo ka phuthehong le ho batla thuso ea Jehova hore ba iketsetse lebitso le letle.
16:3. Re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang se lumelloang ke Mangolo ho etsa hore batho ba bang ba amohele litaba tse molemo.—1 Bakor. 9:19-23.
20:20, 21. Ho paka ka ntlo le ntlo ke karolo ea bohlokoa ea tšebeletso ea rōna.
20:24; 21:13. Ho lula re tšepahala ho Molimo ke habohlokoa ho feta ho pholosa bophelo ba rōna.
21:21-26. Re lokela ho ikemisetsa le ho ba le tjantjello ea ho amohela keletso e ntle.
25:8-12. Kajeno Bakreste ba ka sebelisa litokisetso tsa molao tse teng ‘ho sireletsa le ho theha ka molao litaba tse molemo,’ ebile ba lokela ho li sebelisa.—Bafil. 1:7.
26:24, 25. Re lokela ho bolela “lipolelo tsa ’nete le tsa ho hlaphoheloa kelellong” le hoja e le booatla ho “motho oa nama.”—1 Bakor. 2:14.
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Petrose o sebelisitse “linotlolo tsa ’muso” neng?
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Mosebetsi oa ho paka o etsoang lefatšeng lohle o ne o ke ke oa etsoa ntle ho thuso ea moea o halalelang