Lydia—Morapeli oa Molimo ea Amohelang Baeti ka Mofuthu
HO TLOHA mehleng ea boholo-holo, bahlanka ba Molimo oa ’nete ba ’nile ba ikhetholla ka ho amohela baeti ka mofuthu. (Genese 18:1-8; 19:1-3) Kaha ho hlalosoa e le “lerato la, boikutlo bo mofuthu bakeng sa, kapa ho ba mosa ho basele,” ho amohela baeti ka mofuthu ho tlohang pelong e tšepahalang esita le kajeno ke letšoao la Bokreste ba ’nete. Ha e le hantle, ke tlhokahalo bakeng sa bohle ba lakatsang ho rapela Molimo ka tsela e amohelehang.—Baheberu 13:2; 1 Petrose 4:9.
Motho e mong ea neng a amohela baeti ka mofuthu ka tsela e ikhethang ke Lydia. O ile “a etsa feela hore” baromuoa ba Bakreste ba etetseng Filippi ba lule lapeng la hae. (Liketso 16:15) Le hoja ho buuoa ka Lydia hakhutšoanyane feela ka Mangolong, se senyenyane se buuoang ka eena e ka ba khothatso ho rōna. Ka tsela efe? Lydia e ne e le mang? Re tseba eng ka eena?
“Morekisi oa Lintho Tse Pherese”
Lydia o ne a lula Filippi, motse-moholo oa Macedonia. Leha ho le joalo, o ne a e-tsoa Thyatira, motse oa setereke sa Lydia, Asia Minor e ka bophirimela. Ka lebaka lena ba bang ba bolela hore “Lydia” e ne e le lebitso la bosoasoi leo a neng a le rehiloe Filippi. Ka mantsoe a mang, e ne e le “Molydia,” hantle feela joalokaha mosali eo Jesu Kreste a ileng a mo pakela a ne a ka bitsoa “mosali oa Mosamaria.” (Johanne 4:9) Lydia o ne a rekisa “lintho tse pherese” kapa lintho tse kentsoeng sefetola-’mala sena. (Liketso 16:12, 14) Boteng ba baetsi ba lifetola-’mala Thyatira le Filippi bo pakoa ke mengolo e epolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale. Ho ka etsahala hore ebe Lydia o ne a faletse ka lebaka la mosebetsi oa hae, oa ho ntšetsa pele khoebo ea hae kapa ho ba moemeli oa k’hamphani e itseng ea batho ba fetolang mebala ba Thyatira.
Sefetola-’mala se pherese se ne se ka fumanoa mehloling e sa tšoaneng. Se theko e phahameng ka ho fetisisa se ne se nkoa ho li-mollusk tsa leoatleng. Ho latela seroki sa Moroma Martial, seaparo se fetoletsoeng ’maleng o pherese sa boleng bo phahameng ka ho fetisisa sa Tyre (setsi se seng seo thepa ena e neng e etsoa ho sona) theko ea sona e ne e ka fihla ho li-sesterce tse 10 000 kapa lidenari tse 2 500, e leng e lekanang le moputso oa matsatsi a 2 500 oa mosebetsi ea se nang tsebo e itseng. Ho hlakile hore liaparo tse joalo e ne e le tse mabotho-botho tseo e leng ba seng bakae feela ba neng ba ka li khona. Ka hona ho ka etsahala hore ebe Lydia o ne a ruile. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, o ile a khona ho amohela ka mofuthu moapostola Pauluse le metsoalle ea hae—Luka, Silase, Timothea, mohlomong le ba bang.
Ho Bolela ha Pauluse Filippi
Hoo e ka bang ka selemo sa 50 C.E., Pauluse o ile a qala ho etela Europe ’me a qala ho bolela Filippi.a Ha a fihla motseng o mocha, e ne e le mokhoa oa Pauluse ho etela synagoge e le hore a ka qala ka ho bolella Bajuda le basokolohi ba neng ba bokane moo. (Bapisa le Liketso 13:4, 5, 13, 14; 14:1.) Leha ho le joalo, ho latela ba bang, molao oa Roma o ne o hanela Bajuda ho sebelisa bolumeli ba bona ka har’a “meeli e halalelang” ea Filippi. Ka lebaka leo, ka mor’a ho nka “matsatsi a itseng” moo, ka letsatsi la Sabatha baromuoa bana ba ile ba fumana sebaka ka thōko ho nōka e kantle ho motse moo ‘ba neng ba nahana hore ho ne ho e-na le sebaka sa thapelo.’ (Liketso 16:12, 13) Kamoo ho bonahalang kateng, ena e ne e le Nōka ea Gangites. Sebakeng seo baromuoa ba ile ba fumana basali feela, e mong oa bona e ne e le Lydia.
“Morapeli oa Molimo”
Lydia e ne e le “morapeli oa Molimo,” empa mohlomong o ne a sokolohetse Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda a batla ’nete ea bolumeli. Le hoja mosebetsi oa hae oa boipheliso o ne o le motle, Lydia o ne a se na lerato la lintho tse bonahalang. Ho e-na le hoo, o ne a behella nako ea lintho tsa moea ka thōko. “Jehova a bula pelo ea hae haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse,” ’me Lydia a amohela ’nete. Ha e le hantle, “eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa.”—Liketso 16:14, 15.
Bibele ha e qolle litho tse ling tsa lelapa la Lydia. Kaha ha ho buuoe ka monna, e ka ’na eaba e ne e le lesoha kapa e le mohlolohali. Mohlomong “ba ntlo ea hae” e ne e le beng ka eena, empa polelo ena e ne e ka ’na ea bolela makhoba kapa bahlanka. Leha ho le joalo, ka cheseho Lydia o ne a arolelana lintho tseo a neng a ithutile tsona le ba neng ba lula le eena. ’Me e tlameha ebe o bile le thabo e kaakang ha ba lumela ba bile ba amohela tumelo ea ’nete!
“A Etsa Feela Hore re Tle”
Pele ba kopana le Lydia, mohlomong baromuoa bana ba ne ba lokela ho khotsofalla bolulo boo ba neng ba bo lefella. Empa o ne a thabela hore ebe o khona ho ba fa mofuta o mong oa bolulo. Leha ho le joalo, taba ea hore o ne a lokela ho phehella e bontša hore Pauluse le metsoalle ea hae ba ile ba hana ka tsela e itseng. Hobane’ng? Pauluse o ne a batla ho ‘fana ka litaba tse molemo ntle ho tefo, e le hore a se sebelise hampe matla a hae a ho laela’ le hore e se be moroalo ho mang kapa mang. (1 Bakorinthe 9:18; 2 Bakorinthe 12:14) Empa Luka oa phaella: “Joale ha eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa, a re ka kōpo e tiileng: ‘Haeba le nkahlotse ke le ea tšepahalang ho Jehova, kenang ka tlung ea ka ’me le lule.’ ’Me a etsa feela hore re tle.” (Liketso 16:15) Lydia o ne a amehile haholo ka ho tšepahala ho Jehova, ’me ho bonahala hore ho amohela baeti ka mofuthu e ne e le bopaki ba tumelo ea hae. (Bapisa le 1 Petrose 4:9.) Ke mohlala o babatsehang hakaakang! Na le rōna re sebelisa matlotlo a rōna bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa litaba tse molemo?
Barab’abo Rōna ba Filippi
Ha Pauluse le Silase ba ne ba lokolloa teronkong ka mor’a ketsahalo e amanang le ngoanana oa lekhabunyane ea neng a kenoe ke modemona, ba ile ba khutlela lapeng ha Lydia, moo ba ileng ba fumana barab’abo bona ba bang. (Liketso 16:40) Ho ka etsahala hore ebe balumeli ba ka har’a phutheho ea Filippi e neng e sa tsoa thehoa ba ne ba sebelisa lehae la Lydia e le sebaka seo kamehla ho tšoareloang liboka ho sona. Ke ho utloahalang ho nahana hore lehae la hae le ile la tsoela pele ho ba setsi sa tšebeletso ea puso ea Molimo motseng oo.
Kamohelo e mofuthu ea baeti eo Lydia a ileng a e bontša pele, e ile ea ipaka e le tšobotsi e khethollang phutheho eohle. Ho sa tsotellehe bofutsana ba bona, ka makhetlo a mangata Bafilippi ba ile ba romela Pauluse lintho tseo a neng a li hloka, ’me moapostola enoa o ne a ananela.—2 Bakorinthe 8:1, 2; 11:9; Bafilippi 4:10, 15, 16.
Lengolong leo Pauluse a ileng a le romela Filippi hoo e ka bang ka 60-61 C.E., ha hoa buuoa ka Lydia. Mangolo ha a senole hore na ho ile ha etsahala’ng ka eena ka mor’a liketsahalo tse hlalositsoeng ho Liketso khaolo ea 16. Leha ho le joalo, ho boleloa hakhutšoanyane ha mosali enoa ea matla ho etsa hore re rate ho ‘latela mokhoa oa kamohelo e mofuthu ea baeti.’ (Baroma 12:13) Re leboha hakaakang hore ebe re na le Bakreste ba joaloka Lydia har’a rōna! Moea oa bona o etsa ho hongata ho etsa hore liphutheho li be mofuthu le ho ba le botsoalle, tlotlisong ea Jehova Molimo.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Har’a metse ea bohlokoa ka ho fetisisa Macedonia, Filippi e ne e le kolone ea sesole e batlang e ruile e busoang ho latela jus italicum (Molao oa Italy). Sehlopha sena sa melao se ne se tiisetsa Bafilippi litokelo tse lekanang le tse thabeloang ke baahi ba Roma.—Liketso 16:9, 12, 21.
[Lebokose le leqepheng la 28]
Bophelo ba Bajuda Filippi
E tlameha ebe bophelo bo ne bo se bonolo bakeng sa Bajuda le ba sokolohetseng Tsamaisong ea Bolumeli ea Sejuda Filippi. E ka ’na eaba ho ne ho e-na le maikutlo a itseng a leng khahlanong le Bojuda, hobane nako e seng kae pele ho ketelo ea Pauluse, Moemphera Claudiase o ne a lelekile Bajuda Roma.—Bapisa le Liketso 18:2.
Hoa hlokomeleha hore Pauluse le Silase ba ile ba hulanyetsoa ka pel’a bo-magiseterata ka mor’a ho folisa ngoanana oa lekhabunyane ea neng a e-na le moea oa bonohe. Beng ba hae, joale ba lahlehetsoe ke mohloli oa chelete o ruisang, ba sebelisa leeme la baahi ba habo bona ka ho re: “Batho bana ba ferekanya motse oa rōna haholo, kaha ke Bajuda, ’me ba phatlalatsa litloaelo tseo ho sa lumelloeng ke molao hore re li amohele kapa re li sebelise, kaha re Baroma.” Ka lebaka leo, Pauluse le Silase ba ile ba otloa ka melamu ’me ba lahleloa chankaneng. (Liketso 16:16-24) Tikolohong e joalo, ho rapela Jehova, Molimo oa Bajuda phatlalatsa ho ne ho hloka sebete. Empa ho hlakile hore Lydia o ne a sa tsotelle ho ba mokhelo.
[Litšoantšo tse leqepheng la 27]
Lithako tsa Filippi