Pono ea Bibele
Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ithuta Bibele?
HO BALA Bibele eohle hase papali. Na u se u kile ua ho etsa hanngoe kapa mohlomong ka makhetlo a mangata? Batho ba bangata ka nepo ba ikutloa ba le motlotlo haholo hore ba ile ba etsa joalo. Ho fumana nako ea ho bala Bibele ho lokela ho ngoloa karolong e ka holimo—haeba e se ntho ea pele—lethathamong la rōna la lintho tsa bohlokoa ka ho fetisisa. Ka lebaka lefe? Hore re tsebe litaba tse kahare tsa motheo tsa buka ena e abiloeng ka ho pharalletseng ka ho fetisisa historing eohle, e leng eona feela buka eo ka nepo e bolelang hore e bululetsoe ke Molimo.—2 Timothea 3:16.
Leha ho le joalo, motho a ka etsa ho eketsehileng ho feta feela ho bala Bibele le ho tseba lintlha tsa eona tsa sehlooho. Na u lakatsa ho khahlisa Molimo le ho thabela melemo e felletseng ea lithuto tsa buka eo e halalelang? Joale latela keletso eo moapostola Pauluse a e nehileng mohlankana Timothea: “U ’ne u bale Mangolo a halalelang, u khothatse, u rute. Thahasella lintho tsena, ikakhele ho tsona ka setōtsoana, hore katleho ea hao e tle e bonahale ho bohle. Itlhokomele, u hlokomele le thuto ea hao. Tiisetsa ho tsena, hobane ka ho etsa joalo u tla ipholosa, u be u pholose le ba u mamelang.”—1 Timothea 4:13, 15, 16, BPN.
Ho thuisa ka mokhoa o joalo ka lithuto tsa Bibele le ho ikakhela ho tsona ka setotsoana ho akarelletsa ho fetang ho bala Mangolo feela. Ho bala Bibele ka bohona ha ho fane ka tiiso ea hore motho a ka sebelisa boitsebiso boo a bo ruileng ka nepo, joalokaha ho bala buka e buang ka boko ba motho ho sa etse hore motho eo a tšoanelehe ho ba ngaka e buoang boko. Kahoo, mamela keletso e tsoelang pele ea Pauluse ho Timothea: “Etsa ka matla ho ba ea amohelehang ho Molimo, mosebeletsi ea ke keng a hlajoa ke lihlong, ea rutang lentsoe la ’nete ka ho otloloha.”—2 Timothea 2:15, BPN.
Kutloisiso e Batsi
Ho ithuta ho sebelisa Lentsoe la Molimo ka tsebo ho hloka ho ithuta. Ha motho a ithuta Bibele ka hloko, a hlokomela seo e se buang, a utloisisa seo e se bolelang, a bala moelelo oa litemana tsa taba e ngotsoeng, a utloisisa histori ea eona, joale a ka ’na a fumana kutloisiso e batsi le bohlale tseo a sa li lebellang. Joale o qala ho rua molemo oa botho Lentsoeng la Molimo.
E re re etse mohlala ho bontša hore ka ho bala karoloana feela ea Lengolo, re ke ke ra utloisisa se boleloang ntle le haeba re bala moelelo oa taba e ngotsoeng. Ho Liketso 17:11, (NW) re bala se latelang ka batho ba motse oa Bagerike oa Berea o haufi le Thessalonika: “Bao ba fetisa ba Thessalonika ka bokhabane, hobane ba amohetse lentsoe ka cheseho e khōlō, ba hlahlobisisa Mangolo ka mehla ho tseba hore na litaba tseo li joalo ruri na.”
Ha re bala karolo ena ka lekhetlo la pele, re ka ’na ra etsa qeto ea hore Bakreste ba Berea ba ne ba ithuta haholo ho feta Bakreste ba Thessalonika. Leha ho le joalo, hlokomela temaneng ea 10 ea Liketso khaolo 17 hore ha Pauluse le Silase ba fihla Berea, ba ile ba kena “sinagogeng ea Bajode” ho bolela Lentsoe la Molimo. ’Me temana ea 12 e re “ba bangata ba bona [Bajode] ba ba ba lumela.” Temana eo e re thusa ho finyella sephetho se fapaneng. Tlaleho ena e halalelang e re bolella hore ho ne ho sa bapisoe Bakreste ba metse ena e ’meli, empa ho e-na le hoo, ho ne ho bapisoa Bajode ba libaka tseo.
Ho feta moo, na u hlokometse hore na ke eng se ileng sa etsa Baberea hore e be ba fetisang ka bokhabane? Ba ne ba hlahlobisisa Mangolo ka cheseho. Ha a fana ka tlhaloso ea mantsoe ao ho Word Pictures in the New Testament Moprofesa Archibald Thomas Robertson o ngotse: “Ka mehla Pauluse o ne a hlalosa Mangolo ka botlalo joalokaha a entse Thessalonika, empa Baberea, ho e-na le ho hanyetsa tlhaloso ea hae e ncha, ba ile ba hlahlobisisa (anakrinō e bolela ho hlahlobisisa ka hloko, joalokaha e ka ke ho sefa, ho etsa phuputso ka hloko le ka ho nepahetseng joaloka litabeng tsa molao . . . ) Mangolo ka bobona.” Tlhahlobisiso ea bona e ne e se e okōlang taba ka holimo feela. Bajode bao ba Berea ba ile ba hlahlobisisa ka hloko ho tiisa hore na seo Pauluse le Silase ba neng ba se ruta ho tsoa Mangolong hore Jesu ke Messia ea neng a tšepisitsoe ka nako e telele e ne e le ’nete kapa che.
Kahoo, ka ho latela mohlala oa Baberea ba boholo-holo, ke habohlokoa hore re se ke ra bala Lentsoe la Molimo feela empa hape re ithute lona—re “hlahlobisise Mangolo ka hloko”—hore re fumane moelelo oa se boleloang. Ka tsela ena re ka tebisa kananelo ea rōna bakeng sa Bibele, ’me joaloka Timothea, le rōna re fetohe batho ba khonang ‘ho ipholosa le ho pholosa batho ba re mamelang.’ Hobane’ng? Hobane ho phaella ho baleng Mangolo, re ithutile ’ona e le hore re ka nka khato e bontšang kutlo ka seo re ithutileng sona.—Liproverbia 3:1-6.
Mohloli oa Litekanyetso tsa Sebele le Boprofeta
Ha re talimeng mabaka a mang a mabeli a ho ithuta Bibele. Ha ho buka e ka bapisoang le Bibele ka ho fana ka litekanyetso le mekhoa ea boitšoaro. Lilemong tse ngata tse fetileng, tichere e ’ngoe ea Leamerika e ile ea hlokomela sena: “Ke lumela hore tsebo ea Bibele ka ntle ho thuto ea koleche e bohlokoa ho feta thuto ea koleche ka ntle ho Bibele.” Hore tsebo ea Bibele e fetohe letlotlo la hao, lebaka la hao la ho ithuta Mangolo e tlameha hore ebe ho sebelisa likhopolo le lithuto tsa ’ona bophelong ba hao ba letsatsi le letsatsi e le hore a u etse motho ea molemo haholoanyane, ‘motho ea ka rutang lentsoe la ’nete ka ho otloloha.’—2 Timothea 2:15, BPN; Liproverbia 2:1-22.
Ho phaella moo, Bibeleng ho fumanoa boprofeta bo bululetsoeng ke Molimo bo seng bo phethahetse historing le bo bong bo ntseng bo phethahala lekholong la rōna la lilemo. Ho ithuta boprofeta ba Bibele ho thusa motho ho utloisisa se boleloang ke maemo a lefatše a kajeno—lintoa, litlala, ho qhalana ha malapa, litlōlo tsa molao tse mabifi—le kamoo a ka qobang ho tšoasoa ke ho belaela ka tsona. (Luka 21:10, 11, 25-28) Ka tsela ena, likarabelo tsa Molimo mathateng a kajeno li re beha leseling, li re senolela hore na re hokae kemisong ea nako le hore na ke joang re ka lokisetsang bokamoso ba rōna ka katleho. Likarabelo tseo li tla ho rōna ka mocha oa sehlopha sa ‘mohlanka ea tlotsitsoeng ea tšepahalang le ea bohlale’ ea sebelisang Mokhatlo oa Watchtower e le mokhatlo oa khatiso.—Mattheu 24:45-47; 2 Petrose 1:19.
Pesaleme ea 119:105 e re: “Lentsoe la hao ke lebone la maoto a ka, ke leseli tseleng ea ka.” Ka hona, batho bao ka mehla ba ithutang mantsoe a bohlale a fumanoang ka Bibeleng le ba a sebelisang ba tla ba har’a batho ba tla utloisisa thato ea Molimo le morero oa oona ’me phello e be ho fumana tsela e nang le leseli e tataisang bophelo ba bona ba letsatsi le letsatsi har’a qaka ea boitšoaro ea kajeno.