Bophelo
Tlhaloso: Boemo bo mafolo-folo bo khethollang limela, liphoofolo, batho le libopuoa tsa moea ho lintho tse sa pheleng. Lintho tse phelang tse bonahalang hangata li na le matla a ho hōla, ho inchafatsa, ho angoa ke tšusumetso e kantle le ho ikatisa. Limela li na le bophelo bo mafolo-folo empa e se bophelo joaloka meea e nang le kelello. Meeeng ea lefatše, liphoofolo le batho, ho na le matla a mafolo-folo a bophelo ho li phelisa le phefumoloho hore e ’ne e boloke matla ao a bophelo.
Bophelo ka kutloisiso e feletseng, joalokaha bo sebelisoa ho batho ba bohlale, ke boteng bo phethahetseng ka tokelo ea ho phela. Moea oa motho o-oa shoa. Empa bahlanka ba tšepahalang ba Molimo ba lebelletse bophelo bo sa feleng phethehong—lefatšeng bakeng sa ba bangata, leholimong bakeng sa “mohlatsoana” e le majalefa a ’Muso oa Molimo. Hoba ba tsohele bophelong ba moea, litho tsa sehlopha sa ’Muso li boetse li neoa ho se shoe, tšoaneleho ea bophelo eo ho sa hlokahaleng hore e ka bolokoa ke ntho efe kapa efe e bōpiloeng.
Morero oa bophelo ba motho ke ofe?
Ntho ea bohlokoa hore re be le morero bophelong ba rōna ke ho lemoha Mohloli oa bophelo. Haele hantle, haeba re ne re hlahile feela tjee ka tsietsi e sa nahaneng, bophelo ba rōna bo ne bo ke ke ba e-ba le morero ’me ho ne ho ke ke hoa e-ba le bokamoso bo tšepahalang boo re neng re ka bo lokisetsa. Empa Liketso 17:24, 25, 28 e-ea re tsebisa: “Molimo o entseng lefatše le tsohle tse ho lona . . . ke oona o fang bohle bophelo le phefumoloho le lintho tsohle. Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.” Tšenolo 4:11, e tobisitsoeng ho Molimo, e-ea phaella: “Morena, u loketsoe ke ho neoa khanya, le hlompho, le matla; hobane u hlolile lintho kaofela, ’me ke ka ho rata ha hao li leng teng, li bileng li bōpiloe.” (Bona le maqephe 329-336, tlasa’ sehlooho se seholo “Molimo.”)
Tsieleho e tsoaloa ke ho phela ka tsela e loantšanang le se hlokoang ke ’Mōpi le litataiso tsa hae bakeng sa thabo. Ba-Galata 6:7, 8 e-ea lemosa: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.”—Le Ba-Galata 5:19-21. (Bona le sehlooho se seholo “Ho Ipusa.”)
Ho futsa sebe ho Adama ho thibela batho hore hona joale ba thabele bophelo ka botlalo kamoo Molimo o nong o rerile tšimolohong. Ba-Roma 8:20 e bolela hore, ka lebaka la kahlolo ea bomolimo kamorao ho sebe sa Adama, “tse bōpiloeng [batho] li ne li beoe tlas’a ’muso oa bosaoana.” Ka boemo ba hae e le motho oa moetsalibe, moapostola Pauluse o ile a ngola hore: “’Na ke oa nama, ke reketsoe hore ke be mohlanka oa sebe. Hobane molemo oo ke o ratang, ha ke o etse, empa bobe boo ke sa bo rateng, bona kea bo etsa. Hobane ha e le ka motho oa kahare, ke thabela molao oa Molimo; empa ke fumana molao osele lithong tsa ka, o loantšanang le molao oa kelello ea ka, o mpofellang molaong oa sebe, o lithong tsa ka. Ke motho ea soto hakakang.”—Ba-Roma 7:14, 19, 22-24.
Ha re sebelisa metheo ea Bibele ’me re etelletsa pele ho etsoa hoa thato ea Molimo, re fumana thabo e fetisisang hona joale ’me bophelo ba rōna bo fetoha bo enneng. Ha re ruise Molimo letho ka ho o sebeletsa; o re ruta ho ‘ithuisa molemo.’ (Esa. 48:17) Bibele e-ea eletsa: “Tieang matla, le se ke la sisinyeha, ’me le ’ne le eketse kamehla ho sebeletsa Morena, le ntse le tseba hobane mosebetsi oa lōna e ke ke ea e-ba oa lefeela Moreneng.”—1 Ba-Kor. 15:58.
Ka pel’a rōna Bibele e tekile tebello ea bophelo bo sa feleng phethehong haeba re bea tumelo litokisetsong tsa Jehova bakeng sa bophelo ’me re tsamaea litseleng tsa hae. Motheo oa tšepo eo o tiile; e ke ke ea fella ka masoabi; ho sebetsa tumellanong le tšepo eo ho ka tlatsa bophelo ba rōna ka molemo oa sebele le hona joale.—Joh. 3:16; Tite 1:2; 1 Pet. 2:6.
Na batho ba ne ba etselitsoe hore ba phele lilengoana feela ebe baa shoa?
Gen. 2:15-17: “Eaba Jehova Molimo o nka motho [Adama], a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela. Jehova Molimo a laela motho, a re: Ha e le lifate tsohle tsa tšimo, u tla li ja; empa ha e le sefate sa ho tseba botle le bobe, u se ke ua se ja, hobane mohla u se jang, u tla shoa.” (Mona Molimo ha o-oa bua ka lefu e le boemo bo ke keng ba qojoa, empa bo ka hlahang ka lebaka la sebe. O ne o phehella Adama hore a le qobe. Bapisa Ba-Roma 6:23.)
Gen. 2:8, 9: “Jehova Molimo a hloma tšimo Edene ka ’nģa Bochabela, ’me a bea teng motho eo a ’mōpileng. Jehova Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa, ’me har’a tšimo a melisa sefate sa bophelo.” (Ho latela Genese 3:22, 23, hoba Adama a sitoe, batho bana ba babeli ba lelekoa Edeneng e le hore ba se je litholoana tsa sefate sa bophelo. Ka hona ho bonahala eka hoja Adama o ne a ile a utloa ’Mōpi oa hae, Molimo o ne o tla qetella o mo lumelletse hore a je litholoana tsa sefate seo e le tšoantšetso ea hore o ipakile a tšoaneloa ke ho phela ka ho sa feleng. Boteng ba sefate sa bophelo Edeneng bo ne bo supa tebellong e joalo.)
Pes. 37:29: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Tšepiso ena e hlakisa hore morero oa Molimo oa mathomo ka lefatše le batho o ntse o sa fetoha.)
Bona le leqephe 217, tlas’a sehlooho se seholo “Lefu.”
Empa tabeng ea rōna kajeno, re phela ka nako e khutšoaane, hangata e sithabelitsoe ka mahlomola, morero oa bophelo ke ofe?
Ba-Roma 5:12: “Sebe se kene lefatšeng ka motho [Adama] a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, kahobane ba sitiloe bohle.” (Ke seo bohle re se futsitseng, e seng hobane e ne e le morero oa Molimo, empa ka lebaka la sebe sa Adama.) (Bona le sehlooho se seholo, “Phello e sa Qojoeng.”)
Jobo 14:1: “Motho ea tsoetsoeng ke mosali o na le matsatsi a se makae, ’me o khotše litsietsi.” (Hoo ho hlalosa bophelo ka tekanyo e khōlō tsamaisong ena ea lintho e sa phethahalang.)
Leha ho le joalo, le tlas’a maemo ana bophelo ba rōna ekaba bo putsang haholo, bo nang le seo bo se bolelang. Bona taba e maqepheng 83, 84 ka morero oa bophelo ba motho.
Na bophelo lefatšeng ke feela motheo oa ho rera hore na ke bafe ba tla ea leholimong?
Bona maqephe 224-230, tlas’a sehlooho se seholo “Leholimo.”
Na re na le moea o sa shoeng o tsoelang pele ho phela hoba ’mele oa nama o shoe?
Bona maqephe 312-317, tlas’a sehlooho se seholo “Moea (Soul).”
Ke motheong ofe mang kapa mang a ka bang le tšepo ea ho fetang bophelo ba hae ba hona joale bo bokhutšoaane?
Matt. 20:28: “Mor’a motho [Jesu Kreste], ea sa kang a tlela ho sebeletsoa, empa e le ho sebeletsa le ho neela bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata.”
Joh. 3:16: “Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.”
Ba-Heb. 5:9: “Ha a [Jesu Kreste] phethehile, o entsoe moetsi oa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang.” (Le Johanne 3:36)
Litebello tsa bophelo ba kamoso li tla fumanoa joang?
Lik. 24:15: “Ke na le tšepo ho Molimo, eo le bona ba nang le eona, ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng, ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Hona ho tla akarelletsa batho ba ileng ba sebeletsa Molimo ka bokhabane nakong e fetileng hammoho le palo e khōlō ea bao ho seng mohla ba kileng ba tseba Molimo oa ’nete ka ho lekaneng hore ba amohele kapa ba hane litsela tsa oona.)
Joh. 11:25, 26: “Jesu a re ho eena [khaitseli ea monna eo a ileng a mo tsosa kamorao ho moo hore a phele]: Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa le ka mohla o le mong. Na u lumela hona na?” (Ka hona, ntle ho tšepo ea tsoho, Jesu o na le ho hong hape hoo a ho tšoaretseng batho ba phelang ha lefatše la joale le khopo le fihla qetellong ea lona. Ba nang le tšepo ea ho ba bafo ba lefatšeng ba ’Muso oa Molimo ba lebelletse ho phonyoha, ho se mohla ba tla shoa.)
Na tseleng eo ’mele oa motho o hahehileng ka eona ho na le bopaki ba hore o etselitsoe ho phela ka ho sa feleng?
Ke ho tsebahalang hore matla a boko ba motho a feta haholo tšebeliso leha e le efe eo re bo sebelisang ho eona bophelong ba rōna hona joale, ho sa tsotellehe hore na re phela lilemo tse 70 kapa esita le tse 100. Encyclopædia Britannica e bolela hore boko ba motho “bo fuoe matla a maholo ho feta a ka sebelisoang nakong ea bophelo ba motho a le mong.” (1976, Moq. 12, leq. 998) Rasaense Carl Sagan o bolela hore boko ba motho bo ka tšoara boitsebiso bo “ka tlatsang meqolo e limillione tse mashome a mabeli, e lekanang le meqolo e ka lilaebraring tse khōlō ka ho fetisisa lefatšeng.” (Cosmos, 1980, leq. 278) Ka matla a tšebetso ea boko ba motho a ho “boloka boitsebiso,” setsebi sa lintho tse phelang Isaac Asimov o ngotse hore “bo ka jara ka ho phethahetseng boima leha e le bofe ba thuto le khopolo tseo motho a ka li kenyang ka ho bona—le ka makhetlo a billione ho feta moo.”—The New York Times Magazine, October 9, 1966, leq. 146. (Ke hobane’ng ha boko ba motho bo hlomelletsoe ka matla a makaalo haeba a ne a sa tl’o sebelisoa? Na hase ho utloahalang hore batho, ka matla a ho ithuta ka ho sa feleng, ha e le hantle ba ne ba etselitsoe ho phela ka ho sa feleng?)
Na mafatšeng a mang ho na le bophelo?
The New York Times e-ea tlaleha: “Ho batloa hoa bophelo bo bohlale libakeng tse ling tsa bokahohle . . . ho qalile lilemong tse 25 tse fetileng . . . Mosebetsi o moholohali o amang ho hlahloba linaleli tse makholo a libillione ka mechine, ha o-oa s’o fane ka bopaki bo qaqileng ba hore ho na le bophelo ka ’nģane ho Lefatše la rōna.”—July 2, 1984, leq. A1.
The Encyclopedia Americana e re: “Ha ho mafatše a mang [kantle ho mafatše a rōna a potolohang letsatsi] a seng a bonoe ka ho tiileng. Empa bakeng sa lefatše le leng le le leng le ka ’nang la e-ba teng kantle ho mafatše a potolohang letsatsi, ho na le monyetla oa hore bophelo bo qalile ba ba ba fetoha ho tsoela pele haholo.” (1977, Moq. 22, leq. 176) (Joalokaha ho bontšitsoe polelong ena, na ebe ho ka etsahala hore tšusumetso e khōlō ea phuputso e tšenyehelo e khōlō ea ho batla bophelo sepaka-pakeng se kantle ke takatso ea ho fumana bopaki bo bong bakeng sa ho paka khopolo ea ho iphetola hoa lintho, bopaki bo bong ba hore motho ha a ka a boptjoa ke Molimo, ’me kahoo ha a ikarabelle ho Oona?)
Bibele e senola hore bophelo bo lefatšeng lena hase bona bophelo feela bo teng. Ho na le batho ba moea—Molimo le mangeloi—ba matla le ba bohlale ho feta batho ka mokhoa o fetisisang. Ba se ba ’nile ba buisana le batho, ba hlalosa tšimoloho ea bophelo le hore na pheko ea mathata a tlakileng lefatše ke efe. (Bona lihlooho tse khōlō “Bibele” le “Molimo.”)