Na ka Sebele Bophelo bo sa Feleng bo Tla Hle bo be Teng?
“Mosuoe, ke lokela ho etsa molemo ofe e le hore ke fumane bophelo bo sa feleng?”—MATHEU 19:16.
1. Ho ka thoe’ng ka nako eo rōna batho re e phelang?
MORENA XERXESE I oa Persia, ea tsejoang e le Ahasueruse ka Bibeleng, o ne a hlahloba masole a hae pele ho ntoa selemong sa 480 B.C.E. (Esthere 1:1, 2) Ho latela rahistori oa Mogerike Herodotus, morena enoa o ile a lla ha a ntse a talima banna bana ba hae. Hobane’ng? Xerxese o ile a re: “Ke utloa bohloko ha ke nahana ka bokhutšoanyane ba bophelo ba motho. Hobane ho banna bana bohle, ha ho le ea mong ea tla beng a ntse a phela lilemong tse lekholo ho tloha joale.” Mohlomong le uena o hlokometse hore bophelo bo bokhutšoanyane ka tsela e utloisang bohloko le hore ha ho motho ea batlang ho tsofala, ho kula le ho shoa. Hoja feela re ne re ka thabela bophelo re e-na le matla a bocha le thabo!—Jobo 14:1, 2.
2. Ba bangata ba na le tšepo efe, hona hobane’ng?
2 Ka ho hlokomelehang, The New York Times Magazine ea la 28 September, 1997, e ne e e-na le sehlooho se reng “Ba Batla ho Phela.” E ne e qotsitse mofuputsi ea ileng a re: “Ha e le hantle ke lumela hore re ka ba moloko oa pele o phelang ka ho sa feleng”! Mohlomong le uena u lumela hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng. U ka ’na ua nahana joalo hobane Bibele e tšepisa hore re ka phela ka ho sa feleng mona lefatšeng. (Pesaleme ea 37:29; Tšenolo 21:3, 4) Empa, batho ba bang ba lumela hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng ka mabaka a mang ntle le a fumanoang ka Bibeleng. Ho hlahloba mabaka a ’maloa ho ana ho tla re thusa ho utloisisa hore bophelo bo sa feleng bo tla hle bo be teng.
Re Bōpetsoe ho Phela ka ho sa Feleng
3, 4. (a) Ke hobane’ng ha ba bang ba lumela hore re lokela ho phela ka ho sa feleng? (b) Davida o ile a re’ng ka ho bōptjoa ha hae?
3 Lebaka le leng leo ka lona ba bangata ba lumelang hore batho ba ka khona ho phela ka ho sa feleng le amana le tsela e hlollang eo re entsoeng ka eona. Ka mohlala, tsela eo re bōpiloeng ka eona ka lipōpelong tsa bo-’m’a rōna ke mohlolo oa sebele. Setsebi se hlaheletseng litabeng tsa botsofali se ngotse: “Ka mor’a hore tlhaho e etse mehlolo ea ho tloha kemolong ho ea tsoalong ho ea ho hōleng botoneng le botšehaling le bothong bo boholo, e ile ea khetha ho se qape se neng se tla bonahala eka ke tšebetso e bonolo haholoanyane e neng e tla thibela botsofali e le hore e ka tsoela pele ka mehlolo eo ka ho sa feleng.” E, ha re nahana ka mohlolo oa pōpo ea rōna, potso ea sala, Ke hobane’ng ha re e-shoa?
4 Lilemo tse likete tse fetileng mongoli oa Bibele Davida o ile a nahana ka mehlolo eona eo, le hoja a ne a ke ke a hla a bona ka har’a pōpelo joalokaha bo-rasaense ba bona kajeno. Davida o ile a nahanisisa ka ho bōptjoa ha hae ha a ne a ngola hore o ne a ‘sirelelitsoe ka mpeng ea ’m’ae.’ Ka nako eo, o ile a re ‘liphio tsa hae li entsoe.’ O ile a boela a bua ka ho etsoa ha “masapo” a hae ha a ne a “etsoa sephiring,” kamoo a ileng a hlokomela kateng. Eaba Davida o bua ka “lesea le sa tsoa emoloa” ’me a lemoha sena mabapi le lesea leo le sa tsoa emoloa ka har’a pōpelo ea ’m’a lona: “Likarolo tsohle tsa lona li ile tsa ngoloa fatše.”—Pesaleme ea 139:13-16, NW.
5. Ke mehlolo efe e amehang ho bōptjoeng ha rōna ka pōpelong?
5 Ho totobetse hore ho ne ho se na polane e ngotsoeng ka letsoho ea pōpo ea Davida ka pōpelong ea ’m’ae. Empa ha Davida a ntse a nahanisisa ka ho etsoa ha “liphio” tsa hae, “masapo,” le likarolo tse ling tsa ’mele oa hae, ho eena ho ne ho bonahala eka li entsoe ho latela polane—hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le joalokaha eka e ne e ‘ngotsoe fatše.’ Ho ne ho le joalokaha eka sele e emolisitsoeng ka har’a ’mè oa hae e ne e e-na le sebaka se seholo se tletseng libuka tse nang le litaelo tse qaqileng mabapi le tsela ea ho etsa ngoana ’me litaelo tsena tse rarahaneng li ne li fetisetsoa seleng e ’ngoe le e ’ngoe e hlahang. Kahoo, makasine ea Science World e sebelisa mokhabo-puo oa ‘sele ka ’ngoe ka har’a lesea le sa tsoa emoloa le ntseng le hōla e le e nang le pokello e feletseng ea lipolane.’
6. Ho na le bopaki bofe ba hore, joalokaha Davida a ngotse, re “entsoe ka mokhoa o hlollang”?
6 Na u se u kile ua nahana ka tšebetso ea mohlolo ea ’mele ea rōna? Setsebi sa baeloji Jared Diamond se ile sa re: “Hang ka mor’a matsatsi a seng makae lisele tse alelitseng mala a rōna li nkeloa sebaka ke tse ling, tse alelitseng senya hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse peli, ’me lisele tsa rōna tse khubelu tsona hang ka mor’a likhoeli tse ling le tse ling tse ’nè.” O ile a phetha: “Tlhaho ea re etsolla ’me e boele e re kopanye letsatsi le letsatsi.” Ha e le hantle, seo se bolela’ng? Se bolela hore ho sa tsotellehe hore mohlomong re ka phela lilemo tse kae—ebang ke tse 8, tse 80 kapa esita le tse 800—’mele ea rōna ea nama e lula e ntse e le mecha haholo. Rasaense e mong o kile a hakanya: “Ka selemo hoo e ka bang karolo ea 98 lekholong ea liathomo tse ka hare ho rōna hona joale e tla nkeloa sebaka ke liathomo tse ling tseo re li fumanang moeeng, lijong le linong.” Ka sebele, joalokaha Davida a ile a hooa, re “entsoe ka mokhoa o hlollang.”—Pesaleme ea 139:14, NW.
7. Motheong oa sebōpeho sa ’mele ea rōna ea nama, ba bang ba entse qeto efe?
7 Ho latela sebōpeho sa ’mele ea rōna ea nama, setsebi se seng litabeng tsa botsofali se itse: “Ha hoa totobala hore na ke hobane’ng ha botsofali bo lokela ho ba teng.” Ka sebele ho bonahala eka re lokela ho phela ka ho sa feleng. ’Me lena ke lebaka leo ka lona batho ba lekang ho finyella pakane ena ka theknoloji ea bona. Hase khale haholo ha Dr. Alvin Silverstein a ne a ngola ka kholiseho bukeng ea hae ea Conquest of Death: “Re tla senola bohlokoa ba bophelo. Re tla utloisisa . . . hore na motho o tsofala joang.” Ka liphello life? O ile a bolela esale pele: “Ha ho sa tla hlola ho e-ba le batho ba ‘tsofetseng,’ hobane tsebo e tla etsa hore lefu le hlōloe, e tla boela e etse hore batho ba lule ba le bacha ka ho sa feleng.” Ha ho nahanoa ka phuputso ea saense mabapi le tsela eo motho a entsoeng ka eona, na ho bonahala khopolo ea bophelo bo sa feleng e le e sa utloahaleng? Ho na le lebaka le leng le bileng le leng matla haholoanyane la ho lumela hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng.
Takatso ea ho Phela ka ho sa Feleng
8, 9. Ho pholletsa le histori batho ba ’nile ba e-ba le takatso efe ea tlhaho?
8 Na u kile ua hlokomela hore ho phela ka ho sa feleng ke takatso ea tlhaho ea motho? Ngaka e ’ngoe e ile ea ngola koranteng e ’ngoe ea Jeremane: “Mohlomong toro ea bophelo bo sa feleng e hlahile hong le motho.” Ha e hlalosa seo batho ba itseng ba Europe ea boholo-holo ba se lumelang, The New Encyclopædia Britannica e re: “Batho ba tšoanelehang ba tla phela ka ho sa feleng ntlong ea borena e botle bo khanyang e ruletsoeng ka khauta.” ’Me batho ba entse boiteko bo bokaakang ha ba leka ho khotsofatsa takatso eo ea motheo ea bophelo bo sa feleng!
9 The Encyclopedia Americana e hlokomela hore Chaena lilemong tse fetileng tse fetang 2 000, “baemphera le batho [feela ba tloaelehileng] ka ho tšoanang, tlas’a boeta-pele ba baprista ba Batao, ba ne ba hlokomoloha mosebetsi oa boipheliso e le hore ba ka batla makhona-tsohle a bophelo”—seo ho thoeng ke seliba sa bocha. Ka sebele, ho pholletsa le histori, batho ba ’nile ba lumela hore ka ho ja metsoako e itseng, kapa esita le ka ho noa metsi a itseng, ba ka lula ba le banyenyane.
10. Kajeno ho entsoe boiteko bofe ba ho lelefatsa bophelo?
10 Boiteko bo etsoang kajeno ba ho leka ho khotsofatsa takatso eo motho a bōpeletsoeng le eona ea ho phela ka ho sa feleng boa tsoteha. Mohlala o hlaheletseng ke oa ho hoamisa setopo sa motho ea bolailoeng ke boloetse. Sena se ’nile sa etsoa ka tšepo ea ho tsosolosa bophelo nakong e itseng e tlang ha pheko ea boloetse boo e fumanoe. ’Muelli oa mokhoa ona, o bitsoang cryonics, o ile a ngola: “Haeba ho bonahala hore tšepo ea rōna ea ho atleha e tiile ’me ho ithutiloe tsela ea ho tlosa tšenyo eohle kapa ho e lokisa—ho akarelletsa le mefokolo ea botsofali—joale ba ‘shoang’ hona joale, ba tla ba le bophelo bo sa feleng nakong e tlang.”
11. Ke hobane’ng ha batho ba lakatsa ho phela ka ho sa feleng?
11 U ka ’na ua botsa, Ke hobane’ng ha takatso ee ea bophelo bo sa feleng e metse ka metso hakaale monahanong oa rōna? Na ke hobane “[Molimo] a behile bosafeleng kelellong ea motho”? (Moeklesia 3:11, Revised Standard Version) Ena ke taba e lokelang ho nahanoa ka ho teba! Ak’u nahane: Ke hobane’ng ha re e-na le takatso eo re bōpeletsoeng le eona ea ho phela ka ho sa eeng kae—ka ho sa feleng—haeba e ne e se morero oa ’Mōpi oa rōna hore takatso ee e khotsofatsoe? ’Me na e ne e tla ba o bontša lerato hore a re bōpe re e-na le takatso ea ho phela ka ho sa feleng ebe o re ferekanya ka hore ho se be le mohla a re lumellang ho khotsofatsa takatso eo?—Pesaleme ea 145:16.
Re Lokela ho Tšepa Mang?
12. Ba bang ba na le tšepo efe, empa na u lumela hore e thehiloe mabakeng a utloahalang?
12 Re lokela ho beha tšepo ea rōna hokae, kapa ho eng bakeng sa ho fumana bophelo bo sa feleng? Na re lokela ho e beha theknolojing ea motho ea lekholong la bo20 kapa la bo21 la lilemo? Sehlooho sa The New York Times Magazine se reng “Ba Batla ho Phela” se ile sa bua ka “molingoana: theknoloji” le ka “ho chesehela matla ao theknoloji e nang le ’ona.” Mofuputsi e mong o bile a boleloa e le ea “kholisehileng ka thabo . . . hore mekhoa ea ho laola liphatsa tsa lefutso e tla ba teng ho sa ntse ho e-na le nako bakeng sa ho [re] thusa ka ho khina botsofali, mohlomong ka ho bo etsolla.” Leha ho le joalo, ka sebele boiteko ba batho bo ipakile bo sa atlehe ka ho feletseng ho felisa botsofali kapa ho hlōla lefu.
13. Sebōpeho sa boko ba rōna se bontša joang hore re ne re reretsoe ho phela ka ho sa feleng?
13 Na see se bolela hore ha ho na tsela ea ho fumana bophelo bo sa feleng? Ho hang ha ho joalo! E teng! Sebōpeho sa boko ba rōna bo babatsehang, ka matla a bona a ho ithuta a batlang a sa lekanyetsoa, se lokela ho re kholisa ka sena. Setsebi sa baeloji ea limolek’hule James Watson o ile a bitsa boko ba rōna “ntho e rarahaneng ka ho fetisisa eo re e fumaneng ho fihlela joale bokahohleng ba rōna.” ’Me ngaka ea boloetse ba methapo Richard Restak e itse: “Ha ho kae kapa kae bokahohleng bo tsejoang moo ho nang le ntho leha e le efe e tšoanang le bona esita le hanyenyane.” Ke hobane’ng ha re ne re ka ba le boko bo nang le matla a ho boloka le ho amohela hoo e ka bang boitsebiso bo sa lekanyetsoang le ’mele o etselitsoeng ho sebetsa ka ho sa feleng haeba re ne re sa rereloa ho phela ka ho sa feleng?
14. (a) Bangoli ba Bibele ba lebisa tlhokomelo qetong efe mabapi le bophelo ba batho? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho tšepa Molimo eseng batho?
14 Joale, re lokela ho fihlela qeto efe eo e leng eona feela e utloahalang, e thehiloeng linneteng? Na hase ea hore re entsoe le ho bōptjoa ke Moetsi ea matla ’ohle, ea bohlale e le hore re phele ka ho sa feleng? (Jobo 10:8; Pesaleme ea 36:9; 100:3; Malakia 2:10; Liketso 17:24, 25) Ka lebaka leo, na ha rea lokela hore ka bohlale re ele hloko taelo e bululetsoeng ea mopesaleme oa Bibele: “Le se ke la itšepela marena, leha e le bana ba batho ba sitoang ho pholosa motho”? Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tšepa batho? Hobane, joalokaha mopesaleme a ngotse, “phefumoloho ea bona ha e fela, ba khutlela lerōleng la bona; ka tsatsi lona leo, merero ea bona e felile.” Ka sebele, ho sa tsotellehe monyetla oa ho phela ka ho sa feleng, batho ha ba na mokhoa oa ho ithusa ha ba talimane le lefu. Mopesaleme oa phetha: “Ho lehlohonolo . . . eo tšepo ea hae e beiloeng ho Jehova, Molimo oa hae.”—Pesaleme ea 146:3-5.
Na Ehlile ke Morero oa Molimo?
15. Ke’ng se bontšang hore ke morero oa Molimo hore re phele ka ho sa feleng?
15 Empa u ka ’na ua botsa, Na ehlile ke morero oa Jehova hore re thabele bophelo bo sa feleng? E, ke oona! Lentsoe la hae le bo tšepisa ka makhetlo-khetlo. Bibele ea re tiisetsa: “Mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng.” Mohlanka oa Molimo Johanne o ile a ngola: “Ena ke eona ntho e tšepisitsoeng eo [Molimo] ka boeena a ileng a re tšepisa eona, bophelo bo sa feleng.” Ha ho makatse hore ebe mohlankana e mong o ile a botsa Jesu: “Mosuoe, ke lokela ho etsa molemo ofe e le hore ke fumane bophelo bo sa feleng?” (Baroma 6:23; 1 Johanne 2:25; Matheu 19:16) Ha e le hantle, moapostola Pauluse o ile a ngola ka “tšepo ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.”—Tite 1:2.
16. E ka ’na eaba ke ka kutloisiso efe Molimo a tšepisitseng bophelo bo sa feleng “pele ho linako tse tšoarellang halelele”?
16 Ho bolela eng hore Molimo o tšepisitse bophelo bo sa feleng “pele ho linako tse tšoarellang halelele”? Ba bang ba nahana hore moapostola Pauluse o ne a bolela hore pele banyalani ba pele, Adama le Eva, ba bōptjoa, Molimo o ne a rerile hore batho ba phele ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, haeba Pauluse o ne a bua ka nako ea ka mor’a ho bōptjoa ha batho le ha Jehova a ne a bolela morero oa hae, ho ntse ho hlakile hore thato ea Molimo e akarelletsa bophelo bo sa feleng bakeng sa batho.
17. Ke hobane’ng ha Adama le Eva ba ile ba ntšoa tšimong ea Edene, hona ke hobane’ng ha ho ile ha behoa likerubime monyako?
17 Bibele e bolela hore tšimong ea Edene, ‘Jehova Molimo o ile a melisa lefatšeng sefate sa bophelo.’ Lebaka leo ho fanoeng ka lona bakeng sa ho ntšetsa Adama ka ntle ho tšimo e ne e le hore “a se ke a isa letsoho la hae, a nka le litholoana tsa sefate sa bophelo, a li ja, ’me a phela”—e, ka ho sa feleng! Ka mor’a ho leleka Adama le Eva tšimong ea Edene, Jehova o ile a beha “likerubime ka ’nģa bochabela ho tšimo ea Edene, tse nang le lerumo le benyang le ōmang ka ’nģa tsohle, ho thiba tsela ea sefate sa bophelo.”—Genese 2:9; 3:22-24.
18. (a) Ho ja se behoang ke sefate sa bophelo ho ka be ho boletse eng ho Adama le Eva? (b) Ho ja sefateng seo ho ne ho emela eng?
18 Haeba Adama le Eva ba ne ba lumeletsoe ho ja se behoang ke sefate seo sa bophelo, hoo ho ne ho tla bolela eng ho bona? Ka sebele, tokelo ea ho phela ka ho sa feleng Paradeiseng! Setsebi se seng sa Bibele se ile sa nahana: “E tlameha ebe sefate sa bophelo se ne se e-na le matla a itseng ao ka ’ona ’mele oa motho o neng o tla lokolloa ho sohlokoeng ke botsofali kapa ho fokoleng ho fellang ka lefu.” Se ile sa ba sa bolela hore “paradeiseng litlama li ne li e-na le matla a ho loantša liphello” tsa botsofali. Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore sefate sa bophelo ka bosona se ne se e-na le matla a fanang ka bophelo. Ho e-na le hoo, sefate seo se ne se mpa se emela tiisetso ea Molimo ea bophelo bo sa feleng ho ea neng a tla lumelloa ho ja litholoana tsa sona.—Tšenolo 2:7.
Morero oa Molimo ha oa Fetoha
19. Ke hobane’ng ha Adama a ile a shoa, ’me ke hobane’ng ha le rōna, bana ba hae, re e-shoa?
19 Ha Adama a etsa sebe, o ile a lahleheloa ke tokelo ea hae ea ho phela ka ho sa feleng le ea bana bohle ba hae ba neng ba e-s’o tsoaloe. (Genese 2:17) Ha a ne a fetoha moetsalibe ka lebaka la ho se mamele ha hae, o ile a fetoha ea nang le bofokoli, ea sa phethahalang. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, ha e le hantle, ’mele oa Adama o ile oa rereloa lefu. Joalokaha Bibele e bolela, “moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Ho feta moo, bana ba Adama ba sa phethahalang le bona ba ile ba rereloa lefu, eseng bophelo bo sa feleng. Bibele ea hlalosa: “Ka motho a le mong [Adama] sebe se ile sa kena lefatšeng le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Baroma 5:12.
20. Ke’ng se bontšang hore batho ba ne ba reretsoe ho phela ka ho sa feleng lefatšeng?
20 Empa ho thoe’ng haeba Adama a ne a sa ka a etsa sebe? Ho thoe’ng haeba a ne a ile a mamela Molimo ’me a lumelloa ho ja se behoang ke sefate sa bophelo? A ka be a ile a thabela mpho ea Molimo ea bophelo bo sa feleng hokae? Leholimong? Che! Molimo ha aa ka a bua letho ka ho nkela Adama leholimong. O ne a abetsoe ho sebetsa mona lefatšeng. Bibele ea hlalosa, “Jehova Molimo a melisa lefatšeng lifate tsohle tse khahlisang mahlo, tse monate ha li jeoa,” ’me e re: “Eaba Jehova Molimo o nka motho, a ’mea tšimong ea Edene, ho e lema le ho e lebela.” (Genese 2:9, 15) Ka mor’a hore Eva a bōptjoe e le molekane oa Adama, ba babeli bana ba ile ba fuoa mosebetsi o eketsehileng mona lefatšeng. Molimo o ile a ba bolella: “Ngatafalang, le ate, le tlale lefatšeng, le rene holim’a lona ’me le buse lihlapi tsa leoatle, le tse rurang tsa maholimo, le tsohle tse phelang, tse hababang lefatšeng.”—Genese 1:28.
21. Batho ba pele ba ne ba e-na le litebello life tse hlollang?
21 Nahana ka litebello tse hlollang tsa lefatšeng tseo litaelo tseo tse tsoang ho Molimo li ileng tsa li bulela Adama le Eva! E ne e le tsa ho hōlisa bara le barali ba phelang hantle ka ho feletseng Paradeiseng ea lefatšeng. Ha bana ba bona ba ratoang ba ntse ba hōla, ba ne ba tla kopanela le bona ho beng le bana le ho etseng mosebetsi o thabisang tšimong oa ho hlokomela Paradeise eo. Ha liphoofolo tsohle li ikokobelletsa bona, batho ba ne ba tla khotsofala haholo. Nahana ka thabo ea ho atolosa meeli ea tšimo ea Edene e le hore qetellong lefatše lohle e be paradeise! Na u ne u tla thabela bophelo u e-na le bana ba phethahetseng lehaeng le joalo le letle, u sa amehe ka ho tsofala le ho shoa? Lumella tšekamelo ea tlhaho ea pelo ea hao hore e arabe potso eo.
22. Ke hobane’ng ha re ka tiiseha hore Molimo ha aa ka a fetola morero oa hae ka lefatše?
22 Joale, ha Adama le Eva ba sa mamele ’me ba lelekeloa ka ntle ho tšimo ea Edene, na Molimo o ile a fetola morero oa hae oa hore batho ba phele ka ho sa feleng lefatšeng la Paradeise? Le hanyenyane! Ha Molimo a ne a ka etsa joalo, e ne e tla ba ho lumela hore o hlōtsoe, ha a na matla a ho phethahatsa morero oa hae oa tšimolohong. Re ka tiiseha hore Molimo o phethahatsa seo a se tšepisang, joalokaha eena ka boeena a bolela: “Ho lutse joalo le lentsoe la ka le tsoang molomong oa ka: le ke ke la khutlela ho ’na le le feela, empa le tla sebetsa se ratoang ke ’na, le phethe seo ke le rometseng sona.”—Esaia 55:11.
23. (a) Ke’ng se boelang se tiisa hore ke morero oa Molimo hore ba sekametseng ho lokeng ba phele ka ho sa feleng lefatšeng? (b) Ke sefe se latelang seo re tla se hlahloba?
23 Bibele e hlakisa hore morero oa Molimo ka lefatše ha o e-s’o fetohe, moo Molimo a tšepisang: “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” Esita le Jesu Kreste, Thutong ea hae ea Thabeng o ile a re ba maikutlo a bonolo ba tla rua lefatše. (Pesaleme ea 37:29; Matheu 5:5) Empa, re ka fumana bophelo bo sa feleng joang, ’me re lokela ho etsa eng e le hore re thabele bophelo bo joalo? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
U ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke hobane’ng ha ba bangata ba lumela hore bophelo bo sa feleng bo tla ba teng?
◻ Ke’ng se lokelang ho re kholisa hore re ne re reretsoe ho phela ka ho sa feleng?
◻ Morero oa Molimo oa tšimolohong e ne e le ofe ka batho le lefatše?
◻ Ke hobane’ng ha re ka tiiseha hore Molimo o tla phethahatsa morero oa hae oa tšimolohong?