Na Molimo o se a Ntse a Rerile Qetello ea Rōna Esale Pele?
“MATHATA a mangata-ngata a inahaneloang a ne a tla qojoa haeba poleloana eo hangata e sa utloisisoeng ea ho rereloa qetello esale pele e ne e sa sebelisoe ho hang.” U ka ’na ua ipotsa hore na ke hobane’ng haeba u kile ua sebelisa poleloana “ho rereloa qetello esale pele” kapa ua e utloa ha e sebelisoa.
Ho ea ka encyclopedia ea morao tjena ea K’hatholike ea Sefora e bitsoang Théo, re etsa hantle ha re sa sebelise poleloana “ho rereloa qetello esale pele.” Buka e ’ngoe ea hlalosa: “Kajeno, ho rereloa qetello esale pele ha e sa le taba ea mantlha liphehisanong tsa thuto ea bolumeli, ho bonahala ho le joalo esita le ho Maprostanta a mangata.”
Leha ho le joalo, taba ea ho rereloa qetello esale pele e ferekantse batho ba bangata ho pholletsa le histori. E ne e le taba ea mantlha tsekisanong e ileng ea hlahisa Phetohelo Khahlanong le Bok’hatholike, hape esita le ka har’a Kereke e K’hatholike, e ne e le sehlooho sa lipuisano tse mabifi ka makholo a lilemo. Le hoja kajeno ho sa phehisanoe ka eona hakaalo, e ntse e lutse e le bothata. Ke mang ea neng a ke ke a rata ho tseba hore na qetello ea hae e ile ea reroa esale pele?
Ho Rereloa Qetello Esale Pele—Se Boleloang ke Poleloana Eo
Poleloana “ho rereloa qetello esale pele” e bolela’ng likerekeng? Dictionnaire de théologie catholique e e talima e le “morero oa bomolimo oa ho lebisa batho ba itseng, ba qolotsoeng ka mabitso, bophelong bo sa feleng.” Ka kakaretso ho nahanoa hore bakhethoa, “ba qolotsoeng ka mabitso,” ke bona ba boleloang ke moapostola Pauluse lengolong le eang ho Ba-Roma, ka mantsoe a latelang: “Molimo o sebetsa se molemo ka ba mo ratang, ba bitsoang ho ea ka morero oa hae. Hobane bao a ba tsebileng esale pele o boetse o ba reretse esale pele hore ba lumellangoe le setšoantšo sa Mor’a hae . . . ’Me bao a rerileng qetello ea bona esale pele o boetse o ba bitsitse; ’me bao a ba bitsitseng o boetse o ba lokafalitse; ’me bao a ba lokafalitseng o boetse o ba tlotlisitse.”—Ba-Roma 8:28-30, Revised Standard Version.
Esita le pele ba tsoaloa, ho nahanoa hore batho ba bang ba khethiloe ke Molimo ka morero oa hore ba kopanele khanyeng ea Kreste maholimong. Sena se lebisa potsong eo ho ’nileng ha phehisanoa ka eona ka nako e telele: Na Molimo ka ho ithatela o ikhethela bao a batlang ho ba boloka, kapa na batho ba na le bolokolohi ba ho ikhethela le karolo eo ba lokelang ho e phetha e le hore ba fumane kamohelo ea Molimo le ho e boloka?
Augustine, Mothehi oa ho Rereloa Qetello Esale Pele
Le hoja qalong Bo-ntate ba bang ba Kereke ba ne ba se ntse ba ngotse ka ho rereloa qetello esale pele, ka kakaretso Augustine (354-430 C.E.) o talingoa a ile a rala metheo ea thuto eo bakeng sa kereke ea K’hatholike hammoho le ea Boprostanta. Ho ea ka Augustine, ho tloha nakong e sa tsejoeng, batho ba lokileng ba ne ba se ntse ba reretsoe esale pele ke Molimo hore ba amohele mahlohonolo a ka ho sa feleng. Ka lehlakoreng le leng, ba sa lokang, le hoja Molimo a sa ba rerela qetello esale pele ka moelelo o tobileng oa poleloana eo, ba lokela ho amohela kotlo e ba loketseng bakeng sa libe tsa bona, e leng kahlolo. Tlhaloso ea Augustine e ile ea siea monyetla o monyenyane bakeng sa bolokolohi ba ho ikhethela, ka hona ea bula tsela bakeng sa liphehisano tse ngata.
Majalefa a Augustine
Mehleng e Bohareng, kamehla ho ne ho hlahella phehisano mabapi le ho rereloa qetello esale pele le bolokolohi ba ho ikhethela, ’me phehisano eo e ile ea fihla moo ho hlokehang hore ho nkoe bohato nakong ea Phetohelo Khahlanong le Bok’hatholike. Luther o ne a lumela hore ho rereloa ha motho ka mong qetello esale pele ke boikhethelo ba Molimo, ka ntle le hore A bone esale pele litšoaneleho kapa mesebetsi e metle ea ka moso ea ba khethiloeng. Calvin o ile a fihlela qeto e feteletseng haholoanyane ka khopolo ea hae ea ho rereloa qetello esale pele ho habeli: Ba bang ba rereloa poloko ea ka ho sa feleng esale pele, ’me ba bang ba rereloa kahlolo ea ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, Calvin le eena o ne a ntse a talima khetho ea Molimo e le ea boithatelo, esita le e sa utloisiseheng.
Taba ea ho rereloa qetello esale pele le taba e amanang le eona haufi-ufi ea “mohau”—lentsoe le sebelisoang ke likereke ho khetholla ketso eo ka eona Molimo a bolokang batho le ho ba bolela ba lokile—li ile tsa fetoha tse khōlō hoo ka 1611 Lekhotla la Mopapa oa K’hatholike le ileng la thibela hore ntho leha e le efe e buang ka ho rereloa qetello esale pele e se hatisoe ntle ho tumello ea lona. Ka hare ho Kereke e K’hatholike, lithuto tsa Augustine li ile tsa tšehetsoa ka matla ke Majansen a Fora a lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo. A ile a buella mofuta o thata le o phahameng oa Bokreste a bile a na le balateli har’a batho ba tšehetsang puso ea batho ba molemo. Leha ho le joalo, phehisano ka taba ena ha ea ka ea kokobela. Morena Louis XIV o ile a laela hore ho senngoe ntlo ea baitlami ea Port-Royal, e leng moo khopolo ea Jansen e ileng ea qaleha.
Ka hare ho likereke tsa Boprostanta tsa Phetohelo Khahlanong le Bok’hatholike, puisano e ne e le hōle haholo le ho fela. Hammoho le lihlopha tse ling tsa bolumeli, Maremonstranta a ileng a latela Jacobus Arminius, a ne a lumela hore motho o na le karolo eo a e phethang bakeng sa poloko ea hae. Sinoto ea Maprostanta ea Dordrecht (1618-19) e ile ea rarolla phehisano eo ka nakoana ha e ne e amohela mokhoa o tobileng oa boorthodox oa Calvin. Ho ea ka buka L’Aventure de la Réforme—Le monde de Jean Calvin, Jeremane khang ena e mabapi le ho rereloa qetello esale pele le bolokolohi ba ho ikhethela e ile ea qalisa nako e telele ea “boiteko bo sa atleheng ba tumellano, hammoho le litlhekefetso, ho koalloa teronkong, le ho thibeloa ha baruti ba thuto ea bolumeli.”
Ho Rereloa Qetello Esale Pele Kapa Bolokolohi ba ho Ikhethela?
Ho tloha qalong, likhopolo tsena tse peli tse hanyetsanang ka ho feletseng, ho rereloa qetello esale pele le bolokolohi ba ho ikhethela, li ile tsa tsosa likhohlano tse ngata tse mabifi. Augustine ka boeena o ne a ile a sitoa ho hlalosa ho se lumellane hona. Calvin le eena o ile a ho talima e le pontšo ea thato ea Molimo e sa seheloang meeli ’me ka hona e le ho ke keng ha hlaloseha.
Empa na ho senola ha Bibele litšoaneleho tsa Molimo le botho ba hae ha ho re thuse ho utloisisa litaba tsee ka mokhoa o hlakileng haholoanyane? Sehlooho se latelang se tla hlahloba lintlha tsena ka mokhoa o qaqileng.
[Litšoantšo tse leqepheng la 4]
Calvin
Luther
Jansen
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Pictures: Bibliothèque Nationale, Paris