-
Molimo ke Mang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae, u be u le sebelise
U ka tseba joang hore Jehova o batla hore u tsebe lebitso la hae? Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
U nahana hore ke hobane’ng ha Jehova a batla hore batho ba tsebe lebitso la hae?
Jehova o batla hore batho ba sebelise lebitso la hae. Bala Baroma 10:13 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na ho bohlokoa hore u sebelise lebitso la Molimo, e leng Jehova?
U ikutloa joang ha motho e mong a hopola lebitso la hao, a bile a le sebelisa?
U nahana hore Jehova o ikutloa joang ha u sebelisa lebitso la hae?
-
-
Malumeli a Bohata a Sentse Molimo Lebitso Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
1. Lithuto tsa malumeli a bohata li senya Molimo lebitso joang?
Malumeli a bohata a “fapanyetsa ’nete ea Molimo ka leshano.” (Baroma 1:25) Ka mohlala, malumeli a mangata ha a rute balateli ba ’ona lebitso la Molimo. Leha ho le joalo, Bibele eona e re lebitso la Molimo le lokela ho sebelisoa. (Baroma 10:13, 14) Baruti ba bang ba ruta hore ha re hlaheloa ke lintho tse bohloko ke thato ea Molimo. Taba ena ke leshano. Ha ho mohla Molimo a bakang bokhopo. (Bala Jakobo 1:13.) Ka masoabi, mashano ana a rutoang ke malumeli a entse hore ho be thata hore batho ba rate Molimo.
-