Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “Lentsoe la Bona le Utloahetse Lefatšeng Lohle”
    Molula-Qhooa—1989 | January 1
    • HO PESALEME ea 19, Davida o boka khanya ea pōpo a bonahalang ea Molimo ’me o tsoela pele ho bontša kananelo e mofuthu bakeng sa molao, likhopotso, litaelo, melao, le likahlolo tsa Jehova. Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša kananelo bakeng sa lintho tsena. O ile a qotsa pesalemeng ena ’me a atolosetsa tšebeliso ea eona mosebetsing o moholo oa Bakreste ba ’nete. Ha a bua ka bona o itse: “Lentsoe la bona le utloahetse lefatšeng lohle, ’me lipolelo tsa bona li fihlile pheletsong ea lona.”—Ba-Roma 10:18, TLP.

      “Lipolelo” tsena li ka bolela lefu kapa bophelo ho batho bohle kajeno, hobane likahlolo tsa Jehova li haufi le ho phethahatsoa holim’a tsamaiso e khopo ea lintho lefatšeng. (Sofonia 2:2, 3; 3:8) Ka sebele batho ba hloka ho tsebisoa litaba tse molemo tsa’Muso oa Jehova. Hohle moo u ka talimang teng kajeno, ho na le karohano, ho hloka molao, tlōlo ea molao, boitšoaro bo bobe, ho qhalana ha malapa. E, ho buuoa ka khotso, empa mebuso e meholo e ntse e tsoela pele ho haha libetsa tse rarahaneng haholoanyane ho feta leha e le neng pele, ha palo ea lichaba ka bonngoe tse kenelang ‘mokhatlo oa ho haha libetsa tsa nuclear’ e ntse e atolohela ho lichaba tse ngata haholoanyane. Maemo holim’a lefatše ka ho hlakileng a tšoanela ‘mehla ea qetello’ eo Pauluse a e hlalositseng ho 2 Timothea 3:1-5.

  • “Lentsoe la Bona le Utloahetse Lefatšeng Lohle”
    Molula-Qhooa—1989 | January 1
    • Ka thabo, Jehova o romile Lipaki tsa hae ho bolella batho hore ’Muso oa Molimo o atametse le hore o tla bolela ho pholohela bophelong bo sa feleng ho bao ba tsebang Molimo le Mora oa oona, Jesu Kreste. (Esaia 43:10, 12; Luka 21:25, 26, 31; Johanne 17:3) Litaba tsena tse molemo li boleloa “lefatšeng lohle.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela