Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
“KE KA masene motho a futuhang,” ho tlaleha Liproverbia 24:6. Masene, e seng feela merero e metle, a hlokeha ho hlōla ntoa. Ka sebele, haeba u tepelletse maikutlong, ha u batle ho mpefatsa boemo ba hao u sa elelloe. Ka mohlala, tlhahlobo ea 1984 ka batho ba tepeletseng maikutlong e senotse hore ba bang ba lekile ho mamella ho tepella ha bona ka ‘ho ntšetsa malokobe ho ba bang, ho fokotsa ho khathala kelello ka ho noa haholo, ho ja haholo, le ho noa lithethefatsi tse ngata tse felisang ho khathala kelellong.’ Liphello: “ho tepella ho eketsehileng le matšoao a ho kula ’meleng.”
Batho ba bang ba tepeletseng maikutlong ba hlōleha ho batla masene ka baka la tšabo ea bona ea ho nkoa ba fokola kelellong. Leha ho le joalo, ho tepella ho kotsi maikutlong hase letšoao la ho fokola kelellong kapa moeeng. Patlisiso e bontša hore bohloko ba kelello bo hlaha haeba k’hemikale e itseng e sa sebetse hantle bokong. Kaha ho kula ’meleng ho ka bakela sena, haeba u ile ua tepella haholo maikutlong ka nako e fetang libeke tse peli, u eletsoa ho bona ngaka. Haeba ho se letho le phoso ’meleng, hangata lefu la ho tepella le ka felisoa ka ho lokisa mohopolo oa hao le ka thuso ea meriana e nepahetseng kapa lijo.a Ho hlōla ntoa ea ho tepella maikutlong ha ho bolele hore u ke ke ua kula hape. Masoabi ke karolo ea bophelo. Leha ho le joalo, haeba u loana ka tsela e masene u tla thuseha ho loantša ho tepella.
Hangata ngaka e tla u laela ho noa meriana e felisang ho tepella maikutlong. Lithethefatsi tsena li etselitsoe ho felisa ho se lekalekane ha lik’hemikale. Elizabeth, ea boletsoeng pejana, o ile a li sebelisa, ’me ka libeke maikutlo a hae a qalisa ho ntlafala. “Ho ntse ho le joalo, ke ile ka tlameha ho hlaolela boikutlo bo nepahetseng ha ke ntse ke noa lithethefatsi tsena. Ka ‘matla’ a tsoang merianeng, ke ne ke ikemiselitse ho fola. Hape ke ne ke bolokile lenaneo la kamehla la boikoetliso ba ’mele.”
Leha ho le joalo, tšebeliso ea meriana e felisang ho tepella maikutlong ha se kamehla e atlehang. E meng e na le liphello tse kotsi. ’Me ekasita leha tšebetso ea lik’hemikale e lokisitsoe, haeba monahano o sa fetoloe, ho tepella maikutlong ho ka khutla. Leha ho le joalo, u ka fola hamolemonyana ka ho ikemisetsa ho . . .
Ntša Maikutlo a Hao
Sarah o ne a hloname haholo ka baka la ho jara boikarabelo ba lelapa a le mong. (Bona leqephe 21.) “Empa ke ne ke hatelletse maikutlo a ka ka hare. Bosiu bo bong ha ke ikutloa ke hloka tšepo joalo, ka letsetsa khaitseli ea ka, ’me ka lekhetlo la pele bophelong ba ka, ka qala ho mo phetlela sefuba sa ka. Hona ho bile bohlokoa, ka hobane ho letsa thelefone ho ile ha nkhatholla.”
Kahoo, haeba u tepelletse maikutlong, batla motho ea nang le kutloelo-bohloko eo u ka mo phetlelang sefuba. E ka ba molekane oa lenyalo, motsoalle ea haufi-ufi, mong ka uena, mosebetsi-’moho , ngaka, kapa moeletsi ea koetlisitsoeng. Ntho e ’ngoe e hlokehang ho hlōla ho tepella maikutlong, ho ea ka tlhahlobo e tlalehiloeng ho Journal of Marriage and the Family, ke “ho ba le mothusi ea tšehetsang eo u ka kopanelang le eena mahlomoleng a hao a bophelo.”
Ho ntša maikutlo a hao ke mokhoa o folisang le o thibelang kelello ea hao ho leka ho latola ’nete ea bothata kapa tahlehelo, empa boikutlo bo fapaneng bo tla siea bothata bo le joalo. Empa ntša boikutlo ba sebele. U se lumelle boikhohomoso ba bohata, ho batla ho shebahala u sa utloa bohloko, bo u thibele ho etsa joalo. “Masoabi a fifatsa pelo ea motho; empa puo e molemo ea e thabisa,” ho tlaleha Liproverbia 12:25. Leha ho le joalo, ke feela ka ho ntša se sefubeng ba bang ba ka qalang ho utloisisa “masoabi” a hao ’me ka baka leo ba fana ka khothatso e “molemo.”
“Ke ne ke batla feela ho utloeloa bohloko ha ke ne ke letsetsa khaitseli ea ka, empa ka fumana ho eketsehileng,” ho hopola Sarah. “O nthusitse ho bona moo monahano oa ka o fositseng teng. O mpoleletse hore ke ne ke itjarisitse boikarabelo bo bongata haholo. Pele ke ne ke sa batle ho utloa sena, ha ke qala ho sebelisa keletso ea hae, ka utloa mojaro o boima o qala ho tloha.” Mantsoe a Liproverbia 27:9 ke ’nete hakaakang: “Oli le tse nkhang hamonate li thabisa pelo, ho joalo keletso e tsoang pelong ea motsoalle ea mosa.”
Ho monate ho ba le motsoalle kapa molekane ea buang ka ho toba ’me a u thusa ho bona lintho ka leihlo le nepahetseng. Sena se tla u thusa ho sebetsana le bothata bo le bong ka nako. Kahoo ho e-na le ho leka ho itšireletsa, ananela “masene” a joalo. U ka hloka e mong eo, kamor’a lipuisano tse seng kae, a ka u beelang lipheo tsa nako e khutšoane tse tla u bontša mehato eo u ka e nkang ho fetola kapa ho ntlafatsa boemo ba hao e le hore u ka fokotsa kapa ho felisa mohloli oa ho tepella kelellong.b
Ho loantša ho tepella maikutlong hangata ho hloka ho loantša maikutlo a ho felloa ke ho itšepa. Ke joang maikutlo ana a ka loantšoang ka masene?
Ho Loantša ho Felloa ke ho Itšepa
Ka mohlala, Maria, joalokaha sehlooho se ka pele se bontšitse, o ile a tepelletsoa ke khohlano lelapeng labo. Eaba o fihla qetong ena: ‘Ke motho e mobe haholo ’me ha ke khone ho etsa letho le nepahetseng.’ Boikutlo boo bo ne bo fosahetse. Haeba feela a ile a hlahloba liqeto tsa hae, a ka be a ile a loantša hona ka ho nahana: ‘Ke etsa lintho tse ling ka mokhoa o nepahetseng ’me tse ling ka o fosahetseng, joaloka batho ba bang. Ke entse liphoso tse seng kae, ’me ke lokela ho sebeletsa ho nahanela haholoanyane, empa ke se feteletse liphoso ka ho sa hlokahaleng.’ Ho nahana joalo ho ne ho tla mo siea a ntse a itšepa.
Hangata lentsoe le ka hare ho rōna le re nģosang ka ho fetisisa le fositse! Mefuta e meng ea menahano e mebe e tsoalang ho tepella maikutlong e thathamisitsoe lebokosong le bapileng. Ithute ho hlokomela menahano e fosahetseng joalo le ho lekanya bonnete ba eona.
Mohlaseluoa e mong ea neng a feletsoe ke matla a ho itšepa ke Jean, motsoali ea lilemo li 37 ea hōlisang bana a le mong. “Ke ne ke khathetse kelellong ke ho hōlisa bashemane ba babeli. Empa ha ke bona batsoali ba bang ba hōlisang bana ba le bang ba nyaloa, ka nahana, ‘Ho tlameha e be ho na le ho hong ho fosahetseng ka ’na.’ Ka ho nahana feela ka lintho tse mpe, boikutlo bona ba hōla, ’me ka qetella ke robalitsoe sepetlele ka baka la ho tepella maikutlong.”
“Kamor’a ho tsoa sepetlele,” Jean o tsoela pele, “ka bala Awake! ea September 8, 1981, e thathamisang ‘Mehopolo e ka Sekamisetsang Motho Maikutlong a Tepeletseng.’ Bosiu bo bong le bo bong ke ne ke bala lethathama leo. E meng ea menahano ea ka e mebe e ne e le ena, ‘Hore na ke motho oa bohlokoa kapa che ho itšetlehile ka hore ba bang ba nahana eng ka ’na,’ ‘Ha kea lokela ho utloa bohloko le ka mohla; kamehla ke lokela ho thaba le ho hlasimoloha,’ ‘Ke lokela ho ba motsoali ea phethahetseng.’ Ke ne ke inka ke phethahetse, ka hona ha feela ke qala ho tleloa ke monahano oo, ke ne ke rapela Jehova hore a nthuse ke khaotse ho nahana joalo. Ka ithuta hore ho nahana lintho tse mpe feela ho felisa boikutlo ba ho itšepa, hobane mahlo a hao a bona feela mathata a bophelo ba hao e seng molemo oo Molimo o u fileng ’ona. Ka ho iqobella ho qoba menahano e itseng e fosahetseng, ka hlōla ho tepela maikutlong.” Na menahano e meng ea hao e hloka ho loantšoa kapa ho haneloa?
Na ke Phoso ea Ka?
Leha Alexander a ne a tepelletse haholo maikutlong, o ne a khona ho ruta sehlopha sa bana sekolong. (Bona leqephe 17.) Ha ba bang ba barutoana ba hae ba hlōleha tlhahlobong e bohlokoa haholo ea ho bala, o ne a batla ho ipolaea. “O ne a nahana hore o hlōlehile,” ho tlalehile Esther mosali oa hae. “Ke ’moleletse hore hase phoso ea hae. U ke ke ua atleha ka ho phethahetseng.” Leha ho le joalo, boikutlo ba hae ba ho hana ho hlōleha ba koala kelello ea hae ’me a ipolaea. Hangata ho ipea molato haholo ho bakoa ke ho itjarisa boikarabelo boo e seng ba sebele ka lebaka la boitšoaro ba batho ba bang.
Ekasita le tabeng ea ngoana, motsoali a ka susumetsa bophelo ba ngoana haholo empa e seng ho bo laola ka ho feletseng. Haeba ho ena le ntho e sa tsamaeeng hantle kamoo u neng u rerile kateng, ipotse: Na ke ka baka la ketsahalo e sa lebelloang e ka holimo ho matla a ka? (Moeklesia 9:11, NW) Na ka ho loketseng ke entse ka hohle kamoo nka khonang ho ea ka matla a ka a ’mele, kelello, le maikutlo? Na litebello tsa ka li ne li phahame haholo? Na ke lokela ho ithuta haholoanyane ho lekanyetsa lintho?—Ba-Filippi 4:5, NW.
Empa ho thoe’ng haeba u entse phoso e tebileng, ’me e le phoso ea hao? Na ho tsoela pele u utloisa kelello ea hao bohloko ho tla fetola phoso eo? Na Molimo ha oa ikemisetsa ho u tšoarela “haholo” haeba u baka ka ’nete? (Esaia 55:7) Haeba Molimo ‘o sa u tsekise ka mehla,’ na u lokela ho ikahlolela bophelo ba hao bohle u ikutloela bohloko kelellong ka liphoso tse joalo? (Pesaleme ea 103:8-14) E seng masoabi a sa feleng empa ho nka mehato e nepahetseng ho ‘lokisa phoso’ ke ho tla thabisa Jehova Molimo ’me hape ho tla felisa ho tepella ha hao.—2 Ba-Korinthe 7:8-11.
‘Lebala Lintho Tse Fetileng’
Mohlomong mathata a mang a boikutlo ba rōna a qalile nakong e fetileng, haholo haeba re ne re tšoeroe hampe. Ikemisetse ho tšoarela le ho lebala. ‘Ho lebala ha ho bonolo!’ u ka nahana joalo. Ke ’nete, empa ho molemo ho ena le ho senya bophelo ba hao bohle ka ho nahana ka lintho tse ke keng tsa etsolloa.
“Ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse ka pele,” ho ngotse moapostola Pauluse. “Ke titimela moo ho lekantsoeng teng, e leng pheo.” (Ba-Filippi 3:13, 14) Pauluse ha a ka a nahana feela ka tsela e fosahetseng eo a ileng a e phehella bolumeling ba Sejode, ho kopanyelletsa le ho amohela mesebetsi ea polao. (Liketso 8:1) Che, o ne a sebeletsa ka matla ’ohle ho tšoaneleha moputso oa kamoso oa bophelo bo sa feleng. Maria le eena o ithutile ho khaotsa ho nahana feela ka lintho tse fetileng. Ka nako e ’ngoe o ile a bea ’m’ae molato ka tsela eo a mo hōlisitseng ka eona. ’M’ae o ne a mo rorisa haholo kamoo ’mele oa hae o leng motle kateng, ka lebaka leo, Maria a fetoha ea inahanang a phethahetse le ho ba mōna ka botle ba khaitseli ea hae.
“Mōna ea eba motso oa likhohlano, empa ka ba nģosa ka tsela eo ke neng ke itšoere ka eona. Joale ha fihla moo ke ileng ka nahana, ‘Hantle-ntle, ho etsa phapano efe ho tseba hore na ke phoso ea mang?’ Mohlomong ke na le mekhoa e mebe ka lebaka la tsela eo ’Mè a nkholisitseng ka eona, empa taba ea bohlokoa ke ho etsa ho hong ka eona! U se tsoele pele ho itšoara ka tsela eo.” Tlhokomelo ena e thusitse Maria ho etsa litokiso tse hlokehang tsa kelello ho hlōla ntoa ea ho tepella maikutlong.—Liproverbia 14:30.
Bohlokoa ba Hao ba Sebele
Haeba ho hlahlojoa mabaka ’ohle a boletsoeng, ho loantša ho tepella maikutlong ka katleho ho hloka ho ba le pono e tsitsitseng ka ho ba bohlokoa ha hao. “Ke ne ke tla re ho e mong le e mong oa lona,” ho ngotse moapotola Pauluse, “a se ke a itekanya ka holimo ho bohlokoa ba hae ba sebele, empa ka ho itekanya hantle.” (Ba-Roma 12:3, Charles B. Williams) Boikhohomoso ba bohata, ho hlokomoloha litekanyetso tsa rōna, le ho inka re phethahetse, kaofela ke ho itekanya ho feteletseng. Litšekamelo tsena li lokela ho haneloa. Leha ho le joalo, qoba ho fetela lehlakoreng le leng.
Jesu Kreste o hatisitse bohlokoa ba morutuoa ka mong oa hae ka hore: “Lirobele tse hlano hleka ha li rekoe ka peni tse peli na? Leha ho le joalo, Molimo ha o lebale le se seng sa tsona. Esita le qoba tsa moriri oa lihloho tsa lōna li baliloe kaofela. Se tšabeng ke hona; le fetisa lirobele tse ngata.” (Luka 12:6, 7) Re ba bohlokoa bo joalo ho Molimo hoo o hlokomelang ekasitana le nthoana e nyenyane ka rōna. O tseba lintho tse itseng ka rōna tseo re sa li tsebeng hobane o tsotella ka ho tebileng ka e mong le e mong oa rōna.—1 Petrose 5:7.
Ka hobane Sarah a hlokomela kamoo Molimo o nang le thahasello ea botho kateng a qala hōlisa boikutlo ba hae ba ho ba bohlokoa. “Kamehla ke ne ke ikutloa ke tšaba ’Mōpi, empa kapelenyana ka hlokomela hore o ne a ntsotella joaloka motho. Ho sa tsotellehe hore na bana ba ka ba etsa eng, monna oa ka o etsa eng, kamoo ’mè le ntate ba nkholisitseng kateng, ke hlokometse hore ke na le botsoalle ba botho le Jehova. Eaba ho itšepa ha ka ho qalisa ho hōla.”
Kaha Molimo o nka bahlanka ba oona ba le bohlokoa, ha hoa itšetleha ka kamohelo ea batho ba bang ho tseba haeba re le bohlokoa. Ke ’nete hore ho bohloko ho se amoheloe ke ba bang. Empa haeba re sebelisa ho amoheloa kapa ho se amoheloe ke batho ba bang e le thapo eo re lekanyang bohlokoa ba rōna, re ipepesetsa boikutlong ba ho tepella. Morena Davida, monna ea neng a ratoa ke Molimo, ka nako e ’ngoe o ile a bitsoa “monna ea nang le molemo oa lefeela,” ho bolelang, “monna ea se nang bohlokoa ba letho.” Leha ho le joalo, Davida o ile a elelloa hore monyatsi eo o ne a na le bothata, ’me ha a ka a nka tlhaloso ena e le kahlolo ea ho qetela ea bohlokoa ba hae. Joalokaha batho ba etsa, hamorao Shimei a kōpa tšoarelo. Ekasita le haeba e mong a u nyatsa ka ho loketseng, talima ho nyatsa hoo ho tobisitsoe nthong eo u e entseng, e seng tšobotsing ea hao ea ho ba bohlokoa.—2 Samuele 16:7; 19:18, 19.
Ho ithuta ha Sarah Bibele le libuka tse theiloeng Bibeleng le ho ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova ho mo thusitse ho rala motheo bakeng sa kamano le Molimo. “Empa boikutlo ba ka bo fetohileng ka thapelo e bile thuso e khōlōhali,” ho hopola Sarah. “Ke ne ke tloaetse ho nahana hore re rapela Molimo feela ka lintho tse khōlō ’me ha rea lokela ho mo khathatsa ka mathata a manyenyane. Hona joale ke ikutloa hore nka bua le oona ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Haeba ke tšaba ho etsa qeto e itseng, ke mo kōpa hore a nthuse hore ke be le boikutlo bo khutsitseng le ho se feteletse lintho. Ke atamela haufi haholo ha ke bona a arabela lithapelo tsa ka le ho nthusa ho feta letsatsi ka leng le maemo a lekang.”—1 Johanne 5:14; Ba-Filippi 4:7.
Ho kholiseha hore Molimo oa u tsotella, o utloisisa likhaello tsa hao, ’me o tla u fa matla a ho sebetsana le mathata a letsatsi ka leng ke senotlolo ntoeng ea ho tepella maikutlong. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, ho sa tsotellehe seo u se etsang, ho tepella maikutlong ho a sala.
Ho Mamella ka ‘Hora le Hora’
“Ke lekile ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho kopanyelletsa le lijo tse phepo e ntle le meriana e felisang ho tepella maikutlong,” ho boletse Eileen ’mè ea lilemo li 47 ea ileng a loana le ho tepella ho sekhahla ha maikutlo ka lilemo. “Ke ithutile ho lokisa ho nahana ho fosahetseng, ’me sena se nthusitse ho ba motho ea bontšang kahlolo e sa feteletseng. Empa ho tepella maikutlong ho lula ho ntse ho le teng.”
Hobane feela ho tepella maikutlong ho phehella ha ho bolele hore joale u ho loantše ka booatla. Lingaka ha li tsebe likarabo tsohle tsa ho phekola lefu lena. Maemong a mang ho tepella maikutlong ke liphello tse kotsi tsa meriana e meng eo re e noelang ho phekola lefu le leng. Ka lebaka leo, tšebeliso ea meriana e joalo e ka ba tefiso ea molemo o fumanoang ha ho phekoloa lefu le leng la ’mele.
Ho hlakile hore ho phetlela e mong maikutlo a hao hoa thusa. Leha ho le joalo, ha ho motho e mong ea tsebang botebo ba bohloko ba hao. Leha ho le joalo, Molimo oa tseba ’me o tla u thusa. “Jehova o ’matlafalitse hore ke ’ne ke leke. Ha a ka a ntlohela hore ke tepelle, o ’neile tšepo,” ho boletse Eileen.
Ka thuso ea Molimo, tšehetso ea maikutlo ho tsoa ho ba bang, le boiteko ba hao, u ke ke ua hlōleha hoo u ka nyahamang. Hamorao u ka amohela lefu la ho tepella maikutlong, joalokaha u itloaetsa lefu le leng le sa foleng. Ho mamella ha ho bonolo, empa u ka khona ho mamella! Jean, eo ho tepella ha hae ho neng ho phehella, o itse: “Re ne re sa mamelle bakeng sa letsatsi le letsatsi. Ho ne ho tšoana haholo le ho mamela hora le hora.” Eileen le Jean ba matlafalitsoe ke tšepo ea Bibele hore ba mamelle ka ho tsoelang pele. Ke tšepo efe eo?
Tšepo e Hlollang
Bibele e bua ka nako e tlang e haufi eo ‘o tlang ho hlakola meokho eohle mahlong a batho, lefu ha le sa tla hlola le eba teng, ’me ha ho sa tla ba masoabi leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.’ (Tšenolo 21:3, 4) ’Muso oa Molimo joale o tla tlisa pheko e feletseng ’meleng le kelellong ho bafo bohle ba ’ona ba lefatšeng.—Pesaleme ea 37:10, 11, 29.
Hase feela bohloko ba ’mele bo tla tlosoa empa le khatello e bohloko le lefu la pelo. Jehova o a tšepisa: “Tse fetileng ha li sa tla hlola li hopoloa, li ke ke tsa khutlela mehopolong. Empa le tla ba le thabo le nyakallo e sa feleng ka seo ke eang ho se bōpa.” (Esaia 65:17, 18) E tla ba tokoloho e kaakang ho batho ho lokolloa mejarong ea nako e fetileng le ho tsoha letsatsi ka leng ka likelello tse hlakileng, ba le mafolofolo ho talimana le mosebetsi oa letsatsi le leng le le leng! Batho ha ba sa tla hlola ba khathatsoa ke maikutlo a tepeletsang.
Ha ‘lefu le se le le sieo, masoabi, kapa ho bokolla,’ ho tla ba sieo le boikutlo bo bohloko ba ho lahleheloa le ho khathala maikutlong ha letsatsi le letsatsi tseo ha joale li hlahisang ho tepella maikutlong. Kaha mosa, ’nete, le khotso li tla susumetsa tšebelisano ea rōna le ba bang, likhohlano tse bohloko li tla fela. (Pesaleme ea 85:10, 11) Ha liphello tsa sebe li tlosoa, e tla ba thabo e kaakang qetellong ho finyella ka ho phethahetseng litekanyetso tse lokileng tsa Molimo le ho ba le khotso e feletseng ka hare!
Tebello ena e hlollang ke tšusumetso e khōlō ea ho tsoela pele u loana, ho sa tsotellehe hore na ho tepella maikutlong ho matla hakae. Hobane lefatšeng le lecha la Molimo, batho ba phethahetseng ba tla fumana tlhōlo e feletseng ntoeng ea bona ea ho tepella maikutlong. Tseo ke litaba tse molemo hakaakang!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tsoha! ha e tšehetse kapa hona ho buella mokhoa leha e le ofe oa phekolo empa e fana ka boitsebiso ba hona joale bo ka thusang. Bona “Attacking Major Depression—Professional Treatments” tokollong ea rōna ea Awake! ea October 22, 1981. Ho hlōla masoabi ho fapane haholo le ho tepella ho kotsi maikutlong, bona “How Can I Get Rid of the Blues?” tokollong ea rōna ea Awake! ea October 8, 1982.
b Ea phetleloang sefuba ha a lokela feela ho qoba lipolelo tse ahlolang tse ka ekeletsang maikutlong a motho eo a ho ba molato le ho se be bohlokoa empa hape ha a lokela ho tlala tšepo e feteletseng hore lintho li tla loka ka ho feletseng. Tokollo ea rōna e latelang e tla ba le boitsebiso mabapi le hore na ke joang ba bang ba ka thusang ba tepeletseng maikutlong.
[Lebokose le leqepheng la 27]
Mokhoa oa ho Nahana o Mobe
Ho nahana lintho tse mpe kapa tse molemo: U bona lintho ka lehlakore le nepahetseng kapa le fosahetseng. Haeba ntho eo u e etsang e sa atlehe, u ikutloa u hlōtsoe ka ho feletseng.
Ho akaretsa lintho haholo: U bona ketsahalo e le ’ngoe e sa thabiseng e le mokhoa oa ho hlōloa o ke keng oa fela le ka mohla. Ka mohlala, kamor’a tsekisano le motsoalle, u ka fihlela qeto: ‘Ke lahluoe ke metsoalle eohle. Ha ho letho le ipakang le lokileng bakeng sa ka.’
Ho nyatsa lintho tse nepahetseng: U hana liphihlelo tse nepahetseng ka ho phehella hore “ha le bohlokoa” kapa, “ha li ntšoanele.” Ka ho nahana feela ntho e le ’ngoe e sa thabiseng, pono ea bao eohle ea fifala.
Ho potlakela liqeto: U qeta ka hore e mong ha a u rate, ’me ha u ikhathatse ka ho batlisisa sena. Kapa u kholisehile ka ho feletseng hore kamehla lintho li tla fella hampe.
Ho hōlisa lintho haholo kapa ho li nyenyefatsa haholo: U feteletsa bohlokoa ba lintho (joaloka liphoso tsa hao kapa mosebetsi oa e mong) kapa u nyenyefatsa lintho haholo (litšoaneleho tsa hao tseo u li laba-labelang kapa liphoso tsa e mong). U fetola liketsahalo tse sa thabisang tse tloaelehileng ’me bomalimabe bo fetoha bosula bo boholo.
Mothofatso: U ipona u le mohloli oa liketsahalo tse ling tse seng bohlokoa le tse sa thabiseng, tseo ha e le hantle, u neng u sa ikarabelle haholo ka tsona.
E theiloe ho Feeling Good−The New Mood Therapy, ka David D. Burns, M.D.
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
Ho tsebisa motho ea utloelang bohloko maikutlo a hao e ka ba pheko le ho fana ka tokoloho e khōlō
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Molimo o nka ekasita le lirobele tse nyenyane li le bohlokoa, ka hoo Molimo o re nka re le ba bohlokoa bo boholo hakaakang