“Le ’Ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
“Le ele hloko banna ba mofuta oo.”—1 BA-KORINTHE 16:18, NW.
1. Ke banna ba mofuta ofe bao moapostola Pauluse a neng a ba nka e le ba bohlokoa ka ho khethehileng, ’me o ile a ngola eng ka Mokreste e mong ea joalo?
BANNA ba mofuta oo moapostola Pauluse a neng a o nka e le oa bohlokoa ka ho khethehileng e ne e le banna ba neng ba utloisisa ho sebelisa matla ’ohle a bona bakeng sa Jehova le banab’abo bona. Pauluse o ile a ngola ka mosebetsi-’moho le eena e mong ea joalo: “Mo amoheleng ka mokhoa o tloaelehileng Moreneng ka thabo eohle; ’me le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa, hobane o bile lintšing tsa lefu ka lebaka la mosebetsi oa Morena, a pepesetsa moea oa hae kotsi.”—Ba-Filippi 2:29, 30, NW.
2. Ke bo-mang bao re ba kolotang ho nahanela ho khethehileng, hona hobane’ng?
2 Kajeno, liphuthehong tse fetang 55 000 tsa Lipaki tsa Jehova, ho na le banna ba bangata ba molemo ba Bakreste bao re lokelang ho ba ananela ka ho khethehileng ka lebaka la mosebetsi oa bona o boima har’a banab’abo bona. Ha a bontša hore re lokela ho nka banna ba joalo e le ba bohlokoa, Pauluse o itse: “Rea le rapela, banab’eso, re re: le ke le hlomphe ba sebetsang har’a lōna, ba le busang Moreneng, ba le khothatsang. Le ba hlomphe haholo-holo ka lerato, ka baka la tšebetso ea bona. Lulisanang hammoho ka khotso.”—1 Ba-Thessalonika 5:12, 13.
3. (a) Ke eng e tla re thusa hore re lule hammoho ka khotso? (b) Ke ntlheng efe moo baholo ba lokelang ho bea mohlala?
3 Kananelo e loketseng bakeng sa bana bohle babo rōna, ’me haholo-holo bakeng sa baholo ba sebetsang ka thata, ha ho pelaelo hore ke ntlha ea bohlokoa ea ho phela ka khotso ka hare ho liphutheho tsa rōna. Ho sena, joaloka lintlheng tsohle bophelong ba Bokreste, baholo ba lokela ho “etsetsa mohlape mehlala.” (1 Petrose 5:2, 3) Leha ho le joalo, le hoja baholo ka nepo ba ka lebella hore ba ananeloe ke banab’abo bona ka lebaka la mosebetsi oa bona o boima, le bona ba lokela hore ba bee mohlala ka ho bontša ho nahanelana ho loketseng.
‘Ho Bontšana Hlompho’
4, 5. (a) Ke eng e bontšang hore moapostola Pauluse o ne a ananela baholo ba sebetsang ka thata? (b) O ile a ngolla Bakreste ba Roma eng, hona ke hobane’ng ha mantsoe a hae a sebetsa ka ho khethehileng ho baholo?
4 Moapostola Pauluse o ile a bea mohlala o motle ntlheng ena. Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, o ne a qamaka lintho tse molemo ho banab’abo. Hape ha aa ka a khothaletsa Bakreste feela hore ba rate le ho hlompha baholo ba sebetsang ka thata empa le eena ka boeena o ile a bontša kananelo e loketseng bakeng sa baholo. Ka ho totobetseng o ne a nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.—Bapisa Ba-Filippi 2:19-25, 29; Ba-Kolosse 4:12, 13; Tite 1:4, 5.
5 Lengolong la hae le eang ho Bakreste ba Roma, Pauluse o ile a ngola: “Leratong la bana ba motho le be le lerato le mofuthu e mong ho e mong. Le etelle pele ho bontšaneng tlhompho. Le se ke la bapala mosebetsing oa lōna. Le hlasimolohe ka moea. Sebeletsang Jehova.” (Ba-Roma 12:10, 11, NW) Ka sebele, mantsoe ana a sebetsa ka ho khethehileng ho baholo ba Bakreste. Bona, har’a Bakreste bohle, ba lokela ho etella pele tabeng ea ho bontša ho hlomphana.
6. (a) Baholo ba lokela ho qoba ho etsa eng, hona hobane’ng? (b) Baholo ba ka phahamisa joang tšepo ea phutheho ho sehlopha sohle sa baholo?
6 Baholo ba lokela ho ba hlokolosi ka ho khethehileng hore ba se ke ba bua lintho tse nyelisang ka baholo ba bang. Ha ho moholo lea mong ea nang le litšoaneleho tsohle tsa Bokreste ka tekanyo e phahameng ka ho fetisisa, hobane kaofela ha baa phethahala. Ba bang ba batle haholo litšoanelehong tse itseng, empa ba fokola haholoanyane ho tse ling. Haeba baholo ba e-na le lerato le loketseng la bana ba motho le lerato le mofuthu e mong ho ba bang, ba tla hlokomolohelana mefokolo. Lipuisanong tsa bona le banab’abo bona, ba tla supa lintlha tse matla tsa baholo ba bang. Ka hore ba etelle pele joalo ho bontšaneng tlhompho, ba tla phahamisa tšepo ea phutheho ho sehlopha sa baholo ka kakaretso.
Ho Sebetsa Hammoho Joaloka Sehlopha
7. Ke eng e tla thusa baholo hore ba sebetse hammoho ka kutloano, ’me hona ba tla ho bontša joang?
7 Kamor’a ho bua ka ‘lineo tsa banna’ tseo Kreste a neng a li etselitse phutheho ea hae e lefatšeng ka maikutlo a ho lokisa bana ba motho le bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, moapostola Pauluse o ile a ngola: “Re mpe re etse ’nete ka lerato, ’me re hōleng nthong tsohle ho Kreste, eo e leng hlooho.” (Ba-Efese 4:7-15) Ho hlokomela hore Kreste ke Hlooho e mafolo-folo ea phutheho, le hore baholo ba tlameha ho ikokobetsa tlas’a letsoho le letona la hae la matla, ke ’nete e kopanyang ka hare ho sehlopha se seng le se seng sa baholo. (Ba-Efese 1:22; Ba-Kolosse 1:18; Tšenolo 1:16, 20; 2:1) Ba tla batla tataiso ea hae ka moea o halalelang, melao-motheo ea Bibele, le ketello-pele e fanoang ke Sehlopha se Busang sa “mohlanka ea khabane ea bohlale.”—Mattheu 24:45-47; Liketso 15:2, 28; 16:4, 5.
8. Baholo bohle ba lokela ho hopola eng, ’me ba tla bontša ho hlomphana joang?
8 Baholo ba tla hlokomela hore Kreste, ka moea o halalelang, a ka tataisa kelello ea moholo leha e le ofe sehlopheng sa baholo ho fana ka molao-motheo oa Bibele o hlokahalang ho loana ka katleho le boemo leha e le bofe kapa ho etsa qeto leha e le efe ea bohlokoa. (Liketso 15:6-15) Ha ho moholo lea mong eo e leng eena ea laolang moea oa sehlopha. Baholo ba tla bontša ho hlomphana ka ho mamela ka hloko moholo leha e le ofe har’a bona eo, tabeng eo ho buisanoang ka eona, a sebelisang molao-motheo oa Bibele kapa taelo e tsoang ho Sehlopha se Busang.
9. (a) Ke litšoaneleho life tsa moea tse tla thusa molebeli hore a qobe ho hatella baholo bahabo? (b) Moholo o tla iponahatsa e le ea etsang “lintho ka tekanyo e ntle joang, ’me sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo se ile sa bea mohlala joang ntlheng ee?
9 Boinyenyefatso, bonolo, le boikokobetso tsa Bokreste li tla thibela moholo leha e le ofe hore a ka leka ho busa banab’abo le ho ba hatella ka pono ea hae. (Liproverbia 11:2; Ba-Kolosse 3:12) Molebeli oa Mokreste a ka ’na a ba le maikutlo a matla le a tšepahalang tabeng e itseng. Empa haeba a bona hore baholo ’moho le eena ba na le mabaka a Mangolo le a puso ea Molimo bakeng sa ho fapana le eena, o tla ‘itšoara joaloka e monyenyane’ ’me a bontše “ho etsa lintho ka tekanyo e ntle” ka ho ineela maikutlong a bongata.a (Luka 9:48; 1 Timothea 3:3, NW) O tla latela mohlala o motle o ileng oa beoa ke sehlopha se busang sa lekholo la pele la lilemo, seo, kamor’a puisano ea Mangolo, le tlas’a tataiso e fanoang ke Kreste ka moea o halalelang, se ileng sa ‘lumellana ka pelo e le ’ngoe.’—Liketso 15:25.
10. (a) Ke eng e pakang hore ho khethoa ha sehlopha sa baholo phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ke tokisetso e theiloeng Bibeleng? (b) Buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna e hlalosa molemo oa tokisetso ee joang?
10 Ho khethoa ha sehlopha sa baholo phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe hore se fane ka ketello-pele ho theiloe mohlaleng o behiloeng ke phutheho ea pele ea Bokreste. (Ba-Filippi 1:1; 1 Timothea 4:14; Tite 1:5; bapisa se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ka lentsoe “baholo” ho Tite 1:5 ho The Jerusalem Bible.) Ha e akaretsa bohlale ba tokisetso ena, buka Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna (leqephe 37) e re: “Baholo ba bang ba tla ba molemo haholo tšoanelehong e ’ngoe ho feta e ’ngoe, ha ba bang sehlopheng ba tla ba batle haholo litšoanelehong tseo ba bang ba fokolang ho tsona. Phello joale ke hore, ka kakaretso, ho ka boleloa hore sehlopheng sa baholo ho na le litšoaneleho tsohle tse hlokahalang ho lebela phutheho ea Molimo ka nepo.”
Tlhomphano Har’a Lihlopha tsa Baholo
11, 12. (a) Ke hobane’ng ha sehlopha sa baholo se ka finyella ho hongata ho feta ha litho tsa sona li sebetsa ka bomong? (b) Kreste Jesu le moapostola Pauluse, kamoo ho bontšitsoeng, ba ile ba sebelisana joang le lihlopha tsa baholo, ’me ho ile ha fanoa ka keletso efe?
11 Kahoo, sehlopha sa baholo ke boleng ba Mangolo boo kaofela ha bona bo emelang ho fetang kakaretso ea bona ka mong. Ha ba kopana ’me ba rapella tataiso ea Jehova ka Kreste le moea o halalelang, ba ka etsa liqeto tse neng li ke ke tsa finyelloa hoja ha bonanoa le bona ka bomong. Ha baholo ba bokana hammoho, litšoaneleho tsa bona tse sa tšoaneng, lia sebetsa ’me li hlahisa liphello tse bonahatsang tataiso ea Kreste litabeng.—Bapisa Mattheu 18:19, 20.
12 Hore Kreste o ile a sebelisana le lihlopha tsa baholo kamoo ho bontšitsoeng, ho bontšoa ke melaetsa eo a ileng a e romela “linaleli tse supileng,” kapa “mangeloi a likereke tse supileng” Asia Minor. (Tšenolo 1:11, 20) Oa pele melaetseng eo o ile oa romeloa ho phutheho ea Efese ka ‘lengeloi’ la eona, kapa sehlopha sa balebeli ba tlotsitsoeng. Lilemo tse 40 pelenyana, moapostola Pauluse o ne a ile a etsa hore sehlopha sa baholo sa Efese se nke leeto ho ea Mileta bakeng sa ho tšoara seboka se khethehileng le eena. O ile a ba hlokomelisa hore ba itlhokomele, le hore ba alose phutheho.—Liketso 20:17, 28.
13. Ke hobane’ng ha baholo ba lokela ho ela hloko moea oo ba o bontšang ka hare ho sehlopha sa bona sa baholo le kamanong ea bona hammoho le lihlopha tse ling tsa baholo?
13 Lihlopha tsa baholo li lokela ho hlokomela haholo-holo hore li boloke moea o motle le o nang le tšepo har’a tsona le ka hare ho liphutheho tsa tsona. (Liketso 20:30) Joalokaha Mokreste ka mong a bontša moea o itseng, ka ho tšoanang lihlopha tsa baholo le liphutheho kaofela li ka hōlisa moea o itseng. (Ba-Filippi 4:23; 2 Timothea 4:22; Filemone 25) Ka linako tse ling hoa etsahala hore baholo ba hlomphanang liphuthehong tsa habo bona ba bontše boikutlo ba ho hloka tšebelisano-’moho ho sehlopha se seng sa baholo. Metseng e meholo eo ho eona liphutheho tse ngata li kopanelang holong e le ’ngoe, ka linako tse ling ho hloka kutloano hoa etsahala pakeng tsa lihlopha tsa baholo ka likemiso tsa liboka, meeli ea tšimo, lintho tse kenngoang Holong ea ’Muso, le lintho tse ling tse joalo. Molao-motheo o tšoanang oa boinyenyefatso, bonolo, boikokobetso, le ho etsa lintho ka tekanyo e ntle o laolang baholo ba leng sehlopheng ka seng o lokela ho laola baholo. Moapostola Pauluse o ile a eletsa: “Tsohle li etsetsoe khahiso.”—1 Ba-Korinthe 14:26.
Tlhompho e Loketseng Bakeng sa Balebeli ba Tsamaeang
14. Ke sehlopha sa mofuta ofe hape sa baholo se lokelang hore se nkoe e le sa bohlokoa, hona hobane ng?
14 Tokisetso e ’ngoe e theiloeng Bibeleng e sebetsang har’a liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ke hore li eteloe nako le nako ke baholo ba tsamaeang, ba bitsoang balebeli ba setereke kapa ba potoloho. (Liketso 15:36; 16:4, 5) Bana, ka ho khethehileng, ke “baholo ba lisang hantle.” Joaloka baholo ba bang, ba lokela ho ‘bontšoa hlompho e fetisisang, kaha ba sebetsa polelong le thutong.’—1 Timothea 5:17.
15. Moapostola Johanne o ile a fana ka keletso efe mabapi le baboleli ba evangeli ba tsamaeang?
15 Lengolong la hae la boraro, moapostola Pauluse o ile a nyatsa Diotrefe hobane o ne a hana ho amohela “banab’abo ka tlhompho.” (Temana ea 10, NW) Bana bana babo e ne e le Bakreste ba tsamaeang ba neng ba tsamaea “ka baka la lebitso la oona [Molimo, Jehova].” (Temana ea 7) Ho totobetse hore ba ne ba romiloe joaloka baboleli ba evangeli ho ea bolela litaba tse molemo le ho haha liphutheho metseng eo ba neng ba e etela. Johanne o ile a laela hore baboleli bana ba tsamaeang ba sebetsang ka thata ba lokela ho ‘baballoa leetong la bona ka mokhoa o ka bokoang ke Molimo.’ (Temana ea 6) Moapostola a boela a phaella: “Re tšoanetse ho thusa batho ba joalo, e le hore re tle re sebeletse ’nete ’moho le bona.” (Temana ea 8, TLP) Ba ne ba lokela ho amoheloa ka tlhompho.
16. Bakreste bohle kajeno ba ka latela joang mohlala oa Gaiuse ka “mosebetsi o khabane” oo a ileng a o etsetsa baboleli ba evangeli ba lekholo la pele la lilemo, ’me ke hobane’ng ha hoo ho loketse?
16 Ka ho tšoanang kajeno, balebeli ba tsamaeang ba romeloang ke Sehlopha se Busang ho ea bolela litaba tse molemo le ho thusa liphutheho ba lokela ho amoheloa ka mosa le ka tlhompho. Bana bana babo rōna le basali ba bona (haeba ba nyetse, joalokaha boholo ba bona bo nyetse) ba ile ba utloisisa ho tela ho lula sebakeng se le seng. Ba tsamaea le libaka, hangata ba itšetlehile ka mosa oa banab’abo bona bakeng sa lijo le moalo oo ba ka robalang ho oona. Johanne o ile a ngolla Gaiuse, eo ka lerato a neng a amohela baboleli ba evangeli ba tsamaeang lekholong la pele la lilemo C.E.: “Moratuoa, u etsa mosebetsi o khabane ho eng le eng eo u e etsetsang banab’eno, le hona e le basele.” (3 Johanne 5, NW) Ka ho tšoanang kajeno, ba tsamaeang ‘ka lebaka la lebitso la Jehova’ ba lokeloa ke hore ba nkoe e le ba bohlokoa le hore ba bontšoe lerato le tlhompho.
17. Baholo ba phutheho ba lokela ho bontša tlhompho e loketseng joang bakeng sa baemeli ba etileng ba Sehlopha se Busang?
17 Baholo, haholo-holo, ba lokela ho bontša tlhompho e loketseng bakeng sa baemeli bana ba etileng ba Sehlopha se Busang. Ba romeloa liphuthehong ka lebaka la litšoaneleho tsa bona tsa moea le phihlelo ea bona, eo ka tloaelo e leng batsi haholoanyane ho feta ea baholo ba bangata ba moo. Ba bang ho balebeli bana ba tsamaeang ba ka ’na ba e-ba tlaase lilemong ho feta baholo ba itseng liphuthehong tseo ba li etelang. Empa hoo hase lebaka le utloahalang la ho hana ho ba nea tlhompho e loketseng. Ba ka ’na ba ikutloa hore hoa hlokahala hore ba eme pele lepotla-potla la baholo ba sebaka seo la ho buella moena ea itseng e le mohlanka ea sebeletsang kapa moholo, ba hopola temoso ea Pauluse ho Timothea. (1 Timothea 5:22) Le hoja molebeli ea tsamaeang a lokela ho nahanela ka ho khethehileng mabaka a beoang ke baholo ba sebaka seo, baholo ba sebaka seo ba lokela ho utloisisa ho mamela le ho rua molemo phihlelong ea hae e batsi. E, ba lokela ‘hore ba ’ne ba nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.’—Ba-Filippi 2:29, NW.
‘Ho Ela Hloko Banna ba Mofuta oo’
18, 19. (a) Pauluse o ile a bontša kananelo ea hae joang bakeng sa basebetsi-’moho le eena? (b) Ke mohlala ofe o bontšang hore Pauluse o ne a sa jara banab’abo ka pelo?
18 Lengolong la hae la pele le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a ngola: “Joale kea le khothatsa, banab’eso: lea tseba hore lelapa la Setefanase ke tholoana ea pele ea Akaia le hore le ile la ipeela ho sebeletsa bahalaleli. E se eka le lōna le ka tsoela pele ho ikokobeletsa batho ba mofuta oo le e mong le e mong ea sebelisanang le bona le ea sebetsang. Empa ke thabela boteng ba Setefanase le Fortunate le Akaikase, hobane ba koetse sekheo sa hore e be ha le eo mona. Hobane ba hlabolotse moea oa ka le ea lōna. Ka baka leo le ele hloko banna ba mofuta oo.”—1 Ba-Korinthe 16:15-18, NW.
19 Ke boikutlo bo botle le bo mosa hakaakang boo Pauluse a neng a e-na le bona ho banab’abo, bao ba bang ho bona ba neng ba sa tsebisahale haholo. Empa Pauluse o ne a ba rata hobane ba ne ba ‘sebelisana le bona’ ’me ba ‘sebetsa’ ka thata boitekong ba bona ba ho sebeletsa bahalaleli. Pauluse hape o ile a bea mohlala o motle oa ho lebala tse fetileng. Le hoja Johanne Mareka a ne a ile a mo soabisa nakong ea leeto la hae la pele la boromuoa, hamorao Pauluse ka mofuthu o ile a mo buella ho phutheho ea Kolosse. (Liketso 13:13; 15:37, 38; Ba-Kolosse 4:10) Ha a kentsoe litlamong Roma, Pauluse o ile a kōpa hore Mareka a tle hobane joaloka ha a boletse, “[Mareka] o molemo ho ’na tšebetsong.” (2 Timothea 4:11) Ho ne ho se ho jarana ka lipelo ha letho moo!
20. Bakreste ka kakaretso, ’me ka ho khethehileng baholo, ba lokela ho bontša joang hore ba ananela balebeli ba khabane le hore ba ‘nka banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa’?
20 Kajeno har’a batho ba Molimo, ho na le balebeli ba bangata ba ineetseng, bao, joaloka Setefanase, ba sebeletsang banab’abo bona. Ha ho pelaelo hore ba na le liphoso tsa bona le mefokolo ea bona. Leha ho le joalo, ba “sebelisana” le “mohlanka ea khabane ea bohlale” le Sehlopha se Busang sa hae, ’me ba “sebetsa” ka thata mosebetsing oa ho bolela le ho thuseng banab’abo bona. Re lokela ‘ho ’na re ikokobeletsa batho ba mofuta oo,’ re ba ananela ka lebaka la litšoaneleho tsa bona, re sa qamake mefokolo ea bona. Baholo ba lokela ho etella pele ho bontša kananelo le tlhompho tse loketseng ho baholo-’moho le bona. Baholo ba lokela ho sebelisana ka moea oa lerato le oa bonngoe. Bohle ba tla hlokomela bohlokoa ba banab’abo bona ba joalo ’me ba ‘’ne ba nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.’—Ba-Filippi 2:29.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ho New World Translation Reference Bible se bontša hore poleloana “ho etsa lintho ka tekanyo e ntle” e ho 1 Timothea 3:3 e fetolela lentsoe la Segerike le hlileng le bolelang “ho ineela.”
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Pauluse o ne a nka banna ba mofuta ofe e le ba ratehang ka ho khethehileng, ’me ke bo-mang kajeno ba tšoaneloang ke hore re ba nahanele ka ho khethehileng?
◻ Baholo ba lokela ho bontša joang hore baa hlomphana?
◻ Ke hobane’ng ha sehlopha sa baholo se ka finyella ho hoholoanyane ho feta ha litho tsa sona li sebetsa ka bomong?
◻ Ke lintlheng life moo sehlopha sa baholo se ka bontšang hore se hlompha sehlopha se seng sa baholo?
◻ Ke sehlopha sefe hape sa balebeli se tšoaneloang ke hore se nkoe e le se ratehang ka ho khethehileng, ’me hlompho ena e loketseng e ka bontšoa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Baholo ba lokela ho bontšana kananelo e loketseng
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Bontšang lerato le tlhompho bakeng sa balebeli ba tsamaeang