Bophelo ba Rōna bo Putsang Joaloka Baromuoa Afrika
Joalokaha ho boletse John Miles
PONO ke lebala la lipapali le ka leboea-bophirimela Zimbabwe. ’Na le mosali oa ka, Val, re tsamaea ka koloi ho leba Phororong ea Victoria e tummeng. Che, ha re bahahlaoli. Re baromuoa ’me re rometsoe mona ho tla sebetsa har’a batho ba Maafrika ba sebaka sena. Ha re potela ka k’hona, sebakana ho tloha ho rōna, tlou e khōlō e eme ka thōko ho tsela. Ke emisa koloi ’me ke hlahela ka fensetere ho nka foto. Moo ke reng ke nka e ’ngoe Val oa hoeletsa:
“E tla ho rōna!”
Ka potlako ke leka ho lumisa koloi, empa e ema tsi! Ke tšitiso e kaakang! Tlou ea khoroha ’me ea atamela ho tla re hatakela. Hantle feela ka nako koloi ea luma ’me re thinyetsa lihlahleng. Ka lehlohonolo, ha ho majoe kapa lifate tse ka re sitisang ho baleha. Re etsa qeto ea ho suthela Monghali Jumbo ka tseleng ’me re tsoele pele ho nka tsela e ’ngoe.
Pono e ’ngoe. Khetlong lena re ’musong oa lithaba oa Lesotho, Afrika e ka boroa. Ke Sontaha mantsiboea motse-moholo, Maseru. Re khutlela hae ka mor’a ho thabela seboka sa Bokreste le balumeli-’moho ba sebaka sena. Ka tšohanyetso, re hlaseloa ke bahlankana ba babeli ba masholu. E mong o nkotla ka litebele ’me e mong o mpharumela ka mokokotlong. Ha ke mo hlohlolla, o retelehela ho Val, ’me o tšoara mokotlana oa hae. Val oa hoeletsa: “Jehova! Jehova! Jehova!” Hang-hang, monna eo o tlohela mokotlana oa hae ’me, a shebahala a tšerehane, oa checha. Ea ntseng a nkotla ka litebele le eena oa checha—litebele tsa hae li se li otla moea. Re tsamaea re potlakile, re bile re utloa ho re kokololo! ha re kopana le balumeli-’moho seemelong sa libese.—Liproverbia 18:10.
Ketsahalo ka ’ngoe ea tse boletsoeng ka holimo e ile ea nka metsotso e seng mekae feela, empa ke tse ling tsa lintho tseo re li hopolang tseo re ke keng ra li lebala tse etsahetseng lilemong tse 32 tseo re li qetileng re le baromuoa Afrika. Re tlile joang moo? Re ile ra fetoha baromuoa joang? Na e bile bophelo bo putsang?
Moamerika ea Sebetsanang le Temo o Ithuta ’Nete
Sena sohle se qalile ka 1939 ha ke kopana le Val Jensen, Yakima, Washington, U.S.A. Ka nako eo, ke ne ke sebetsa polasing ’me Val o ne a hiriloe e le motho ea sebetsang lapeng. O ne a atisa ho bua le ’na ka Bibele. Ntho e ’ngoe e ileng ea nkhahla ke tlhaloso ea hae ea hore lihele hase sebaka se chesang. (Moeklesia 9:5, 10; Liketso 2:31; Tšenolo 20:13, 14) Le hoja ke ne ke sa kene kereke, ke ne ke tseba seo baruti ba se rutang ka lihele, ’me seo Val a ileng a mpontša sona ka Bibeleng se ne se utloahala se e-na le kelello.
Ntate oa Val le ’mè oa hae ba ne ba ile ba fetoha Lipaki tsa Jehova ka 1932. Val le eena o ile a qala ho ithuta Bibele, ’me o ile a kolobetsoa ka Loetse 1935. Ka mor’a hore re tloaelane, Val o ile a ’memela ho ea libokeng Holong ea ’Muso. Ke ile ka lumela ’me ka thabela botsoalle ba batho bao ke ileng ka kopana le bona moo, ke hore, neng le neng ha temo e ne e ntumella hore nka ea. Bophelo ba temo bo ne bo ntse bo e-tla pele bophelong ba ka. Empa, butle-butle ka qala ho talima liboka ka ho teba haholoanyane, ’me Lipaki tsa sebaka seo tsa ’memela ho kopanela boboleling ba ntlo le ntlo. Ho etsa sena motseng oa heso ho ne ho bonahala eka ke teko e phahameng ka ho fetisisa ho ’na. Empa ke ile ka e hlōla.
Ho ile ha etsahala lintho tse peli tse hopolehang ka 1941. Ka Tlhakubele, ke ile ka kolobetsoa ho ba paki e inehetseng ea Jehova, ’me hamorao ’na le Val ra nyalana. Joale, ka Mphalane 1942, ra qala mosebetsi oa boboleli ba nako e tletseng re le bo-pula-maliboho ka boroa-bochabela ho Dakota Leboea.
Le ka mohla re ke ke ra lebala se ileng sa etsahala selemong se latelang. E ne e le ketsahalo ea bohlokoahali historing ea Lipaki tsa Jehova. Ka la 1 Tlhakola, 1943, ho ile ha qaleha koetliso ea boromuoa bakeng sa sehlopha sa pele sa hoo ka nako eo ho neng ho bitsoa Koleche ea Bibele ea Watchtower ea Gileade. Likhoeli tse peli hamorao ra ea kopanong ea “Mohoo oa ho Nka Khato” e neng e le Aberdeen, Dakota Boroa. Ho ile ha hlalosoa mahlohonolo a tšebeletso ea boromuoa linaheng lisele, ’me lipelong tsa rōna ha tsosoa takatso ea ho ea Gileade le ho fetoha baromuoa.
Ho Sebeletsa Pakane ea Tšebeletso ea Boromuoa
Ho ne ho sa ntsane ho tla feta lilemo tse robong pele re fihlela pakane ea rōna. Nakong eo, re ile ra ba le litokelo tse ling tse ntle tsa tšebeletso, ’moho le mathata a mang. Ka mor’a ho qeta selemo le halofo re bula maliboho Dakota Leboea, re ile ra kōpa tšimo eo re ka bulang maliboho ho eona Missouri. Kōpo ena e ile ea amoheloa, ’me ra lula motseng oa Rolla. Tšimo ea rōna e ne e akareletsa Setereke sa Phelps kaofela moo ho neng ho e-na le Paki e le ’ngoe feela e mafolo-folo. Re ile ra qeta lilemo tse tharo tse thabisang moo ’me ra ba le kabelo ho theoeng ha phutheho moo.
Joale ra thulana le bothata bo bong bo ileng ba tšela litebello tsa rōna tsa ho fetoha baromuoa ka metsi. Re ile ra felloa ke chelete. Ho sebelisa lintho habohlasoa le ho haelloa ke tumelo ea hore Jehova o ne a tla re hlokomela ho ile ha etsa hore re khaotse ho bula maliboho. Re ne re ikemiselitse hore hona ho ne ho tla nka likhoeli tse seng kae feela, empa ho ile ha feta selemo le halofo pele re qala ho bula maliboho hape. Khetlong lena re ne re ikemiselitse hore re se phete liphoso tsa rōna tsa nakong e fetileng. Kabelo ea rōna e ncha e ne e le ho sebetsa le phutheho e ’ngoe motseng oa Reardan ka bochabela ho Motse oa Washington. Ho ne ho le thata ho fumana mosebetsi oa nakoana, kahoo ho ne ho hlokahala hore re itšetlehe ka ho feletseng ka Jehova hore o tla fana ka litlhokahalo tsa rōna tsa letsatsi le letsatsi.—Mattheu 6:11, 33.
Tšimo ea rōna e ne e akareletsa metse e menyenyane e ’maloa e haufi le moo. Ka letsatsi le leng re ne re lokela ho nka leeto la lik’hilomithara tse 130 ho ea le ho khutla ho etela batho ka molaetsa oa ’Muso. Re ne re se na mafura a koloi a lekaneng empa ha rea ka ra lumella hore hoo ho re thibele. Ha re tsoela ka ntle ho motse, ra emisa Posong ’me na u ka inahanela hore na re ile ra fumana eng? Re ne re letetsoe ke lengolo le tsoang ho motsoal’a ka ea neng a sa tsoa qala ho ithuta Bibele le Lipaki. Le ne le tšetse chelete-pampiri ea chelete e lekaneng hore re tlatse tanka ea rōna re be re salloe. Ba ne ba ngotse: “Re ne re il’o fana ka chelete ena ‘Lehaeng la Likhutsana’ empa ra etsa qeto ea hore lōna le e hloka ho feta Ntate Flanagan.” Ba ne ba nepile hakaakang!
Liphihlelo tse kang tsena li ne li totobatsa bonnete ba tšepiso ea Jesu: “Le mpe le batle ’muso oa Molimo pele, ’me ntho tseo [litlhokahalo tsa lintho tse bonahalang] kaofela le tla li ekeletsoa.” (Luka 12:31) Ena e ne e le koetliso ea bohlokoahali e neng e tla re thusa hore re tsoele pele ha re talimane le mathata a mang.
Mariheng a mang, re ne re e-na le mashala a fokolang feela. Na re ne re tla lumella boemo boo hore bo fetole boikemisetso ba rōna ba ho tsoela pele ho bula maliboho? Re ile ra isa taba eo ho Jehova ka thapelo ’me ra ea robala. Ka hora ea botšelela hoseng ha letsatsi le hlahlamang motho a kokota monyako! E ne e le moena e mong le mosali oa hae bao, ka mor’a hore ba khutle leetong la ho chakela beng ka bona, ba ileng ba khetha ho re chakela. Re ile ra besa mollo, ra tšela mashala a ho qetela ’me ra bea ketlele ea kofi ifo. Ha re ntse re thabetse botsoalle ba bona, hang-hang moena eo a botsa: “Le eme joang ntlheng ea mashala?” ’Na le Val ra shebana ’me ra qala ho tšeha. Mashala e ne e le ntho e ’ngoe eo re neng re e hloka hang-hang. Ba ile ba re fa lidolara tse leshome, tseo mehleng eo li neng li ka lefella bonyane halofo ea ton ea mashala.a
Lekhetlong le leng kopano ea potoloho e ne e atametse, ’me re ne re e-na le lidolara tse hlano feela. Hape, lengolo la tumello ea tsela la koloi ea rōna le ne le tšoanela ho lefelloa hang feela ka mor’a kopano. Re ile ra khetha ho bea ka pele lintho tse tlang pele ’me ra ea kopanong. Ka baka la moea oa ho fana oa baena, re ile ra khutlela kabelong ea rōna re e-na le R34,50. Lengolo leo la tumello ea tsela le ne le bitsa R32,70!
Re ile ra thabela tšebeletso ea rōna ea bo-pula-maliboho ka bochabela ho Washington, ’me malapa a ’maloa ao re ileng ra ithuta Bibele le ’ona qetellong a ile a fetoha Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang. Leha ho le joalo, ka mor’a ho qeta lilemo tse peli kabelong eo ke ile ka fumana lengolo le tsoang ho Mokhatlo oa Watch Tower le neng le bolela hore ke bueletsoe hore ke sebeletse ke le mosebeletsi ea tsamaeang, ke hore, motho ea etelang liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova potolohong le ho li khothatsa. Mokhatlo o ne o botsa: “Haeba u khethoa, na u tla amohela kabelo ee?” o bile o phaella: “Ka kōpo re tsebise hang-hang.” Ho totobetse hore karabelo ea ka e ile ea e-ba e. Ho qala ka Pherekhong 1951 re ile ra qeta selemo le halofo potolohong e khōlō e akaretsang halofo e ka bophirimela ea Dakota Leboea le halofo e ka bochabela ea Montana.
Nakong ena, re ile ra fumana ntho e ’ngoe eo re neng re sa e lebella—memo ea ho ea sehlopheng sa bo19 sa Gileade! Na takatso ea rōna e ne e tla phethahatsoa qetellong? Empa jo! lengolo le leng la latela le bolela hore sehlopha seo se ne se tletse baena ba tsoang linaheng tse ling. Hoo ea e-ba tšitiso, empa re ne re sa lahloa! Likhoeli tse seng kae hamorao, ra fumana memo ea ho ea sehlopheng sa bo20 seo re ileng ra amoheloa ho sona ka Loetse 1952.
Ho Tloha Gileade ho Tla Afrika
Re ile ra ananela molemo oa Jehova hakaakang ka hore e be o ile a re kopanya le liithuti tse fetang lekholo tse tsoang likarolong tse ngata tsa lefatše—Australia, New Zealand, India, Thailand, Philippines, Scandinavia, Engelane, Egepeta, le Europe e Bohareng! Sena se ile sa re thusa ho bona hore na Jehova o ne a etsa hore molaetsa oa ’Muso o boleloe ho isa kae.—Mattheu 24:14.
Nako eo re e qetileng Gileade e ile ea feta ka potlako, ’me ra fumana mangolo ka Tlhakola 1953. Rōna le ba bang ba bane, ra abeloa ho ea Rhodesia Leboea (Zambia hona joale) Afrika. Empa, ka mosa Mokhatlo o ile oa re lumella hore re lule United States bakeng sa kopano ea machaba e neng e tla tšoareloa Yankee Stadium hamorao selemong seo ka Phupu. Nakong ea likhoeli tse tlang pele ho kopano eo le nakoana ka mor’a moo, ke ile ka sebeletsa ke le molebeli oa potoloho Oklahoma bochabela.
Ka Pulungoana 1953, ’na le Val, hammoho le baromuoa ba bang ba tšeletseng, ra kena sekepeng sa liphahlo se neng se leba Afrika. Re ile ra theoha Durban, Afrika Boroa, ’me ra kena tereneng ho leba Rhodesia Boroa (Zimbabwe hona joale). Ha re fihla mona ba babeli ba ile ba re siea ’me ba ea likabelong tsa bona Salisbury (Harare hona joale), ha ba bang kaofela ba rōna ba ile ba tsoela pele ho ea Kitwe, Rhodesia Leboea.
’Na le Val re ile ra abeloa ho ea motseng oa merafo oa Mufulira moo ho neng ho e-na le malapa a seng makae a thahasellang empa ho se na phutheho. Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna oa boboleli ba ntlo le ntlo. Re ile ra qalisa lithuto tsa Bibele tse ngata ’me, ka potlako batho ba ’maloa ba thahasellang ba qala ho ea libokeng tsa Bokreste. Ka mor’a likhoeli tse ’maloa re ile ra bitsetsoa ho tla koala likheo ofising ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e Luanshya. Hamorao, ra neoa kabelo e ’ngoe ea ho sebeletsa re le baromuoa Lusaka. Ha ke le moo, ka sebeletsa nako le nako ke le molebeli oa potoloho bakeng sa liphutheho tse ’maloa tsa batho ba buang Senyesemane.
Bophelo bo Putsang Libakeng tse Ka Thōko
Joale, ka 1960, re ile ra neoa kabelo e ’ngoe ea ho ea Rhodesia Boroa moo ke neng ke abetsoe ho sebeletsa ke le molebeli oa potoloho har’a baena ba batšo. Sena se ne se akareletsa ho etela liphutheho le ho lokisetsa likopano tsa potoloho le tsa setereke. Boholo ba liphutheho tsena li ne li le libakeng tsa mahae, kahoo ho ne ho hlokahala hore re ithute ho phela morung. Re ne re ikutloa hore haeba baena ba rōna ba ne ba ka phela morung le rōna re ne re ka ho etsa.
Ofisi ea lekala ea Mokhatlo oa Watch Tower e ne e re hlomeletse ka teraka ea boima ba ton le halofo. Karolo e ka morao e ne e koahetsoe ka makapa ’me e e-na le mamati a mabeli a kopanang hare bakeng sa ho laela thepa. Lifensetere tse pakeng tsa karolo e ka pele ea koloi le e ka morao li ne li le khōlō hantle ho lekana hore motho a ka kena ka tsona, ’me li ne li koaheloa ka likharetene tsa polastike. Thepa ea rōna ea ntlo e ne e le bethe e hahelletsoeng ka hare le materase a rabara e kang seponche. Re ne re e-na le liraka tsa mabokose le setofo sa parafine. Hape re ne re e-na le tente le lekase la liphahlo le phuthoang.
Nakoana ka mor’a ho qala kabelo ea rōna karolong e ka bophirimela ea naha eo, ke ile ka longoa ke kokoanyana e ’ngoe e sa tsebjoeng. E ile ea etsa hore leoto la ka le ruruhe ’me ea ntšoarisa feberu. Ho ileng ha mpefatsa lintho ho feta, boemo ba leholimo bo ile ba mpefala ’me pula ea qala ho na ka matla. Ke ne ke fufuleloa hoo likobo li neng li lokela ho fetoloa khafetsa. Hoo e ka bang ka khitla, Val a etsa qeto ea hore ke lokela ho ea ngakeng. O ile a khanna koloi ho leba tseleng e khōlō, empa koloi ea qaoa seretseng. Sohle se neng se tlisoa ke boiteko ba Val ba ho e sutumeletsa pele kapa morao e ne e le ho nkhohlopa habohloko. Ha a qetella a kholisehile hore ho ne ho se letho le leng leo a ka le etsang, Val a itšopha ka kobo ea ho qetela e ommeng ’me a kena le ’na karolong e ka morao ea koloi ha pula e ntse e tšoloha.
Ho ile ha ba ha re kokololo! ha e e-ba hoseng. Ke ne ke ikutloa hamolemonyana, pula e ne e emisitse, ’me baena ba neng ba tlil’o etsa litokisetso tsa kopano ba sutumetsa koloi ea rōna ho e ntša seretseng. Ha re fihla Bulawayo baena ba bang ba mosa ba nkisa sepetlele, ’me ka mor’a phekolo ke ile ka khona ho khutla le ho tsoela pele ka litokisetso tsa kopano.
Ke nakong ena, ha re ntse re tsamaea pakeng tsa liphutheho, moo re ileng ra thulana le tlou. Re ile ra boela ra thulana le libōpuoa tse ngata tse nyenyane. Ba bang ba baeti ba neng ba etela tente ea rōna, ntle le lintsintsi le menoang, e ne e le mofuta o mong oa likokoanyana tse bokellang lijo. Ka nako e khutšoanyane haholo, likokoanyana tsena li ne li ka phunya masoba phahlong efe kapa efe kapa leseleng lefe kapa lefe le neng le siiloe fatše. Mefuta e fapaneng ea likho tse selang le lihahabi tse kang mokholutsoane tse neng li re etela li ne li se kotsi, empa masumu ea neng a kena o ne a ntšoa ka potlako. Liphepheng le tsona li ne li sa amoheloe. Val o hlalosa hore moo li u lommeng teng ekare ho khokhothetsoe ka noto sepekere se chesang hoo se bileng se leng sefubelu. O ne a bua hobane a tseba. O ne a ile a longoa ka makhetlo a mane!
Mohlomong lintho tsena li etsa hore bophelo ba morung bo utloahale e se bo putsang ho hang, empa re ne re sa bo talime ka tsela eo. Ho rōna, e ne e le bophelo ba ho hahloa ke moea, bo maphathe-phathe, bo tlisang bophelo bo botle ’meleng, ’me mahlohonolo a moea a ne a feta hōle mathata leha e le afe a nama.
Ka mehla ho ne ho matlafatsa tumelo ho bona boiteko ba ho tla libokeng bo etsoang ke baena ba tsoang libakeng tsa mahae. Phutheho e ’ngoe e ne e entsoe ka lihlopha tse peli se seng se phela bohōle ba lik’hilomithara tse 23 ho tloha ho se seng ’me li kopantsoe ke tsela e nyenyane feela. “Holo ea ’Muso” ea tsona, e neng e le bohareng pakeng tsa lihlopha tsena tse peli, e ne e le sefate se seholo se etsang moriti ’me litulo e le majoe. Baena ba tsoang sehlopheng ka seng ba ne ba tsamaea bohōle ba lik’hilomithara tse 11,5 ho ea le ho khutla hore ba be teng libokeng habeli ka beke. Hape re hopola banyalani ba bang ba hōlileng ba ileng ba tsamaea bohōle ba lik’hilomithara tse 120 ba jere lisutuk’heisi tsa bona le likobo tsa bona ho ea kopanong ea potoloho. Ena ke mehlala e ’meli feela ea kamoo baena ba Maafrika ba ananelang temoso ea hore ‘ba se ke ba ngala ho phutheha hammoho.’—Ba-Heberu 10:25.
Libakeng tse ling baahi ba sebaka ba ne ba belaela hore esebe re na le morero o itseng, ba bang ba ne ba bile ba hana ha re lula haufi le bona. Ka lekhetlo le leng, ke ile ka hloma tente ea rōna haufi le sebaka sa kopano sebakeng se pota-potiloeng ke joang bo bolelele. Ka mor’a hore lenaneo la kopano le fele ’me re robale lihora tse seng kae, ke ile ka tsosoa ke lerata ka ntle. Ke sebelisa lebone la ka le lenyenyane la libeteri, ka bona ntho e kang motho e eme ka mor’a sefate se senyenyane.
Ka hoeletsa: “U batla’ng moo? Ke hobane’ng ha u ipatile ka mor’a sefate seo?”
Karabelo ea re: “Moena, sh-h-h, re utloile batho ba bang ba re ba tlil’o hotetsa joang bona. Kahoo re ile ra lokisetsa hore ho be le ea tla le lebela bosiu.”
Ba ne ba sa re bolella ka kotsi eo e le hore ba se ke ba re hlobaetsa. Empa ba ne ba utloisisa ho tela boroko ba bona e le hore ba ka re lebela! Ha kopano e fela ka Sontaha motšehare oa mantsiboea, ba lokisetsa hore koloi e ’ngoe e tsamaee ka pele ho rōna ’me e ’ngoe e tsamaee ka morao ho rōna ho fihlela re tsoile sebakeng seo se kotsi.
Hape ho ne ho putsa ho bona kamoo batho bana ba ikokobelitseng ba neng ba nka Bibele e le ea bohlokoa kateng. Phutheho e ’ngoe eo re ileng ra e sebeletsa e ne e le sebakeng seo ho sona baahi ba motse ba neng ba lema makotomane. Har’a beke, re ne re tsamaisa libuka le Libibele bakeng sa mabokose a makotomane a ntseng a e-na le likhaketlana. Ha ketelo ea rōna e fela, ra laela thepa ea rōna, libuka, le makotomane ’me ra ea sebakeng se latelang sa kopano. Nakoana hoba re tlohe sebakeng seo, ra kōptjoa hore re eme hobane motho e mong o ne a re setse morao a leka ho re fumana. Re ile ra ema ’me ra mo lebella. Ho ile ha fumaneha hore e ne e le nkhono ea seng a hōlile haholo ea roetseng lebokose la makotomane. Nakong eo a fihlang ho rōna, o ne a khathetse hoo a ileng a itahlela fatše ’me a paqama ho se hokae pele a ka khona ho bua hantle. E, o ne a batla Bibele! Re ile ra tlameha hore re hle re laolle ntho e ’ngoe le e ’ngoe, empa ra thabela ho khotsofatsa takatso ea hae. Ra fana ka Bibele e ’ngoe matsohong a motho ea lerato—’me ra kenya lebokose le leng la makotomane ka koloing ea rōna!
Hape e ne e le ho babatsehang ho bona kamoo Jehova a ileng a hlahisa balebeli ba potoloho ho etela liphutheho tse ngata tse libakeng tse ka thōko tsa Afrika. Ka nako eo ho ne ho le thata hore Mokhatlo o fumane baena ba tšoanelehang ba neng ba se na litlamo tsa lelapa. Kahoo ho ne ho tloaelehile hore molebeli ea tsamaeang a tlohe phuthehong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe, a tsamaea ka bese kapa ka baesekele, a e-na le mosali oa hae le bana ba babeli kapa ba bararo, lisutuk’heisi, likobo, le libuka. Baena bana le malapa a bona ba ne ba hlile ba sebetsa ka thata ba bile ba sa belaele ha ba sebeletsa liphutheho. E ne e le tokelo e khōlō ho sebeletsa le bona.
Ntoa ea lehae ea bo-1970 e ile ea qala ho hlahisetsa baena mathata, ’me tseko ea ho se nke lehlakore e ne e tlisetsa ba bangata ba bona liteko tse boima tsa botšepehi. (Johanne 15:19) Mokhatlo o ile oa fumana ho le molemo hore o fetole kabelo ea ka e le hore ho se ke ha mpefatsoa boemo bakeng sa baena ho sa hlokahale. Kahoo, ka 1972, ke ile ka bitsetsoa ho tla sebeletsa ofising ea lekala Salisbury. Sena se ile sa mpha monyetla oa ho thusa ka kaho ea ofisi e ncha ea lekala. Nakoana hamorao ka abeloa ho ba molebeli oa potoloho bakeng sa liphutheho tsa batho ba buang Senyesemane tse neng li qalikane haholo. Sena se ne se hloka hore ke fohle Zimbabwe ka mahlakore ’ohle a eona. Libakeng tse ling boemo bo ne bo le kotsi hoo re neng re lokela ho tsamaea ka lihlopha tse sirelelitsoeng tse lokiselitsoeng ke ’muso, re lebetsoe ke sesole ka sefofane le helicopter.
Ho Fallela ha Rōna Tsullung ea Afrika
Joale ha hlaha phetoho e ’ngoe e khōlō ea kabelo. Re ne re ea sebeletsa Maseru, motse-moholo oa Lesotho. Ena ke naha ea lithaba, eo ka linako tse ling e bitsoang tsullu ea Afrika, ’me e na le libaka tse ngata tse bohehang.
Le hoja re ananela ho boheha ha sebaka re bile re ho thabela, oo e ne e se oona morero oa rōna oa ho tla mona. Re tlile mona ho tla thusa ho fumana “lintho tse lakatsehang” tseo ho builoeng ka tsona ho Haggai 2:7. Ena ke naha e nyenyane e nang le baahi ba etsang millione le halofo feela. Ha re fihla mona ka 1979, ka karolelano, Lipaki tse 571 li ne li kopanela boboleling ba “Evangeli ena ea ’muso” khoeli le khoeli. (Mattheu 24:14) Phutheho ea Maseru e ile ea hōla ho fihlela moo ho ileng ha hlokahala hore e aroloe hore e be liphutheho tse peli. Haufinyana, ka ’Mesa 1988, re ile ra thaba haholo ho fihlela tlhōro e ncha ea baboleli ba ’Muso ba 1 078.
Khabareng, mosebetsi o ntse o tsoela pele likabelong tsa rōna tsa pele tsa boromuoa Zambia le Zimbabwe. Ha re qala ho fihla Afrika hoo e ka bang lilemo tse 35 tse fetileng, ho ne ho e-na le kakaretso ea baboleli ba ’Muso ba 36 836 linaheng tseo tse peli. Kajeno lenane ke 82 229. Tokelo ea ho kopanela ka tsela e fokolang keketsehong ena e bile moputso o babatsehang ho rōna.
Mopesaleme Davida o ngotse: “Latsoang, le bone hoba Jehova o molemo.” (Pesaleme ea 34:8) ‘Ho latsoa’ ha rōna tšebeletso ea boromuoa ho re kholisitse hore mantsoe ana ke ’nete. Ha e le hantle, ho tloha ka 1942 ha re qala tšebeletso ea nako e tletseng hammoho, bophelo ba rōna e bile bo tletseng mahlohonolo ha re ntse re fumana molemo o khaphatsehang oa Jehova. Ho sa ntsane ho e-na le mosebetsi o mongata o lokelang ho etsoa. Re leboha Jehova hakaakang hore e be re sa ntsane re e-na le matla le bophelo ka tekanyo e itseng tseo re ka li sebelisang tšebeletsong ea hae!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a $1.00 R2, 30.
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
John Miles le mosali oa hae, Val