“Haeba le Kolota Lekhetho, Lefang Lekhetho”
“LEFATŠENG lena ha ho letho leo re ka kholisehang ka lona ka ntle ho lefu le lekhetho.” Ke kamoo seqapi le setsebi sa Leamerika ho tsa lipolotiki sa lekholo la bo18 la lilemo Benjamin Franklin se ileng sa bolela. Mantsoe a sona a qotsoang hangata, ha a bontše feela kamoo lekhetho e leng le ke keng la qojoa kateng empa le tšabo e khōlō eo le e tlisang. Ho ba bangata, ho shoa ho molemo ho feta ho lefa lekhetho.
Le hoja ho lefa lekhetho e ka ’na ea e-ba ho sa thabiseng, ena ke tlamo eo Bakreste ba ’nete ba e nkang ka ho tebileng haholo. Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bokreste e Roma: “Nehang e mong le e mong seo le mo kolotang sona: Haeba le kolota lekhetho, lefang lekhetho; haeba e le sethaba-thaba, kahoo e be sethaba-thaba; haeba e le tlhompho; e be tlhompho, haeba e le ho tlotlisa; e be tlotliso.” (Ba-Roma 13:7, New International Version) Jesu Kreste o ne a bua ka lekhetho ka ho khethehileng ha a ne a re: “Ntšetsang Sesare tseo e leng tsa Sesare, ’me le ntšetse Molimo tseo e leng tsa Molimo.”—Mareka 12:14, 17.
Jehova o lumelletse “balaoli ba phahameng” ba ’muso hore ba be teng ’me o hloka hore bahlanka ba hae ka tsela e lekanyelitsoeng ba ikokobeletse bona. Joale, ke hobane’ng ha Molimo a phehella hore barapeli ba hae ba lefe lekhetho? Pauluse o bolela mabaka a mararo a motheo: (1) “khalefo” ea “balaoli ba phahameng” bakeng sa ho otla batlōli ba molao; (2) letsoalo la Mokreste, leo e ke keng ea e-ba le hloekileng haeba a qhekella lekhethong la hae; (3) tlhokahalo ea ho lefa ‘bahlanka bana ba sechaba’ bakeng sa litšebeletso tseo ba fanang ka tsona le ho boloka tekanyo ea taolo. (Ba-Roma 13:1-7, NW) Ba bangata ba ka ’na ba se ke ba rata ho lefa lekhetho. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore ba ke ke ba rata ho phela naheng e se nang sepolesa kapa tšireletso ea litima-mollo, ho lokisoa ha mebila, moo ho se nang likolo tsa sechaba, le moo ho se nang tsamaiso ea poso. Setsebi sa molao sa Leamerika Oliver Wendell Holmes se kile sa e beha ka tsela ena: “Lekhetho ke seo re se lefang bakeng sa ho ba sechaba se tsoetseng pele.”
Ho lefa lekhetho hase ntho e ncha bakeng sa bahlanka ba Molimo. Baahi ba Iseraele ea boholo-holo ba ne ba lefa mofuta o itseng oa lekhetho ho thusa marena a bona, ’me ba bang ba babusi bao ba ne ba imetsa batho haholo ka makhetho a sa nahaneleng. Bajode le bona ba ne ba lefa linyehelo le lekhetho ho mebuso e neng e ba busa, joaloka oa Egepeta, Persia, le Roma. Kahoo Bakreste mehleng ea Pauluse ba ne ba tseba hantle hore na o ne a bua ka eng ha a bolela ka ho lefshoa ha lekhetho. Ba ne ba tseba hore na ebe lekhetho e ne e le le nahanelang kapa che, hape ho sa tsotellehe hore na mebuso e ne e ka ’na ea sebelisa chelete ena joang, ba ne ba lokela ho lefa lekhetho leha e le lefe leo ba le kolotang. Ho sa le joalo le ka Bakreste kajeno. Leha ho le joalo, ke melao-motheo efe e ka ’nang ea re fa tataiso ha re lefa lekhetho la rōna mehleng ee e rarahaneng?
Melao-motheo e Mehlano e Tataisang
Eba ea hlophisehileng. Re sebeletsa le ho etsisa Jehova, eo e leng “Molimo oa khotso, eseng oa moferefere.” (1 Ba-Korinthe 14:33, Bibele Phetolelo e Ncha; Ba-Efese 5:1) Ho ba ea hlophisehileng ke habohlokoa ka ho fetisisa mabapi le ho lefa lekhetho. Na litlaleho tsa hao ke tse phethahetseng, tse nepahetseng, le tse hlophisehileng? Hangata, ha ho hlokahale hore u be le mokhoa oa ho boloka lipampiri o theko e boima. U ka ’na ua ba le faele e nang le letšoao bakeng sa mofuta o mong le o mong oa tlaleho (joaloka lirasiti tse bontšang litšenyehelo tse fapa-fapaneng). E ka ’na ea e-ba ho tšoanetseng ho li bokella lifaeleng tse kholoanyane bakeng sa selemo ka seng. Linaheng tse ngata ho hlokahala hore lifaele tse joalo li bolokoe ka lilemo tse ’maloa molemong oa haeba ’muso o ka etsa qeto ea ho hlahloba litlaleho tsa nakong e fetileng. Kahoo u se lahle letho ho fihlela ha u kholisehile hore ha le sa hlokahala.
Eba ea tšepahalang. Pauluse o ile a ngola: “Le ’ne le re rapelle, hobane re tšepa hore re na le letsoalo le letle‚ hobane re lakatsa ho itšoara ka botšepehi linthong tsohle.” (Ba-Heberu 13:18, NW) Takatso e tebileng ea ho ba ba tšepahalang e lokela ho re tataisa qetong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang ha re lefa lekhetho la rōna. Pele, nahana ka lekhetho le lokelang ho lefshoa la chelete e tlalehiloeng ho ’muso. Linaheng tse ngata, chelete e eketsehileng—e fumanoeng phaellong, mesebetsing e phaellang ho oo motho a nang le oona, thekisong—ke e khafisoang hang ha e feta tekanyo e behiloeng. Ka “letsoalo le letle” Mokreste o tla fumana hore na ke mofuta le tekanyo efe ea chelete eo a tlamehileng ho e lefella lekhetho sebakeng seo a phelang ho sona ’me o tla lefa lekhetho le loketseng.
Ntlha ea bobeli, ho na le taba ea liphokoletso. Ka ho tloaelehileng mebuso e lumella balefi ba lekhetho ho fokotsa litšenyehelo tse itseng cheleteng ea bona e lefisoang lekhetho. Lefatšeng lena le sa tšepahaleng, ba bangata ha ba bone kotsi ea ho ba ba “iqapelang” kapa ba “inahanelang” ha ba kōpa liphokoletso tse joalo. Ho tlalehoa monna e mong United States a ile a rekela mosali oa hae jase ea boea e theko e boima, eaba o e fanyeha sebakeng sa hae sa khoebo nakong e ka etsang letsatsi e le hore a tle a tsebe ho batla phokoletso ka eona ka ho re ke mofuta oa “mokhabiso” bakeng sa sebaka sa khoebo! Monna e mong o ile a batla litšenyehelo tsa lechato la morali oa hae e le liphokoletso tsa khoebo. Ho sa le joalo e mong o ile a leka ho fokotsa litšenyehelo tsa ho etela Bochabela bo Hōle le mosali oa hae ka likhoeli-khoeli, le hoja bonneteng a ne a ile moo ka sepheo sa botsoalle le boithabiso. Ho bonahala ho se na pheletso ea litaba tse joalo. Ha ho boleloa ka tsela e bonolo, ho bitsa ntho e ’ngoe phokoletso ea khoebo ha bonneteng e se eona ke mokhoa oa ho bua leshano—e leng ntho eo Molimo oa rōna, Jehova, a e nyonyang ka ho feletseng.—Liproverbia 6:16-19.
Eba bohlale. Jesu o ile a phehella balateli ba hae hore ba be ‘bohlale joalo ka linoha, ’me e be ba se nang mano joalo ka maebana-khoroana.’ (Mattheu 10:16) Keletso eo e ka sebetsa hamolemo mekhoeng ea rōna ea ho lefa lekhetho. Haholo-holo linaheng tse tsoetseng pele moruong, mehleng ena batho ba eketsehileng ba lefa lik’hamphani tse lokisang litlaleho kapa litsebi hore li lekanyetse hore na ke lekhetho le lekae leo ba lokelang ho le lefa. Joale ebe ba se ba saena liforomo feela le ho romela cheke. Ona e ka ba monyetla o motle oa ho hlahloba tlhokomeliso e tlalehiloeng ho Liproverbia 14:15: “Sethoto se lumela litaba tsohle; empa ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.”
Balefi ba bangata ba lekhetho ba ile ba qabana le ’muso ka lebaka la ho “lumela litaba tsohle” tsa ’moloki oa libuka tsa khoebo ea sa tšepahaleng kapa mohlophisi oa lekhetho ea hlokang phihlelo. Ke ho molemo hakaakang ho ba ea bohlale! Eba seli ka ho bala ka hloko tokomane leha e le efe pele u e saena. Haeba tlaleho e kentsoeng, e siiloeng, kapa phokoletso e sa u hlakela, kōpa hore u e hlalosetsoe—khafetsa haeba ho hlokahala—ho fihlela ha u khotsofetse hore taba ea tšepahala le hore e molaong. Ke ’nete hore, linaheng tse ngata melao ea lekhetho e rarahane haholo, empa ho isa bohōleng bo ka khonehang, ke tsela e bohlale ho utloisisa ntho leha e le efe eo u e saenelang. Maemong a mang, u ka ’na ua fumana hore Mokreste-’moho le uena ea tloaelaneng le molao oa lekhetho a ka ’na a fana ka temohisiso. Moholo e mong oa Mokreste ea sebetsanang le litaba tsa lekhetho e le ’muelli oa molao o ile a toba taba ka hore: “Haeba ’moloki oa hao oa libuka tsa khoebo a rera ntho e itseng e utloahalang e se ea sebele, mohlomong e ka ’na eaba ha e tšepahale!”
Eba ea nang le boikarabelo. Moapostola Pauluse o ngotse: “E mong le e mong o tla jara phahlo ee e leng ea hae.” (Ba-Galata 6:5) Mabapi le ho lefa lekhetho, Mokreste e mong le e mong o tlameha ho jara boikarabelo ba ho ba ea tšepahalang le ea utloang molao. Ena hase taba eo baholo ba phutheho ba lokelang ho sala-sala mohlape o leng tlas’a tlhokomelo ea bona morao ka eona. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 1:24.) Ha ba itšunya-tšunye litabeng tsa lekhetho ntle leha ho e-tla tlhokomelong ea bona taba ea ho etsoa ha phoso e tebileng, mohlomong e le e amanang le mahlabisa-lihlong sechabeng. Ka kakaretso, ena ke taba eo Mokreste ka mong a ikarabellang ho eona bakeng sa ho sebelisa letsoalo la hae le koetlisitsoeng hantle ha a sebelisa melao-motheo ea Mangolo. (Ba-Heberu 5:14) Sena se akarelletsa ho ba hlokolosi hore ho saena tokomane ea lekhetho—ho sa tsotellehe hore na ke mang ea e lokiselitseng—ka sebele ke ho etsa polelo ea molao ea hore u balile tokomane ’me u lumela hore seo e se tšoereng ke ’nete.a
Eba ea sa nyatsuoeng. Balebeli ba Bakreste ba tlameha ho ba ba “sa nyatsuoeng” e le hore ba ka tšoanelehela boemo ba bona. Ka ho tšoanang, phutheho eohle e lokela ho ba e sa nyatseheng mahlong a Molimo. (1 Timothea 3:2; bapisa le Ba-Efese 5:27.) Ka hona ba leka ka matla ho boloka botumo bo botle sechabeng, esita le tabeng ea ho lefa lekhetho. Jesu Kreste ka boeena o ile a beha mohlala o motle tabeng ena. Morutuoa oa hae Petrose o ile a botsoa hore na Jesu o lefa lekhetho la tempele, le neng le ama lidrakema tse peli feela. Ka sebele, Jesu o ne a sa tlangoa ke lekhetho lena, hobane tempele e ne e le ntlo ea Ntat’ae ’me ha ho morena ea imetsang mor’a hae ka lekhetho. Jesu o ile a bolela sona seo; leha ho le joalo, o ile a lefa lekhetho leo. Ha e le hantle, o ile a ba a sebelisa mohlolo ho fumana chelete e batlehang! Ke hobane’ng ha a ile a lefa lekhetho leo ka tšoanelo a neng a lokolohile ho lona? Joalokaha Jesu ka boeena a ile a bolela, e ne e le hore “re se ke ra ba khopisa.”—Mattheu 17:24-27.b
Boloka Botumo bo Botle ba ho Hlompha Molimo
Ka ho tšoanang Lipaki tsa Jehova kajeno li amehile ka hore li se khopise ba bang. Joale, ha ho makatse hore e le sehlopha, Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li thabela botumo bo botle ba ho ba baahi ba tšepahalang, le ba lefang lekhetho. Ka mohlala, koranta ea Spain ea El Diario Vasco e ile ea bua ka ho phema lekhetho ho pharalletseng Spain, empa e hlokometse: “Mekhelo [ke] Lipaki tsa Jehova feela. Ha li reka kapa li rekisa, chelete ea lekhetho la [thepa] eo li e bolelang ke ’nete ka ho phethahetseng.” Ka ho tšoanang, lilemong tse seng kae tse fetileng koranta ea United States San Francisco Examiner e ile ea hlokomela: “U ka ’na ua nka [Lipaki tsa Jehova] e le baahi ba behang mohlala. Ba lefa lekhetho ka khothalo, ba hlokomela ba kulang, ba loantša ho se tsebe ho bala le ho ngola.”
Ha ho Mokreste oa ’nete ea ka batlang ho etsa letho le ka silafatsang botumo bona bo botle bo fumanehileng ka thata. Haeba u tlameha ho etsa khetho, na u ne u tla ipeha kotsing ea ho tsebahala u le moqhekelli lekhethong molemong oa ho boloka cheletenyana e itseng? Che. Ka sebele u ne u ka mpa ua lahleheloa ke chelete ho e-na le ho senya lebitso la hao le letle le ho lahla litekanyetso tsa hao tsa bohlokoa esita le ho beha borapeli ba hao ho Jehova ka mosing.
Bonneteng, ho boloka botumo bo botle joaloka motho ea lokileng, ea tšepahalang ho ka ’na ha u nģosa chelete ka linako tse ling. Joalokaha rafilosofi oa boholo-holo oa Mogerike Plato a ile a hlokomela lilemong tse makholo a 24 tse fetileng: “Ha ho e-na le lekhetho la chelete eo motho a e fumanang, motho ea lokileng o tla lefa ho eketsehileng ’me ea sa lokang o tla lefa ho fokolang cheleteng eo a e fumanang e lekanang.” E ka ’na eaba o ile a phaella ka hore ha ho mohla motho ea lokileng a ikoahlaelang ho lefa chelete ea ho ba ea lokileng. Esita le ho ba le botumo bo joalo ho tšoaneloa ke tšenyehelo. Ka sebele sena ke ’nete ka Bakreste. Botumo ba bona bo botle ke ba bohlokoa ho bona hobane bo tlisa tlhompho ho Ntat’a bona oa leholimo ’me bo ka thusa ho hulela ba bang tseleng ea bona ea bophelo le ho Molimo oa bona Jehova.—Liproverbia 11:30; 1 Petrose 3:1.
Leha ho joalo, Bakreste ba nka kamano ea bona le Jehova e le ea bohlokoa ho feta tsohle. Molimo o bona tsohle tseo ba li etsang, ’me ba lakatsa ho mo thabisa. (Ba-Heberu 4:13) Ka hona, ba qhelela thōko moleko oa ho leka ho qhekella ’muso. Baa hlokomela hore Molimo o thabela boitšoaro bo tšepahalang, le bo khabane. (Pesaleme 15:1-3) Hape kaha ba batla ho thabisa pelo ea Jehova, ba lefa lekhetho lohle leo ba le kolotang.—Liproverbia 27:11; Ba-Roma 13:7.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena se ka ’na sa hlahisa phephetso ho Bakreste ba nehelanang ka tlaleho ea ho lefshoa ha lekhetho eo a e kopanetseng le molekane ea sa lumelang. Mosali oa Mokreste o tla etsa boiteko bo hlokolosi ba ho leka-lekanya molao-motheo oa bohlooho le tlhoko ea ho utloa melao ea Sesare ea lekhetho. Leha ho le joalo, o lokela ho hlokomela liphello tsa molao tse ka tlisoang ke ho saena tokomane e entsoeng ka bohata a ntse a tseba.—Bapisa le Ba-Roma 13:1; 1 Ba-Korinthe 11:3.
b Ka ho thahasellisang, Kosepele ea Mattheu ke eona feela e tlalehileng ketsahalo ena ea bophelo ba Jesu ba lefatšeng. Joalokaha pele e ne e le ’mokelli oa lekhetho ka boeena, ha ho pelaelo hore Mattheu o ile a khahloa ke boikutlo ba Jesu tabeng ena.