Kananelo Bakeng sa Banab’abo Rōna
“Ka . . . lerato le mofuthu la bana ba motho le se nang boikaketsi, ratanang ka matla ho tloha pelong.”—1 PETROSE 1:22, NW.
1. Ke eng e ileng ea kholisa batho ba bangata hore Lipaki tsa Jehova li sebelisa Bokreste ba ’nete?
LERATO ke tšobotsi e khethollang ea Bokreste ba ’nete. Nakong ea sejo sa ho qetela seo Jesu a ileng a se kopanela le baapostola ba hae, o ile a hatisa sena, a re: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joalo ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Batho ba bangata ba ile ba qala ho kholiseha hore Lipaki tsa Jehova li sebelisa Bokreste ba ’nete ha ba e-ba teng sebokeng Holong ea ’Muso kapa ha ba e-ea kopanong e kholoanyane. Ba ile ba hlokomela lerato moo le sebetsang, ’me ka sena ba tseba hore ba har’a barutuoa ba ’nete ba Kreste.
2. Moapostola Pauluse o ile a re’ng tabeng ea lerato, letšoao le khethollang la Bokreste?
2 Kaofela ha rōna re thabela hore letšoao lena le khethollang la Bokreste ba ’nete le hlokomeleha har’a batho ba Jehova kajeno. Leha ho le joalo, joaloka Bakreste ba pele, re hlokomela hore re lokela hore kamehla re batle litsela tse eketsehileng tsa ho bontša hore re ananela banab’abo rōna. Pauluse o ile a ngolla phutheho e Thessalonika: “Morena a le hōlise, ’me a le atisetse lerato la ho ratana, le la ho rata bohle.” (1 Ba-Thessalonika 3:12) Re ka eketsa ho ratana ha rōna joang?
Lerato le Lerato le Mofuthu la Bana ba Motho
3. Ho phaella ho pheleng bophelo bo hloekileng, moapostola Petrose o ile a re ho hlokahala eng bakeng sa Bakreste?
3 Lengolong le akaretsang le neng le ngoletsoe liphutheho tsa Bokreste Asia Minor, moapostola Petrose o ile a ngola: “Kaha le hloekisitse meea [kapa, bophelo] ea lōna ka ho utloa ha lōna ’nete ka lerato le mofuthu la bana ba motho [phi·la·del·phiʹa] le se nang boikaketsi e le eona phello, ratanang [mofuta o mong oa a·ga·paʹo] ka matla ho tloha pelong.” (1 Petrose 1:22, NW) Petrose o bontša hore ha hoa lekana hore re hloekise bophelo ba rōna feela. Kutlo ea rōna ’neteng, e akarelletsang molao o mocha, e lokela ho fella ka lerato le mofuthu la bana ba motho le se nang boikaketsi le lerato le matla e mong ho e mong.
4. Re lokela ho botsa lipotso life, ’me Jesu o itse’ng ntlheng ee?
4 Na lerato la rōna le kananelo ea rōna bakeng sa banab’abo rōna li sekametse ho bontšoa feela ho bao maikutlo a rōna a sekametseng ho bona? Na tšekamelo ea rōna ke hore re fane feela ho baa, re iphoufaletsa mefokolo ea bona, ha re potlakela ho hlokomela liphoso tsa ba bang le mefokolo ea ba bang bao re ikutloang hore ka tlhaho ha ba ipiletse ho rōna? Jesu o itse: “Ha le rata [mofuta o mong oa a·ga·paʹo] ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na ba-lekhetho ha ba etse joalo le bona na?”—Mattheu 5:46.
5. Seithuti sa Bibele se etsa khethollo efe lipakeng tsa lentsoe la Segerike le bolelang “lerato” le le bolelang “lerato le mofuthu”?
5 Bukeng ea hae New Testament Words, Moprofesa William Barclay o etsa litlhaloso tse latelang ka lentsoe lena la Segerike le fetoletsoeng e le “lerato le mofuthu” le “lerato”: “Mantsoe ana [phi·liʹa, e bolelang “lerato le mofuthu,” le lereho le amanang le lona phi·leʹo] a na le mofuthu o ratehang. A bolela ho sheba motho ka tlhompho e ratehang. . . . Mantsoe a tloaelehileng ka ho fetisisa a T[estamente e] N[cha] bakeng sa lerato ke lereho agapē le ketso agapan. . . . Philia e ne e le lentsoe le letle, empa ka ho tiileng e ne e le lentsoe la mofuthu le katamelano le lerato le mofuthu. . . . Agapē e amana le kelello: ha se boikutlo feela bo hlahang ka lipelong tsa rōna ho se letho le bo memang; ke molao-motheo oo re phelang ka oona ka morero. Agapē e amana haholo-holo le thato. Ke khapo, tlhōlo, le ho finyella ho hong. Ha ho motho eo ka tlhaho a kileng a rata lira tsa hae. Ho rata lira tsa motho ke khapo ea litšekamelo tsohle tsa rōna le boikutlo bohle ba rōna ba botho. Agapē ena . . . ha e le hantle ke matla a ho rata se sa rateheng, ho rata batho bao maikutlo a rōna a sa sekamelang ho bona.”
6. (a) Re lokela ho ipotsa lipotso life tse batlisisang? (b) Ho ea ka Petrose, ke hobane’ng ha re ke ke ra lekanyetsa lerato la rōna le mofuthu la bana ba motho feela ho ba ipiletsang ho rōna ka tlhaho?
6 Ka bolotsana ba hore Mangolo a lumella hore re be le boikutlo bo mofuthu bakeng sa bana ba bang babo rōna ho feta ba bang, na re sekamela hore re emele boikutlo ba rōna? (Johanne 19:26; 20:2) Na re nahana hore re ka bontša “lerato” le batang, le le qobelloang ho ba bang hobane re lokela ho etsa joalo, ha lerato la rōna le mofuthu la bana ba motho re le boloketse ba ipiletsang ho rōna ka tlhaho? Haeba ho joalo, re lahlehetsoe ke ntlha ea bohlokoa khothatsong ea Petrose. Ha rea hloekisa meea ea rōna ka ho lekaneng ka ho utloa ha rōna ’nete, hobane Petrose o re: “Kaha joale ka ho utloa ’nete le hloekisitse meea ea lōna ho fihlela ha le utloa lerato le mofuthu la ’nete mabapi le banab’abo lōna ba Bakreste, ratanang ka pelo eohle ka matla ’ohle a lōna.”—1 Petrose 1:22, The New English Bible.
“Lerato le Mofuthu la Bana ba Motho le Hlokang Boikaketsi”
7, 8. Tšimoloho ea lentsoe le fetoletsoeng e le ‘ho hloka boikaketsi’ ke efe, kahoo ke hobane’ng ha Petrose a ile a sebelisa lentsoe lee?
7 Moapostola Petrose o bile o tsoela pele. O bolela hore lerato la rōna le mofuthu la bana ba motho le lokela ho hloka boikaketsi. Lentsoe le fetoletsoeng e le ho “hloka boikaketsi” le tsoa lentsoeng la Segerike le hanyetsang le neng le sebelisoa bakeng sa libapali tsa sethaleng tse neng li bua li khurumelitse lifahleho tsa tsona ka lifahleho tsa maiketsetso. Hona ho ne ho li nolofaletsa ho iketsa libapali tse fapa-fapaneng tse ngata nakong ea papali e le ’ngoe. Eaba lentsoe leo le fumana moelelo oa tšoantšetso ea boikaketsi, ho ikhakanya, kapa ho iketsisa.
8 Botebong ba lipelo tsa rōna re ikutloa joang ka bana ba bang babo rōna phuthehong? Na libokeng re ba lumelisa ka ho bososela hoo re ho qobellang, re potlakela ho thintša mahlo kapa ho fetela pele? Ho hobe ka ho fetisisa, na re leka ho qoba hore ho hang re se ke ra ba lumelisa? Haeba ho joalo, ho thoe’ng ka “ho utloa ’nete” ha rōna ho lokelang hore e be ho ne ho hloekisitse meea ea rōna hoo re utloang lerato la ’nete le mofuthu mabapi le Bakreste ’moho le rōna? Ka ho sebelisa poleloana ho “hloka boikaketsi,” Petrose o bolela hore lerato le mofuthu la rōna bakeng sa banab’abo rōna ha lea lokela ho bontšoa ka lebaka la boikhantšo. Le lokela hore e be la ’nete, le tlohang pelong.
“Ka Matla ho Tloha Pelong”
9, 10. Petrose o ne a bolela eng ha a re re lokela ho ratana “ka matla,” kapa “ka ho sarolohileng”?
9 Petrose oa eketsa: “Ratanang ka matla [hantle-ntle, “ka ho sarolohileng”] ho tloha pelong.” Ha ho hlokahale hore ho sarolloe pelo ho bontša lerato ho bao ka tlhaho maikutlo a rōna a sekametseng ho bona le ba re ratang ka ho tšoanang. Empa Petrose o re bolella hore re ratane “ka ho sarolohileng.” Ha le bontšoa har’a Bakreste, lerato la a·gaʹpe hase lerato feela le qobelloang, le beheloang mabaka, joalo ka le kang leo re lokelang ho ba le lona bakeng sa lira tsa rōna. (Mattheu 5:44) Ke lerato le matla ’me le hloka boiteko. Le akarelletsa ho sarolla lipelo tsa rōna, re li atolosa e le hore li ka akarelletsa batho bao ka tloaelo ba sa ipiletseng ho rōna.
10 Ho Linguistic Key to the Greek New Testament ea hae, Fritz Rienecker o hlalosa ka lentsoe le fetoletsoeng e le “ka matla,” kapa “ka ho sarolohileng,” ho 1 Petrose 1:22. Oa ngola: “Maikutlo a bohlokoa ke a ho etsa ntho ka tieo, cheseho (ho se etse ntho habobebe . . . empa kamoo ho leng kateng ho e etsa ka ho iqobella (Hort).” Har’a lintho tse ling, ho iqobella ho bolela “ho sarolla ntho ho fihlela moo e fellang teng.” Ka lebaka lena ho ratana ka matla ho tloha pelong ho bolela ho ikitlaetsa ho isa moo boiteko ba rōna bo ka fellang teng hore re be le lerato le mofuthu la bana ba motho bakeng sa metsoalle eohle ea rōna ea Bokreste. Na bana ba bang babo rōna ba petelitsoe leratong la rōna le mofuthu? Haeba ho joalo, re lokela ho atoloha.
“Atolohang”
11, 12. (a) Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso efe ho Bakreste ba Korinthe? (b) Pauluse o ile a bea mohlala ofe o motle ntlheng ee?
11 Ho hlakile hore moapostola Pauluse o ne a ikutloa hore hona hoa hlokahala phuthehong ea Korinthe. O ile a ngolla Bakreste ba moo: “Bakorinthe, molomo oa rōna o le ahlametse, lipelo tsa rōna li atolohile. Ha lea petetsana ka hare ho rōna, empa le petetsane leratong la lōna le mofuthu. Kahoo, ka ho buseletsa—ke bua joaloka ho bana—le lōna, atolohang.”—2 Ba-Korinthe 6:11-13, NW.
12 Re ka atolosa lipelo tsa rōna joang hore re akarelletse bana bohle babo rōna? Pauluse o ile a bea mohlala o motle ntlheng ena. Ka ho totobetseng o ne a qamaka ho molemo ho banab’abo, ’me o ne a sa ba hopole ka lebaka la mefokolo ea bona empa ka lebaka la litšoaneleho tsa bona tse molemo. Khaolo ea ho qetela ea lengolo la hae le eang ho Bakreste ba Roma e bontša sena. A re hlahlobeng Ba-Roma khaolo ea 16, ’me re bone kamoo e bontšang boikutlo bo botle ba Pauluse mabapi le banab’abo.
Kananelo e Mofuthu
13. Pauluse o ile a bontša kananelo ea hae joang bakeng sa Foibe, hona hobane’ng?
13 Pauluse o ile a ngola lengolo la hae le eang ho Baroma a le Korinthe hoo e ka bang ka selemo sa 56 C.E., nakong ea leeto la hae la boraro la boromuoa. Ho hlakile hore o ne a le nehelelitse mosali oa Mokreste ea neng a bitsoa Foibe, setho sa phutheho e haufi le moo ea Senkrea, ea neng a e-ea Roma. (Bala litemana 1, 2.) Hlokomela kamoo ka mofuthu a mo buellang ho banab’abo ba Roma. Ka tsela ena kapa e ’ngoe, Foibe o ne a ile a sireletsa Bakreste ba bangata, ho akarelletsa Pauluse, mohlomong maetong a bona a neng a pota koung ea likepe e sephethe-phethe ea Senkrea. E le moetsalibe ea sa phethahalang, joaloka batho ba bang bohle, ha ho pelaelo hore Foibe o ne a e-na le mefokolo ea hae. Empa ho e-na le ho lemosa phutheho ea Baroma ka mefokolo ea Foibe, Pauluse o ile a ba laela hore ba mo “amohele Moreneng, joaloka ha bahalaleli ba tšoaneloa ke ho amoheloa.” Ke boikutlo bo botle hakaakang!
14. Pauluse o ile a bua lintho life tse mosa ka Prisilla le Akila?
14 Ho tloha ka temana ea 3 ho ea ho temana ea 15, Pauluse o romela litumeliso ho Bakreste ba fetang 20 ba boletsoeng ka mabitso le ba bang ba bangata ba boletsoeng ka bonngoe kapa ka sehlopha. (Bala litemana 3, 4.) Na mona u utloa lerato le mofuthu la bana ba motho leo Pauluse a neng a le utloa bakeng sa Prisilla le Akila? Banyalani bana ba ne ba ile ba ipea kotsing ka lebaka la Pauluse. Joale o ne a lumelisa basebetsi-’moho le eena bana ka teboho ’me a ba romela pontšo ea teboho lebitsong la liphutheho tsa Balichaba. E tlameha e be Akila le Prisilla ba ile ba khothatsoa hakaakang ke litumeliso tsee!
15. Pauluse o ile a bontša mosa oa hae le boikokobetso ba hae joang ha a lumelisa Andronike le Juniase?
15 Pauluse o ile a fetoha Mokreste ea ineetseng hoo e ka bang selemo kapa tse peli kamorao ho lefu la Kreste. Nakong ea ha a ngola lengolo la hae le eang ho Baroma, o ne a se a ile a sebelisoa ke Kreste e le moapostola ea tsebisahalang oa lichaba ka lilemo tse ngata. (Liketso 9:15; Ba-Roma 1:1; 11:13) Empa, hlokomela mosa oa hae le boikokobetso ba hae. (Bala temana ea 7.) O ile a lumelisa Andronike le Juniase e le ‘banna ba tumileng har’a baapostola [ba romiloeng]’ ’me a lumela hore ba ne ba sebelelitse Kreste haleletsana ho mo feta. Moo ha ho mohlala oa mōna leha e le o monyenyane feela!
16. (a) Pauluse o buile ka mantsoe afe a lerato le Bakreste ba bang ba neng ba phela Roma? (b) Ke hobane’ng ha re ka tiisa hore litumeliso tsena e ne e le mehlala ea “lerato le mofuthu la bana ba motho”?
16 Re tseba hanyenyane kapa ha ho letho leo re le tsebang ka Bakreste ba joalo ba pele ba kang Epainete, Ampliase, le Stakise. (Bala litemana 5, 8, 9.) Empa feela ka tsela eo Pauluse a ba lumelisang ka boraro ba bona, re ka tiisa hore e ne e le banna ba khabane. Ba ne ba ikentse ba ratehang ho Pauluse hoo a neng a ba bitsa e mong le e mong oa bona “moratuoa oa ka.” Pauluse o boetse a ba le mantsoe a mosa bakeng sa Apelle le Rufuse, a bua ka bona ka ho latelana e le “ea khabane ho Kreste,” le “mokhethoa oa Morena.” (Bala litemana 10, 13.) Ke pabatso e ntle hakaakang e ka etsetsoang Bakreste baa ba babeli! Kaha re tseba kamoo Pauluse a neng a toba taba kateng, re ka tiisa hore thoriso e neng e lebisoa ho bona e ne e se tloaelo feela. (Bapisa 2 Ba-Korinthe 10:18.) Ebile Pauluse ha aa ka a lebala ho lumelisa ’mè oa Rufuse.
17. Pauluse o ile a bontša kananelo e tebileng joang bakeng sa likhaitseli tsa hae?
17 Hona ho re tlisa kananelong ea Pauluse bakeng sa likhaitseli tsa hae. Ntle ho ’mè oa Rufuse, Pauluse o bolela basali ba bang ba Bakreste ba fetang ba tšeletseng ka palo. Re se re bone kamoo ka mosa a ileng a bua ka Foibe le Prisilla. Empa hlokomela hore na ke ka lerato le mofuthu hakaakang la bana ba motho a ileng a lumelisa Maria, Trifine, Trifose, le Persida. (Bala litemana 6, 12.) Motho a ka ’na a ikutloa hore o ne a qenehela bo-khaitseli bana ba sebetsang ka thata ba neng ba etselitse banab’abo bona ‘mesebetsi e mengata.’ Ke ho hahang hakaakang ho bona kananelo ea Pauluse e tlohang pelong bakeng sa banab’abo, ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona!
Re sa Belaelle Sepheo sa Banab’abo Rōna
18. Re ka leka joang ho etsisa Pauluse, empa ke eng e ka ’nang ea hlokahala?
18 Ke hobane’ng ha u sa etsise Pauluse ’me ua leka ho fumana ho hong ho hotle hoo u ka ho buang ka ngoan’eno e mong le e mong ka phuthehong? Ho ba bang, u ke ke ua thatafalloa ho hang. Bakeng sa ba bang, ho ka ’na ha hloka hore u batlisise ho se hokae. Ke hobane’ng ha u sa leke ho ipha nako eitseng u e-na le bona e le hore u ka ba tseba hamolemonyana? Ruri u tla fumana litšoaneleho tse ratehang ho bona, ’me, ho tseba mang, ba ka ’na ba u ananela haholoanyane ho feta pele.
19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho belaella sepheo sa banab’abo rōna, ’me Jehova o re beela mohlala o motle oa lerato joang?
19 Ha rea lokela ho belaella sepheo sa banab’abo rōna. Kaofela ha bona ba rata Jehova; ho seng joalo ba ka be ba sa neela bophelo ba bona ho eena. Ke eng e ba sireletsang hore ba se khutlele lefatšeng, le ho latela litsela tsa lona tse bonolo? Ke lerato la bona bakeng sa Jehova, ho loka ha hae, le ’Muso oa hae tlas’a Kreste. (Mattheu 6:33) Empa bohle, ka litsela tse sa tšoaneng, ba lokela ho loana ntoa e matla hore ba lule ba le khabane. Jehova o ba rata ka lebaka lona lena. (Liproverbia 27:11) O ba amohela joaloka bahlanka ba hae ho sa tsotellehe liphoso tsa bona le mefokolo ea bona. Ka baka leo, re bo-mang hore re ka hana ho ba amohela leratong le mofuthu la rōna?—Ba-Roma 12:9, 10; 14:4.
20. (a) Ho ea ka lengolo la Pauluse ho Baroma, ke bo-mang feela bao re ka ba belaellang, ’me ntlheng ena ke tataiso ea bo-mang eo re ka e latelang ka ho sireletsehileng? (b) Ho seng joalo, re lokela ho nka bana bohle babo rōna joang?
20 Batho feela bao Pauluse a re lemosang hore re ba belaelle ke “ba hlahisang likhaohano le likhopiso,” le ‘ba etsang lintho tse senyang thuto eo re ithutileng eona.’ Pauluse o re bolella hore re lemohe ba joalo ’me re ba sesefe. (Ba-Roma 16:17) Baholo ba phutheho ba tla be ba ile ba leka ho thusa batho bana. (Juda 22, 23) Ka hona re ka itšetleha ka baholo hore ba re tsebise haeba ho hlokahala hore re qobe ba bang ba itseng. Ho seng joalo, re lokela ho nahana ka bana bohle babo rōna e le ba lokeloang ke lerato le mofuthu la bana ba motho le se nang boikaketsi, ’me re lokela ho ithuta ho ba rata ka matla ho tloha pelong.
21, 22. (a) Ke eng e larileng ka pel’a rōna? (b) Ke maemo afe a ka ’nang a hlaha, ka hona ena ke nako ea ho etsa eng? (c) Ke eng e tla tšohloa sehloohong se latelang?
21 Satane, bademona ba hae, le tsamaiso eohle ea hae ea lintho ea lefatše o khahlanong le rōna. Harmagedone e ka pel’ a rōna. E tla qholotsoa ke tlhaselo ea Gogo oa Magogo. (Ezekiele, likhaolo 38, 39) Ka nako eo, re tla hloka banab’abo rōna ho feta leha e le neng pele. Mohlomong re tla iphumana re hloka thuso e tsoang ho bona bao re sa ba ananeleng ka ho khethehileng. Kapa bona bana ba ka ’na ba hloka thuso e fetisisang ea rōna. Hona joale ke nako ea hore re atolohe ’me re eketse kananelo ea rōna bakeng sa bana bohle babo rōna.
22 Ha e le hantle, ho ananela banab’abo rōna ho akarelletsa tlhompho e loketseng bakeng sa baholo ba phutheho. Ntlheng ena, baholo ka bobona e lokela ho ba mehlala e metle e seng feela ka ho bontša kananelo e loketseng bakeng sa bana bohle babo bona empa hape le bakeng sa baholo ’moho le bona. Ntlha ena ea puisano e tla tšohloa sehloohong se latelang.
Lintlha tsa Tlhahlobo
◻ Letšoao le khethollang la Bokreste ba ’nete ke lefe?
◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala lerato le lerato le mofuthu la bana ba motho?
◻ Re ka ratana “ka matla,” kapa “ka ho sarolohileng” joang?
◻ Ho Ba-Roma khaolo ea 16, Pauluse o bontšitse kananelo bakeng sa banab’abo joang?
◻ Ke hobane’ng ha re sa lokela ho belaella sepheo sa banab’abo rōna?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Leka ho sibolla litšoaneleho tse ratehang ho ba sa ipiletseng ka tlhaho ho uena