Le ’ne le Batle ’Muso le ho Loka ha Molimo
“Ka hona, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha oona, ’me lintho tsena tse ling kaofela le tla li ekeletsoa.”—MATTHEU 6:33, “NW.”
1, 2. Bangoli le Bafarisi ba ile ba fetola liketso tse neng li le ntle ka botsona eng, ’me Jesu o ile a fa balateli ba hae temoso efe?
BANGOLI le Bafarisi ba ne ba batla ho loka ka tsela ea bona, eseng ka tsela ea Molimo. Hase hoo feela, empa ha ba etsa liketso tse neng li le ntle ka botsona, ba ne ba li fetola liketso tsa boikaketsi hore ba bonoe ke batho. Ba ne ba sebeletsa boikakaso ba bona, eseng Molimo. Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae khahlanong le boikaketsi bo joalo: “Iponeleng, le tle le se ke la hlahisa ho loka ha lōna pontšeng ea batho, hore le bonoe ke bona; ha ho le joalo, ha le ka ke la neoa moputso ke Ntat’a lōna ea maholimong.”—Mattheu 6:1.
2 Jehova o ananela batho ba fang bafutsana limpho—empa ha a ananele ba fanang joalokaha Bafarisi ba ne ba etsa. Jesu o ile a lemosa barutuoa ba hae khahlanong le ho ba etsisa: “Kahoo ha u tsamaea u fana ka limpho tsa mohau, u se ke ua letsa terompeta ka pel’a hao, feela joalokaha baikaketsi ba etsa masynagogeng le literateng, hore ba tlotlisoe ke batho. Kannete ke re ho lōna, Ba fumana moputso oa bona ka botlalo.”—Mattheu 6:2, NW.
3. (a) Ke ka tsela efe bangoli le Bafarisi ba ileng ba lefshoa ka botlalo bakeng sa ho fana ha bona? (b) Boemo ba Jesu tabeng ea ho fana bo ne bo fapane joang?
3 Lentsoe la Segerike le emelang ‘ba fumana ka botlalo’ (a·peʹkho) e ne e le lentsoe le atisang ho hlaha lirasiting tsa khoebo. Ho sebelisoa ha lona Thutong ea Thabeng ho bontša hore “ba amohetse moputso oa bona,” ke hore, “ba tekenne rasiti ea moputso oa bona: tokelo ea bona ea ho amohela moputso oa bona e phethiloe, ka ho toba ho joalokaha eka ba se ba ntse ba fuoe rasiti ea oona.” (An Expository Dictionary of New Testament Words, ea W. E. Vine) Limpho tse fuoang bafutsana li ne li phatlalatsoa pontšeng literateng. Mabitso a bafani a ne a phatlalatsoa masynagogeng. Ba neng ba fane ka chelete e ngata ba ne ba fuoa tlhompho e khethehileng ea hore ba lule pel’a bo-rabbi nakong ea borapeli. Ba ne ba fana hore ba bonoe ke batho; ba ne ba bonoa ba bile ba tlotlisoa ke batho; kahoo, ba ne ba ka tempa rasiti ea moputso oa ho fana ha bona o “Lefiloeng ka Botlalo.” Boemo ba Jesu bo ne bo fapane hakaakang! Fana “sephiring; ’me Ntat’ao ea bonang sephiring, o tla u putsa.”—Mattheu 6:3, 4; Liproverbia 19:17.
Lithapelo Tse Khahlisang Molimo
4. Ke hobane’ng ha lithapelo tsa Bafarisi li ile tsa etsa hore Jesu a bitse banna bao baikaketsi?
4 Jehova o ananela lithapelo tse lebisitsoeng ho eena—empa ha a li ananele ha li e-tla ka mokhoa oo Bafarisi ba neng ba rapela ka oona. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Ha le rapela, le tlameha hore le se ke la tšoana le baikaketsi; hobane ba rata ho rapela ba eme masynagogeng le lihukung tsa mebila e meholo hore ba bonoe ke batho. Kannete ke re ho lōna, Ba fumana moputso oa bona ka botlalo.” (Mattheu 6:5, NW) Bafarisi ba ne ba e-na le lithapelo tse ngata tse neng li lokela ho phetoa ka hlooho letsatsi le letsatsi, ka linako tse khethehileng, ho sa tsotellehe hore na ba hokae. Ho latela kamoo ba neng ba ruta ka teng, ba ne ba lokela ho li etsa sephiring. Leha ho le joalo, ka morero ba ne ba ema “lihukung tsa mebila e meholo,” moo ba neng ba ka bonoa ke batho ba fetang ka tsela ba hlahang ka likhutlo tse ’nè, ha hora ea thapelo e fihla.
5. (a) Ke mekhoa efe e meng e ileng ea etsa hore Molimo o se ke oa utloa lithapelo tsa Bafarisi? (b) Jesu o ile a etelletsa lintho life ka pele thapelong ea hae ea mohlala, hona na kajeno batho ba lumellana le hoo?
5 Ho bontša khalalelo ea boikaketsi, ba ne ba “etsa lithapelo tse telele ka boikaketsi.” (Luka 20:47, BPN) Neano e ’ngoe ea molomo e ne e re: “Banna ba chesehang ba khale ba ne ba atisa ho ema hora pele ba etsa Tefillah [thapelo].” (Mishnah) Ha nako eo e fihla, joang kapa joang motho e mong le e mong o ne a tla bona le ho tsota cheseho ea bona! Lithapelo tse joalo li ne li fella hona ka holim’a lihlooho tsa bona feela. Jesu o ile a re ba lokela ho rapela sephiring, ba se ke ba pheta-pheta lithapelo ka mokhoa o se nang thuso, ’me o ile a ba fa mohlala o bonolo. (Mattheu 6:6-8, NW; Johanne 14:6, 14; 1 Petrose 3:12) Thapelo ea mohlala ea Jesu e ile ea etelletsa lintho tse tlang pele ka pele: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe.” (Mattheu 6:9-13) Ke batho ba seng bakae ba tsebang lebitso la Molimo kajeno, re se re sa re letho ka ba batlang ho le halaletsa. Ka tsela eo ba o fetola molimo o se nang lebitso. ’Muso oa Molimo o tle? Ba bangata ba nahana hore o se o ntse o le teng, ka hare ho bona. Ba ka ’na ba rapella hore thato ea oona e etsoe, empa boholo ba bona ba iketsetsa thato ea bona.—Liproverbia 14:12.
6. Ke hobane’ng ha Jesu a ile a nyatsa ho itima lijo ha Bajode ka hore ho felletsoe ke moelelo?
6 Ho itima lijo hoa amoheleha ho Jehova—empa ha ho amohelehe ha ho etsoa ka tsela eo Bafarisi ba neng ba ho etsa ka eona. Joaloka tabeng ea ho fana ka limpho ho ba hlokang le ho rapela ha bangoli le Bafarisi, Jesu o ile a boela a hanyetsa ho itima lijo ha bona ka hore ha ho na moelelo: “Ha le itima lijo, khaotsang ho ba le lifahleho tse saretsoeng joaloka baikaketsi, hobane ba sosobanya lifahleho tsa bona hore ba hlahe e le ba itimang lijo ho batho. Kannete ke re ho lōna, Ba amohela moputso oa bona ka botlalo.” (Mattheu 6:16, NW) Lineano tsa bona tsa molomo li ne li bontša hore nakong ea ha Bafarisi ba itima lijo ba ne ba sa lokela ho itlhatsoa kapa ho itlotsa empa ba ne ba lokela ho itšela ka molora hloohong. Ha ba sa itime lijo, Bajode ba ne ba itlhatsoa ka mehla ba bile ba itlotsa ka oli ’meleng.
7. (a) Balateli ba Jesu ba ne ba lokela ho itšoara joang ha ba itima lijo? (b) Mabapi le ho itima lijo, ke eng seo Jehova a neng a se batla mehleng ea Esaia?
7 Mabapi le ho itima lijo, Jesu o ile a bolella balateli ba hae: “U itlotse hloho, u iphotle sefahleho; u tle u se ke ua bonahala ho batho hobane u itima lijo, ho mpe ho tsejoe ke Ntat’ao.” (Mattheu 6:17, 18) Mehleng ea Esaia Bajode ba neng ba ntse ba fokola tumelong ba ne ba thabela ho itima lijo, ba hlokofatsa liphefumolohi tsa bona, ba kebisa lihlooho, ’me ba lula ba apere masela a mahoashe ba bile ba itšetse ka molora. Empa Jehova o ne a batla ho lokolla ba hatelletsoeng, ho fepa ba lapileng, ho fana ka matlo ho ba se nang mahae, le ho apesa ba hlobotseng.—Esaia 58:3-7.
Bokella Matlotlo a Leholimo
8. Ke eng e ileng ea etsa hore bangoli le Bafarisi ba se ke ba bona tsela e loketseng ea ho fumana kamohelo ea Molimo, ’me ke molao-motheo ofe, o ileng oa boleloa ke Pauluse hamorao, oo ba neng ba o hlokomoloha?
8 Ha ba phehella ho loka, bangoli le Bafarisi ba ile ba hlōleha ho bona tsela e loketseng ea ho fumana kamohelo ea Molimo eaba ba lebisa tlhokomelo tabeng ea ho amoheloa ke batho. Ba ile ba kenella lineanong tsa batho hoo ba ileng ba behella Lentsoe la Molimo le ngotsoeng ka thōko. Ba ile ba tsepamisa lipelo tsa bona boemong ba lefatše ho e-na le letlotlo la leholimo. Ba ile ba hlokomoloha ’nete e bonolo eo Mofarisi ea neng a se a fetohile Mokreste a ileng a e ngola lilemo hamorao: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka sephefumolohi sohle joalokaha le etsetsa Jehova, eseng batho, hobane lea tseba hore le tla amohela moputso o loketseng oa lefa ho Jehova.”—Ba-Kolosse 3:23, 24, NW.
9. Ke likotsi life tse ka sokelang letlotlo la lefatše, empa ke eng e tla boloka letlotlo la ’nete le sireletsehile?
9 Jehova o thahasella boinehelo ba hao ho eena, ha a thahaselle chelete eo u nang le eona bankeng. Oa tseba hore pelo ea hao e moo letlotlo la hao le leng teng. Na mafōme kapa tšoèlè a ka ja letlotlo la hao? Na masholu a ka fata marako a makote eaba aa le utsoa? Kapa mehleng ea kajeno ea moruo o sa tsitsang, na ho theoha ha matla a chelete ho ka fokotsa matla a eona a ho reka kapa na ho oa ha ’maraka oa matsete a khoebo ho ka le felisa? Na ho phahama ha tlōlo ea molao ho ka etsa hore letlotlo la hao le utsuoe? Ho ke ke ha ba joalo haeba le le leholimong. Ho ke ke ha ba joalo haeba leihlo la hao—lebone le bonesetsang ’mele oohle oa hao—le lokile, le talimile ’Musong oa Molimo le ho lokeng ha oona. Maruo a inyamella habonolo. “U se ke ua ikhathatsa ho bokella leruo; tlohela khopolo ea teng. U le talimela’ng, ha e le moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele holimo joale ka ntsu.” (Liproverbia 23:4, 5) Kahoo ke hobane’ng ha u itumella hore u hlobaele ka baka la leruo? “Leruo le lengata la morui ha le mo lumelle ho robala.” (Moeklesia 5:12, NW) Hopola temoso ea Jesu: “Le ke ke la sebeletsa Molimo le Leruo.”—Mattheu 6:19-24, BPN.
Tumelo e Tlosang Matšoenyeho
10. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hakaale ho ba le tumelo ho Molimo ho fapana le maruong a bonahalang, ’me Jesu o ile a fana ka keletso efe?
10 Jehova o batla hore u bontše tumelo ho eena, eseng maruong a bonahalang. “Tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang; ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.” (Ba-Heberu 11:6) Jesu o itse: “Bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.” (Luka 12:15) Limillione tse bankeng li ke ke tsa etsa hore matšoafo a kenoeng ke mafu a tsoele pele ho sebetsa kapa pelo e khathetseng e ’ne e tsoele pele ho otla. Kahoo Thutong ea hae ea Thabeng Jesu o ile a tsoela pele ho re: “Ka lebaka lena ke re ho lōna: Khaotsang ho tšoenyeha ka liphefumolohi tsa lōna mabapi le seo le tla se ja kapa seo le tla se noa, kapa ka ’mele ea lōna mabapi le seo le tla se apara. Na sephefumolohi ha se bolele ho hongata ho feta lijo le ’mele ho hongata ho feta liaparo?”—Mattheu 6:25, NW.
11. Jesu o ne a fumana lipapiso tse ngata tsa hae hokae, hona see se ile sa bontšoa joang Thutong ea Thabeng?
11 Jesu e ne e le setsebi sa ho etsa lipapiso. Kae kapa kae moo a neng a talima teng o ne a nahana ka tsona. O ile a bona mosali a beha lebone le bonesitsoeng holim’a seluloana sa lebone eaba o sebelisa hoo e le papiso. O ile a bona molisa a arola linku le lipōli; hoo ho ile ha fetoha papiso. O ile a bona bana ba bapala ’marakeng; hoo ho ile ha fetoha papiso. Ho ile ha e-ba joalo le Thutong ea Thabeng. Ha a ntse a bua ka ho tšoenyeha ka litlhokahalo tsa nama, o ile a bona lintho tseo a ka etsang lipapiso ka tsona linonyaneng tse fofang ka potlako le mehalalitoeng e koahetseng matsoapo. Na linonyana lia jala kapa lia kotula? Che. Na mehalalitoe ea ohla kapa ea loha? Che. Molimo ke oona o e entseng; oa e hlokomela. Leha ho le joalo, uena u ua bohlokoa ho feta linonyana le mehalalitoe. (Mattheu 6:26, 28-30, NW) O fane ka Mora oa oona ka lebaka la hao, eseng ka lebaka la eona.—Johanne 3:16.
12. (a) Na lipapiso tsa linonyana le lipalesa li ne li bolela hore ha ho hlokahale hore barutuoa ba Jesu ba sebetse? (b) Jesu o ile a hatisa ntlha efe ka mosebetsi le tumelo?
12 Mona Jesu o ne a sa bolelle balateli ba hae hore ha ho hlokahale hore ba sebeletse ho iphepa le ho ikapesa. (Bona Moeklesia 2:24; Ba-Efese 4:28; 2 Ba-Thessalonika 3:10-12.) Hoseng hoo ha nako ea selemo, linonyana li ne li tšoarehile ka ho fata lijo, tse tona li oka-okela tse tšehali, li haha lihlaha, li alama, li fepa malinyane a tsona. Li ne li sebetsa empa li sa ngongorehe. Lipalesa le tsona li ne li tšoarehile ka ho tebisa metso ea tsona mobung le ho batla metsi le matsoai le ho hlahisa makhasi a tsona hore a fumane khanya ea letsatsi. Li ne li lokela ho hōla le ho thunya le ho beha peō pele li shoa. Li ne li sebetsa ka thata empa li sa ngongorehe. Molimo o hlokomela linonyana le mehalalitoe. ‘Na o ke ke oa mpa oa hlokomela lōna haholo, lōna ba nang le tumelo e fokolang?’—Mattheu 6:30, NW.
13. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho loketse hore Jesu a sebelise tekanyo ea setsoe ha a bua ka ho eketsa nako ea bophelo ba motho? (b) U ka lelefatsa bophelo ba hao ka limillione tsa lik’hilomithara tse se nang palo joang?
13 Kahoo e-ba le tumelo. U se ke ua tšoenyeha. Matšoenyeho a ke ke a fetola letho. Jesu o ile a botsa: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea hae ea bophelo ka setsoe se le seng?” (Mattheu 6:27, NW) Empa ke hobane’ng ha Jesu a hokahanya tekanyo e bonahalang ea sebaka, setsoe, le tekanyo ea nako ea bophelo? Mohlomong ke ka lebaka la hore hangata Bibele e tšoantša nako ea bophelo ba batho le leeto, e sebelisa lipolelo tse kang ‘tsela ea baetsalibe,’ “tsela ea ba lokileng,” ‘tsela e phatlaletseng e eang timelong,’ le ‘tsela e patisaneng e eang bophelong.’ (Pesaleme ea 1:1; Liproverbia 4:18; Mattheu 7:13, 14) Ho tšoenyeha ka litlhoko tsa letsatsi le letsatsi ho ke ke ha lelefatsa bophelo ba motho esita le ka karolo e nyenyane feela, “setsoe se le seng.” Empa ho na le tsela ea ho lelefatsa bophelo ba hao ka limillione tsa lik’hilomithara tse se nang palo. Hase ka ho tšoenyeha le ho re: “Re tla ja’ng?” kapa “Re tla noa’ng?” kapa “Re tla apara’ng?” empa ka ho ba le tumelo le ho etsa seo Jesu a re bolellang hore re se etse: “Ka hona, le ’ne le batle ’muso pele le ho loka ha oona, ’me lintho tsena tse ling kaofela le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:31-33, NW.
Ho Fumana ’Muso oa Molimo le ho Loka ha Oona
14. (a) Sehlooho sa Thuto ea Thabeng ke sefe? (b) Ke tsela efe e fosahetseng eo bangoli le Bafarisi ba neng ba batla ’Muso le ho loka ka eona?
14 Polelong ea ho qala Thutong ea Jesu ea Thabeng, o ile a bua ka ’Muso oa maholimo ka hore ke oa ba elang tlhoko ea bona ea moea hloko. Polelong ea bone, o ile a re ba lapetseng le ba nyoretsoeng ho loka ba ne ba tla khorisoa. Mona Jesu o beha ’Muso le ho loka ha Jehova sebakeng sa pele. Ke sona sehlooho sa Thuto ea Thabeng. Ke eona karabelo ea litlhoko tsa batho bohle. Empa ’Muso oa Molimo le ho loka ha Molimo li fumaneha joang? Re ka tsoela pele ho li batla joang? E ke ke ea ba ka tsela eo bangoli le Bafarisi ba neng ba li batla ka eona. Ba ne ba batla ’Muso le ho loka ka Molao oa Moshe, oo ba neng ba bolela hore o akarelletsa lineano tsa molomo, kaha ba ne ba lumela hore Molimo o file Moshe Molao o ngotsoeng hammoho le lineano tsa molao Thabeng ea Sinai.
15. (a) Ho latela Bajode, lineano tsa bona tsa molomo li simolohile neng, ’me ba ile ba li phahamisetsa ka holimo ho Molao oa Moshe o ngotsoeng joang? (b) Lineano tsee li hlile li qalehile neng, hona ka phello efe Molaong oa Moshe?
15 Neano ea bona mabapi le sena e ne e re: “Moshe o amohetse Molao [‘Molao oa Molomo,’ mongolo o botlaaseng ba leqephe] Sinai eaba o o fa Joshua, ’me ho tloha ho Joshua oa ea ho baholo, ’me ho tloha ho baholo oa ea ho Baprofeta; ’me Baprofeta ba o file banna ba Synagoge e Khōlō.” Ka mor’a nako molao oa bona oa molomo o ile oa ba oa phahamisetsoa ka holimo ho Molao o ngotsoeng: “[Haeba] a tlōla mantsoe a Molao [o ngotsoeng], ha a na molato,” empa haeba “a eketsa mantsoe a Bangoli [lineano tsa molomo], o molato.” (Mishnah) Lineano tsa bona tsa molomo ha lia qaleha Sinai. Ha e le hantle, li qalile ho bokellana ka potlako hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo pele ho Kreste. Li ile tsa eketsa, tsa fokotsa, tsa ba tsa fetola Molao oa Moshe o ngotsoeng lefeela.—Bapisa le Deuteronoma 4:2; 12:32.
16. Ho loka ha Molimo ho tla joang ho batho?
16 Ho loka ha Molimo ha ho tlisoe ke Molao empa ho itlela ka thōko ho oona: “Ha ho nama, leha e le ’ngoe, e tlang ho beoa e lokileng pel’a oona ke mesebetsi ea molao; hobane ke ka molao re nang le tsebo ea sebe. Empa joale, ho loka ha Molimo ho hlahile, e seng ka molao, ho ntse ho pakoa ke molao le baprofeta; e leng ho loka ha Molimo ho bonoang ka tumelo ho Jesu Kreste.” (Ba-Roma 3:20-22) Kahoo ho loka ha Molimo ho tlisoa ke tumelo ho Kreste Jesu—’me sena se ‘pakiloe ka ho lekaneng ke Molao le Baprofeta.’ Boprofeta ba Messia bo phethahalitsoe ho Jesu. O boetse o phethile Molao; o ile oa tlosoa tseleng ka ho khokhotheloa thupeng ea hae ea tlhokofatso.—Luka 24:25-27, 44-46; Ba-Kolosse 2:13, 14, NW; Ba-Heberu 10:1.
17. Ho latela moapostola Pauluse, Bajode ba ile ba hlōleha ho tseba ho loka ha Molimo joang?
17 Kahoo, moapostola Pauluse o ile a ngola ka ho hlōleha ha Bajode ho batla ho loka: “Ke paki ea bona ea hore ba chesehela Molimo, leha e se ka tsebo ea ’nete. Ka ho se tsebe kamoo Molimo a lokafatsang batho kateng, ’me ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha baa ka ba ikokobetsa tlas’a ho loka ho tsoang ho Molimo, hobane Kreste ke eena qetello ea Molao, ho lokafatsa mang le mang ea lumelang.” (Ba-Roma 10:2-4, BPN) Pauluse o boetse o ngotse tjena ka Kreste Jesu: “Ea sa kang a tseba sebe o mo entse sebe ka lebaka la rōna, e le hore re ka fetoha ho loka ha Molimo ka eena.”—2 Ba-Korinthe 5:21, NW.
18. Bo-ralineano ba Bajode, bo-rafilosofi ba Bagerike, le “ba bitsitsoeng” ba ne ba talima “Kreste ea khokhothetsoeng” joang?
18 Bajode ba ne ba talima ho shoa ha Messia e le ntho e fokolang. Bo-rafilosofi ba Bagerike ba ne ba soma Messia ea joalo e le booatla. Leha ho le joalo, ho joalokaha Pauluse a phatlalalitse: “Bajode ba kōpa lipontšo ’me Bagerike ba batla bohlale; empa re bolela ka Kreste ea khokhothetsoeng, ho Bajode ke sesosa sa khopiso empa ho lichaba ke booatla; leha ho le joalo, ho ba bitsitsoeng, Bajode hammoho le Bagerike, Kreste ke matla a Molimo le bohlale ba Molimo. Hobane ntho e booatla ea Molimo e bohlale ho feta batho, ’me ntho e fokolang ea Molimo e matla ho feta batho.” (1 Ba-Korinthe 1:22-25, NW) Kreste Jesu ke ponahatso ea matla le bohlale tsa Molimo ’me ke eena mocha oa Molimo oa hore batho ba utloang ba fumane ho loka le bophelo bo sa feleng. “Ha ho poloko ho e mong; hobane ha ho lebitso le leng tlas’a leholimo, leo batho ba le neiloeng, leo re ka bolokehang ka lona.”—Liketso 4:12.
19. Sehlooho se latelang se tla bontša’ng?
19 Sehlooho se latelang se tla bontša hore re tlameha ho tsoela pele ho batla ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona hore re tle re pholohe timetso ’me re fumane bophelo bo sa feleng. Seo ha sea lokela ho etsoa ka ho mamela lipolelo tsa Jesu feela empa le ka ho li phetha.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Balumeli ba Bajode ba ile ba fetola limpho tsa bona tsa mohau, lithapelo, le ho itima lijo eng?
◻ Ke hokae moo ho sireletsehileng moo u ka bokellang letlotlo la hao teng?
◻ Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho tšoenyeha ka litlhoko tsa lintho tse bonahalang?
◻ Ke polelo efe ea bohata eo Bajode ba neng ba e bua ka tšimoloho ea lineano tsa bona tsa molomo?
◻ ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona li tla ka mocha ofe?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Bafarisi ba ne ba rata ho rapela ba eme lihukung tsa literata, moo ba neng ba ka bonoa ke batho