Khaolo 24
Ka Matla A Motho? Kapa Ka Moea Oa Molimo?
MOSEBETSI oo Jesu Kreste a ileng a o beha ka pel’a balateli ba hae o ne o bonahala e le o ke keng oa finyelloa. Le hoja ba fokola ka palo, ba ne ba lokela ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona. (Matt. 24:14; Lik. 1:8) Hase feela hore mosebetsi oo o ne o le moholo empa o ne o lokela ho etsoa le hoja ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala hobane, joalokaha Jesu a ile a bolella barutuoa ba hae ka ho toba, ba ne ba tla hlouoa le ho hlorisoa lichabeng tsohle.—Matt. 24:9; Joh. 15:19, 20.
Li tobane le khanyetso ea lefatše lohle, Lipaki tsa Jehova li ikitlaelitse ka matla ho phetha mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele. Tekanyo eo bopaki bo seng bo fanoe ka eona ke taba e tsejoang, le hona e le ka ho ikhethang e le kannete. Empa ke eng se entseng hore ho khonehe? Na e bile ka matla a motho kapa bohlale ba hae? Kapa na e bile tšebetso ea moea oa Molimo?
Tlaleho ea Bibele mabapi le ho tsosolosoa ha borapeli ba ’nete Jerusalema lekholong la botšelela la lilemo B.C.E. e re hopotsa hore karolo ea Molimo ho phethahatseng thato ea hae le ka mohla ha ea lokela ho hlokomolohuoa. Bahlalosi ba lefatše ba ka ’na ba batla tlhaloso e ’ngoe bakeng sa se etsahalang. Leha ho le joalo, ha a hlalosa kamoo morero oa hae o neng o tla phethahatsoa ka teng, Molimo o ile a etsa hore moprofeta oa hae Zakaria a bolele sena: “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!” (Zak. 4:6) Lipaki tsa Jehova ha li qea-qee ho bolela hore ena ke tsela eo ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso ho phethoang ka eona kajeno—eseng ka ho retelehela matleng a sesole, leha e le ka lebaka la matla a botho kapa tšusumetso ea sehlopha leha e le sefe se hlahelletseng sa batho, empa ka lebaka la ho sebetsa ha moea oa Jehova. Na bopaki bo tšehetsa ho kholiseha ha tsona?
‘Hase ba Bangata ba Bohlale ka Mokhoa oa Nama’
Ha a ngolla Bakreste ba pele Greece, moapostola Pauluse o ile a lumela: “Joale, bana beso, hopolang hore na le ne le le joang mohla Molimo a le bitsang. Ho ea ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lōna ba bohlale, ba matla kapa ba mali a borena. Empa bao e leng lithoto ho lefatše, Molimo o ba khethile ho soabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatše, Molimo o ba khethile ho soabisa ba matla; le ba eisehang le ba nyelisehang ho lefatše, Molimo o ba khethile: o khethile tseo e seng letho ho felisa tse leng teng, e le hore ho se be mang kapa mang ea ka ithorisang pel’a Molimo.”—1 Ba-Kor. 1:26-29, BPN.
Baapostola ba Jesu ba ne ba hlaha sehlopheng sa basebetsi feela. Ba bane mosebetsi oa bona e ne e le ho tšoasa litlhapi. E mong e ne e bile ’mokelli oa lekhetho, e leng mosebetsi o neng o nyelisoa ke Bajode. Baapostola bana e ne e le batho bao baruti ba Bajode ba ba talimang e le “batho ba sa rutehang, e le batho feela,” ho bontšang hore thuto ea bona e ne e se e tsoang likolong tsa thuto e phahameng. (Lik. 4:13) Hona ha ho bolele hore ha ho ba nang le thuto e eketsehileng ea lefatše kapa ea bolumeli ba ileng ba fetoha Bakreste. Moapostola Pauluse o ne a ithutile tlas’a tšusumetso ea Gamaliele ea rutehileng, setho sa Sanhedrin ea Bajode. (Lik. 22:3) Empa, joalokaha lengolo le bolela, “ho ne ho se ba bangata” ba joalo.
Histori e tiisa hore Celsus, rafilosofi oa Moroma oa lekholong la bobeli la lilemo C.E., o ile a soma haholo taba ea hore “basebeletsi, baetsi ba lieta, balemi, le batho ba nyatsehang haholo ka ho hloka tsebo, e be baboleli ba mafolo-folo ba Kosepele.” (The History of the Christian Religion and Church, During the Three First Centuries, ea Augustus Neander) Ke eng se ileng sa matlafatsa Bakreste ba ’nete hore ba tsoele pele e le baboleli ba litaba tse molemo le hoja ba ne ba tobane le ho nyefoloa le tlhoriso e mabifi e ileng ea bokelloa holim’a bona ’Musong oa Roma? Jesu o ne a ile a bolela hore e ne e tla ba moea o halalelang oa Molimo.—Lik. 1:8.
Le mehleng ea morao tjena Lipaki tsa Jehova ka ho tšoanang li ’nile tsa nyefoloa hobane, boholo ba tsona, ke batho feela ba tloaelehileng, e seng bao maemo a bona bophelong a ka etsang hore lefatše le talime ho bona. Har’a bahlanka ba pele ba Jehova ba kajeno ba ho hlahisa molaetsa oa ’Muso ho batho Denmark e ne e le moetsi oa lieta. Switzerland le Fora, e ne e le molemi. Likarolong tse ngata tsa Afrika, molaetsa o ne o tsamaisoa ke basebetsi ba tsamaeang. Brazil, basesisi ba likepe ba bile le karolo. Ba ’maloa ho Lipaki tsa Mapolishe Fora e ka leboea e ne e le basebetsi ba merafo ea mashala.
Ba susumelitsoe ka ho teba ke seo ba ithutileng sona Lentsoeng la Molimo ka thuso ea lingoliloeng tsa Watch Tower, ba ne ba batla ho bontša lerato la bona ho Jehova ka ho mo utloa, kahoo ba ile ba nka mosebetsi oo Lentsoe la Molimo le reng Bakreste ba ’nete ba ne ba tla o etsa. Ho tloha ka nako eo, ba eketsehileng ba limillione ba tsoang mekhoeng eohle ea bophelo ba kopanetse mosebetsing ona. Kaofela ha bona ke baevangeli.
Lipaki tsa Jehova ke oona feela mokhatlo oa bolumeli lefatšeng oo setho se seng le se seng se pakelang bao e seng balumeli, li ikemisetsa ho arabela lipotso tsa bona ka Bibele, ’me li ba khothalletsa ho beha tumelo Lentsoeng la Molimo. Mekhatlo e meng ea bolumeli ea lumela hore sena ke seo Bakreste bohle ba lokelang ho se etsa. E meng e bile ea leka ho khothalletsa litho tsa eona tsa kereke ho etsa sena. Empa ke Lipaki tsa Jehova feela tse etsang sena li sa khaotse. Ke tataiso ea mang, ke keletso ea mang, ke tiisetso ea mang ea tšehetso e lerato, hape ke litšepiso tsa mang tse li susumelletsang ho etsa mosebetsi oo ōō ba bang ba o qobang? Ipotsetse tsona. Ho sa tsotellehe hore na li phela sechabeng sefe, li tla arabela tjena: “Ea Jehova.” Joale, tlotla e lokela ho fuoa mang?
Mosebetsi O Boletsoeng Esale Pele Bakeng sa Mangeloi a Molimo
Ha a hlalosa liketsahalo tse neng li tla etsahala nakong ea ho qetela ea tsamaiso ena ea lintho, Jesu o ile a bontša hore e ne e ke ke ea e-ba balateli ba hae feela lefatšeng ba neng ba tla kopanela ho bokelleng barati ba ho loka. Ho Mattheu khaolo 13, ha Jesu a tšohla ho bokelloa ha ba ho qetela ba neng ba tla kopanela le eena ’musong oa leholimo, o itse: ‘Bakotuli ke mangeloi.’ ’Me ba ne ba tla bokella ‘bara baa ba ’muso’ tšimong e khōlō hakae? Jesu o hlalositse: “Tšimo ke lefatše.” Ka hona, ba bokelletsoeng ba ne ba tla tsoa likhutlong tse hōle tsa lefatše. Na see se hlile se etsahetse?—Matt. 13:24-30, 36-43.
Ka sebele ho joalo! Le hoja Liithuti tsa Bibele li ne li le likete tse seng kae ka palo ha lefatše le kena mehleng ea lona ea ho qetela ka 1914, molaetsa oa ’Muso oo li neng li o bolela kapele-pele o ile oa tlala lefatšeng. Ka Bochabela, linaheng tsa Europe, Afrika, le linaha tsa Amerika, le lihleke-hlekeng, batho ka bomong ba ile ba nka monyetla oa ho sebeletsa lithahasello tsa ’Muso oa Molimo ’me ba bokelloa mokhatlong o le mong o hlophisitsoeng o kopaneng.
Ka mohlala, Australia e ka Bophirimela, molaetsa oa ’Muso o ile oa fihla ho Bert Horton. Bolumeli boo a neng a bo tseba o ne a sa bo thahaselle; o ne a amehile lipolotiking le mesebetsing ea likhoebo tsa kopanelo. Empa ha ’mè oa hae a mo fa buka ea Watch Tower The Divine Plan of the Ages ’me a qala ho e bala hammoho le Bibele, a tseba hore o ne a fumane ’nete. Ho ile ha itlisa feela hore a e arolelane le bao a sebetsang le bona. Ha a khona ho fumana Liithuti tsa Bibele, ka thabo o ile a kopanela le tsona, a kolobetsoa ka 1922, a kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ’me a ithaopela ho ea sebeletsa sebakeng sefe kapa sefe moo mokhatlo oa Jehova o mo lebisang teng.
Ka lehlakoreng le leng la lefatše, W. R. Brown, ea neng a se a ntse a bolela lihleke-hlekeng tsa Caribbean, o ile a tloha a ea Afrika ka 1923 ho ea phatlalatsa molaetsa oa ’Muso teng. E ne e se ’moleli ea ikemetseng ea tsoileng ka thōmo ea botho. Le eena o ne a sebetsa le batho ba hlophisitsoeng ba Jehova. O ne a ithaopetse ho ea sebeletsa moo a neng a hlokahala, ’me o ile a arabela tataisong e tsoang ofising e ntlo-khōlō ka ho amohela kabelo e Afrika Bophirimela. Ba ileng ba ithuela molemo tšebeletsong ea hae le bona ba ile ba thusoa ho utloisisa bohlokoa ba ho sebetsa haufi-ufi le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
Boboleli ba ’Muso bo boetse ba fihla le Amerika Boroa. Hermán Seegelken, Mendoza, Argentina, e ne e le khale a hlokometse boikaketsi ba likereke tsa K’hatholike le Prostanta. Empa ka 1929 le eena o ile a utloa molaetsa oa ’Muso, a o amohela ka cheseho, ’me a qala ho o arolelana le ba bang, a ikopantse le bahlanka ba Jehova lefatšeng ka bophara. Ho etsahetse se tšoanang ho pota lefatše. Batho “ba mefuta eohle, le ba lipuo tsohle, le ba merabe eohle, le ba lichaba tsohle,” le hoja ba le libakeng tse arohaneng ’me ba phehella litsela tse sa tšoaneng tsa bophelo, ha ba mamele feela empa ba inehetse tšebeletsong ea Molimo. Ba ile ba bokelleloa mokhatlong o hlophisitsoeng o kopaneng ho tla etsa mosebetsi oo Jesu a o boletseng esale pele bakeng sa nako ena. (Tšen. 5:9, 10) See se bakoa ke eng?
Bibele e bolela hore mangeloi a Molimo a ne a tla ba le karolo ea bohlokoa ho oona. Ka lebaka la sena, ho boleloa ha ’Muso ho ne ho tla utloahala ho pota lefatše joaloka molumo oa terompeta o tsoang mohloling o phahametseng matla a motho. Ha e le hantle, ka 1935 o ne o phunyellelitse linaha tse 149—ho ea ka leboea, ka boroa, ka bochabela, le ka bophirimela, ho tloha qetellong e ’ngoe ea lefatše ho ea ho e ’ngoe.
Qalong, ke “mohlatsoana” feela o ileng oa bontša kananelo ea ’nete bakeng sa ’Muso oa Molimo ’me o ne o lakatsa ho sebeletsa lithahasello tsa oona. Sena ke seo Bibele e se boletseng esale pele. Hona joale “bongata bo boholo ba batho” bo hōlang ka potlako bo baloang ka limillione bo tsoang lichabeng tsohle, bo tlile ho tla kopanela le oona. Seo le sona, se ile sa boleloa esale pele Lentsoeng la Molimo. (Luka 12:32; Joh. 10:16; Tšen. 7:9, 10) Bana hase batho ba mpang ba bolela feela hore ba kopanela bolumeling bo tšoanang empa bao, bonneteng, har’a bona ba arotsoeng ke maikutlo le lifilosofi tse arolang lefatše le ba potolohileng. Lipaki tsa Jehova ha li bue feela ka ’Muso oa Molimo empa ha e le hantle li behile tšepo ea tsona bobusing ba batho. Esita leha bophelo ba tsona bo le kotsing, li utloa Molimo e le ’musi. Bibele ka ho hlakileng e bolela hore ho bokelloa ha batho ba joalo hammoho ba “tšabang Molimo, [ba] isang khanya ho oona” ho ne ho tla etsoa ka tlas’a tataiso ea mangeloi. (Tšen. 14:6, 7; Matt. 25:31-46) Lipaki li kholisehile ka tieo hore sena ke se hlileng se etsahetseng.
Ka makhetlo a mangata haholo, ha li kopanetse tšebeletsong ea tsona, li ’nile tsa bona bopaki bo kholisang ba tataiso ea leholimo. Ka mohlala, Rio de Janeiro, Brazil, sehlopha se seng sa Lipaki se ne se qetela maeto a sona a ntlo le ntlo ka Sontaha se seng ha e mong oa sehlopha seo a re: “Ke batla ho tsoela pele ke sebetsa ka nakoana. Ka lebaka le leng le itseng ke batla ho ea ntlong eane.” E mong ea ikarabellang sehlopheng seo a etsa tlhahiso ea hore ba e tlohellele letsatsi le leng, empa mohoeletsi eo a tsitlalla. Ntlong eo Paki ea fumana mosali, eo meokho e neng e keleketla marameng a hae, ea ileng a re o ne a sa tsoa rapella thuso. Pejana o ne a ile a kopana le Lipaki empa a sa ka a bontša thahasello molaetseng oa Bibele. Leha ho le joalo, lefu la tšohanyetso la monna oa hae le ile la mo etsa hore a hlokomele hore o hloka thuso ea moea. O ne a ile a batla Holo ea ’Muso, empa a hlōleha. O ne a ntse a rapela Molimo ka tieo hore a mo thuse, ’me joale thuso e ne e le monyako oa ntlo ea hae. O ile a kolobetsoa nako e khutšoanyane ka morao ho moo. O ile a kholiseha hore Molimo o utloile thapelo ea hae le hore o nkile bohato bo hlokahalang ho fana ka karabelo.—Pes. 65:2.
Paki ea Jehova ea Lejeremane e neng e phela New York e ile ea ho etsa tloaelo ea ka mehla ho rapela Molimo bakeng sa tataiso ha e kopanela tšebeletsong ea eona. Ho ne ho e-na le mosali e mong ea thahasellang eo a neng a ntse a mo batla, beke le beke, seterateng hobane o ne a sa tsebe hore na mosali eo o lula hokae. Joale, ka letsatsi le leng ka 1987, ha Paki eo e qala tšebeletso, ea rapela: “Jehova, ua tseba hore na o hokae. Ke kōpa u nthuse ke mo fumane.” Metsotso e seng mekae hamorao, o ile a bona mosali eo a lutse ntlong ea lijo.
Na e bile feela ka tsietsi? Bibele e re Bakreste ba ’nete ke “ba sebetsang le Molimo” ’me e re mangeloi a ronngoe ho ea “sebeletsa ba tlang ho rua lefa la poloko.” (1 Ba-Kor. 3:9; Ba-Heb. 1:14) Ka mor’a hore Paki eo e bolelle mosali eo hore na e mo fumane joang, mosali eo o ile a amohela memo ea ho lula fatše le ho hlahloba Bibele ho ea pele hona letsatsing leo.
Ho Fihla ‘Libakeng tse sa Keneheng’ Habonolo ka Litaba tse Molemo
Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa e-ba leqoophe boitekong ba tsona ba ho finyella libaka tsohle ka molaetsa oa ’Muso. Empa sena hase hlalose ka botlalo se finyelletsoeng. Li bone molaetsa oa ’Muso o namela libakeng tseo boiteko ba tsona bo hlophisitsoeng ka hloko bo ’nileng ba hanyetsoa.
Ka mohlala, ka makhetlo a ’maloa ka bo-1920 le bo-1930, ho ile ha etsoa boipiletso bo tiileng ho ba boholong pusong ea se neng se bitsoa Soviet Union ka nako eo ho fumana tumello ea ho kenya libuka tsa Bibele naheng eo kapa ho li hatisa moo. Likarabelo ka nako eo e ne e le tse hanang. Ho ne ho e-na le Lipaki tsa Jehova tse ’maloa Soviet Union, empa ho ne ho hlokahala thuso e eketsehileng ho finyella mosebetsi oa ho bolela oo Lentsoe la Molimo le itseng o tlameha ho etsoa. Na ho na le se neng se ka etsoa ho fana ka thuso eo?
Ho thahasellisang, qetellong ea Ntoa ea II ea Lefatše, Lipaki tsa Jehova tse fetang sekete tse tsoang ho se neng se bitsoa Poland bochabela hammoho le batho ba bang ba bangata li iphumane li le ka hare ho Soviet Union. Likampong tsa mahloriso tsa Ravensbrück, basali ba bacha ba Marussia ba makholo ba ne ba tlile ho tla tseba batšoaruoa ’moho le bona bao e neng e le Lipaki tsa Jehova. Basali ba bang ho bana ba ile ba inehela ho Jehova nakong eo, ’me hamorao ba ile ba khutlisetsoa likarolong tse sa tšoaneng tsa Soviet Union. Ba bang ba makholo ba ile ba iphumana e le baahi ba Soviet Union ha meeli ea naha e fetoloa nakong ea ntoa. Phello e ne e se seo ’muso oa Soviet o neng o se hopotse. Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova ha sea ka sa se lokisetsa. Empa se ile sa sebeletsa ho finyella seo Lentsoe la Molimo le bululetsoeng le neng le se boletse esale pele. Ha e hlalosa ka liketsahalo tsena tse tsoetseng pele, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ile oa re: “Kahoo ho ka bonoa kamoo, ka tataiso ea Morena, a ka hlahisang lipaki naheng leha e le efe hore li phahamise letšoao la ’nete le ho tsebahatsa lebitso la Jehova.”—Tokollo ea February 1, 1946.
Hase naha e le ’ngoe feela e ’nileng ea re ho Lipaki tsa Jehova: ‘Le ke ke la kena mona!’ kapa, ‘Le ke ke la bolela mona.’ Ho etsahetse khafetsa ho pota lefatše, ha e le hantle linaheng tse mashome, hangata e le ka lebaka la khatello ea baruti ho ba boholong ’musong. Tse ling tsa linaha tsena hamorao li ile tsa lumella Lipaki tsa Jehova ka molao. Empa le pele hoo ho etsahala, borapeli ba Jehova, ’Mōpi oa leholimo le lefatše, bo ’nile ba amoheloa ke batho ba likete ba ka hare ho meeli ea tsona. Hoo ho ile ha finyelloa joang?
Tlhaloso e bonolo e fumanoa Bibeleng, e leng ho re, mangeloi a Molimo a na le karolo e ka sehloohong ho isetseng batho ba lichaba tsohle boipiletso bo potlakileng: “Tšabang Molimo, isang khanya ho oona, hobane nako ea ho ahlola ha oona e tlile; ’me le khumamele ea entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le liliba tsa metsi.”—Tšen. 14:6, 7.
Katleho Leha ho Bonahala e ke ke ea Etsahala
Seo Lipaki tsa Jehova li tobaneng le sona linaheng tse ling hase lithibelo feela tse behiloeng tšebeletsong ea tsona ea phatlalatsa empa ke boiteko ba ho li timetsa ka ho feletseng.
Nakong ea Ntoa ea I ea Lefatše, United States le Canada baruti ba ile ba etsa boiteko bo kopanetsoeng ba ho felisa mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li tsejoa ka teng nakong eo. Ena ke ’nete e tsejoang hohle. Ho sa tsotellehe litiiso tsa molao tsa bolokolohi ba puo le ba bolumeli, baruti ba ile ba hatella ba boholong ’musong hore ba thibele libuka tsa Liithuti tsa Bibele. Tse ngata li ile tsa tšoaroa ’me tsa bolokoa litlamong ntle ho beile; tse ling tsa otloa hampe. Ba boholong Mokhatlong oa Watch Tower le metsoalle ea bona e haufi ba ile ba fuoa nako e telele teronkong ha linyeoe li ntse li tsoela pele lekhotleng tseo hamorao li ileng tsa hlaha li sa sebetse. Bukeng ea hae Preachers Present Arms, Ray Abrams o itse: “Ho seka-seka taba eohle ho isa qetong ea hore likereke le baruti e bile tsona bahlohlelletsi ba bohata ba ho felisa Marusselle,” kamoo ka ho nyelisa baruti ba neng ba bitsa Liithuti tsa Bibele ka teng. Empa ka morao ho ntoa eo, Liithuti tseo tsa Bibele li ile tsa hlaha li e-na le cheseho e kholoanyane ho feta leha e le neng pele ho phatlalatsa Morena ea behiloeng ke Jehova, Jesu Kreste, le ’Muso oa hae. Cheseho eo e nchafalitsoeng e ne e tsoa hokae? Bibele e ne e ile ea bolela ketsahalo eo esale pele ’me ea re e ne e tla ba ka lebaka la “moea oa bophelo o tsoang ho Molimo.”—Tšen. 11:7-11.
Ka mor’a hore Nazi e phahamele pusong Jeremane, ho hlorisoa ha Lipaki tsa Jehova ho ile ha matlafala linaheng tse ileng tsa ba ka tlas’a taolo ea Nazi. Li ile tsa tšoaroa le ho ba tlas’a tšoaro e sehlōhō. Ho ile ha behoa lithibelo. Qetellong, ka October 1934, liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova ho pholletsa le Jeremane li ile tsa romela mangolo a rejistara ho ’muso li bolela ka ho hlaka hore ha li na lipheo tsa lipolotiki empa hore li ikemiselitse ho utloa Molimo e le ’musi. Ka nako e tšoanang, liphutheho tsa Lipaki lefatšeng ka bophara li ne li romela li-cablegram ho tšehetsa baena ba tsona ba Bakreste Jeremane.
Letsatsing lona leo, October 7, 1934, ofising ea Dr. Wilhelm Frick, Berlin, Adolf Hitler a finne feisi o ile a phatlalatsa tjena mabapi le Lipaki tsa Jehova: “Mokha ona o tla felisoa mona Jeremane!” E ne e se tšoso feela. Li ile tsa tšoaroa ka ho pharalla. Ho latela tsebiso ea lekunutu ea Sepolesa sa Naha sa Sekhukhu sa Prussia ea June 24, 1936, ho ile ha theoa “Sesole se Koetlisitsoeng ka ho khetheha sa Gestapo” ho loantša Lipaki. Ka mor’a ho itokisa ho matla Gestapo e ile ea ntša phutuho ea eona ea ho tšoara Lipaki tsohle tsa Jehova le e mong le e mong eo ho belaelloang hore ke Paki. Nakong ea tlhaselo eo sepolesa sohle se ne se tšoarehile, se tlohela linokoane li sa hlorisoe.
Litlaleho li bontša hore qetellong ho ile ha tšoaroa Lipaki tsa Majeremane tse ka bang 6 262. Karl Wittig, eo e kileng ea e-ba ofisiri ea ’muso Jeremane ea ileng a ba litlamong likampong tsa mahloriso tse ’maloa, hamorao o ile a ngola: “Ha ho sehlopha se seng sa batšoaruoa . . . se neng se pepesetsehile tšoarong e sehlōhō ea masole a SS ka tsela eo Liithuti tsa Bibele li neng li pepesetsehile ka eona. E ne e le tšoaro e sehlōhō e tšoauoang ka letoto le sa feleng la ho hlokofatsoa ’meleng le kelellong, hoo ho seng puo lefatšeng e ka ho hlalosang.”
Phello e bile efe? Bukeng e phatlalalitsoeng ka 1982, Christine King o fihletse qeto ena: “’Muso o hlōlehile ho atleha feela ho Lipaki [ha ho bapisoa le lihlopha tse ling tsa bolumeli].” Hitler o ne a ile a ikana hore o tla li felisa, ’me tse makholo li ile tsa bolaoa. Leha ho le joalo, Dr. King oa hlokomela: “Mosebetsi [oa ho bolela ka ’Muso oa Molimo] o ile oa tsoela pele ’me ka May 1945, mokhatlo oa Lipaki tsa Jehova o ne o ntse o le teng, empa Puso ea Tsamaiso ea Bososhiale eona e ne e le sieo.” O boetse oa totobatsa: “Li ne li sa ka tsa sekisetsa.” (The Nazi State and the New Religions: Five Case Studies in Non-Conformity) Ke hobane’ng ha Hitler, a e-na le lebotho la hae le hlometseng hantle, sepolesa se koetlisitsoeng ka mokhoa o phahameng, le likampo tse ngata tsa timetso, a sa ka a khona ho phethahatsa tšoso ea hae ea ho timetsa sehlopha see se senyenyane le se sa hlomelang seo lefatše le se talimang e le batho ba tloaelehileng? Ke hobane’ng ha lichaba tse ling li hlōlehile ho thibela tšebetso ea tsona? Ke hobane’ng ha e le Lipaki tsa Jehova ka kakaretso tse lutseng li tiile ho sa tsotellehe mahloriso a sehlōhō e se batho ba seng bakae feela ba ikhethileng?
Karabelo e keletsong e bohlale e fanoeng ke Gamaliele, tichere ea Molao, ho litho ’moho le eena tsa Lekhotla le Phahameng la Bajode ha ba ne ba sebetsana le taba e tšoanang e neng e ama baapostola ba Jesu Kreste. O ile a re: “Khaohanang le batho bao, le ba tlohele; hobane ha ekaba morero oo, kapa mosebetsi oo ke o tsoang ho batho, o tla fela. Empa ha eba o tsoa ho Molimo, le ke ke la ba la o felisa; ’me le iponele, e se re mohlomong la fumanoa le loantšitse Molimo.”—Lik. 5:38, 39.
Kahoo linnete tsa histori li bontša hore mosebetsi oo ho bonahalang o ke ke oa etsoa oo Jesu a o fileng balateli ba hae hore ba o etse ho sa tsotellehe litšitiso tseo ho bonahalang li ke ke tsa hlōloa o finyelloa ka moea oa Molimo e seng ka matla a motho. Joalokaha Jesu ka boeena a boletse ho Molimo ka thapelo: “Ntate! tsohle u ka li etsa.”—Mar. 14:36.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 547]
‘Ke ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 548]
Ke eng se ileng sa ba matlafatsa hore ba tsoele pele ho bolela ho sa tsotellehe ho songoa le mahloriso a mabifi?
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 549]
Bopaki ba tataiso ea mangeloi
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 551]
‘Morena a ka hlahisa lipaki naheng leha e le efe’
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 553]
Batho ba kopaneng ba ipakileng ba tiile le hoja ho ne ho bonahala ho ke ke ha etsahala