Ho Hlokahala Eng Hore Lenyalo le Atlehe?
Na u ne u tla khetha ho itahlela ka nōkeng pele u ithuta ho sesa? Ketso e joalo e bothoto e ne e ka ba kotsi—le hona ho ba e bolaeang. Ka hona, nahana hore na ke batho ba bangata hakaakang ba ikakhelang lenyalong ba e-na le tsebo e fokolang ea ho jara boikarabelo bo amehang.
JESU o ile a re: “Ke mang oa lōna ea batlang ho haha tora ea sa luleng fatše pele ’me a bale litšenyehelo, ho bona haeba a e-na le ho lekaneng ho e phetha?” (Luka 14:28) Seo e leng ’nete ka ho haha mohaho e sa boetse e le ’nete le ka ho haha lenyalo. Ba batlang ho kena lenyalong ba lokela ho bala ka hloko litšenyehelo tsa ho kena lenyalong ho tiisa hore ba tla khahlametsa litlhoko tsa lona.
Ho Hlahloba Lenyalo
Ho ba le molekane eo le arolelanang thabo le mathata a bophelo ka sebele ke tlhohonolofatso. Lenyalo le ka koala sekheo sa ho jeoa ke bolutu kapa sa ho nyahama. Le ka khotsofatsa takatso ea rōna ea tlhaho ea ho ratoa, ho thabela botsoalle le katamelano e haufi. Ka lebaka le utloahalang, ka mor’a ho bōpa Adama, Molimo o ile a re: “Ha ho molemo hoba motho a lule a ’notši; ke tla mo etsetsa molekane ea tšoanang le eena.”—Genese 2:18; 24:67; 1 Bakorinthe 7:9.
E, ho kena lenyalong ho ka rarolla mathata a itseng. Empa ho tla boela ho hlahise a mang a macha. Hobane’ng? Hobane lenyalo le kopanya batho ba babeli ba nang le botho bo ikhethang mohlomong bo lumellanang empa boo ha e le hantle bo sa tšoaneng. Ke kahoo esita le banyalani ba tšoanelanang hantle, ba bang le ho se utloane ka linako tse itseng. Moapostola oa Mokreste Pauluse o ile a ngola hore ba kenang lenyalong ba tla ba le “matšoenyeho nameng ea bona”—kapa joalokaha The New English Bible e beha taba, “bohloko le mesarelo bophelong bona ba ’mele.”—1 Bakorinthe 7:28.
Na Pauluse o ne a e-na le tšekamelo ea ho lebella liphello tse mpe? Le hanyenyane! O ne a mpa a khothalletsa ba nahanang ho kena lenyalong ho sheba lintho ka tsela ea sebele. Boikutlo ba ho nkeha ba ho hoheloa ke motho e mong hase tekanyetso e nepahetseng ea seo bophelo ba lenyalo bo tla ba sona likhoeli esita le lilemo ka mor’a letsatsi la lechato. Lenyalo le leng le le leng le na le liphephetso le mathata a lona a ikhethang. Taba hase hore na a tla ba teng empa ke hore na u sebetsana le ’ona joang ha a hlaha.
Mathata a fa monna le mosali monyetla oa hore ba bontše ho teba ha lerato la bona e mong ho e mong. Ho tea mohlala: Sekepe sa baeti se ka ’na sa bonahala se le matla ha se ntse se eme, se tlameletsoe koung. Leha ho le joalo, boleng ba sona ba sebele bo bonahala ha se le leoatleng—mohlomong ebile e le ha se tsukutloa ke maqhubu a maholo a sefefo. Ka ho tšoanang, matla a tlamo ea lenyalo ha a bonahale feela nakong ea khotso ha ho e-na le khutso ea maikutlo a lerato. Ka linako tse ling, a bonahala maemong a lekang a litsietsi tseo banyalani ba thulanang le tsona ka katleho.
Hore ba thulane le tsona ka katleho, banyalani ba lokela ho ba le boitlamo, etsoe Molimo o ne a rerile hore monna a ‘khomarele mosali oa hae’ ’me ba babeli bao e be “nama e le ’ngoe feela.” (Genese 2:24) Khopolo ea boitlamo e tšosa batho ba bangata. Empa, ke ho utloahalang hore batho ba babeli ba hlileng ba ratanang ba batle ho etsa tšepiso e tiileng ea hore ba tla lula ’moho. Boitlamo bo fa lenyalo seriti. Bo fana ka motheo oa kholiseho ea hore, ho sa tsotellehe se etsahalang, monna le mosali ba tla tšehetsana.a Haeba ha u e-s’o lokele ho nka boitlamo bo joalo, ha u e-s’o lokele ho kena lenyalong. (Bapisa le Moeklesia 5:4, 5.) Mohlomong le bona ba seng ba le lenyalong ba lokela ho hōlisa kananelo ea bona ka hore na boitlamo ke ba bohlokoa hakae lenyalong le tšoarellang.
Itlhahlobe
Ha ho pelaelo hore u ka thathamisa litšoaneleho tseo u li batlang ho molekane. Leha ho le joalo, ho batla ho le thatanyana ho itlhahloba ho bona kamoo uena u ka tlatsetsang lenyalong kateng. Boitlhahlobo ke ba bohlokoa, pele le ka morao ho hore u nke likano tsa lenyalo. Ka mohlala, ipotse lipotso tse latelang.
• Na ke ikemiselitse ho itlama bophelo bohle ka molekane oa ka?—Matheu 19:6.
Mehleng ea moprofeta oa Bibele Malakia, banna ba bangata ba ne ba siea balekane ba bona, mohlomong e le hore ba nyale basali ba bacha. Jehova o ile a re aletare ea hae e tletse meokho ea basali ba lahliloeng, ’me o ile a nyatsa banna ba neng ba “etsa ka bolotsana” ho balekane ba bona.—Malakia 2:13-16.
• Haeba ke nahana ka ho kena lenyalong, na ke se ke fetile nako ea bocha eo ka eona litakatso tsa botona le botšehali li bang matla ’me li ka sothang kahlolo ea ka e molemo?—1 Bakorinthe 7:36.
Nikki ea nyetsoeng a le lilemo li 22 o re: “Ho batla ho le kotsi ho kena lenyalong u sa le monyenyane haholo.” Oa lemosa: “Maikutlo a hao, lipakane tsa hao le litšekamelo tsa hao li tla tsoela pele ho fetoha ho tloha ha u atamela lilemo tse 20 ho fihlela ha u le mahareng kapa ho elella qetellong ea lilemo tsa bo-20.” Ke ’nete hore ho lokela ho kena lenyalong ho ke ke ha lekanyetsoa ka lilemo feela. Leha ho le joalo, ho kena lenyalong pele motho a feta nako ea bocha eo ka eona litakatso tsa botona le botšehali li qalang ’me li bang matla ka ho khetheha ho ka sotha monahano oa hae ’me ha mo foufatsa hore a se ke a bona mathata a ka ’nang a hlaha.
• Ke litšobotsi life tseo ke nang le tsona tse tla nthusa ho tlatsetsa lenyalong le atlehileng?—Bagalata 5:22, 23.
Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakolose: “Le ikapese maikutlo a bonolo a qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.” (Bakolose 3:12) Keletso ena ke e loketseng ho ba nahanang ho kena lenyalong hammoho le ho ba seng ba ntse ba le lenyalong.
• Na nka bontša ho hōla tsebong ho hlokahalang bakeng sa ho tšehetsa molekane nakong ea tsietsi?—Bagalata 6:2.
Ngaka e ’ngoe e re: “Ha mathata a hlaha, tšekamelo e ba ho jarisa molekane e mong molato. Hore na ke mang ea molato hase hona hoo e leng habohlokoa. Ho e-na le hoo, ke hore na monna le mosali ba ka sebetsa ’moho joang ho ntlafatsa kamano ea bona ea lenyalo.” Mantsoe a Morena Solomone ea bohlale aa sebetsa ho banyalani. O ile a ngola: “Ba babeli ba feta a le mong . . . leha [e mong oa bona a] e-oa, e mong a ka tsosa molekane oa hae; athe ea ’notši o malimabe, leha a e-oa, ha a na oa bobeli ea mo tsosang.”—Moeklesia 4:9, 10, bapisa le NW.
• Na ka tloaelo ke motho ea thabileng ea tšepang hore a ka atleha, kapa ke atisa ho ikutloa ke tepeletse ke sa thaba?—Liproverbia 15:15.
Motho ea sa thabang o bona letsatsi le leng le le leng le le bosula. Lenyalo ha le fetole boikutlo bona ka mohlolo! Lesoha—ebang ke la mohlankana kapa la moroetsana—le lulang le nyatsa-nyatsa lintho kapa le nang le tšekamelo ea ho lebella liphello tse mpe le tla fetoha motho ea lenyalong ea ntseng a nyatsa-nyatsa lintho kapa ea nang le tšekamelo ea ho lebella liphello tse mpe. Maikutlo a joalo a ho hloka thabo a ka baka khatello e khōlō lenyalong.—Bapisa le Liproverbia 21:9.
• Na ke lula ke khobile matšoafo ha ke le tlas’a khatello, kapa ke motho ea nkoang ke pelo?—Bagalata 5:19, 20.
Bakreste ba laeloa hore e be ba “liehang mabapi le khalefo.” (Jakobo 1:19) Pele a kena lenyalong le ka mor’a lona, monna kapa mosali o lokela ho hlaolela bokhoni ba ho phela ka keletso ena: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi a le se ke la le likella le le boemong ba ho halefa.”—Baefese 4:26.
Sheba eo e Tlang ho ba Molekane oa Hao
Maele a Bibele a re: “Ea nang le kelello o qamakisisa moo a hatang teng.” (Liproverbia 14:15) Sena ke ’nete ka ho khetheha ha ho tluoa khethong ea molekane oa lenyalo. Ho khetha molekane oa lenyalo ke qeto e ’ngoe ea bohlokoa ka ho fetisisa eo monna kapa mosali a lokelang ho e etsa. Leha ho le joalo, ho hlokomelehile hore batho ba bangata ba ipha nako e eketsehileng bakeng sa ho etsa qeto ea hore na ba reka koloi efe kapa ba ea sekolong sefe ho feta ea hore na ba nyalana le mang.
Ka phuthehong ea Bokreste, ba tšepeloang boikarabelo ba ‘lekoa pele mabapi le ho tšoaneleha.’ (1 Timothea 3:10) Haeba u nahana ka ho kena lenyalong, u tla batla ho netefatsa “ho tšoaneleha” ha motho e mong. Ka mohlala, nahana ka lipotso tse latelang. Le hoja ho buelloa lehlakore la mosali, melao-motheo e mengata ho ena e sebetsa ka ho tšoanang le ho monna. Esita le bona ba lenyalong ba ka rua molemo ka ho hlahloba lintlha tsena.
• O na le botumo ba mofuta ofe?—Bafilippi 2:19-22.
Liproverbia 31:23 e hlalosa monna ea ‘tsejoang khorong ea motse, ha a lutse har’a banna ba baholo ba sechaba.’ Banna ba baholo ba sechaba ba ne ba lula khorong ea motse ho ahlola. Kahoo, ho hlakile hore o ne a tšepetsoe boemo bo itseng sechabeng. Tsela eo ba bang ba talimang monna ka eona e bolela ho itseng ka botumo ba hae. Haeba ho khoneha, hlokomela hape le kamoo ba tlas’a taolo ea hae ba mo talimang kateng. Sena se ka ’na sa u bontša kamoo le uena u tlang ho mo talima kateng ha nako e ntse e e-ea, ha u se u le molekane oa hae.—Bapisa le 1 Samuele 25:3, 23-25.
• O na le boitšoaro ba mofuta ofe?
Bohlale ba bomolimo “pele ho tsohle bo hloekile.” (Jakobo 3:17) Na eo e tlang ho ba molekane oa hao o thahasella ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa botona le botšehali ho fapana le ho thahasella boemo ba lōna ka pel’a Molimo? Haeba hona joale a sa etse boiteko ba hore a phele ka litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro, ho na le motheo ofe oa ho lumela hore o tla etsa joalo ka mor’a lenyalo?—Genese 39:7-12.
• O ntšoara joang?—Baefese 5:28, 29.
Buka ea Bibele ea Liproverbia e bua ka monna ea ‘tšepang’ mosali oa hae. Ho feta moo, “oa mo rorisa.” (Liproverbia 31:11, 28) Ha a boulele ka ho feteletseng, leha e le hona ho ba ea se nang kahlolo e molemo linthong tseo a li lebeletseng. Jakobo o ile a ngola hore bohlale bo tsoang holimo bo “ba le khotso, kahlolo e molemo, . . . ho tlala mohau le litholoana tse molemo.”—Jakobo 3:17.
• O tšoara litho tsa lelapa labo joang?—Exoda 20:12.
Ho hlompha batsoali hase feela tjee ntho e hlokoang ho bana. Bibele e re: “Mamela ntat’ao ea u tsoetseng, u se ke ua nyelisa ’m’ao, ha a tsofetse.” (Liproverbia 23:22) Ka ho thahasellisang, Dr. W. Hugh Missildine o ile a ngola: “Mathata a mangata lenyalong le ho se utloane a ka ’na a qojoa—kapa bonyane a bonoa esale pele—haeba eo e tla ba monyaluoa le eo e tla ba monyali ba ne ba ka etelana mahaeng ka mokhoa o sa reroang ’me ba hlokomela kamano e teng pakeng tsa ‘mohlankana’ le batsoali ba hae. Tsela eo a talimang batsoali ba hae ka eona e tla susumetsa tsela eo a tla talima molekane oa hae ka eona. E mong o tlameha ho ipotsa: ‘Na ke batla ho tšoaroa ka tsela eo a tšoarang batsoali ba hae ka eona?’ ’Me tsela eo batsoali ba hae ba mo tšoarang ka eona e tla ba sesupo se setle sa kamoo a tla itšoara kateng le kamoo a tla u lebella hore u mo tšoare kateng—ka mor’a lechato.”
• Na ke sefela-peloana kapa motho ea puo e hlabang?
Bibele ea eletsa: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang a li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) Pauluse o ile a lemosa Timothea ka Bakreste ba bang ba neng ba tla “kula kelellong ka lebaka la litsekisano le ho pheha khang ka mantsoe” le ba neng ba tla inehella “mohono, ho qabana, lipuo tse nyefolang, lipelaello tse khopo, liphehisano tse mabifi ka mafeela.”—1 Timothea 6:4, 5.
Ho phaella moo, Pauluse o ile a ngola hore motho ea tšoanelehelang litokelo tse ikhethang ka phuthehong e lokela ho ba ‘ea sa otleng’—ho ea ka Segerike sa qalong, “ea sa iseng motho letsoho.” (1 Timothea 3:3, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) E ke ke ea e-ba motho ea shapang kapa ea khahlapetsang batho ka mantsoe. Motho ea nang le tšekamelo ea ho ba mabifi ha a halefile hase molekane ea tšoanelehang oa lenyalo.
• Lipakane tsa hae ke life?
Ba bang ba lelekisa maruo ’me ba kotula litholoana tse ke keng tsa qojoa. (1 Timothea 6:9, 10) Ba bang ba iphelela feela bophelong ba se na morero ba se na lipakane tseo ba batlang ho li finyella. (Liproverbia 6:6-11) Leha ho le joalo, monna ea nang le tšabo ea bomolimo o tla bontša boikemisetso bo kang ba Joshua, ea ileng a re: “Ha e le ’na le ba ntlo ea ka, re tla sebeletsa Jehova.”—Joshua 24:15.
Meputso le Boikarabelo
Lenyalo ke tokisetso ea Molimo. Le thehiloe le ho hlomamisoa ke Jehova Molimo. (Genese 2:22-24) O ile a theha tokisetso ena ea lenyalo ho etsa tlamo ea ka ho sa feleng pakeng tsa monna le mosali e le hore ba ka thusana ka tumellano. Ha melao-motheo ea Bibele e sebelisoa, monna le mosali ba ka lebella ho fumana ho hongata bophelong ho ba thabisang.—Moeklesia 9:7-9.
Leha ho le joalo, re lokela ho elelloa hore re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Bibele e ile ea bolela esale pele hore nakong ena, batho e ne e tla ba “baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, . . . ba sa tšepahaleng ka ho sa sekisetseng, ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, . . . baeki, ba hlooho li thata, ba hohomohileng ke boikakaso.” (2 Timothea 3:1-4) Mekhoa ena e mebe e ka ba le phello e kotsi lenyalong la hao. Kahoo, ba nahanang ho kena lenyalong ba lokela ho bala litšenyehelo ka hloko. ’Me ba seng ba le lenyalong ba lokela ho tsoela pele ho sebeletsa ho ntlafatsa kamano ea bona ka ho ithuta le ho sebelisa tataiso ea bomolimo e fumanoang ka Bibeleng.
E, ba nahanang ka ho kena lenyalong ba tla etsa hantle ho talima ka nģ’ane ho letsatsi la lechato. ’Me bohle ha baa lokela ho nahana feela ka ketso ea ho kena lenyalong empa ba lokela ho nahana hape le ka bophelo ba lenyalo. Itšetlehe ka Jehova hore a u tataise hore u nahane ka tsela ea sebele ho fapana le ho nkeha feela ke maikutlo a lerato. Ka ho etsa joalo, ho ka etsahala hore ebe u ka thabela ho ba le lenyalo le atlehileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bibele e lumella lebaka le le leng feela la tlhalo le lumellang motho hore a ka boela a kena lenyalong, ’me lona ke “bohlola”—ho kopanela likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo.—Matheu 19:9.
[Lebokose le leqepheng la 5]
“Tlhaloso e Molemo ka ho Fetisisa ea Lerato eo Nkileng ka e Bala”
Dr. Kevin Leman oa ngola: “U tseba joang haeba u hlile u rata motho? Ho na le buka e ’ngoe ea boholo-holo e hlalosang lerato. Buka eo e lilemo tse ka bang likete tse peli, empa e ntse e e-na le tlhaloso e molemo ka ho fetisisa ea lerato eo nkileng ka e bala.”
Dr. Leman o ne a bua ka mantsoe a moapostola oa Mokreste Pauluse a fumanoang ka Bibeleng ho 1 Bakorinthe 13:4-8:
“Lerato lea tiisetsa ’me le mosa. Lerato ha le boulele, ha le ithorise, ha le hohomohe, ha le itšoare ka mokhoa o sa hlompheheng, ha le batle lithahasello tsa lona, ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea se kotsi. Ha le thabele ho se loke, empa le thaba le ’nete. Le jara lintho tsohle, le lumela lintho tsohle, le tšepa lintho tsohle, le mamella lintho tsohle. Lerato ha le fele le ka mohla.”
[Lebokose le leqepheng la 8]
Maikutlo a ka U Thetsa
Ka ho totobetseng moroetsana oa Moshulame oa mehleng ea Bibele o ne a tseba hantle matla a thetsang a maikutlo a lerato. Ha a ne a ferehoa ke Morena Solomone ea matla, o ile a bolella lithaka tsa hae tsa banana hore ‘li se ke tsa leka ho tsosa kapa ho susumetsa lerato ka ho eena ho fihlela lona le ikutloa le e-na le tšekamelo.’ (Sefela sa Lifela 2:7, NW) Moroetsana enoa ea bohlale ha aa ka a batla hore metsoalle ea hae e etse hore a laoloe ke maikutlo. Sena se boetse sea sebetsa le ho ba nahanang ho kena lenyalong kajeno. Lebela maikutlo a hao ka thata. Haeba u kena lenyalong, e lokela ebe u hlile u rata motho eo, eseng feela hobane u e-na le khopolo ea ho kena lenyalong.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Esita le bao e leng khale ba le lenyalong ba ka matlafatsa maqhama a bona a lenyalo
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
O tšoara batsoali ba hae joang?