Na Buka ee e ka Tšeptjoa?
“Ke fumana matšoao a tšepahalang haholoanyane a hore Bibele ke ’nete ho feta histori leha e le efe [ea lefatše].”—Sir Isaac Newton, setsebi se tummeng sa saense sa Lenyesemane.1
NA BUKA ee—Bibele—e ka tšeptjoa? Na e bua ka batho ba hlileng ba phela, libaka tsa sebele tse bileng teng, le liketsahalo tse hlileng tsa etsahala? Haeba ho joalo, ho lokela ho be le bopaki ba hore e ngotsoe ke bangoli ba hlokolosi le ba tšepahalang. Bopaki bo teng. Boholo ba bona bo fumanoe bo tsetelehile fatše, ’me bo bongata le ho feta bo fuperoe ke eona buka eo ka boeona.
Ho Epolla Bopaki
Ho sibolloa ha mesebetsi ea matsoho ea boholo-holo e tsetelehileng linaheng tsa Bibele ho tšehelitse ho nepahala ha histori le ha libaka tsa Bibele. Nahana feela ka bo bong ba bopaki boo baepolli ba lintho tsa khale ba bo epolotseng.
Davida, molisa e monyenyane ea sebete eo e ileng ea e-ba morena oa Iseraele, oa tsebahala ho babali ba Bibele. Lebitso la hae le hlaha ka makhetlo a 1138 ka Bibeleng, ’me polelo “Ntlo ea Davida”—eo hangata e supang lesikeng la hae la borena—e hlaha ka makhetlo a 25. (1 Samuele 16:13; 20:16) Leha ho le joalo, ho fihlela morao tjena, ho ne ho se na bopaki bo hlakileng kantle le ba Bibele ba hore Davida o kile a ba teng. Na Davida e ne e mpa e le motho ea inahaneloang feela?
Ka 1993 sehlopha sa baepolli ba lintho tsa khale, se eteletsoeng pele ke Moprofesa Avraham Biran, se ile sa sibolla ntho e tsotehang, e ileng ea tlalehoa ho Israel Exploration Journal. Setšeng sa leralla la boholo-holo le bitsoang Tel Dan karolong e ka leboea ea Iseraele, se ile sa epolla lejoe la basalt. Mantsoe a ngotsoeng lejoeng leo ke a reng “Ntlo ea Davida” le “Morena oa Iseraele.”2 Mongolo oo, oa lekholong la borobong la lilemo B.C.E., ho boleloa hore ke karolo ea seemahale sa tlhōlo se ileng sa emisoa ke Baarame—lira tsa Iseraele tse neng li phela ka bochabela. Ke hobane’ng ha mongolo oo oa boholo-holo e le oa bohlokoa hakaale?
Motheong oa tlaleho ea Moprofesa Biran le oa mphato oa hae, Moprofesa Joseph Naveh, sehlooho se leng ho Biblical Archaeology Review se ile sa re: “Lena ke lekhetlo la pele leo ka lona lebitso Davida le ileng la fumanoa mongolong leha e le ofe oa boholo-holo kantle ho Bibele.”3a Ho boetse ho na le ntho ea bohlokoa ka mongolo ona. Polelo “Ntlo ea Davida” e ngotsoe e le lentsoe le le leng. Setsebi sa puo Moprofesa Anson Rainey oa hlalosa: “Ntho e arolang mantsoe . . . hangata ea siuoa, haholo-holo haeba mantsoe a kopaneng e le lebitso le khethollang le tsebahalang hantle. ‘Ntlo ea Davida’ ka sebele e ne e le lebitso le joalo le khethollang la lipolotiki le la sebaka bohareng ba lekholo la borobong la lilemo B.C.E.”5 Kahoo Morena Davida le lesika la hae ka ho hlakileng ba ne ba tsebahala haholo lefatšeng la boholo-holo.
Na Ninive—motse o moholo oa Assyria o boletsoeng ka Bibeleng—e hlile ea e-ba teng? Ho fihlela morao tjena, mathoasong a lekholo la bo19 la lilemo, bahlahlobisisi ba bang ba Bibele ba ile ba hana ho lumela hore ho joalo. Empa ka 1849, Sir Austen Henry Layard o ile a epolla lithako tsa ntlo ea borena ea Morena Sankeribe mane Kuyunjik, e leng sebaka se ipakileng e le karolo ea Ninive ea boholo-holo. Kahoo bahlahlobisisi ba ile ba thōlisoa tabeng eo. Empa lithako tsena li ne li e-na le boitsebiso bo eketsehileng. Maboteng a kamore e ’ngoe e bolokehileng hantle ho ne ho e-na le setšoantšo se bontšang ho haptjoa ha motse o sirelelitsoeng hantle, ho e-na le batšoaruoa ba machang ka pel’a morena ea ba hlaselang. Ka holim’a morena ho na le mongolo ona: “Sankeribe, morena oa lefatše, morena oa Assyria, a lutse holim’a terone ea nîmedu ’me a feta a hlahloba khapo (e nkiloeng) e tsoang Lakishe (La-ki-su).”6
Setšoantšo sena le mongolo, tse ka bonoang British Museum li lumellana le tlaleho ea Bibele ea ho haptjoa ha motse oa Judea oa Lakishe ke Sankeribe, e tlalehiloeng ho 2 Marena 18:13, 14. Ha a hlalosa ka bohlokoa ba se fumanoeng, Layard o ile a ngola: “Ke mang ea neng a ka lumela hore ke ntho e ka etsahalang kapa e ka khonehang, pele ho etsoa tšibollo ee, hore ka tlas’a qubu ea mobu kapa lithōle e neng e tšoaea setša sa Ninive, ho ne ho tla fumanoa histori ea lintoa pakeng tsa Ezekiase [morena oa Juda] le Sankeribe, e ngotsoeng nakong eona eo li etsahetseng ka eona e ngoloa ke Sankeribe ka boeena, ’me e tiisa le makolopetso a qaqileng a tlaleho ea Bibele?”7
Baepolli ba lintho tsa khale ba epolotse lintho tse ling tse ngata tsa mesebetsi ea matsoho—lipitsa tsa letsopa, lithako tsa mehaho, matlapa a letsopa, lichelete tsa tšepe, litokomane, liemahale le mengolo—tse tiisang ho nepahala ha Bibele. Bacheki ba sibolotse motse oa Bakalde oa Ure, setsi sa khoebo le bolumeli moo Abrahama a ileng a phela teng.8 (Genese 11:27-31) Tlaleho ea Naboniduse, e chekiloeng lekholong la bo19 la lilemo, e hlalosa ho oa ha Babylona e lihuoa ke Cyruse e Moholo ka 539 B.C.E., e leng ketsahalo e phetiloeng khaolong ea 5 ea Daniele.9 Mongolo (oo maqhetso a oona a bolokiloeng British Museum) o fumanoeng holim’a monyako Thesalonika ea boholo-holo o na le mabitso a babusi ba motse ba hlalositsoeng e le “politarchs,” e leng lentsoe le neng le sa tsejoe libukeng tsa khale tsa Segerike empa le sebelisitsoe ke mongoli oa Bibele Luka.10 (Liketso 17:6, NW, mongolo o botlaaseng ba leqephe) Kahoo ho nepa ha Luka ho ile ha tiisoa hore ke ’nete tabeng ena—joalokaha ho ne ho se ho ntse ho le joalo makolopetsong a mang.—Bapisa le Luka 1:3.
Leha ho le joalo, baepolli ba lintho tsa khale hase kamehla ba lumellanang, re se re sa re letho ka ho se lumellane le Bibele. Leha ho le joalo, Bibele ka boeona e na le bopaki bo matla ba hore ke buka e ka tšeptjoang.
E Hlahisitsoe ka Botšepehi
Bo-rahistori ba tšepahalang ba ne ba sa tlalehe feela ho hlōla (joaloka mongolo o mabapi le ho hapa ha Sankeribe Lakishe) empa le ho hlōloa, eseng feela ho atleha empa le ho hlōleha, eseng feela matla empa le mefokolo. Ke lihistori tse seng kae feela tsa lefatše tse bonahatsang botšepehi bo joalo.
Ka bo-rahistori ba Assyria, Daniel D. Luckenbill oa hlalosa: “Hangata ke ntho e hlakileng hore boikakaso ba borena bo ne bo batla hore ho nepahala ha histori ho sothoe ka bolotsana.”11 Ha li bontša ‘boikakaso bo joalo ba borena,’ litlaleho tsa histori tsa Morena Ashurnasirpal oa Assyria lia ikonka: “Ke khabane, ke mohlomphehi, ke phahame, ke matla, ke hlomphiloe, ke halalelitsoe, ke ea phahameng ka ho fetisisa, ke senatla, ke mohale, ke sebete se kang sa tau hape ke sebete sa bahale!”12 Na u ne u tla amohela ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e balang litlalehong tse joalo e le histori e nepahetseng?
Ha ho bapisoa, bangoli ba Bibele ba ile ba bonahatsa botšepehi bo khathollang. Moshe, moeta-pele oa Iseraele, ka ho toba o ile a tlaleha mefokolo ea mor’abo, Arone, ea khaitseli ea hae Miriame, ea bara ba ngoan’abo Nadabe le Abihu, le ea sechaba sa habo, hammoho le liphoso tsa hae ka boeena. (Exoda 14:11, 12; 32:1-6; Levitike 10:1, 2; Numere 12:1-3; 20:9-12; 27:12-14) Liphoso tse tebileng tsa Morena Davida ha lia ka tsa koaheloa empa li ile tsa tlalehoa—’me tlaleho eo e ile ea ngoloa ha Davida e ntse e le morena. (2 Samuele, khaolo ea 11 le ea 24) Matheu, mongoli oa buka e reheletsoeng ka eena, o bolela kamoo baapostola (bao e neng e le e mong oa bona) ba ileng ba ngangisana ka hore na oa bohlokoa ho bona ke mang le kamoo ba ileng ba lahla Jesu kherehloa kateng bosiung boo a tšoeroeng ka bona. (Matheu 20:20-24; 26:56) Bangoli ba Mangolo a Segerike a Bakreste ka ho toba ba ile ba lumela hore ho bile le mathata, ho akarelletsa a boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le likarohano, ho tse ling tsa liphutheho tsa Bokreste tsa pele. ’Me ha baa ka ba hlatha koana le koana ha ba sebetsana le mathata ana.—1 Bakorinthe 1:10-13; 5:1-13.
Tlaleho e joalo e tobileng le e bulehileng e bontša ho ameha ka botšepehi ka ’nete. Kaha bangoli ba Bibele ba ne ba utloisisa ho tlaleha boitsebiso bo sa rateheng ka baratuoa ba bona, batho ba habo bona, esita le ka bona ka bobona, na leo hase lebaka le letle la ho tšepa mangolo a bona?
Makolopetso a Eona a Nepahetse
Linyeoeng tsa lekhotla ho tšepahala ha bopaki bo fanoeng hangata ho ka lekanyetsoa motheong oa lintlha tse nyenyane. Ho lumellana ka lintho tse nyenyane ho ka ’na ha tiisa hore bopaki boo bo nepahetse ebile boa tšepahala, ha phapang e tebileng e ka bo senola e le bo iketselitsoeng. Ka lehlakoreng le leng, tlaleho e nepahetseng ka ho feteletseng—eo ho eona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlophisitsoeng ka makhethe—le eona e ka senola bopaki ba bohata.
“Bopaki” ba bangoli ba Bibele bo tšoaneleha joang tabeng ee? Banna ba ileng ba ngola Bibele ba ile ba bonahatsa ho lumellana ho tsotehang. Ho na le ho lumellana ho hoholo esita le ka lintho tse nyenyane. Leha ho le joalo, ho lumellana hoo ha hoa hlophisoa ka hloko, hoo ho neng ho tla tsosa lipelaelo tsa hore ho entsoe ’momori. Ho hlakile hore ho ne ho se therisano lintlheng tseo ho ileng ha iketsahalla feela hore li lumellane, bangoli hangata ba lumellana e se ka morero. Hlahloba mehlala e meng.
Mongoli oa Bibele Matheu o ile a ngola: “’Me Jesu, ha a kena ka tlung ea Petrose, a bona mohoehali oa hae a robetse fatše ’me a kula a tšoeroe ke feberu.” (Matheu 8:14) Mona Matheu o fana ka boitsebiso bo thahasellisang empa e se ba bohlokoa: Petrose o ne a nyetse. Ntlha ena e nyenyane e tšehetsoa ke Pauluse, ea ileng a ngola: “Na ha ke na tokelo ea ho tsamaea le mosali ea nyetsoeng oa Mokreste, joaloka baapostola ba bang le . . . Kefase?”b (1 Bakorinthe 9:5, The New English Bible) Moelelo o bontša hore Pauluse o ne a itšireletsa khahlanong le ho nyatsuoa ho se nang motheo. (1 Bakorinthe 9:1-4) Ka ho hlakileng, ntlha ena e nyenyane—ea hore Petrose o nyetse—ha e hlahisoe ke Pauluse a tšehetsa ho nepahala ha tlaleho ea Matheu empa e fetisoa e se ka morero.
Bangoli bohle ba bane ba Likosepele—Matheu, Mareka, Luka le Johanne—ba tlaleha hore bosiung ba ho tšoaroa ha Jesu, e mong oa barutuoa ba hae o ile a hula sabole ’me a hlatha lekhoba le leng la moprista ea phahameng, a tlosa tsebe ea monna eo. Ke Kosepele ea Johanne feela e tlalehang ntlha e qaqileng e bonahalang e sa hlokahale: “Lebitso la lekhoba leo e ne e le Malkase.” (Johanne 18:10, 26) Ke hobane’ng ha e le Johanne feela ea fanang ka lebitso la monna eo? Litemaneng tse seng kae hamorao, tlaleho eo e fana ka ntlha e nyenyane e sa boleloang kae kapa kae: Johanne “o ne a tsejoa ke moprista ea phahameng.” Hape o ne a tsejoa ke ba ntlo ea moprista ea phahameng; bahlanka ba ne ba mo tloaetse, ’me le eena a ba tloaetse. (Johanne 18:15, 16) Joale, e ne e le ha tlhaho hore Johanne a bolele lebitso la monna ea tsoileng kotsi, ha bangoli ba bang ba Likosepele, ba sa tsebeng monna eo, ba sa ho etse.
Ka linako tse ling, litlhaloso tse qaqileng lia siuoa tlalehong e ’ngoe empa ho fanoa ka tsona kae-kae ka lipolelo tse etsoang ha ho ipueloa feela. Ka mohlala, tlaleho ea Matheu ea nyeoe ea Jesu ka pel’a Sanhedrine ea Bajuda e bolela hore batho ba bang ba neng ba le teng ba ile “ba mo jabela sefahlehong, ba re: ‘Re profetele, uena Kreste. Ke mang ea u otlileng?’” (Matheu 26:67, 68) Ke hobane’ng ha ba ne ba ka kōpa Jesu hore a ‘profete’ hore na ke mang ea mo otlileng, ha ea mo otlileng a ne a eme hona moo ka pel’a hae? Matheu ha a hlalose. Empa bangoli ba bang ba babeli ba Likosepele ba fana ka boitsebiso boo bo haellang: Bahlorisi ba Jesu ba ile ba mo khurumetsa sefahleho pele ba mo jabela. (Mareka 14:65; Luka 22:64) Matheu o fana ka boitsebiso ba hae a sa ameha ka ho fana ka makolopetso ’ohle.
Kosepele ea Johanne e bua ka ketsahalo e ’ngoe ha letšoele le leholo le ne le bokane ho ea utloa ha Jesu a ruta. Ho latela tlaleho eo, ha Jesu a bona letšoele leo, “a re ho Filipi: ‘Re tla reka mahobe hokae hore bongata bo boholo bona bo je?’” (Johanne 6:5) Ho barutuoa bohle ba neng ba le teng, ke hobane’ng ha Jesu a ile a botsa Filipi hore na ba ne ba ka reka bohobe kae? Mongoli ha a bolele. Leha ho le joalo, tlalehong e tšoanang, Luka o tlaleha hore seo se etsahetse haufi le Bethsaida, motse o lebōpong le ka leboea ho Leoatle la Galilea ’me pejana Kosepeleng ea Johanne ho boleloa hore “Filipi o ne a tsoa Bethsaida.” (Johanne 1:44; Luka 9:10) Kahoo, ka ho utloahalang Jesu o ile a botsa motho eo motse oa habo o neng o le haufinyane. Ho lumellana ha makolopetso ana ke ho tsotehang, empa ka ho hlakileng e se ka morero.
Mabakeng a mang ho siuoa ha makolopetso a itseng ho mpa ho tiisa ho tšepahala ha mongoli oa Bibele. Ka mohlala, mongoli oa 1 Marena o bua ka komello e matla Iseraele. E ne e le matla hoo morena a neng a sitoa ho fumana metsi a lekaneng le joang hore a boloke lipere tsa hae le limmoulo li ntse li phela. (1 Marena 17:7; 18:5) Leha ho le joalo, tlaleho e tšoanang e tlaleha hore moprofeta Elia o ile a laela hore a tlisetsoe metsi a lekaneng Thabeng ea Karmele (hore a tl’o a sebelisa mabapi le sehlabelo) hore ho tlatsoe sekoti se potolohang sebaka seo mohlomong se leng lisekoere-mithara tse 1 000. (1 Marena 18:33-35) Ka har’a komello e kaalo, metsi ao kaofela a ne a tsoa hokae? Mongoli oa 1 Marena ha aa ka a itšoenya ka ho hlalosa. Leha ho le joalo, e mong le e mong ea phelang Iseraele o ne a tseba hore Karmele e ne e le lebōpong la Leoatle la Mediterranean, joalokaha tlhaloso e boletsoeng e se ka morero hamorao e bontša. (1 Marena 18:43) Kahoo, metsi a leoatle a ne a ka fumaneha habonolo. Haeba ka litsela tse ling buka ena e nang le boitsebiso bo qaqileng e ne e le tšōmo feela ea ntho eo e hlileng e seng eona, ke hobane’ng ha mongoli oa eona, eo boemong boo e neng e tla ba moikhakanyi ea bohlale, a ne a ka siea ho se lumellane ho totobetseng joalo tabeng e ngotsoeng?
Kahoo na Bibele e ka tšeptjoa? Baepolli ba lintho tsa khale ba chekile lintho tsa mesebetsi ea matsoho tse lekaneng ho tiisa hore Bibele e bua ka batho ba sebele, libaka tsa sebele le liketsahalo tsa sebele. Leha ho le joalo, ho susumetsang le ho feta ke bopaki bo fumanoang ka Bibeleng ka boeona. Bangoli ba tobang taba ha baa ka ba siea motho—esita le bona ka bobona—mabapi le ho tlaleha se etsahetseng. Ho lumellana ho ka hare ha mangolo ana, ho akarelletsa lintho tse lumellanang e se ka morero, ho fana ka “bopaki” bo sa thekeseleng ba hore ke ’nete. E e-na le ‘matšoao a tšepahalang joalo a hore ke ’nete,’ ka sebele Bibele ke buka eo u ka e tšepang.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mor’a tšibollo eo, Moprofesa André Lemaire o ile a tlaleha hore ho tsosolosoa ha mela e senyehileng letlapeng la Mesha (leo hape le bitsoang Lejoe la Moabe), le ileng la sibolloa ka 1868, ho senola hore le boetse le bua ka “Ntlo ea Davida.”4
b “Kefase” ke lebitso la Sejuda le tšoanang le la “Petrose.”—Johanne 1:42.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Leqhetso la Tel Dan
[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]
Setšoantšo se betliloeng leboteng la Assyria se senolang ho likaliketsoa ha Lakishe, ho boletsoeng ho 2 Marena 18:13, 14