Ho Phelela Kajeno Kapa ho Phelela Bokamoso bo sa Feleng?
“Re ile ra pholosoa ka tšepo ena.”—BAROMA 8:24.
1. Baepikure ba ne ba ruta eng, ’me filosofi ea mofuta oo e ile ea ama Bakreste ba bang joang?
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a ngolla Bakreste ba lulang Korinthe: “Ho tla joang hore ba bang har’a lōna ba re ha ho tsoho ea bafu?” (1 Bakorinthe 15:12) Kamoo ho bonahalang kateng, filosofi e chefo ea rafilosofi oa Mogerike Epikure e ne e keneletse Bakresteng ba lekholong la pele la lilemo. Kahoo Pauluse o ile a lebisa tlhokomelo thutong ea Baepikure: “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.” (1 Bakorinthe 15:32) Ba nyelisa tšepo leha e le efe ea bophelo ka mor’a lefu, balateli ba rafilosofi enoa ba ne ba lumela hore menyaka ea nama ke sona feela se molemo bophelong. (Liketso 17:18, 32) Filosofi ea Baepikure e ne e bontša boikhabi, ho nyatsa-nyatsa, ’me e qetella ka ho nyenyefatsa.
2. (a) Ke hobane’ng ha ho ne ho le kotsi hakaale ho hana tsoho? (b) Pauluse o ile a matlafatsa tumelo ea Bakreste ba Korinthe joang?
2 Ho hana tsoho hona ho ne ho e-na le liphello tse tebileng. Pauluse o ile a re: “Haeba, ka sebele, ha ho tsoho ea bafu, le Kreste ha aa tsosoa. Empa haeba Kreste ha aa tsosoa, boboleli ba rōna ka sebele ke lefeela, le tumelo ea rōna ke lefeela. . . . Haeba bophelong bona feela re tšepile Kreste, ho batho bohle re ba haulang ka ho fetisisa.” (1 Bakorinthe 15:13-19) E, ntle le tšepo ea bokamoso ba ka ho sa feleng, Bokreste e ne e tla ba “lefeela.” Bo ne bo tla hloka morero. Ha ho makatse he, hore ebe tlas’a tšusumetso ea monahano ona oa bohetene, phutheho ea Korinthe e ne e fetohile selao sa mathata. (1 Bakorinthe 1:11; 5:1; 6:1; 11:20-22) Ka lebaka leo, Pauluse o ile a ikemisetsa ho matlafatsa tumelo ea bona tsohong. A sebelisa mabaka a matla, litemana tsa Mangolo le lipapiso, o ile a paka ka ho sa belaetseng hore tšepo ea tsoho hase tšōmo empa ke ea sebele e tla fela e phethahale. Ka lebaka lena, o ne a ka phehella balumeli-’moho le eena: “Le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.”—1 Bakorinthe 15:20-58.
“Le Lule le Lebetse”
3, 4. (a) Ho latela Petrose, ke boikutlo bofe bo kotsi bo neng bo ka aparela ba bang matsatsing a bofelo? (b) Re lokela ho tsoela pele ho ikhopotsa eng?
3 Kajeno, ba bangata ba na le boikutlo ba ho sheba litaba ka lehlakoreng le lerootho le ho phelela kajeno feela. (Baefese 2:2) Ho joalokaha moapostola Petrose a boletse esale pele. O buile ka “basomi ka ho soma ha bona . . . ba re: ‘Ho kae ho ba teng hoo ho tšepisitsoeng ha hae? Ka sebele, ho tloha letsatsing la ha baholo-holo ba rōna ba robala lefung, lintho tsohle li tsoela pele hantle feela joaloka ho tloha tšimolohong ea pōpo.’” (2 Petrose 3:3, 4) Haeba barapeli ba ’nete ba ne ba inehela ponong e joalo, ba ne ba ka fetoha ba “sa sebetseng kapa ba sa beheng.” (2 Petrose 1:8) Hoa thabisa hore ebe bongata ba batho ba Molimo kajeno ha bo boemong boo.
4 Ha ho phoso ho thahasella bofelo bo tlang ba tsamaiso ea lintho e khopo ea hona joale. Hopola thahasello eo baapostola ba Jesu ka bobona ba ileng ba e bontša: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” Jesu a araba: “Hase ha lōna hore le fumane tsebo ea linako kapa mehla tseo Ntate a li behileng ka taolo ea hae.” (Liketso 1:6, 7) Mantsoe ao a jere molaetsa oa bohlokoa oo a ileng a nehelana ka oona Thabeng ea Mehloaare: “Ha le tsebe hore na Morena oa lōna o tla ka letsatsi lefe. . . . Ka hora eo le sa nahaneng hore ke eona, Mora oa motho oa tla.” (Matheu 24:42, 44) Ho hlokahala hore re lule re ikhopotsa keletso eo! Ba bang ba ka ’na ba ba tekong ea ho ba le boikutlo bona, ‘Mohlomong ke lokela hore nke ke khoehlise hanyenyane ’me ke nke lintho habobebe haholoanyane.’ Eo e ne e tla ba phoso e kaakang! Nahana ka Jakobo le Johanne, “Bara ba Sea-luma.”—Mareka 3:17.
5, 6. Re ka fumana lithuto life mehlaleng ea Jakobo le Johanne?
5 Rea tseba hore Jakobo e ne e le moapostola ea chesehang haholo. (Luka 9:51-55) Hang ha phutheho ea Bokreste e thehiloe, e tlameha ebe o ile a phetha karolo ea hae ka mafolofolo. Empa ha Jakobo a sa ntse a batla a le mocha, Heroda Agrippa I o ile a mo bolaea. (Liketso 12:1-3) Na re nahana hore Jakobo, ha a bona hore bophelo ba hae bo fela ka tšohanyetso, o ile a ikutloa a soabetse hore ebe o ne a ile a cheseha hakaalo, a ikitlaetsa tšebeletsong ea hae? Le hanyenyane! Ka sebele o ne a thabetse hore ebe o ne a ile a qeta lilemo tse molemohali tsa bophelo ba hae bo batlang bo le bokhutšoanyane tšebeletsong ea Jehova. Hona joale, ha ho le ea mong ho rōna ea ka tsebang hore na bophelo ba rōna bo ka ’na ba fela ka tšohanyetso. (Moeklesia 9:11; bapisa le Luka 12:20, 21.) Ka hona ho hlakile hore ho bohlale ho boloka cheseho ea rōna e le matla ’me re be mafolofolo haholo ha re sebeletsa Jehova. Ka tsela eo re tla boloka lebitso la rōna le letle ho eena ’me re lule re nahanne ka bokamoso ba rōna ba ka ho sa feleng.—Moeklesia 7:1.
6 Ho na le thuto eo e leng mohlala o ka sebelisoang e amanang le moapostola Johanne, ea neng a le teng ha Jesu a phehella ka matla, “Le lule le lebetse.” (Matheu 25:13; Mareka 13:37; Luka 21:34-36) Johanne o ile a nka seo ka botebo ’me a sebeletsa ka cheseho lilemo tse mashome a mangata. Ha e le hantle, ho bonahala hore o ile a sala a phela ha baapostola ba bang kaofela ba se ba shoele. Ha Johanne a ne a se a hōlile haholo lilemong, a khona ho hetla morao lilemong tse mashome tsa tšebetso e tšepahalang, na o ile a e talima e le phoso, bophelo bo sa sebelisoang hamolemo kapa bo sa leka-lekanang? Che, ka sebele! O ne a ntse a lebeletse bokamoso ka thahasello. Nakong eo Jesu ea tsositsoeng a neng a re, “E; ke tla kapele,” hang-hang Johanne o ile a araba, “Amen! Tloo, Morena Jesu.” (Tšenolo 22:20) Ka sebele Johanne o ne a sa phelele nako eo feela, o ne a sa labalabele ‘bophelo bo tloaelehileng’ ba ho noaboloha le ba ho se chesehe haholo. O ne a ikemiselitse ho tsoela pele ho sebeletsa ka moea oa hae oohle le ka matla a hae ’ohle, ho sa tsotellehe hore na Morena o tla tla neng. Ho thoe’ng ka rōna?
Mabaka a ho Lumela Bophelong bo sa Feleng
7. (a) Ke joang tšepo ea bophelo bo sa feleng e ileng ea ‘tšepisoa pele ho linako tse tšoarellang halelele’? (b) Jesu o ile a khantša leseli joang tšepong ea bophelo bo sa feleng?
7 Tiiseha hore tšepo ea bophelo bo sa feleng hase toro ea motho kapa ntho e iqapeloang. Joalokaha Tite 1:2 e bolela, boinehelo ba rōna ba bomolimo bo thehiloe ‘tšepong ea bophelo bo sa feleng boo Molimo, ea ke keng a bua leshano, a ileng a bo tšepisa pele ho linako tse tšoarellang halelele.’ E ne e le morero oa Molimo oa tšimolohong hore batho bohle ba mamelang ba phele ka ho sa feleng. (Genese 1:28) Ha ho letho, esita le borabele ba Adama le Eva, le ka nyopisang morero ona. Joalokaha ho tlalehiloe ho Genese 3:15, hang-hang Molimo o ile a tšepisa “peō” e neng e tla etsolla tšenyo eohle e entsoeng ho moloko oa batho. Ha “peō” eo kapa Mesia, Jesu, e ne e fihla, e ile ea etsa hore tšepo ea bophelo bo sa feleng e be e ’ngoe ea lithuto tsa hae tsa motheo. (Johanne 3:16; 6:47, 51; 10:28; 17:3) Ka ho tela bophelo ba hae bo phethahetseng hore e be thekollo, Kreste o ile a fumana tokelo ea molao ea ho fa moloko oa batho bophelo bo sa feleng. (Matheu 20:28) Barutuoa ba hae ba bang, ba 144000 ha ba feletse, ba tla phela ka ho sa feleng maholimong. (Tšenolo 14:1-4) Kahoo bao e kileng ea e-ba batho ba shoang ba tla “apara ho se shoe”!—1 Bakorinthe 15:53.
8. (a) “Ho se shoe” ke eng, hona ke hobane’ng ha Jehova a ho fa ba 144 000? (b) Jesu o ile a fa “linku tse ling” tšepo efe?
8 “Ho se shoe” ho bolela ho fetang ho se shoe le ka mohla. Ho akarelletsa “matla a bophelo bo ke keng ba timela.” (Baheberu 7:16; bapisa le Tšenolo 20:6.) Leha ho le joalo, Molimo o finyella eng ha a fana ka mpho e joalo e babatsehang? Hopola phephetso ea Satane ea hore ha ho le se seng sa libōpuoa tsa Molimo se neng se ka tšeptjoa. (Jobo 1:9-11; 2:4, 5) Ka ho fa ba 144 000 ho se shoe, Molimo o bontša tšepo ea hae e feletseng sehlopheng sena se arabetseng phephetso ea Satane ka tsela e ikhethang. Empa ho thoe’ng ka moloko oa batho kaofela? Jesu o ile a bolella litho tsa pele tsa “mohlape o monyenyane” ona oa majalefa a ’Muso hore li ne li tla “lula literoneng ho ahlola meloko e leshome le metso e ’meli ea Iseraele.” (Luka 12:32; 22:30) Sena se bolela hore ba bang ba tla fumana bophelo bo sa feleng lefatšeng e le bafo ba ’Muso oa hae. Le hoja “linku tse ling” tsena li sa fuoa ho se shoe, li fela li fumana ‘bophelo bo sa feleng.’ (Johanne 10:16; Matheu 25:46) Kahoo bophelo bo sa feleng ke tšepo ea Bakreste bohle. Hase ntho e iqapeloang empa ke ntho eo ka tieo e tšepisitsoeng ke “Molimo, ea ke keng a bua leshano,” le e lefeletsoeng ka mali a bohlokoa a Jesu.—Tite 1:2.
Na e Tla Tla Khale?
9, 10. Ho na le lipontšo life tse hlakileng tsa hore re haufi le bofelo?
9 Moapostola Pauluse o boletse esale pele hore “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” li ne li tla bolela hore ntle ho pelaelo re “matsatsing a ho qetela.” Ha batho ba re potolohileng e ntse e e-ba ba hlokang lerato, ba meharo, ba ikhotsofatsang le ba sa tšabeng Molimo, na ha re hlokomele hore letsatsi la Jehova la ho liha likahlolo tsa hae tsamaisong ee ea lefatše e khopo le atamela ka potlako? Ha pefo le lehloeo li ntse li e-ja setsi, na ha re bone ho phethahala ho etsahalang haufi le rōna ha mantsoe a mang a Pauluse a reng: “Batho ba khopo le baikhakanyi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo fetisisang”? (2 Timothea 3:1-5, 13) Ba bang ka tšepo ba ka ’na ba etsa mehoo ea “Khotso le tšireletseho,” empa litebello tsohle tsa khotso li tla nyamela, hobane “timetso ea tšohanyetso e tla ba holim’a bona hang-hang feela joaloka bohloko bo hlabang ba mahlomola ho mosali oa moimana; ’me ho hang ha ba na ho phonyoha.” Ha rea siuoa lefifing mabapi le se boleloang ke linako tsa rōna. Ka hona, “a re luleng re falimehile ’me re lule re hlaphohetsoe likelellong.”—1 Bathesalonika 5:1-6.
10 Ho feta moo, Bibele e bontša hore matsatsi a ho qetela ke “nako e khutšoanyane.” (Tšenolo 12:12; bapisa le 17:10.) Ho bonahala hore boholo ba “nako e khutšoanyane” eo bo se bo fetile. Ka mohlala, boprofeta ba Daniele ka nepo bo hlalosa khohlano lipakeng tsa “morena oa Leboea” le “morena oa Boroa” e tsoetseng pele ho fihlela lekholong lena la lilemo. (Daniele 11:5, 6) Sohle se sa ntseng se tla phethahala ke tlhaselo ea ho qetela ea “morena oa Leboea,” e hlalositsoeng ho Daniele 11:44, 45.—Bona Molula-Qhooa oa July 1, 1987, le oa November 1, 1993, bakeng sa tlhahlobo ea boprofeta bona.
11. (a) Matheu 24:14 e phethahetse ho ea bohōleng bofe? (b) Mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:23 a bontša eng?
11 Hape ho na le seo Jesu a se buileng esale pele hore “litaba tsena tse molemo tsa ’muso li tla boleloa lefatšeng lohle leo ho ahiloeng ho lona hore e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me joale e ntan’o ba hona bofelo bo tla tla.” (Matheu 24:14) Kajeno, Lipaki tsa Jehova li etsa mosebetsi oa tsona linaheng tse 233, lihlopheng tsa lihlekehleke le libakeng tse ling. Ke ’nete hore ho ntse ho e-na le libaka tse e-song ho sebetsoe, ’me mohlomong ka nako ea Jehova e loketseng, monyetla o tla buleha. (1 Bakorinthe 16:9) Ho ntse ho le joalo, mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 10:23 aa utloahala: “Ho hang ha le na ho phetha ho potoloha le metse ea Iseraele ho fihlela Mora oa motho a fihla.” Le hoja ka sebele litaba tse molemo li tla phatlalatsoa lefatšeng lohle, rōna ka borōna re ke ke ra finyella likarolo tsohle tsa lefatše ka molaetsa oa ’Muso pele Jesu a “fihla” e le Mophethahatsi oa Kahlolo.
12. (a) Ke ‘tiiso’ efe e boletsoeng ho Tšenolo 7:3? (b) Ke’ng se boleloang ke palo ea batlotsuoa e fokotsehang lefatšeng?
12 Nahana ka temana e ho Tšenolo 7:1, 3, e bolelang hore “meea e mene” ea timetso e tšoeroe “ho fihlela ka mor’a hore re tiise makhoba a Molimo oa rōna liphatleng tsa ’ona.” Sena ha se bolele tiiso ea pele, e etsahalang ha ba 144000 ba fumana pitso ea leholimo. (Baefese 1:13) Se bolela tiiso ea ho qetela, ha ba tsebahatsoa ka ho ke keng ha fetoha e le “makhoba a Molimo oa rōna” a lekiloeng le a tšepahalang. Palo ea bara ba Molimo ba sebele ba tlotsitsoeng ba phelang lefatšeng e fokotsehile haholo. Ho feta moo, Bibele e bontša ka ho hlaka hore ke “ka lebaka la bakhethoa” karolo e qalang ea mahlomola a maholo e tla “khutsufatsoa.” (Matheu 24:21, 22) Bongata ba ba ipolelang e le batlotsuoa bo se bo hlile bo hōlile. Hape, na see se ne se ke ke sa bontša hore bofelo bo haufi?
Molebeli ea Tšepahalang
13, 14. Sehlopha sa molebeli se na le boikarabelo bofe?
13 Ho sa le joalo, ke hantle ha re ela hloko tataiso eo “lekhoba le tšepahalang” le fanang ka eona. (Matheu 24:45) Lilemong tse ka holimo ho lekholo, “lekhoba” la kajeno le sebelelitse ka botšepehi e le “molebeli.” (Ezekiele 3:17-21, NW) Molula-Qhooa oa May 15, 1984, o ile oa hlalosa: “Molebeli enoa o lemoha kamoo liketsahalo li tsoelang pele kateng lefatšeng phethahatsong ea boprofeta ba Bibele, o lemosa ka ‘matšoenyeho a maholo ao a kang ’ona a e-s’o be teng ho tloha tšimolohong ea lefatše’ le ho phatlalatsa ‘litaba tse molemo tsa ho hong ho molemonyana.’”—Matheu 24:21; Esaia 52:7, NW.
14 Hopola: Ke mosebetsi oa molebeli ho hoeletsa feela “see [a] se bonang.” (Esaia 21:6-8) Mehleng ea Bibele molebeli o ne a ka lemosa esita leha seo e ka ’nang eaba ke tšokelo se ne se le hōle haholo hore se ka bonoa ka ho hlakileng. (2 Marena 9:17, 18) Ka sebele mekhosi ea bohata e bile teng morao koo. Empa molebeli ea molemo o ne a ke ke a thōla ka lebaka la ho tšaba tlotlollo. Haeba ntlo ea hao e ne e e-cha, u ne u tla ikutloa joang haeba banna ba timang mollo ba ne ba sa fihle hobane ba ne ba nahana hore e ka ’na eaba ke mokhosi oa bohata? Che, re lebella hore banna ba joalo ba arabele kapele pontšong efe kapa efe ea kotsi! Ka tsela e tšoanang, sehlopha sa molebeli se ile sa hoeletsa ha ho ne ho bonahala eka maemo a hloka hore se etse joalo.
15, 16. (a) Ke hobane’ng ha ho etsoa litokiso kutloisisong ea rōna ea boprofeta? (b) Re ka ithuta eng ho bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba neng ba e-na le kutloisiso e fosahetseng ea boprofeta bo itseng?
15 Leha ho le joalo, ha liketsahalo li ntse li tsoela pele, kutloisiso ea rōna ea boprofeta e hlakile haholoanyane. Histori e bontša hore ke ka seoelo, haeba ho ke ho etsahale, boprofeta ba bomolimo bo utloisisoang ka ho feletseng pele bo phethahala. Molimo o ile a bolella Abrame ka nepo nako eo litloholo tsa hae li neng li tla e nka e le “bajaki naheng ee e seng ea bona,” e leng, lilemo tse 400. (Genese 15:13) Leha ho le joalo, Moshe o ile a itlhahisa e le molopolli pele ho nako.—Liketso 7:23-30.
16 Hape nahana ka boprofeta bo amanang le Mesia. Ha ho nahanoa ka liketsahalo tse fetileng ho bonahala ho hlakile ka ho feletseng hore lefu la Mesia le tsoho ea hae li boletsoe esale pele. (Esaia 53:8-10) Empa, barutuoa ba Jesu ba ile ba hlōleha ho utloisisa ’nete ena. (Matheu 16:21-23) Ba ne ba sa bone hore Daniele 7:13, 14 e ne e tla phethahatsoa nakong ea pa·rou·siʹa ea Kreste e tlang kapa “ho ba teng” ha hae. (Matheu 24:3) Ka hona tekanyo ea bona ea nako e ne e fosahetse ka lilemo tse ka bang 2000 ha ba ne ba botsa Jesu: “Morena, na u khutlisetsa ’muso ho Iseraele nakong ee?” (Liketso 1:6) Esita le ka mor’a hore phutheho ea Bokreste e tiee hantle, mehopolo e fosahetseng le litebello tsa bohata li ile tsa tsoela pele ho hlahella. (2 Bathesalonika 2:1, 2) Le hoja ba bang ka linako tse ling ba ne ba e-na le lipono tse fosahetseng, ho ke ke ha latoloa hore Jehova o ile a hlohonolofatsa mosebetsi oa balumeli bao ba lekholong la pele la lilemo!
17. Re lokela ho ba le pono efe ka litokiso tse etsoang kutloisisong ea rōna ea Mangolo?
17 Sehlopha sa molebeli sa kajeno ka ho tšoanang se ile sa tlameha ho hlakisa pono ea sona nako le nako. Leha ho le joalo, na ho na le ea ka bang le pelaelo ea hore Jehova o hlohonolofalitse “lekhoba le tšepahalang”? Ntle le moo, ha ho talingoa taba eohle, na boholo ba litokiso tse entsoeng hase tse nyenyane ha ho bapisoa? Kutloisiso ea rōna ea motheo ea Bibele ha ea fetoha. Kholiseho ea rōna ea hore re phela matsatsing a ho qetela e matla ho feta leha e le neng!
Ho Phelela Bokamoso bo sa Feleng
18. Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho phelela kajeno feela?
18 Lefatše le ka ’na la re, “A re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa,” empa ha rea lokela ho ba le maikutlo a joalo. Ke hobane’ng ha u etsa boiteko ba lefeela bakeng sa menyaka leha e le efe eo u ka e fumanang bophelong hona joale, e leng nakong eo ka eona u ka sebeletsang bokamoso ba ka ho sa feleng? Tšepo eo, ebang ke ea bophelo ba ho se shoe leholimong kapa bophelo bo sa feleng lefatšeng, hase toro, hase ntho e iqapeloang. Ke ntho ea sebele e tšepisitsoeng ke Molimo “ea ke keng a bua leshano.” (Tite 1:2) Bopaki ba hore tšepo ea rōna e haufi le ho phethahala bo bongata! “Nako e setseng e fokotsehile.”—1 Bakorinthe 7:29.
19, 20. (a) Jehova o talima boitelo boo re bo entseng ka lebaka la ’Muso joang? (b) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re nahanne ka bosafeleng?
19 Ke ’nete hore tsamaiso ena e se e tšoareletse halelele ho feta kamoo ba bangata ba neng ba nahana. Hona joale ba seng bakae ba ka ’na ba ikutloa hore hoja ba tsebile sena pele, ba ka be ba sa ka ba itela ka litsela tse itseng. Empa motho ha aa lokela ho ikoahlaela hore ebe o entse seo. Etsoe ho itela ke karolo e ka sehloohong ea ho ba Mokreste. Bakreste baa ‘itatola.’ (Matheu 16:24) Le ka mohla re se ke ra ikutloa hore boiteko ba rōna ba ho khahlisa Molimo e bile ba lefeela. Jesu o ile a tšepisa: “Ha ho le ea mong ea siileng ntlo kapa barab’abo kapa baralib’abo kapa ’mè kapa ntate kapa bana kapa masimo ka lebaka la ka le ka lebaka la litaba tse molemo ea se nang ho fumana halekholo hona joale . . . ’me tsamaisong ea lintho e tlang bophelo bo sa feleng.” (Mareka 10:29, 30) Lilemo tse sekete ho tloha hona joale, mosebetsi oa hao, ntlo kapa chelete e bankeng li tla bonahala e le tsa bohlokoa hakae? Ho ntse ho le joalo, boitelo boo u bo entseng bakeng sa Jehova e tla be e ntse e le ba bohlokoa lilemong tse milione ho tloha hona joale—lilemong tse limilione tse sekete ho tloha hona joale! “Etsoe Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna.”—Baheberu 6:10.
20 Ka lebaka leo, a re pheleng re nahanne bosafeleng, re behile mahlo a rōna, “eseng linthong tse bonoang, empa linthong tse sa bonoeng. Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana, empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.” (2 Bakorinthe 4:18) Moprofeta Habakuke o ile a ngola: ‘Tšenolo eo e sa luletse nako ea teng, empa e tla itlhahanela qetellong, e ke ke ea thetsa. Ha e ka lieha, u e lebelle, hobane e tla etsahala ruri, e ke ke ea fela.’ (Habakuke 2:3) Ho ‘lebella’ bofelo ho ama tsela eo ka eona re phethang boikarabelo ba rōna ba botho le ba malapa a rōna joang? Sehlooho sa rōna se latelang se tla bua ka litaba tsena.
Lintlha Tsa Tlhahlobo
◻ Kajeno ba seng bakae ba anngoe joang ke ho bonahalang eka ke ho lieha ha bofelo ba tsamaiso ee ea lintho?
◻ Motheo oa tšepo ea rōna ea bophelo bo sa feleng ke ofe?
◻ Re lokela ho talima boitelo boo re bo entseng bakeng sa lithahasello tsa ’Muso joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Mosebetsi oa ho bolela lefatšeng lohle o lokela ho phethoa pele bofelo bo fihla