Khaolo 10
Bokreste Na Jesu e ne e le Tsela e Isang ho Molimo?
Ho tla fihlela joale, ntle ho khaolo e buang ka Bojode, re hlahlobile malumeli a maholo a theiloeng haholo-holo litšōmong. Joale re tla hlahloba bolumeli bo bong bo ipolelang hore bo atametsa moloko oa batho haufi le Molimo—Bokreste. Motheo oa Bokreste ke eng—litšōmo kapa ’nete ea histori?
1.(a) Ke hobane’ng ha histori ea Bokreste-’mōtoana e entse hore ba bang ba be le lipelaelo tse matla ka Bokreste? (b) Ke khethollo efe eo re e etsang pakeng tsa Bokreste-’mōtoana le Bokreste?
HISTORI ea Bokreste-’mōtoana,a ka lintoa tsa bona, makhotla a otlang bakhelohi, lintoa tsa bolumeli, le boikaketsi ba bolumeli, ha boa thusa sepheo sa Bokreste. Mamosleme a chesehang le ba bang ba supa ho bola ha boitšoaro le ho theoha boemong ha lefatše la “Bokreste” la Bophirima e le motheo oa ho hana Bokreste. Ka sebele, lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste li lahlehetsoe ke tsamaiso boitšoarong ’me li soahlamane mafikeng a ho hloka tumelo, meharo, le ho ikhotsofatsa ka mokhoa o fetelletseng.
2, 3. (a) Ke phapang efe e teng pakeng tsa boitšoaro ba Bakreste ba pele le batho ba Bokreste-’mōtoana ba kajeno? (b) Tse ling tsa lipotso tse lokelang ho arabeloa ke life?
2 Hore litekanyetso tsa Bokreste ba pele li ne li fapane le mekhoa ea boitšoaro e lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea kajeno ho pakoa ke Moprofesa Elaine Pagels bukeng ea hae Adam, Eve, and the Serpent, moo a reng: “Bakreste ba bangata ba makholong a lilemo a pele a mane ba ne ba le motlōtlō ka boitšoaro ba bona ba botona le botšehali; ba ne ba nena sethepu ’me hangata le ho hlalana ba ne ba ho nena, e leng hoo neano ea Sejode e neng e ho lumella; ’me ba ne ba hana likamano tsa botona le botšehali ka ntle ho lenyalo tse neng li etsoa ka tloaelo har’a baahelani ba bona ba bahetene, mekhoa e neng e akarelletsa botekatse le bosodoma.”
3 Ka baka leo, hase leeme ho botsa, Na histori ea Bokreste-’mōtoana le boemo ba bona ba boitšoaro ba hona joale ke pontšo ea ’nete ea lithuto tsa Jesu Kreste? Jesu e ne e le monna oa mofuta ofe? Na o ile a thusa ho atametsa moloko oa batho haufi le Molimo? Na e ne e le Messia ea tšepisitsoeng boprofeteng ba Baheberu? Tsena ke tse ling tsa lipotso tseo re tla li hlahloba khaolong ena.
Jesu—O ne a Pakoa ke Eng?
4. Thutong ea rōna, ke phapang efe e hlakileng eo re e hlokometseng pakeng tsa Bokreste le tšimoloho ea bona, le malumeli a mang a maholo a lefatše?
4 Likhaolong tsa pejana re bone karolo e khōlō eo litšōmo li e nkileng hoo e ka bang malumeling ’ohle a maholo a lefatše. Leha ho le joalo, ha re retelehela tšimolohong ea Bojode khaolong ea rōna e fetileng, ha rea qala ka tšōmo empa re qalile ka ’nete ea histori ea Abrahama, baholo-holo ba hae, le bana ba hae. Ka Bokreste le mothei oa bona, Jesu, ka ho tšoanang, ha re qale ka litšōmo, empa re qala ka motho ea pakoang ke histori.—Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 237.
5. (a) Bopaki bo hararo boo Jesu a neng a e-na le bona bo pakang hore e ne e le “peō” e tšepisitsoeng ea Abrahama ke bofe? (b) Ke mang ea ileng a ngola Mangolo a Bokreste a Segerike?
5 Temana ea pele ea Mangolo a Bokreste a Segerike, ao ka tloaelo a tsejoang e le Testamente e Ncha (bona se ka lebokoseng, leqepheng la 241), e re: “Buka ea leloko la Jesu Kreste, mor’a Davida, mor’a Abrahama.” (Mattheu 1:1) Na eo ke polelo e sa reng letho e boleloang ke Mattheu, eo e neng e le molekhetho oa Mojode le eo e neng e le morutuoa ea haufi-ufi le mongoli oa histori ea bophelo ba Jesu? Che. Litemana tse latelang tse 15 li thathamisa lesika la Abrahama ho theosa ho ea fihla ho Jakobo, ea ileng “a tsoala Josefa, monna oa Maria eo Jesu, ea bitsoang Kreste, a tsoetsoeng ke eena.” Ka baka leo, ka sebele Jesu e ne e le ngoana ea tsoileng ho Abrahama, Juda, le Davida ’me ka baka leo a e-na le bopaki bo boraro ba “peō” e boletsoeng pele ho nako ea Genese 3:15 le ea Abrahama.—Genese 22:18; 49:10; 1 Likronike 17:11.
6, 7. Ke hobane’ng ha sebaka seo Jesu a tsoaletsoeng ho sona e ne e le sa bohlokoa?
6 Bopaki bo bong ba Peō ea Bomessia e ne e tla ba sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona. Jesu o ile a tsoalloa kae? Mattheu o re bolella hore Jesu o ile a ‘tsoalloa Bethlehema oa Judea mehleng ea morena Heroda.’ (Mattheu 2:1) Tlaleho ea ngaka Luka e tiisa ’nete eo, e re bolella sena mabapi le eo e neng e tla ba ntate ea inketseng Jesu: “Josefa le eena a tloha Galilea, motseng oa Nazaretha, a ea Judea, motseng oa Davida, o bitsoang Bethlehema, etsoe e ne e le motho oa ntlo ea Davida le oa leloko la hae; ba ea ho ngoloa le Maria, mosali eo a mo lebelelitseng, e neng e le moimana.”—Luka 2:4, 5.
7 Ke hobane’ng ha e ne e le habohlokoa hore Jesu a tsoalloe Bethlehema ho e-na le Nazaretha kapa motse o mong feela? Ka lebaka la boprofeta bo neng bo boletsoe lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. ke moprofeta oa Moheberu Mikea: “Empa, ha e le uena, Bethlehema-Efrata, leha u baloa u le monyenyane har’a meloko ea Juda, ho uena ho tla ntsoela eo e tla ba morena oa Iseraele, e leng eena ea leng teng e sa le tšimolohong, e sa le mehleng e sa qaleng.” (Mikea 5:2) Kahoo, ka sebaka seo a tsoaletsoeng ho sona, Jesu o bile le bopaki bo bong ba ho ba Peō le Messia ea tšepisitsoeng.—Johanne 7:42.
8. Bo bong ba boprofeta boo Jesu a ileng a bo phethahatsa ke bofe?
8 Haele hantle, Jesu o ile a phethahatsa boprofeta bo bong bo bongata bo tsoang Mangolong a Seheberu, kahoo a paka hore o na le bopaki bohle ba ho ba Messia ea tšepisitsoeng. U ka ’na ua hlahloba bo bong ba bona ka Bibeleng. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 245.)b Empa joale a re hlahlobeng ka bokhutšoanyane molaetsa oa Jesu le tšebeletso ea hae.
Bophelo ba Jesu bo Supa Tsela
9. (a) Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae ea phatlalatsa joang? (b) Re tseba joang hore Jesu o ne a amoheloa ke Molimo?
9 Tlaleho ea Bibele e re bolella hore Jesu o ile a hōlisoa joaloka mocha e mong le e mong oa Mojode oa nakong ea hae, a ea ntlong ea thapelo ea moo le tempeleng Jerusalema. (Luka 2:41-52) Ha a fihla lilemong tse 30, o ile a qala tšebeletso ea hae ea phatlalatsa. O ile a qala ka ho ea ho motsoal’ae Johanne, ea neng a kolobetsa Bajode pontšong ea pako nōkeng ea Jordane. Tlaleho ea Luka ea re bolella: “Eare ha batho bohle ba kolobetsoa, Jesu a kolobetsoa le eena; ha a ntse a rapela, leholimo la phetloa, ’me Moea o Halalelang oa theohela holim’a hae ka sebopeho se bonahalang se joale ka sa leeba; ’me lentsoe la tsoa leholimong, la re: U Mor’a ka ea ratoang, ke khahlisoa ke uena.”—Luka 3:21-23; Johanne 1:32-34.
10, 11. (a) Tse ling tsa litšobotsi tse neng li khetholla mekhoa ea Jesu ea ho bolela le ho ruta e ne e le life? (b) Jesu o ile a bontša joang hore lebitso la Ntat’ae ke la bohlokoa?
10 Ka nako ea teng, Jesu o ile a qala tšebeletso ea hae e le Mora ea tlotsitsoeng oa Molimo. O ile a haola le Galilea le Judea a bolela molaetsa oa ’Muso oa Molimo ’me a etsa mehlolo, e kang ho phekola ba kulang. O ne a sa lumele ho lefuoa ’me o ne a sa batle leruo kapa ho itlotlisa. Haele hantle, o ile a bolela hore thabo e ba ngata haholoanyane ha motho a fana ho feta ha a amohela. Hape o ile a ruta barutuoa ba hae hore na ba ka bolela joang.—Mattheu 8:20; 10:7-13; Liketso 20:35.
11 Ha re hlahlobisisa molaetsa oa Jesu le mekhoa eo a neng a e sebelisa, re bona phapang e hlakileng pakeng tsa mokhoa oa hae le oa baboleli ba bangata ba Bokreste-’mōtoana. O ne a sa qhekelle matšoele ka ho ipiletsa maikutlong a ’ona ka mokhoa o sa reng letho kapa ka ho a tšosa ka maqheka a mollo oa lihele. Ho e-na le hoo, Jesu o ne a sebelisa ho beha mabaka ka mokhoa o bonolo le litšoantšo kapa lipapiso, tsa bophelo ba letsatsi le letsatsi ho ipiletsa lipelong le likelellong. Thuto ea hae ea Thabeng e tsebisahalang ke mohlala o hlahelletseng oa lithuto tsa hae le mekhoa ea hae. Se akarelletsoang thutong eo ke thapelo ea Jesu ea mohlala, eo ho eona a fanang ka pontšo e hlakileng ea se tlang pele Bokresteng ka ho beha ho halaletsoa ha lebitso la Molimo sebakeng sa pele. (Bona se ka lebokoseng, maqepheng a 258-9.)—Mattheu 5:1–7:29; 13:3-53; Luka 6:17-49.
12. (a) Jesu o ile a bontša lerato joang lithutong le liketsong tsa hae? (b) Lefatše e ne e tla ba le fapaneng hakae hoja lerato la Bokreste le ne le sebelisoa kannete?
12 Litšebelisanong tsa hae le balateli ba hae le batho ka kakaretso, Jesu o ile a bontša lerato le kutloelo-bohloko. (Mareka 6:30-34) Ha a ntse a bolela molaetsa oa ’Muso oa Molimo, o ne a boetse a sebelisa lerato le boikokobetso ka boeena. Kahoo, lihoreng tsa ho qetela tsa bophelo ba hae, o ne a ka re ho barutuoa ba hae: “Ke le nea molao o mocha, ke hore le ratane; joale ka ha ke le ratile, ratanang joalo le lōna. Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.” (Johanne 13:34, 35) Ka baka leo, taba-taba ea Bokreste ketsong ke lerato le nang le boitelo le theiloeng molaong oa boitšoaro. (Mattheu 22:37-40) Ketsong ena se bolela hore Mokreste o lokela ho rata le tsona lira tsa hae, le hoja a ka hloea mesebetsi e mebe ea tsona. (Luka 6:27-31) Ak’u nahane seo ka motsotsoana. Lefatše lee e ka be e le le fapaneng hakaakang hoja e mong le e mong o ne a hlile a sebelisa lerato la mofuta oo!—Ba-Roma 12:17-21; 13:8-10.
13. Thuto ea Jesu e ne e fapane ka tsela efe le ea Confucius, Lao-tzu, le Buddha?
13 Leha ho le joalo, seo Jesu a ileng a se ruta se ne se feta hōle mekhoa ea boitšoaro kapa filosofi, tse kang tse ileng tsa rutoa ke Confucius le Lao-tzu. Ho feta moo, Jesu haa ka a ruta, joalokaha ho entse Buddha, hore motho a ka sebeletsa pholoho ea hae ka tsela ea tsebo le ho ba leseling. Ho e-na le hoo, o ile a supa Molimo e le oona mohloli oa pholoho ha a re: “Hobane Molimo o ratile lefatše hakalo, o bile oa le nea Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši; hore e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng. Hobane Molimo o romile Mora oa oona lefatšeng, e seng hore a ahlole lefatše, empa e le hore lefatše le bolokoe ke eena.”—Johanne 3:16, 17.
14. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka re, “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo”?
14 Ka ho bonahatsa lerato la Ntat’ae ka mantsoe a hae le liketso, Jesu o ile a hulela batho haufi le Molimo. Leo ke lebaka le leng leo ka lona a neng a ka re: “Ke ’na tsela, le ’nete, le bophelo; ha ho motho ea ka tlang ho Ntate, ha e se ka ’na . . . . Ea mponang o bone Ntate, ’me u ka rialo joang, ha u re: Re bontše Ntate? Na ha u lumele hobane ke ho Ntate, le hobane Ntate o ho ’na? Mantsoe ao ke le bolellang ’ona, ha ke a bolele ke ’notši; ’me Ntate ea lutseng ho ’na, ke eena ea etsang mesebetsi ee ke e etsang. . . . Le utloile ha ke itse ho lōna: Kea ea, ’me ke tla boela ho lōna. Hoja lea nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ’na.” (Johanne 14:6-28) E, Jesu e ne e le “tsela, le ’nete, le bophelo” hobane o ne a etelletse sechaba seo sa Bajode pele hore se khutlele ho Ntat’ae, Molimo oa sona oa ’nete, Jehova. Ka baka leo, ka Jesu ho batla Molimo ha moloko oa batho ho ile ha ipha matla ka mokhoa o neng o sa lebelloa hobane Molimo, leratong la oona le fetisisang, o ne o rometse Jesu lefatšeng e le tlhase ea leseli le ’nete ho etella batho pele ho ea ho Ntate.—Johanne 1:9-14; 6:44; 8:31, 32.
15. (a) Re tlameha ho etsa joang hore re fumane Molimo? (b) Mona lefatšeng ho na le bopaki bofe ba lerato la Molimo?
15 Motheong oa tšebeletso ea Jesu le mohlala oa hae, moromuoa Pauluse hamorao o ne a ka re ho Bagerike ba Athene: “[Molimo] o entse mefuta eohle ea batho ka mali a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle; o laetse mehla e laotsoeng ke oona, le meeli ea ho aha ha bona; e le hore ba batle Morena, mohlomong ba ke ba mo phopholetse, ba mo fumane, leha a se hole ho e mong le e mong oa rōna. Hobane ke ka eena re utloang, re sisinyehang, re leng teng.” (Liketso 17:26-28) E, Molimo o ka fumanoa haeba motho a utloisisa ho etsa boiteko ba ho o batla. (Mattheu 7:7, 8) Molimo o entse hore oona ka booona le lerato la oona o bonahale ka hore o fane ka lefatše le phelisang lintho tsa mefuta e bonahalang e sa fele tse phelang. O fana ka se hlokahalang ho moloko oohle oa batho, e-bang ba lokile kapa ha baa loka. Hape o lokiselitse moloko oa batho Lentsoe la oona le ngotsoeng, Bibele, hape o rometse Mora oa oona e le sehlabelo sa topollo.c Ho feta moo, Molimo o lokiselitse thuso eo batho ba e hlokang ho ba thusa hore ba fumane tsela e isang ho Oona.—Mattheu 5:43-45; Liketso 14:16, 17; Ba-Roma 3:23-26.
16, 17. Lerato la ’nete la Bokreste le tlameha ho bontšoa joang?
16 Joalokaha ho ka lebelloa, lerato la Bokreste ha lea tlameha ho bonahatsoa feela ka mantsoe empa habohlokoa haholo ka liketso. Ka lebaka leo moapostola Pauluse o ile a ngola: “Lerato le sebete, le mosa; lerato ha le na mōna; lerato ha le na boikhantšo; ha le ikhohomose. Ha le etse ho soabisang, ha le ipatlele tsa lona, ha le halefe, ha le hopole bobe. Ha le thabele bokhopo, le mpa le thabela ’nete. Le mamella tsohle, le lumela tsohle, le tšepa tsohle, le jara tsohle. Lerato ha le ka ke la timela le ka mohla o le mong.”—1 Ba-Korinthe 13:4-8.
17 Jesu o boetse a hlakisa hore na ke habohlokoa hakaakang ho bolela ’Muso oa maholimo—puso ea Molimo holim’a moloko oa batho o ikokobelitseng.—Mattheu 10:7; Mareka 13:10.
Mokreste e Mong le e Mong ke ’Moleli oa Evangeli
18. (a) Ke eng e ileng ea phahamisoa Thutong ea Jesu ea Thabeng? (b) Mokreste ka mong o na le boikarabelo ba eng? (c) Jesu o ile a lokisetsa barutuoa ba hae tšebeletso ea bona joang, ’me ke molaetsa ofe oo ba neng ba lokela ho o bolela?
18 Thutong ea hae ea Thabeng, Jesu o ile a hatisa ho matšoele boikarabelo ba bona ba ho beha ba bang leseling ka mantsoe a bona le liketso. O itse: “Le leseli la lefatše. Motse o hahiloeng holim’a thaba o sitoa ho pateha; lebone le lona ha le ke be le hotetsoe le koaheloe ka nkho, empa le beoa seluloaneng sa lona, le khantšetse bohle ba ka tlung. Leseli la lōna le ke le khanyetse batho joalo, ba tle ba bone mesebetsi e metle ea lōna, ba be ba tlotlise Ntat’a lōna ea maholimong.” (Mattheu 5:14-16, BPN) Jesu o ile a koetlisa barutuoa ba hae e le hore ba tsebe hore na ba ka bolela joang le ho ruta nakong ea maeto a bona joaloka basebeletsi ba tsamaeang. ’Me molaetsa oa bona e ne e lokela ho ba ofe? Oo Jesu ka boeena a neng a o bolela, ’Muso oa Molimo, o neng o tla busa lefatše ka ho loka. Joalokaha Jesu a ile a hlalosa ka lekhetlo le leng: “E ka khona ke bolelle le metse e meng Evangeli ea ’Muso oa Molimo; hobane ke rometsoe hona.” (Luka 4:43; 8:1; 10:1-12) O boletse hape hore karolo ea pontšo e khethollang mehla ea qetello e ne e tla ba hore “Evangeli ena ea ’muso e tla boleloa lefatšeng lohle, e tle e be bopaki ho lichaba tsohle; ’me e tla ba hona bofelo bo hlahang.”—Mattheu 24:3-14.
19, 20. (a) Ke hobane’ng ha Bokreste ba ’nete ka mehla e ’nile ea e-ba bolumeli bo mafolo-folo, bo bolelang? (b) Ke lipotso life tsa motheo tseo joale li hlokang likarabo?
19 Ka 33 C.E., pele a qetella a nyolohetse leholimong, Jesu ea tsositsoeng o ile a laela barutuoa ba hae: “Ke neiloe matla ’ohle leholimong le lefatšeng. E-eang ke hona le lichaba tsohle, le li etse barutuoa, le ba kolobetse ka lebitso la Ntate, le la Mora, le la Moea o Halalelang, le ba rute ho bōlōka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lōna kamehla eohle ho isa bofelong ba lefatše.” (Mattheu 28:18-20, BPN) Lena ke lebaka le leng leo ka lona Bokreste, ho tloha ha bo theoa, e bileng bolumeli bo mafolo-folo, bo sokollang bo ileng ba tsosa bohale le mōna tsa balateli ba malumeli a Bagerike le Baroma a neng a atile ka nako eo, a neng a theiloe litšōmong. Ho hlorisoa ha Pauluse Efese ka ho hlakileng ho ile ha bontša ’nete eo.—Liketso 19:23-40.
20 Lipotso joale ke tsena, Molaetsa oa ’Muso oa Molimo o ne o fana ka eng mabapi le bafu? Kreste o ile a bolela tšepo efe bakeng sa bafu? Na o ne a bua ka ho pholosoa “mollong oa lihele” ha “meea e sa shoeng” ea ba lumelang ho eena? Kapa eng?—Mattheu 4:17.
Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng
21, 22. (a) Jesu o ile a tšoantša boemo ba Lazaro ea shoeleng le eng, hona hobane’ng? (b) Maretha o ne a e-na le tšepo efe bakeng sa khaitseli ea hae ea shoeleng?
21 Mohlomong temoho e hlakileng ka ho fetisisa tšepong eo Jesu a ileng a e bolela e ka fumanoa ho seo a ileng a se bua le ho se etsa ha motsoalle oa hae Lazaro a e-shoa. Jesu o ile a talima lefu lee joang? Ha Jesu a kena tseleng ho leba hahabo Lazaro, o ile a re ho barutuoa ba hae: “Lazaro, motsoalle oa rōna, o robetse; empa ke ea mo tsosa borokong.” (Johanne 11:11) Jesu o ile a tšoantša boemo ba ho shoa ba Lazaro le boroko. Borokong bo tebileng, ha re utloe letho, e leng ho lumellanang le polelo ea Seheberu e ho Moeklesia 9:5: “Ba utloang bona ba tseba hobane ba ea shoa, empa bafu ha ba tsebe letho leha le le leng.”
22 Le hoja Lazaro a ne a e-na le matsatsi a mane a shoele, re hlokomela hore Jesu haa ka a bua letho ka hore moea oa Lazaro o ne o le leholimong, liheleng, kapa pelekatoring! Ha Jesu a fihla Bethania ’me Maretha, khaitseli’a Lazaro, a tla ho tla mo khahlametsa, o itse ho eena, “Khaitseli ea hao o tla tsoha.” Maretha o ile a arabela joang? Na o ile a re o se a le leholimong? Maretha o ile a arabela: “Kea tseba hobane o tla tsoha mohl’a tsoho, letsatsing la bofelo.” Seo ka ho hlakileng se bontša hore tšepo ea Bajode ka nako eo e ne e le tsoho, ho khutlela bophelong mona lefatšeng.—Johanne 11:23, 24, 38, 39.
23. Jesu o ile a etsa mohlolo ofe, hona e le ka phello efe ho ba shebelletseng?
23 Jesu o ile a arabela: “Ke ’na tsoho le bophelo; ea lumelang ho ’na, leha a shoele, o tla phela. E mong le e mong ea phelang, ’me a lumetse ho ’na, a ke ke a shoa, le ka mohla o le mong. Na u lumela hona na?” (Johanne 11:25, 26) Ho paka taba ea hae, Jesu o ile a ea lehaheng moo Lazaro a neng a kentsoe lebitleng teng ’me a mo bitsa a phela mahlong a likhaitseli tsa hae, Maria le Maretha, le baahelani. Tlaleho e tsoela pele: “Ba bangata har’a ba-Jode ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsoeng ke Jesu, ba lumela ho eena . . . Bongata bo nang le eena bo ne bo paka hore o bitsitse Lazaro lebitleng, ’me o mo tsositse bafung.” (Johanne 11:45; 12:17) Ba ne ba bone mohlolo ka bobona, ’me ba lumela le ho paka hore o fela o etsahetse. Bahanyetsi ba Jesu ba bolumeli ba tlameha e be le bona ba ile ba lumela ketsahalo ena, hobane tlaleho e re bolella hore baprista ba baholo le Bafarisi ba ile ba loha leano la ho bolaea Jesu ‘ha e le mona a etsa mehlolo e mengata.’—Johanne 11:30-53.
24. (a) Lazaro o ne a bile hokae ka matsatsi a mane? (b) Bibele e re’ng ka ho se shoe?
24 Lazaro o ne a ile kae ka matsatsi a mane ao a neng a shoele ka ’ona? Ha ho moo a neng a ile teng. O ne a sa ikutloe, a robetse lebitleng a emetse tsoho. Jesu o ile a mo hlohonolofatsa ka hore a mo tsose bafung ka mohlolo. Empa ho latela tlaleho ea Johanne, Lazaro haa ka a bua letho ka hore o bile leholimong, liheleng, kapa pelekatoring ka matsatsi ao a mane. Hobane’ng? Hobane o ne a se na moea o sa shoeng o neng o ka nka leeto ho ea libakeng tse joalo.d—Jobo 36:14, NW; Ezekiele 18:4.
25. (a) Ha Bibele e bua ka bophelo bo sa feleng, e bua ka eng? (b) Ho tla ha ’Muso o tšepisitsoeng oa Molimo ho itšetlehile ka eng?
25 Ka baka leo, ha Jesu a ne a bua ka bophelo bo sa feleng, o ne a bua ka bophelo bo joalo maholimong motho e le ’musi oa moea ea sa shoeng le ea fetohileng ea busang le eena ’Musong oa hae, kapa o ne a bua ka bophelo bo sa feleng motho e le motho lefatšeng la paradeise tlas’a puso ea ’Muso oo.e (Luka 23:43; Johanne 17:3) Ho latela tšepiso ea Molimo, ho lula ha oona ka tšoantšetso le moloko oa batho o utloang lefatšeng ho tla tlisa litlhohonolofatso tse ngata lefatšeng. Sena sohle, kamoo ho leng kateng, se itšetlehile ka hore na Jesu o ne a hlile a rometsoe le ho amoheloa ke Molimo.—Luka 22:28-30; Tite 1:1, 2; Tšenolo 21:1-4.
Ho Amoheloa ke Molimo—Ke ’Nete, Hase Tšōmo
26. Ke ketsahalo efe e tsotehang e ileng ea etsahala moo ho leng teng barutuoa Petrose, Jakobo, le Johanne?
26 Re tseba joang hore Jesu o ne a amoheloa ke Molimo? Pele, ha Jesu a ne a kolobetsoa, lentsoe le tsoang leholimong le ile la utluoa le re: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena [“ke mo amohelang,” NW].” (Mattheu 3:17) Hamorao, ho tiisa hore o amohetsoe ho ile ha etsoa ka pel’a lipaki tse ling. Barutuoa Petrose, Jakobo, le Johanne, bao pele e neng e le batšoasi ba litlhapi ba Galilea, ba ile ba ea le Jesu thabeng e telele (mohlomong Thaba ea Hermone, e bolelele ba limithara tse 2 814). Mono ho ile ha etsahala ho hong ho tsotehang ka pel’a mahlo a bona: “[Jesu] a fetoha pontšeng ho bona; sefahleho sa hae sa khanya joale ka letsatsi, ’me liaparo tsa hae tsa e-ba tšoeu joale ka leseli, ’Me hang, Moshe le Elia ba ba hlahela, ba buisana le eena. . . . Leru le khanyang la hlaha, la ba khurumetsa, ’me ha utloahala lentsoe le tsoang lerung, le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena [“ke mo amohelang,” NW]; mo utloeng! Barutuoa ha ba utloa lentsoe, ba oa ka lifahleho tsa bona, ba tšohile haholo.”—Mattheu 17:1-6; Luka 9:28-36.
27. (a) Ho fetoha tšobotsi ha Jesu ho khanyang ho bile le phello efe ho barutuoa? (b) Re tseba joang hore Jesu e ne e se motho oa tšōmong?
27 Tiiso ena e utloahalang le e bonahalang e tsoang ho Molimo e ile ea sebeletsa ho matlafatsa tumelo ea Petrose haholo, hobane hamorao o ile a ngola: “Hase ka ho ea ka litšōmo [Segerike: myʹthois] tse entsoeng ka mano re le tsebisitseng matla le ho tla ha Jesu Kreste, Morena oa rōna; empa e le kahobane re iponetse boholo ba hae ka mahlo a rōna. Hobane enere ha a fuoa hlompho le tlotliso ke Molimo, Ntat’ae, mohla lentsoe le mo tlelang, le e-tsoa khanyeng e phahameng le re: Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena [“ke mo amohelang,” NW]; le rōna re ne re le utloe lentsoe leo, ha le theoha leholimong, re ntse re na le eena thabeng e halalelang.” (2 Petrose 1:16-18) Barutuoa ba Bajode Petrose, Jakobo, le Johanne ba ile ba fela ba bona mohlolo ona oa ho fetoha tšobotsi ha Jesu ho khanyang le ho utloa lentsoe la Molimo la kamohelo le e-tsoa leholimong. Tumelo ea bona e ne e theiloe nthong ea sebele eo ba neng ba e bone le ho e utloa, e seng holim’a khopolo-taba kapa ‘litšōmo tsa Bajode.’ (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 237.)—Mattheu 17:9; Tite 1:13, 14.f
Lefu la Jesu le Mohlolo o Mong
28. Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o ile a qosoa joang ka bohata?
28 Ka selemo sa 33 C.E., Jesu o ile a tšoaroa le ho isoa nyeoeng ke baholo ba bolumeli ba Bajode, ka bohata a qosoa ka bonyefoli ka ho ipitsa Mora oa Molimo. (Mattheu 26:3, 4, 59-67) Kaha Bajode bao ba ne ba se na matla a molao a ho mo bolaea, ba ile ba mo romela ho babusi ba Roma ’me hape ba mo qosa ka bohata, ka lekhetlo lena ka hore o hana ha ho lefuoa makhetho ho Sesare le ka hore o re eena ka boeena ke morena.—Mareka 12:14-17; Luka 23:1-11; Johanne 18:28-31.
29. Jesu o ile a shoa joang?
29 Ka mor’a hore Jesu a fetisoe ka pele ho ’musisi enoa le eane, ’musi oa Roma Ponse Pilato, ka ho qophelloa ke mokhopi o susumelitsoeng ke bolumeli, o ile a inehela ’me a ahlolela Jesu lefu. Ka baka leo, Jesu o ile a shoa ka lihlong thupeng, ’me setopo sa hae sa beoa ka lebitleng. Empa pele ho fela matsatsi a mararo ho ile ha etsahala ketsahalo e ileng ea fetola barutuoa ba Jesu ba khathetseng matla hore e be balumeli ba thabileng le baboleli ba evangeli ba chesehang.—Johanne 19:16-22; Ba-Galata 3:13.
30. Baeta-pele ba bolumeli ba ile ba nka mehato efe ho thibela bolotsana?
30 Baeta-pele ba bolumeli, ba belaela hore balateli ba Jesu ba ne ba tla etsa mano, ba ile ba ea ho Pilato ka kōpo: “Morena, re sa hopola hobane mothetsi eo, ha a sa phela, o na a re: Ke tla tsoha ka letsatsi la boraro. Ka baka leo, ak’u laele hore lebitla le tiisoe, letsatsi la boraro le be le chabe, e se re mohlomong barutuoa ba hae ba mo utsoa, ’me ba re ho sechaba: O tsohile bafung; leshano leo la ho fela le ne le tla fetisa la pele. Pilato a re ho bona: Le na le balebeli; e-eang, le tiise kamoo le tsebang. Eaba ba ea, ba tiisa lebitla, ba lebeletsa lejoe ka letšoao la bona, ’me ba bea balebeli.” (Mattheu 27:62-66) Le ile la ipaka le sireletsehile hakae?
31. Ho ile ha etsahala eng ha basali ba tšepahalang ba ea lebitleng la Jesu?
31 Ka letsatsi la boraro ka morao ho lefu la Jesu, basali ba bararo ba ile ba ea lebitleng ho ea tlotsa setopo ka oli e monko o monate. Ba ile ba fumana eng? “Ka meso ea letsatsi le qalang veke, ba ea lebitleng, letsatsi ha le sa tsoa chaba. Ba ne ba botsana, ba re: Ke mang ea tla re phikolosetsa lejoe, ho le tlosa monyako oa lebitla? Empa ha ba talima, ba bona hoba lejoe le se le phikolositsoe; athe le ne le le leholo haholo. Ha ba kena lebitleng, ba bona mohlankana a lutse ka letsohong le letona, a apere seaparo se sesoeu; ’me ba tšoha. Eo a mpa a re ho bona: Le se ke la tšoha. Le batla Jesu oa Nazaretha ea thakhisitsoeng; o tsohile, ha a eo mona. Bonang, moo ba neng ba ’meile teng ke mona. Le mpe le ee, le bolelle barutuoa ba hae le Petrose, hore o ea le etella pele ho ea Galilea; ke moo le tla ’mona teng, joale ka ha a kile a le bolella.” (Mareka 16:1-7; Luka 24:1-12) Ho sa tsotellehe balebeli ba khethehileng ba baeta-pele ba bolumeli, Jesu o ne a tsositsoe ke Ntat’ae. Na seo ke tšōmo kapa ’nete ea histori?
32. Ke ka mabaka afe a tiileng Pauluse a ileng a lumela hore Jesu o ne a tsositsoe?
32 Hoo e ka bang lilemo tse 22 ka morao ho ketsahalo ena, Pauluse, eo pele e neng e le mohlorisi oa Bakreste, o ile a ngola le ho hlalosa kamoo a ileng a lumela hore Kreste o ne a tsositsoe: “Hobane pele ho ntho tsohle, ke le neile seo le ’na ke se amohetseng, ke ho re, Kreste o shoele ka baka la libe tsa rōna, kamoo Mangolo a bolelang; ’me o kile a patoa, a ba a tsoha ka letsatsi la boraro, kamoo Mangolo a bolelang. O kile a bonoa ke Kefase, hamorao ke ba leshome le metso e ’meli. Hamorao a bonoa ka nako e le ’ngoe ke baena ba fetisang makholo a mahlano; ba bangata ho bona ba sa le teng, ’me ba bang ba se ba shoele. A ntoo bonoa ke Jakobo; ka mohla o mong a bonoa ke baapostola bohle.” (1 Ba-Korinthe 15:3-7) E, Pauluse o ne a e-na le motheo o nang le mabaka oa ho beha bophelo ba hae kotsing morerong oa Jesu ea tsositsoeng, ’me ho ne ho akarelletsa bopaki ba lipaki tse boneng ka mahlo tse ka bang 500 tse neng li bone Jesu ea tsositsoeng ka botsona! (Ba-Roma 1:1-4) Pauluse o ne a tseba hore Jesu o ne a tsositsoe, ’me o ne a e-na le lebaka le matla haholoanyane la ho bua joalo, joalokaha a ile a hlalosa ho ea pele: “Ka morao ho bohle, a bonoa le ke ’na ke leng joale ka sefolotsana.”—1 Ba-Korinthe 15:8, 9; Liketso 9:1-19.
33. Ke hobane’ng ha Bakreste ba pele ba ne ba utloisisa ho ba bashoela-tumelo ba tumelo ea bona?
33 Bakreste ba pele ba ne ba utloisisa ho shoa e le bashoela-tumelo mabaleng a lipapali a Roma. Hobane’ng? Hobane ba ne ba tseba hore tumelo ea bona e ne e theiloe linthong tsa ’nete tsa histori, e seng litšōmong. E ne e le ’nete hore Jesu e ne e le Kreste, kapa Messia, ea tšepisitsoeng boprofeteng le hore o ne a rometsoe lefatšeng ke Molimo, a amoheloa ke Molimo, a shoa thupeng e le Mora oa Molimo ea bolokileng botšepehi, a ba a tsosoa bafung.—1 Petrose 1:3, 4.
34. Ho latela moapostola Pauluse, ke hobane’ng ha tsoho ea Jesu e le ea bohlokoa hakana tumelong ea Bokreste?
34 Re buella hore u bale khaolo eohle ea 15 ea lengolo la pele la Pauluse le eang ho Bakorinthe hore u utloisise seo Pauluse a neng a se lumela ka tsoho le hore na ke hobane’ng ha e le ea bohlokoa tumelong ea Bokreste. Moko-taba molaetseng oa hae o boleloa ka mantsoe ana: “Empa Kreste o tsohile bafung, ’me o beiloe thakangoaha ea ba robetseng. Hobane lefu ha le hlahile ka motho [Adama], tsoho ea bafu le eona e hlahile ka motho. Hobane joale ka ha bohle ba e-shoa ka Adama, bohle le joale ba tla boela ba phele ka Kreste.”—1 Ba-Korinthe 15:20-22.
35. Ke litlhohonolofatso life tse tšepisoang ke Molimo bakeng sa lefatše le bakeng sa moloko oa batho? (Esaia 65:17-25)
35 Tsoho ea Kreste Jesu kahoo e na le morero o tla qetella o tsoetse moloko oohle oa batho molemo.g Hape e butse tsela bakeng sa hore qetellong Jesu a phethahatse boprofeta bo bong ba Bomessia. Puso ea hae e lokileng e tsoang maholimong a sa bonahaleng e tlameha hore haufi e atolosetsoe lefatšeng le hloekisitsoeng. Joale ho tla etsahala seo Bibele e se hlalosang e le “leholimo le lecha le lefatše le lecha” tseo ho tsona Molimo “o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:1-4.
Bokoenehi le Mahloriso li ne li Lebelletsoe
36. Ke eng e ileng ea etsahala ka Pentekonta ea 33 C.E., hona e le ka phello efe?
36 Nakoana ka morao ho lefu la Jesu le tsoho ea hae, mohlolo o mong o ile oa etsahala o ileng oa matlafatsa le ho phahamisa boboleli ba Bakreste bao ba pele. Ka letsatsi la Pentekonta la selemo sa 33 C.E., Molimo o ile oa tšolla moea oa oona o halalelang, kapa matla a sebetsang, ho tsoa leholimong, holim’a Bakreste ba ka bang 120 ba neng ba bokane hammoho Jerusalema. Phello ea e-ba efe? “Maleme a arohaneng, a kang malakabe a mollo, a ba hlahela, a lula holim’a e mong le e mong oa bona. ’Me bohle ba tlala Moea o Halalelang, ’me ba qala ho bua ka lipuo lisele, kamoo Moea o ba buisang kateng.” (Liketso 2:3, 4) Bajode ba neng ba bua lipuo lisele ba neng ba le Jerusalema ka nako eo ba ile ba makala ho utloa Bajode ba Galilea bao ho neng ho nkoa hore ha ba na tsebo ba bua lipuo lisele. Phello ea e-ba hore ba bangata baa lumela. Molaetsa oa Bokreste o ile oa nama joaloka hlaha e tukang ha balumeli bana ba bacha ba Bajode ba khutlela linaheng tsa habo bona.—Liketso 2:5-21.
37. Babusi ba bang ba Roma ba ile ba itšoara joang bolumeling bo bocha ba Bokreste?
37 Empa maru a sefefo a phakisa a bokellana. Baroma ba belaella bolumeli bona bo bocha le bo bonahalang bo sa lumele ho molimo bo neng bo se na melimo ea litšoantšo. Ho qala ka Moemphera Nero, ba ile ba tlisa mahloriso a tšabehang holim’a Bakreste makholong a lilemo a pele a mararo a Mehla e Tloaelehileng ea rōna.h Bakreste ba bangata ba ile ba ahloleloa lefu mabaleng a maholo a lipapali, ho khotsofatsa baemphera ba khopo ba nyoretsoeng mali le mekhopi e neng e bokana ho ea bona ha batšoaruoa ba akheloa ka har’a libatana tsa naha.
38. Ke boemo bofe bo ileng ba profetoa bo neng bo tla tšoenya phutheho ea Bokreste ea pele?
38 ’Nete e ’ngoe e tšoenyang mehleng eo ea pele e ne e le ntho e ’ngoe eo baapostola ba neng ba ile ba profeta ka eona. Ka mohlala, Petrose o itse: “Ka mokhoa o joalo ho tla ba le baruti ba bohata har’a lōna, ba tla tlisa ka sekhukhu lithuto tse khelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ea ba lopolotseng, ’me ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.” (2 Petrose 2:1-3, BPN) Bokoenehi! Seo e ne e le ho oa borapeling ba ’nete, ho sekisetsa le liphetoho tsa morao-rao tsa bolumeli tsa lefatše la Roma, tse neng li tletse filosofi ea Bagerike le monahano oa bona. Bo ile ba tla joang? Khaolo ea rōna e latelang e tla arabela potso eo le tse ling tse amanang le eona.—Liketso 20:30; 2 Timothea 2:16-18; 2 Ba-Thessalonika 2:3.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka “Bokreste-’mōtoana” re bua ka mebuso eo ho eona ho sebetsang lihlotšoana tse busoang ke malumeli a ipolelang hore ke Bokreste. “Bokreste” bo bolela mofuta oa pele oa borapeli le tsela e isang ho Molimo tse ileng tsa rutoa ke Jesu Kreste.
b Bona le Insight on the Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1988, Moqolo 2, maqephe 385-9, tlas’a “Messiah.”
c Thuto ea Bibele ea topollo le bohlokoa ba eona li tla hlakisoa Khaolong ea 15.
d Poleloana “moea o sa shoeng” ha ho moo e hlahang ka Bibeleng. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho sa shoeng” le “ho se shoe” le hlaha ka makhetlo a mararo feela ’me le bua ka ’mele o mocha oa moea o aparoang kapa o fumanoang, e seng ntho e futsoang. Le sebetsa ho Kreste le ho Bakreste ba tlotsitsoeng ba fetohang babusi le eena ’Musong oa hae oa leholimo.—1 Ba-Korinthe 15:53, 54; 1 Timothea 6:16; Ba-Roma 8:17; Ba-Efese 3:6; Tšenolo 7:4; 14:1-5.
e Bakeng sa tlhahlobo e batsi haholoanyane ea puso ena ea ’Muso, bona Khaolo 15.
f “Moshe” le “Elia” ponong ena ba ne ba tšoantšetsa Molao le Baprofeta tse ileng tsa phethahala ho Jesu. Bakeng sa tlhaloso e batsi haholoanyane ea ho fetoha tšobotsi hona ha Jesu, bona Insight on the Scriptures, 1988, Moqolo 2, maqephe 1120-1.
g Bakeng sa tlhahlobo e batsi ea tsoho ea Jesu, bona buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc., 1989, maqephe 78-86.
h Sengoli sa lihistori tsa bophelo ba batho Suetonius (oa hoo e ka bang ka 69-140 C.E.) se ile sa tlaleha hore nakong ea puso ea Nero, “likotlo li ne li . . . etsetsoa Bakreste, sehlotšoana se neng se bolela tumelo e ncha le e makatsang ea bolumeli.”
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 237]
Na Jesu E Ne E Le Motho Oa Tšōmong?
Rahistori Will Durant oa botsa: “Na histori ea bophelo ea mothei oa Bokreste ke tholoana ea masoabi, monahano le tšepo tsa motho—tšōmo e tšoanang le lipale tsa Krishna, Osiris, Attis, Adonis, Dionysus, le Mithras?” O arabela ka hore lekholong la pele la lilemo, ho latola hore Kreste o ne a kile a ba teng “ho bonahala ho se mohla ho kileng ha etsahala le ho bahanyetsi ba babe ka ho fetisisa ba balichaba kapa ba Bajode ba Bokreste bo neng bo sa tsoa fihla.”—The Story of Civilization: Part III—Caesar and Christ.
Rahistori oa Moroma Suetonius (oa hoo e ka bang 69-140 C.E.), historing ea hae The Twelve Caesars, o ile a bolela ka moemphera Claudius: “Kaha Bajode ba Roma ba ne ba baka mefere-fere e sa feleng ka tšusumetso ea Chrestus [Kreste], o ile a ba leleka motseng.” Sena se etsahetse hoo e ka bang ka selemo sa 52 C.E. (Bapisa le Liketso 18:1, 2.) Hlokomela hore Suetonius ha a bolele pelaelo ea letho ka ho ba teng ha Kreste. Motheong ona o nang le lebaka hape ho sa tsotellehe mahloriso a neng a beha bophelo kotsing, Bakreste ba pele ba ne ba le mafolo-folo haholo ho bolela tumelo ea bona. Ho thata ho lumela hore ba ne ba ka beha bophelo ba bona kotsing motheong oa tšōmo. Lefu la Jesu le tsoho li ne li etsahetse bophelong ba bona, ’me ba bang ho bona e ne e le lipaki tse boneng ka mahlo liketsahalo tseo.
Rahistori Durant o fihlela qeto ena: “Hore banna ba seng bakae ka palo bao e neng e le batho feela molokong o le mong ba ne ba ka qapa botho bo matla le bo ipiletsang hakaalo, molao oa boitšoaro o phahameng hakaalo le pono e susumetsang hakaalo ea bongoana ba motho ba batho, e ne e ka ba mohlolo oo batho ba ke keng ba o lumela habonolo ho feta leha e le ofe o tlalehiloeng ho Melaetsa e Molemo.”
[Setšoantšo]
Jesu o ile a bolela le ho etsa mehlolo sebakeng sena sa Galilea sa Palestina ea boholo-holo
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 241]
Bibele E Ngotsoe Ke Mang?
Bibele ea Bokreste e na le libuka tse 39 tsa Mangolo a Seheberu (bona se ka lebokoseng, leqepheng la 220), ao ba bangata ba a bitsang Testamente ea Khale, le libuka tse 27 tsa Mangolo a Bokreste a Segerike, ao hangata a bitsoang Testamente e Ncha.i Kahoo, Bibele ke pokello ea libuka e nyenyane ea libuka tse 66 tse ngotsoeng ke banna ba ka bang 40 ka nako ea lilemo tse 1 600 tsa histori (ho tloha ka 1513 B.C.E. ho ea ho 98 C.E.).
Mangolo a Segerike a akarelletsa Melaetsa e Molemo e mene, kapa litlaleho tsa bophelo ba Jesu le litaba tse molemo tseo a ileng a li bolela. E ’meli ho ena e ile ea ngoloa ke balateli ba haufi ba Kreste, Mattheu, molekhetho, le Johanne, motšoasi oa litlhapi. E meng e ’meli e ile ea ngoloa ke balumeli ba pele Mareka le Luka, ngaka. (Ba-Kolosse 4:14) Melaetsa e Molemo e lateloa ke Liketso tsa Baapostola, tlaleho ea mosebetsi oa pele oa boromuoa oa Bokreste e bokeletsoeng ke Luka. Joale ho latele mangolo a 14 a tsoang ho moapostola Pauluse a e-ea ho Bakreste ka bomong ba sa tšoaneng le liphutheho tse sa tšoaneng, ho latele mangolo a tsoang ho Jakobo, Petrose, Johanne, le Juda. Buka ea ho qetela ke Tšenolo, e ngotsoe ke Johanne.
Hore batho ba bangata hakaalo ba tsoang limelong tse sa tšoaneng le ba neng ba phela ka linako tse sa tšoaneng le likhopolong tse sa tšoaneng ba ne ba ka hlahisa buka e lumellanang hakana ke bopaki bo matla ba hore Bibele hase feela ntho e hlahisitsoeng ka bohlale ba motho empa e bululetsoe ke Molimo. Bibele ka boeona e re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo [hantle-ntle, “le phefumolohetsoe ke Molimo”] ’me le molemo bakeng sa ho ruta.” Kahoo, Mangolo a ngotsoe tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang oa Molimo, kapa matla a sebetsang.—2 Timothea 3:16, 17, NW, Int.
[Setšoantšo]
Mongolo ona o sa fellang oa Seroma o sebelisang lebitso la Ponse Pilato ka Selatine (moleng oa bobeli, “IVS PILATVS”) o tiisa hore e ne e le motho ea nang le tšusumetso Palestina, joalokaha Bibele e bolela
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
i Bibele ea K’hatholike e akarelletsa libuka tse eketsehileng tse etsang Apocrypha ’me e le tseo Bajode le Baprostanta ba sa li nkeng e le karolo ea Mangolo a lethathamo le halalelang.
[Lebokose le leqepheng la 245]
Messia Boprofeteng Ba Bibele
Boprofeta Ketsahalo Phethahatso
Gen. 49:10O tsoaletsoe lelokong la Juda Matt. 1:2-16; Luka 3:23-33
Pes. 132:11; Esa. 9:7 O tsoa lelapeng la Davida mora oa Jesse Matt. 1:1, 6-16; 9:27; Lik. 13:22, 2
Mik. 5:2 O tsoaletsoe Bethlehema Luka 2:4-11; Joh. 7:42
Esa. 7:14 O tsoetsoe ke moroetsana Matt. 1:18-23; Luka 1:30-35
Hos. 11:1 O ile a bitsoa Egepeta Matt. 2:15
Esa. 61:1, 2 O ile a rongoa Luka 4:18-21
Esa. 53:4 O jere maloetse a rōna Matt. 8:16, 17
Pes. 69:9 O ile a chesehela ntlo ea Jehova Matt. 21:12, 13; Joh. 2:13-17
Esa. 53:1 Ha baa ka ba lumela ho eena Joh. 12:37, 38; Ba-Roma 10:11, 16
Zak. 9:9; Pes. 118:26 A hoeletsoa e le morena le ea Matt. 21:1-9; Mar. 11:7-11
tla tla ka lebitso la Jehova
Pes. 118:22, 23 O ile a lahloa empa a fetoha lejoe
le leholo la sekhutlo Matt. 21:42, 45, 46; Lik. 3:14; 4:11; 1 Pet. 2:7
Pes. 41:9; 109:8 A ekoa ke moapostola e mong Matt. 26:47-50; Joh. 13:18, 26-30
Zak. 11:12 A ekoa ka lichelete tse 30 tsa silefera Matt. 26:15; 27:3-10; Mar. 14:10, 11
Esa. 53:8 O ile a isoa nyeoeng le ho ahloloa Matt. 26:57-68; 27:1, 2, 11-26
Esa. 53:7 O ile a khutsa pel’a banģosi Matt. 27:12-14; Mar. 14:61; 15:4, 5
Pes. 69:4 O ile a hlouoa ntle ho lebaka Luka 23:13-25; Joh. 15:24, 25
Esa. 50:6; Mik. 5:1 O ile a otloa, a tšoeloa ka mathe Matt. 26:67; 27:26, 30; Joh. 19:3
Pes. 22:18 Lotho bakeng sa liaparo Matt. 27:35; Joh. 19:23, 24
Esa. 53:12 O ile a balloa har’a baetsalibe Matt. 26:55, 56; 27:38; Luka 22:37
Pes. 69:21 O ile a neoa asene le nyooko Matt. 27:34, 48; Mar. 15:23, 36
Pes. 22:1 O ile a lahloa ke Molimo Matt. 27:46; Mar. 15:34
Pes. 34:20; Ex. 12:46 Ha ho masapo a ileng a rojoa Joh. 19:33, 36
Esa. 53:5; Zak. 12:10 O ile a hlajoa Matt. 27:49; Joh. 19:34, 37; Tšen. 1:7
Esa. 53:5, 8, 11, 12 O shoele lefu la sehlabelo ho tlosa libe Matt. 20:28; Joh. 1:29; Ba-Roma 3:24; 4:25
Esa. 53:9 O ile a epeloa le barui Matt. 27:57-60; Joh. 19:38-42
Jonase 1:17; 2:10 Ka lebitleng likarolo tsa matsatsi a
mararo, joale a tsosoa Matt. 12:39, 40; 16:21; 17:23; 27:64
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 258,259]
Jesu Le Lebitso La Molimo
Ha Jesu a ruta barutuoa ba hae hore na ba rapele joang, o itse: “Joale lōna, rapelang joalo, le re: Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.
Jesu o ne a tseba bohlokoa bo boholo ba lebitso la Ntat’ae ’me o ile a beha khatiso ho lona. Kahoo, ho lira tsa hae tsa bolumeli, o itse: “’Na ke tlile ka lebitso la Ntate, ’me ha le nkamohele; ekare ha e mong a e-tla ka lebitso leo e leng la hae feela, eena le tla mo amohela. . . . Ke se ke le boleletse, ’me ha lea ka la lumela; mesebetsi eo ke e etsang ka lebitso la Ntate ke eona e mpakang.”—Johanne 5:43; 10:25; Mareka 12:29, 30.
Thapelong ho Ntat’ae, Jesu o itse: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao! Eaba lentsoe lea tla le e-tsoa leholimong, la re: Ke se ke le tlotlisitse, ’me ke tla ’ne ke le tlotlise!”
Ketsahalong ea moraonyana, Jesu o ile a rapela: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng; e ne e le ba hao, ’me u ’neile bona, ’me ba bolokile lentsoe la hao. Ke ba tsebisitse lebitso la hao, ’me ke tla ’ne ke ba tsebise lona, hore lerato leo u nthatileng ka lona le be ho bona, le ’na ke be ho bona.”—Johanne 12:28; 17:6, 26.
Joaloka Mojode, Jesu o ne a lokela ho tseba lebitso la Ntat’ae, Jehova, kapa Yahweh, hobane o ne a tseba lengolo le reng: “Ke lōna lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, le eena mohlanka oa ka eo ke mo khethileng, hore le tle le tsebisise, ’me le ntumele, ’me le ikutloele hobane ke ’na. Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na. . . . Le lipaki tsa ka, ho bolela Jehova, ke ’na Molimo.”—Esaia 43:10, 12.
Ka baka leo, Bajode joaloka sechaba ba ne ba khethiloe hore e be Lipaki tsa Jehova. Joaloka Mojode, Jesu hape e ne e le Paki ea Jehova.—Tšenolo 3:14.
Ho hlakile hore lekholong la pele la lilemo, Bajode ba bangata ba ne ba se ba sa bitse lebitso le senotsoeng la Molimo. Leha ho le joalo, ho na le meqolo e ngotsoeng ka letsoho e pakang hore Bakreste ba pele ba neng ba sebelisa phetolelo ea Segerike ea Septuagint ea Mangolo a Seheberu e ka ’na eaba ba ile ba bona lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo tse sebelisitsoeng litemaneng tsa Segerike. Joalokaha George Howard, moprofesa oa bolumeli le Seheberu a itse: “Ha Septuagint eo kereke ea Testamente e Ncha e ileng ea e sebelisa le ho qotsa ho eona e ne e e-na le sebopeho sa Seheberu sa lebitso la Molimo, bangoli ba Testamente e Ncha ha ho pelaelo hore ba ne ba akarelletsa lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo ho seo ba se qotsitseng. Empa ha sebōpeho sa Seheberu sa lebitso la Molimo se felisoa [hamorao] ha ho ikhetheloa mantsoe a emang sebakeng a Segerike a ho Septuagint, le ile la felisoa le moo Testamente e ncha e neng e qotsitse ho Septuagint.”
Ka baka leo, Moprofesa Howard o beha lebaka la hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba tlameha ba be ba ile ba utloisisa ka ho hlakileng litemana tse kang Mattheu 22:44, moo Jesu a neng a qotsetsa lira tsa hae Mangolo a Seheberu. Howard o re, “Kereke ea lekholong la pele la lilemo mohlomong e ne e bala hore, ‘YHWH o itse ho Morena oa ka’” ho e-na le phetolelo ea morao, “‘Morena o itse ho Morena oa ka,’ . . . e sa hlakang joalokaha e le e sa tobang.”—Pesaleme ea 110:1.
Hore Jesu o ile a sebelisa lebitso la Molimo ho pakoa ke qoso ea Bajode makholo a lilemo ka morao ho lefu la hae hore haeba o ile a etsa mehlolo, e ne e le “hobane feela a ne a ikentse morena oa lebitso la Molimo la ‘lekunutu.’”—The Book of Jewish Knowledge.
Jesu ka sebele o ne a tseba lebitso le ikhethang la Molimo. Ho sa tsotellehe neano ea Sejode ka nako eo, Jesu ka sebele o ile a sebelisa lebitso leo. Ha aa ka a lumella lineano tsa batho hore li felise molao oa Molimo.—Mareka 7:9-13; Johanne 1:1-3, 18; Ba-Kolosse 1:15, 16.
[Setšoantšo]
Likotoana tsa pampiri ea loli (lekholong la pele la lilemo B.C.E.) tse bontšang lebitso la Molimo la Seheberu litemaneng tsa Septuagint ea Segerike
[Setšoantšo se leqepheng la 238]
Jesu O Ile A Sebelisa Lipapiso Tse Ngata Ha A Ruta—ho Jala Peō, Ho Kotula, Ho Tšoasa Litlhapi, Ho Fumana Perela, Mehlape E Tsoakaneng, Le Tšimo Ea Merara, Har’a Tse Ling (Mattheu 13:3-47; 25:32)
[Setšoantšo se leqepheng la 243]
Ka matla a Molimo, Jesu o ile a etsa mehlolo e mengata, ho akarelletsa ho khutsisa sefefo
[Setšoantšo se leqepheng la 246]
Lilumisoa tse ’nè tsa Seheberu tsa lebitso la Molimo YHWH (Jehova)
[Setšoantšo se leqepheng la 251]
Tlaleho ea ho tsosetsoa ha Lazaro bophelong ha e bolele kapa hona ho fana ka tlhahiso ea hore o ne a e-na le moea o sa shoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 253]
Petrose, Jakobo, le Johanne ba ne ba tseba hore ho amohela ha Molimo Jesu e ne e se tšōmo—ba ile ba ho utloa le ho ho bona ho fetoheng tšobotsi ha Jesu ho khanyang