Khaolo 11
Bokoenehi—Ho Thiba Tsela e Eang ho Molimo
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha lilemo tsa pele tse 400 tsa histori ea Bokreste-’mōtoana e le tsa bohlokoa? (b) Jesu o ile a bolela ’nete efe mabapi le ho khetha?
KE HOBANE’NG ha lilemo tsa pele tse 400 tsa histori ea Bokreste-’mōtoana e le tsa bohlokoa hakaale? Ka lebaka le tšoanang le leo ka lona lilemo tse seng kae tsa pele tsa bophelo ba ngoana e leng tsa bohlokoa—hobane ke lilemo tseo ka tsona a iphang botho ha ho raloa motheo bakeng sa botho ba motho ba ka moso. Makholo a lilemo a pele a Bokreste-’mōtoana a senola eng?
2 Pele re arabela potso eo, a re ke re hopoleng ’nete eo Jesu Kreste a ileng a e bolela: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebe-hebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” Tsela ea boikhabi e hebe-hebe; ea melao-motheo e nepahetseng e tšesaane.—Mattheu 7:13, 14.
3. Tšimolohong ea Bokreste ho ne ho e-na le litsela life tse peli?
3 Tšimolohong ea Bokreste, ba neng ba amohela tumelo eo e sa rateheng ba ne ba bulehetsoe ke litsela tse peli—ho tšoarella lithutong tse sa sekisetseng tsa Kreste le melao-motheo ea hae le Mangolo kapa ho fapohela tseleng e sephara le eo ho tsamauoang habonolo ho eona ea ho sekisetsa le lefatše la nakong eo. Joalokaha re tla bona, histori ea lilemo tsa pele tse 400 e bontša hore na ke tsela efe eo ba bangata ba ileng ba e nka qetellong.
Ho Eka ha Filosofi
4. Ho ea ka rahistori Durant, Roma ea bohetene e ile ea ama kereke ea pele joang?
4 Rahistori Will Durant oa hlalosa: “Kereke e ile ea nka meetlo e meng le mekhoa ea bolumeli e neng e tloaelehile Roma [ea bohetene] ea pele ho Bokreste—lipurapera le liaparo tse ling tsa baprista ba bahetene, ho sebelisoa ha mokubetso le metsi a halalelang litlhoekisong, ho bonesa likerese le khanya ea ka mehla ka pel’a aletare, ho rapeloa ha bahalaleli, ho ahoa ha li-basilica ka mokhoa o khethehileng, molao oa Roma e le oona motheo oa molao oa kereke, tlotla ea Pontifex Maximus bakeng sa Mobishopo e Moholo, ’me lekholong la bone la lilemo, puo ea Selatine . . . Ka morao ho nako e seng kae babishopo, ho e-na le bo-maseterata ba Roma, e ne e tla ba bona mohloli oa taolo le setsi sa matla metseng; baokameli ba baruti, kapa babishopo ba baholo, ba ne ba tla tšehetsa babusi ba libaka haeba ba ne ba sa ba tlose litulong; ’me makhotla a busang a babishopo e ne e le ’ona a neng a tla nka sebaka sa makhotla a libaka. Kereke ea Roma e ile ea latela mehatong ea ’muso oa Roma.”—The Story of Civilization: Part III—Caesar and Christ.
5. Boikutlo ba ho sekisetsa le lefatše la bohetene la Roma bo fapana joang le lingoliloeng tsa pele tsa Bokreste?
5 Tšekamelo ena ea ho sekisetsa le lefatše la Roma e fapane ho hang le lithuto tsa Kreste le tsa baapostola. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 262.) Moapostola Petrose o ile a eletsa: “Baratuoa, . . . kea le hopotsa hore ke tsose maikutlo a lōna a hloekileng; le tle le hopole litaba tse boletsoeng pele ke baprofeta ba halalelang, le molao oa Morena ’Moloki, oo le o beetsoeng ke baapostola ba lōna. Ha e le lōna, baratuoa, ha le se le itsebetse tseo pele, itebeleng, le se tšohe le hulanngoa le ba bang ke thetso ea ba manyala bao, ’me la timelloa ke ho tiea ha lōna.” Pauluse o ile a eletsa ka mokhoa o hlakileng: “Se sikareng joko e le ’ngoe le ba sa lumelang; hobane kopano ke efe ea ho loka le bokhopo? Kapa leseli le na le kopano efe le lefifi? . . . Ka baka leo, tsoang har’a bona, ’me le ikhethe, ho rialo Morena; le se ke la ama sesila; ’me ke tla le amohela.”—2 Petrose 3:1, 2, 17; 2 Ba-Korinthe 6:14-17; Tšenolo 18:2-5.
6, 7. (a) “Bo-ntate” ba pele ba kereke ba ile ba susumetsoa joang ke filosofi ea Bagerike? (b) Ke lithutong life moo tšusumetso ea Bagerike e ileng ea iponahatsa ka ho khethehileng? (c) Pauluse o ile a fana ka temoso efe ka filosofi?
6 Ho sa tsotellehe khothatso ena e hlakileng, Bakreste ba bakoenehi ba lekholong la bobeli la lilemo ba ile ba nka mahoholi a bolumeli ba Roma ea bohetene. Ba ile ba suthela hōle le qaleho ea bona e hloekileng ea Bibele ’me bakeng sa hoo ba ikapesa ka seaparo sa Roma ea bohetene le litlotla tsa eona ’me ba susumetsoa ke filosofi ea Bagerike. Moprofesa Wolfson oa Univesithi ea Harvard o ile a hlalosa ho The Crucible of Christianity hore lekholong la bobeli la lilemo, “balichaba ba koetlisitsoeng filosofing” ba ne ba tšolohela ka matla Bokresteng. Bana ba ne ba khahloa ke bohlale ba Bagerike ’me ba nahana hore ba bona ho tšoana lipakeng tsa filosofi ea Bagerike le lithuto tsa Mangolo. Wolfson o tsoela pele: “Ka linako tse ling ba ne ba itlhalosa ka mokhoa o sa tšoaneng ho bolela hore joalokaha Mangolo e le neo e khethehileng ea Molimo ho Bajode eo ho eona o sebelisang tšenolo e tobileng, le filosofi ke neo e khethehileng ho Bagerike eo ho eona o sebelisang monahano oa motho.” O tsoela pele: “Bo-ntate ba Kereke . . . ba ile ba kena mosebetsing oa bona o hlophisitsoeng oa ho bontša kamoo, ka puo e bonolo ea ka lapeng eo Mangolo a ratang ho itlhalosa ka eona, ho patiloeng lithuto tsa bo-rafilosofi ba koetlisitsoeng mantsoeng a khethehileng a qapetsoeng ho sebetsa Litsing, Liholong, Mathuleng [litsi bakeng sa lipuisano tsa filosofi].”
7 Boikutlo bo joalo bo ile ba siea tsela e bulehile bakeng sa filosofi ea Bagerike le mantsoe ao ba a sebelisang hore li kenelle lithutong tsa Bokreste-’mōtoana, haholo-holo mabaleng a thuto ea Boraro-bo-bong le tumelo ea hore moea ha o shoe. Joalokaha Wolfson a bolela: “Bo-ntate [ba kereke] ba ile ba qala ho batla pokellong ea mantsoe a filosofi mantsoe a mabeli a matle a khethehileng, ao le leng ho ’ona le neng le ka sebelisoa e le lebitso le khethollang setho ka seng sa Boraro-bo-bong ’me le leng le ne le tla sebelisoa e le lebitso le khethollang bonngoe ba bona.” Leha ho le joalo, ba ile ba tlameha ho lumela hore “khopolo ea Molimo o le mong ho e meraro ke sephiri se ke keng sa rarolloa ka monahano oa motho.” Ho fapana le moo, Pauluse o ne a ile a hlokomela ka mokhoa o hlakileng kotsi ea litšila tse joalo le “ho sokanya Evangeli” ha a ne a ngolla Bakreste ba Galatia le ba Kolosse: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale [phi·lo·so·phiʹas, ka Segerike] ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.”—Ba-Galata 1:7-9; Ba-Kolosse 2:8; 1 Ba-Korinthe 1:22, 23.
Tsoho e Etsoa Lefeela
8. Motho o ’nile a loana le pharela ea eng, ’me malumeli a mangata a lekile ho e rarolla joang?
8 Joalokaha re bone bukeng ena eohle, nako le nako motho o ’nile a loana le pharela ea bophelo ba hae bo bokhutšoanyane le ba nakoana bo fellang ka lefu. Ho joalokaha sengoli sa Lejeremane Gerhard Herm se ile sa bolela bukeng ea sona The Celts—The People Who Came Out of the Darkness: “Har’a lintho tse ling bolumeli ke tsela ea ho etsa hore batho ba amohele ’nete ea hore ka letsatsi le leng ba tlameha ho shoa, e-bang ke ka tšepiso ea bophelo bo molemonyana ka mose ho lebitla, ho tsoaloa hape, kapa ka bobeli.” Hoo e ka bang bolumeli bo bong le bo bong bo itšetlehile ka tumelo ea hore moea oa motho ha o shoe le hore ka morao ho lefu o nka leeto le eang bophelong ba ka morao ho lefu kapa o kena ’meleng oa sebopuoa se seng.
9. Setsebi sa Lespanishe Miguel de Unamuno o ile a fihlela qeto efe ka tumelo ea Jesu ka tsoho?
9 Hoo e ka bang malumeli kaofela a Bokreste-’mōtoana kajeno le oona a latela tumelo eo. Miguel de Unamuno, setsebi se tummeng sa lekholong la lilemo la bo20 sa Lespanishe, o ile a ngola ka Jesu: “Ho e-na le hoo o ne a lumela tsoho ea nama [joaloka tabeng ea Lazaro (bona se ka maqepheng a 249-52)], ho latela mokhoa oa Sejode, e seng hore moea ha o shoe, ho latela mokhoa oa Plato [oa Segerike]. . . . Bopaki ba sena bo ka bonoa bukeng leha e le efe e tšepahalang ea litlhaloso.” O ile a fihlela qeto: “Hore moea ha o shoe . . . ke thuto ea filosofi ea bohetene.” (La Agonía Del Cristianismo [Mahlomola a Bokreste]) ‘Thuto eo ea filosofi ea bohetene’ e ile ea kenella thutong ea Bokreste-’mōtoana, le hoja Kreste ka ho hlakileng a ne a sa ka a ba le khopolo e joalo.—Mattheu 10:28; Johanne 5:28, 29; 11:23, 24.
10. Liphello tse ling tse ileng tsa hlahisoa ke ho lumela hore moea ha o shoe e bile life?
10 Tšusumetso e ipatileng ea filosofi ea Segerike e bile eona lebaka le leholo bokoenehing bo ileng ba latela lefu la baapostola. Thuto ea Bagerike ea hore moea ha o shoe e ne e kenyelletsa tlhokahalo ea hore moea o felle libakeng tse sa tšoaneng—leholimong, mollong oa lihele, pelekatoring, paradeiseng, Limbong.a Ka ho sebelisa lithuto tse joalo ka bohlale, ho ile ha e-ba bonolo ho sehlopha sa baprista hore se boloke mehlape ea sona e ikokobelitse e bile e tšohile bophelo ba ka morao ho lefu le ho e honya limpho le menehelo. E leng ho re isang potsong e ’ngoe: Ho ile ha tla joang hore ho thomehe sehlopha se khethehileng sa baprista ba baruti sa Bokreste-’mōtoana?—Johanne 8:44; 1 Timothea 4:1, 2.
Kamoo Sehlopha sa Baruti se Ileng sa Thomeha
11, 12. (a) Pontšo e ’ngoe ea bokoenehi e ileng ea hlaha e bile efe? (b) Baapostola le baholo ba Jerusalema ba ne ba phetha karolo efe?
11 Pontšo e ’ngoe ea bokoenehi e bile ho checha tšebeletsong e akaretsang ea Bakreste bohle, joalokaha Jesu le baapostola ba ne ba ile ba ruta, ho ea bopristeng le lihlopheng tse busang tsa baruti tse ileng tsa hōla ka hare ho Bokreste-mōtoana. (Mattheu 5:14-16; Ba-Roma 10:13-15; 1 Petrose 3:15) Lekholong la pele la lilemo, ka morao ho lefu la Jesu, baapostola ba hae, hammoho le baholo ba bang ba Bakreste ba tšoanelehang moeeng ba neng ba le Jerusalema, ba ile ba sebeletsa ho eletsa le ho tataisa phutheho ea Bokreste. Ha ho eo e neng e le mookameli oa ba bang.—Ba-Galata 2:9.
12 Ka selemo sa 49 C.E., ho ile ha hlokahala hore ba kopane Jerusalema ho rarolla litaba tse neng li ama Bakreste ka kakaretso. Tlaleho ea Bibele e re bolella hore ka morao ho puisano e neng e bulehetse bohle, “baapostola le baholo [pre·sbyʹte·roi], ba e-na le kereke kaofela, ba bona hobane hoa tšoanela ha ho ka khethoa banna har’a bona, ba tla romeloa Antioke le Pauluse le Barnabase . . . Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, lumelang, lōna baena ba lichaba tsa Antioke, tsa Syria, le tsa Cylicia.” Ho hlakile hore baapostola le baholo ba ne ba sebeletsa e le sehlopha se busang le se tsamaisang bakeng sa liphutheho tsa Bokreste tse neng li hasane hohle.—Liketso 15:22, 23.
13.(a) Ke tokisetso efe e neng e le teng bakeng sa bolebeli bo potlakileng bakeng sa liphutheho tsa pele tsa Bokreste? (b) Litšoaneleho tsa baholo ba phutheho e ne e le life?
13 Kaha sehlopha seo se busang se neng se le Jerusalema e ne e le tokisetso ea pele ea Bokreste bakeng sa ho lebela Bakreste bohle ka mokhoa o akaretsang, se ne se e-na le tsamaiso ea mofuta ofe ho tataisa phutheho ka ’ngoe, sebakeng ka seng? Lengolo la Pauluse le eang ho Timothea le hlakisa hore liphutheho li ne li e-na le balebeli (e·piʹsko·pos, ka Segerike) bao e neng e le baholo (pre·sbyʹte·roi), banna ba neng ba tšoaneleha ka lebaka la boitšoaro ba bona le boemo ba bona ba moea hore ba ka ruta Bakreste hammoho le bona. (1 Timothea 3:1-7; 5:17) Lekholong la pele la lilemo, banna bana ha baa ka ba bōpa sehlopha se arohileng sa baruti. Ba ne ba sa apare liaparo leha e le life tse khethehileng. Boemo ba bona ba moea e ne e le bona bo ba khethollang. Haele hantle, phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e e-na le sehlopha sa baholo (balebeli), e seng puso ea borena ea motho a le mong.—Liketso 20:17; Ba-Filippi 1:1.
14. (a) Balebeli ba Bakreste qetellong ba ile ba phahameloa ke babishopo ba Bokreste-’mōtoana joang? (b) Ke bafe ba ileng ba loanela bophahamo har’a babishopo?
14 E bile feela ka morao ho nako moo lentsoe e·piʹsko·posb (molebeli, superintendente) le ileng la fetoloa hore e be “mobishopo,” e bolelang moprista ea nang le taolo holim’a baruti ba bang dioseseng ea hae. Joalokaha ho hlalosa Mojesuite oa Lespanishe Bernardino Llorca: “Qalehong, ho ne ho se khethollo e lekaneng e neng e etsoa pakeng tsa babishopo le bapresbitheri, ’me ho neng ho eloa hloko e ne e mpa e le feela se boleloang ke mantsoe ao: mobishopo ke ntho e le ’ngoe le superintendente; mopresbitheri ke ntho e le ’ngoe le moholo. . . . Empa butle-butle khethollo e ile ea totobala, bo-superintendente ba bohlokoa haholoanyane, ba neng ba e-na le matla a phahameng a boprista le matla a ho beha matsoho le ho hlomamisa baprista, ba ile ba khetholloa ka lebitso mobishopo.” (Historia de la Iglesia Católica [Histori ea Kereke e K’hatholike]) Haele hantle, babishopo ba ile ba qala ho sebetsa ka hoo e neng e ka ke tsamaiso ea borena, haholo-holo ho tloha qalong ea lekholo la bone la lilemo. Ho ile ha theoa sehlopha se busang sa baruti, ’me ka morao ho nako mobishopo oa Roma, ea neng a ipolela hore ke mohlahlami oa Petrose, o ile a amoheloa ke ba bangata hore ke mobishopo e moholo le mopapa.
15. Ke lekhalo lefe le teng pakeng tsa boeta-pele ba Bokreste ba pele le ba Bokreste-’mōtoana?
15 Kajeno boemo ba babishopo likerekeng tse fapa-fapaneng tsa Bokreste-’mōtoana ke boemo ba ho hlompheha le matla, hangata e le bo lefang hantle, ’me hangata bo khetholloa le sehlopha se phahameng se busang sa sechaba se seng le se seng. Empa lipakeng tsa boemo ba bona bo tletseng boikhohomoso le bo phahameng le tlhophiso e bonolo e neng e le tlas’a Kreste le baholo, kapa balebeli, ba liphutheho tsa pele tsa Bokreste, ho na le phapang e khōlō. Hona re tla re’ng ka lekhalo le pakeng tsa Petrose le bao ho thoeng ke bahlahlami ba hae, ba ileng ba busa boemong bo majaba-jaba ba Vatican?—Luka 9:58; 1 Petrose 5:1-3.
Matla le Boemo bo Hlomphehang Tsa Mopapa
16, 17. (a) Re tseba joang hore phutheho ea pele ea Roma e ne e se tlas’a taolo ea mobishopo kapa mopapa? (b) Ho sebelisoa ha lentsoe “mopapa” ho ile ha hōla joang?
16 Har’a liphutheho tsa pele tse ileng tsa amohela tataiso e neng e e-tsoa ho baapostola le baholo Jerusalema, e ne e le ea Roma, moo ’nete ea Bokreste mohlomong e ileng ea fihla neng-neng ka morao ho Pentekonta ea 33 C.E. (Liketso 2:10) Joaloka phutheho e ’ngoe le e ’ngoe ea Bokreste ea nakong eo, e ne e e-na le baholo, ba neng ba sebeletsa e le sehlopha sa balebeli ho se e mong oa bona ea nang le bophahamo. Ka sebele ha ho lea mong oa balebeli ba pele-pele phuthehong ea Roma eo baholo le eena ba neng ba mo talima e le mobishopo kapa mopapa, kaha puso ea babishopo e ne e e-so ho be teng Roma. Hore na puso ea babishopo ea motho a le mong e qalile neng, ho thata ho bolela ka tieo. Bopaki bo bontša hore e qalile ho hōla lekholong la bobeli la lilemo.—Ba-Roma 16:3-16; Ba-Filippi 1:1.
17 Tlotla “mopapa” (e tsoang ho paʹpas, ntate, ka Segerike) e ne e sa sebelisoe makholong a lilemo a mabeli a pele. Eo e neng e le Mojesuite, Michael Walsh oa hlalosa: “Ho bonahala lekhetlo la pele leo ka lona Mobishopo oa Roma a ileng a bitsoa ‘Mopapa’ e bile lekholong la lilemo la boraro, ’me tlotla ena e ile ea neoa Mopapa Callistus . . . Qetellong ea lekholo la bohlano la lilemo lentsoe ‘Mopapa’ hangata le ne le bolela Mobishopo oa Roma e seng e mong. Leha ho le joalo, ha ea ba ho fihlela lekholong la lilemo la leshome le motso o le mong moo Mopapa a neng a ka tsitlella hore tlotla eo e sebetsa ho eena a le mong.”—An Illustrated History of the Popes.
18. (a) E mong oa babishopo ba pele ba Roma ea ileng a sebelisa matla a hae ka likhoka ke mang? (b) Polelo ea bo-mopapa ea hore ba phahame e theiloe ho eng? (c) Kutloisiso e nepahetseng ea Mattheu 16:18, 19 ke efe?
18 E mong oa babishopo ba pele ba Roma ea ileng a sebelisa matla a hae ka likhoka e bile Mopapa Leo I (mopapa, 440-461 C.E.). Michael Walsh o hlalosa ho ea pele: “Leo o ile a itšebelisetsa eena a le mong tlotla eo e neng e kile ea e-ba ea bohetene ea Pontifex Maximus, e sa ntsaneng e sebelisoa ke bo-mopapa kajeno, le eo ho tla fihlela qetellong ea lekholo la bone la lilemo, e neng e sebelisoa feela ke Baemphera ba Roma.” Leo I o ile a thea liketso tsa hae tlhalosong ea Bok’hatholike ea mantsoe a Jesu a fumanoang ho Mattheu 16:18, 19. (Bona se ka lebokoseng, leqepheng la 268.) O ile a “bolela hore kaha Mohalaleli Petrose e ne e le eena oa pele har’a Baapostola, kereke ea Mohalaleli Petrose e lokela ho neoa boemo ba pele har’a likereke.” (Man’s Religions) Ka khato ena, Leo I o ile a hlakisa hore le hoja Constantinople ka Bochabela, moemphera a e-na le matla linthong tsa lefatše eena o ne a e-na le matla linthong tsa moea ho tsoa Roma ka Bophirima. Matla ana a ile a bontšoa ho ea pele ha Mopapa Leo III a roesa moemphera Charlemagne oa ’Muso o Halalelang oa Roma moqhaka oa borena ka 800 C.E.
19, 20. (a) Mopapa o ’nile a talingoa joang nakong ea joale? (b) Tse ling tsa litlotla tsa molao tsa mopapa ke life? (c) Ke phapang efe e ka bonoang pakeng tsa boitšoaro ba bo-mopapa le ba Petrose?
19 Ho tloha ka 1929 mebuso ea lefatše e ’nile ea talima mopapa oa Roma e le ’musi oa naha e arohileng le e lokolohileng, Motse oa Vatican. Kahoo, Kereke ea Roma e K’hatholike, ho fapana le mokhatlo leha e le ofe oa bolumeli, e ka romela baemeli ba ’muso, manģosa a mopapa, mebusong ea lefatše. (Johanne 18:36) Mopapa o hlompshoa ka litlotla tse ngata, tseo tse ling tsa tsona e leng Moemeli oa Jesu Kreste, Mohlahlami oa Khosana ea Baapostola, Mobishopo e Moholo oa Kereke ea Bokahohle, Mopatriareka oa Bophirima, Moeta-pele oa Italy, Morena oa Motse oa Vatican. O tsamaisoa ka mokhoa o makōkō le ka mekhoa e khethehileng. O neoa tlhompho e abeloang hlooho ea Naha. Ho fapana le moo, hlokomela kamoo Petrose, eo ho boleloang hore e ne e le mopapa oa pele le mobishopo oa Roma, a ileng a itšoara ka teng ha molaoli oa lekholo oa Roma Kornele a oa ka mangole ho khumama maotong a hae ho mo hlompha: “Petrose a mo tsosa, a re: Tsoha; le ’na ke motho feela.”—Liketso 10:25, 26; Mattheu 23:8-12.
20 Joale potso ke ena, Matla a maholo hakaale le tlhompho li tlile joang kerekeng ea bokoenehi ea makholong ao a pele a lilemo? Bonolo le boikokobetso tsa Kreste le Bakreste ba pele li ile tsa fetoloa joang boikhohomoso le makōkō tsa Bokreste-’mōtoana?
Motheo oa Mebuso ea Bokreste-’mōtoana
21, 22. Ke phetoho efe e khōlō eo ho nahanoang hore e ile ea etsahala bophelong ba Constantine, ’me o ile a e sebelisa joang?
21 Phetoho e khōlō bakeng sa bolumeli bona bo bocha ’Musong oa Roma e bile ka 313 C.E., nako eo ka eona ho boleloang hore Moemphera Constantine o ile a sokolohela ka eona “Bokresteng.” Ho sokoloha hona ho ile ha tla joang? Ka 306 C.E., Constantine o ile a hlahlama ntat’ae ’me qetellong o ile a kopanela puso ea ’Muso oa Roma le Licinius. O ile a susumetsoa ke boinehelo ba ’m’ae Bokresteng le tumelo ea hae tšireletsong ea Molimo. Pele a ea ntoeng haufi le Roma Milvian Bridge ka 312 C.E., o boletse hore o ile a bolelloa ka toro hore a ferefe letšoao la “Bokreste”—litlhaku tsa Segerike khi le rho, litlhaku tsa pele tsa lebitso la Kreste ka Segerike—lithebeng tsa masole a hae.c Ka ‘seroala sena se halalelang,’ mabotho a Constantine a ile a hlōla sera sa hae Maxentius.
22 Nakoana ka mor’a hore a hlōle ntoa eo, Constantine o ile a ipolela hore o fetohile molumeli, le hoja a sa ka a kolobetsoa ho fihlela pejana ho lefu la hae hoo e ka bang lilemo tse 24 hamorao. O ile a tsoela pele ho fumana tšehetso ea Bakreste ’mōtoana ’musong oa hae ka “ho amohela ha hae [litlhaku tsa Segerike] Chi-Rho [litlhaku tsa Segerike] e le letšoao la hae . . . Leha ho le joalo, Chi-Rho, e ne e se e ile ea sebelisoa e le litlhaku tse kopaneng ho etsa tlhaku e sa arohanang boheteneng le Bokresteng.”—The Crucible of Christianity, e hlophisitsoeng ke Arnold Toynbee.
23. (a) Ho ea ka mohlalosi e mong, mebuso ea Bokreste-’mōtoana e ile ea qala neng? (b) Re ka bolela joang hore Kreste ha aa ka a thea mebuso ea Bokreste-’mōtoana?
23 Kahoo, ho ile ha raloa motheo oa mebuso ea Bokreste-’mōtoana. Joalokaha mophatlalatsi oa Lenyesemane Malcolm Muggeridge a ile a ngola bukeng ea hae The End of Christendom: “Mebuso ea Bokreste-’mōtoana e qalile ka Moemphera Constantine.” Leha ho le joalo, o ile a boela a etsa tlhaloso ena e bontšang temoho: “Mohlomong u ka ba ua bolela hore Kreste ka boeena o ile a felisa mebuso ea Bokreste-’mōtoana pele e qala ka ho bolela hore ’muso oa hae e ne e se oa lefatše lena—e ’ngoe ea lipolelo tse pharalletseng le tsa bohlokoa ka ho fetisisa har’a lipolelo tsa hae.” Le hona e le e ’ngoe ea tse hlokomolohuoang ka bophara ke babusi ba bolumeli le ba lipolotiki ba Bokreste-’mōtoana.—Johanne 18:36.
24. Ka ho “sokoloha” ha Constantine, ke phetoho efe e ileng ea tla ka kerekeng?
24 Ka tšehetso ea Constantine, bolumeli ba Bokreste-’mōtoana bo ile ba fetoha bolumeli ba molao ba Naha ba Roma. Elaine Pagels, moprofesa oa bolumeli, oa hlalosa: “Babishopo ba Bakreste bao ka nako e ’ngoe ba neng ba hlaseloa ka ho tšoaroa, ho hlorisoa, le ho bolaoa, joale ba ne ba lokolloa makhethong, ba fumana limpho tse tsoang matlotlong a borena, bophahamo, esita le tšusumetso makhotleng; likereke tsa bona li ile tsa fumana letlotlo, matla, le botumo tse ncha.” Ba ne ba fetohile metsoalle ea moemphera, metsoalle ea lefatše la Roma.—Jakobo 4:4.
Constantine, Bokhelohi, le Neano
25. (a) Nakong ea Constantine ke ho fapanyetsana maikutlo hofe ha thuto ea bolumeli ho neng ho phahame? (b) Pele ho lekholo la bone la lilemo, ke boemo bofe bo neng bo le teng mabapi le kutloisiso ea kamano ea Kreste le Ntat’ae?
25 Ke hobane’ng ha ho “sokoloha” ha Constantine e bile ha bohlokoa hakaale? Hobane joaloka moemphera o ne a e-na le tšusumetso e matla litabeng tsa kereke ea “Bokreste” e neng e arohane thutong, ’me o ne a batla bonngoe ’musong oa hae. Ka nako eo ho ngangisana ho ne ho phahame haholo har’a babishopo ba buang Segerike le ba buang Selatine ka “kamano pakeng tsa ‘Lentsoe’ kapa ‘Mora’ oa ‘Molimo’ le neng le ile la etsoa motho Jesu, le ‘Molimo’ ka booona, oo joale o neng o bitsoa ‘Ntate’—lebitso la hae, Yahweh, le se le lebetsoe ka kakaretso.” (The Columbia History of the World) Ba bang ba ne ba rata pono e tšehetsoang ke Bibele ea hore Kreste, Loʹgos, o ne a bōpiloe ’me ka lebaka leo a le tlas’a Ntate. (Mattheu 24:36; Johanne 14:28; 1 Ba-Korinthe 15:25-28) Har’a bana e ne e le Arius, moprista oa Alexandria, Egepeta. Haele hantle, R. P. C. Hanson, moprofesa oa thuto ea bolumeli, o re: “Pele ho Khang ea Arius e ileng ea qhoma [lekholong la bone la lilemo], ha ho tichere le e ’ngoe ea thuto ea bolumeli Kerekeng ea Bochabela kapa ea Bophirima eo ka kutloisiso e itseng e sa nkeng hore Mora o tlas’a Ntate.”—The Search for the Christian Doctrine of God.
26. Mathoasong a lekholo la bone la lilemo, boemo e ne e le bofe mabapi le thuto ea Boraro-bo-bong?
26 Ba bang ba ile ba nka pono eo ea boemo bo tlaase ba Kreste e le bokhelohi ’me ba sokolohela haholoanyane borapeling ba Jesu e le “Molimo-Motho.” Leha ho le joalo, Moprofesa Hanson o bolela hore nako eo ho buuoang ka eona (lekholo la lilemo la bone) “e ne e se histori ea ho sireletsoa ha thuto e hlomamisitsoeng [ea Boraro-bo-bong] khahlanong le litlhaselo tse pepenene tsa bokhelohi [Boarius]. Tabeng eo e leng eona e neng e hlile e tšohloa ho ne ho e-so ho be le thuto leha e le efe e hlomamisitsoeng.” O tsoela pele: “Mahlakore ’ohle a ne a lumela hore a na le matla a Mangolo a ba emelang. Le leng le le leng le ne le hlalosa a mang a sa hlomamisoa, a sa ee ka neano, a sa lumellane le Mangolo.” Lihlopha tsa bolumeli li ne li arohane ka ho phethahetseng tsekong ena ea thuto ea bolumeli.—Johanne 20:17.
27. (a) Constantine o ile a etsa’ng ho leka ho rarolla ho fapanyetsana maikutlo ka tlhaho ea Jesu? (b) Seboka sa Nicaea se ne se e-na le baemeli ba bakae? (c) Na Tumelo ea Nicaea e ile ea rarolla khohlano ea thuto e hōlang ea Boraro-bo-bong?
27 Constantine o ne a batla bonngoe ’musong oa hae, ’me ka 325 C.E. o ile a mema seboka sa babishopo ba hae Nicaea, e neng e le sebakeng se buang Segerike se ka bochabela, sa ’muso oa hae, ka mose ho Bosporus ho tloha motseng o mocha oa Constantinople. Ho boleloa hore ke babishopo ba ka bang 250 ho isa ho 318 ba ileng ba e-ba teng, palo e nyenyane feela ea palo e akaretsang ea bona, ’me boholo ba ba neng ba le teng ba ne ba e-tsoa sebakeng se buang Segerike. Esita le Mopapa Sylvester I o ne a le sieo.d Ka mor’a ho fapanyetsana maikutlo ka bohale, sebokeng seo se neng se se na baemeli ba lekaneng ho ile ha hlaha Tumelo ea Nicaea ka tšekamelo ea eona e matla khopolong ea Boraro-bo-bong. Empa ha ea ka ea rarolla khang ena ea thuto. Ha ea ka ea hlakisa karolo ea moea o halalelang oa Molimo thutong ea bolumeli ea Boraro-bo-bong. Ho fapanyetsana maikutlo ho ile ha tsoela pele ka mashome a lilemo, ’me ho ile ha hlokahala liboka tse eketsehileng le matla a baemphera ba fapa-fapaneng le hore ho lelekoe ba bang linaheng tsa habo bona e le hore qetellong ho finyelloe kutloano. Thuto ea bolumeli ke eona e ileng ea hlōla khahlanong le ba neng ba tšoarelletse Mangolong.—Ba-Roma 3:3, 4.
28. (a) Tse ling tsa liphello tsa thuto ea Boraro-bo-bong e bile life? (b) Ke hobane’ng ha ho se motheo oa Bibele oa ho hlompha Maria joaloka “’Mè oa Molimo”?
28 Ho theosa le makholo a lilemo, phello e ’ngoe ea thuto ea Boraro-bo-bong e bile hore Molimo o le mong oa ’nete Jehova o kentsoe qhafutsong ea thuto ea bolumeli ea Bokreste-’mōtoana ea Molimo-Kreste.e Phello e latelang e utloahalang ea thuto eo ea bolumeli e bile hore haeba Jesu e ne e hlile e le Molimo-Motho, ka hona ’mè oa Jesu, Maria, ka ho totobetseng e ne e le “’Mè oa Molimo.” Ho theosa le lilemo, hoo ho ile ha isa ho hlomphuoeng ha Maria ka mekhoa e mengata e fapa-fapaneng, sena se entsoe ho sa tsotellehe hore ho ne ho se litemana tse neng li bua ka karolo leha e le efe ea bohlokoa eo Maria a neng a e-na le eona haese feela hore e ne e le ’mè ea ikokobelitseng oa Jesu.f (Luka 1:26-38, 46-56) Ho theosa le makholo a lilemo thuto ea ’Mè oa Molimo e ’nile ea hōlisoa le ho khabisoa ke Kereke ea Roma e K’hatholike, ka phello ea hore Mak’hatholike a mangata a hlompha Maria ka cheseho ho feta kamoo a rapelang Molimo.
Likarohano tsa Bokreste-’mōtoana
29. Ke phetoho efe eo Pauluse a ileng a lemosa ka eona?
29 Tšobotsi e ’ngoe ea bokoenehi ke hore bo isa likarohanong le ho tsekoloheng likoto. Moapostola Pauluse o ne a ile a profeta: “Kea tseba hobane, ha ke se ke tlohile, ho tla kena ho lōna liphiri tse bohale, tse sa tlong ho qenehela mohlape; le hobane ho tla tsoa har’a lōna batho ba tla bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.” Pauluse o ne a fane ka keletso e hlakileng ho Bakorinthe ha a re: “Kea le rapela, banab’eso, ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste, ke re: Le ke le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna, le mpe le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” Ho sa tsotellehe khothatso ea Pauluse, bokoenehi le likarohano li ile tsa phakisa tsa mela ka metso.—Liketso 20:29, 30; 1 Ba-Korinthe 1:10.
30. Ke boemo bofe bo ileng ba phakisa ba hōla kerekeng ea pele?
30 Lilemo tse mashome a seng makae ka morao ho lefu la baapostola, likarohano li ne li se ntse li bonahala har’a Bakreste. Will Durant o re: “Celsus [mohanyetsi oa Bokreste oa lekholong la bobeli la lilemo] o ne a ile a hlokomela ka boeena ka ho soma hore Bakreste ba ne ba ‘arohane likoto tse ngata haholo, e mong le e mong a lakatsa ho ba le mokha oa hae.’ Hoo e ka bang ka 187 [C.E.] Irenaeus o ile a thathamisa mefuta e mashome a mabeli e sa tšoaneng ea Bokreste; hoo e ka bang ka 384 [C.E.] Epiphanius o ile a bala e mashome a robeli.”—The Story of Civilization: Part III—Caesar and Christ.
31. Karohano e khōlō e ile ea hōla joang Kerekeng e K’hatholike?
31 Constantine o ne a ile a tšehetsa lehlakore le ka bochabela, la Bagerike la ’muso oa hae ka ho etsa hore ho ahoe motse-moholo o moholo o mocha ho seo kajeno e leng Turkey. O ile a o bitsa Constantinople (Istanbul ea kajeno). Phello e bile hore ho theosa le makholo a lilemo Kereke e K’hatholike e ile ea arohanngoa le ho tsekolloa ke puo le libaka—Roma e buang Selatine ka Bophirima khahlanong le Constantinople e buang Segerike ka Bochabela.
32, 33. (a) Lisosa tse ling tsa likarohano e bile life ka hare ho Bokreste-’mōtoana? (b) Bibele e re’ng ka tšebeliso ea litšoantšo borapeling?
32 Ho fapanyetsana maikutlo ho arolang mabapi le lintlha tsa thuto eo e leng hona e neng e ntse e hōla ea Boraro-bo-bong ho ile ha tsoela pele ho baka morusu ka hare ho Bokreste-’mōtoana. Seboka se seng se ile sa tšoaroa ka 451 C.E. Chalcedon ho hlalosa sebopeho sa “tlhaho” ea Kreste. Le hoja ba Bophirima ba ile ba amohela tumelo e ileng ea ntšoa ke seboka sena, likereke tsa Bochabela li ile tsa hana, ho ileng ha isa ho theoeng ha Kereke ea Macopt Egepeta le Abyssinia le likereke tsa “Majakobo” tsa Syria le Armenia. Bonngoe ba Kereke e K’hatholike bo ne bo sokeloa ka linako tsohle ke likarohano litabeng tseo ho leng thata ho li utloisisa tsa thuto ea bolumeli, haholo-holo mabapi le tlhaloso ea thuto ea Boraro-bo-bong.
33 Sesosa se seng sa karohano e ne e le ho hlomphuoa ha litšoantšo. Lekholong la borobeli la lilemo, babishopo ba Bochabela ba ile ba fetohela borapeli bona ba melimo ea litšoantšo ’me ba kena ho se bitsoang nako ea bona ea ho senya litšoantšo. Ka morao ho nako ba ile ba khutlela tšebelisong ea litšoantšo tsa Bochabela.—Exoda 20:4-6; Esaia 44:14-18.
34. (a) Ke eng e ileng ea isa lekhalong le leholo Kerekeng e K’hatholike? (b) Phello ea lekhalo leo e ile ea e-ba efe?
34 Teko e ’ngoe e khōlō e ile ea tla ha kereke ea Bophirima e phaella lentsoe la Selatine filioque (“le ho Mora”) Tumelong ea Nicaea ho bontša hore Moea o Halalelang o tsoa ho Ntate le ho Mora ka bobeli. Phello ea phetoho ena ea lekholong la lilemo la botšelela e bile lekhalo “ka 876 ha seboka [sa babishopo] se neng se le Constantinople se nyatsa mopapa ka liketso tsa hae tsa bopolotiki le ka hore ha aa ka a lokisa bokhelohi ba khaolo e buang ka filioque.” Ketso ena e bile karolo ea ho hana ka ho felletseng ha lehlakore la Bochabela polelo ea mopapa ea hore o busa bokahohleng holim’a Kereke.” (Man’s Religions) Ka selemo sa 1054, moemeli oa mopapa o ile a khaola mopatriareka oa Constantinople, eo ka lebaka leo a ileng a rohaka mopapa. Karohano eo qetellong e ile ea isa ho theoeng ha Likereke tsa Neano tsa Bochabela tsa Bagerike, Marussia, Maromania, Mapolishe, Mabulgaria, Maserbia, le likereke tse ling tse ipusang.
35. Mawaldense e ne e le bafe, hona litumelo tsa bona li ne li fapana joang le tsa Kereke e K’hatholike?
35 Mokhatlo o mong o ne o boetse o qala ho baka morusu ka kerekeng. Lekholong la lilemo la bo12, Peter Waldo, oa Lyons, France, “o ile a kenya liithuti tse ling mosebetsing oa ho fetolela Bibele ka langue d’oc [puo ea sebaka seo] ea France boroa. O ile a ithuta phetolelo eo ka cheseho, ’me a fihlela qeto ea hore Bakreste ba lokela ho phela joaloka baapostola—ho se ea nang le thepa eo e leng ea hae.” (The Age of Faith, ea Will Durant) O ile a qala mokhatlo oa ho bolela o ileng oa tsejoa e le Mawaldense. Bana ba ne ba hana boprista bo K’hatholike, ho rekisoa ha mangolo a tšoarelo ea libe, pelekatori, tumelo ea hore bohobe le veine tsa ’misa ke mali le ’mele oa Jesu ka sebele, le mekhoa e meng ea neano ea Bok’hatholike le litumelo tsa bona. Ba ile ba saballa ho ea linaheng tse ling. Seboka sa Toulouse se ile sa leka ho ba leleka ka 1229 ka ho thibela ho ba le libuka tsa Mangolo. Ho ne ho lumelloa feela libuka tsa litšebeletso le hona e le feela ka puo e shoeleng ea Selatine. Empa karohano e eketsehileng ea bolumeli le mahloriso e ne e le hona li tla tla.
Ho Hlorisoa ha Maalbigense
36, 37. (a) Maalbigense e ne e le bafe, hona ba ne ba lumela eng? (b) Maalbigense a ile a hatelloa joang?
36 Mokhatlo o mong hape o ile oa qaleha lekholong la lilemo la bo12 ka boroa ho France—Maalbigense (hape ba tsejoa e le Bacathari), ba rehelletsoe ka lebitso la motse oa Albi, moo ba neng ba e-na le balateli ba bangata. Ba ne ba e-na le sehlopha sa bona sa baruti ba sa nyaleng, ba neng ba lebella hore ba lumelisoe ka tlhompho. Ba ne ba lumela hore Jesu o ne a bua ka tšoantšetso sejong sa hae sa ho qetela sa mantsiboea ha a re ka bohobe, “Hona ke ’mele oa ka.” (Mattheu 26:26) Ba ile ba hana lithuto tsa Boraro-bo-bong, Tsoalo e entsoeng ke Moroetsana, mollo oa lihele, le pelekatori. Ka hona ka ketso ba ile ba etsa hore lithuto tsa Roma e be tse belaetsang. Mopapa Innocent III o ile a fana ka litaelo tsa hore Maalbigense a hlorisoe. A re, “haeba ho hlokahala, le ba hatelle ka sabole.”
37 Ntoa ea bolumeli e ile ea phahamisoa khahlanong le “bakhelohi,” ’me masole a bolumeli a Mak’hatholike a ile a bolaea ka sehlōhō banna, basali, le bana ba 20 000 Béziers, France. Ka morao ho tšollo ea mali e ngata, khotso e ile ea tla ka 1229, ka ho hlōloa ha Maalbigense. Seboka sa Narbonne “se ile sa thibela hore batho feela ba ka ba le karolo leha e le efe ea Bibele.” Mohloli oa bothata bakeng sa Kereke e K’hatholike ka ho totobetseng e ne e le boteng ba Bibele ka puo ea batho.
38. Lekhotla la Lipatlisiso la Roma e ne e le eng, hona le ne le sebetsa joang?
38 Bohato bo latelang boo kereke e ileng ea bo nka e bile ho thea Lekhotla la Lipatlisiso la Roma, lekhotla le neng le theetsoe ho hatikela bokhelohi. Moea oa leeme la bolumeli o ne o se ntse o tšoere batho, ba neng ba hloka tsebo ’me ba chesehela ho bolaea le ho fenetha “bakhelohi” ntle ho qenehelo. Maemo lekholong la bo13 la lilemo a ile a tlatsetsa tšebelisong e mpe ea matla ea kereke. Leha ho le joalo, “bakhelohi ba neng ba ahloloa ke Kereke ba ne ba fetisetsoa ‘letsohong la molao’—babusi ba libaka—’me ba chesoa ho isa lefung.” (The Age of Faith) Ka ho tlohella lipolao tsa sebele matsohong a babusi, kereke e hlahella e lokolohile molatong oa mali. Lekhotla la Lipatlisiso la Roma le ile la qala mehla ea mahloriso a bolumeli a ileng a fella ka tlatlapo, liqoso tsa bohata le tseo ho neng ho sa tsejoe hore na li entsoe ke bo-mang, lipolao, bosholu, tlhokofatso, le lefu la ba likete ba neng ba nka bohato ba ho lumela se fapaneng le se lumeloang ke kereke ba neng ba sebelisetsoa mekhoa e sa potlakang ea ho bolaea. Bolokolohi ba ho itlhalosa ba bolumeli bo ne bo hatelloa. Na ho ne ho e-na le tšepo leha e le efe bakeng sa batho ba neng ba batla Molimo oa ’nete? Khaolo 13 e tla arabela seo.
39. Ke mokhatlo ofe oa bolumeli o ileng oa qala lekholong la lilemo la bosupa, hona o ile la qala joang?
39 Ha sena sohle se ntse se etsahala ka hare ho Bokreste-’mōtoana, Moarabia ea ikemetseng oa Bochabela bo Hare o ile a nka khato khahlanong le boiphapanyo ba bolumeli le borapeli ba litšoantšo ba batho bahabo. O ile a qala mokhatlo oa bolumeli lekholong la bosupa la lilemo oo kajeno o laolang kutlo le boikokobetso tsa batho ba ka bang sekete se le seng sa limillione. Mokhatlo oo ke Boislām. Khaolo ea rōna e latelang e tla hlahloba histori ea mothei oa bona oa moprofeta le ho hlalosa tse ling tsa lithuto tsa hae le mohloli oa tsona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lipolelo ‘moea o sa shoeng,’ “mollo oa lihele,” “pelekatori,” le “Limbo” ha ho moo li fumanehang teng Seheberung sa pele le Segerikeng sa pele tsa Bibele. Ho fapana le moo, lentsoe la Segerike bakeng sa “tsoho” (a·naʹsta·sis) le hlaha ka makhetlo a 42.
b Lentsoe la Segerike e·piʹsko·pos hantle-ntle le bolela ‘ea lebelang.’ Ka Selatine le ile la fetoha episcopus, ’me ka Senyesemane sa Khale le ile la fetoleloa ho “biscop” ’me hamorao, ka Senyesemane se Bohareng, la etsoa “bishop.”
c Pale e ratehang e bolela hore Constantine o ile a bona pono ea sefapano se nang le mantsoe a Selatine “In hoc signo vinces” (U hape ka letšoao lena). Bo-rahistori ba bang ba bolela hore e ka ’na eaba ka Segerike e ne e le “En toutoi nika” (U hape ka sena). Litsebi tse ngata li na le pelaelo ka pale ena hobane liketsahalo tsa eona li boleloa ka mokhoa o ferekaneng.
d The Oxford Dictionary of Popes ea bolela mabapi le Sylvester I: “Le hoja e bile mopapa hoo e ka bang ka lilemo tse mashome a mabeli a metso e ’meli tsa puso ea Constantine e Moholo (306-37), nako ea liphetoho tse khōlō bakeng sa kereke, ho bonahala a sa ka a phetha karolo ea bohlokoa liketsahalong tse khōlō tse neng li etsahala. . . . Ho ne ho e-na le babishopo ba bang bao Constantine a ileng a ba etsa bao a buang makunutu a hae le bona, le bao a ileng a beha melao ea hae ea tsamaiso ea kereke ho bona; empa [Sylvester] e ne e se e mong oa bona.”
e Bakeng sa puisano e qaqileng ea ho fapanyetsana maikutlo ka thuto ea Boraro-bo-bong, bona bukana e maqephe a 32 Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? e hatisitsoeng ke Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania, 1989.
f Maria, ’mè oa Jesu, o boleloa ka lebitso kapa e le ’m’ae litemaneng tse sa tšoaneng tse 24 Melaetseng e Molemo e mene le ka lekhetlo le le leng ho Liketso. Ha ho moo a boleloang lengolong leha e le lefe la baapostola.
[Lebokose le leqepheng la 262]
Bakreste Ba Pele Le Roma Ea Bohetene
“Ha mokhatlo oa Bokreste o hlaha ka hare ho ’Muso oa Roma, o ile oa qholotsa basokolohi ba bohetene, hore le bona ba fetole maikutlo a bona le boitšoaro ba bona. Bahetene ba bangata ba neng ba hōliselitsoe ho lumela hore lenyalo haholo-holo ke tokisetso ea kahisano le moruo, likamano tsa bosodoma e le karolo e lebelletsoeng thutong ea batho ba batona, botekatse, ba batho ba batona le ba batšehali, e le bo tloaelehileng le bo lumelloang ka molao, le ho hlalana, ho ntša mpa, ho sebelisa lithibela-kemaro, le ho beoa pooaneng [ho fihlela lefung] ha masea a sa batloeng e le litaba tsa ho ikhotsofatsa ka ho felletseng, ho makaleng ha malapa a bona, li ne li ama molaetsa oa Bokreste o neng o hanyetsa mekhoa ena.”—Adam, Eve, and the Serpent, ea Elaine Pagels.
[Lebokose le leqepheng la 266]
Bokreste Khahlanong Le Bokreste-’mōtoana
Porphyry, rafilosofi oa lekholong la boraro la lilemo oa Tyre eo hape e neng e le mohanyetsi oa Bokreste, o ile a phahamisa potso “hore na balateli ba Jesu, ho e-na le Jesu ka boeena, ba ne ba ikarabella bakeng sa mofuta o khethehileng oa bolumeli ba Bokreste. Porphyry (le Julian [moemphera oa lekholong la bone la lilemo oa Roma eo hape e neng e le mohanyetsi oa Bokreste]) o ile a bontša, motheong oa Testamente e Ncha, hore Jesu ha aa ka a ipitsa Molimo le hore o ile a bolela, e seng ka eena ka boeena, empa ka Molimo o le mong, Molimo oa bohle. Ke balateli ba hae ba ileng ba lahla thuto ea hae le ho kenya tsela e ncha ea bona eo ho eona Jesu (e seng Molimo o le mong) a neng a rapeloa le ho khumameloa. . . . [Porphyry] o ile a supa tseko e tšoenyang bakeng sa ba seka-sekang litaba tsa Bokreste: na tumelo ea Bokreste e holim’a ho bolela ha Jesu kapa maikutlong a qapiloeng ke barutuoa ba hae melokong ea ka morao ho lefu la hae?”—The Christians as the Romans Saw Them.
[Lebokose le leqepheng la 268]
Petrose Le Bo-mopapa
Ho Mattheu 16:18, Jesu o itse ho moapostola Petrose: “Ke re ho uena, u Petrose [Peʹtros, ka Segerike], ’me ka holim’a lejoe [peʹtra, ka Segerike] leo, ke tla haha kereke ea ka, ’me likhoro tsa nģalo ea bafu ha li ka ke tsa e hlōla.” Motheong oa sena, Kereke e K’hatholike e bolela hore Jesu o ile a haha kereke ea hae holim’a Petrose, eo, kamoo e bolelang ka teng, e neng e le oa pele letotong le sa khaoheng la babishopo ba Roma, le bahlahlami ba Petrose.
Lefika leo Jesu a ileng a le supa ho Mattheu 16:18 e ne e le mang, Petrose kapa Jesu? Taba eo ho buuoang ka eona e bontša hore taba e neng e tšohloa e ne e le ho tsebahala ha Jesu joaloka “Kreste, Mor’a Molimo o phelang,” joalokaha Petrose ka boeena a ile a bolela. (Mattheu 16:16) Ka baka leo, hoa utloahala hore Jesu e ne e ka ba lefika leo le tiileng la motheo oa kereke, e seng Petrose, eo hamorao a neng a tla latola Kreste ka makhetlo a mararo.—Mattheu 26:33-35, 69-75.
Re tseba joang hore Kreste ke lejoe leo la motheo? Ka bopaki ba Petrose ka boeena, ha a ne a ngola: “Le tle ho eena, e leng lejoe le phelang, le neng le lahliloe ke batho, athe ho Molimo ke le khethiloeng, la bohlokoa . . . Hobane ho itsoe Lengolong: Bonang, ke bea Sione lejoe la ntlha, le khethiloeng, la bohlokoa; ’me ea lumelang ho lona a ke ke a soaba.” Pauluse o boetse a re: “Le mohaho o theiloeng holim’a motheo oa baapostola le oa baprofeta, oo Jesu Kreste e leng eena lejoe la ntlha la oona.”—1 Petrose 2:4-8; Ba-Efese 2:20.
Ha ho na bopaki ba Mangolo kapa histori ba hore Petrose o ne a nkoa e le ea phahametseng bo-mphato ba hae. Ha ho moo a ho bolelang mangolong a hae, le Melaetseng e meng e meraro e Molemo—ho akarelletsa oa Mareka (oo ho bonahalang hore Mareka o ile a o pheteloa ke Petrose)—ha o bolele feela le seo Jesu a ileng a se bua ho Petrose.—Luka 22:24-26; Liketso 15:6-22; Ba-Galata 2:11-14.
Ha ho na bopaki le bo bong bo tiileng ba hore Petrose o kile a ba Roma. (1 Petrose 5:13) Ha Pauluse a ne a etetse Jerusalema, ‘ba neng ba lekanngoa hore ke litšiea, Jakobo, le Kefase [Petrose], le Johanne,’ ba ile ba mo tšehetsa. Ka hona nakong eo Petrose e ne e le e mong oa bonyane litšiea tse tharo ka phuthehong eo. E ne e se “mopapa,” leha e le hore o ne a tsejoa e le ea joalo kapa “mobishopo” ea etellang pele Jerusalema.—Ba-Galata 2:7-9; Liketso 28:16, 30, 31.
[Setšoantšo se leqepheng la 264]
Khutlo-tharo ea Sephiri Sa Bokreste-’mōtoana Sa Boraro-bo-bong
[Litšoantšo tse leqepheng la 269]
Vatican (folakha e bontšitsoe ka tlaase) e romela manģosa mebusong ea lefatše
[Litšoantšo tse leqepheng la 275]
Seboka sa Nicaea se ile sa rala motheo oa seo hamorao e neng e tla ba thuto ea Boraro-bo-bong
[Litšoantšo tse leqepheng la 277]
Ho hlomphuoa ha Maria le ngoana, setšoantšo se hare, se bontša borapeli ba khale haholoanyane ba melimotsana ea bahetene —ka letsohong le letšehali, Isis le Horus ba Egepeta; ka letsohong le letona, Mater Matuta oa Roma
[Litšoantšo tse leqepheng la 278]
Likereke tsa Orthodox tsa Bochabela—Sveti Nikolaj, Sofia, Bulgaria, ’me, ka tlaase, ea Mohalaleli Vladimir, New Jersey, U.S.A.
[Setšoantšo se leqepheng la 281]
Masole a bolumeli a “Bokreste” a ne a sa hlophisetsoa feela hore a lopolle Jerusalema ho Boislām empa hape hore a bolaee ka sehlōhō “bakhelohi,” ba kang Mawaldense le Maalbigense
[Litšoantšo tse leqepheng la 283]
Tomás de Torquemada, moitlami oa monna oa Dominic, o ile a etella pele Lekhotla la Lipatlisiso la Spain le sehlōhō, le neng le sebelisa lintho tse hlokofatsang ho qobella batho hore ba ipolele