‘Ho ba Khahlanong le Hoo ka Bohata ho Bitsoang Tsebo’
’NETE ke ea bohlokoa hakae ho uena? Na hoa u tšoenya hore e be leshano le khopamisitse, la ba la pata, ’nete ka ’Mōpi oa leholimo le lefatše? Sena se ile sa tšoenya Irenaeus haholo, e leng ea neng a boleloa e le Mokreste oa lekholong la bobeli la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng. O ile a ikitlaeletsa ho pepesa liphoso tse kotsi tsa Thuto ea ba-Gnostic, mofuta oa Bokreste ba bokoenehi. Pejana, moapostola Pauluse o ile a lemosa Timothea hore a furalle ‘hoo ka bohata ho bitsoang tsebo.’—1 Timothea 6:20, 21, NW.
Ka sebete Irenaeus o ile a nyatsa thuto e fosahetseng. Ka mohlala, hlokomela seo a ileng a se bua ha a kenyelletsa mosebetsi oa hae o pharalletseng bukeng e bitsoang “Khanyetso le Pheliso ea Hoo ka Bohata ho Bitsoang Tsebo.” O ile a ngola tjena: “Batho ba itseng, ba hanang ’nete, ba hlahisa ka hare ho rōna litšōmo le litaba tsa masika tse se nang thuso, tse mpang li sebeletsa likhanyetso, joalokaha Pauluse a boletse [1 Timothea 1:3, 4], ho e-na le ho sebeletsa mosebetsi oa Molimo oa ho haha tumelo. Ka puo eo ba e etsang ka masene ba khelosa likelello tsa ba se nang phihlelo, ’me ba ba etsa makhoba, ba senya boprofeta ba Morena, ’me ke bahlalosi ba khopo ba se builoeng hantle.”
Ba-Gnostic (ho tsoa lentsoeng la Segerike gnoʹsis, le bolelang “tsebo”) ba ne ba ipolela ba na le tsebo e phahameng eo ba e senoletsoeng sephiring ’me ba ikhantša ka hore ke “ba ntšang baapostola liphoso.” Thuto ea ba-Gnostic e ne e tlamahanya filosofi, ho itšetleha ka monahano o tebileng bakeng sa ho etsa liqeto tsa bolumeli, le thetso ea bohetene le Bokreste ba bokoenehi. Irenaeus o ile a hana ho kopanela ho tsena tsohle. Ho e-na le hoo, o ile a simolla ntoa ea bophelo bohle khahlanong le lithuto tse khelohileng. Ha ho pelaelo ea hore o ne a elelloa tlhokahalo ea ho sebelisa temoso ea moapostola Pauluse: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.”—Ba-Kolosse 2:8; 1 Timothea 4:7.
Bophelo ba Pele le Tšebeletso
Ke ho honyenyane ho tsejoang ka bophelo ba pele le pale ea botho ea Irenaeus. Ka tloaelo ho hopoloa hore o tsoaletsoe Asia Minor lipakeng tsa 120 C.E. le 140 C.E. motseng oa Smyrna kapa pel’a oona. Irenaeus ka boeena o paka hore qalong ea bocha ba hae o ne a tloaelane le Polycarp, molebeli phuthehong ea Smyrna.
Ha Irenaeus a ntse a ithuta tlas’a thupelo ea Polycarp, ho bonahala hore o ile a etsa setsoalle le Florinus. Polycarp e ne e le mohokahanyi ea ntseng a phela oa nako eo le nako ea baapostola. O ile a etsa litlhaloso tse ngata tsa Mangolo ’me a khothaletsa ka matla ho khomarela lithuto tsa Jesu Kreste le baapostola ba Hae. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe koetliso ena e ntle ea Mangolo, hamorao Florinus o ile a oela lithutong tsa Valentinus, moeta-pele oa sehlopha sa ba-Gnostic ea hlahelletseng ka ho fetisisa!
Irenaeus o ne a batla hore motsoalle oa hae Florinus eo e kileng ea e-ba seithuti ’moho le eena a tsosolosetsoe thutong e nepahetseng ea Mangolo ’me a pholosoe Thutong ea Valentinus. Kahoo, Irenaeus o ile a susumetseha hore a ngole lengolo le eang ho Florinus, a re: “Florinus, lithuto tsena, . . . ha li utloahale; lithuto tsena ha li lumellane le kereke, ’me li kenya ba li latelang bonyefoling bo boholo ka ho fetisisa; . . . lithuto tsena hase tseo litho tsa sehlopha se busang sa phutheho ea pele ea Bokreste tse tlileng pele ho rōna, le tse neng li tseba baapostola hantle, li re fileng tsona.”
Boikitlaetsong ba hae ba ho hopotsa Florinus ka koetliso e ntle eo ba e amohetseng ho Polycarp ea khethollehileng, Irenaeus o ile a tsoela pele: “Ke hopola liketsahalo tsa linako tseo . . . kahoo ke khona ho bolela esita le sebaka seo Polycarp ea hlohonolofalitsoeng a neng a tloaetse ho lula le ho ruta ho sona . . . Le kamoo a neng a bua ka kopano ea hae e tloaelehileng le Johanne, le ba bang ba kileng ba bona Morena; le kamoo a neng a tloaetse ho pheta ka ho qaqileng mantsoe a bona.”
Florinus o ile a hopotsoa hore Polycarp o ne a ruta seo a se amohetseng “ho lipaki tse boneng ka mahlo tsa Lentsoe la bophelo, [’me li se li] boletse tsohle tumellanong le Mangolo. Lintho tsena, ka mohau oa Molimo oo ke o fuoeng, joale ke ile ka li utloa, ka li ngola, eseng holim’a pampiri empa ka pelong ea ka; ’me ka mehla ka mohau oa Molimo ke hopola lintho tsena ka nepo kelellong ea ka. ’Me [malebana le Thuto ea Valentinus] ke khona ho fana ka bopaki mahlong a Molimo hore haeba setho seo se hlohonolofalitsoeng sa sehlopha se busang sa phutheho ea pele ea Bokreste mehleng ea baapostola [Polycarp] se ne se ka utloa ntho e joalo se ne se tla lla le ho thiba litsebe tsa sona. . . . Se ne se tla baleha sebakeng seo se utloileng mantsoe a joalo ho sona, se lutse kapa se eme.”
Ha ho tlaleho ea hore Florinus o kile a araba lengolo la Irenaeus le hlomolang le le matla. Empa mantsoe a Irenaeus a bontša kameho ea hae ea ’nete bakeng sa motsoalle ea ratoang ea neng a lahlile tsela ea ’nete ’me a inehetse bokoenehing.—Bapisa le 2 Ba-Thessalonika 2:3, 7-12.
Ha ho tsebahale hore na ke neng ha Irenaeus a ne a qala ho lula Gaul (France). Ka selemo sa 177 C.E., o ne a sebeletsa e le molebeli phuthehong ea Lyons. Ho tlalehoa hore tšebeletso ea hae moo e ne e na le litholoana tse ngata. Ha e le hantle, rahistori Gregory oa Tours o ile a tlaleha hore ka nako e khutšoanyane Irenaeus o ne a atlehile ho sokolla ba-Lyons kaofela Bokresteng. Ha ho pelaelo hore hona e ne e le ho fetelletsa litaba.
Khahlanong le Bokhelohi
Mosebetsi o ka sehloohong oa Irenaeus o ngotsoeng bukeng, “Khanyetso le Pheliso ea Hoo ka Bohata ho Bitsoang Tsebo,” o ne o tloaelehile ka lebitso “Khahlanong le Bokhelohi.” O ne o arotsoe ka libuka tse hlano. Tse peli tsa pele li tšoere tlhaloso e ntšang liphoso litumelong tsa lihlotšoana tse sa tšoaneng tsa bokhelohi, ka ho khethehileng thuto ea bokhelohi ea Valentinus. Libukeng tse ling tse tharo, Irenaeus o etsa boiteko ba ho hlahisa ka ho hlaka “mabaka a behoang a tsoang Mangolong.”
Kenyelletsong ea buka ea hae ea boraro “Khahlanong le Bokhelohi,” Irenaeus oa ngola: “Kahoo hopola seo ke se buileng libukeng tse peli tsa pele; ’me ka ho kopanyelletsa sena ho tsona u tla ba le karabelo e felletseng e tsoang ho ’na khahlanong le bakhelohi bohle, ’me u tla khona ho ba hanyetsa ka botšepehi le sebete bakeng sa tumelo e le ’ngoe ea ’nete le e phelisang, eo Kereke e e amohetseng ho baapostola le ho e fetisetsa ho bana ba eona. Hobane Morena oa bohle o file baapostola ba hae matla a evangeli, ’me ke ka bona le rōna re ithutileng ’nete, e leng thuto ea Mora oa Molimo—joalokaha Morena a itse ho bona, ‘Ea le utloang o utloa ’na, ’me ea le nyelisang o nyelisa ’na, le ea nthomileng.’”
Le hoja Irenaeus a ile a lumela hore e ne e se mongoli e motle, o ne a ikemiselitse ho pepesa mahlakore ’ohle a “lithuto tse khopo” tsa ba-Gnostic. O qotsa le ho fana ka litlhaloso mangolong a mangata ’me o khona ho beha mabaka khahlanong le “baruti ba bohata” ba “lihlopha tsa bokhelohi tse senyang.” (2 Petrose 2:1-3, NW) Ho bonahala hore Irenaeus o ne a e-na le bothata ba ho hlophisa mosebetsi oa hae ka mokhoa o khotsofatsang. Hobane’ng? Hobane o ne a e-na le pokello e kholohali ea boitsebiso.
Ho pepesa linnete ha Irenaeus ho ile ha hlaha ka mokhoa o hlakileng ka mor’a ho utloa bohloko ho hoholo le ho ithuta ho hongata. Mabaka a malelele ao a a behang a fana ka leruo la boitsebiso ka mehloli le linnete tsa Thuto ea ba-Gnostic. Lingoliloeng tsa Irenaeus le tsona ke litšupiso tsa bohlokoa tsa bonyane a mang a maikutlo a theiloeng Mangolong a neng a ntse a khomaretsoe ke ba neng ba boleloa e le bakhomareli ba Lentsoe la Molimo qetellong ea lekholo la bobeli la lilemo C.E.
Khafetsa Irenaeus o tiisa hape tumelo ho “Molimo o le mong, Ntate ea Matla ’Ohle, o entseng leholimo, le lefatše, le maoatle, le tsohle tse ho tsona, le ho Kreste Jesu, Mor’a Molimo, ea ileng a etsoa nama bakeng sa poloko ea rona.” Ba-Gnostic ba ne ba hana linnete tsena!
Ha a nyatsa Tumelo ea Bokhelohi ea ba-Gnostic (thuto ea hore Kreste ha a e-s’o ka a tla ka sebopeho sa botho), Irenaeus o ile a ngola: “Kreste o tlameha hore e be motho, joaloka rōna, haeba a ne a tla re lopolla tšenyehong ’me a re etse ba phethahetseng. Joalokaha sebe le lefu li tlile lefatšeng ka motho, kahoo li ne li ka tlosoa ka molao le hona e le molemong oa rōna ka motho feela; le hoja ka ho hlakileng e ke ke ea e-ba ka setloholo feela sa Adama, kaha sona ka bosona se hloka topollo, empa ka Adama oa bobeli, ea tsoetsoeng ka mokhoa o phahametseng oa tlhaho, moqali e mocha oa moloko oa rōna.” (1 Ba-Korinthe 15:45) Ka lehlakoreng le leng, ba-Gnostic e ne e le ma-Dual, ba lumela hore lintho tsa moea li ntle empa sohle seo pōpo e entsoeng ka sona se sebe. Ka baka leo, ba ile ba hana motho Jesu Kreste.
Ba beha lebaka la hore nama eohle e mpe, ba-Gnostic hape ba ne ba hana lenyalo le tsoalo, ba bolela hore Satane ke mohloli oa tsona. Ba ne ba bile ba bolela hore bohlale ba Molimo bo hlahile ho noha Edene! Pono ena ea litaba e ile ea isa mekhoeng ea bophelo e fetelletseng, e-bang e ne e le ho ikhula menyakeng eohle kapa ho lemalla ho phela ka nama. Ba bolela hore poloko e ne e tla feela ka Thuto ea ba-Gnostic e phahametseng kutloisiso ea motho, kapa ho itseba, ba ne ba sa siee sebaka sa Lentsoe la Molimo.
Ka ho fapaneng, mabaka ao Irenaeus a neng a a beha a ne a akarelletsa le tumelo Lilemong tse Sekete ’me a ile a bontša kutloisiso e itseng ea tšepo ea bophelo bo thabileng ka moso holim’a lefatše. O ile a ikitlaeletsa ho kopanya lihlopha tse tsekolohileng tse neng li ntse li eketseha nakong ea hae ka ho sebelisa Lentsoe la Molimo le matla. ’Me ka kakaretso o hopoloa ka monahano oa hae o hlakileng, ho ba hlokolosi, le kahlolo e lokileng.
Le hoja ba bang ba babatsa Irenaeus (ea ileng a shoa hoo e ka bang ka 200 C.E.) ka ho ntšetsa pele lithuto tsa ’nete tsa tumelo ea Bokreste, re tlameha ho hopola hore nako ea hae e ne e le nako ea phetoho le bokoenehi tse boletsoeng esale pele. Ka linako tse ling, mabaka ao a a behang a batla a sa utloahale, a bile a ikhanyetsa. Leha ho le joalo, re nka bopaki ba banna bao ka sebete lipuo tsa bona li ileng tsa tšehetsa Lentsoe la Molimo le ngotsoeng le bileng le bululetsoeng ho e-na le lineano tsa batho e le ba bohlokoa haholo.