Jesu Kreste ke Mang?
HO LATELA histori e ka tšeptjoang, monna ea bitsoang Jesu o ile a hlahela Bethlehema, motsaneng o mong naheng ea Judea lilemong tse 2 000 tse fetileng. Ka nako eo, Heroda e Moholo e ne e le morena Jerusalema ’me Cesare Augustase e le moemphera oa Roma. (Matheu 2:1; Luka 2:1-7) Bo-rahistori ba Baroma ba makholong a mabeli a qalang a lilemo hangata ba ne ba qoba ho bua ka Jesu, kaha babusi ba Roma nakong eo ba ne ba leka ho thibela Bokreste.
Ka lehlakoreng le leng, The Historians’ History of the World e re: “Liphello tse bileng teng historing ka lebaka la liketso [tsa Jesu] e bile tsa bohlokoa haholo, esita le ha li shejoa ka lehlakoreng leo e seng la bolumeli, ho feta liketso tsa motho leha e le ofe e mong historing. Mehla e mecha, e khetholloang ka tsoelo-pele e khōlō lefatšeng, e baloa ho tloha tsoalong [ea Jesu].”
Makasine ea Time e ile ea tlaleha hore ho na le libuka tse ngata tse ngotsoeng ka Jesu ho feta tse ngotsoeng ka motho leha e le ofe historing. Bongata ba libuka tsena bo lebisa tlhokomelo haholo tabeng ea hore na hantle-ntle Jesu ke mang. Mohlomong ho ’nile ha e ba le phehisano tabeng ena ho feta ka litaba tse ling historing ea motho.
Lipotso Tsa Mehla ea Pele Mabapi le Hore na ke Mang
Ha Maria a ne a bolelloa hore o tla ba le ngoana ’me o tla mo reha Jesu, o ile a botsa: “See se tla etsahala joang, kaha ha ke kopanele liphate le monna?” Lengeloi la Molimo, Gabriele, le ile la araba: “Matla a Ea Phahameng ka ho Fetisisa a tla u koahela. Ka lebaka leo le se tsoetsoeng se tla bitsoa se halalelang, Mor’a Molimo.”—Luka 1:30-35.
Hamorao, Jesu o ile a etsa mehlolo e ileng ea etsa hore baapostola ba hae ba hlolloe. Ha sefefo se matla se batla ho qoelisa sekepe sa bona Leoatleng la Galilea, Jesu o ile a khutsisa metsi ka ho khalemela a re, “Thōla! Khutsa!” Ba maketse, baapostola ba hae ba ile ba khotsa: “Ha e le hantle enoa ke mang?”—Mareka 4:35-41; Matheu 8:23-27.
Lipotso tsa hore na Jesu ha e le hantle ke mang li bile ngata har’a batho ba mehleng ea hae, ka hona, Jesu o ile a botsa baapostola ba hae hore na batho ba ne ba re ke eena mang. Ba ile ba arabela: “Ba bang ba re [u] Johanne Mokolobetsi, ba bang ba re [u] Elia, ho ntse ho le joalo ba bang ba re [u] Jeremia kapa e mong oa baprofeta”—bao kaofela ha bona ba neng ba se ba shoele. Ka mor’a moo, Jesu a ba botsa: “‘Leha ho le joalo, lōna le re ke mang?’ Ha Simone Petrose a araba, o ile a re: ‘U Kreste, Mora oa Molimo ea phelang.’” Esita le bademona—mangeloi a khopo—a ile a re ka Jesu: “U Mora oa Molimo.”—Matheu 16:13-16; Luka 4:41.
Kamoo Jesu a Itlhalositseng
Le hoja Jesu a buile seoelo hore ke eena Mora oa Molimo, o ile a lumela hore ke eena. (Mareka 14:61, 62; Johanne 3:18; 5:25, 26; 11:4) Leha ho le joalo, hoo e ka bang kamehla o ne a re ke eena “Mor’a motho.” Ka ho itlhalosa ka tsela ena, o ne a totobatsa hore o tsoetsoe ke motho—hore e ne e hlile e le motho. Ka ho etsa joalo, o ne a boetse a itšenola e le “mor’a motho” eo ponong Daniele a ileng a mo bona a hlaha ka pel’a Molimo ea Matla ’Ohle—“Moholo-holo oa Matsatsi.”—Matheu 20:28; Daniele 7:13.
Ho e-na le hore a ipolele e le Mor’a Molimo, Jesu o ile a tlohella ba bang hore ba fihlele qeto eo. Esita le batho bao e neng e se baapostola ba hae ba ile ba fihlela qeto eo, ho kopanyelletsa le Johanne Mokolobetsi le motsoalle oa Jesu, Maretha. (Johanne 1:29-34; 11:27) Batho bana ba ne ba lumela hore Jesu e ne e le Mesia ea tšepisitsoeng. Ba ne ba tseba hore o ne a ile a phela leholimong e le motho ea matla oa moea le hore bophelo ba hae bo ile ba fetisetsoa ke Molimo pōpelong ea moroetsana Maria ka mohlolo.—Esaia 7:14; Matheu 1:20-23.
Kamoo a Neng a Tšoana le Motho oa Pele, Adama
Ka litsela tse ngata, Jesu o ne a tšoana le motho oa pele, Adama. Ka mohlala, ka bobeli e ne e le banna ba phethahetseng ba neng ba se na ntate oa nama. (Genese 2:7, 15) Kahoo, Bibele e bitsa Jesu “Adama oa ho qetela”—monna ea phethahetseng ea neng a ka fana ka “thekollo e lekanang.” Bophelo ba Jesu bo ne bo lekana le ba “motho oa pele Adama,” eo Molimo a neng a mo bōpile e le motho ea phethahetseng.—1 Bakorinthe 15:45; 1 Timothea 2:5, 6.
Adama oa pele ka Bibeleng o bitsoa “mora oa Molimo.” (Luka 3:38) Leha ho le joalo, Adama eo o ile a lahla kamano ena ea bohlokoa ea ho ba mor’a Molimo ka ho se mamele Molimo ka boomo. Ka lehlakoreng le leng, kamehla Jesu o ne a tšepahala ho Ntate oa hae oa leholimo, ’me o ile a lula e le Mora ea amoheloang ke Molimo. (Matheu 3:17; 17:5) Bibele e re bohle ba bontšang tumelo ho Jesu, ba mo amohelang e le Mopholosi, ba ka fumana bophelo bo sa feleng.—Johanne 3:16, 36; Liketso 5:31; Baroma 5:12, 17-19.
Leha ho le joalo, ba bang ba pheha khang ea hore Jesu e ne e se feela Mora oa Molimo empa e ne e hlile e le Molimo. Ba bolela hore eena le Ntate oa hae ka bobeli ke Molimo ea Matla ’Ohle. Na ba nepile? Na ka tsela e itseng Jesu ke karolo ea Molimo? Na ke seo Jesu, kapa bangoli ba bang ba Bibele, ba se boletseng? Hantle-ntle, Molimo eo e leng eena feela oa ’nete ke mang? Jesu eena o ile a re Ke mang? A re boneng.
[Lebokose le leqepheng la 16]
Ha ho ea Tsebahalang Joaloka Eena
Tlaleho ea bophelo ba Jesu e ngotsoe ke batho ba bane ba mehleng ea hae—Matheu, Mareka, Luka le Johanne—bao ba babeli ba bona e neng e le metsoalle e haufi. Libuka tsa bona, tse rehelletsoeng ka bona, ka tloaelo li bitsoa Likosepele, tseo likarolo tsa tsona li ka baloang ka lipuo tse fetang likete tse peli. Libuka tsena tse nyenyane ka tloaelo li kopanngoa le tse ling ho etsa Bibele e feletseng. Ho abjoa ha Likosepele—ebang ke libuka tse ikemetseng kapa e le karolo ea Bibele—ho feta hōle ho abjoa ha libuka leha e le life tse ling tse ngotsoeng historing. Hase feela Jesu a tsebahalang ka hore ke motho e moholo ka ho fetisisa ea kileng a phela!
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Baapostola ba ile ba botsa, “Ha e le hantle enoa ke mang?”