“Bafu ba Tla Tsosoa”
“Etsoe terompeta e tla luma, ’me bafu ba tla tsosoa ba ke ke ba bola, ’me re tla fetoloa.”—1 BAKORINTHE 15:52.
1, 2. (a) Ke tšepiso efe e tšelisang e ileng ea fanoa ka moprofeta Hosea? (b) Re tseba joang hore Molimo o ikemiselitse ho khutlisetsa bafu bophelong?
NA U se u kile ua lahleheloa ke e mong ea haufi le uena ka lefu? Kahoo u tseba bohloko boo lefu le ka bo tlisang. Leha ho le joalo, Bakreste ba tšelisoa ke tšepiso eo Molimo a faneng ka eona a sebelisa moprofeta Hosea: “Na ke tla ba lopolla matleng a nģalo ea bafu, ke ba namolele lefung? Uena lefu, mahloko a hao a kae? Uena nģalo ea bafu, tšenyo ea hao e kae?”—Hosea 13:14.
2 Khopolo ea hore bafu ba tla khutlela bophelong e bonahala e se na kelello ho batho ba nang le lipelaelo ka hona. Empa ka sebele Molimo ea Matla ’Ohle o na le matla a ho etsa mohlolo o joalo! Taba-taba ke hore na Jehova o ikemiselitse ho khutlisetsa bafu bophelong kapa che. Monna ea lokileng Jobo o ile a botsa: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Eaba, o fana ka karabo ena e kholisang: “U tla hooa, ’me ’na ka bonna ke tla u araba. U tla ba le tlholohelo bakeng sa mosebetsi oa matsoho a hao.” (Jobo 14:14, 15, NW) Lentsoe “tlholohelo” le bolela tabatabelo kapa takatso e tiileng. (Bapisa le Pesaleme ea 84:2.) E, Jehova o lebeletse tsoho ea bafu ka cheseho—o hloloheloa ho boela a bona ba shoeleng ba tšepahalang, ba phelang mohopolong oa hae.—Matheu 22:31, 32.
Jesu o Khantša Leseli ka Tsoho
3, 4. (a) Jesu o fane ka leseli lefe tabeng ea tšepo ea tsoho? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a tsosoa e le motho oa moea, eseng oa nama?
3 Banna ba tumelo ba boholo-holo ba kang Jobo ba ne ba e-na le kutloisiso e sa fellang ka tsoho. E ne e le Jesu Kreste ea ileng a khantša leseli le feletseng ka tšepo ena e babatsehang. O ile a bontša karolo ea bohlokoa eo eena a e phethang ha a ne a re: “Ea sebelisang tumelo ho Mora o na le bophelo bo sa feleng.” (Johanne 3:36) Bophelo boo bo tla thabeloa hokae? Ho ba bangata ba sebelisang tumelo, e tla ba lefatšeng. (Pesaleme ea 37:11) Leha ho le joalo, Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae: “Le se ke la ba le tšabo, mohlape o monyenyane, hobane Ntate oa lōna o amohetse ho le fa ’muso.” (Luka 12:32) ’Muso oa Molimo ke oa leholimo. Kahoo, tšepiso ena e bolela hore “mohlape o monyenyane” o tla tlameha ho ba le Jesu leholimong e le libōpuoa tsa moea. (Johanne 14:2, 3; 1 Petrose 1:3, 4) Ke tebello e khanyang hakaakang! Ho feta moo, Jesu o ile a senolela moapostola Johanne hore “mohlape [ona] o monyenyane” o ne o tla etsa palo ea ba 144 000 feela.—Tšenolo 14:1.
4 Leha ho le joalo, bana ba 144 000 ba tla kena joang khanyeng ea leholimo? Jesu o “khantšitse leseli holim’a bophelo le ho se bole ka litaba tse molemo.” Ka mali a hae, o butse “tsela e ncha le e phelang” ea ho kena leholimong. (2 Timothea 1:10; Baheberu 10:19, 20) Pele, o ile a shoa, joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele hore o ne a tla shoa. (Esaia 53:12) ’Me, joalokaha hamorao moapostola Petrose a ile a phatlalatsa, “Jesu enoa Molimo o ile a mo tsosa.” (Liketso 2:32) Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a tsosoa e le motho oa nama. O ne a ile a re: “Bohobe boo ke tla fana ka bona ke nama ea ka bakeng sa bophelo ba lefatše.” (Johanne 6:51) Ho boela a nka nama ea hae ho ne ho tla felisa sehlabelo seo. Kahoo, Jesu o ile a “bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” (1 Petrose 3:18) Kahoo, Jesu o ile a “fumana topollo e sa feleng bakeng sa rōna,” ke hore “mohlape o monyenyane.” (Baheberu 9:12) O fane ka bohlokoa ba bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho Molimo e le thekollo ea moloko oa batho o sebeng, ’me ba 144 000 e bile bona ba pele ba ho rua molemo ho eona.
5. Balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo ba ile ba memeloa tšepo efe?
5 Hase Jesu feela ea neng a tla tsosetsoa bophelong ba leholimo. Pauluse o ile a bolella Bakreste-’moho le eena ba Roma hore ba ne ba tlotsitsoe ka moea o halalelang hore e be bara ba Molimo le majalefa-’moho le Kreste haeba ba ne ba tiisa ho tlotsoa ha bona ka ho mamella ho isa qetellong. (Baroma 8:16, 17) Pauluse o ile a boela a hlalosa: “Haeba re fetohile ba kopantsoeng le eena lefung le tšoanang le la hae, ka sebele re tla boela re kopanngoe le eena tsohong e tšoanang le ea hae.”—Baroma 6:5.
Ho Sireletsa Tšepo ea Tsoho
6. Ke hobane’ng ha tumelo tsohong ea bafu e ile ea hlaseloa Korinthe, hona moapostola Pauluse o ile a arabela joang?
6 Tsoho ke karolo “ea thuto ea mathomo” ea Bokreste. (Baheberu 6:1, 2) Leha ho le joalo, thuto eo e ile ea hlaseloa Korinthe. Ba bang ka phuthehong, ka ho totobetseng ba susumelitsoe ke filosofi ea Bagerike, ba ne ba re: “Ha ho tsoho ea bafu.” (1 Bakorinthe 15:12) Ha moapostola Pauluse a utloa litlaleho tsa sena, o ile a sireletsa tšepo ea tsoho, haholo-holo tšepo ea Bakreste ba tlotsitsoeng. A re ke re hlahlobeng mantsoe a Pauluse joalokaha a tlalehiloe ho 1 Bakorinthe khaolo ea 15. U tla ho fumana ho le molemo haeba u balile khaolo ena kaofela, joalokaha ho ile ha khothalletsoa sehloohong se fetileng.
7. (a) Pauluse o ile a tsepamisa mohopolo ntlheng efe ka ho khetheha? (b) Ke bo-mang ba ileng ba bona Jesu ea tsositsoeng?
7 Litemaneng tse peli tse qalang ho 1 Bakorinthe khaolo ea 15, Pauluse o rala motheo oa puisano ea hae: “Barab’eso, joale ke le tsebisa litaba tse molemo tseo ke ileng ka le bolella tsona, tseo hape le ileng la li amohela, tseo hape le emeng ho tsona, tseo hape le ntseng le pholosoa ka tsona, . . . ntle le haeba, ka sebele, le ile la ba balumeli ntle ho morero.” Haeba Bakorinthe ba ne ba hlōleha ho ema ba tiile litabeng tse molemo, ho amohela ha bona ’nete ho ne ho se na thuso. Pauluse o ile a tsoela pele: “Ke ile ka le neha, har’a lintho tsa pele, seo le ’na ke ileng ka se amohela, hore Kreste o ile a shoela libe tsa rōna ho ea ka Mangolo; le hore o ile a patoa, e, hore o tsositsoe ka letsatsi la boraro ho ea ka Mangolo; le hore o ile a bonahala ho Kefase, ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli. Ka mor’a moo o ile a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe, bao boholo ba bona ba setseng ho fihlela joale, empa ba bang ba robetse lefung. Ka mor’a moo o ile a bonahala ho Jakobo, ea ntan’o ba ho baapostola bohle; empa qetellong ho bohle a bonahala le ho ’na joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.”—1 Bakorinthe 15:3-8.
8, 9. (a) Ho lumela tsohong ke habohlokoa hakae? (b) E ka ’na eaba ke ketsahalong efe moo Jesu a ileng a bonahala ho “barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano”?
8 Ho ba amohetseng litaba tse molemo, ho lumela hore Jesu o tsohile bafung e ne e se taba eo ba ikhethelang eona. Ho ne ho e-na le lipaki tse ngata tse boneng ka mahlo ho tiisa hore “Kreste o ile a shoela libe tsa rōna” le hore o ile a tsosoa. E ’ngoe ea tsona ke Kefase, kapa Petrose, e leng kamoo a tsebahalang kateng. Ka mor’a hore Petrose a latole Jesu bosiung boo Jesu a ekiloeng le ho tšoaroa ka bona, e tlameha ebe o ile a tšelisoa haholo ke ha Jesu a bonahala ho eena. “Ba leshome le metso e ’meli,” e leng sehlopha sa baapostola, ba ile ba boela ba eteloa ke Jesu ea tsositsoeng—e leng phihlelo eo ntle ho pelaelo e ileng ea ba thusa ho hlōla tšabo le ho ba lipaki tse sebete tsa hore Jesu o tsohile.—Johanne 20:19-23; Liketso 2:32.
9 Kreste o ile a boela a bonahala ho sehlopha se seholoanyane, sa “barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano.” Kaha ke Galilea feela moo a neng a e-na le balateli ba bangata joalo, mona e ka ’na eaba e bile ketsahalong e hlalositsoeng ho Matheu 28:16-20, moo Jesu a ileng a fana ka taelo ea hore ho etsoe barutuoa. Ke bopaki bo matla hakaakang boo batho bana ba neng ba ka fana ka bona! Ba bang ba ne ba ntse ba phela ka 55 C.E. ha Pauluse a ne a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bakorinthe. Leha ho le joalo, hlokomela hore bao ba shoeleng ho builoe ka bona e le ‘ba robetseng lefung.’ Ba ne ba e-s’o tsosetsoe ho amohela moputso oa bona oa leholimo.
10. (a) Seboka sa ho qetela sa Jesu le barutuoa ba hae se bile le phello efe? (b) Jesu o ile a bonahala ho Pauluse “joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako” joang?
10 Paki e ’ngoe e hlaheletseng ea ho tsoha ha Jesu e bile Jakobo, mor’a Josefa le ’mè oa Jesu, Maria. Pele ho tsoho ea hae, ka ho totobetseng Jakobo e ne e se molumeli. (Johanne 7:5) Empa ka mor’a hore Jesu a bonahale ho eena, Jakobo o ile a fetoha molumeli ’me mohlomong a ba le karolo ho sokolleng barab’abo ba bang. (Liketso 1:13, 14) Sebokeng sa hae sa ho qetela le barutuoa ba hae, nakong eo a neng a nyolohela leholimong ka eona, Jesu o ile a ba laela ho “ba lipaki . . . ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Liketso 1:6-11) Hamorao, o ile a bonahala ho Saule oa Tarsase, mohlorisi oa Bakreste. (Liketso 22:6-8) Jesu o ile a bonahala ho Saule “joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako.” Ho bile joalokaha eka Saule o se a ntse a tsoselitsoe bophelong ba moea ’me o ile a khona ho bona Morena ea tlotlisitsoeng makholo a lilemo pele e e-ba nako ea hore tsoho eo ea bafu e etsahale. Phihlelo ena e ile ea khina Saule hang-hang tseleng ea hae ea ho ea hlorisa phutheho ea Bokreste ka lefu ’me ea tlisa phetoho e babatsehang. (Liketso 9:3-9, 17-19) Saule e ile ea e-ba moapostola Pauluse, e mong oa basireletsi ba hlaheletseng ba tumelo ea Bokreste.—1 Bakorinthe 15:9, 10.
Tumelo Tsohong ke ea Bohlokoa
11. Pauluse o ile a pepesa ho fosahala ha polelo e reng, “Ha ho tsoho ea bafu” joang?
11 Kahoo, tsoho ea Jesu e bile ’nete e pakiloeng ka hohle. Pauluse oa botsa: “Joale haeba Kreste o ntse a boleloa hore o tsositsoe bafung, ho tla joang hore ba bang har’a lōna ba re ha ho tsoho ea bafu?” (1 Bakorinthe 15:12) Hase feela hore batho ba joalo ba ne ba e-na le lipelaelo kapa lipotso tsa botho ka tsoho empa ba ne ba bolela phatlalatsa hore ha ba e lumele. Kahoo, Pauluse o pepesa ho fosahala ha monahano oa bona. O bolela hore haeba Kreste ha aa tsosoa bafung, molaetsa oa Bokreste e ne e le oa leshano, ’me ba pakang tsoho ea Kreste bafung e ne e le “lipaki tsa bohata tsa Molimo.” Haeba Kreste ha aa tsoha, ha ho thekollo e lefiloeng ho Molimo; Bakreste ba sa ntsane ba le ‘libeng tsa bona.’ (1 Bakorinthe 15:13-19; Baroma 3:23, 24; Baheberu 9:11-14) ’Me Bakreste ba ‘robetseng lefung,’ mabakeng a mang e le bashoela-tumelo, ba shoele ba se na tšepo ea sebele. E ne e tla ba boemo bo hlomolang hakaakang haeba sena ke sohle seo Bakreste ba neng ba ka se lebella bophelong! Mahlomola ’ohle a bona e ne e tla ba a lefeela.
12. (a) Ke eng se bontšoang ka ho bitsa Kreste “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung”? (b) Kreste o entse hore tsoho e khonehe joang?
12 Leha ho le joalo, boo e ne e se bona boemo. Pauluse o tsoela pele: “Kreste o tsositsoe bafung.” Ho feta moo, ke eena “litholoana tsa pele ho ba robetseng lefung.” (1 Bakorinthe 15:20) Ha Baiseraele ka kutlo ba ne ba fa Jehova litholoana tsa pele tsa lihlahisoa tsa bona, Jehova o ile a ba hlohonolofatsa ka chai. (Exoda 22:29, 30; 23:19; Liproverbia 3:9, 10) Ka ho bitsa Kreste “litholoana tsa pele,” Pauluse o bontša hore chai e eketsehileng ea batho e ne e tla tsosoa bafung ho tsohela bophelong ba leholimo. Pauluse o re: “Kaha lefu le teng ka motho, tsoho ea bafu le eona e teng ka motho. Etsoe feela joalokaha ka Adama bohle ba shoa, kahoo hape ka Kreste bohle ba tla phelisoa.” (1 Bakorinthe 15:21, 22) Jesu o entse hore tsoho e be teng ka ho fana ka bophelo ba hae bo phethahetseng ba botho ho ba thekollo, a bulela moloko oa batho tsela ea ho lokolloa bokhobeng ba sebe le lefu.—Bagalata 1:4; 1 Petrose 1:18, 19.a
13. (a) Tsoho ea leholimong e etsahala neng? (b) Ke joang batlotsuoa ba bang ba sa ‘robaleng lefung’?
13 Pauluse o tsoela pele: “Empa e mong le e mong boemong ba hae: Kreste litholoana tsa pele, ka mor’a moo bao e leng ba Kreste nakong ea ho ba teng ha hae.” (1 Bakorinthe 15:23) Kreste o ile a tsosoa ka 33 C.E. Leha ho le joalo, balateli ba hae ba tlotsitsoeng—“bao e leng ba Kreste”—ba ne ba tla tlameha ho leta ho fihlela hang ka mor’a hore Jesu a qale ho ba teng ha hae matleng a borena, e leng hoo boprofeta ba Bibele bo bontšang hore ho etsahetse ka 1914. (1 Bathesalonika 4:14-16; Tšenolo 11:18) Ho thoe’ng ka ba tla beng ba phela nakong ea ho ba teng ha hae? Pauluse o re: “Bonang! ke le bolella sephiri se halalelang: Ha re na ho robala bohle lefung, empa bohle re tla fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo, nakong ea terompeta ea ho qetela. Etsoe terompeta e tla luma, ’me bafu ba tla tsosoa ba ke ke ba bola, ’me re tla fetoloa.” (1 Bakorinthe 15:51, 52) Ka ho hlakileng, hase batlotsuoa bohle ba robalang mabitleng ba emetse tsoho. Ba shoang nakong ea ho ba teng ha Kreste ba fetoloa ka ho panya ha leihlo.—Tšenolo 14:13.
14. Ke joang batlotsuoa ba ‘kolobetsoang ka morero oa ho ba ba shoeleng’?
14 Pauluse oa botsa: “Ho seng joalo, ba tla etsa’ng ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng? Haeba bafu ha ba na ho tsosoa ho hang, ke hobane’ng ha le bona ba ntse ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba joalo? Ke hobane’ng ha le rōna re le kotsing ka hora e ’ngoe le e ’ngoe?” (1 Bakorinthe 15:29, 30) Pauluse o ne a sa bolele hore batho ba phelang ba kolobetsoa molemong oa bafu, joalokaha liphetolelo tse ling tsa Bibele li etsa hore ho bonahale eka ho joalo. Etsoe, kolobetso e amana le ho ba morutuoa oa Mokreste, ’me meea e shoeleng e ke ke ea e-ba barutuoa. (Johanne 4:1) Ho e-na le hoo, Pauluse o ne a bua ka Bakreste ba phelang, bao ba bangata ba bona, ho tšoana le Pauluse ka boeena, ba neng ba “le kotsing ka hora e ’ngoe le e ’ngoe.” Bakreste ba tlotsitsoeng ba ile ba ‘kolobetsoa ho kena lefung la Kreste.’ (Baroma 6:3) Ho tloha ha ba tlotsoa, ba ile ba “kolobetsoa,” joalokaha eka ke ka ho kolobelletsoa ho kena tseleng e neng e tla ba lebisa lefung le kang la Kreste. (Mareka 10:35-40) Ba ne ba tla shoa ba e-na le tšepo e khanyang ea ho tsohela leholimong.—1 Bakorinthe 6:14; Bafilippi 3:10, 11.
15. Ke likotsi life tseo e ka ’nang eaba Pauluse o ile a feta tlas’a tsona, hona ke joang tumelo tšepong ea tsoho e ileng ea phetha karolo ho li tiisetseng?
15 Joale Pauluse o hlalosa hore eena ka boeena o ile a tobana le kotsi ho isa bohōleng boo a neng a ka re: “Letsatsi le leng le le leng ke talimana le lefu.” Le hoja ba bang ba mo qosa ka hore o fetelletsa litaba, Pauluse oa eketsa: “Hona ke ho bolela ka tieo ka thabo e khaphatsehang ka lōna, barab’eso, eo ke nang le eona ho Kreste Jesu Morena oa rōna.” Bibele—Phetolelo e Ncha e fetolela temana ena tjena: “Ke tjametsoe ke lefu ka matsatsi ’ohle! Ke bolela hona ke ithorisa ka lōna [barab’eso] ho Jesu Kreste Morena oa rōna.” E le mohlala oa likotsi tseo a ileng a tobana le tsona, ho temana ea 32, Pauluse o bua ka ho ‘loana le libata Efese.’ Hangata Baroma ba ne ba bolaea batlōli ba molao ka ho ba akhela ka har’a libata tse hlaha lebaleng la boithabiso. Haeba Pauluse o ile a tiisetsa ho loana le libata tse hlaha, o ne a ka pholoha feela ka thuso ea Jehova. Ka ntle ho tšepo ea tsoho, ho khetha tsela ea bophelo e mo pepesetsang kotsi joalo e ne e tla ba bothoto ka sebele. Ka ntle ho tšepo ea bophelo nakong e tlang, ho tiisetsa mathata le ho itela ho tsamaeang le ho sebeletsa Molimo ho ne ho sa tl’o ba le moelelo o mokaalo. Pauluse o re: “Haeba bafu ha ba na ho tsosoa, ‘a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa.’”—1 Bakorinthe 15:31, 32; bona le 2 Bakorinthe 1:8, 9; 11:23-27.
16. (a) E ka ’na eaba polelo e reng “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa” e tsoa hokae? (b) Likotsi tsa ho amohela boikutlo boo e ne e le life?
16 Mohlomong Pauluse o ile a qotsa Esaia 22:13, e hlalosang boikutlo bo kotsi ba baahi ba sa mameleng ba Jerusalema. Kapa mohlomong o ne a hopotse seo Baepikure ba neng ba se lumela, ba neng ba sa lumele tšepo leha e le efe ea bophelo ka mor’a lefu ’me ba lumela hore menate ea nama ke eona e hlileng e leng molemo bophelong. Ho sa tsotellehe hore na boemo e ne e le bofe, filosofi ea “a re jeng, a re noeng” e ne e se ea bomolimo. Kahoo, Pauluse oa lemosa: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Ho tloaelana le ba hanang tsoho ho ne ho ka ba kotsi. Mohlomong litloaelano tse joalo li ile tsa tlatsetsa mathateng ao Pauluse a ileng a tlameha ho sebetsana le ’ona phuthehong ea Korinthe, a kang a boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali, likarohano, liqoso tsa ka makhotleng a molao le ho se hlomphe Lijo tsa Shoalane tsa Morena.—1 Bakorinthe 1:11; 5:1; 6:1; 11:20-22.
17. (a) Pauluse o ile a fana ka khothatso efe ho Bakorinthe? (b) Ke lipotso life tse setseng tse lokelang ho arajoa?
17 Kahoo, Pauluse o fa Bakorinthe khothatso ena e hahang: “Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe, etsoe ba bang ha ba na tsebo ea Molimo. Ke bua ho le susumelletsa ho hlajoa ke lihlong.” (1 Bakorinthe 15:34) Pono e fosahetseng ka tsoho e ile ea lebisa ba bang borokong ba moea, joalokaha eka ba tahiloe. Ho ne ho hlokahala hore ba tsohe, ’me ba lule ba hlaphohetsoe. Ka ho tšoanang le kajeno ho hlokahala hore Bakreste ba tlotsitsoeng ba hlaphoheloe moeeng, ba se ke ba susumetsoa ke lipono tse sothehileng tsa lefatše. Ba tlameha ho khomarela ka tieo tšepong ea bona ea tsoho ea leholimo. Empa lipotso li ile tsa ’na tsa sala—ho Bakorinthe nakong eo le ho rōna hona joale. Ka mohlala, ba 144 000 ba tsosetsoa leholimong ka sebōpeho sefe? ’Me ho thoe’ng ka ba bang ba limilione ba ntseng ba le mabitleng ’me ba se na tšepo ea leholimo? Tsoho ea bafu e tla bolela eng ho ba joalo? Sehloohong sa rōna se latelang, re tla hlahloba puisano e setseng ea Pauluse ka tsoho.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona tokollo ea Molula-Qhooa ea February 15, 1991, bakeng sa puisano ka thekollo.
Na U sa Hopola?
◻ Jesu o ile a fana ka leseli lefe mabapi le tsoho?
◻ Ke bo-mang ba bang ba ileng ba paka tsoho ea Kreste?
◻ Ke hobane’ng ha thuto ea tsoho e ile ea hlaseloa, hona Pauluse o ile a arabela joang?
◻ Ke hobane’ng ha tumelo tsohong e hlokahala ho Bakreste ba tlotsitsoeng?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Morali oa Jairase e bile bopaki ba hore bafu ba ka tsoha
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ka ntle ho tšepo ea tsoho, ho shoela tumelo ha Bakreste ba tšepahalang ho ne ho ke ke ha utloahala