Tšepo ea Tsoho e na le Matla
“Ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle . . . e le hore ke tsebe [Jesu Kreste] le matla a tsoho ea hae.”—BAFILIPPI 3:8-10.
1, 2. (a) Lilemong tsa khale, moruti e mong o ile a hlalosa tsoho joang? (b) Tsoho e tla etsahala joang?
MATHOASONG a bo-1890, baqolotsi ba litaba tsa sechaba ba ile ba fana ka tlaleho ea polelo e ikhethang ea moruti e mong oa Brooklyn, New York, U.S.A. O ile a re tsoho e tla akarelletsa ho bokelloa le ho phelisoa hape ha masapo ’ohle le nama eohle tseo ’mele oa motho o neng o entsoe ka tsona, ebang o ne a bolauoe ke mollo kapa kotsi, a jeloe ke liphoofolo kapa a fetohile moiteli. ’Moleli enoa o ne a e-na le maikutlo a hore ka letsatsi le leng la lihora tse 24, sebakeng ho tla be ho re tšō! ka lebaka la ho ferella ha matsoho, liphaka, maoto, menoana, masapo, mesifa le matlalo tsa batho ba limilione tse likete ba shoeleng. Litho tsena li tla be li batla litho tse ling tsa ’mele o le mong. Joale meea e ne e tla theoha leholimong le liheleng hore e ahe ’meleng ena e tsositsoeng.
2 Tsoho e etsoang ka ho hlophisa bocha likarolo tsa ’mele tse nyenyane ka ho fetisisa tseo motho a neng a entsoe ka tsona pele ha e utloahale, ’me moea oa batho oa shoa. (Moeklesia 9:5, 10; Ezekiele 18:4) Ha ho hlokahale hore Jehova, Molimo oa tsoho a kopanye likarolo tse nyenyane ka ho fetisisa tseo ’mele oa motho o neng o entsoe ka tsona pele. A ka bōpa ’mele e mecha bakeng sa ba tsositsoeng. Jehova o file Mora oa hae, Jesu Kreste matla a ho tsosa bafu hore ba be le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. (Johanne 5:26) Ka hona, Jesu o itse: “Ke ’na tsoho le bophelo. Ea sebelisang tumelo ho ’na, esita le hoja a ka shoa, o tla phela.” (Johanne 11:25, 26) Ke tšepiso e thobang pelo hakaakang! E re matlafalletsa ho mamella liteko esita le ho talimana le lefu re le Lipaki tsa Jehova tse tšepahalang.
3. Ke hobane’ng ha ho ne ho hlokahala hore Pauluse a buelle tsoho?
3 Tsoho ha e lumellane le maikutlo a hore batho ba na le moea o sa shoeng—e leng maikutlo ao rafilosofi oa Mogerike Plato a neng a e-na le ’ona. Ka hona, ho ile ha etsahala eng ha moapostola Pauluse a ne a pakela Bagerike ba hlaheletseng Areopago e Athene, a bua ka Jesu, ’me a bolela hore Molimo o mo tsositse? Tlaleho ena e re: “Joale, ha ba utloa ka tsoho ea bafu, ba bang ba qala ho soma.” (Liketso 17:29-34) Ba bangata ba neng ba bone Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung ba ne ba ntse ba phela ’me, ho sa tsotellehe litšomo, ba ne ba paka hore o tsositsoe bafung. Empa mesuoe ea bohata e neng e kopanela phuthehong ea Korinthe e ne e hana tsoho. Ka lebaka leo Pauluse o ile a buella thuto ena ea Bokreste ka matla ho 1 Bakorinthe khaolo ea 15. Ho ithuta litaba tsa hae ka hloko ho fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba bonnete le matla a tšepo ea tsoho.
Bopaki bo Tiileng ba Tsoho ea Jesu
4. Pauluse o fane ka bopaki bofe ba lipaki tse boneng ka mahlo mabapi le tsoho ea Jesu?
4 Hlokomela kamoo Pauluse a ileng a qalisa puo ea hae kateng. (1 Bakorinthe 15:1-11) Ntle le haeba Bakorinthe ba ne ba fetohile balumeli ba se nang morero, ba ne ba tla tšoarella ka tieo litabeng tse molemo tsa poloko. Kreste o ile a shoela libe tsa rōna, a patoa, ’me a tsosoa. Ha e le hantle, Jesu ea tsositsoeng o ile a hlaha ho Kefase (Petrose), “ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.” (Johanne 20:19-23) O ile a bonoa ke ba ka bang 500, mohlomong ha a ne a laela a re: ‘E-eang ’me le etse barutuoa.’ (Matheu 28:19, 20) Jakobo o ile a mo bona, joalokaha a ile a bonoa ke baapostola bohle ba tšepahalang. (Liketso 1:6-11) Haufi le Damaseka, Jesu o ile a hlaha ho Saule “joalokaha eka ke ho ea hlahileng pele ho nako”—joalokaha eka o se a tsoselitsoe bophelong ba moea. (Liketso 9:1-9) Bakorinthe e ile ea e-ba balumeli hobane Pauluse o ile a ba pakela, ’me ba ile ba amohela litaba tse molemo.
5. Mabaka a Pauluse e ne e le afe joalokaha a tlalehiloe ho 1 Bakorinthe 15:12-19?
5 Hlokomela mabaka a Pauluse. (1 Bakorinthe 15:12-19) Kaha lipaki tse boneng ka mahlo li bolela hore Kreste o ile a tsosoa, ho ka boleloa joang hore tsoho ha e eo? Haeba Jesu a ne a sa ka a tsosoa bafung, boboleli ba rōna le tumelo ea rōna ke tsa lefeela, ’me re mahata a pakang leshano le a etselletsang Molimo ka ho bolela hore o tsositse Kreste. Haeba bafu ba sa tsosoe, ‘re sa ntse re le libeng tsa rōna,’ ’me ba shoeleng ba le bonngoeng le Kreste ba timetse. Ho feta moo, “haeba bophelong bona feela re tšepile Kreste, ho batho bohle re ba haulang ka ho fetisisa.”
6. (a) Pauluse o itse’ng ha a tiisa bonnete ba tsoho ea Jesu? (b) “Sera sa ho qetela” ke eng, hona se tla etsoa lefeela joang?
6 Pauluse o tiisa bonnete ba tsoho ea Jesu. (1 Bakorinthe 15:20-28) Kaha Kreste ke “litholoana tsa pele” tsa ba robetseng lefung, ba bang le bona ba ne ba tla tsoha. Kaha lefu le bakiloe ke ho se mamele ha motho Adama, tsoho e tlile ka motho—Jesu. Ba hae ba ne ba lokela ho tsosoa nakong ea ho ba teng ha hae. Kreste o “entse puso eohle le tokelo eohle ea ho laela le matla” tse hanyetsanang le bobusi ba Molimo “lefeela” ’me o busa e le Morena ho fihlela Jehova a beha lira tsohle tlas’a maoto a hae. Esita le “sera sa ho qetela”—lefu le futsitsoeng ho Adama—le tla felisoa ka molemo oa sehlabelo sa Jesu. Joale Kreste o tla nehelana ka ’Muso ho Molimo le Ntate oa hae, a ipehe tlas’a “Ea ileng a beha lintho tsohle tlas’a hae, e le hore Molimo e ka ba lintho tsohle ho e mong le e mong.”
Na Motho a ka Kolobetsoa Bakeng sa Bafu?
7. Ke bo-mang ba ‘kolobetsoang ka morero oa ho ba ba shoeleng,’ ’me see se bolela’ng bakeng sa bona?
7 Ba hanyetsang tsoho baa botsoa: “Ba tla etsa’ng ba ntseng ba kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng?” (1 Bakorinthe 15:29) Pauluse o ne a sa bolele hore ba phelang ba lokela ho kolobetsoa bakeng sa ba shoeleng, hobane barutuoa ba Jesu ba lokela hore ka bobona ba ithute, ba lumele, ’me ba kolobetsoe. (Matheu 28:19, 20; Liketso 2:41) Bakreste ba tlotsitsoeng ba “kolobetsoa ka morero oa ho ba ba shoeleng” ka ho ameha ka ho teba tseleng ea bophelo e isang lefung le tsohong. Kolobetso ea mofuta ona e qala ha moea oa Molimo o hlahisa tšepo ea leholimo ka ho bona ’me e fela ha ba tsosoa bafung ba tsosetsoa bophelong ba moea ba ho se shoe leholimong.—Baroma 6:3-5; 8:16, 17; 1 Bakorinthe 6:14.
8. Bakreste ba ka kholiseha ka eng esita le haeba Satane le bahlanka ba hae ba ka ba bolaea?
8 Joalokaha mantsoe a Pauluse a bontša, tšepo ea tsoho e nolofalletsa Bakreste ho talimana le likotsi le lefu kamehla ka lebaka la ho etsa mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso. (1 Bakorinthe 15:30, 31) Baa tseba hore Jehova a ka ba tsosa haeba a lumella Satane le bahlanka ba hae ho ba bolaea. Ke Molimo feela ea ka timetsang moea oa bona, kapa bophelo Gehenna, e tšoantšetsang timetso ea ka ho sa feleng.—Luka 12:5.
Tlhokahalo ea ho Falimeha
9. E le hore tšepo ea tsoho e re matlafatse bophelong, re lokela ho qoba eng?
9 Tšepo ea tsoho e ile ea matlafatsa Pauluse. Ha a ne a le Efese, e ka ’na eaba lira tsa hae li ile tsa mo lahlela ka lebaleng la boithabiso hore a loane le liphoofolo tse hlaha. (1 Bakorinthe 15:32) Haeba seo se ile sa etsahala, o ile a lopolloa, joalokaha Daniele a ile a pholosoa litaung. (Daniele 6:16-22; Baheberu 11:32, 33) Kaha o ne a e-na le tšepo ea tsoho, Pauluse ha aa ka a ba le maikutlo a bakoenehi ba Juda ba mehleng ea Esaia. Ba ile ba re: “A re jeng le ho noa, hobane hosasane re tla shoa.” (Esaia 22:13, Septuagint) E le hore tšepo ea tsoho e re matlafatse bophelong joalokaha e ile ea matlafatsa Pauluse, re lokela ho qoba ba nang le moea o joalo o kotsi. Pauluse o ile a lemosa: “Le se ke la khelosoa. Litloaelano tse mpe li senya mekhoa e nang le thuso.” (1 Bakorinthe 15:33) Ho hlakile hore molao-motheo ona o sebetsa likarolong tse sa tšoaneng tsa bophelo.
10. Tšepo ea rōna tsohong e ka bolokoa e phela joang?
10 Ho ba belaellang tsoho, Pauluse o itse: “Tsohang le hlaphoheloe ka tsela e lokileng ’me le se ke la tloaela ho etsa sebe, etsoe ba bang ha ba na tsebo ea Molimo. Ke bua ho le susumelletsa ho hlajoa ke lihlong.” (1 Bakorinthe 15:34) ‘Nakong ena ea bofelo,’ ho hlokahala hore re sebetse tumellanong le tsebo e nepahetseng ea Molimo le Kreste. (Daniele 12:4; Johanne 17:3) Sena se tla etsa hore tšepo ea rōna tsohong e lule e phela.
Ba Tsosoa ka ’Mele Ofe?
11. Pauluse o ile a etsa papiso efe mabapi le tsoho ea Bakreste ba tlotsitsoeng?
11 Ka mor’a moo Pauluse o ile a sebetsana le lipotso tse itseng. (1 Bakorinthe 15:35-41) Mohlomong motho ea batlisisang ka boiteko ba ho jala lipelaelo mabapi le tsoho, a ka ’na a botsa: “Bafu ba tla tsosoa joang? E, ba tla ka ’mele oa mofuta ofe?” Joalokaha Pauluse a bontšitse, ha e le hantle peō e jaloang mobung ea shoa ha e fetoha semela. Ka ho tšoanang, motho ea tsoetsoeng ka moea o lokela ho shoa. Hantle feela joalokaha semela se hlaha peōng ka ’mele o mocha, le ’mele o tsositsoeng oa Mokreste ea tlotsitsoeng o fapane le nama ea motho. Le hoja a phela ka tsela e tšoanang le eo a neng a phela ka eona pele a e-shoa, o tsosoa e le sebōpuoa se secha se nang le ’mele oa moea se khonang ho phela leholimong. Ha ho pelaelo hore ba tsosetsoang lefatšeng ba tla tsoha ka ’mele ea nama.
12. Ho boleloa eng ka lipoleloana “’mele ea leholimo” le “’mele ea lefatše”?
12 Joalokaha Pauluse a boletse, nama ea motho e fapane le ea liphoofolo. Esita le nama ea liphoofolo e fapane ho latela mefuta ea tsona. (Genese 1:20-25) “’Mele ea leholimo” ea libōpuoa tsa moea e fapana ka khanya le “’mele ea lefatše” ea nama. Ho boetse ho na le litsela tseo khanya ea letsatsi, ea khoeli le ea linaleli e fapaneng ka tsona. Empa batlotsuoa ba na le khanya e khōloanyane.
13. Ho latela 1 Bakorinthe 15:42-44, ho jaloa eng, ’me ho tsosoa eng?
13 Ha a se a boletse tsela eo lintho tsena li fapanang ka eona, Pauluse o ile a eketsa: “Le tsoho ea bafu e joalo.” (1 Bakorinthe 15:42-44) O ile a re: “O jaloa o le ho boleng, o tsosoa o le ho se boleng.” Mona Pauluse e ka ’na eaba o bolela batlotsuoa e le sehlopha. O jaloa o le ho boleng lefung, o tsosoa o le ho se boleng, o lokolohile sebeng. Le hoja lefatše le sa o hlompha, o tsosetsoa bophelong ba leholimo ’me o bonahatsoa le Kreste khanyeng. (Liketso 5:41; Bakolose 3:4) Lefung o jaloa “e le ’mele oa nama” ’me o tsosoa “e le ’mele oa moea.” Kaha sena sea khoneha tabeng ea Bakreste ba tsoetsoeng ka moea, re ka kholiseha hore ba bang ba ka tsosetsoa bophelong lefatšeng.
14. Pauluse o ile a bapisa Kreste le Adama joang?
14 Ka mor’a moo Pauluse o bapisa Kreste le Adama. (1 Bakorinthe 15:45-49) Adama, motho oa pele, e ile “ea e-ba moea o phelang.” (Genese 2:7) “Adama oa ho qetela”—Jesu—“o ile a fetoha moea o fanang ka bophelo.” O qalile ka ho fana ka bophelo ba hae e le sehlabelo sa thekollo molemong oa balateli ba hae ba tlotsitsoeng. (Mareka 10:45) E le batho, ba “jere setšoantšo sa ea entsoeng ka lerōle,” empa ha ba tsosoa ba tšoana le Adama oa ho qetela. Ho hlakile hore sehlabelo sa Jesu se tla ruisa moloko oohle oa batho ba mamelang molemo, ho akarelletsa le ba tsoselitsoeng lefatšeng.—1 Johanne 2:1, 2.
15. Ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba sa tsosoe ka ’mele oa nama, hona ba tsosoa joang nakong ea ho ba teng ha Jesu?
15 Ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba e-shoa, ha ba tsosoe e le batho ba nama. (1 Bakorinthe 15:50-53) ’Mele oa nama le mali o bolang o ke ke oa rua ho se bole le ’Muso oa leholimo. Ba bang ba tlotsitsoeng ba ke ke ba tlameha ho robala halelele lefung. Ha ba qeta tsela ea bona ea lefatšeng ba tšepahetse nakong ea ho ba teng ha Jesu, ba tla “fetoloa, ka motsotsoana, ka ho panya ha leihlo.” Hang-hang ba tla tsosetsoa bophelong ba moea, ho se boleng le khanyeng. Qetellong, “monyaluoa” oa Kreste oa leholimo e tla ba batho ba 144 000.—Tšenolo 14:1; 19:7-9; 21:9; 1 Bathesalonika 4:15-17.
Ho Hlōla Lefu!
16. Ho latela Pauluse le baprofeta ba pele, ho tla etsahala eng ka lefu le futsitsoeng ho Adama oa moetsalibe?
16 Pauluse o ile a bolela a le motlotlo hore lefu le ne le tla metsoa ka ho sa feleng. (1 Bakorinthe 15:54-57) Ha se bolang le se shoang se apara se sa boleng le se sa shoeng, mantsoe ana a tla phethahala: “Lefu le metsitsoe ka ho sa feleng.” “Lefu, tlhōlo ea hao e kae? Lefu, motsu oa hao o kae?” (Esaia 25:8; Hosea 13:14) Motsu o hlahisang lefu ke sebe, ’me matla a sebe e ne e le Molao, o neng o ahlolela baetsalibe lefu. Empa ka lebaka la sehlabelo sa Jesu le tsoho ea hae, lefu le futsitsoeng ho Adama oa moetsalibe ha le sa tla hlola le hlōla.—Baroma 5:12; 6:23.
17. Mantsoe a ho 1 Bakorinthe 15:58 a sebetsa joang kajeno?
17 Pauluse o itse: “Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang, le be ba tiileng, ba sa sutheng, ka mehla le e-na le ho hongata hoo le ka ho etsang mosebetsing oa Morena, le tseba hore mosebetsi oa lōna hase oa lefeela mabapi le Morena.” (1 Bakorinthe 15:58) Mantsoe ao a sebetsa ho masala a tlotsitsoeng a kajeno le ho “linku tse ling” tsa Jesu le haeba li ka shoa matsatsing ana a ho qetela. (Johanne 10:16) Mesebetsi ea bona e le baboleli ba ’Muso hase ea lefeela, hobane ba letetsoe ke tsoho. Joale, re le bahlanka ba Jehova, a re tšoareheng mosebetsing oa Morena ha re ntse re letetse letsatsi leo ka lona re ka hooang ka thabo ra re: “Lefu, tlhōlo ea hao e kae?”
Tšepo ea Tsoho ea Phethahatsoa!
18. Tšepo ea Pauluse e ne e le matla hakae tsohong?
18 Mantsoe a Pauluse a ho 1 Bakorinthe khaolo ea 15 a hlakisa hore tšepo ea tsoho e ne e e-na le matla bophelong ba hae. O ne a kholisehile ka ho feletseng hore Jesu o tsositsoe bafung le hore ba bang le bona ba ne ba tla lokolloa lebitleng la batho le tloaelehileng. Na u kholisehile ka matla joalo? Pauluse o ne a talima melemo ea boithati e le “lithōle tse ngata” ’me a ‘amohela tahlehelo ea lintho tsohle’ e le hore a ‘tsebe Kreste le matla a tsoho ea hae.’ Moapostola enoa o ne a ikemiselitse ho inehela lefung le kang la Kreste ka tšepo ea ho fihlela “tsoho ea pejana.” E boetse e bitsoa ‘tsoho ea pele,’ ke ea balateli ba Jesu ba tlotsitsoeng ba 144 000. E, ba tsosetsoa bophelong ba moea leholimong, athe “bafu ba bang” ba tla tsosetsoa lefatšeng.—Bafilippi 3:8-11; Tšenolo 7:4; 20:5, 6.
19, 20. (a) Ke batho bafe ba leng tlalehong ea Bibele ba tla tsosetsoa bophelong lefatšeng? (b) U lebeletse tsoho ea mang ka thabo?
19 Tšepo ea tsoho e fetohile ’nete e khanyang ho ba tlotsitsoeng ba tšepahetseng ho fihlela lefung. (Baroma 8:18; 1 Bathesalonika 4:15-18; Tšenolo 2:10) Baphonyohi ba ‘matšoenyeho a maholo’ ba tla bona ha tšepo ea tsoho e phethahala lefatšeng ha ‘leoatle le nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese li nehelana ka bafu ba ho tsona.’ (Tšenolo 7:9, 13, 14; 20:13) Har’a ba tla tsosetsoa ho phela lefatšeng e tla ba Jobo, ea ileng a ba mahlomoleng a ho lahleheloa ke bara ba supileng le barali ba bararo. Nahana feela hore na o tla thaba hakaakang ha a ba amohela—le hore ba tla nyakalla hakaakang hore ebe ba na le barab’abo bona ba bang ba supileng le baralib’abo bona ba bang ba bararo ba batle!—Jobo 1:1, 2, 18, 19; 42:12-15.
20 E tla ba tlhohonolofatso e kaakang ha Abrahama le Sara, Isaka le Rebeka—e, le ba bang ba bangata, ho akarelletsa le “baprofeta bohle”—ba tsoselitsoe bophelong lefatšeng! (Luka 13:28) E mong oa baprofeta bao e ne e le Daniele, ea ileng a tšepisoa tsoho tlas’a puso ea Bomesia. Daniele o phomotse lebitleng ka lilemo tse ka bang 2 500, empa ka matla a tsoho, haufinyane o tla ‘tsohela lefa la hae’ e le e mong oa “mahosana lefatšeng lohle.” (Daniele 12:13; Pesaleme ea 45:16) Ho amohela ba tšepahalang ba boholo-holo hammoho le ntate oa hao, ’mè oa hao, mora oa hao, morali oa hao, kapa baratuoa ba bang bao sera se lefu se u amohileng bona ho tla thabisa hakaakang!
21. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lieha ho etsetsa ba bang lintho tse molemo?
21 E ka ’na eaba metsoalle ea rōna e meng le baratuoa ba sebelelitse Molimo ka mashome a lilemo ’me ba hōlile. Botsofali bo ka ’na ba ba thatafalletsa ho tobana le liphephetso tsa bophelo. Ke ho bontša lerato le lekaakang ha re ba fa thuso efe kapa efe eo re ka ba fang eona hona joale! Joale ha re na ho ikoahlaela hore re hlōlehile ho phethahatsa boikarabelo ba rōna ho bona ka tsela e itseng haeba ba ka shoa. (Moeklesia 9:11; 12:1-7; 1 Timothea 5:3, 8) Re ka kholiseha hore Jehova a ke ke a lebala lintho tse molemo tseo re li etsetsang ba bang, ho sa tsotellehe hore na ba bakae kapa maemo a bona ke afe. Pauluse o ngotse: “Hafeela re sa na le nako e loketseng, a re sebetseng se molemo ho bohle, empa haholo-holo ho ba amanang le rōna tumelong.”—Bagalata 6:10; Baheberu 6:10.
22. Ho fihlela ha tšepo ea tsoho e phethahatsoa, re lokela ho ikemisetsa ho etsa eng?
22 Jehova ke “Ntate oa mehauhelo e bonolo le Molimo oa matšeliso ’ohle.” (2 Bakorinthe 1:3, 4) Lentsoe la hae lea re tšelisa ’me le re thusa ho tšelisa ba bang ka tšepo e matla ea tsoho. Ho fihlela re bona ha tšepo eo e phethahatsoa ka ho tsosetsoa ha bafu bophelong lefatšeng, a re tšoaneng le Pauluse, ea neng a e-na le tumelo tsohong. E se eka ka ho khetheha re ka etsisa Jesu, eo tšepo ea hae matleng a Molimo a ho mo tsosa e ileng ea phethahala. Ba mabitleng a khopotso ba tla tloha ba utloa lentsoe la Kreste ’me ba tsoe. E se eka sena se ka re tlisetsa matšeliso le thabo. Empa ka holim’a tsohle, e se eka re ka leboha Jehova, ea entseng hore ho hlōla lefu ho khonehe ka Morena oa rōna Jesu Kreste!
U ka Araba Joang?
• Pauluse o fane ka bopaki bofe ba lipaki tse boneng tsoho ea Jesu ka mahlo?
• “Sera sa ho qetela” ke eng, hona se tla etsoa lefeela joang?
• Tabeng ea Bakreste ba tlotsitsoeng, ho jaloa eng ’me ho tsosoa eng?
• Ke batho bafe ba leng tlalehong ea Bibele bao u ka ratang ho kopana le bona ha ba tsosetsoa bophelong lefatšeng?
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Moapostola Pauluse o ile a buella tsoho ka matla
[Litšoantšo tse leqepheng la 20]
Tsoho ea Jobo, lelapa la hae, le ba bang ba bangata e tla ba mohloli oa thabo e sa lekanngoeng!