Tykikase—Lekhoba-’moho le Tšepahalang
KA MAKHETLO a sa tšoaneng, Tykikase o ile a tsamaea le moapostola Pauluse ’me a sebeletsa e le moromuoa oa hae. E ne e le lenģosa le neng le ka tšepeloa chelete le mesebetsi e meng ea bolebeli. Kaha Mangolo a totobatsa botšepehi ba hae—e leng tšoaneleho ea bohlokoa bakeng sa Bakreste bohle—mohlomong u tla thabela ho tseba ho eketsehileng ka eena.
Pauluse o hlalosa Tykikase e le “[mor’abo] ea ratoang le mosebeletsi ea tšepahalang le lekhoba-’moho Moreneng.” (Bakolose 4:7) Ke hobane’ng ha moapostola a ile a mo talima ka tsela eo?
Phano ea Liphallelo Jerusalema
Bakreste Judea ba ile ba tleloa ke bofuma hoo e ka bang ka 55 C.E. Ka thuso ea liphutheho tsa Europe le Asia Minor, Pauluse o ile a hlophisa pokello ea liphallelo bakeng sa ho ba thusa. Tykikase, ea neng a e-tsoa seterekeng sa Asia, o ile a kenya letsoho phanong eo ea liphalello.
Ka mor’a ho fana ka litaelo tsa hore na monehelo ona o sebelisoe joang, Pauluse o ile a buella hore banna ba tšepahalang ba romeloe Jerusalema kapa ba tsamaee le eena, ho isa limpho tseo. (1 Bakorinthe 16:1-4) Ha a ne a kena leetong le lelelele ho tloha Greece a e-ea Jerusalema, o ile a felehetsoa ke banna ba ’maloa, e mong oa bona ka ho hlakileng e ne e le Tykikase. (Liketso 20:4) Mohlomong ho ne ho hlokahala sehlopha se seholo joalo hobane ba ne ba nkile chelete e behiloeng tlhokomelong ea bona ke liphutheho tse ’maloa. Mohlomong ho hlokahala ha tšireletso e bile lebaka le leng le hlaheletseng, kaha masholu a litseleng a ne a sokela tšireletseho ea baeti.—2 Bakorinthe 11:26.
Kaha Aristakase le Trofimase ba ile ba felehetsa Pauluse ho ea Jerusalema, ba bang ba nahana hore ho ka etsahala hore Tykikase le ba bang le bona ba ile ba mo felehetsa. (Liketso 21:29; 24:17; 27:1, 2) Kaha Tykikase o ne a ameha lenaneong lena la liphallelo, ke e mong oa ba ’maloa bao ho buuoang ka bona e le “mor’abo rōna” ea sebelitseng le Tite, Greece, ho lokisetsa pokello ea liphallelo le ea ileng a “behoa ke liphutheho hore e be motsoalle oa [Pauluse] eo [a] tsamaeang le eena mabapi le mpho ena e mosa.” (2 Bakorinthe 8:18, 19; 12:18) Haeba thōmo ea pele eo Tykikase a ileng a e phetha e bile ea mosebetsi oa boikarabelo, ea bobeli e ne e ntse e batla e tšoana le eona.
Ho Tloha Roma ho ea Kolose
Lilemo tse hlano kapa tse tšeletseng hamorao (60-61 C.E.), Pauluse o ne a lebeletse ho lokolloa litlamong tsa hae tsa pele, Roma. Tykikase o ne a e-na le eena, lik’hilomithara tse makholo ho tloha ha habo. Joale Tykikase o ne a khutlela Asia. Seo se ile sa nolofalletsa Pauluse ho romella liphutheho tsa Bokreste tse sebakeng seo mangolo le ho romela lekhoba le balehileng la Filemone, Onesimase, morao Kolose. Bonyane Tykikase le Onesimase ba ile ba nka mangolo a mararo ao hona joale a etsang karolo ea mangolo a halalelang a Bibele—le leng le ea ho Baefese, le leng ho Bakolose, ’me le leng ho Filemone. Mohlomong lengolo le leng le ile la romeloa phuthehong e Laodisia, e leng motse o ka bang lik’hilomithara tse 18 ho tloha Kolose.—Baefese 6:21; Bakolose 4:7-9, 16; Filemone 10-12.
Tykikase e ne e se motsamaisi oa poso feela tjee. E ne e le lenģosa la botho le tšepahalang, hobane Pauluse o ile a ngola: “Litaba tsohle tsa ka Tykikase, mor’eso ea ratoang le mosebeletsi ea tšepahalang le lekhoba-’moho Moreneng, o tla le tsebisa tsona. Ka oona morero oa hore le tsebe lintho tse mabapi le rōna le hore a ka tšelisa lipelo tsa lōna, ke mo romela ho lōna”—Bakolose 4:7, 8.
Setsebi E. Randolph Richards se bontša hore motsamaisi oa poso “hangata e ne e e-ba mohokahanyi oa mongoli le baamoheli ho phaella bohokahanying bo ngotsoeng. . . . [Lebaka le leng] leo ho neng ho hlokahala motsamaisi ea tšepahalang ka lona e ne e le [hobane] hangata o ne a tsamaisa boitsebiso bo bong bo eketsehileng. Mohlomong lengolo le ka ’na la hlalosa boemo ka bokhutšoanyane, hangata ho ea kamoo mongoli a boneng taba kateng, empa motsamaisi o lebeletsoe hore a qaqisetse moamoheli lintlha tsohle.” Le hoja, lengolo le ka ’na la sebetsana le lithuto le litaba tse ling tse potlakileng, lintho tse ling li ne li tla fetisoa ka molomo ke lenģosa le tšepahalang.
Mangolo a eang ho Baefese, Bakolose le Filemone ha a bue hakaalo ka hore na Pauluse o ne a khona joang. Kahoo, Tykikase o ne a tlameha ho fetisa boitsebiso ba botho, ho hlalosa boemo ba Pauluse Roma le ho utloisisa maemo a liphutheho hantle e le hore a khone ho fana ka khothatso. Melaetsa le boikarabelo tsa mofuta ona li ne li ka behoa tlhokomelong ea ba neng ba ka tšepeloa ho emela moromelli ka botšepehi. Tykikase e ne e le monna ea joalo.
Bolebeli Likabelong Tse Hōle
Ka mor’a hore a lokolloe ntlong eo a neng a koaletsoe ho eona, Roma, Pauluse o ile a rera ho romella Tykikase kapa Artemase ho Tite sehlekehlekeng sa Kreta. (Tite 1:5; 3:12) Nakong eo Pauluse a leng litlamong ka lekhetlo la bobeli Roma (mohlomong hoo e ka bang ka 65 C.E.), moapostola o ile a boela a romela Tykikase Efese, mohlomong hore a e’o nka sebaka sa Timothea, eo nakong eo a neng a ka tsamaea le Pauluse.—2 Timothea 4:9, 12.
Hore na Tykikase o ile a ea Kreta le Efese nakong eo kapa che, ha hoa hlaka. Leha ho le joalo, litšupiso tse kang tsena li bontša hore o ile a lula e le e mong oa metsoalle e haufi ea Pauluse ho fihlela lilemong tsa ho qetela tsa tšebeletso ea moapostola eo. Haeba Pauluse a ile a nahana ho mo romela likabelong tsa boikarabelo ’me mohlomong tse bileng li leng thata ho e-na le ho romela Timothea le Tite, ho hlakile hore Tykikase e ne e se e le molebeli ea hōlileng tsebong oa Mokreste. (Bapisa le 1 Timothea 1:3; Tite 1:10-13.) Ho ikemisetsa ha hae ho tsamaea le ho sebelisoa likabelong tse hōle ho ile ha mo etsa ea molemo ho Pauluse le ho phutheho eohle ea Bokreste.
Kajeno, Bakreste ba itetseng ba ithaopela ho sebeletsa Molimo liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa habo bona kapa ba iketsa ba fumanehang bakeng sa ho ntšetsa pele lithahasello tsa ’Muso libakeng tse ling. Ba likete ka thabo ba amohetse likabelo tsa ho ba baromuoa, balebeli ba tsamaeang, basebeletsi ba machaba mererong ea kaho, ntlo-khōlō ea lefatše ea Mokhatlo oa Watch Tower, kapa ho le leng la makala a eona. Ho tšoana le Tykikase, ha baa hlahella, empa ke basebetsi ba ikitlaetsang, ‘basebeletsi ba tšepahalang’ bao e leng ba bohlokoa ho Molimo ’me ba ratoa ke Bakreste ba bang joaloka ‘makhoba-’moho Moreneng’ a tšepahalang.