Lentsoe la Jehova Lea Ata!
“Ka tsela e matla lentsoe la Jehova le ile la ’na la hōla ’me la ata.”—LIKETSO 19:20, “NW.”
1. Ho tla akaretsoa eng thutong ee ea buka ea Bibele ea Liketso tsa Baapostola?
JEHOVA o ne a ntse a bula monyako oa tšebetso. Ka ho khethehileng Pauluse, “moapostola ho lichaba,” o ne a tla etella mosebetsi oo pele. (Ba-Roma 11:13, NW) Ka sebele, thuto ea rōna e tsoelang pele ea Liketso tsa Baapostola e mo fumana a tšoarehile maetong a thabisang a boromuoa.—Liketso 16:6–19:40.
2. (a) Moapostola Pauluse o ile a sebeletsa e le sengoli se bululetsoeng ke Molimo joang ho tloha hoo e ka bang ka 50 C.E. ho ea ho 56 C.E.? (b) Ho ile ha etsahala’ng ha Molimo o hlohonolofatsa tšebeletso ea Pauluse le ea ba bang?
2 Pauluse e ne e boetse e le sengoli se bululetsoeng ke Molimo. Ho tloha hoo e ka bang ka 50 C.E. ho ea ho 56 C.E., o ile a ngola 1 Ba-Thessalonika le 2 Ba-Thessalonika a le Korinthe, Ba-Galata a le motseng oona oo kapa a le Antioke ea Syria, 1 Ba-Korinthe a le Efese, 2 Ba-Korinthe a le Macedonia, le Ba-Roma a le Korinthe. ’Me ha Molimo o ntse o hlohonolofatsa tšebeletso ea Pauluse le ea ba bang, “ka tsela e matla lentsoe la Jehova le ile la ’na la hōla ’me la ata.”—Liketso 19:20, NW.
Ho Tloha Asia ho ea Europe
3. Pauluse le metsoalle ea hae ba behile mohlala o motle joang mabapi le tataiso ea moea o halalelang?
3 Pauluse le ba tsamaeang le eena ba ile ba beha mohlala o motle ka ho amohela tataiso ea moea o halalelang. (16:6-10, TLP) Mohlomong ka litšenolo, litoro, kapa lipono tse utloahalang, moea o ile oa ba thibela ho bolela seterekeng sa Asia le sa Bithynia, tseo hamorao li ileng tsa finyelloa ka litaba tse molemo. (Liketso 18:18-21; 1 Petrose 1:1, 2) Ke hobane’ng ha pejana moea o ile oa ba thibela ho kena moo? Basebetsi ba ne ba fokola, ’me moea o ne o ba tataisa hore ba ee masimong a behang litholoana haholoanyane Europe. Kahoo kajeno, haeba tsela e thibiloe bakeng sa ho kena tšimong e ’ngoe, Lipaki tsa Jehova li bolela sebakeng se seng, li kholisehile hore moea oa Molimo o tla li lebisa ho batho ba seka linku.
4. Karabelo e ile ea e-ba efe ponong ea Pauluse ea monna e mong oa Macedonia ea neng a kōpa thuso?
4 Joale Pauluse le ba tsamaeang le eena ba ile ba ‘feta’ Mysia, sebaka se seng Asia Minor, e le tšimo ea boromuoa. Leha ho le joalo, ponong Pauluse o ile a bona monna e mong oa Macedonia a kōpa thuso. Kahoo ka potlako baromuoa bao ba ile ba leba Macedonia, sebaka se seng sa Hloahloa ea Balkan. Ka ho tšoanang, hona joale Lipaki tse ngata li tataisoa ke moea o halalelang hore li sebeletse moo tlhokahalo ea baboleli ba ’Muso e leng khōlō.
5. (a) Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore lentsoe la Jehova le ile la ata Filippi? (b) Ke ka tsela efe Lipaki tse ngata tsa mehleng ea kajeno li tšoanang le Lydia?
5 Lentsoe la Jehova le ile la ata Macedonia. (16:11-15, NW) Filippi, kolone eo boholo ba baahi ba eona e neng e le Baroma, ho bonahala eka e ne e e-na le Bajode ba seng bakae ’me e se na synagoge. Kahoo baena ba ile ba ea “sebakeng sa thapelo” pel’a nōka ka thōko ho motse. Har’a ba ileng ba fumanoa moo e mong e ne e le Lydia, eo mohlomong e neng e le motho ea sokolohetseng Bojodeng ea tsoang Thyatira, motse o Asia Minor o neng o tsejoa ka mosebetsi oa oona o moholo oa ho daea. O ne a rekisa dae e pherese kapa masela le liaparo tse dailoeng ka eona. Ka mor’a hore Lydia le ba ntlo ea hae ba kolobetsoe, o ile a fana ka kamohelo e mofuthu ka tieo hoo Luka a bileng a ngola: “O ne a etsa feela hore re tle.” Re ananela bo-khaitseli ba mofuta oo kajeno.
Molebeli oa Teronko o Fetoha Molumeli
6. Mosebetsi oa bademona o ile oa lebisa ho kenngoeng ha Pauluse le Silase teronkong Filippi joang?
6 E tlameha e be Satane o ile a halefa haholo ka baka la tsoelo-pele ea moea e neng e le teng Filippi, hobane mosebetsi oa bademona moo o ile oa lebisa ho kenngoeng ha Pauluse le Silase teronkong. (16:16-24, TLP) Ka matsatsi a mangata ba ile ba saloa morao ke ngoanana ea neng a e-na le “moea oa bonohe” (ha e le hantle, “moea oa pythone”). E ka ’na eaba modemona o ne a ikentse Apollo oa Pythios, molimo oo ho neng ho thoe o ne o bolaee noha e bitsoang pyʹthon. Ngoanana eo o ne a tlisetsa beng ba hae leruo le leholo ka ho sebelisa tsebo ea ho bolela lintho esale pele. E ka ’na eaba o ne a bile a bolella balemi hore na ba leme neng, baroetsana hore na ba nyaloe neng, le barafi hore na ba batle gauda hokae! O ile a ’na a sala baena morao a hooa: “Batho bana ke bahlanka ba Molimo ea holimo-limo, ba le phatlalletsang tsela ea pholoho!” E ka ’na eaba modemona o ne a etsa hore a bolele sena ho etsa hore ho bonahale eka lintho tseo a li bolelang esale pele li ne li bululetsoe ke Molimo, empa bademona ha ba na tokelo ea ho phatlalatsa ka Jehova le tokisetso ea hae ea poloko. Ha Pauluse a khathala ke ho tšoenngoa hoo, o ile a leleka modemona ka lebitso la Jesu. Ha khoebo ea bona e se e sentsoe, beng ba ngoanana eo ba ile ba hulanyetsa Pauluse le Silase ’marakeng, moo ba ileng ba otloa ka melamu. (2 Ba-Korinthe 11:25) Joale ba ile ba kenngoa teronkong ’me maoto a bona a kenngoa mapolankeng a phuntsoeng masoba. Lintho tse joalo li ne li ka ’na tsa feto-fetoloa e le ho qobella maoto a motho hore a arohane, ho mo utloisa bohloko haholo.
7. Ho kenngoa ha Pauluse le Silase teronkong Filippi ho ile ha tlisa mahlohonolo bakeng sa bo-mang hona joang?
7 Ho kenngoa hona ha bona teronkong ho ile ha tlisetsa molebeli oa teronko le lelapa la hae mahlohonolo. (16:25-40) Hoo e ka bang har’a mpa ea bosiu Pauluse le Silase ba ne ba ntse ba rapela ba bile ba rorisa Molimo ka pina, ba kholisehile hore o na le bona. (Pesaleme ea 42:8) Hang-hang, tšisinyeho ea lefatše e ile ea bula menyako ’me ea lokolla litlamo tsohle kaha mahlaahlela a ile a fasoloha libalakeng kapa maboteng. Molebeli oa teronko o ne a tšohile hore o tla fumana kotlo ea lefu kahobane batšoaruoa ba hae ba balehile. O ne a le lekhatheng la ho ipolaea ha Pauluse a hooa: “U se ke ua ipolaea, hobane re sa le mona kaofela.” A ntšetsa Pauluse le Silase ka ntle, molebeli oa teronko o ile a botsa hore na a ka bolokeha joang. Karabelo ea e-ba: “Lumela ho Morena Jesu.” Ha a utloa lentsoe la Jehova, o ile “a kolobetsoa kapele, eena le ba ntlo ea hae kaofela.” See se ile sa tlisa thabo e kaakang!
8. Ke khato efe e ileng ea nkoa ke bo-mmaseterata ba sechaba ba Filippi, ’me ho ne ho ka ’na ha finyelloa eng haeba ba ne ba ka lumela phoso ea bona phatlalatsa?
8 Letsatsing le hlahlamang, bo-mmaseterata ba sechaba ba ile ba romela molaetsa oa hore Pauluse le Silase ba lokolloe. Empa Pauluse o ile a re: ‘Ba re shapile re e-so ho ahloloe, rōna re leng ba-Roma, ba re kentse le teronkong. Na joale ba rata ho re ntša teng ka sephiring? Ha ba tle ba re ntše.’ Haeba bo-mmaseterata ba ne ba ka amohela phoso ea bona phatlalatsa, ba ne ba ka ’na ba ba leqe ho otla le ho kenya Bakreste ba bang teronkong. Ba sitoa ho leleka baahi ba Roma, bo-mmaseterata ba ile ba tla ’me ba kōpa baena hore ba tsamaee, empa bana ba ile ba etsa joalo feela ka mor’a ho khothatsa balumeli ’moho. Hona joale thahasello e joalo e susumelletsa litho tsa Sehlopha se Busang le baemeli ba bang ba tsamaeang ho etela le ho khothatsa batho ba Molimo lefatšeng ka bophara.
Lentsoe la Jehova Lea Ata Thessalonika le Berea
9. Pauluse o ile a ‘hlalosa le ho paka’ hore Messia o ne a lokela ho hlokofatsoa le ho tsoha bafung ka mokhoa ofe, o sa ntsaneng o sebelisoa ke Lipaki tsa Jehova?
9 Ka mor’a moo lentsoe la Molimo le ile la ata Thessalonika, motse-moholo oa Macedonia oo hape e neng e le kou e khōlō ea leoatle. (17:1-9, NW) Moo Pauluse o ile a behelana mabaka le Bajode, “a hlalosa le ho paka” hore Messia o ne a lokela ho hlokofatsoa le ho tsoha bafung. (Pauluse o ile a etsa joalo ka ho bapisa boprofeta le liketsahalo tse ileng tsa phethahala, joalokaha Lipaki tsa Jehova li etsa.) Ka hona, Bajode ba bang, basokolohi ba bangata, le ba bang ba ile ba fetoha balumeli. Ha Bajode ba bang ba tletseng mohono ba etsa sehlopha sa mahoohoo empa ba sitoa ho fumana Pauluse le Silase, ba ile ba isa Jasone le baena ba bang ho babusi ba motse ’me ba ba qosa ka ho hlohlelletsa bofetoheli khahlanong le ’muso, qoso ea bohata e ntseng e etsoa khahlanong le batho ba Jehova. Leha ho le joalo, baena ba ile ba lokolloa ka mor’a ho fana ka “tšireletso e lekaneng.”
10. Ke ka kutloisiso efe Bajode ba Berea ba ileng ba ‘hlahlobisisa’ Mangolo?
10 Ka mor’a moo Pauluse le Silase ba ile ba ea motseng oa Berea. (17:10-15, NW) Moo Bajode ba ile ba ‘hlahlobisisa’ Mangolo, joalokaha Lipaki tsa Jehova li khothalletsa batho ho etsa joalo kajeno. Hase hore Baberea bao ba ne ba na le pelaelo ka seo Pauluse a se buang empa ba ile ba etsa patlisiso ho paka hore Jesu e ne e le Messia. Phello? Bajode ba bangata le Bagerike (mohlomong basokolohi) ba bang ba ile ba fetoha balumeli. Ha Bajode ba tsoang Thessalonika ba tsosa morusu har’a matšoele, baena ba ile ba felehetsa Pauluse ho leba moeling, moo e ka ’nang eaba ba bang ba tsamaeang le eena ba ile ba kena sekepeng ho leba Piraeuse (Piraiévs ea mehleng ea kajeno), motse oa Athene o nang le kou.
Lentsoe la Jehova Lea Ata Athene
11. (a) Pauluse o ile a paka ka sebete joang Athene, empa ke bo-mang ba ileng ba mo phehisa khang? (b) Ba bang ba ne ba fana ka maikutlo afe ha ba bua ka Pauluse e le “mobera-beri”?
11 Ho ile ha fanoa ka bopaki bo sebete Athene. (17:16-21) Ka baka la mantsoe a Pauluse mabapi le Jesu le tsoho, bo-rafilosofi ba ile ba mo phehisa khang. Ba bang e ne e le Baepikure, ba neng ba hatella monyaka. Ba bang e ne e le Bastoike, ba neng ba hatella boikhalemelo. Ba bang ba ile ba botsa: ‘Ekaba mobera-beri eo o rata ho re’ng?’ “Mobera-beri” (ha e le hantle, “ea thonakang peō”) e ne e fana ka maikutlo a hore Pauluse o ne a tšoana le nonyana e thonakang peō le ho aba tsebo hanyane ka hanyane empa e hloka bohlale. Ba bang ba ne ba re: “E ka ke ’muelli oa melimo esele.” Ena e ne e le ntho e tebileng, hobane Socrates o ile a lahleheloa ke bophelo ba hae ka qoso e joalo. Ka potlako Pauluse o ile a isoa Areopago (Leralleng la Mars), mohlomong e le moo lekhotla le phahameng le neng le lula ka ntle le neng le kopana teng pel’a Acropolis.
12. (a) Ke litšobotsi life tsa ho ba sebui se setle sa phatlalatsa tse bonahalang puong ea Pauluse Areopago? (b) Pauluse o ile a hatisa lintlha life mabapi le Molimo, hona e le ka liphello life?
12 Puo ea Pauluse Areopago e ne e le mohlala o babatsehang oa motho ea nang le kenyelletso e atlehang, khōliso e utloahalang, le khang e kholisang—joalokaha ho rutoa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo sa Lipaki tsa Jehova. (17:22-34, TLP) O ile a re Baathene ba ne ba chesehela bolumeli ho feta ba bang. Ba ne ba bile ba e-na le aletare e nehetsoeng ‘Ho Molimo ea sa tsejoeng,’ mohlomong e le ho qoba ho bua hampe ka molimo ofe kapa ofe! Pauluse o ile a bua ka ’Mōpi ea ‘entseng lichaba tsohle ka mali a motho a le mong’ a ba “a li beela linako e sa le pele, le meeli ea boaho ba tsona,” joalokaha ho fihla nako ea ho fothola Bakanana. (Genese 15:13-21; Daniele 2:21; 7:12) Molimo ona o ka fumanoa, kaha Pauluse o ile a re, “hobane re bile re bana ba hae,” ha a bua ka ho bōptjoa ha motho ke Jehova ’me a qotsa liroki tsa bona Aratus le Cleanthes. Joaloka bana ba Molimo, ha rea lokela ho nahana hore ’Mōpi ea phethahetseng o tšoana le molimo oa setšoantšo o entsoeng ke motho ea sa phethahalang. Molimo o ile oa iphapanyetsa ho hloka tsebo ho joalo empa joale o ne o ntse o bolella batho hore ba bake, hobane o ne o behile letsatsi la ho ahlola batho ka Eo o mo Khethileng. Kaha Pauluse “o ne a bolela molaetsa o molemo oa Jesu,” bamameli ba hae ba ne ba tseba hore o ne a bolela hore Kreste e ne e tla ba Moahloli eo. (Liketso 17:18; Johanne 5:22, 30) Ho bua ka pako ho ne ho khōpisa Baepikure, ’me bo-rafilosofi ba Bagerike ba ne ba ka amohela lipolelo tse buang ka ho se shoe empa eseng tse buang ka lefu le tsoho. Kamoo ho bonahalang ka teng, ho tšoana le ba bangata bao hona joale ba qhelelang litaba tse molemo ka thōko, ba bang ba ne ba re: ‘Re sa tla u utloa hape ka taba ena.’ Empa moahloli Dionisiose le ba bang ba ile ba fetoha balumeli.
Lentsoe la Molimo Lea Ata Korinthe
13. Pauluse o ne a iphelisa joang tšebeletsong, ’me ke eng e tšoanang le hoo eo re e fumanang mehleng ea kajeno?
13 Pauluse o ile a fetela Korinthe, motse-moholo oa setereke sa Akaia. (18:1-11) Moo o ile a fumana Akila le Priscilla, ba neng ba tlile moo ha Cesare Klaude a laela Bajode bao e seng baahi ba Roma hore ba tlohe Roma. Ho iphelisa tšebeletsong, Pauluse o ne a etsa litente hammoho le banyalani bana ba Bakreste. (1 Ba-Korinthe 16:19; 2 Ba-Korinthe 11:9) Ho kuta le ho rōka lesela le thata le entsoeng ka boea ba pōli e ne e le mosebetsi o thata. Ka ho tšoanang, Lipaki tsa Jehova li hlokomela litlhoko tsa tsona tsa lintho tse bonahalang ka mosebetsi oa boipheliso, empa mosebetsi oa tsona oa sehlooho ke tšebeletso.
14. (a) Ha a talimane le khanyetso e qophellang ea Bajode Korinthe, Pauluse o ile a etsa’ng? (b) Pauluse o ile a tiisetsoa joang hore o lokela ho lula Korinthe, empa batho ba Jehova ba tataisoa joang kajeno?
14 Bajode ba Korinthe ba ile ba ’na ba nyefola ha Pauluse a bolela ka Bomessia ba Jesu. Kahoo o ile a hlohlora liaparo tsa hae ho itlhohlolla boikarabelo ho bona ’me a qala ho tšoara liboka tlung ea Tite Justuse, eo mohlomong e neng e le Moroma. Ba bangata (ho akarelletsa Krispo eo pele e neng e le ofisiri e okametseng synagoge le ba ntlo ea hae) ba ile ba fetoha balumeli. Haeba khanyetso e matla ea Bajode e ile ea etsa hore Pauluse a ipotse hore na a ka lula Korinthe kapa che, pelaelo eo e ile ea nyamela ha Morena a ’molella ponong: ‘Se tšabe. U hlo u bue, hobane ke na le uena ’me ha ho e mong ea tla u etsa hampe. Ke na le batho ba bangata motseng ona.’ Kahoo Pauluse o ile a ’na a ruta lentsoe la Molimo moo, selemo le likhoeli tse tšeletseng ka kakaretso. Le hoja hona joale batho ba Jehova ba sa fumane lipono, thapelo hammoho le tataiso ea moea o halalelang li ba thusa ho etsa liqeto tse tšoanang tse bohlale tse amang lithahasello tsa ’Muso.
15. Ho ile ha etsahala’ng ha Pauluse a isoa ka pel’a ’Musisi Gallio?
15 Bajode ba ile ba isa Pauluse ho ’Musisi Junius Gallio. (18:12-17) Ba ile ba bontša hore Pauluse o ne a sokolla batho ka mokhoa o sa lumelloeng ke molao—qoso ea bohata eo baruti ba Bagerike ba e etsang khahlanong le Lipaki tsa Jehova hona joale. Gallio o ile a hlokomela hore Pauluse ha a na molato oa ho tlōla molao le hore Bajode ba ne ba sa natse boiketlo ba Roma le molao oa eona, kahoo o ile a ba leleka. Ha bashebelli ba otla Sosthene, ofisiri e ncha e okametseng synagoge, Gallio ha aa ka a kena-kenana le hoo, mohlomong a nahana hore eo ho bonahalang e ne e le eena moeta-pele oa sehlopha sa mahoohoo se entseng morusu khahlanong le Pauluse o ne a fumana se mo tšoanetseng.
16. Ke hobane’ng ha ho ne ho amoheleha hore Pauluse a ikutise moriri mabapi le kano?
16 Pauluse o ile a tsamaea ka sekepe ho tloha koung ea Aegean ea Cenkrea ho ea Efese, motse o Asia Minor. (18:18-22) Pele ho leeto leo ‘o ile a ikutisa hlooho, kahobane a na a itlamile ka kano.’ Ha hoa boleloa hore na Pauluse o ne a entse kano eo pele e e-ba molateli oa Jesu kapa hore na ena e ne e le qalo kapa qetello ea nako ea kano. Bakreste ha ba tlas’a Molao, empa o ne o fanoe ke Molimo ’me o halalela, ’me ho ne ho se letho leo e leng sebe ka kano e joalo. (Ba-Roma 6:14; 7:6, 12; Ba-Galata 5:18) Efese, Pauluse o ile a behelana mabaka le Bajode, a tšepisa hore o tla khutla haeba Molimo o rata. (Tšepiso eo e ile ea phethahatsoa hamorao.) Ho khutlela ha hae Antioke ea Syria ho ile ha qetella leeto la hae la bobeli la boromuoa.
Lentsoe la Jehova Lea Ata Efese
17. Mabapi le kolobetso, Apollose le ba bang ba ne ba hloka thuto efe?
17 Ka potlako Pauluse o ile a qala leeto la hae la boraro la boromuoa (hoo e ka bang ka 52-56 C.E.). (18:23–19:7) Khabareng Efese, Apollose o ne a ntse a ruta ka Jesu empa o ne a tseba feela ka kolobetso ea Johanne ho tšoantšetsa ho bakela libe tse khahlanong le selekane sa Molao. Priscilla le Akila ba ile “ba mo hlalosetsa tsela ea Molimo, ho feta kamoo a neng a e tseba pele,” mohlomong ba hlalosa hore ho kolobetsoa kamoo Jesu a ileng a kolobetsoa kateng ho ne ho akarelletsa ho qoelisoa ha motho metsing le ho amohela moea o halalelang o tšollotsoeng. Ka mor’a hore kolobetso ea moea o halalelang e etsahale ka Pentekonta ea 33 C.E., ho ile ha hlokahala hore mang kapa mang ea neng a kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne a kolobetsoe hape ka lebitso la Jesu. (Mattheu 3:11, 16; Liketso 2:38) Hamorao Efese, banna ba Bajode ba ka bang 12 ba neng ba kolobelitsoe ka kolobetso ea Johanne ba ile “ba kolobetsoa lebitsong la Morena Jesu” ketsahalong e le ’ngoe feela ea ho kolobetsoa lekhetlo la bobeli e tlalehiloeng ka Mangolong. Ha Pauluse a ba beha matsoho, ba ile ba amohela moea o halalelang le lipontšo tse peli tsa mohlolo tsa kamohelo e tsoang leholimong—ho bua ka maleme le ho profeta.
18. Pauluse o ile a paka hokae ha a ntse a le Efese, hona e le ka liphello life?
18 Ka sebele Pauluse o ile a lula a tšoarehile haholo Efese, motse oa baahi ba ka bang 300 000. (19:8-10) Tempele ea oona ea molimotsana Artemise e ne e le e ’ngoe ea limakatso tse supileng tsa lefatše la boholo-holo, ’me holo ea eona e ne e ka lulisa batho ba 25 000. Synagogeng, Pauluse o ile ‘a ba kholisa’ ka ho hlahisa likhang tse kholisang empa a ikhula ha ba bang ba nyefola Tsela Eo, kapa mokhoa oa bophelo o theiloeng holim’a ho lumela ho Kreste. Ka lilemo tse peli, Pauluse o ile a bua letsatsi le leng le le leng ka holong ea sekolo ea Tyranno, ’me “lentsoe” le ile la hasana ho pholletsa le setereke sohle sa Asia.
19. Ho ile ha etsahala’ng Efese e ileng ea etsa hore ‘lentsoe la Jehova le ’ne le hōle ’me le ate moo?
19 Molimo o ile oa bontša kamohelo bakeng sa mosebetsi oa Pauluse ka ho mo fa matla a ho phekola le ho leleka bademona. (19:11-20, NW) Empa bara ba supileng ba moprista e moholo Skeva ba ile ba hlōleha ho leleka modemona ka ho sebelisa lebitso la Jesu hobane ba ne ba sa emele Molimo le Kreste. Ba ile ba ba ba ntšoa kotsi ke monna ea kenoeng ke modemona! Sena se ile sa tšosa batho, ’me “lebitso la Morena Jesu la tsoela pele ho tlotlisoa.” Ba ileng ba fetoha balumeli ba ile ba phatlalatsa bobe ba mesebetsi ea bona ea boloi ’me ba chesa libuka tsa bona phatlalatsa tseo ho bonahalang eka li ne li e-na le mantsoe a ho betsa le a boloi. Luka o ngotse: “Ka hona, ka tsela e matla lentsoe la Jehova le ile la ’na la hōla ’me la ata.” Ka ho tšoanang, kajeno bahlanka ba Molimo ba thusa batho ho lokoloha bodemoneng.—Deuteronoma 18:10-12.
Leeme la Bolumeli ha le Atlehe
20. Ke hobane’ng ha batei ba silevera ba Efese ba ile ba fehla morusu, ’me o ile oa felisoa joang?
20 Hangata Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa talimana le lihlopha tsa mahoohoo tse halefileng, joaloka tseo Bakreste ba Efese ba ileng ba talimana le tsona. (19:21-41, TLP) Ha balumeli ba ntse ba anafala, Demetriuse le batei ba bang ba silevera ba ile ba lahleheloa ke chelete kahobane e ne e se e le batho ba seng bakae ba rekang matlo a bona a thapelo a silevera a molimotsana oa kemolo Artemise o matsoele a mangata. Se hlohlellelitsoe ho halefa ke Demetriuse, sehlopha sa mahoohoo se ile sa isa Gaiuse le Aristarke ba tsamaeang le Pauluse ka har’a holo, empa barutuoa ha baa ka ba lumella Pauluse ho kena ka hare. Esita le batsamaisi ba bang ba mekete le lipapali ba ile ba kōpa hore a se ipehe kotsing joalo. Ka nako e ka etsang lihora tse peli, sehlopha sa mahoohoo se ile sa hoeletsa: “O moholo Artemise oa Baefese!” Qetellong, motlalehi oa motse (ea neng a etelletse puso ea ’masepala pele) o ile a bolela hore litsebi tseo tsa mosebetsi oa matsoho li ne li ka hlahisa liqoso tsa tsona ho ’musisi, ea neng a filoe matla a ho etsa liqeto tsa boahloli, kapa nyeoe ea tsona e ne e ka ’na ea etsetsoa qeto “pitsong ea molao” ea baahi. Ho seng joalo, Roma e ne e ka qosa ba leng pitsong ena eo e seng ea molao ka ho etsa morusu. Ka mantsoe ao, o ile a ba qhala.
21. Molimo o ile oa hlohonolofatsa mosebetsi oa Pauluse ka tsela efe, ’me o hlohonolofatsa oa Lipaki tsa Jehova joang kajeno?
21 Molimo o ile oa thusa Pauluse ho talimana le liteko tse fapa-fapaneng ’me oa hlohonolofatsa boiteko ba hae ba ho thusa batho ho hana thuto e fosahetseng ea bolumeli le ho amohela ’nete. (Bapisa le Jeremia 1:9, 10.) Re leboha hakaakang hore e be Ntat’a rōna oa leholimo o hlohonolofatsa mosebetsi oa rōna ka ho tšoanang! Ka hona, hona joale joaloka lekholong la pele la lilemo, ‘lentsoe la Jehova lea hōla ’me lea ata.’
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ Pauluse o behile mohlala ofe ka ho amohela tataiso ea moea o halalelang?
◻ Pauluse o ile a ‘hlalosa le ho paka’ litaba ka mokhoa ofe, o sa ntsaneng o sebelisoa ke bahlanka ba Jehova?
◻ Ke tšoano efe e teng pakeng tsa karabelo e bileng teng puong ea Pauluse Areopago le e bang teng boboleling ba Lipaki tsa Jehova?
◻ Pauluse o ne a iphelisa joang tšebeletsong, ’me see se tšoana le eng mehleng ea kajeno?
◻ Joalokaha o ile oa hlohonolofatsa mosebetsi oa Pauluse, Molimo o hlohonolofalitse mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova joang kajeno?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Lentsoe la Jehova le ile la ata
1. Filippi
2. le 3. Athene
4. le 6. Efese
5. Roma
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Photo No. 4: Manley Studios