Le ’ne le Hahe Phutheho
“Le ’ne le tšelisane le ho hahana.”—1 BATHES. 5:11.
1. Re fumane litlhohonolofatso life ka ho ba ka phuthehong ea Bakreste, empa re ntse re ka hlaheloa ke mathata afe?
KA SEBELE ho ba setho sa phutheho ea Bakreste ke tlhohonolofatso e khōlō. U na le kamano e ntle le Jehova. Kaha u tšepa Lentsoe la hae hore le u tataise, u qoba liphello tse bohloko tsa ho phela bophelo boo e seng ba Bokreste. U pota-potiloe ke metsoalle ea ’nete, e u lakaletsang katleho. Ka sebele u hlohonolofalitsoe haholo. Leha ho le joalo, Bakreste ba bang ba imetsoe ke mathata a mefuta-futa. Mohlomong ba bang ba hloka thuso e le hore ba utloisise lintho tse tebileng tsa Lentsoe la Molimo. Ba bang baa kula kapa ba tepeletse maikutlo, kapa ba kotula litholoana tsa liqeto tsa bona tse fosahetseng. Ho phaella moo, kaofela ha rōna re lokela ho phela lefatšeng le khopo.
2. Re lokela ho etsa’ng ha barab’abo rōna ba le mathateng, hona hobane’ng?
2 Ha ho le ea mong oa rōna ea batlang ho bona Bakreste ba bang ba utloa bohloko kapa ba hula ka thata. Moapostola Pauluse o ile a tšoantša phutheho le ’mele ’me a re “haeba setho se seng se utloa bohloko, litho tse ling tsohle li utloa bohloko le sona.” (1 Bakor. 12:12, 26) Ha bara le barali babo rōna ba hlaheloa ke mathata, re lokela ho ikitlaelletsa ho ba tšehetsa. Ho na le liketsahalo tse ngata ka Mangolong tse bontšang kamoo litho tsa phutheho li ileng tsa thusa tse ling hore li rarolle mathata ao li tobaneng le ’ona. Ha re ntse re hlahloba liketsahalo tseo, nahana kamoo u ka thusang ba bang ka litsela tse tšoanang le tse boletsoeng. U ka thusa barab’eno joang hore ba lule ba e-na le kamano e ntle le Jehova, ka tsela eo ua haha phutheho ea Jehova?
“Ba mo Nka Hore a be ’Moho le Bona”
3, 4. Akuila le Prisilla ba ile ba thusa Apolose joang?
3 Ha Apolose a fallela Efese, e ne e se e ntse e le moevangeli ea chesehang. Lengolo la Liketso le re: “Kaha o ne a cheseha moeeng, a qala ho bua le ho ruta ka mokhoa o nepahetseng lintho tse mabapi le Jesu, empa a tloaelane le kolobetso ea Johanne feela.” Kaha Apolose o ne a sa tsebe kolobetso e etsoang “ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang,” ho ka etsahala hore o ile a pakeloa ke barutuoa ba Johanne Mokolobetsi kapa ke balateli ba Jesu pele ho Pentekonta ea 33 C.E. Le hoja Apolose a ne a cheseha, ho ne ho e-na le lintho tsa bohlokoa tseo a neng a sa li utloisise. Ho kopana le barapeli-’moho le eena ho ile ha mo thusa joang?—Lik. 1:4, 5; 18:25; Mat. 28:19.
4 Ha banyalani ba Bakreste e leng Akuila le Prisilla ba utloa Apolose a bua ka sebete ka synagogeng, ba ile ba mo nka hore a be ’moho le bona ’me ba mo ruta ka ho eketsehileng. (Bala Liketso 18:24-26.) Sena se ile sa bontša hore baa mo rata. E tlameha ebe Akuila le Prisilla ba ile ba bua le Apolose ka tsela e bohlale le e bontšang hore ba batla ho mo thusa, eseng ka tsela e etsang hore a ikutloe eka baa mo nyatsa. O ne a mpa a sa tsebe se ’nileng sa etsahala phuthehong ea Bakreste ba pele. Ha ho pelaelo hore Apolose o ile a leboha metsoalle ena ea hae e mecha ka ho mo ruta lintho tsena tsa bohlokoa. Ha Apolose a se a tseba lintho tsena, o ile “a thusa” barab’abo ba Akaia “ka tsela e khōlō” ’me a fana ka bopaki bo matla.—Lik. 18:27, 28.
5. Bahoeletsi ba ’Muso ba likete ba thusa batho joang ka lerato, ’me ho hlahile litholoana life?
5 Kajeno ba bangata ka phuthehong ea Bakreste ba leboha ba ba thusitseng ho utloisisa Bibele. Liithuti tse ngata tsa Bibele e bile metsoalle ea hlooho ea khomo le mesuoe ea tsona. Hangata hore re thuse batho ho utloisisa ’nete ho hlokahala hore re lokisetse ho ba khannela thuto ea Bibele kamehla ka likhoeli tse ’maloa. Leha ho le joalo bahoeletsi ba ’Muso ba ikemiselitse ho itella ho etsa seo kaha baa lemoha hore bophelo ba batho bo kotsing. (Joh. 17:3) Ho thabisa hakaakang ho bona ha batho ba amohela ’nete, ba phela tumellanong le eona ’me ba etsa thato ea Jehova!
“O ne a Buuoa Hantle”
6, 7. (a) Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a khetha Timothea hore a tsamaee le eena? (b) Timothea o ile a thusoa hore a hatele pele ho isa bohōleng bofe?
6 Ha moapostola Pauluse le moapostola Silase ba etetse Lystra leetong la bobeli la boromuoa, ba ile ba fumana mohlankana ea bitsoang Timothea, mohlomong o ne a e-s’o fihle lilemong tse 20 kapa a sa tsoa feta moo. “O ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo.” ’Mè oa Timothea, Eunise, le nkhono oa hae Loise e ne e le Bakreste ba inehetseng, empa ntate oa hae e se molumeli. (2 Tim. 1:5) E ka ’na eaba moapostola Pauluse o ile a tseba lelapa lena ha a qala ho etela sebakeng seo lilemong tse ’maloa pele ho moo. Empa joale o ile a khahloa ke Timothea hobane ho bonahala hore ke mohlankana ea ipabolang. Kahoo, sehlopha sa baholo se ile sa lumela hore Timothea a thuse Pauluse mosebetsing oa boromuoa.—Bala Liketso 16:1-3.
7 Timothea o ne a tla ithuta lintho tse ngata ho mosebetsi-’moho le eena ea hōlileng. ’Me o ile a hla a ithuta ho fihlela ha ka mor’a nako e itseng Pauluse a ba sebete ho mo roma hore a etele liphutheho ’me e be moemeli oa hae. Ka mor’a hore Timothea a tsamaee le Pauluse ka lilemo tse 15 kapa ho feta moo, mohlankana enoa ea neng a se na tsebo e kaalo ’me mohlomong a le lihlong o ne a se a hatetse pele hoo e ileng ea e-ba molebeli ea hloahloa.—Bafil. 2:19-22; 1 Tim. 1:3.
8, 9. Phutheho e ka khothatsa bacha joang? Fana ka mohlala.
8 Kajeno bahlankana le baroetsana ba bangata ba na le makhabane ao nakong e tlang a ka tsoelang phutheho ea Bakreste molemo. Haeba metsoalle e behang mohlala o motle tšebeletsong ea Jehova e ba khothatsa e bile e ba thusa, bacha bana ba ka ikitlaetsa ’me ba amohela boikarabelo bo eketsehileng har’a batho ba Jehova. Ak’u qamake ka phuthehong ea heno! Na ho na le bacha leha e le bafe ba tšoanang le Timothea ba ka ithaopelang ho etsa mesebetsi e eketsehileng? Ha u ba thusa ’me u ba khothatsa e ka ba bo-pula-maliboho, basebeletsi ba Bethele, baromuoa kapa balebeli ba tsamaeang. U ka ba thusa joang hore ba hahamalle mesebetsi e joalo?
9 Martin, eo e bileng setho sa lelapa la Bethele ka lilemo tse 20 o leboha hore ebe lilemong tse 30 tse fetileng molebeli oa potoloho o ile a bontša hore oa mo khathalla ha ba sebetsa ’moho tšebeletsong ea tšimo. Molebeli eo o ne a sa ome mathe ha a bua ka tšebeletso ea hae ea Bethele ha e sa ntse e le mohlankana. O ile a khothalletsa Martin hore a hlahlobe hore na le eena a ka sebelisoa ka tsela e tšoanang ka mokhatlong oa Jehova. Martin o lumela hore puisano eo e sa lebaleheng e ile ea mo thusa haholo hore a etse liqeto tseo a ileng a li etsa hamorao. Ho tseba mang, mohlomong le uena ha u bua le bacha ka mesebetsi eo ba ka e phehellang tšebeletsong ea Jehova, ba ka etsa se tšoanang.
“Le Bue ka Mokhoa o Tšelisang le Meea e Tepeletseng Maikutlo”
10. Epafroditase o ile a ikutloa joang, hona hobane’ng?
10 Epafroditase o ile a nka leeto le lelelele le khathatsang, a tloha Filipi a ea Roma, ho ea hlola moapostola Pauluse ea neng a koaletsoe chankaneng ka lebaka la tumelo ea hae. O ile moo e le moemeli oa Bafilipi. O ne a nkile mpho eo ba neng ba e file moapostola Pauluse a bile a rerile ho lula le eena e le hore a etse sohle seo a ka se khonang ho mo hlokomela mathateng a hae. Leha ho le joalo, ha Epafroditase a le Roma “o ile a kulela lefu.” Kaha Epafroditase o ne a nka hore o hlōlehile ho phetha morero oa hae, o ile a tepella maikutlo.—Bafil. 2:25-27.
11. (a) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho makala ha ba bang ka phuthehong ba tepeletse maikutlo? (b) Pauluse o ile a fana ka keletso efe tabeng ea Epafroditase?
11 Kajeno ho na le mathata a sa tšoaneng a etsang hore batho ba tepelle maikutlo. Lipalo-palo tsa Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo li bontša hore ho batho ba bahlano, a le mong a ka ’na a tepella maikutlo ka nako e itseng bophelong ba hae. Batho ba Jehova le bona ba tepella maikutlo. Sena se bakoa ke mathata a ho phelisa malapa, ho kula, ho nyahamisoa ke mefokolo ea bona le mathata a mang. Bafilipi ba ne ba ka thusa Epafroditase joang? Pauluse o ile a re: “Mo amoheleng Moreneng ka tsela e tloaelehileng ka thabo eohle; ’me le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa, hobane ka lebaka la mosebetsi oa Morena o ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa moea oa hae kotsi, e le hore a ka koala sekheo ka botlalo bakeng sa ho se be teng ha lōna mona hore le nketsetse tšebeletso ea botho.”—Bafil. 2:29, 30.
12. Ke eng e ka tšelisang ba tepeletseng maikutlo?
12 Le rōna re lokela ho khothatsa barab’abo rōna ba nyahameng kapa ba tepeletseng maikutlo. Ha ho pelaelo hore ho na le lintho tseo re ka ba babatsang ka tsona tšebeletsong eo ba e etsetsang Jehova. Mohlomong ba entse liphetoho tse khōlō bophelong ba bona e le hore e be Bakreste kapa ba be tšebeletsong ea nako e tletseng. Re ananela boiteko boo ba bo entseng, ’me re ka ba tiisetsa hore le Jehova oa bo ananela. Haeba botsofali kapa ho kula ho sitisa ba bang ba tšepahalang ho etsa sohle seo ba kileng ba se etsa, re sa ntse re lokela ho ba tlotla ka lebaka la lilemo tseo ba li qetileng ba sebeletsa Jehova. Ho sa tsotellehe hore na ke eng se entseng hore ba tepelle maikutlo, Jehova o eletsa bahlanka ba hae bohle ba tšepahalang hore ba “bue ka mokhoa o tšelisang le meea e tepeletseng maikutlo, [ba] tšehetse ba fokolang, [ba] be le tiisetso ho bohle.”—1 Bathes. 5:14.
‘Le mo Tšoarele ka Mosa le ho mo Tšelisa’
13, 14. (a) Phutheho ea Korinthe e ile ea nka khato efe e tebileng hona hobane’ng? (b) Ho khaola moetsalibe eo ho bile le phello efe?
13 Phuthehong ea Korinthe ea lekholong la pele la lilemo ho ne ho e-na le monna ea neng a tloaetse ho etsa bohlola a sa bake. Boitšoaro ba hae bo ne bo ka silafatsa phutheho ’me bo nyarosa esita le batho ba sa lumelang. Kahoo, hoa utloahala hore ebe Pauluse o ile a laela hore monna eo a tlosoe ka phuthehong.—1 Bakor. 5:1, 7, 11-13.
14 Taeo eo e bile molemo. Phutheho e ile ea sireletsoa tšusumetsong e mpe, ’me moetsalibe a thusoa hore a hlaphoheloe a be a bake e le kannete. Kahobane monna eo o ile a etsa mesebetsi e tšoanelang pako, lengolong la bobeli leo Pauluse a ileng a le ngolla phutheho eo, o ile a re o lokela ho khutlisetsoa ka phuthehong. Empa Pauluse ha aa ka a fella moo. O ile a boela a laela phutheho hore e lokela ho “tšoarela ka mosa [moetsalibe eo ea bakileng] le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.”—Bala 2 Bakorinthe 2:5-8.
15. Re lokela ho talima baetsalibe ba bakileng, ba khutliselitsoeng ka phuthehong joang?
15 Re ithuta’ng tabeng ee? Rea hlomoha ha batho ba khaoloa. Ho ka etsahala hore ba entse hore lebitso la Molimo le rohakoe ebile ba sentse phutheho lebitso. E ka ’na eaba le rōna ba re sitetsoe ka ho toba. Empa ha baholo ba khethiloeng hore ba sebetse taba ena ba elelloa hore ho latela tataiso ea Jehova, moetsalibe ea bakileng o lokela ho khutlisetsoa ka phuthehong, sena se bontša hore le Jehova o mo tšoaretse. (Mat. 18:17-20) Na ha ho molemo hore le rōna re etsise Jehova? Ha e le hantle, ho hloka kutloelo-bohloko le ho se tšoarele ho tla bontša hore re hanyetsa Jehova. E le hore re tlise khotso le bonngoe ka phuthehong ea Molimo le ho etsa lintho ka tsela eo Jehova a e amohelang, na ha ho molemo hore re mpe re “tiise lerato” la rōna bakeng sa baetsalibe ba bakileng e le kannete ’me ba khutliselitsoe ka phuthehong?—Mat. 6:14, 15; Luka 15:7.
“O na le Thuso ho ’Na”
16. Mareka o ile a soetsa Pauluse ka ho etsa’ng?
16 Mangolo a bua ka ketsahalo e ’ngoe e bontšang hore ha rea lokela ho jara batho ka pelo ha ba re soetsitse. Ka mohlala, Johanne Mareka o ile a soetsa moapostola Pauluse habohloko. Ka ho etsa’ng? Ha Pauluse le Barnabase ba qala leeto la bona la pele la boromuoa, Mareka o ile a tsamaea le bona e le hore a ba thuse. Empa ha ba le kae-kae, Johanne Mareka a ba lahla kherehloa eaba o khutlela hae, le hoja ho sa boleloa hore na ke ka lebaka lefe. Pauluse o ile a soetseha hoo ha ba ne ba itokisetsa leeto la bobeli, a ileng a hana ha Barnabase a re ba boele ba tsamaee le Mareka. Ka lebaka la se ileng sa etsahala leetong la pele, Pauluse o ne a sa batle hore ba tsamaee le Mareka.—Bala Liketso 13:1-5, 13; 15:37, 38.
17, 18. Re tseba joang hore bothata bo bileng teng pakeng tsa Pauluse le Mareka bo ile ba rarolloa, ’me re ithuta eng ho see?
17 Ho hlakile hore Mareka ha aa ka a itumella hore a nyahamisoe ke hore ebe Pauluse o ne a sa batle ho tsamaea le eena, kaha o ile a ’na a sebetsa le Barnabase e le moromuoa sebakeng se seng. (Lik. 15:39) Seo Pauluse a ileng a se ngola ka eena hamorao, se bontša hore o ile a tšepahala. Ha Pauluse e se e le motšoaruoa Roma, o ile a ngola lengolo a re Timothea a tle ho eena. Lengolong leo, Pauluse o ile a re: “Nka Mareka ’me u tle le eena, kaha o na le thuso ho ’na bakeng sa ho sebeletsa.” (2 Tim. 4:11) Ka sebele, Pauluse o ne a se a lumela hore Mareka o fetohile.
18 Ho na le seo re ka ithutang sona tabeng ena. Mareka e ile ea e-ba moromuoa ea ipabolang. Ha aa ka a khopisoa ke hore Pauluse o kile a hana ho tsamaea le eena. Eena le Pauluse e ne e le banna ba nang le kamano e matla le Jehova, ’me ha baa ka ba jarana ka pelo. Ho e-na le hoo, hamorao Pauluse o ile a bona hore Mareka a ka mo thusa haholo. Kahoo ha barab’abo rōna ba se ba rarolotse liqabang, ’me bothata bo felile, ntho e nepahetseng eo ba ka e etsang ke ho khaotsa ho nahana haholo ka bothata boo ’me ba tsoele pele ho thusa ba bang ho hatela pele ka phuthehong. Ha re sheba lintho tse ntle tseo ba bang ba li etsang, re haha phutheho.
Karolo eo U e Phethang ka Phuthehong
19. Litho tsohle tsa phutheho ea Bakreste li ka thusana joang?
19 ‘Linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ u hloka thuso ea bara le barali beno ka phuthehong, ’me le bona ba hloka thuso ea hao. (2 Tim. 3:1) Ho ka etsahala hore hase kamehla Mokreste ka mong a tsebang tsela ea ho sebetsana le mathata a hae ka katleho, empa Jehova eena o tseba seo a lokelang ho se etsa. ’Me a ka sebelisa litho tsa phutheho tse sa tšoaneng—ho akarelletsa le uena—ho ba thusa ho etsa se nepahetseng. (Esa. 30:20, 21; 32:1, 2) Kahoo, etsa sohle seo u ka se khonang hore u sebelise keletso ea moapostola Pauluse! O itse, le ’ne “le tšelisane le ho hahana, feela joalokaha le etsa.”—1 Bathes. 5:11.
U ka Araba Joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho haha ba bang ka phuthehong ea Bakreste?
• U ka thusa ba bang hore ba hlōle mathata a mofuta ofe?
• Ke hobane’ng ha re hloka thuso ea ba bang ka phuthehong?
[Setšoantšo se leqepheng la 11]
Re ka thusa Mokreste-’moho le rōna ha a e-na le bothata
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Kajeno bahlankana le baroetsana ba bangata ba na le makhabane ao nakong e tlang a ka tsoelang phutheho ea Bakreste molemo