Epafroditase—Lenģosa la Bafılippi
PAULUSE o ile a ngolla Bafilippi: “Mo feng kamohelo e mofuthu e tloaelehileng Moreneng ka thabo eohle; ’me le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa.” Ha ho pelaelo hore re ne re tla thaba haeba molebeli oa Mokreste a ne a ka bua ka rōna ka mantsoe a babatsang joalo. (Bafilippi 2:29) Empa Pauluse o ne a bua ka mang? ’Me motho eo o ne a entse eng hore a lokeloe ke pabatso e mofuthu joalo?
Karabo potsong ea pele ke Epafroditase. Ho araba ea bobeli, a re hlahlobeng maemo a ileng a susumelletsa Pauluse ho ngola mantsoe ana.
Hoo e ka bang ka 58 C.E., Bafilippi ba ile ba utloa hore Pauluse o ile a hulanyetsoa kantle ho tempele ’me a otloa ke mahoo-hoo a mabifi Jerusalema, a tšoaroa ke ba nang le matla a ho laela, ’me, ka mor’a ho kenngoa litlamong ho sa qetoa taba, o ile a fetisetsoa Roma a fasitsoe ka mahlaahlela. (Liketso 21:27-33; 24:27; 27:1) Ba tšoenyehile ka bophelo ba hae bo botle, e tlameha ebe ba ile ba ipotsa hore na ba ka mo etsetsa’ng. Ba ne ba futsanehile linthong tse bonahalang hape ba le hōle le Pauluse, ka hona thuso eo ba neng ba ka fana ka eona e ne e lekanyelitsoe. Empa, maikutlo a mofuthu a ileng a susumelletsa Bafilippi ho tšehetsa tšebeletso ea hae nakong e fetileng a ne a ntse a ba susumetsa; ho ne ho le joalo le ho feta, kaha o ne a le boemong bo thata.—2 Bakorinthe 8:1-4; Bafilippi 4:16.
E tlameha ebe Bafilippi ba ne ba ile ba nahana ka taba ea hore na e mong oa bona a ka etela Pauluse ka mpho le ho mo thusa haeba ho e-na le seo a se hlokang. Empa e ne e le leeto le lelelele le le khathatsang, ’me ho mo thusa ho ne ho ka ’na ha e-ba kotsi! Joachim Gnilka oa hlokomela: “Ho ne ho hlokahala sebete ho etela motšoaruoa, haholo-holo eo ‘tlōlo ea hae ea molao’ e tlamehang ebe e ile ea hlaha e sa hlaka.” Mongoli Brian Rapske o re: “Ho ne ho e-na le kotsi e eketsehileng ea ho amana haufi-ufi feela le motšoaruoa eo kapa ho mo utloela bohloko kapa ho amohela maikutlo a hae. . . . Lentsoe la tšohanyetso kapa ketso le ka ’na la lebisa e seng feela lefung la motšoaruoa empa le la mothusi.” Bafilippi ba ne ba ka roma mang?
Re ka hla ra inahanela hore na leeto la mofuta ona e ka ’na eaba le ile la baka ho tšoenyeha le ho tsila-tsila hakae, empa Epafroditase (ha aa lokela ho kopanngoa le Epafrase oa Kolose) o ne a ikemiselitse ho phetha thōmo eo e boima. Ha re lekanya ka lebitso la hae, le akarelletsang la Aphrodite, e ka ’na eaba e ne e le Molichaba ea sokolohetseng Bokresteng—mora oa batsoali ba inehetseng ho molingoana oo oa Magerike oa lerato le oa matla a ho ba le bana. Ha Pauluse a ne a ngolla Bafilippi ho ba leboha ka ho fana ha bona ka seatla se bulehileng, ka nepo o ne a ka hlalosa Epafroditase e le “moromuoa oa lōna le mohlanka oa botho bakeng sa seo ke se hlokang.”—Bafilippi 2:25.
Ho ea ka seo Bibele e se buang ka Epafroditase, re khona ho utloisisa hore ho sa tsotellehe boikemisetso ba hae bo lokelang ho babatsoa ba ho itšebelisa tšebeletsong ena bakeng sa Pauluse le phutheho ea habo, Epafroditase o ne a e-na le mathata a tšoanang le ao e ka ’nang eaba re na le ’ona. A re hlahlobeng mohlala oa hae.
“Mohlanka oa Botho Bakeng sa Seo ke se Hlokang”
Ha re tsebe litaba tse qaqileng, empa re ka nahana hore Epafroditase o ile a fihla Roma a khathetse ke leeto la hae. Mohlomong o ile a tsamaea tseleng ea Via Egnatia, tseleng ea Roma e fetang Macedonia. A ka be a ntse a ile a tšela Adriatic ho ea “seretheng” sa hloahloa ea Italy ebe joale o nyolosa ka Appian Way ho ea Roma. E ne e le leeto le khathatsang (lik’hilomithara tse 1 200 ho ea feela) leo mohlomong le ileng la nka nako e ka holimo ho khoeli.—Bona lebokose le leqepheng la 29.
Epafroditase o ile a tloha a e-na le moea ofe? O ne a rometsoe ho ea etsetsa Pauluse “tšebeletso ea botho,” kapa lei·tour·giʹa. (Bafilippi 2:30) Lentsoe lena la Segerike pele le ne le bolela mosebetsi o etsetsoang Naha oo moahi a o etsang ka boithaopo. Hamorao, le ile la bolela mofuta oa tšebeletso oo Naha e neng e qobella baahi ba neng ba tšoaneleha ka ho khethehileng hore ba o etse. Ka ho sebelisoa ha lentsoe lena Mangolong a Segerike, setsebi se seng se re: “Mokreste ke motho ea sebeletsang Molimo le batho, tabeng ea pele, hobane a lakatsa ho etsa joalo, ka pelo ea hae eohle, ’me ea bobeli, hobane a tlameha, hobane lerato la Kreste lea mo tlama.” E, ke moea o motle hakaakang oo Epafroditase a ileng a o bontša!
‘O Ile a Pepesetsa Soule ea Hae Kotsi’
Ha a sebelisa lentsoe le alimiloeng puong ea ho becha, Pauluse o bolela hore Epafroditase o ne a ‘pepeselitse [pa·ra·bo·leu·saʹme·nos] soule ea hae kotsi,’ kapa ka ho toba, o ile a “becha” ka bophelo ba hae bakeng sa tšebeletso ea Kreste. (Bafilippi 2:30) Ha ho hlokahale hore re nahane hore Epafroditase o ile a etsa ntho leha e le efe e booatla; ho e-na le hoo, phethahatso ea tšebeletso ea hae e halalelang e ne e akarelletsa kotsi e itseng. Na ebe mohlomong o ile a leka mosebetsi oa liphallelo nakong ea selemo e boima? Na o ile a mamella boitekong ba hae ba ho phetha leeto leo ka mor’a hore a kule kae-kae tseleng? Leha ho le joalo, Epafroditase “o ile a kula ho isa makhatheng a lefu.” Mohlomong o ne a lokela hore ebe o ile a lula le Pauluse hore a mo sebeletse, ka hona ho bonahala moapostola a ne a batla ho hlalosa lebaka la ho khutla ha hae pele ho nako eo a neng a lebeletsoe ka eona.—Bafilippi 2:27.
Leha ho le joalo, Epafroditase e ne e le motho ea sebete ea neng a ikemiselitse ho ipeha kotsing ka ho hloka boithati e le hore a ka thusa ba hlokang.
Re ka ’na ra ipotsa, ‘Ke ne nka ikitlaetsa ho ea bohōleng bofe ho thusa barab’eso ba moea ba leng maemong a boima?’ Moea o joalo oa ho ikemisetsa hase boikhethelo ho Bakreste. Jesu o itse: “Ke le fa taelo e ncha, hore le ratane; feela joalokaha ke le ratile, hore le lōna le ratane.” (Johanne 13:34) Epafroditase o ile a phetha tšebeletso ea hae “ho isa makhatheng a lefu.” Joale Epafroditase e ne e le mohlala oa motho ea neng a e-na le ‘boikutlo ba kelello’ boo Pauluse a ileng a khothalletsa Bafilippi ho ba le bona. (Bafilippi 2:5, 8, 30, Kingdom Interlinear) Na u ne u tla itokisetsa ho ea bohōleng boo?
Ho ntse ho le joalo, Epafroditase o ile a tepella maikutlong. Hobane’ng?
Ho Tepella Maikutlo ha Hae
Ipehe boemong ba Epafroditase. Pauluse o ile a tlaleha: “O hlolohetsoe ho le bona kaofela ’me o tepeletse maikutlo hobane le ile la utloa hore o ne a kula.” (Bafilippi 2:26) Epafroditase o ne a tseba hore barab’abo ba phuthehong ea habo ba ne ba tseba hore o ne a kula le hore ha aa ka a khona ho thusa Pauluse ka tsela eo ba neng ba tšepile hore o tla mo thusa ka eona. Ha e le hantle, ho ka ’na ha bonahala eka Epafroditase o ne a baketse Pauluse matšoenyeho a eketsehileng. Na ngaka Luka, molekane oa Pauluse, o ile a tlameha ho hlokomoloha lintho tse ling e le hore a ka hlokomela Epafroditase?—Bafilippi 2:27, 28; Bakolose 4:14.
Mohlomong phello e bile hore Epafroditase a tepelle maikutlong. Mohlomong o ile a nahana hore barab’abo phuthehong ea habo ba ne ba nka hore ha a tšoanelehe. Mohlomong o ne a ikutloa a le molato ’me a “hlolohetsoe” ho ba bona ho ba kholisa ka botšepehi ba hae. Pauluse o ile a sebelisa lentsoe la Segerike le matla haholo, a·de·mo·neʹo, ‘ho tepella maikutlong,’ ho hlalosa boemo ba Epafroditase. Ho latela setsebi J. B. Lightfoot, lentsoe lena le ka bolela “boemo ba ho ferekana, ho se tsitse, ho ferekana kelellong, ho bakoang ke ho se sebetse hantle ha ’mele oa hae kapa ke ho tšoenyeha kelellong, ho kang ho sareloa, ho ba lihlong, ho soetseha, jj.” Tšebeliso ea ho qetela ea lentsoe lena Mangolong a Segerike e amana le bohloko bo otlang pelo boo Jesu a bileng ho bona serapeng sa Gethsemane.—Matheu 26:37.
Pauluse o ile a etsa qeto ea hore ntho e molemohali e ne e tla ba ho khutlisetsa Epafroditase ho Bafilippi ka lengolo le hlalosang ho khutla ho sa lebelloang ha moromuoa oa bona. Ha a re, “ke ho nka ho hlokahala ho romela ho lōna Epafroditase,” Pauluse o nka boikarabelo bakeng sa ho khutla ha hae, kahoo o tlosa pelaelo leha e le efe e ka ’nang ea e-ba teng ea hore Epafroditase o ne a hlōlehile. (Bafilippi 2:25) Ho e-na le hoo, Epafroditase o ile a batla a lahleheloa ke bophelo e le hore a ka phetha thōmo ea hae! Pauluse ka mofuthu o eletsa hore ba ‘mo fe kamohelo e mofuthu e tloaelehileng Moreneng ka thabo eohle; ’me ba ’ne ba nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa, hobane ka lebaka la mosebetsi oa Morena o ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa soule ea hae kotsi, e le hore a ka koala sekheo ka botlalo bakeng sa ho se be teng ha bona mona hore le nketsetse tšebeletso ea botho.’—Bafilippi 2:29, 30.
“Le ’ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
Banna le basali ba nang le boikutlo ba kelello bo tšoanang le ba Epafroditase ruri ba lokela ho ananeloa. Baa itela e le hore ba ka sebeletsa. Nahana ka ba inehetseng ho sebeletsa hōle le ha habo bona e le baromuoa, balebeli ba tsamaeang kapa ho e ’ngoe ea liofisi tsa lekala tsa Mokhatlo oa Watch Tower. Haeba botsofali kapa bophelo bo fokolang joale bo thibela ba bang ho etsa seo ba kileng ba se etsa, ba lokeloa ke tlhompho le ho nkoa e le ba bohlokoa bakeng sa lilemo tsa bona tsa tšebeletso e tšepahalang.
Leha ho le joalo, bokuli bo fokolisang e ka ’na ea e-ba mohloli oa ho tepella maikutlo kapa ho ba le boikutlo ba letsoalo le molato. Motho a ka rata ho etsa se eketsehileng. Ho ferekanya hakaakang! Mang kapa mang ea iphumanang a le boemong bo joalo a ka ithuta ho Epafroditase. Etsoe, na e ne e le molato oa hae hore ebe o ile a kula? Le hanyenyane! (Genese 3:17-19; Baroma 5:12) Epafroditase o ne a lakatsa ho sebeletsa Molimo le barab’abo, empa bokuli bo ile ba mo thibela.
Pauluse ha aa ka a nyatsa Epafroditase ka lebaka la bokuli ba hae empa o ile a bolella Bafilippi hore ba be lehlakoreng la hae. Ka ho tšoanang, re lokela ho khothatsa barab’abo rōna ha ba nyahame. Hangata re ka ba rorisa bakeng sa mohlala oa bona o tšepahalang oa tšebeletso. Hore ebe Pauluse o ile a ananela Epafroditase, a bua hantle hakaalo ka eena, ho tlameha ebe ho ile ha mo tšelisa, ha kokobetsa ho tepella ha hae maikutlong. Le rōna re ka kholiseha hore ‘Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa rōna le lerato leo re ileng ra le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore re sebelelitse bahalaleli ’me re tsoela pele ho sebeletsa.’—Baheberu 6:10.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Mathata a Leeto
Matsatsing ana leeto le lipakeng tsa metse ea Europe e ’meli ea bohlokoa, le tšoanang le le neng le nkiloe ke Epafroditase, le ka ’na la se ke la hloka boiteko bo boholo. Leeto lena le ka phethoa ka boiketlo ka sefofane sa jete ka nako e ka etsang hora kapa tse peli. Boemo bo ne bo fapane ka ho feletseng bakeng sa ho nka leeto le joalo lekholong la pele la lilemo. Morao koo, ho tloha sebakeng se seng ho ea ho se seng ho ne ho bolela mathata. Motho ea tsamaeang ka maoto o ne a ka tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 30 ho ea ho tse 35 ka letsatsi, a ipepesetsa likotsi tsa boemo ba leholimo le tse ling, ho akarelletsa le ‘masholu a litseleng.’—2 Bakorinthe 11:26.
Ho thoe’ng ka libaka tsa ho robala bosiu le mefaho?
Rahistori Michelangelo Cagiano de Azevedo o bontša hore litseleng tsa Roma, “ho ne ho e-na le li-mansione, lihotele tse nang le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e hlokahalang, le mabenkele, litala le matlo a bolulo bakeng sa basebetsi ba tsona; lipakeng tsa li-mansione tse peli tse latellanang, ho ne ho e-na le li-mutatione tse ’maloa, kapa libaka tsa ho khefutsa leetong, moo motho a neng a ka chencha lipere kapa likoloi ’me a fumana mefaho.” Libara tsena li ne li e-na le botumo bo bobe haholo kaha li ne li eteloa khafetsa ke batho ba boemo bo tlaase-tlaase sechabeng. Ntle le ho utsoetsa baeti, bahlokomeli ba ntlo ea baeti ba ne ba atisa ho eketsa meputso ea bona ka ho fumana chelete ho matekatse. Mongoli oa lithoko tsa Selatine tse phoqang Juvenal o ile a hlalosa hore mang le mang ea neng a iphumana a susumelletseha ho lula ntlong ea baeti e joalo o ne a ka ’na a iphumana a “robetse betheng e pel’a motho ea khopo, ea se nang mekhoa, a le sehlopheng sa beng ba likepe, masholu le makhoba a balehileng, ka ntle le batho ba fanyehang ba bang le ba etsang makese a bafu . . . Bohle ba sebelisa komiki e le ’ngoe; ha ho ea nang le bethe ea hae, leha e le hona ho ba le tafole e thōko le tse ling.” Bangoli ba bang ba boholo-holo ba ile ba tletleba ka metsi a mabe le likamore, tse neng li tletse, li le litšila, li le mongobo li bile li e-na le matsetse.
[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 27]
Roma
[Setšoantšo]
Motsamai mehleng ea Roma
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Map: Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.; Traveler: Da originale del Museo della Civiltà Romana, Roma