Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang Kajeno?
“Ho ba ha rōna ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo, eo ka sebele a re tšoanelehisitseng ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se secha.”—2 BAKORINTHE 3:5, 6.
1, 2. Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba arolelana boikarabelo bofe, empa lintho li ile tsa fetoha joang?
LEKHOLONG la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng, Bakreste bohle ba ne ba arolelana boikarabelo ba bohlokoa—mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo. Bohle e ne e le batlotsuoa ’me e le basebeletsi ba selekane se secha. Ba bang ba ne ba e-na le boikarabelo bo eketsehileng, bo kang ho ruta ka phuthehong. (1 Bakorinthe 12:27-29; Baefese 4:11) Batsoali ba ne ba e-na le boikarabelo bo boimanyana ka malapeng. (Bakolose 3:18-21) Empa bohle ba ne ba kopanela mosebetsing o ka sehloohong le oa bohlokoa oa ho bolela. Segerikeng sa pele sa Mangolo a Bakreste, boikarabelo bona bo ne bo bitsoa di·a·ko·niʹa—e leng tšebeletso, kapa bosebeletsi.—Bakolose 4:17.
2 Ha nako e ntse e tsamaea, lintho li ile tsa fetoha. Ho ile ha hlaha sehlopha se bitsoang baruti, se ileng sa ipolokela tokelo ea ho bolela. (Liketso 20:30) Baruti e ne e le sehlotšoana sa ba ipitsang Bakreste. Bongata bo boholo bo ile ba tsejoa e le batho feela. Leha batho feela ba rutiloe hore ba na le boikarabelo bo itseng, bo akarelletsang ho ntša likoleke tsa ho phelisa baruti, tabeng ea boboleli, ba bangata ke bamameli feela ba iphapanyang.
3, 4. (a) Batho ba fetoha basebeletsi joang Bokreste-’mōtoaneng? (b) Ke mang eo ho nkoang hore ke mosebeletsi Bokreste-’mōtoaneng, hona ke hobane’ng ha ho se joalo har’a Lipaki tsa Jehova?
3 Baruti ba bolela hore ke basebeletsi (ka Segerike, di·aʹko·noi, “bahlanka”).a Hore e be basebeletsi, ba fumana mangolo likolecheng kapa liseminaring ebe baa hlomamisoa. The International Standard Bible Encyclopedia e re: “‘Ho hlomamisa’ le ‘tlhomamiso’ ka tloaelo li bolela boemo bo khethehileng bo fuoang basebeletsi kapa baprista litšebeletsong tse khethehileng tsa molao, tseo ho tsona ho fanoang ka matla a ho bolela Lentsoe kapa ho fana ka sakramente, kapa ho li etsa li le peli.” Basebeletsi ba hlomamisoa ke mang? The New Encyclopædia Britannica e re: “Likerekeng tse bolokileng boemo bo hlahelletseng ba bobishopo, kamehla mobishopo ke eena ea hlomamisang. Likerekeng tsa Presbitheri, ho hlomamisa ho etsoa ke litho tsa presbitheri.”
4 Kahoo, likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana, tokelo ea ho ba mosebeletsi e khinnoe haholo. Empa ha ho joalo har’a Lipaki tsa Jehova. Hobane’ng? Hobane ho ne ho se joalo phuthehong ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo.
Hantle-ntle Basebeletsi ba Molimo ke Bo-mang?
5. Ho ea ka Bibele, basebeletsi ba akarelletsa bo-mang?
5 Ho ea ka Bibele, barapeli bohle ba Jehova—ba leholimong le ba lefatšeng—ke basebeletsi. Mangeloi a ile a sebeletsa Jesu. (Matheu 4:11; 26:53; Luka 22:43) Mangeloi a boetse a “sebeletsa ba tla rua poloko.” (Baheberu 1:14; Matheu 18:10) Jesu e ne e le mosebeletsi. O itse: ‘Mora oa motho o tlile, eseng ho tla sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa.’ (Matheu 20:28; Baroma 15:8) Kahoo, kaha balateli ba Jesu ba ne ba lokela hore ba “latele mehato ea hae haufi-ufi,” ha ho makatse hore ebe le bona e lokela ho ba basebeletsi.—1 Petrose 2:21.
6. Jesu o bontšitse joang hore barutuoa ba hae e lokela ho ba basebeletsi?
6 Nakoana pele Jesu a nyolohela leholimong, o ile a re ho barutuoa ba hae: “E-eang ’me le etse batho ba lichaba tsohle barutuoa, le ba kolobetsa ka lebitso la Ntate le la Mora le la moea o halalelang, le ba ruta ho boloka lintho tsohle tseo ke le laetseng tsona.” (Matheu 28:19, 20) Barutuoa ba Jesu e ne e lokela ho ba ba etsang barutuoa—e leng basebeletsi. Barutuoa ba bacha bao ba ba entseng ba ne ba tla ithuta ho boloka lintho tsohle tseo Jesu a li laetseng, ho akarelletsa taelo ea ho ea etsa barutuoa. Ebang ke monna kapa mosali, motho e moholo kapa ngoana, morutuoa oa ’nete oa Jesu Kreste e ne e tla ba mosebeletsi.—Joele 2:28, 29.
7, 8. (a) Ke mangolo afe a bontšang hore Bakreste bohle ba ’nete ke basebeletsi? (b) Ho botsoa lipotso life ka ho hlomamisa?
7 Tumellanong le sena, ka letsatsi la Pentekonta ea 33 C.E., barutuoa bohle ba Jesu ba neng ba le teng, banna le basali, ba ile ba kopanela ho boleleng “lintho tse hlollang tsa Molimo.” (Liketso 2:1-11) Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a ngola, a re: “Ka pelo motho o sebelisa tumelo bakeng sa ho loka, empa ka molomo motho o etsa polelo ea phatlalatsa hore a bolokehe.” (Baroma 10:10) Pauluse ha aa ka a tobisa mantsoe ao ho sehlopha se senyenyane sa baruti, empa o ile a a tobisa “ho bohle ba [neng ba le] Roma e le baratuoa ba Molimo.” (Baroma 1:1, 7) Ka ho tšoanang, “bahalaleli [bohle] ba leng Efese le ba tšepahalang kopanong le Kreste Jesu” ba ne ba lokela hore ‘maoto a bona a roale lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.’ (Baefese 1:1; 6:15) Bohle ba ileng ba utloa lengolo le neng le ngoletsoe Baheberu ba ne ba lokela ho ‘tšoara ka tieo polelo ea phatlalatsa ea tšepo ea bona ba sa thekesele.’—Baheberu 10:23.
8 Leha ho le joalo, motho o fetoha mosebeletsi neng? Ka mantsoe a mang, o hlomamisoa neng? Hona o hlomamisoa ke mang?
Motho o Hlomamisetsoa ho ba Mosebeletsi Neng?
9. Jesu o ile a hlomamisoa neng, hona ke mang?
9 Hore na motho o hlomamisoa e le mosebeletsi neng le hona a hlomamisoa ke mang, nahana ka mohlala oa Jesu Kreste. O ne a se na lengolo la tlhomamiso kapa lengolo la seminari e itseng ho paka hore ke mosebeletsi, ebile ha aa ka a hlomamisoa ke motho leha e le ofe. Kahoo, ke hobane’ng ha re ka bolela hore e ne e le mosebeletsi? Kahobane ke ho eena ho ileng ha phethahala mantsoe a bululetsoeng a Esaia a reng: ‘Moea oa Jehova o holim’a ka, hobane o ntlotsitse hore ke bolele litaba tse molemo.’ (Luka 4:17-19; Esaia 61:1, NW) Mantsoe ao ha a siee pelaelo hore Jesu o ne a fuoe taelo ea ho bolela litaba tse molemo. A e fuoe ke mang? Kaha moea oa Jehova o ile oa mo tlotsetsa mosebetsi ona, ho hlakile hore Jesu o ne a hlomamisitsoe ke Jehova Molimo. See se etsahetse neng? Moea oa Jehova o hlile oa theohela ho Jesu ha a ne a kolobetsoa. (Luka 3:21, 22) Ka lebaka leo, o hlomamisitsoe kolobetsong ea hae.
10. Ke mang ea etsang hore mosebeletsi oa Mokreste e be ea “tšoanelehang ka ho lekaneng”?
10 Ho thoe’ng ka balateli ba Jesu ba lekholong la pele la lilemo? Le bona boemo ba bona ba ho ba basebeletsi bo ne bo tsoa ho Jehova. Pauluse o itse: “Ho ba ha rōna ba tšoanelehang ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo, eo ka sebele a re tšoanelehisitseng ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se secha.” (2 Bakorinthe 3:5, 6) Jehova o tšoanelehisa barapeli ba hae joang hore e be basebeletsi? Nahana ka mohlala oa Timothea eo Pauluse a ileng a mo bitsa “mosebeletsi oa Molimo litabeng tse molemo tse mabapi le Kreste.”—1 Bathesalonika 3:2.
11, 12. Timothea o ile a tsoela pele joang hore e be mosebeletsi?
11 Mantsoe a latelang a tobisitsoeng ho Timothea a re thusa ho utloisisa hore na e ile ea e-ba mosebeletsi joang: “Leha ho le joalo, uena, u tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Timothea 3:14, 15) Tumelo ea Timothea e ne e thehiloe tsebong ea Mangolo, ’me e ne e tla mo susumelletsa hore a bolele phatlalatsa. Na see se ne se hloka feela hore a bale? Che. Timothea o ne a hloka thuso hore a fumane tsebo e nepahetseng le kutloisiso ea moea ea seo a se balang. (Bakolose 1:9) Kahoo Timothea o ile a ‘susumelletsoa ho lumela.’ Kaha o ne a tsebile Mangolo “ho tloha boseeng,” ha ho pelaelo hore barupeli ba hae ba pele e ne e le ’m’ae le nkhono’ae, kaha ho hlakile hore ntat’ae e ne e se molumeli.—2 Timothea 1:5.
12 Leha ho le joalo, ho ne ho ameha ho eketsehileng hore Timothea e be mosebeletsi. Har’a tse ling, tumelo ea hae e ne e matlafatsoa ke ho tloaelana le Bakreste ba liphutheho tse haufi. Re tseba joang? Hobane ha Pauluse a qala ho kopana le Timothea, mohlankana enoa “o ne a buuoa hantle ke barab’abo rōna Lystra le Ikoniamo.” (Liketso 16:2) Ho phaella moo, matsatsing ao barab’abo rōna ba itseng ba ne ba ngolla liphutheho mangolo e le hore ba li matlafatse. Balebeli ba ne ba li etela hore ba li hahe. Litokisetso tse joalo li ne li thusa Bakreste ba kang Timothea hore ba tsoele pele moeeng.—Liketso 15:22-32; 1 Petrose 1:1.
13. Timothea o ile a hlomamisetsoa bosebeletsi neng, hona ke hobane’ng ha u re tsoelo-pele ea hae ea moea ha ea ka ea khaotsa hona moo?
13 Ka lebaka la taelo ea Jesu e tlalehiloeng ho Matheu 28:19, 20, re ka tiisa hore ka nako e ’ngoe, tumelo ea Timothea e ile ea mo susumelletsa hore a etsise Jesu ’me a kolobetsoe. (Matheu 3:15-17; Baheberu 10:5-9) Sena e ne e le pontšo ea hore Timothea o inehetse ka pelo eohle ho Molimo. Timothea e ile ea e-ba mosebeletsi ha a kolobetsoa. Ho tloha nakong eo, bophelo ba hae, matla a hae le sohle seo a neng a e-na le sona e ile ea e-ba sa Molimo. Sena e ile ea e-ba karolo ea bohlokoa ea borapeli ba hae, ea e-ba “tšebeletso e halalelang.” Leha ho le joalo, Timothea ha aa ka a ea le khongoana holimo. O ile a tsoela pele ho hōla moeeng, ea e-ba mosebeletsi oa Mokreste ea hōlileng moeeng. Sena se ile sa etsahala ka lebaka la hore Timothea o ne a ntšana se inong le Bakreste ba hōlileng moeeng ba kang Pauluse, a ithuta, a bile a bolela ka mafolo-folo.—1 Timothea 4:14; 2 Timothea 2:2; Baheberu 6:1.
14. Motho ‘ea nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ o tsoela pele joang ho fihlela e e-ba mosebeletsi mehleng ee?
14 Ho hlomamisetsoa bosebeletsi ba Bokreste hoa tšoana le mehleng ena. Motho ‘ea nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng’ o thusoa ka thuto ea Bibele hore a ithute ka Molimo le merero ea hae. (Liketso 13:48) Motho eo o ithuta ho sebelisa melao-motheo ea Bibele bophelong ba hae le ho rapela Molimo ka sepheo se itseng. (Pesaleme ea 1:1-3; Liproverbia 2:1-9; 1 Bathesalonika 5:17, 18) O kopanela le balumeli ba bang ’me o sebelisa hamolemo lintho tse lokiselitsoeng le tse hlophisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” (Matheu 24:45-47; Liproverbia 13:20; Baheberu 10:23-25) Kahoo, o tsoela pele ho ithuta ka tsela e hlophisehileng.
15. Ho etsahala’ng ha motho a kolobetsoa? (Bona le mongolo o botlaaseng ba leqephe.)
15 Qetellong, seithuti sa Bibele, ha se se se hlaoletse lerato ho Jehova Molimo le tumelo e matla sehlabelong sa thekollo, se lakatsa ho inehela ka ho feletseng ho Ntat’a sona oa leholimo. (Johanne 14:1) Se inehela ka thapelo boinotšing ebe sea kolobetsoa se bontša phatlalatsa hore se entse eng boinotšing. Ho kolobetsoa ha sona ke tšebeletso eo se hlomamisoang ka eona hobane ke nako eo ka eona se nkoang e le mohlanka, di·aʹko·nos, oa Molimo ea inehetseng ka ho feletseng. Se tlameha ho aroha lefatšeng. (Johanne 17:16; Jakobo 4:4) Se inehetse ka ho feletseng se sa itšiele letho hore e be “sehlabelo se phelang, se halalelang, se amohelehang ho Molimo.” (Baroma 12:1)b Ke mosebeletsi oa Molimo, ea etsisang Kreste.
Bosebeletsi ba Bokreste ke Eng?
16. Boikarabelo bo bong ba Timothea e le mosebeletsi e ne e le bofe?
16 Bosebeletsi ba Timothea bo ne bo akarelletsa eng? O ne a e-na le boikarabelo bo khethehileng e le motsoalle oa Pauluse ea tsamaeang le eena. Ha e e-ba moholo, Timothea o ile a sebetsa ka thata ho ruta le ho matlafatsa Bakreste-’moho le eena. Empa karolo ea sehlooho ea bosebeletsi ba hae, joalokaha ho ne ho le joalo ka Jesu le Pauluse, e ne e le ho bolela litaba tse molemo le ho etsa barutuoa. (Matheu 4:23; 1 Bakorinthe 3:5) Pauluse o ile a bolella Timothea: “Uena, leha ho le joalo, u lule u hlaphohetsoe kelellong linthong tsohle, u utloisoe bohloko ke bobe, u etse mosebetsi oa moevangeli, u phethe bosebeletsi ba hao ka botlalo.”—2 Timothea 4:5.
17, 18. (a) Bakreste ba kopanela tšebeletsong efe? (b) Mosebetsi oa boboleli ke oa bohlokoa hakae ho mosebeletsi oa Mokreste?
17 Ho joalo ka basebeletsi ba Bakreste mehleng ena. Ba kopanela bosebeletsing ba phatlalatsa, e leng mosebetsi oa boevangeli, ba bontša ba bang tsela ea poloko motheong oa sehlabelo sa Jesu ’me ba ruta ba bonolo hore ba ipiletse lebitsong la Jehova. (Liketso 2:21; 4:10-12; Baroma 10:13) Ba paka ka Bibele hore ’Muso ke oona feela tšepo ea moloko oa batho o mahlomoleng ’me ba bontša hore le hona joale lintho li molemo hafeela re phela ka melao-motheo ea bomolimo. (Pesaleme ea 15:1-5; Mareka 13:10) Empa mosebeletsi oa Mokreste ha a rute melao-motheo ea Bokreste e le hore ho rarolloe mathata a sechaba ka eona. Ho e-na le hoo, o ruta hore ‘boinehelo ba bomolimo bo na le tšepiso ea bophelo ba hona joale le ea bo tlang ho tla.’—1 Timothea 4:8.
18 Ke ’nete hore basebeletsi ba bangata ba na le litsela tse eketsehileng tsa ho sebeletsa, tse ka ’nang tsa fapana ho ea ka Bakreste. Ba bangata ba na le boikarabelo ba malapa. (Baefese 5:21–6:4) Baholo le bahlanka ba sebeletsang ba na le boikarabelo ka phuthehong. (1 Timothea 3:1, 12, 13; Tite 1:5; Baheberu 13:7) Bakreste ba bangata ba kenya letsoho kahong ea Liholo tsa ’Muso. Ba bang ba na le tokelo e babatsehang ea ho sebetsa e le baithaopi ho le leng la mahae a Bethele a Mokhatlo oa Watch Tower. Leha ho le joalo, Bakreste bohle ba kopanela ho boleleng litaba tse molemo. Ha ho mokhelo. Ho kopanela mosebetsing ona ke hona ho tsebahatsang motho phatlalatsa hore ke mosebeletsi oa sebele oa Mokreste.
Pono ea Mosebeletsi oa Mokreste
19, 20. Basebeletsi ba Bakreste ba lokela ho hlaolela boikutlo bofe?
19 Basebeletsi ba bangata ba ipitsang Bakreste ba lebella ho fuoa tlhompho e khethehileng, ’me ba amohela litlotla tse kang “reverente” le “ntate.” Leha ho le joalo, mosebeletsi oa Mokreste o tseba hore ke Jehova feela ea tšoaneloang ke tlhompho ea borapeli. (1 Timothea 2:9, 10) Ha ho na mosebeletsi oa Mokreste ea batlang tlhompho e phahameng joalo kapa ea lakatsang litlotla tse khethehileng. (Matheu 23:8-12) Oa tseba hore moelelo o ka sehloohong oa di·a·ko·niʹa ke “tšebeletso.” Ka linako tse ling, ka Bibeleng ho sebelisoa leetsi le amanang le eona ha ho buuoa ka litšebeletso tse etsetsoang batho tse kang ho fepa litafoleng. (Luka 4:39; 17:8; Johanne 2:5) Esita leha e sebelisoa ka mokhoa o phahameng haholoanyane bosebeletsing ba Bokreste, di·aʹko·nos e ntse e le mohlanka.
20 Ka lebaka leo, ha ho na mosebeletsi oa Mokreste ea nang le lebaka la ho iphahamisa. Basebeletsi ba ’nete ba Bakreste—esita le ba nang le boikarabelo bo khethehileng ka phuthehong—ke bahlanka ba ikokobelitseng. Jesu o ile a re: “Mang kapa mang ea batlang ho ba moholo har’a lōna e lokela ho ba mosebeletsi oa lōna, ’me mang kapa mang ea batlang ho ba oa pele har’a lōna e lokela ho ba lekhoba la lōna.” (Matheu 20:26, 27) Ha Jesu a ne a bontša barutuoa ba hae boikutlo bo nepahetseng boo ba lokelang ho bo hlaolela, o ile a ba hlatsoa maoto, a etsa mosebetsi oa lekhoba le eisehang ka ho fetisisa. (Johanne 13:1-15) Ke tšebeletso e bontšang boikokobetso bo bokaakang! Kahoo, basebeletsi ba Bakreste ba sebeletsa Jehova Molimo le Jesu Kreste ka boikokobetso. (2 Bakorinthe 6:4; 11:23) Ba bontša boikokobetso ba kelello ha ba sebeletsana. Ha ba bolela litaba tse molemo, ka ho hloka boithati ba sebeletsa baahisani ba bona ba sa lumelang.—Baroma 1:14, 15; Baefese 3:1-7.
E-ba le Mamello Bosebeletsing
21. Pauluse o ile a putsoa joang ka lebaka la ho mamella tšebeletsong?
21 Ho ba mosebeletsi ho ne ho hloka mamello ho Pauluse. O ile a bolella Bakolose hore o fetile litlhokofatsong tse ngata e le hore a ba bolelle litaba tse molemo. (Bakolose 1:24, 25) Leha ho le joalo, kaha o ile a mamella, ba bangata ba ile ba amohela litaba tse molemo ’me ea e-ba basebeletsi. Ba ile ba tsoaloa e le bara ba Molimo le barab’abo Jesu Kreste, ba lebeletseng ho ba libōpuoa tsa moea le eena leholimong. Ke moputso o thabisang hakaakang oa mamello!
22, 23. (a) Ke hobane’ng ha mehleng ee ho hlokahala hore basebeletsi ba Bakreste ba be le mamello? (b) Mamello ea Bokreste e beha litholoana life tse hlollang?
22 Mehleng ena ho hlokahala mamello ho bao e hlileng e leng basebeletsi ba Molimo. Letsatsi le leng le le leng ba bangata ba loana le ho kula kapa mahlaba a botsofali. Batsoali ba sebetsa ka thata—bongata ba bona e le batsoali ba se nang balekane—ho hōlisa bana ba bona. Sekolong bana ba ba sebete ho hana litšusumetso tse fosahetseng tse ba likolohileng. Bakreste ba bangata ba hula ka thata licheleteng. Ba bangata baa hlorisoa kapa ba har’a mathata ka lebaka la “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona”! (2 Timothea 3:1) E, mehleng ena basebeletsi ba Jehova ba ka bang limilione tse tšeletseng ba ka etsisa moapostola Pauluse, ba re: “Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ipuella re le basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella ho hongata.” (2 Bakorinthe 6:4) Basebeletsi ba Bakreste ha ba tele. Ba tšoaneloa ke pabatso ea sebele ha ba mamella.
23 Ho feta moo, joalokaha ho etsahetse tabeng ea Pauluse, mamello e beha litholoana tse babatsehang. Ka ho mamella, re lula re e-na le kamano e haufi le Jehova ’me re thabisa pelo ea hae. (Liproverbia 27:11) Re matlafatsa tumelo ea rōna ebile re etsa barutuoa, re hōlisa mokhatlo oa bara ba motho oa Bakreste. (1 Timothea 4:16) Matsatsing ana a ho qetela Jehova o tšehelitse basebeletsi ba hae ebile o hlohonolofalitse bosebeletsi ba bona. Ka lebaka leo, ho bokeletsoe litho tsa ho qetela tsa ba 144000, ’me ba bang ba limilione ba na le tšepo e tiileng ea ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Luka 23:43; Tšenolo 14:1) Ke ’nete hore bosebeletsi ba Bokreste ke pontšo ea mohau oa Jehova. (2 Bakorinthe 4:1) E se eka bohle re ka bo nka e le ba bohlokoa ’me re lebohe hore litholoana tsa bona li tla ba teng ka ho sa feleng.—1 Johanne 2:17.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lentsoe la Segerike di·aʹko·nos ke mohloli oa lentsoe “modiakone,” mohlanka oa kereke. Likerekeng tseo ho tsona basali e ka bang badiakone, ba ka ’na ba bitsoa bo-’mè modiakone.
b Leha Baroma 12:1 e sebetsa ka ho toba ho Bakreste ba tlotsitsoeng, molao-motheo oa eona o sebetsa le ho “linku tse ling.” (Johanne 10:16) Tsona li ‘khomarela Jehova bakeng sa ho mo sebeletsa le ho rata lebitso la Jehova, hore e tle e be bahlanka ba hae.’—Esaia 56:6.
Na U ka Hlalosa?
• Bakreste bohle ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba kopanela boikarabelo bofe?
• Mosebeletsi oa Mokreste o hlomamisoa neng hona ke mang?
• Mosebeletsi oa Mokreste o lokela ho hlaolela boikutlo bofe?
• Ke hobane’ng ha mosebeletsi oa Mokreste a lokela ho mamella ha a le har’a mathata?
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Timothea o ile a rutoa Lentsoe la Molimo ho tloha boseeng. O ile a fetoha mosebeletsi ea hlomamisitsoeng ha a kolobetsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Kolobetso e bontša boinehelo ho Molimo ’me e tšoaea ho hlomamisoa ha motho hore e be mosebeletsi
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Basebeletsi ba Bakreste ba ikemiselitse ho sebeletsa