Buka ea Bibele ea 48—Ba-Galata
Mongoli: Pauluse
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Korinthe kapa Antioke ea Syria
Ho Ngoloa ho Phethiloe: hoo e ka bang ka 50–52 C.E.
1. Ke liphutheho life tse ngoletsoeng ho Ba-Galata, ’me li ile tsa hlophisoa joang hona neng?
LIPHUTHEHO tsa Galatia tseo Pauluse a neng a li ngolla ho Ba-Galata 1:2 ho hlakile hore li ne li akarelletsa Pisidia ea Antioke, Ikone, Lystra, le Derba—libaka tse neng li le literekeng tse sa tšoaneng empa kaofela li le ka hare ho sebaka sena sa Roma. Liketso likhaolo tsa 13 le 14 e bolela ka leeto la pele la boromuoa la Pauluse a e-na le Barnabase, le ileng la etsa hore ho hlophisoe liphutheho tsa Galatia, ha ba ntse ba haola le sebaka sena. Tsena li ne li entsoe ka motsoako oa Bajode le bao e seng Bajode, ha ho pelaelo hore li ne li kopanyelletsa Macelte, kapa Magaule. Sena se etsahetse nakoana ka mor’a hore Pauluse a etele Jerusalema hoo e ka bang ka 46 C.E.—Lik. 12:25.
2. (a) Ho ile ha hlaha eng leetong la bobeli la Pauluse Galatia, empa ho ile ha latela eng ka morao ho moo? (b) Ka nako eo, Pauluse o ile a tsoela pele joang leetong la hae?
2 Ka selemo sa 49 C.E., Pauluse le Silase ba ile ba qala leeto la bobeli la Pauluse la boromuoa tšimong ea Galatia, le ileng la fella ka hore ‘likereke [“liphutheho”, NW] li tiee tumelong, le ho anafala ka matsatsi ’ohle.’ (Lik. 16:5; 15:40, 41; 16:1, 2) Leha ho le joalo, ba ile ba hatoa lirethe ke baruti ba bohata, balumeli ba Sejode, ba ileng ba phehella ba bang liphuthehong tsa Galatia hore ba lumele hore lebollo le ho bolokoa ha Molao oa Moshe e ne e le likarolo tse hlokahalang tsa Bokreste ba ’nete. Ka nako eo Pauluse o ne a fetetse Mysia ho kenella Macedonia le Greece, qetellong a fihla Korinthe, moo a ileng a lula le banab’abo likhoeli tse fetang tse 18. Joale, ka 52 C.E., o ile a tloha ka tsela ea Efese ho ea Antioke ea Syria, eo a neng a e entse lehae la hae, a fihla moo ka selemo sona seo.—Lik. 16:8, 11, 12; 17:15; 18:1, 11, 18-22.
3. E ka ’na eaba Ba-Galata e ile ea ngolloa hokae hona neng?
3 Pauluse o ile a ngola lengolo le eang ho Bagalata hokae hona neng? Ha ho pelaelo hore o ile a le ngola kapele feela ha molaetsa o fihla ho eena mabapi le mosebetsi oa balumeli ba Sejode. Mohlomong e ne e le Korinthe, Efese, kapa Antioke ea Syria. Mohlomong e ne e le ho ea qetellong ea ho lula ha hae Korinthe ka likhoeli tse 18, 50–52 C.E., kaha nako e ne e ka ba teng ea hore boitsebiso bo fihle ho eena ho tsoa Galatia. Ho bonahala e ne e ke ke ea e-ba Efese, kaha o ile a lula moo nakoana feela leetong la hae la ha a khutlela morao. Leha ho le joalo, joale o ile a ‘hlola matsatsi a mang’ moo a neng a entse lehae la hae teng Antioke ea Syria, ka ho hlakileng hoo e ka bang lehlabula ka 52 C.E., ’me kaha mokhoa oa puisano le ho tsamaea o ne o le bonolo pakeng tsa motse ona o moholo le Asia Minor, ho ka etsahala hore e be o ile a amohela tlaleho e mabapi le balumeli ba Sejode le ho ngola lengolo la hae le eang ho Bagalata a le Antioke ea Syria ka nako ena.—Lik. 18:23.
4. Ba-Galata e senola eng mabapi le boapostola ba Pauluse?
4 Lengolo lena le hlalosa Pauluse e le “moapostola, e seng ka batho, leha e le ka motho, empa e le ka Jesu Kreste, le ka Molimo Ntate.” Hape le senola lintlha tse ngata ka bophelo ba Pauluse le boapostola ba hae, le paka hore, joaloka moapostola, o sebelitse tumellanong le baapostola ba Jerusalema le hore o bile a sebelisa matla a hae ho kenya tseleng moapostola e mong, Petrose.—Ba-Gal. 1:1, 13-24; 2:1-14.
5. Ke linnete life tse buellang bonnete ba Ba-Galata le ho ba ha eona karolo ea Mangolo a Halalelang?
5 Ke linnete life tse emelang bonnete ba Ba-Galata le ho ba ha eona karolo ea Mangolo a Halalelang? E boleloa ka lebitso ho mangolo a Irenaeus, Clement oa Alexandria, Tertullian, le Origen. Ntle ho moo, e akarelletsoa libukeng tse ngotsoeng ka letsoho tse latelang tsa bohlokoa tsa Bibele tsa boemo bo phahameng: Sinaitic, Alexandrine, Vatican No. 1209, Codex Ephraemi Syri rescriptus, Codex Bezae, le Chester Beatty Papyrus No. 2 (P46). Hape, e tumellanong e felletseng le libuka tse ling tsa Mangolo a Segerike hape le Mangolo a Seheberu, ao e qotsang ho ’ona nako le nako.
6. (a) Lengolo la Ba-Galata le tiisa lintlha life tse peli? (b) Ke eng e neng e sa tloaeleha ka ho ngoloa ha lengolo lee, hona le hatisa eng?
6 Lengolong la Pauluse le matla le le sa qeneheleng le eang ho “likereke [“liphutheho,” NW] tsa Galatia,” o paka (1) hore ke moapostola oa ’nete (ntlha eo balumeli ba Sejode ba neng ba lekile ho e thesela) le (2) hore tokafatso e etsoa ka tumelo ho Kreste Jesu, e seng ka mesebetsi ea Molao, le hore ka baka leo lebollo ha le hlokahale bakeng sa Bakreste. Le hoja e ne e le mokhoa oa Pauluse hore a be le mongoli ea mo ngollang liepistole tsa hae, eena ka boeena o ile a ngola Ba-Galata ka ‘litlhaku tse khōlō ka letsoho la hae.’ (6:11, BPN) Litaba tse ka hare ho buka ena e ne e le tsa bohlokoahali, ho Pauluse le ho Bagalata. Buka e hatisa kananelo bakeng sa tokoloho eo Bakreste ba ’nete ba nang le eona ka Jesu Kreste.
LITABA TSE KA HARE TSA BA-GALATA
7, 8. (a) Pauluse o hana eng ka litaba tse molemo? (b) Pauluse o ile a tiisoa joang e le moapostola ho ba sa bollang, hona o ile a bontša matla a hae joang tabeng ea Kefase?
7 Pauluse o sireletsa boapostola ba hae (1:1–2:14). Hoba a lumelise liphutheho tsa Galatia, Pauluse o tsota hore ka potlako feela ba se ba suthiselitsoe mofuteng o mong oa litaba tse molemo, ’me ka tieo oa phatlalatsa: “Athe motho, leha e ka ba rōna, kapa lengeloi le tsoang leholimong, ha a ka le bolella Evangeli esele ho eo re seng re le boleletse eona, a neeloe anathema.” Litaba tse molemo tseo a li phatlalalitseng hase ntho e ’ngoe e entsoeng ke motho, leha e le hore o ile a li rutoa, ‘haese hore e bile ka tšenolo ea Jesu Kreste.’ Pele ho mona, joaloka ’muelli ea chesehang oa bolumeli ba Sejode, Pauluse o ne a ile a hlorisa phutheho ea Molimo, empa joale Molimo o ne o ile oa mo bitsa ka mosa oa Oona o sa tšoanelang hore a phatlalatse litaba tse molemo tsa Mora oa oona ho lichaba. E bile ka morao ho lilemo tse tharo a sokolohile moo a ileng a nyolohela Jerusalema, ’me joale, ho baapostola, o ile a bona Petrose feela, hammoho le Jakobo ngoan’abo Morena. Liphutheho tsa Judea li ne li sa mo tsebe moo e leng eena, le hoja li ne li ee li utloele ka eena le ho “leboha [“tlotlisa,” NW] Molimo” ka baka la hae.—1:8, 12, 24.
8 Ka morao ho lilemo tse 14 Pauluse a nyolohela Jerusalema hape ’me a hlalosetsa ba ikarabellang litaba tse molemo tseo a neng a li bolela. Motsoalle oa hae Tite, le hoja e ne e le Mogerike, ha aa ka a hlokoa hore a bolle. Ha Jakobo le Kefase le Johanne ba bona hore Pauluse o tšepetsoe litaba tse molemo bakeng sa ba sa bollang, joalokaha Petrose a ne a e-na le litaba tse molemo bakeng sa ba bolotseng, ba ile ba neha Pauluse le Barnabase tlhompho ea hore ba tšoarane ka liatla ho ea ho lichaba, ha bona ka bobona ba e-ea ho ba lebollo. Ha Kefase a fihla Antioke ’me a hlōleha ho tsamaea ka kotloloho “’neteng ea Evangeli” ka lebaka la ho tšaba sehlopha sa lebollo, Pauluse o ile a mo khalemela ka pel’a bona bohle.—2:14.
9. Mokreste o phatlalatsoa a lokile motheong ofe?
9 Motho o boleloa a lokile ka tumelo, e seng ka molao (2:15–3:29). Rōna Bajode rea tseba, kamoo Pauluse a behang mabaka, hore “motho ha a beoe ea lokileng ke mesebetsi ea molao, empa e le ka ho lumela ho Jesu Kreste.” Joale o phela bonngoeng le Kreste ’me o phela ka tumelo hore a etse thato ea Molimo. “Ha ekaba ho loka ho tsoa molaong, ekaba Kreste o shoetse lefeela.”—2:16, 21.
10. Ke eng eo e leng ea bohlokoa bakeng sa ho hlohonolofatsoa ke Molimo, ’me morero oa Molao e ne e le ofe?
10 Na Bagalata ba hloka kelello hoo ba ka lumelang hore ha ba qalile ka ho amohela moea ka lebaka la tumelo, ba ka qetella ka ho sebeletsa Molimo ka mesebetsi ea Molao? Hoo e leng taba ke ho utloa ka tumelo, joaloka Abrahama, ea ‘lumetseng ho Molimo, ’me tumelo ea hae a e balloa, ea e-ba ho loka.’ Joale, ho ea ka tšepiso ea Molimo, “ba tumelo ba hlohonolofala le Abrahama molumeli.” Ba lokolotsoe thohakong ea Molao ka lefu la Kreste thupeng. Kreste ke Peō ea Abrahama, ’me Molao o entsoeng lilemong tse 430 hamorao ha o hlakole tšepiso e mabapi le Peō eo. E be joale morero oa Molao e ne e le ofe? “E bile molisa oa bongoana ba rōna, ho re isa ho Kreste, re tle re beoe ba lokileng ka tumelo.” Joale ha re sa le tlas’a molisa, leha e le hore hona joale ho na le khethollo leha e le efe pakeng tsa Mojode le Mogerike, hobane bohle ke ntho e le ’ngoe bonngoeng le Kreste Jesu ’me ‘ke leloko [“peō,” NW] la Abrahama, le majalefa ka pallo.’—3:6, 9, 24, 29.
11. (a) Bagalata ba hlokomoloha tokoloho efe? (b) Pauluse o bontša tokoloho ea Mokreste joang?
11 Emang le tiile tokolohong ea Bokreste (4:1–6:18). Molimo o ile oa romela Mora oa oona ho lokolla ba tlas’a Molao, hore ‘ba tle ba etsoe bana ba Molimo.’ (4:5, BPN) Joale ho ka khutleloa joang morao bokhobeng ba lintho tse fokolang le tse eisehang? Kaha joale Bagalata ba boloka matsatsi le likhoeli le linako tsa selemo le lilemo, Pauluse o tšohile hore mosebetsi oa hae molemong oa bona e bile lefeela. Ha a ne a ba etetse ka lekhetlo la pele, ba ile ba amohela Pauluse joaloka lengeloi la Molimo. Na joale o se a fetohile sera sa bona hobane a ba bolella ’nete? Ba ratang ho ba tlas’a Molao ba ke ba utloe seo Molao o se bolelang: Abrahama o bile le bara ba babeli ka basali ba babeli. Mosali e mong, ngoanana oa lekhabunyane, Hagare, o tšoantšetsa sechaba sa Iseraele ea nama, se tlamelletsoeng ho Jehova ka selekane sa Molao oa Moshe, e leng selekane se tsoalang bana ba bokhoba. Leha ho le joalo, Sara, mosali ea lokolohileng, o tšoantšetsa Jerusalema oa holimo, eo, kamoo Pauluse a bolelang, “ha a tlangoa; ke eena e leng ’m’a rōna.” Pauluse oa botsa: “Empa Lengolo le re’ng?” Le re: “Mora oa ea rekiloeng e ke ke ea e-ba mojalefa hammoho le mora oa ea sa rekoang.” ’Me ha re bana ba ngoanana oa lekhoba, “empa re le ba ea sa rekoang [“eo e seng lekhoba,” NW].”—4:30, 31.
12. (a) Bagalata joale ba tlameha ho tsamaea ka eng? (b) Pauluse o etsa phapang efe ea bohlokoa?
12 Ho bolla kapa ho se bolle ha ho bolele letho, kamoo Pauluse a hlalosang, empa habohlokoa ke tumelo e sebetsang ka lerato. Molao oohle o phethahalitsoe polelong e reng: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” Tsoelang pele ho tsamaea ka moea, hobane “ekare ha le tsamaisoa ke Moea, ha le pusong ea molao.” Tabeng ea mesebetsi ea nama, Pauluse o re lemosa esale pele hore “ba etsang tse joalo, ba ke ke ba rua ’muso oa Molimo.” Ka ho fapana ho khanyang, o hlalosa tholoana ea moea, eo ho seng molao o e hanang, ’me oa phaella: “Ha re phela ka Moea, a re keng re tsamaee le ka Moea” ’me re tlohele ho ipolelisa le mohono.—5:14, 18, 21, 25.
13. Molao oa Kreste o phethahatsoa joang, ’me ke eng ea bohlokoa haholo?
13 Haeba motho a ka nka bohato bo itseng bo fosahetseng pele a hlokomela, ba tšoanelehang moeeng ba tlameha ho mo khutlisa ka “moea o mosa.” Bakreste ba phethahatsa molao oa Kreste ka ho jarelana matšoenyeho, empa e mong le e mong o lokela ho jara boikarabelo ba hae ho paka hore na mosebetsi oa hae ke eng. Motho o tla kotula ho latela seo a se jalang, e-bang ke ho bola nameng kapa bophelo bo sa feleng moeeng. Ba batlang hore Bagalata ba bolotsoe ba mpa ba ho etsa hore ba khahlise batho le ho qoba tlhoriso. Ntho ea bohlokoahali hase lebollo kapa ho se bolle, empa ’mōpuoa e mocha. Khotso le mohau li tla ba ho ba tsamaeang ka taoleho ho ea ka molao ona oa boitšoaro, le holim’a “Iseraele oa Molimo.”—6:1, 16.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
14. Pauluse o behela balebeli mohlala ofe?
14 Lengolo la Ba-Galata le senola Pauluse e le mohlorisi ea senyang ea ileng a fetoha moapostola ea sehlahlo ho lichaba, ka mehla a le mocheng oa ho kena lipuisanong lebitsong la banab’abo. (1:13-16, 23; 5:7-12) Pauluse o bontšitse ka mohlala hore molebeli o lokela ho potlakela ho sebetsa mathata, a felisa ka potlako le ka ho felletseng likhopolo tsa bohata ka mabaka le ka Mangolo.—1:6-9; 3:1-6.
15. Lengolo le bile molemo joang ho liphutheho tsa Galatia, ’me ke tataiso efe eo le fanang ka eona bakeng sa Bakreste kajeno?
15 Lengolo lena le ne le le molemo ho liphutheho tsa Galatia ka ho hlakisa tokoloho ea bona ho Kreste le ka ho nyelisa ba sothang litaba tse molemo. Le hlakisitse hore tumelo ke eona e etsang hore ho boleloe hore motho o lokile le hore lebollo ha le sa hlokahala hore motho a tle a bolokehe. (2:16; 3:8; 5:6) Ka ho qhela lintho tse joalo tsa nama tse bakang khethollo, ho ile ha sebeletsoa ho kopanya Bajode le Balichaba ka phuthehong e le ’ngoe. Tokoloho Molaong e ne e sa lokela ho sebeletsa e le khothalletso ea litakatso tsa nama, hobane molao-motheo ona o ne o sa ntsane o sebetsa: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” O tsoela pele ho sebetsa e le tataiso ho Bakreste kajeno.—5:14.
16. Ke litlhaloso life tse hahang tumelo tsa Mangolo a Seheberu tse fumanoang ho Ba-Galata?
16 Lengolo la Pauluse le ile la thusa Bagalata lintlheng tse ngata tsa thuto, le nka litaba Mangolong a Seheberu bakeng sa mehlala e matla. Le ile la fana ka tlhaloso e bululetsoeng ea Esaia 54:1-6, le khetholla mosali oa Jehova e le “Jerusalema oa holimo.” Le ile la hlalosa “setšoantšo” sa Hagare le Sara, le bontša hore majalefa a litšepiso tsa Molimo ke ba lokolotsoeng ke Kreste e seng ba lulang ba le litlamong tsa Molao. (Ba-Gal. 4:21-26; Gen. 16:1-4, 15; 21:1-3, 8-13) Le ile la hlalosa ka ho hlaka hore selekane sa Molao ha sea ka sa nyopisa selekane sa Abrahama empa se ile sa phaella ho sona. Hape le ile la bontša hore nako e bileng teng lipakeng tsa ho etsoa ha lilekane tsena tse peli e bile lilemo tse 430, tseo e leng tsa bohlokoa kemisong ea nako ea Bibele. (Ba-Gal. 3:17, 18, 23, 24) Tlaleho ea lintho tsena e bolokiloe bakeng sa ho haha tumelo ea Bakreste kajeno.
17. (a) Ke khethollo efe ea bohlokoa eo Ba-Galata e e etsang? (b) Ke keletso efe e ntle e fuoang majalefa a ’Muso le ba sebetsang le ’ona?
17 Habohlokoa haholo, ha ho pelaelo hore Ba-Galata e khetholla Peō ea ’Muso, eo baprofeta bohle ba neng ba e lebelletse. “’Me joale, lipallo li etselitsoe Abrahama le leloko [“peō,” NW] la hae, . . . e leng Kreste.” Ba fetohang bara ba Molimo ka tumelo ho Kreste Jesu ba bontšoa ba amohetsoe hore e be karolo ea peō ena. “Ha le le ba Kreste, ke moo le leng leloko [“peō,” NW] la Abrahama, le majalefa ka pallo.” (3:16, 29) Keletso e ntle e fanoeng ho Ba-Galata e lokela ho utluoa ke majalefa ana a ’Muso le ba sebetsang le ’ona: ‘Emang tokolohong eo Kreste a re lokolotseng ka eona!’ ‘Le se ke la khathala ke ho etsa hantle, hobane le tla kotula nakong ea teng.’ ‘Le etse bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.’—5:1; 6:9, 10.
18. Ke temoso efe e matla ea ho qetela le keletso tse fanoang ho Ba-Galata?
18 Qetellong, ho na le temoso e matla ea hore ba etsang mesebetsi ea nama “ba ke ke ba ba ba rua ’muso oa Molimo.” Bohle, he, ba ke ba furalle litšila le likhohlano tsa lefatše ka ho felletseng ’me ba behe lipelo tsa bona ka ho felletseng ho hlahiseng litholoana tsa moea, e leng ‘lerato, thabo, khotso, sebete, khauho, molemo, botšepehi [“tumelo,” NW], bonolo, le boitšoaro.’—5:19-23.