Le Fetohe Kelellong ’me Lipelo tsa Lōna li Khantšetsoe Leseli
“Ka baka leo, ke bolela sena ’me ke se pakela Moreneng, hore le se hlole le tsamaea joalokaha lichaba li tsamaea.”—BA-EFESE 4:17, NW.
1. Likelello le lipelo tsa rōna li re etsetsa eng?
KELELLO le pelo ke litho tse peli tse nang le tšebetso e babatsehang ka ho fetisisa tseo motho a nang le tsona. Le hoja li etsa mesebetsi e mengata, lia ikhetha ho motho ka mong. Botho ba rōna, puo, boitšoaro, maikutlo, le lintho tsa bohlokoa, kaofela li angoa ka ho teba ke tsela eo likelello le lipelo tsa rōna li sebetsang ka eona.
2, 3. (a) Bibele e sebelisa mantsoe “pelo” le “kelello” joang? (b) Ke hobane’ng ha re tlameha ho ameha ka pelo le kelello?
2 Ka Bibeleng, hangata “pelo” e bolela tšusumetso, boikutlo le maikutlo a kahare, ’me “kelello” ke matla a bohlale le a ho nahana. Leha ho le joalo, lia tšoana. Ka mohlala, Moshe o ile a khothaletsa Baiseraele: “U tlameha ho hopola pelong ea hao [mongolo o botlaaseng ba leqephe, “u tlameha ho hopola kelellong ea hao”] hore Jehova ke Molimo oa ’nete.” (Deuteronoma 4:39, NW) Ho bangoli ba neng ba etsa ’momori khahlanong le eena, Jesu o ile a re: “Le hopolela’ng bobe ka lipelong tsa lōna?”—Mattheu 9:4; Mareka 2:6, 7.
3 Sena se bontša hore kelello le pelo li amana haholo. Lia sebelisana, ka linako tse ling li susumetsana hore li sebetse e le sehlopha se kopaneng, leha ho le joalo hangata li loantšoana bakeng sa hore e ’ngoe e laole e ’ngoe. (Mattheu 22:37; bapisa le Ba-Roma 7:23.) Ka baka lena, e le hore re amoheloe ke Jehova, ha rea tlameha feela hore re kholisehe ka boemo ba likelello le lipelo tsa rōna empa re boetse re tlameha ho li koetlisa hore li sebelisane ’moho, hore li hulele ’nģa e le ’ngoe. Re tlameha ho fetoha kelellong ’me lipelo tsa rōna li khantšetsoe leseli.—Pesaleme ea 119:34; Liproverbia 3:1.
‘Tsela eo Lichaba li Tsamaeang ka Eona’
4. Satane o susumelitse likelello le lipelo tsa batho joang, ’me phello ke efe?
4 Satane ke setsebi se hloahloa sa mano le thetso. Oa tseba hore a ka laola batho ka ho tobisa tlhaselo ea hae likelellong le lipelong tsa bona. Ho tloha qalong ea histori ea batho, o ’nile a sebelisa mekhoa e sa tšoaneng ho susumetsa likelello le lipelo tsa batho. Ka baka leo, “lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Johanne 5:19) Ha e le hantle, Satane o atlehile ho susumetsa lipelo le likelello tsa batho ba lefatše hoo Bibele e ba hlalosang e le “moloko o bolotsana le o senyehileng.” (Ba-Filippi 2:15, NW) Moapostola Pauluse o hlalosa boemo ba pelo le kelello ba moloko ona o bolotsana o senyehileng, ’me mantsoe a hae ke temoso ho rōna bohle kajeno. Ka mohlala, ka kōpo bala Ba-Efese 4:17-19, ’me o e bapise le mantsoe a Pauluse ho Ba-Roma 1:21-24.
5. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Baefese keletso e matla?
5 Re ka utloisisa hore na ke hobane’ng ha Pauluse a ile a ngolla Bakreste ba Efese mantsoe a thata hakaalo ha re hopola hore motse oo o ne o tsebahala ka ho hlepha ha ’ona boitšoarong le ka borapeli ba bohetene ba melimo ea litšoantšo. Le hoja Bagerike ba ne ba na le batho ba bona ba tummeng ba neng ba nahana ka ho teba le bo-rafilosofi, ho bonahala eka thuto ea Bagerike e ne e neha batho ba bangata monyetla o moholoanyane oa hore ba be babe, ’me mokhoa oa bona oa bophelo o ile oa etsa hore liketso tsa bona tse mpe li hohele haholoanyane. Pauluse o ne a amehile ka ho teba ka Bakreste-’moho le eena ba phelang tikolohong e joalo. O ne a tseba hore ba bangata ba bona pele e ne e le batho ba lichaba ba neng ba “itsamaela ka mokhoa oa lefatše lena.” Empa joale ba ne ba amohetse ’nete. Likelello tsa bona li ne li fetohile, ’me lipelo tsa bona li khantšelitsoe leseli. Ka holimo ho tsohle, Pauluse o ne a batla hore ba ‘tsamaee ka mokhoa o tšoanelang pitso.’—Ba-Efese 2:2; 4:1.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella mantsoe a Pauluse?
6 Boemo boa tšoana le kajeno. Le rōna re phela lefatšeng le nang le litekanyetso tse senyehileng, boitšoaro bo hlephileng, le litloaelo tse fosahetseng tsa bolumeli. Ba bangata ba rōna ba kile ba phela tumellanong le tsamaiso ea lintho ea lefatše lena. Ba bang ba rōna ho hlokahala hore ba sebetse haufi le batho ba lefatše letsatsi le chabang le le likelang. Ba bang ba lula mahaeng ao ho ’ona ho renang moea oa lefatše. Ka hona, ho hlokahala hore re utloisise se boleloang ke mantsoe a Pauluse ’me re rue molemo keletsong ea hae.
Likelello Tse Hlokang Thuso le Tse Fifetseng
7. Pauluse o ne a bolela eng ka poleloana “ho hloka thuso ha likelello tsa bona”?
7 Pauluse ha a tšehetsa khothatso ea hae ka matla hore Bakreste ba “se hlole ba tsamaea joalokaha lichaba li tsamaea,” o qala ka ho bua ka “ho hloka thuso ha likelello tsa bona.” (Ba-Efese 4:17, NW) Seo se bolela eng? Lentsoe le fetoletsoeng e le “ho hloka thuso,” ho ea ka The Anchor Bible, “le bolela ho se be le letho, ho lula feela, booatla, ho hloka morero, le ho tšoenyeha.” Ka hona, Pauluse o ne a bolela hore botumo le thoriso tsa lefatše la Greece le Roma li ne li ka bonahala li khahla empa ha e le hantle ho li hahamalla e ne e le ntho e sa hlahiseng letho, e booatla, le e hlokang morero. Ba lakatsang botumo le thoriso ba qeteletse ka hore ba se fumane letho ha e se ho tšoenyeha le ho soaba. Litaba li sa le joalo le kajeno.
8. Boiteko ba lefatše ha bo na thuso ka litsela life?
8 Lefatše le na le bahlalefi ba lona le batho ba phahameng bao batho ba itšetlehang ka bona bakeng sa ho fumana likarabo tsa lipotso tse tebileng tse joaloka qaleho ea bophelo le morero oa bona le se tla etsahalla moloko oa batho. Empa ba ka khona ho fana ka temohisiso le tataiso efe? Ho se lumele hore Molimo o teng, ho nka hore Molimo ha o tsejoe, thuto ea ho iphetola ha lintho, le likhopolo le lithuto tse ling tse ngata tse ferekanyang le tse itoantšang ha li fane ka leseli joalokaha meetlo le litumela-khoela tsa nakong e fetileng li ne li sa fane ka leseli. Lintho tse ngata tseo lefatše le li hahamallang li boetse li bonahala li fana ka khotsofalo le boikutlo ba hore motho o finyeletse se seng. Batho ba bua ka katleho le seo ba se finyeletseng thutong ea saense, bonono, ’mino, lipapali, lipolotiki, joalo-joalo. Ba thabisoa ke nakoana eo ba bang le eona ba rorisoa. Ho sa tsotellehe seo, litlaleho tsa histori le libuka tsa kajeno tsa litlaleho li tletse ka bahale ba seng ba lebetsoe. Sena sohle ha se na thuso, ha se etse letho, ke lefeela, booatla, ha se na morero, ’me sea ferekanya.
9. Ba bangata ba phehella lintho life tse se nang thuso?
9 E le ha ba hlokomela hore lintho tse joalo ha li na thuso, ba bangata ba hahamalla lintho tse bonahalang—ba ipokella chelete ’me ba fumana lintho tse ka rekoang ka chelete—’me ba etsa lintho tsena pakane ea bona bophelong. Ba kholisehile hore thabo e tlisoa ke leruo, ho ba le thepa, le ho batla monyaka. Hase feela hore ba beha likelello tsa bona linthong tsena empa ba ikemiselitse ho tela tsohle—bophelo bo botle, lelapa, esita le letsoalo le letle. Phello e ba efe? Ho e-na le ho khotsofala, ba “itlhabile ka mahlomola a mangata.” (1 Timothea 6:10) Ha ho makatse ha Pauluse a ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena hore ba khaotse ho tsamaea joalokaha lichaba li tsamaea ka baka la ho hloka thuso ha mokhoa oa bona oa ho nahana.
10. Batho ba lefatše ba “lefifing kelellong” joang?
10 ’Me ha Pauluse a bontša hore lefatše ha le na seo le ka honoheloang kapa la etsisoa ka baka la sona, o tsoela pele ho bolela hore “likelello tsa bona li lefifing.” (Ba-Efese 4:18, NW) Ha e le hantle, lefatše le na le batho ba bohlale le ba nang le tsebo hoo e batlang e le mafapheng ’ohle. Leha ho le joalo, Pauluse o boletse hore likelello tsa bona li lefifing. Hobane’ng? Litlhaloso tsa hae ha li bue ka matla a bona a kelello kapa bokhoni. Lentsoe “kelello” le ka boetse la bolela setsi sa monahano oa motho, setsi sa kutloisiso, motho ea ka hare. Ba lefifing hobane ha ba na leseli le ba tataisang kapa boikutlo ba ho tseba hore na ba ee kae boitekong boo ba bo etsang. Sena se ka bonoa boikutlong ba bona bo ferekaneng ba se nepahetseng le se fosahetseng boitšoarong. Batho ba ka nahana hore monahano oa kajeno o sa nyatsa-nyatseng, oa hore seo batho ba se buang kapa ba se etsang sea amoheleha, empa ha e le hantle, ke kelello e lefifing, ho ea ka Pauluse. Ka kutloisiso ea moea, ba phopholetsa lefifing le letšo tšo.—Jobo 12:25; 17:12; Esaia 5:20; 59:6-10; 60:2; bapisa le Ba-Efese 1:17, 18.
11. Sesosa sa lefifi la kelello lefatšeng ke sefe?
11 Ho tla joang hore batho ba be bohlale linthong tse ngata empa moeeng ba be lefifing? Ho 2 Ba-Korinthe 4:4, Pauluse o re fa karabo: “Bao molimo oa lefatše lena o ba foufalitseng likelello, ke ho re, ba sa lumelang, ba tle ba se ke ba chabeloa ke leseli la Evangeli [“litaba tse molemo tsa,” NW] ea Kreste.” Ke tlhohonolofatso e hlollang hakaakang hore ebe ba amohelang litaba tse molemo tse khanyang ba fetohile kelellong ’me lipelo tsa bona li khantšelitsoe leseli!
Lipelo Tse se Nang Tsebo le Tse Hlokang Kutlo
12. Lefatše le “arohile bophelong boo e leng ba Molimo” joang?
12 Ho re thusa hore re bone ka ho eketsehileng hore na ke hobane’ng ha re tlameha ho fetoha likelellong le hore lipelo tsa rōna li khantšetsoe leseli, Pauluse o lebisa tlhokomelo ea rōna ’neteng ea hore tsela ea lefatše e “arohile bophelong boo e leng ba Molimo.” (Ba-Efese 4:18, NW) Hase hore batho ha ba sa lumela ho Molimo kapa hore ba fetohile ba se nang bomolimo ho hang. Mongoli e mong oa koranta o ile a e beha ka tsela ena: “Ho e-na le ho sebelisa polelo ba se nang bomolimo, a re qapeng lentsoe le lecha: ho nahana hanyenyane ka Molimo. Batho ba nahanang hanyenyane ka Molimo ba batla ho rorisoa ka baka la ho lumela ho Molimo le hoja ka nako e tšoanang ba Mo koaletse ka lebokoseng, ba Mo ntša feela ka Sontaha hoseng ’me ho se mohla ba Mo lumellang hore a be le tšusumetso ponong ea bona ea lefatše la bopolotiki kapa bophelong ba bona ba botho har’a beke. Ka mokhoa o itseng [ba] lumela ho Molimo empa ha ba nahane hore O na le tšusumetso e kaalo bophelong ba kajeno.” Pauluse o boletse sena lengolong la hae le eang ho Baroma: “Leha ba tsebile Molimo, ha ba ka ba o tlotlisa ka ho re, ke Molimo, ’me ha ba ka ba o leboha.” (Ba-Roma 1:21) Letsatsi le leng le le leng re bona batho ba phelang bophelo ba bona ba sa nahane ho hang ka Molimo. Ka sebele, ha ba lebise tlhompho ea letho kapa liteboho ho eena.
13. “Bophelo boo e leng ba Molimo” ke eng?
13 Polelo “bophelo boo e leng ba Molimo” kea bohlokoa. E bontša ka ho eketsehileng kamoo lefifi la kelello le la moea le sitisang boikutlo ba batho ka teng ka lintho tsa bohlokoa. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng mona e le “bophelo” ha se biʹos (leo ho lona ho tsoang mantsoe a kang “biology,” “biography”), le bolelang bophelo, kapa mokhoa oa bophelo. Ho e-na le hoo, ke zo·eʹ (eo mantsoe a kang “zoo,” “zoology” a tsoang ho eona). E bolela “bophelo e le mohloli oa ntho e itseng, bophelo ka kutloisiso e feletseng, bophelo kamoo Molimo a nang le bona. . . . Motho o ikarotse bophelong bona ka baka la ho Oa,” ho latela Vine’s Expository Dictionary of Old and New Testament Words. Ka hona, Pauluse o ne a re bolella hore lefifi la kelello le la moea ha lea isa batho ba lefatše tšenyehong feela nameng empa hape le ba arotse tšepong ea bophelo bo sa feleng eo Molimo o e tšepisang. (Ba-Galata 6:8) Hobane’ng? Pauluse o tsoela pele ho re bolella mabaka.
14. Lebaka le leng leo ka lona lefatše le arohileng bophelong boo e leng ba Molimo ke lefe?
14 Tabeng ea pele, o boletse hore ke “ka baka la ho se tsebe hoo ba nang le hona.” (Ba-Efese 4:18, NW) Poleloana “hoo ba nang le hona” e hatisa hore ho se tsebe hona ha ho bakoe ke ho haelloa ke monyetla oa ho fumana tsebo empa ho bakoa ke ho hana ka boomo ho tseba Molimo. Liphetolelo tse ling tsa poleloana ena ke tsena: “ho hana ha bona ka manganga ho tseba Molimo” (The Anchor Bible); “ho hloka tsebo hobane ba koetse lipelo tsa bona” (Jerusalem Bible). Hobane ba hana, ka boomo ba sa batle, tsebo e nepahetseng ea Molimo, ha ba na motheo oa ho fumana mofuta oa bophelo boo Jehova a bo tšepisang ba bontšang tumelo ho Mora oa hae, ea itseng: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.”—Johanne 17:3; 1 Timothea 6:19.
15. Ke eng se tlatsetsang hore ebe lefatše lee le arohile bophelong boo e leng ba Molimo?
15 Lebaka le leng leo ka lona lefatše ka kakaretso le arohileng bophelong boo e leng ba Molimo, ho ea ka Pauluse, ke “ho hloka kutlo ha lipelo tsa bona.” (Ba-Efese 4:18, NW) Ha e le hantle, mona “ho hloka kutlo” ho bolela ho thatafala, joalokaha eka li koahetsoe ke linama tse thata. Kaofela re tseba kamoo linama tse bonojoana li ka thatafalang ka teng. Qalong letlalo le ka ba bonolo ’me la ameha habobebe, empa haeba khafetsa le pepesetsoa khatello e itseng kapa khohlano, lea thatafala ’me lea tiea. Ha le sa utloa ntho e le tšoarang hampe. Ka ho tšoanang, batho ha ba tsoaloe ba na le pelo e thatafetseng kapa eo linama tsa eona tse bonojoana li thatafetseng e le hore ka tlhaho feela ba hloke kutlo ho Molimo. Empa kaha re phela lefatšeng ’me re pepesetsehile moeeng oa lona, ha ho nke nako e telele pele linama tse bonojoana tsa lipelo li thatafala haeba li sa lebeloa. Ke ka hona Pauluse a ileng a lemosa: “Iponeleng e se be e mong ho lōna a ithatafatsa ka thetso ea sebe.” (Ba-Heberu 3:7-13; Pesaleme ea 95:8-10) Ka hona ho potlakile hakaakang hore re lule re fetohile kelellong ’me lipelo tsa rōna li khantšelitsoe leseli!
“Ba Feletsoe ke Boitšoaro Bohle”
16. Phello ea lefifi la kelello la lefatše le ho aroha ha lona bophelong boo e leng ba Molimo ke efe?
16 Phello ea lefifi le joalo le ho ikarola e behiloe ka bokhutšoaane mantsoeng a Pauluse a tsoelang pele: “Kaha ba feletsoe ke boitšoaro bohle, ba ineheletse boitšoaro bo hlephileng hore ba etse litšila tsa mefuta eohle ka meharo.” (Ba-Efese 4:19, NW) Polelo e reng “ba feletsoe ke boitšoaro bohle” ha e le hantle e bolela hore “ha ba sa utloa bohloko,” bohloko bo bakoang ke boitšoaro. Ke kamoo ba bang le pelo e nang le linama tse thata. Hang ha e khaotsa ho khathatsoa ke letsoalo le letle le boikutlo ba ho ikarabella ho Molimo, ha ho sa le boithibo. Ka hona, Pauluse o ile a bolela hore “ba ineheletse” boitšoaro bo hlephileng le litšila. Ke mohato oa ka boomo, o etsoang ka manganga. “Boitšoaro bo hlephileng,” joalokaha bo sebelisoa ka Bibeleng, bo bolela boikutlo ba manganga, bo se nang lihlong, bo sa hlompheng molao le bolaoli. Ka ho tšoanang, “litšila tsa mefuta eohle” ha li kopanyeletse feela litloaelo tse mpe tsa likamano tsa botona le botšehali empa hape le lintho tse mpe tse etsoang ka lebitso la bolumeli, tse kang mekete ea hore motho a be le bana e etsoang tempeleng ea Artemise e Efese, eo babali ba Pauluse ba neng ba tloaelane le eona.—Liketso 19:27, 35.
17. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a bolela hore batho ba feletsoeng ke boitšoaro bohle ba etsa sebe “ka meharo”?
17 Pauluse o eketsa ka ho re batho ba joalo ba nka khato ka “meharo,” joalokaha eka ba bona ho kopanela boitšoarong bo hlephileng ka bolokolohi le ho etsa litšila tsa mefuta eohle ho sa lekana. Ha batho ba ntseng ba na le tekanyo e itseng ea boitšoaro ba etsa sebe, bonyane ba ka ikutloa ba soabile ’me ba leka ka matla ho se etse sebe seo hape. Empa ba “feletsoeng ke boitšoaro bohle” ba etsa sebe “ka meharo” (“’me ba ntse ba batla ho eketsehileng,” The Anchor Bible). Seboholi se seng se kile sa re seea-le-moeeng: “Ntho e monate ea phetoa.” Ba tetebela kapele-pele ka har’a boitšoaro bo bobe—ebe ba bo nka e le bo tloaelehileng. Ke tlhaloso e nepahetseng hakaakang ea “thato ea lichaba”!—1 Petrose 4:3, 4, NW.
18. Ka bokhutšoaane, Pauluse o ile a fana ka setšoantšo sa mofuta ofe ka boemo ba kelello le ba moea ba lefatše?
18 Litemaneng tse tharo feela, e leng Ba-Efese 4:17-19, Pauluse o koaholla boemo ba ’nete ba boitšoaro le ba moea ba lefatše. O bontša hore likhopolo le lithuto tse buelloang ke batho ba khonang ho nahana ba lefatše le ho hahamalla ka ho sa khaotseng leruo le monyaka ha li na molemo ka ho feletseng. O hlakisa hore ka lebaka la lefifi la kelello le la moea, lefatše le qhafutsong ea boitšoaro, le ntse le tetebela ho ea tlaase feela. Qetellong, ka baka la ho hloka tsebo le kutlo, lefatše le arohile ka ho se nang thuso bophelong boo e leng ba Molimo. Ka sebele, re na le mabaka a utloahalang a hore re se tsamaee joaloka lichaba!
19. Ke lipotso life tsa bohlokoa tseo ho sa ntsaneng ho hlokahala hore re nahane ka tsona?
19 Kaha lefatše le arotsoe ho Jehova Molimo ke lefifi la kelello le la pelo, re ka felisa lefifi lohle kelellong le lipelong tsa rōna joang? E, re lokela ho etsa eng e le hore re ka tsoela pele re tsamaea joaloka bana ba leseli ’me re fumane mohau oa Molimo? Sena se tla tšohloa sehloohong se latelang.
Na U ka Hlalosa?
◻ Ke eng se ileng sa etsa hore Pauluse a fane ka keletso e matla ho Ba-Efese 4:17-19?
◻ Ke hobane’ng ha litsela tsa lefatše li se na thuso ’me li le lefifing?
◻ Poleloana ho “aroha bophelong boo e leng ba Molimo” e bolela’ng?
◻ Liphello tsa ho ba le kelello e fifetseng le pelo e hlokang kutlo ke life?
[Litšoantšo tse leqepheng la 9]
Efese e ne e tumme hampe ka ho hlepha ha eona boitšoarong le ka borapeli ba melimo ea litšoantšo
1. Lesole la Roma Efese
2. Masupi a tempele ea Artemise
3. Holo e Efese
4. Artemise oa Baefese, molimotsana oa kemolo
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Batho ba nkoang e le ba bohlokoa lefatšeng ba na le temohisiso efe eo ba ka fanang ka eona?
Nero
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Musei Capitolini, Roma