Re ka Hanyetsa Bademona Joang?
“Mangeloi a sa kang a boloka sebaka sa ’ona sa pele empa a furalla sebaka sa ’ona sa bolulo se loketseng [Molimo] o a bolokile ka litlamo tsa ka ho sa feleng tlas’a lefifi le letšo-letšo bakeng sa kahlolo ea letsatsi le leholo.”—JUDA 6.
1, 2. Ho hlaha lipotso life mabapi le Satane Diabolose le bademona?
MOAPOSTOLA Petrose o fana ka temoso ena: “Lulang le hlaphohetsoe likelellong, le lebele. Mohanyetsi oa lōna, Diabolose, o tsamaea joaloka tau e purumang, e batlang ho harola e mong.” (1 Petrose 5:8) Moapostola Pauluse o re ka bademona: “Ha ke batle hore le be le karolo le bademona. Le ke ke la noa senoelo sa Jehova le senoelo sa bademona; le ke ke la ja ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.”—1 Bakorinthe 10:20, 21.
2 Leha ho le joalo, Satane Diabolose le bademona ke bo-mang? Ba bile teng joang, hona neng? Na Molimo o ile a ba bōpa? Tšusumetso ea bona ho batho e matla hakae? Re ka itšireletsa joang ho bona, haeba mokhoa oa ho itšireletsa o teng?
Satane le Bademona ba Bile Teng Joang?
3. Lengeloi la Molimo le ile la fetoha Satane Diabolose joang?
3 Qalong ea histori ea batho, ha moloko oa batho o ne o qaleha serapeng sa Edene, lengeloi le leng la Molimo le ile la fetoha lerabele. Hobane’ng? Hobane le ne le sa khotsofalla boemo ba lona mokhatlong oa Jehova oa leholimo. Ha ho bōptjoa Adama le Eva, le ile la bona monyetla oa ho ba khelosa hore ba se ke ba mamela Molimo oa ’nete le ho mo rapela empa ba mamele lona le ho le rapela. Lengeloi lena le ile la iketsa Satane Diabolose ka ho fetohela Molimo le ka ho susumelletsa batho ba pele hore ba hahamalle tsela ea boetsalibe. Ka mor’a nako e itseng, mangeloi a mang a ile a kena bofetoheling ba hae. Joang?—Genese 3:1-6; Baroma 5:12; Tšenolo 12:9.
4. Mangeloi a mang a marabele a ile a etsa’ng pele ho Moroallo oa mehleng ea Noe?
4 Mangolo a re bolella hore nakoana pele ho Moroallo o moholo oa mehleng ea Noe, mangeloi a mang a ile a qala ho thahasella basali lefatšeng ka tsela e sa tloaelehang. Bibele e bolela hore ka morero o fosahetseng, ‘bara [ba leholimo] ba Molimo oa ’nete ba ile ba qala ho hlokomela barali ba batho, hore ba batle; eaba ba inkela basali, e leng, bohle bao ba ba khethileng.’ Manyalo ana e ne e se a tlhaho, ’me a ile a hlahisa mofuta o tsoakaneng oa bana o neng o tsejoa e le Banefilime. (Genese 6:2-4) Libōpuoa tsa moea tse ileng tsa hlompholla Molimo joalo li ile tsa ikopanya le Satane bofetoheling ba hae khahlanong le Jehova.
5. Ho ile ha etsahala’ng ka marabele ha Jehova a tlisa timetso ka Moroallo o moholo?
5 Ha Jehova a tlisa Moroallo molokong oa batho, Banefilime le bo-’m’a bona ba ile ba timetsoa. Mangeloi ao a marabele a ile a tlameha ho lahla ’mele ea ’ona ea nama le ho khutlela sebakeng sa moea. Leha ho le joalo, a ne a ke ke a khutlela ‘sebakeng sa ’ona sa pele’ ho Molimo. Ho e-na le hoo, a ile a isoa ‘lefifing le letšo-letšo [la moea],’ le tsejoang e le Tartarase.—Juda 6; 2 Petrose 2:4.
6. Bademona ba thetsa batho joang?
6 Haesale mangeloi ao a khopo a lahleheloa ke “sebaka sa ’ona sa pele,” e bile metsoalle ea Satane ea bademona ’me a ’nile a tšehetsa merero ea hae e mebe. Ho tloha ka nako eo ho ea pele, bademona ha baa ka ba hlola ba e-ba le matla a ho ikapesa ’mele ea batho. Leha ho le joalo, ba ka hohela banna le basali hore ba kopanele mefuteng e sa tšoaneng ea boitšoaro bo litšila ba ho kopanela liphate. Bademona ba boetse ba thetsa batho haholo ka tšebelisano le meea, e leng e akarelletsang lintho tse kang boselamose, bothuela le batho ba buisanang le meea. (Deuteronoma 18:10-13; 2 Likronike 33:6) Qetello ea mangeloi ana a khopo e tšoana le ea Diabolose—ke timetso ea ka ho sa feleng. (Matheu 25:41; Tšenolo 20:10) Leha ho le joalo, hona joale re lokela ho ema re tiile ’me re ba hanyetse. Re lokela ho nahana kamoo Satane a leng matla kateng le kamoo re ka atlehang ho mo hanyetsa le bademona ba hae.
Satane o Matla Hakae?
7. Satane o na le matla afe holim’a lefatše?
7 Satane o ’nile a etselletsa Jehova ho pholletsa le histori. (Liproverbia 27:11) ’Me o susumelitse karolo e khōlō ea moloko oa batho. Johanne oa Pele 5:19 e re: “Lefatše lohle le rapaletse matleng a ea khopo.” Ke ka lebaka leo Diabolose a neng a ka leka Jesu ka hore o tla mo fa bolaoli le khanya ea “mebuso eohle ea lefatše leo ho ahiloeng ho lona.” (Luka 4:5-7) Moapostola Pauluse o re mabapi le Satane: “Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang, bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang, e le hore khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo sa Molimo, e se ke ea khanya.” (2 Bakorinthe 4:3, 4) Satane “ke eena ea leshano, le ntate oa leshano” empa o itlhahisa e le “lengeloi la leseli.” (Johanne 8:44; 2 Bakorinthe 11:14) O na le matla ebile o na le mekhoa eo a e sebelisang hore a foufatse likelello tsa babusi ba lefatše le bafo ba bona. O khelositse batho ka liphatlalatso tsa bohata, ka litšōmo tsa bolumeli le ka mashano.
8. Bibele e bontša eng mabapi le tšusumetso ea Satane?
8 Mehleng ea moprofeta Daniele, lilemo tse makholo a mahlano pele ho Mehla e Tloaelehileng ea rōna, ke moo ho ileng ha bonahala matla a Satane le tšusumetso ea hae. Ha Jehova a ne a romile lengeloi hore le ise molaetsa o khothatsang Daniele, lengeloi leo le ile la hanyetsoa ke “khosana [ea moea] ea sebaka se pusong ea borena sa Persia.” Lengeloi le tšepahalang le ile la thibeloa ka matsatsi a 21 ho fihlela “Mikaele, e mong oa likhosana tse ka pele-pele,” a e-tla ho tla le thusa. Tlaleho eona eo e boetse e bua ka “khosana ea Greece [ea modemona].” (Daniele 10:12, 13, 20) Ho Tšenolo 13:1, 2, Satane o tšoantšoa le “drakone” e fang sebata sa bopolotiki “matla a sona le terone ea sona le bolaoli bo boholo.”
9. Bakreste ba loana le bo-mang?
9 Ha ho makatse hore ebe moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” (Baefese 6:12) Esita le kajeno, bademona, ba laoloang ke Satane Diabolose ba sebetsa ka sephiring, ba susumetsa babusi le batho ka kakaretso, ba ba khothalletsa ho etsa liketso tse tšabehang tse kang ho timetsa sehlopha se itseng ka ho feletseng, bokhukhuni le polao. Joale a re hlahlobeng kamoo re ka atlehang kateng ho hanyetsa makhotla ana a matla a moea.
Re ka Itšireletsa Joang?
10, 11. Ke joang re ka hanyetsang Satane le mangeloi a hae a khopo?
10 Re ke ke ra hanyetsa Satane le mangeloi a hae a khopo ka matla a rōna, ebang ke a ’mele kapa a kelello. Pauluse oa re eletsa: “Le tsoele pele ho fumana matla Moreneng le bonatleng ba matla a hae.” Re lokela ho ipiletsa ho Molimo hore a re sireletse. Pauluse o phaella ka ho re: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose . . . Nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo, e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.”—Baefese 6:10, 11, 13.
11 Ka makhetlo a mabeli, Pauluse o khothalletsa Bakreste-’moho le eena hore ba apare “lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.” Poleloana e reng “tse feletseng” e fana ka maikutlo a hore re ke ke ra atleha ho hanyetsa litlhaselo tsa bademona haeba re iphapanyetsa tsona. Kahoo, ke likarolo life tsa bohlokoa tsa lihlomo tsa moea tseo Bakreste kajeno ba li hlokang haholo e le hore ba hanyetse bademona?
“Le Eme le Tiile”—Joang?
12. Bakreste ba ka tlama matheka a bona ka ’nete joang?
12 Pauluse oa hlalosa: “Ka hona, le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe ka hohle ka ’nete, ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka.” (Baefese 6:14) Likarolo tse peli tsa lihlomo tseo ho buuoang ka tsona mona ke senyepa, kapa lebanta le tšireletso ea sefuba. Lesole le ne le lokela ho lula le tlamme lebanta la lona ka thata e le hore le itšireletse letheka (noka, le karolo e tlaase ea mpa) le be le jare sabole ea lona e boima. Ka ho tšoanang, ka tsela ea tšoantšetso, re lokela ho itlama ka thata thekeng ka ’nete ea Bibele e le hore re ka phela tumellanong le eona. Na re na le kemiso ea ho bala Bibele letsatsi le letsatsi? Na lelapa lohle lea kopanela? Na re na le kemiso ea ho tšohla temana ea letsatsi re le lelapa? Ho phaella moo, na re tsamaisana le litlhaloso tse likhatisong tse lokiselitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (Matheu 24:45) Haeba re etsa joalo, re tla be re leka ho sebelisa keletso ea Pauluse. Re boetse re na le livideo le li-DVD tse ka fanang ka tataiso ea Mangolo. Ho khomarela ’nete ka tieo ho ka re thusa ho etsa liqeto tse bohlale le ho re sireletsa hore re se ke ra latela tsela e fosahetseng.
13. Re ka sireletsa lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso joang?
13 Tšireletso ea sebele ea sefuba e ne e sireletsa sefuba, pelo le litho tse ling tsa bohlokoa tsa lesole. Mokreste a ka sireletsa pelo ea hae ea tšoantšetso—e leng motho oa ka hare—ka ho hlaolela hore a rate ho loka ha Molimo le ho boloka melao ea Jehova e lokileng. Tšireletso ea sefuba ea tšoantšetso e re sireletsa hore re se ke ra khella fatše Lentsoe la Molimo. Ha re ntse re ‘hloea se sebe, le ho rata se molemo,’ re thiba maoto a rōna “tseleng e ’ngoe le e ’ngoe e mpe.”—Amose 5:15; Pesaleme ea 119:101.
14. Ke eng se boleloang ke hore ‘maoto a rōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso’?
14 Hangata masole a Baroma a ne a roala lieta tse loketseng bakeng sa ho nka maeto a malelele litseleng tse khōlō tsa Roma tse bolelele ba lik’hilomithara tse makholo tse neng li haola libaka tsa ’muso oo. Polelo e reng “maoto a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso” e bolela eng ho Bakreste? (Baefese 6:15) E bolela hore re itokiselitse ho nka bohato. Re itokiselitse ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo ha monyetla o mong le o mong o loketseng o hlaha. (Baroma 10:13-15) Cheseho ea rōna tšebeletsong ea Bokreste e re sireletsa ‘maqiting’ a Satane.—Baefese 6:11.
15. (a) Ke eng se bontšang hore thebe e khōlō ea tumelo e bohlokoa haholo? (b) Ke ‘metsu efe e tukang’ e ka bang kotsi tumelong ea rōna?
15 Pauluse o tsoela pele ka ho re: “Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo.” (Baefese 6:16) Keletso ea hore re nke thebe e khōlō ea tumelo e kenyelletsoa ka polelo e reng “ka holim’a lintho tsohle,” e leng ho bontšang hore thebe ena e bohlokoa haholo. Ha hoa lokela hore tumelo ea rōna e be le moo e haelloang teng. Joaloka thebe e khōlō e sireletsang, tumelo ea rōna e re sireletsa ‘metsung e tukang’ ea Satane. Metsu ee e ka emela eng kajeno? E ka ba lipuo tse hlabang, mashano le linnete tse sa fellang tse hasoang ke lira le bakoenehi ba lekang ho fokolisa tumelo ea rōna. “Metsu” ena e ka boetse ea e-ba meleko ea ho rata lintho tse bonahalang, e etsang hore re tšoarehe haholo ka ho reka lintho tse ngata le e re susumelletsang hore re hlōlisane le ba oetseng mokhoeng oa bophelo oa mponeng. Mohlomong ba rekile matlo a maholo le a matle le likoloi tse ntle kapa ba etsa mponeng ka mabenyane a bona a turang le ka liaparo tsa morao-rao tsa feshene. Ho sa tsotellehe seo ba bang ba se etsang, re lokela ho ba le tumelo e matla e ka khonang ho thiba ‘metsu ena e tukang.’ Re ka etsa joang hore re be le tumelo e matla re be re e boloke e le matla?—1 Petrose 3:3-5; 1 Johanne 2:15-17.
16. Ke eng e ka re thusang hore re be le tumelo e matla?
16 Re ka atamela ho Molimo ka ho ithuta Bibele kamehla le ka ho rapela ka tieo. Re ka kōpa Jehova hore a re fe tumelo e matla ebe joale re sebetsa tumellanong le lithapelo tsa rōna. Ka mohlala, na re lokisetsa ka hloko Thuto ea Molula-Qhooa ea beke le beke ka morero oa ho kopanela ho eona? Tumelo ea rōna e tla ba matla haeba re ithuta Bibele le likhatiso tse thehiloeng Bibeleng.—Baheberu 10:38, 39; 11:6.
17. Re ka ‘amohela helmete ea poloko’ joang?
17 Pauluse o qetella tlhaloso ea hae ea lihlomo tsa moea ka keletso e reng: “Le amohele helmete ea poloko, le sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo.” (Baefese 6:17) Helmete e ne e sireletsa lesole hloohong le bokong, e leng hona moo liqeto li etsoang teng. Ka ho tšoanang, tšepo ea rōna ea Bokreste e sireletsa matla a rōna a kelello. (1 Bathesalonika 5:8) Joaloka Jesu, re lokela ho nahanisisa ka tšepo eo re e filoeng ke Molimo, ho e-na le ho tlatsa likelello tsa rōna ka lipakane tsa lefatše le litakatso tsa lintho tse bonahalang.—Baheberu 12:2.
18. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha lenaneo la rōna la ho bala Bibele kamehla?
18 Ntho ea ho qetela e tla re sireletsa tšusumetsong ea Satane le bademona ba hae ke lentsoe la Molimo, kapa molaetsa o tlalehiloeng ka Bibeleng. Lena ke lebaka le leng le bontšang hore na ke hobane’ng ha re sa lokela ho hlokomoloha lenaneo la rōna la ho bala Bibele kamehla. Ho ba le tsebo e feletseng ea Lentsoe la Molimo ho re sireletsa mashanong a Satane le a bademona esita le lipuong tse tletseng lehloeo tsa bakoenehi.
‘Tsoelang Pele ho Rapela ka Nako e ’Ngoe le’ e ’Ngoe’
19, 20. (a) Satane le bademona ba hae ba letetsoe ke eng? (b) Ke eng e ka re matlafatsang moeeng?
19 Nako e atametse ea hore ho felisoe Satane, bademona ba hae, le batho ba khopo. Satane oa tseba hore o na le “nako e khutšoanyane.” Satane o halefetse “ba bolokang litaelo tsa Molimo ’me ba e-na le mosebetsi oa ho paka ka Jesu” ebile oa ba loantša. (Tšenolo 12:12, 17) Ho bohlokoa hore re hanyetse Satane le bademona ba hae.
20 Re leboha hakaakang keletso ea hore re apare lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo! Pauluse o phetha puisano ea hae e mabapi le lihlomo tsa ntoa ka keletso ena: “Ka thapelo ea mofuta o mong le o mong le thapeli le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea. ’Me ho finyella seo le lule le falimehile ka tiisetso eohle le ka thapeli molemong oa bahalaleli bohle.” (Baefese 6:18) Thapelo e ka re matlafatsa moeeng ea ba ea re thusa ho lula re falimehile. A re nkeng mantsoe a Pauluse ka botebo ’me re tsoele pele ho rapela, hobane sena se tla re thusa ho hanyetsa Satane le bademona ba hae.
U Ithutile Eng?
• Satane le bademona ba hae ba bile teng joang?
• Diabolose o matla hakae?
• Re ka itšireletsa joang ho Satane le bademona ba hae?
• Ke joang re ka aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo?
[Setšoantšo se leqepheng la 26]
“Bara ba Molimo oa ’nete ba qala ho hlokomela barali ba batho”
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Na u ka bolela le ho hlalosa likarolo tse tšeletseng tsa lihlomo tsa rōna tsa moea?
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Ho kopanela mesebetsing ee ho ka re sireletsa joang ho Satane le bademona ba hae?