Sebe
Tlhaloso: Hantle feela, ho latela mangolo a Bibele a Seheberu le a Segerike, ke ho fosa pakane. Ke Molimo o beang “pakane” eo libopuoa tsa oona tse bohlale li lokelang ho e finyella. Ho fosa pakane eo, ke sebe, hoo hape e leng ho se loke kapa tlōlo ea molao. (Ba-Roma 3:23; 1 Joh. 5:17; 3:4) Sebe ke ntho efe kapa efe e sa lumellaneng le botho, litekanyetso, litsela, le thato tsa Molimo, tseo kaofela ha tsona li halalelang. Se ka ’na sa akarelletsa boitšoaro bo bobe, ho hlōleha ho etsa se lokelang ho etsoa, puo eo e seng ea bomolimo, menahano e mebe, kapa litakatso kapa litšusumetso tsa boithati. Bibele e khetholla pakeng tsa sebe se futsitsoeng le sebe sa ka boomo, pakeng tsa ketso ea sebe eo motho a ka e bakelang le ho tloaela sebe.
Ho bile bonolo joang hore Adama a etse sebe haeba a ne a phethahetse?
Ka ho phethahala hoa Adama, bala Genese 1:27, 31 le Deuteronoma 32:4. Ha Jehova Molimo a ne a re pōpo ea hae ea lefatšeng, ho akarelletsa monna le mosali, e “molemo haholo,” ho ne ho bolela eng? Hore Eo mosebetsi oa hae o phethahetseng a bolele hore seo a se entseng se “molemo haholo,” e tlameha ebe se ne se tšoanela litekanyetso tsa hae tse phethahetseng.
Na phetheho e ne e hloka hore Adama le Eva ba sitoe ho etsa phoso? Moetsi oa robote o lebelletse hore e latele hantle litaelo tse kentsoeng ka ho eona. Empa robote e phethahetseng e ne e ke ke ea e-ba motho ea phethahetseng. Litšobotsi tse talingoang e le tsa bohlokoa ha li tšoane. Adama le Eva e ne e le batho, e seng lirobote. Molimo o ne o neile batho matla a ho khetha pakeng tsa botle le bobe, pakeng tsa kutlo le ho se utloe, ho etsa liqeto tsa boitšoaro. Kaha ena ke tsela eo batho ba bōpiloeng ka eona, ho hlōleha ho etsa liqeto tse joalo (’me e se qeto ea booatla) ke sona se neng se tla bontša ho se phethahale.—Bapisa Deuteronoma 30:19, 20; Joshua 24:15.
Hore Adama le Eva ba tšoanelehe e le ba bōpiloeng ba phethahetse, na liqeto tsohle tsa bona kamorao ho moo li ne li tlameha ho nepahala? Hoo ho ne ho tla tšoana le ho bolela hore ba ne ba se na boikhethelo. Empa Molimo ha o-oa ka oa ba etsa ka tsela eo kutlo ea bona e neng e tla itlisa. Molimo o ile oa ba nea matla a ho ikhethela, e le hore ba ka utloa hobane ba o rata. Kapa, haeba ba lumella lipelo tsa bona hore ebe tsa boithati, ba ne ba sa tl’o mamela. Hoa bohlokoa haholo ho uena ke hofe—ha motho a u etsetsa ntho hobane a qobelloa ho e etsa kapa hobane a batla ho e etsa?—Bapisa Deuteronoma 11:1; 1 Johanne 5:3.
Batho ba phethahetseng joalo e ne ekaba baithati ba qetellang ka liketso tse isang sebeng joang? Le hoja ba bopiloe ba phethahetse, ’mele ea bona e ne e ke ke ea tsoela pele e sebetsa ka ho phethahetseng haeba e sa ōtloe ka lijo tse nepahetseng. Kahoo, haeba ba ne ba lumella hore mehopolo ea bona e lule linthong tse fosahetseng, hona ho ne ho tla baka ho theoha boitšoarong, ho se hloeke. Jakobo 1:14, 15 e-ea hlalosa: “E mong le e mong o ee a lekoe ke ho hoheloa le ke ho chachehisoa ke takatso eo e leng ea hae. ’Me takatso hoba e emare, e tsoala sebe; ’me sebe ha se phethehile, se tsoala lefu.” Tabeng ea Eva, litakatso tse fosahetseng li qalile ho hōla ha a mamela ka thahasello Satane ea ileng a sebelisa noha e le ’muelli oa hae. Adama a mamela qophello ea mosali oa hae hore a ikopanye le eena ho jeng tholoana e hanetsoeng. Ho e-na le ho hana mehopolo e fosahetseng, ka bobeli ba nontša litakatso tsa boithati. Hoa fella ka liketso tsa sebe.—Gen. 3:1-6.
Na sebe sa Adama e ne e le karolo ea “tokisetso ea Molimo”?
Bona leqephe 27, tlas’a sehlooho “Adama le Eva,” le leqephe 358, tlas’a sehlooho “Phello e sa Qojoeng.”
Na kajeno ho hlile ho na le ntho e kang “sebe”?
Lipapiso: Haeba motho ea kulang a ne a ka roba mochine o methang mocheso le mohatsela, na hoo ho ne ho tla paka hore ha a na feberu? Haeba lesholu le ka re ha le lumele se ngotsoeng libukeng tsa molao, na hoo ho ne ho tla etsa hore le hloke molato oa bokebekoa? Ka ho tšoanang, ’nete ea hore batho ba bangata ha ba lumele hore hoa hlokahala ho phela ka litekanyetso tsa Bibele ha e felise sebe.—Bona 1 Johanne 1:8.
Batho ba bang ba ka ’na ba ikhethela ho etsa seo Lentsoe la Molimo le se hanelang. Empa hoo ha ho pake hore Bibele e fositse. Ba-Galata 6:7, 8 e-ea lemosa: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona. Ea jallang nama ea hae, o tla kotula nameng ho bola.” Seoa sa mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, malapa a qhalaneng, le tse joalo, se fana ka bopaki ba bonnete ba seo Bibele e se buang. Molimo o entse motho; O-oa tseba hore na ke eng se tla re tlisetsa thabo ea kamehla; O re bolella ka Bibeleng. Na hase ho utloahalang ho O mamela? (Bakeng sa bopaki ba hore Molimo o teng, bona sehlooho se seholo “Molimo.”)
Na boholo ba seo ho thoeng ke sebe hase feela ho etsa seo e leng tlhaho bakeng sa batho?
Na likamano tsa botona le botšehali ke sebe? Na Adama le Eva ba entse sebe ka ho kopanela likamano tsa botona le botšehali? Hase se boleloang ke Bibele. Genese 1:28 e bolela hore Molimo ka booona o ile oa bolella Adama le Eva hore ba ‘ngatafale, ba ate, ba tlale lefatše.’ Hoo ho ne ho tla ama likamano tsa botona le botšehali pakeng tsa bona, na ha ho joalo? ’Me Pesaleme ea 127:3 e re “bara ke lefa la Jehova,” “moputso.” Ho ke ho hlokomeloe hore Eva o jele tholoana e hanetsoeng pele ’me o ho entse a le mong; ke hamorao feela moo a ileng a nea Adama e ’ngoe. (Gen. 3:6) Ka ho totobetseng, sefate seo tholoana e hanetsoeng e neng e metse ho sona e ne e le sefate sa sebele. Bibele ha e hanele likamano tsa botona le botšehali tse loketseng pakeng tsa monna le mosali empa e hanela mekhoa e kang bohlola, bofebe, bosodoma le ho robala le phoofolo. Tholoana e mpe ea mekhoa e joalo e bontša hore thibelo ke bopaki ba kameho e lerato ka lehlakoreng la Ea tsebang hore na re entsoe joang.
Gen. 1:27: “Eaba Molimo o etsa motho [Adama] ka setšoantšo sa oona; oa mo etsa ka setšoantšo sa Molimo.” (Ka lebaka leo, ntho e loketseng, e ne e le hore Adama a bonahatse litšoaneleho tse halalelang tsa Molimo, hore a arabele ka kananelo tsamaisong ea Molimo. Ho haelloa ke sena e ne etlaba ho fosa pakane, ho etsa sebe. Bona Ba-Roma 3:23, le 1 Petrose 1:14-16.)
Ba-Ef. 2:1-3: “O le [lōna Bakreste] tsositse joalo le lōna le neng le shoele melatong ea lōna le libeng tsa lōna; tseo khale le neng le itsamaela ho tsona ka mokhoa oa lefatše lena, ha le ne le sa busoa ke morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele. Le rōna bohle, pele, re ne re tsamaea le bona litakatsong tsa nama ea rōna, re ntse re etsa ho ratoang ke nama le ke mehopolo ea rōna; ’me ka ho hlaha ha rōna re ne re le bana ba bohale, joale ka ba bang.” (Joaloka bana ba moetsalibe Adama, re tsoaletsoe sebeng. Ho tloha ha re tsoaloa, lipelo tsa rōna li sekametse bobeng. Haeba re sa buse litšekamelo tseo tse fosahetseng, kamorao ho nako re ka ’na ra fetoha ba tloaetseng ho phela ka tsela eo. Ekaba ea bonahala e “loketse” hobane ba bang ba re potolohileng ba etsa lintho tse tšoanang. Empa Bibele e tsebahatsa se nepahetseng le se fosahetseng ponong ea Molimo, ha ho talingoa kamoo o entseng motho le morero oa oona bakeng sa batho. Ha re mamela ’Mōpi oa rōna ’me re mo utloa ka lerato, bophelo bo tla bolela ho hongata ho feta pele, ’me re tla ba le bokamoso bo sa feleng. ’Mōpi oa rōna o re mema ka mofuthu ho latsoa le ho bona hore na ho molemo hakaakang.—Pes. 34:8.)
Sebe se ama kamano ea motho le Molimo joang?
1 Joh. 3:4, 8: “E mong le e mong ea etsang sebe o etsa tlolo ea molao; hobane sebe ke ho tlola molao. Ea etsang sebe ke oa Diabolose.” (Hoo ho matla hakaakang! Ba ikhethelang tsela ea sebe ka boomo, ba itloaetsa sona, Molimo o ba talima e le likebekoa. Ba ikhethetse tsela e ileng ea nkuoa pele ke Satane.)
Ba-Roma 5:8, 10: “Re sa le baetsalibe, Kreste o bile a shoa sebakeng sa rōna. . . . esitile re sa ntse re le lira, re bile ra boelanngoa le Molimo ka ho shoa ha Mora oa oona.” (Hlokomela hore ho thoe baetsalibe ke lira tsa Molimo. Ke bohlale bo bokaakang he, hore re iphumantše tokisetso eo Molimo o e entseng hore ho boelanoe le oona!)
1 Tim. 1:13: “Ke rekolohetsoe [kamoo ho bolelang moapostola Pauluse], hobane ke ne ke etsa tseo ke ho se tsebe, ke sa le ho se lumeleng.” (Empa, eare ha Morena a mo bontša tsela e nepahetseng, ha a ka a tsoafa ho e latela.)
2 Ba-Kor. 6:1, 2: “Kahobane re le ba sebelisanang le Molimo, rea le khothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau oa Molimo lefeela. Hobane o itse: Ke u utloile nakong e tšoanelang, ’me ke u thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, joale ke nako e tšoanelang; bonang, joale ke letsatsi la pholoho.” (Joale ke nako eo pholoho e fumanehang ka eona. Molimo o ke ke oa atolosetsa ka ho sa feleng mosa o joalo o sa tšoanelang ho batho ba baetsalibe. Kahoo, ho hlokahala hore ho hlokomeloe e le hore re se ke ra fosa morero oa oona.)
Topollo boemong ba rōna ba boetsalibe e bonolo joang?
Bona sehlooho se seholo “Topollo.”