Molimo ha o ee ka Tšobotsi
“Kannete kea hlokomela hore Molimo ha a ee ka tšobotsi; empa, lichabeng tsohle, ea mo tšabang, ea etsang toka, oa amoheleha ho eena.”—LIKETSO 10:34, 35, TLP.
1. Athene ea boholo-holo, Pauluse o ile a etsa polelo efe ea bohlokoa mabapi le merabe?
“MOLIMO o entseng lefatše le tsohle tse ho lona, e leng eena Morena oa leholimo le oa lefatše, o ke ke oa aha litempeleng tse entsoeng ka matsoho; . . . O entse mefuta eohle ea batho ka mali [moholo-holo, Phillips] a le mang ho aha sebakeng sa lefatše lohle.” (Liketso 17:24-26) Ke mang ea ileng a bua mantsoe ao? Ke moapostola oa Mokreste Pauluse, puong ea hae e tsebisahalang Leralleng la Mars, kapa Areopago, Athene, Greece.
2. Ke eng e thusang ho etsa hore bophelo e be bo tsoakehileng le bo thahasellisang, ’me moeti e mong oa Japane Afrika Boroa o ile a khahloa ke eng?
2 Ha e le hantle polelo ea Pauluse e ka ’na ea re etsa hore re nahane ka ho se tšoane ho hlollang ho teng pōpong. Jehova Molimo o bōpile batho, liphoofolo, linonyana, likokoanyana, le limela ka mefuta e mengata haholo e sa tšoaneng. Bophelo bo ne bo tla ba bosula hakaakang hoja li ne li tšoana kaofela! Ho se tšoane ha tsona ho etsa hore bophelo e be bo tsoakehileng le bo thahasellisang. Ka mohlala, moeti ea neng a e-tsoa Japane ea neng a le teng kopanong ea Lipaki tsa Jehova Afrika Boroa o ile a khahloa ke ho se tšoane ha merabe le mebala eo a ileng a e bona moo. O ile a tsota hore na ho fapane hakaakang le Japane, moo boholo ba batho ba nang le litšobotsi tse tšoanang tsa morabe o le mong.
3. Ba bang ba talima lebala la letlalo le sa tšoaneng le la bona joang ’me ho tsoala eng?
3 Empa ho se tšoane ha lebala har’a merabe ho atisa ho baka mathata a maholo. Ba bangata ba nka hore batho ba lebala le sa tšoaneng le la bona ba tlaase. Hona ho tsoala bora, esita le lona lehloeo le mahlomola a khethollo ea merabe. Na ’Mōpi oa rōna o ne a rerile see? Na merabe e meng e phahame mahlong a hae? Na Jehova o ea ka tšobotsi?
’Mōpi oa Rōna—O Ea Ka Tšobotsi?
4-6. (a) Morena Josafate o ile a re’ng ka ho ea ka tšobotsi? (b) Moshe le Pauluse ba ile ba tiisa polelo ea Josafate joang? (c) Ba bang ba ka ’na ba hlahisa lipotso life?
4 Re ka fumana maikutlo a itseng ka pono ea ’Mōpi oa rōna ka batho bohle ka hore re khutlele morao historing. Morena Josafate, ea ileng a busa Juda ho tloha ka 936 ho ea ho 911 B.C.E., o ile a etsa lintlafatso tse ngata ’me a lokisetsa tšebetso e ntle ea tsamaiso ea boahloli e theiloeng molaong oa bomolimo. O ile a fana ka keletso ena e ntle ho baahloli: “Bonang, seo le se etsang; hobane ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova; . . . le etse ka kelello, hobane Jehova, Molimo oa rōna, ha a na bokhopo, ha a ee ka tšobotsi ea batho.”—2 Likronike 19:6, 7.
5 Makholo-kholo a lilemo pejana, moprofeta Moshe o ne a ile a bolella meloko ea Iseraele: ‘Jehova Molimo oa lōna ha o talime tšobotsi ea motho.’ (Deuteronoma 10:17) Lengolong la hae le eang ho Baroma, Pauluse o ile a khothatsa: “Motho e mong le e mong eo e leng moetsalibe o tla ba le likhathatso le mahlomola, pele bakeng sa Mojode le bakeng sa Mogerike . . . Hobane Molimo ha o na lithatohatsi.”—Ba-Roma 2:9-11; The New English Bible.
6 Empa ba bang ba ka ’na ba botsa: ‘Ho thoe’ng ka Baiseraele? Na e ne e se batho ba khethiloeng ba Molimo? Na o ne a sa ee ka tšobotsi tabeng ea bona? Na Moshe ha aa ka a re ho Baiseraele bohle: “U sechaba se khethetsoeng Jehova, Molimo oa hao; Jehova, Molimo oa hao, o u khethile hore u be sechaba sa hae sa sebele, har’a lichaba tsohle tse lefatšeng”?’—Deuteronoma 7:6.
7. (a) Phello e ile ea e-ba efe ha Bajode ba hana Messia? (b) Kajeno, ke bo-mang ba ka thabelang mahlohonolo a babatsehang a tsoang ho Molimo, hona joang?
7 Che, Molimo o ne o sa ee ka tšobotsi ha o sebelisa Baiseraele bakeng sa morero o khethehileng. Ha a khetha sechaba seo a neng a tla hlahisa Messia ka sona, Jehova o ile a khetha litloholo tsa lihlooho tsa malapa tsa Baheberu tse tšepahalang. Empa e itse ha Bajode ba hana Messia, Jesu Kreste, ’me ba etsa hore a bolaoe, ba ile ba lahleheloa ke mohau oa Molimo. Leha ho le joalo, kajeno batho ba morabe leha e le ofe kapa ba sechaba leha e le sefe ba lumelang ho Jesu ba ka thabela mahlohonolo a babatsehang ’me ba lebella bophelo bo sa feleng. (Johanne 3:16; 17:3) Ka sebele, hona ho paka hore Molimo ka lehlakoreng la oona ha o ee ka tšobotsi. Ho feta moo, Jehova o ile a laela Baiseraele hore ba ‘rate Molichaba,’ ‘e seng ho mo katella’ ho sa tsotellehe hore na ke oa morabe ofe kapa oa sechaba sefe. (Deuteronoma 10:19; Levitike 19:33, 34) Kannete, Ntate oa rōna ea lerato ea leholimong ha a ee ka tšobotsi.
8. (a) Ke eng e bontšang hore Jehova ha a ka a tšoara Iseraele joaloka thatohatsi? (b) Jehova o ile a sebelisa Iseraele joang?
8 Ke ’nete hore Baiseraele ba ile ba thabela litokelo tse khethehileng. Empa hape ba ne ba e-na le boikarabelo bo boima. Ba ne ba le tlas’a tlamo ea ho boloka melao ea Jehova, ’me ba neng ba hlōleha ho e boloka ba ne ba oela tlas’a thohako. (Deuteronoma 27:26) Ha e le hantle, Baiseraele ba ile ba lokela hore nako le nako ba otloe ka lebaka la ho se utloe Molao oa Molimo. Ka baka leo, Jehova ha aa ka a ba tšoara joaloka lithatohatsi. Ho e-na le hoo, o ile a ba sebelisetsa ho etsa mehlala ea boprofeta le ho fana ka mehlala e lemosang. Ka thabo, ke ka Iseraele Molimo o ileng oa hlahisa Molopolli, Jesu Kreste, bakeng sa ho hlohonolofatsa batho bohle.—Ba-Galata 3:14; bapisa Genese 22:15-18.
Na Jesu o ne a e-ea ka Tšobotsi?
9. (a) Jehova le Jesu ba tšoana joang? (b) Ho hlaha lipotso life mabapi le Jesu?
9 Kaha Jehova ha a ee ka tšobotsi ho hang, na Jesu o ne a ka ea ka tšobotsi? Ak’u nahane ka sena: Jesu ka lekhetlo le leng o ile a re: “Ha ke batle ho ratoang ke ’na, ke mpa ke batla ho ratoang ke Ntate ea nthomileng.” (Johanne 5:30) Ho na le bonngoe bo phethahetseng pakeng tsa Jehova le Mora ea ratoang oa hae, ’me Jesu o etsa thato ea Ntate oa hae ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe. Ha e le hantle, ba tšoana haholo ka maikutlo le morero hoo Jesu a neng a ka re: “Ea mponang o bone Ntate.” (Johanne 14:9) Ka lilemo tse fetang 33, Jesu o bile le phihlelo ea sebele ea ho phela e le motho lefatšeng, ’me Bibele e senola hore na o ne a tšoara batho ba bang joang. Boikutlo ba hae e ne e le bofe mabapi le merabe e meng? Na o ne a khetholla kapa a ea ka tšobotsi? Na Jesu e ne e le motho oa merabe?
10. (a) Jesu o ile a arabela mosali oa Mofenesia ea neng a kōpa thuso joang? (b) Ka ho bitsa Balichaba “lintjanyana,” na Jesu o ne a bontša khethollo? (c) Mosali eo o ile a hlōla khanyetso eo joang, hona ka phello efe?
10 Jesu o phetse karolo e khōlō ea bophelo ba hae ba lefatšeng le batho ba Bajode. Empa ka letsatsi le leng o ile a atameloa ke mosali oa Mofenisia, Molichaba, ea ileng a mo kōpa hore a phekole morali oa hae. Ha Jesu a arabela a re: “Ha kea romeloa ho motho, ha e se ho linku tsa ntlo ea Iseraele tse timetseng.” Empa, mosali eo a ithapella: “Morena, nthuse!” Ha a rialo, Jesu a eketsa: “Ha ho hotle ho amoha bana bohobe ho bo akhela lintjanyana.” Ho Bajode, lintja e ne e le liphoofolo tse sa hloekang. Kahoo, ka ho bitsa Balichaba “lintjanyana,” na Jesu o ne a bontša khethollo? Che, hobane o ne a sa tsoa bolela thōmo ea hae e khethehileng e tsoang ho Molimo ea ho hlokomela ‘linku tse timetseng tsa Iseraele.’ Ho feta moo, ka ho tšoantša bao e seng Bajode le “lintjanyana,” e seng lintja tsa naha, Jesu o ile a bebofatsa papiso eo. Ha e le hantle, seo a ileng a se bua se ile sa leka mosali eo. Ka boikokobetso, empa a ikemiselitse ho hlōla khanyetso ena, ka bohlale a arabela: “E, Morena; empa le tsona lintjanyana li ee li thole makumane a oang tafoleng ea beng ba tsona.” A khahliloe ke tumelo ea mosali enoa, Jesu a phekola morali oa hae hang-hang.—Mattheu 15:22-28.
11. Joalokaha ho bontšitsoe ka ketsahalo e amang Jesu, Bajode le Basamaria ba ne ba nkana joang?
11 Hape, nahana ka ho teana ha Jesu le Basamaria ba bang ba itseng. Ho ne ho e-na le bora bo tebileng pakeng tsa Bajode le Basamaria. Ka lekhetlo le leng, Jesu o ile a romela manģosa hore a eo mo lokisetsa motsaneng o mong oa Basamaria. Empa Basamaria bao “ha ba ka ba mo amohela, kahobane sefahleho sa hae se ne se lebile nģa Jerusalema.” Hona ha khopisa Jakobo le Johanne hoo ba neng ba batla ho bitsa mollo o tsoang leholimong ’me o ba felise. Empa Jesu a khalemela barutuoa bana ba babeli, ’me kaofela ha bona ba ea motsaneng osele.—Luka 9:51-56.
12. Ke hobane’ng ha mosali e mong oa Mosamaria a ile a makatsoa ke kōpo ea Jesu?
12 Na Jesu o ile a kopanela boikutlong ba bora bo neng bo le teng pakeng tsa Bajode le Basamaria? Che, hlokomela ho ileng ha etsahala ka lekhetlo le leng. Jesu le barutuoa ba hae ba ne ba le tseleng e tsoang Judea ho ea Galilea ’me ba ne ba lokela ho feta Samaria. Ba khathetse ke leeto, Jesu o ile a lula kathōko pel’a seliba sa Jakobo hore a phomole ha barutuoa ba hae ba ile motseng oa Sikare ho ea reka lijo. Ho sa le joalo, mosali oa Mosamaria a tla ho tla kha metsi. Joale, Jesu ka boeena ka lekhetlo le leng o ile a bolela hore Basamaria ke ba “morabe o mong.” (Luka 17:16-18, The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures) Empa a re ho mosali eo: “Mphe, ke noe.” Kaha ho ne ho se moo Bajode ba sebelisanang le Basamaria teng, mosali ea maketseng a arabela: “Ere u le mo-Jode u qela joang metsi ho ’na, ke le mosali oa Samaria?”—Johanne 4:1-9.
13. (a) Jesu o ile a arabela joang khanyetsong ea mosali oa Mosamaria, ’me mosali eo a itšoara joang? (b) Qetello e bile efe?
13 Empa Jesu a iphapanyetsa khanyetso ea mosali eo. A mpa a sebelisa monyetla oo ho fana ka bopaki ho eena, a bile a lumela hore ke eena Messia! (Johanne 4:10-26) Mosali ea maketseng a siea nkho ea hae ea metsi hona selibeng moo, a khutlela motseng a matha, ’me a qala ho bolella ba bang se etsahetseng. Le hoja a ne a ’nile a phela bophelo ba boitšoaro bo bobe, a senola thahasello ea hae litabeng tsa moea ka hore a re: “Na e ke se be ke eena Kreste?” Qetello e bile efe? Batho ba bangata ba moo ba lumela ho Jesu ka lebaka la bopaki bo botle boo mosali eo a neng a fane ka bona. (Johanne 4:27-42) Ho khahlisang, bukeng ea hae A Biblical Perspective on the Race Problem, setsebi sa thuto ea bolumeli sa Congregational Thomas O. Figart se ile sa hlalosa tjena: “Haeba Morena oa rōna a ile a nahana hore ke habohlokoa hore a fapohe neano e fosahetseng ea bomorabe ka ketso ea mohau, joale re lokela ho ela hloko hore re se ke ra hoholoa ke nōka ea bomorabe kajeno.”
14. Ke bopaki bofe ba ho se ee ka tšobotsi ha Jehova bo iponahalitseng tšebeletsong ea moevangeli Filipi?
14 Ho se ee ka tšobotsi ha Jehova Molimo ho ile ha lumella batho ba merabe e sa tšoaneng hore ba sokolohele Bojodeng. Hape nahana ka se etsahetseng lilemong tse fetileng tse makholo a 19 tseleng e neng e sa tsamauoe e neng e le pakeng tsa Jerusalema le Gaza. Monna oa motho e motšo ea neng a le tšebeletsong ea mofumahali oa Ethiopia o ne a palame koloi ea hae ea lipere ha a ntse a bala boprofeta ba Esaia. Mohlanka enoa e ne e le mosokolohi ea bolotseng, hobane ‘o ne a tlile Jerusalema ho tla rapela.’ Lengeloi la Jehova la itlhahisa ho moevangeli oa Mojode Filipi, ’me la re ho eena: “E-ea, u atamele koloi eo.” Na Filipi o ile a re: “Che! Ke motho oa morabe o mong”? Le hanyenyane! E, Filipi o ile a thabela ho amohela memo ea Moethiopia ea hore a hloelle koloing, a lule le eena ’me a mo hlalosetse boprofeta ba Esaia bo buang ka Jesu Kreste! Eare ha ba fihla letamong la metsi, Moethiopia eo a botsa: “Ho ka hana eng hore ke se ke ka kolobetsoa na?” Kaha ho ne ho se letho le ka thibelang sena, ka thabo Filipi a kolobetsa Moethiopia eo, ’me Jehova a amohela monna eo ea thabileng e le molateli ea tlotsitsoeng oa Mora oa hae ea sa eeng ka tšobotsi, Jesu Kreste. (Liketso 8:26-39) Empa bopaki bo bong ba ho se ee ka tšobotsi ha Molimo bo ile ba phakisa ba iponahatsa.
Phetoho e Khōlō
15. Ke phetoho efe e etsahetseng kamorao ho lefu la Jesu, hona Pauluse o hlalosa see joang?
15 Lefu la Kreste ha lea ka la felisa khethollo ea merabe ea lefatše. Empa ka lefu leo la sehlabelo, Molimo o ile oa fetola kamano ea barutuoa ba Jesu ba Bajode malebana le balateli ba hae ba Balichaba. Moapostola Pauluse o ile a bontša hona ha a ngolla Bakreste ba Balichaba ba Efese ’me a re: “Hopolang hore pele le ne le le balichaba ka tsoalo. . . . Ka nako eo le ne le se na Kreste, le se monamane oa sechaba sa Iseraele ho hang, le se na kabelo lilekaneng le litšepisong, le se na tšepo, le se na Molimo lefatšeng lena. Empa joale, kaha le ho Kreste Jesu, lōna bao pele le neng le le hōle, le atamelitsoe ka mali a Kreste. Ke eena khotso ea rōna, ea entseng ba-Juda le balichaba sechaba se le seng, eo ka ’mele oa hae a helelitseng lerako la bora le lipakeng tsa bona.” “Lerako” leo, kapa letšoao la karohano e ne e le tokisetso ea selekane sa Molao e neng e sebetsa joaloka lerako pakeng tsa Bajode le Balichaba. Le ile la heletsoa motheong oa lefu la Kreste e le hore ka eena Bajode le Balichaba ba ka tseba “ho atamela ho Ntate ka Moea o le mong.”—Ba-Efese 2:11-18, TLP.
16. (a) Ke hobane’ng ha Petrose a ile a neoa linotlolo tsa ’Muso? (b) Ho ne ho e-na le linotlolo tse kae, ’me tšebeliso ea tsona e ile ea fella ka eng?
16 Ho feta moo, moapostola Petrose o ile a neoa “linotlolo tsa ’muso oa maholimo” e le hore batho ba morabe leha e le ofe ba ka ithuta ka merero ea Molimo, ba ‘tsoaloa la bobeli’ ka moea o halalelang ’me ba fetoha majalefa a moea le Kreste. (Mattheu 16:19; Johanne 3:1-8) Petrose o ile a sebelisa linotlolo tse tharo tsa tšoantšetso. Sa pele e bile bakeng sa Bajode, sa bobeli bakeng sa Basamaria, le sa boraro bakeng sa Balichaba. (Liketso 2:14-42; 8:14-17; 10:24-28, 42-48) Kahoo Molimo o sa eeng ka tšobotsi, Jehova, oa bulela bakhethoa ba merabe eohle tokelo ea ho ba baena ba moea ba Jesu le majalefa hammoho le eena a ’Muso.—Ba-Roma 8:16, 17; 1 Petrose 2:9, 10.
17. (a) Petrose o ile a neoa pono efe e sa tloaelehang, hona hobane’ng? (b) Banna ba itseng ba ile ba isa Petrose ntlong ea mang, ’me ke bo-mang ba neng ba mo emetse moo? (c) Petrose o ile a hopotsa Balichaba bao eng, empa ke eng eo Molimo o neng o mo rutile eona ka ho hlaka?
17 Ho lokisetsa Petrose hore a sebelise senotlolo sa boraro—bakeng sa Balichaba—o ile a neoa pono e sa tloaelehang ea liphoofolo tse sa hloekang ’me a bolelloa: “Petrose, ema, u hlabe, u je!” Thuto e ne e le hore: “Tseo Molimo o li hloekisitseng, u se ke ua re, li litšila.” (Liketso 10:9-16) Petrose o ne a ferekane haholo ke hore na pono eo e bolela eng. Empa kapele ha fihla banna ba bararo ho tla mo isa tlung ea Kornele, molaoli oa lebotho la Roma ea neng a le Sesarea. Kaha motse oo e ne e le ntlo-kholo ea mabotho a Roma a Judea, e ne e le sebaka se loketseng hore Kornele a ka ba le ntlo ea hae ho sona. Kornele o ne a emetse Petrose tokisetsong eona eo ea Balichaba, a e-na le beng ka eena le metsoalle ea hae e haufi-ufi. Moapostola eo a ba hopotsa: “Lea tseba hobane motho oa mo-Jode ha a lumelloa ho kopana le mo-lichaba, leha e le ho kena ha hae; empa Molimo o nkelelitse hobane ke se ke ka re, motho e mong o litšila, leha e le ho re, ha a hloeka. Ka baka leo, eitse hobane ke bitsoe, ke tlile feela ke sa hane.”—Liketso 10:17-29.
18. (a) Ke tsebiso efe ea bohlokoa eo Petrose a ileng a e etsa ho Kornele le bamemuoa ba hae? (b) Ha Petrose a ntse a paka ka Jesu, ke ketsahalo efe ea mohlolo e ileng ea etsahala? (c) Ke bohato bofe joale bo ileng ba nkoa mabapi le Balichaba bao ba lumelang?
18 Hoba Kornele a hlalose kamoo Molimo o tsamaisitseng litaba, Petrose a re: “Kannete kea hlokomela hore Molimo ha a ee ka tšobotsi; empa, lichabeng tsohle, ea mo tšabang, ea etsang toka, oa amoheleha ho eena.” (Liketso 10:30-35, TLP) Joale, ha moapostola a tsoela pele ho fana ka bopaki bo amanang le Jesu Kreste, ha etsahala ntho e ’ngoe e mohlolo! “Eare ha Petrose a sa ntse a bolela taba tseo, Moea o Halalelang oa theohela holim’a bohle ba utloang Lentsoe.” Balekane ba Petrose ba Bajode “ba makala, ha ba bona neo ea Moea o Halalelang e tšolleloa le Ba-lichaba. Hobane ba ne ba ba utloa ba bua lipuo lisele, ba boka Molimo.” A lumellana le se etsahetseng, Petrose a re: “Na ke mang joale ea ka hanang le metsi, hore bao ba se ke ba kolobetsoa, ha e le mona ba se ba amohetse Moea o Halalelang joale ka rōna?” Ke mang ea neng a ka hana, kaha moea o halalelang oa Molimo oa leholimo o sa eeng ka tšobotsi o ne o tšolletsoe holim’a Balichaba bao ba lumelang? Ka baka leo, Petrose a laela hore ba “kolobetsoe ka lebitso la Morena [Jesu Kreste].”—Liketso 10:36-48.
‘Ba Tsoang Lichabeng Tsohle’
19. Ke hobane’ng ha bora ba merabe bo ntse bo eketseha, hona bo eketseha ho fella kae?
19 Joale re iphumana re le “mehleng ea bofelo” ’me “linako tsa bothata” ke ’nete e etsahalang bophelong. Har’a lintho tse ling, batho ke baithati, baikhantši, baikakasi, ba se nang lerato la tlhaho, ba hanang ho boelanngoa le ba bang, ba se nang boitšoaro, ba sehlōhō, ba manganga, le baikhohomosi. (2 Timothea 3:1-5, TLP) Har’a moea o joalo oa boahisani, ha ho makatse hore e be bora ba merabe le khohlano li ntse li eketseha lefatšeng ka bophara. Linaheng tse ngata, batho ba merabe e sa tšoaneng le ba lebala le fapaneng baa nyelisana kapa ba bile ba hloeane. Hona ho tsoetse lintoa tsa sebele hammoho le lihlōhō tse tšabehang linaheng tse ling. Haesita le har’a batho bao ho thoeng ba tsoetse pele, batho ba bangata ba sitoa ho hlōla khethollo ea merabe. “Lefu” lena ho bonahala le namela libakeng tseo motho a neng a ke ke a nahana ho hang hore le ka kena ho tsona, tse kang lihleke-hleke tsa leoatle tseo ka nako e ’ngoe li neng li e-na le khotso e ikhethang.
20. (a) Ke pono efe e bululetsoeng e bonoeng ke Johanne? (b) Pono ee ea boprofeta e phethahatsoa ho fihlela kae? (c) Ke bothata bofe boo ba bang ba sa ntsaneng ba lokela ho bo hlōla ka ho feletseng, ’me ba lokela ho batla pheko hokae?
20 Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe ho hlokahala ha kutloano ea merabe likarolong tse fapa-fapaneng tsa lefatše, Molimo o sa eeng ka tšobotsi, Jehova, o hlile a bolela hore batho ba merabe eohle le ba lichaba tsohle ba lipelo li tšepahalang ba tla kopanngoa hammoho bonngoeng bo tsotehang ba machaba. Ka pululelo ea bomolimo, moapostola Johanne o ile a bona “bongata bo boholo ba batho, bao ho seng motho ea ka tsebang ho bo bala, ba lichaba tsohle, le ba mefuta eohle, le ba merabe eohle, le ba lipuo tsohle, ba eme pel’a terone le pel’a Konyana,” bo rorisa Jehova. (Tšenolo 7:9) Ha e le hantle, boprofeta bona bo se bo ntse bo phethahala. Kajeno, linaheng tse 210 lipaki tsa Jehova tse fetang 3 300 000, tsa lichaba tsohle le tsa merabe eohle, li thabela bonngoe le kutloano ea merabe. Empa li sa ntsane li sa phethahala. Tse ling tsa tsona li sa ntsane li thatafalloa ke ho hlōla khethollo ea merabe ka ho feletseng, le hoja e ka ’na eaba ha li ho hlokomele. E be bothata boo bo ka hlōloa joang? Re tla buisana ka taba ena sehloohong se latelang, se theiloeng keletsong e thusang e tsoang Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo o sa eeng ka tšobotsi, Jehova.
U ne u ka Arabela Joang?
◻ Ke hobane’ng ha u ne u ka re Jehova o ne a sa ee ka tšobotsi ha a sebelisa Baiseraele?
◻ Ho na le bopaki bofe ba hore tabeng ea merabe Jesu Kreste o ne a sa khetholle kapa a sa ee ka tšobotsi?
◻ Petrose o ile a thusoa joang ho bona hore Molimo ‘ha o ee ka tšobotsi’?
◻ Ho sa tsotellehe ho hlokahala ha kutloano ea merabe lefatšeng lena, ke boprofeta bofe bo bontšang bonngoe bo phethahatsoang hona joale?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Moapostola Pauluse o ile a bolella Baathene hore ‘Molimo o entse merabe eohle ea batho hore e ahe sebakeng sa lefatše’
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Kaha Jesu o ne a sa ee ka tšobotsi, o ile a pakela mosali oa Mosamaria selibeng sa Jakobo haufi le Sikare