Jehova o Bolela “Qetello ho Tloha Tšimolohong”
“Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.”—ESAIA 46:10.
1, 2. Ke’ng e tsotehang ka liketsahalo tse amanang le ho timetsoa ha Babylona, hona taba ee e bontša’ng ka Jehova?
HAR’A bosiu, masole a sera a ne a tsamaea ka lenyele lebōpong la Nōka ea Eufrate a habile moo a neng a batla ho hlasela teng, e leng motseng o moholo oa Babylona. Ha a atamela khoro ea motse, a ile a bona ntho e makatsang. Menyako e meholo e nang le mamati a mabeli lerakong la Babylona e ne e siuoe e butsoe! Ha a tsoa ka nōkeng, a ile a nyolosa ’me a kena ka motseng, eaba a o hapa ka potlako. Kapele, moeta-pele oa ’ona, e leng Cyruse, o ile a laola naha eo ’me hamorao a laela hore batlamuoa ba Baiseraele ba lokolloe. Batlamuoa ba liketekete ba ile ba khutlela ha habo bona ho ea tsosolosa borapeli ba Jehova Jerusalema.—2 Likronike 36:22, 23; Esdrase 1:1-4.
2 Hona joale bo-rahistori ba paka hore liketsahalo tseo tse etsahetseng ka selemo sa 539-537 B.C.E. ehlile ke ’nete. Ho tsotehang ke hore liketsahalo tseo li ile tsa tsejoa lilemo tse ka bang 200 pele li etsahala. Jehova o ile a bululela moprofeta oa hae Esaia hore a hlalose ho oa ha Babylona nako e telele pele ho etsahala. (Esaia 44:24–45:7) Molimo ha aa ka a senola feela maemo a amanang le ho timetsoa ha Babylona empa o ile a bolela le lebitso la moeta-pele ea neng a tla e hlōla.a Ha Jehova a bua le Baiseraele bao e neng le lipaki tsa hae mehleng eo, o ile a re: “Hopolang lintho tsa pele tsa nakong ea khale, hore ke ’na Ea Nang le Bomolimo ’me ha ho na Molimo e mong, leha e le mang ea joaloka ’na; Ea bolelang qetello ho tloha tšimolohong, le eo ho tloha khale a bolelang lintho tse e-s’o etsoe.” (Esaia 46:9, 10a) Ruri Jehova ke Molimo ea ka tsebang esale pele lintho tse tla etsahala.
3. Joale re tla hlahloba likarabo tsa lipotso life?
3 Molimo o tseba bokamoso hakae? Na Jehova o tseba esale pele seo e mong le e mong oa rōna a tla se etsa? Ha e le hantle, na bokamoso ba rōna bo se bo ntse bo reriloe esale pele? Sehloohong sena le se latelang, re tla hlahloba kamoo Bibele e arabelang lipotso tsena le tse ling tse amanang le tsona.
Jehova—Ke Molimo oa Boprofeta
4. Ke mang eo e leng Mohloli oa boprofeta bo tlalehiloeng ka Bibeleng?
4 Kaha Jehova o khona ho tseba bokamoso esale pele, o ile a bululela bahlanka ba hae ba mehleng ea Bibele hore ba tlalehe boprofeta bo bongata, bo re fang monyetla oa ho tseba esale pele seo Jehova a rerileng ho se etsa. Jehova o re: “Lintho tsa pele—bonang! li fihlile, empa ke bolela lintho tse ncha. Pele li hlaha, ke etsa hore le li utloe.” (Esaia 42:9) Ka sebele batho ba Molimo ba na le tokelo e ikhethang!
5. Ho tseba esale pele seo Jehova a tla se etsa ho tsamaea le boikarabelo bofe?
5 Moprofeta Amose oa re tiisetsa: “’Musi Morena Jehova a ke ke a etsa letho ntle le hore a senolele bahlanka ba hae baprofeta taba ea hae ea lekunutu.” Tsebo ena eo ba neng ba e fuoa esale pele e ne e tsamaea le boikarabelo. Hlokomela papiso e matla eo Amose a e sebelisang ka mor’a moo: “Ho na le tau e purumileng! Ke mang ea ke keng a tšoha?” Feela joalokaha ho puruma ha tau ho etsa hore motho hammoho le phoofolo e haufi ba nke bohato ka potlako, ka ho tšoanang baprofeta ba kang Amose, ba ile ba tsebahatsa liphatlalatso tsa Jehova ka potlako. “’Musi Morena Jehova o buile! Ke mang ea ke keng a profeta?”—Amose 3:7, 8.
“Lentsoe” la Jehova “ka Sebele le Tla Atleha”
6. “Morero” oa Jehova mabapi le ho oa ha Babylona o ile oa atleha ka tsela efe?
6 Ka moprofeta oa hae, Esaia, Jehova o ile a re: “Morero oa ka o tla ema o tiile, ’me ke tla etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e thabelang.” (Esaia 46:10b) Se neng se akarelletsoa ‘morerong oa Molimo,’ kapa thatong ea hae mabapi le Babylona, e ne e le hore a bitse Cyruse ea tsoang Persia hore a hlōle Babylona a be a e lihe. Jehova o ile a tsebahatsa morero oo nako e telele esale pele. Joalokaha re se re hlokometse, o ile oa phethahala ka botlalo ka selemo sa 539 B.C.E.
7. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore kamehla “lentsoe” la Jehova lea atleha?
7 Lilemo tse ka bang makholo a mane pele Cyruse a hlōla Babylona, Morena Josafate oa Juda o ile a tobana le mabotho a ikopantseng a Baamone le Bamoabe. O ile a rapela a tletse kholiseho a re: “Jehova Molimo oa baholo-holo ba rōna, na ha u Molimo maholimong, ’me na ha u laole mebuso eohle ea lichaba, ’me na ha ho na matla le bonatla letsohong la hao, hoo ho seng ea ka emang a tiile khahlanong le uena?” (2 Likronike 20:6) Esaia o ile a bontša kholiseho e tšoanang ha a ne a re: “Jehova oa mabotho o rerile, ke mang ea ka senyang hoo? Letsoho la hae le otlolotsoe, ke mang ea ka le khutlisang?” (Esaia 14:27) Hamorao, ha Morena Nebukadnezare oa Babylona a se a hlaphohetsoe bohlanyeng ba hae, ka boikokobetso o ile a lumela sena: “Ha ho ea ka thibang letsoho la [Molimo] kapa ea ka reng ho eena, ‘U ne u ntse u etsa’ng?’” (Daniele 4:35) Ka sebele, Jehova o tiisetsa batho ba hae o re: “Lentsoe la ka . . . le ke ke la khutlela ho ’na le se na litholoana, empa ka sebele le tla etsa seo ke se thabelang, ’me ka sebele le tla atleha ho seo ke le rometseng sona.” (Esaia 55:11) Re ka kholiseha ka ho feletseng hore kamehla “lentsoe” la Jehova lea atleha. Joang kapa joang morero oa Molimo oa phethahala.
“Morero oa ka ho sa Feleng” oa Molimo
8. “Morero oa ka ho sa feleng” oa Molimo ke’ng?
8 Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Efese, o ile a bua ka hore Molimo o na le “morero oa ka ho sa feleng.” (Baefese 3:11) Ona hase moralo oa tšebetso feela tjee, joalokaha eka Molimo o ne a lokela ho rala hore na o tla sebetsa joang. Ho e-na le hoo, morero oo o amana le boikemisetso ba Jehova ba hore a phethahatse seo qalong a neng a se reretse moloko oa batho le lefatše. (Genese 1:28) Ho re thusa ho utloisisa kamoo morero oa hae o tiileng kateng, nahana ka boprofeta ba pele bo tlalehiloeng ka Bibeleng.
9. Genese 3:15 e amana joang le morero oa Molimo?
9 Tšepiso e ho Genese 3:15 e bontša hore kapele-pele ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe, Jehova o ile a rera hore mosali oa hae oa tšoantšetso o tla hlahisa peō, kapa mora. Jehova o ile a boela a bonela pele hore na bora bo pakeng tsa mosali oa hae le Satane le bo pakeng tsa lipeō tsa bona tse hanyetsanang bo ne bo tla fella ka eng. Le hoja Jehova a ne a tla lumella hore Peō ea mosali oa Molimo e longoe serethe, ka nako e loketseng ea Molimo, Peō eo e ne e tla khoba hlooho ea noha, kapa Satane Diabolose. Pele seo se etsahala, morero oa Jehova o ile oa tsoela pele ho phethahala ka lesika le khethiloeng ho fihlela Jesu a hlaha e le Mesia ea tšepisitsoeng.—Luka 3:15, 23-38; Bagalata 4:4.
Seo Jehova a se Khethang Esale Pele
10. Na Jehova o ile a rera esale pele ho tloha tšimolohong hore Adama le Eva ba ne ba tla etsa sebe? Hlalosa.
10 Ha moapostola Petrose a ne a bua ka karolo eo Jesu a ileng a e phetha morerong oa Molimo, o ile a ngola a re: “[Jesu] o ile a tsejoa esale pele pele lefatše le thehoa, empa o ile a bonahatsoa bofelong ba linako ka lebaka la lōna.” (1 Petrose 1:20) Na Jehova o ile a rera esale pele ho tloha tšimolohong hore Adama le Eva ba ne ba tla etsa sebe le hore ho ne ho tla hlokahala sehlabelo sa thekollo ka Jesu Kreste? Che. Lentsoe lena “thehoa” le fetoletsoe ho tsoa lentsoeng la Segerike leo ka ho toba le bolelang “ho jala peō.” Na ho ne ho kile ‘ha jaloa peō,’ kapa ha emoloa bana pele Adama le Eva ba etsa sebe? Che. Bana ba ile ba emoloa ka mor’a hore Adama le Eva ba bontše ho se mamele. (Genese 4:1) Kahoo ka mor’a borabele boo le pele ho emoloa bana ba Adama le Eva, Jehova o ile a rera esale pele hore ho ne ho tla hlaha “peō.” Lefu la Jesu le tsoho ea hae li ile tsa etsa hore ho be le tokisetso e lerato ea thekollo, eo ka eona ho tla felisoa sebe se futsitsoeng le boiteko bohle ba Satane.—Matheu 20:28; Baheberu 2:14; 1 Johanne 3:8.
11. Ke ketsahalo efe eo Molimo a ileng a e khetha esale pele hore a phethahatse morero oa hae?
11 Molimo o ile a khetha esale pele ketsahalo e ’ngoe hore a phethahatse morero oa hae. Sena se bontšoa ke seo Pauluse a ileng a se ngolla Baefese, e leng hore Molimo o tla “bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” Joale, ha Pauluse a bua ka “lintho tse maholimong,” ke hore, ba khethoang e le majalefa hammoho le Kreste, o ile a hlalosa: “Re ile ra khethoa esale pele ho ea ka morero oa ea sebetsang lintho tsohle ho ea ka tsela eo thato ea hae e rerang ka eona.” (Baefese 1:10, 11) Ka sebele Jehova o ile a rera esale pele hore palo e fokolang ea batho e ne e tla etsa karolo ea bobeli ea peō ea mosali oa Molimo ’me e kopanele le Kreste ho abeng melemo ea thekollo. (Baroma 8:28-30) Moapostola Petrose o ba bitsa “sechaba se halalelang.” (1 Petrose 2:9) Ka pono, moapostola Johanne o ile a fuoa tokelo ea ho tseba palo ea bao e neng e tla ba majalefa hammoho le Kreste—e leng 144 000. (Tšenolo 7:4-8; 14:1, 3) Kaha ba tšehelitse Kreste e le Morena, ba sebeletsa “thoriso ea khanya [ea Molimo].”—Baefese 1:12-14.
12. Re tseba joang hore batho ka bomong ho bana ba 144 000 ha baa khethoa esale pele?
12 Ho khethoa esale pele ha ba 144 000 ha ho bolele hore batho ba itseng ba ile ba khethoa ka bomong esale pele hore ba sebeletse Molimo ka botšepehi ka tsela ena. Ha e le hantle, keletso e Mangolong a Segerike a Bakreste e ile ea ngolloa haholo-holo hore e tataise le ho matlafatsa batlotsuoa hore ba boloke botšepehi le hore ba lule ba tšoaneleha bakeng sa pitso ea bona ea leholimo. (Bafilipi 2:12; 2 Bathesalonika 1:5, 11; 2 Petrose 1:10, 11) Jehova o tseba esale pele hore batho ba 144 000 ba tla tšoaneleha hore ba phethe morero oa hae. Hore na e tla qetella e le bo-mang, ho itšetlehile ka hore na batho ka bomong ba memiloeng ba khetha ho phela ka tsela efe, e leng qeto eo e mong le e mong oa bona a lokelang ho iketsetsa eona.—Matheu 24:13.
Seo Jehova a se Tsebang Esale Pele
13, 14. Matla a Jehova a ho tseba lintho esale pele a lumellana le eng, hona hobane’ng?
13 Kaha Jehova ke Molimo ea fanang ka boprofeta ebile o na le morero, o sebelisa matla a hae joang a ho tseba lintho esale pele? Taba ea pele, re kholisehile hore litsela tsohle tsa Molimo ke tsa ’nete, li lokile, ebile li lerato. Ha moapostola Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Baheberu ba lekholong la pele la lilemo C.E., o ile a tiisa hore kano ea Molimo le tšepiso ea hae ke tsona “lintho tse peli tse sa fetoheng tseo ho tsona e leng ho ke keng ha khoneha hore Molimo a bue leshano.” (Baheberu 6:17, 18) Ha Pauluse a ngolla morutuoa Tite, o ile a boela a bua ka khopolo ena, ha a ne a ngola hore Molimo ke “ea ke keng a bua leshano.”—Tite 1:2.
14 Ho feta moo, le hoja matla a Jehova a se na moeli, ha ho mohla a etsang lintho ka ho hloka toka. Moshe o ile a bolela hore Jehova ke “Molimo oa botšepehi, eo ho eena ho se nang ho hloka toka; o lokile ’me o khabane.” (Deuteronoma 32:4) Eng kapa eng eo Jehova a e etsang e lumellana le botho ba hae bo babatsehang. Liketso tsa hae li bontša kamoo litšobotsi tsa hae tsa sehlooho, e leng lerato, bohlale, toka le matla li lumellanang ka mokhoa o phethahetseng kateng.
15, 16. Jehova o ile a hlalosetsa Adama khetho efe eo a neng a e-na le eona serapeng sa Edene?
15 Nahana hore na sena sohle se amana joang le lintho tse etsahetseng serapeng sa Edene. Joaloka Ntate ea lerato, Jehova o ile a lokisetsa hore ho be le lintho tsohle tseo batho ba neng ba li hloka. O ile a fa Adama matla a ho nahana, a ho sekaseka lintho le ho etsa liqeto. Ho fapana le liphoofolo, tseo hangata li tataisoang ke tšekamelo ea tlhaho, Adama o ne a e-na le matla a ho khetha seo a se etsang. Ka mor’a hore Molimo a bōpe Adama, o ile a sheba fatše a le teroneng ea hae ea leholimo ’me a bona “ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo [a neng a e entse] ’me, bonang! e ne e le molemo haholo.”—Genese 1:26-31; 2 Petrose 2:12.
16 Ha Jehova a ne a khetha ho laela Adama hore a se ke a ja tsa “sefate sa tsebo ea botle le bobe,” O ile a fana ka litaelo tse lekaneng e le hore Adama a ka etsa qeto ka seo a neng a tla se etsa. O ile a lumella Adama hore a je tsa “sefate se seng le se seng sa serapa” ntle le tsa sefate se le seng ’me a mo lemosa ka liphello tse kotsi tsa ho ja tholoana ea sefate seo a thibetsoeng ho ja tsa sona. (Genese 2:16, 17) O ile a hlalosetsa Adama hantle liphello tsa liketso tsa hae. Adama o ne a tla etsa’ng?
17. Ke hobane’ng ha re ka bolela hore Jehova oa khetha ha a sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele?
17 Kamoo ho bonahalang kateng Jehova ha aa ka a khetha ho bonela pele seo Adama—esita le Eva—ba neng ba tla se etsa, le hoja A e-na le matla a ho tseba ntho e ’ngoe le e ’ngoe esale pele. Ka hona, taba hase hore na Jehova a ka bona bokamoso esale pele, empa taba ke hore na o khetha ho etsa joalo. Ho feta moo, re ka beha lebaka la hore kaha Jehova ke Molimo ea lerato, o ne a ke ke a rera esale pele ka boomo le ka ho hloka mohau hore borabele boo—hammoho le liphello tsohle tsa bona tse bohloko—bo be teng. (Matheu 7:11; 1 Johanne 4:8) Kahoo, tabeng ea ho sebelisa matla a ho tseba lintho esale pele, ho na le lintho tseo Jehova a khethang ho li bonela pele.
18. Ke hobane’ng ha taba ea hore Jehova oa khetha ha a sebelisa matla a ho tseba lintho esale pele e se pontšo ea hore ha a na matla?
18 Na taba ea hore Jehova oa khetha ha a sebelisa matla a ho tseba lintho esale pele e bolela hore oa haelloa ka tsela e itseng le hore ha a na matla? Che. Moshe o ile a bolela hore Jehova ke “Lefika,” eaba o phaella ka ho re: “Mosebetsi oa hae o phethahetse.” Jehova o ne a sa jare molato ka liphello tsa sebe sa batho. Liphello tse bohloko tseo kaofela ha rōna re li utloang kajeno li tsoa ketsong eo e sa lokang ea Adama ea ho se mamele. Moapostola Pauluse o ile a beha mabaka ka ho hlaka hore “ka motho a le mong le lefu [le ile] la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.”—Deuteronoma 32:4, 5; Baroma 5:12; Jeremia 10:23.
19. Ho tla tšohloa lipotso life sehloohong se latelang?
19 Ho seo re seng re se tšohlile ho fihlela joale, re ithutile hore ha ho na ho hloka toka ho Jehova. (Pesaleme ea 33:5) Ho e-na le hoo, matla a Jehova, litšobotsi tsa hae tsa boitšoaro le melao ea hae li sebelisoa ka mokhoa o lumellanang le morero oa hae. (Baroma 8:28) Kaha ke Molimo ea fanang ka boprofeta, Jehova o bolela ‘qetello ho tloha tšimolohong, ’me ho tloha khale o bolela lintho tse e-s’o etsoe.’ (Esaia 46:9, 10) Hape re ithutile hore oa khetha ha a sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele. Joale rōna re ameha joang ho see? Re ka tiisa joang hore liqeto tsa rōna li lumellana le morero o lerato oa Molimo? Hona ho etsa joalo ho tla re tlisetsa melemo efe? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona bukana e bitsoang Buka ea Batho Bohle, leqepheng la 28, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.
Na U ka Hlalosa?
• Ke mehlala efe ea boholo-holo e tiisang hore kamehla “lentsoe” la Molimo ‘ka sebele lea atleha’?
• Ke’ng seo Jehova a se khethileng esale pele mabapi le ‘morero oa hae oa ka ho sa feleng’?
• Jehova o sebelisa matla a hae a ho tseba lintho esale pele joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 22]
Josafate o ne a tšepile Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Molimo o ile a bolela lefu le tsoho ea Jesu esale pele
[Setšoantšo se leqepheng la 24]
Na Jehova o ile a rera esale pele seo Adama le Eva ba neng ba tla se etsa?