-
Ke’ng e Tla U Thusa Hore U Tsoele Pele U Ithuta Bibele?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Etsa hore thuto ea Bibele e be ea bohlokoa ho uena
Ka linako tse ling ho ba le lintho tse ngata tseo re li etsang hoo re bonang eka ha re na nako e lekaneng ea ho ithuta Bibele. Ke’ng e ka u thusang? Bala Bafilipi 1:10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
U nahana hore tse ling tsa “lintho tsa bohlokoa haholo” bophelong ke life?
U ka etsa’ng e le hore thuto ea Bibele e be ea bohlokoa ho uena?
Haeba u tlatsa emere ka lehlabathe ebe u leka ho tšela majoe, a ke ke a fella ka moo
Haeba u tšela majoe pele, u tla fumana sebaka sa ho tšela lehlabathe. Ka tsela e tšoanang, haeba u etsa “lintho tsa bohlokoa haholo” pele bophelong ba hao, u tla khona ho li finyella le ho ba le nako ea ho etsa lintho tse ling
Ho ithuta Bibele ho khotsofatsa tlhoko ea rona ea moea, e leng ho batla ho tseba le ho sebeletsa Molimo. Bala Matheu 5:3 ebe le buisana ka potso ena:
Re fumana molemo ofe ha re etsa hore thuto ea rona ea Bibele e be ntho ea bohlokoa bophelong ba rona?
-
-
Khetha ho Ithabisa ka Tsela e Tla Khahlisa JehovaU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Sebelisa nako ea hao hantle
Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Le hoja abuti ea hlahang videong ee a ne a sa etse letho le lebe, bothata ba hae e ne e le bofe tseleng eo a sebelisang nako ka eona?
Bala Bafilipi 1:10 ebe le buisana ka potso ena:
Temana ee e ka re thusa joang ha re etsa qeto ea hore na re tla qeta nako e kae re ithabisa?
-