“Pelo Tsa Lōna Li Se Ferekane”
“Pelo tsa lōna li se ferekane; lumelang ho Molimo, le ho ’na le lumele.”—JOHANNE 14:1.
1. Ke hobane’ng ha mantsoe a Jesu ho Johanne 14:1 a ne a le nakong haholo?
E NE e le la 14 Nisane selemong sa 33 C.E. Sehlotšoana sa banna se ne se bokane kamoreng e kaholimo Jerusalema ha letsatsi le qeta ho likela. Moeta-pele oa sona o ne a se nea keletso le khothatso ea ha ba arohana. Karolo ea eona ke moo a itseng: “Pelo tsa lōna li se ferekane.” (Johanne 14:1) Mantsoe a hae a ne a le nakong ka ho fetisisa, hobane liketsahalo tse senyang li ne li le haufi le ho etsahala. Bosiung bona boo o ile a tšoaroa, a qosoa, ’me a ba a ahlōleloa lefu.
2. Ke hobane’ng ha letsatsi leo e ne e le la bohlokoahali hakaalo, ’me barutuoa ba ile ba thusoa ke eng?
2 U na le lebaka le letle la ho talima letsatsi leo e le la bohlokoa ka ho fetisisa historing, le amang bokamoso bohle ba batho. Lefu la sehlabelo la Moeta-pele eo, Jesu, le ile la phethahatsa boprofeta bo bongata ba boholo-holo ’me la fana ka motheo bakeng sa bophelo bo sa feleng ho ba lumelang ho eena. (Esaia 53:5-7; Johanne 3:16) Empa baapostola, ba maketse ba bile ba tsielitsoe ke liketsahalo tse mahlonoko tsa bosiu boo, ba ile ba ferekana ’me ba tlaloa ke tšabo ka nakoana. Petrose o bile a latola Jesu. (Mattheu 26:69-75) Leha ho le joalo, kamor’a hore baapostola ba tšepahalang ba fumane mothusi ea tšepisitsoeng, moea o halalelang, ba ile ba e-ba sebete ’me ba se ke ba ferekana. (Johanne 14:16, 17, NW) Kahona, ha Petrose le Johanne ba feta har’a khanyetso e matla ’me ba kenngoa litlamong, ba ile ba rapela Molimo bakeng sa thuso ea ho bua lentsoe la oona “ba sa tšabe letho.” Thapelo ea bona e ile ea arabeloa.—Liketso 4:1-3, 29-31.
3. Ke hobane’ng ha batho ba bangata hakaale ba ferekane kajeno?
3 Kajeno re phela lefatšeng le ferekaneng ka ho tebileng. Bofelo ba tsamaiso ena ea lintho ea khale bo atamela ka potlako. (2 Timothea 3:1-5) Ba limillione ba ameha e le batho ka bomong kapa ba ferekanngoa ka ho teba ke ho senyeha ho tebileng ha bophelo ba lelapa le litekanyetso tsa boitšoaro, keketseho e tšosang ea mafu a makatsang, ho hloka botsitso ha lipolotiki, ho hloka mosebetsi, khaello ea lijo, bokhukhuni le tšokelo ea ntoa ea nuclear. Lipelo tse ngata li ferekanngoa ke tšabo e tepeletsang maikutlo ea bokamoso. Joalokaha Jesu a ile a bolela esale pele, ho na le ‘tsieleho lichabeng . . . ha batho ba felloa ke matla ka baka la tšabo le tebello ea lintho tse tlang holim’a lefatše leo ho ahiloeng ho lona.’—Luka 21:25, 26, NW.
4. Ke maemo afe a ka etsang hore Mokreste a hlokofatsoe ke khatello?
4 Esita le Bakreste ba ka angoa ka ho tebileng ke maemo a joalo a tepeletsang maikutlo. Ba ka ’na ba talimana le khatello ka baka la leeme la bolumeli kapa khanyetso e tsoang ho beng ka bona, baahisani, basebetsi-’moho, bao ba kenang sekolo le bona, le ba boholong ’musong. (Mattheu 24:9) Kahoo ke joang re ka ipolokang re tsitsitse, re sa ferekana, mehleng ee e thata? Re ka boloka khotso ea kelello joang ha lintho li ntse li thatafala? Re ka talimana le bokamoso ka tšepo joang? Ke eng e tla re thusa ho hlōla ho belaela ho tebileng ho ntseng ho fetoha ho atileng hohle? Re nakong ea ha Jesu a ne a fana ka keletso e ho Johanne 14:1, kahoo a re ke re e hlahlobeng ka hloko.
Re Ka Hlōla Ho Belaela Joang?
5. Mangolo a re nea likhothatso life?
5 Kamor’a ho fana ka khothatso e lerato ea hore ‘lipelo tsa bona li se ferekane,’ Jesu o ile a bolella baapostola ba hae: “Lumelang ho Molimo, le ho ’na le lumele.” (Johanne 14:1) Mangolo a bululetsoeng a re nea likhothatso tse ngata tse tšoanang: “Jarisa Jehova phahlo tsa hao, ’me o tla u tšehetsa.” “U laeletse tsela ea hao ho Jehova, u mo tšepe; ho tla sebetsa eena.” (Pesaleme ea 55:22; 37:5) Pauluse o ile a nea Bafilippi keletso ena ea bohlokoahali: “Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
6, 7. (a) Tsela e ’ngoe ea ho fokotsa khatello ke efe? (b) Re ka hlaolela tlamahano e haufi-ufi le Jehova joang?
6 Ka linako tse ling ho belaela kapa ho ameha ho hlahisoang ke mathata le boikarabelo bo boima li ka ’na tsa ama bophelo ba rōna le moea oa rōna. Leha ho le joalo, setsebi se seng ho tsa bongaka, bukeng Don’t Panic, sea hlalosa: “Haeba batho ba khona ho buisana ka mathata a bona le motho e mong eo ba mo hlonephang . . . , boemo ba khatello ea maikutlo bo atisa ho fokotseha haholo.” Haeba ho le joalo mabapi le ho fapanyetsana maikutlo le motho e mong, ho tla ba le thuso e khōlō hakaakang ka ho buisana le Molimo. Hobane ke mang eo re ka mo hlomphang haholo ho feta Jehova?
7 Ke ka lebaka leo kamano ea botho e haufi-ufi le eena e leng ea bohlokoa hakana ho Bakreste kajeno. Bahlanka ba Jehova ba hōlileng tsebong ba tseba sena hantle, kahoo ba seli hore ba qobe setsoalle sa mofuta o itseng le batho ba lefatše kapa mokhoa oa ho khanna nako o ka fokolisang kamano eo. (1 Ba-Korinthe 15:33) Ba boetse ba ananela hore na ke habohlokoa hakaakang ho bua le Jehova ka thapelo, e seng hang feela kapa habeli ka letsatsi, empa khafetsa. Ka ho khethehileng Bakreste ba bacha lilemong kapa ba bacha ka phuthehong ba hloka ho hlaolela tlamahano ena e haufi-ufi le Jehova ka ho ithuta kamehla le ho nahanisisa ka Lentsoe la hae le ka botsoalle ba Bokreste le tšebeletso ea Bokreste. Rea phehelloa: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.”—Jakobo 4:8.
Keletso Eo Jesu A Faneng Ka Eona
8, 9. Re ka sebelisa keletso efe e molemo mabapi le mathata a lichelete?
8 Linaheng tse ngata, ho hloka mosebetsi le ho theoha ha moruo ke lisosa tse tebileng tsa ho nahana ka thata. Jesu o ile a fana ka keletso e molemo haholo mabapi le ho ameha ka lintho tsena: “Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se noa; leha e le ka sa ’mele ea lōna, ka seo le tla se apara. Na bophelo [“moea,” NW] ha bo fetise lijo na?” (Mattheu 6:25) E, moea le ’mele, kapa motho kaofela, ke tsa bohlokoa haholo ho feta lijo le liaparo. Bahlanka ba Molimo ba ka kholiseha hore o tla ba thusa ho fumana litlhoko tsa bona tsa motheo. Jesu o ile a fana ka mohlala ona: “Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa. Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na?” (Mattheu 6:26) Hase ntho e utloahalang hore Molimo o ne o ka hlokomela libopuoa tse nang le masiba eaba o hlokomoloha bahlanka ba hae ba batho, bao e leng ba bohlokoa haholo ho oona le bao Kreste a ba teletseng bophelo ba hae.
9 Joale Jesu o ile a hatisa sena ka ho supa likhahla tsa naha hore ha li sebetse ka thata leha e le hona ho ’ohla, empa “esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joale ka sa e ’ngoe ea tsona.” Puso ea morena Salomone e ne e hlokomeleha ka khanya ea eona. Joale ka matšeliso Jesu o ile a botsa: “Na haholo [Molimo] o ke ke oa le apesa?”—Mattheu 6:28-32; Sefela sa Lifela 3:9-10.
10. (a) Mantsoe a Jesu a tšelisang a ne a lebisitsoe ho mang? (b) O ile a fana ka keletso efe ka bokamoso?
10 Leha ho le joalo, Jesu o tsoela pele ho bontša hore sena ke feela bakeng sa ba “batlang ’Muso oa Molimo le ho loka ha hae pele.” Lefatšeng ka bophara, Bakreste ba joalo ba ’nete ba ananela hore na ’Muso oa Molimo e hlile ke eng ’me ba o etelletsa pele bophelong ba bona. Keletso ea Jesu ea sebetsa ho bona: “Le se ke la itšoenya ka la hosasane, hobane la hosasane le tla itšoenya ka tsa lona; letsatsi ka leng le lekanoa ke bothata ba lona.” (Mattheu 6:33, 34, TLP) Ka mantsoe a mang, sebetsana le bothata bo le bong ha bo hlaha, ’me u se ke ua tšoenyeha ho sa hlokahale ka bokamoso.
11, 12. Bakreste ba bang ba ikutloa hore Jehova o ile a ba thusa joang ha a arabela lithapelo tsa bona?
11 Leha ho le joalo, batho ba bangata ba na le tšekamelo ea ho tšoenyeha ka bokamoso, haholo-holo ha lintho li tsamaea hampe. Empa Bakreste ba ka khona e bile baa lokela hore ba retelehele ho Jehova ka tumelo. Nahana ka taba ea Eleanor. Monna oa hae o ne a kula haholo, ’me o ile a qeta selemo a sa khone ho sebetsa. Eleanor o ne a e-na le bana ba babeli ba banyenyane le ntate ea hōlileng eo a neng a lokela ho mo hlokomela, kahoo le mosebetsi oa nako eohle o ne a ke ke a o khona. Ba ile ba kōpa thuso ho Jehova. Hoseng ho hong, nakoana kamorao ho sena, ba ile ba fumana anfolopo tlas’a lemati. E ne e tšetse chelete e ngata—e lekaneng ho ba phelisa ho fihlela monna a khona ho sebetsa hape. Ba ile ba ikutloa ba lebohile ka ho tebileng ka thuso ena e nakong. Ha ho na motheo oa Bibele oa ho lebella hore ntho e tšoanang e tla hlahela Mokreste ka mong ea hlokang, empa re ka kholiseha hore Jehova o tla utloa lillo tsa rōna le hore o na le matla a ho re thusa ka litsela tse fapaneng.
12 Mohlolohali e mong oa Mokreste Afrika e ka boroa o ile a lokela ho batla mosebetsi e le hore a ka hlokomela bana ba hae ba babeli ba banyenyane. Empa o ne a lakatsa ka matla ho sebetsa halofo ea letsatsi feela e le hore a ka qeta nako a e-na le bona. Kamor’a hore a fumane mosebetsi, o ile a tlameha ho o tlohela ha mookameli a etsa qeto ea hore o ne a batla mongoli ea sebetsang nako eohle. A boetse a sa sebetse, khaitseli enoa o ile a rapella thuso ho Jehova ka tieo. Libeke tse tharo hamorao, mookameli oa hae oa pele o ile a mo kōpa hore a khutle ka tokisetso ea ho sebetsa halofo ea letsatsi. O ile a thaba hakaakang! O ile a ikutloa hore Jehova o ne a arabetse lithapelo tsa hae.
Kōpa Jehova Ka Tieo
13. (a) Ho boleloa eng ka “kōpo”? (b) Re na le mehlala efe ea kōpo ka Mangolong?
13 Ka kōpo hlokomela hore kamor’a ho eletsa, “Le se ke la belaella letho,” Pauluse oa phaella, “empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho.” (Ba-Filippi 4:6) Ke hobane’ng ha a bua ka “kōpo”? Lentsoe leo le bolela “thapeli e tiileng,” kapa ‘thapelo e qelang.’ Ho akarelletsa ho qela Molimo ka tieo, joaloka nakong ea khatello e khōlō kapa ea kotsi. Ha a le teronkong, Pauluse o ile a kōpa Bakreste ba habo hore ba mo etsetse kōpo e le hore a tle a bolele ‘evangeli e le lenģosa la eona le ha a tlamiloe ka mahlaahlela,’ a sa tšabe letho. (Ba-Efese 6:18-20) Molaoli oa lebotho la Roma Kornele le eena “o na a sa phetse ho rapela [“kōpa,” NW] Molimo.” O tlameha a ile a thaba hakaakang ha lengeloi le re: “Merapelo ea hao le lithuso tsa hao li nyolohetse pel’a Molimo, li tle li hopoloe”! ’Me o ile a neoa tokelo e kaakang ea ho ba har’a Balichaba ba pele ba ho tlotsoa ka moea o halalelang!—Liketso 10:1-4, 24, 44-48.
14. Re ka tseba joang hore na ho qela Jehova ka tieo ho lokela ho etsoa hang feela kapa che?
14 Ho lokela hore ho hlokomeloe hore ho qela Jehova ka tieo joalo ha ho etsoe hang feela. Jesu o ile a ruta Thutong ea hae e tsebahalang ea Thabeng: “Le ’ne le kōpe, ’me le tla fuoa; le ’ne le batle, ’me le tla fumana; le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa.” (Mattheu 7:7, NW) Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li e beha tjena: “Kōpang . . . batlang . . . kokotang.” Empa Segerike sa qalong se ne se senola khopolo ea ketso e tsoelang pele.a
15. (a) Ke hobane’ng ha Nehemia a ne a saretsoe ha a ntse a qhatsetsa Morena Artaxerxese veine? (b) Ke joang Nehemia a neng a entse ho fetang feela ho etsa thapelo e khutšoanyane?
15 Ha Nehemia a ntse a sebeletsa morena oa Persia Artaxerxese e le moqhatsetsi oa veine, morena o ile a botsa hore na ke hobane’ng ha a ne a saretsoe hakana. Nehemia o ile a re ke hobane o ne a utloile hore Jerusalema e ne e entsoe lesupi. Eaba morena oa botsa: “Kōpo ea hao u kōpa’ng?” Hang-hang Nehemia a kōpa thuso ho Jehova, ntle le pelaelo ka nako e khutšoaane, a khutsitse. Eaba o kōpa tumello ea ho khutlela Jerusalema ho ea tsosolosa motse oa habo o ratoang. O ile a lumelloa ka seo a se kōpang. (Nehemia 2:1-6) Leha ho le joalo, pele ho puisano eo ea bohlokoahali, Nehemia o ne a qetile matsatsi a qela, a kōpa ka tieo, hore Jehova a mo thuse. (Nehemia 1:4-11) Na u bona thuto eo u ka e fumanang ho see?
Jehova Oa Arabela
16. (a) Abrahama o ile a thabela tlotla efe e khethehileng? (b) Ke lithuso life tse matla tseo re nang le tsona tse ka amehang likarabelong tsa lithapelo tsa rōna?
16 Ka linako tse ling, Abrahama o ne a thabela tlotla ea ho buisana le Jehova ka mangeloi. (Genese 22:11-18; 18:1-33) Le hoja hoo ho sa etsahale kajeno, re hlohonolofalitsoe ka lithuso tse matla tseo Abrahama a neng a li hloka. E ’ngoe ke Bibele e feletseng—mohloli o sa khaotseng oa tataiso le matšeliso. (Pesaleme ea 119:105; Ba-Roma 15:4) Hangata Bibele e ka re fa tataiso kapa khothatso tseo re li hlokang, Jehova a re thusa ho hopola likarolo tseo re li batlang. Khafetsa, buka ea tlhahlamano ea mantsoe kapa e ’ngoe ea likhatiso tse ngata tsa Bibele tseo Molimo o faneng ka tsona ka mokhatlo oa oona o hlophisitsoeng e ka re fa karabelo. Index e nang le lintlha tse qaqisitsoeng le e sebetsang haholo likhatisong tsena ke thuso e ’ngoe e nang le bohlokoa bo ke keng ba lekanngoa ho fumaneng boitsebiso bo hlokahalang.
17. Jehova a ka ’na a arabela lithapelo tsa rōna ka litsela life tse ling, ’me Bakreste ba mosa, ba nang le kutloelo-bohloko ba ka thusa joang?
17 Haeba re ferekantsoe ke bothata bo itseng kapa re ikutloa re saretsoe kapa re nyahame, likarabelo tsa lithapelo tsa rōna li ka ’na tsa tla ka litsela tse ling hape. Ka mohlala, puo ea Bibele phuthehong kapa kopanong ea Lipaki tsa Jehova e ka ’na ea ba le “moriana” oona oo re o hlokang. Ka linako tse ling, ho buisana le Mokreste e mong ho ka ’na ha re nea seo re se hlokang. Hangata baholo ba phutheho ba ka fana ka khothatso kapa keletso. Esita le ho tšollela pelo tsa rōna ho Mokreste ea hōlileng tsebong, ea mosa, ea nang le kutloelo-bohloko eo e leng momameli ea molemo feela hangata ho ka etsa hore re ikutloe hamolemonyana. Hona ke ’nete haholo-holo haeba Mokreste enoa a re thusa ho nahana ka likhopolo tsa Bibele. Puisano e joalo e ka jarolla moroalo o boima haholo likelellong tsa rōna le lipelong tsa rōna.—Liproverbia 12:25; 1 Ba-Thessalonika 5:14.
18. Ke tšebetso efe e khethehileng e ka thusang Bakreste ho hlōla linako tsa masoabi, ’me see se ile sa thusa khaitseli e mocha oa pula-maliboho joang?
18 Mekhoa e fapa-fapaneng ea maikutlo a ho tepella e tloaelehile mehleng ena ea “linako tse bohloko.” (2 Timothea 3:1) Batho ba nyahamisoa le ho tepeletsoa ke mabaka a fapa-fapaneng. Mokreste le eena a ka ’na a hlaheloa ke sena, ’me e ka ba phihlelo e bohloko ka ho fetisisa. Leha ho le joalo, ba bangata ba fumane hore boboleli ba litaba tse molemo bo ba thusitse ho tsoa mesarelong ea nakoana ea moea o tepeletseng.b Na u kile ua leka seo? Ha u ikutloa u tepeletse ka tsela e ’ngoe e itseng, leka ho kopanela mokhoeng o mong oa tšebeletso ea ’Muso. Hangata ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo ho tla u thusa ho fetola tsela ea hao ea ho nahana ho tloha linthong tse fosahetseng ho isa linthong tse molemo. Ho bua ka Jehova le ho sebelisa Lentsoe la hae ho ka u tlisetsa thabo—tholoana ea moea oa hae—’me ha u etsa hore u ikutloe ka ho fapaneng. (Ba-Galata 5:22) Khaitseli e mong e mocha oa pula-maliboho o ile a fumana hore ho ipoloka a tšoarehile mosebetsing oa ’Muso ho ne ho mo etsa hore a hlokomele hore “ha a bapisoa le mathata a ba bang, [a hae] a ne a le manyenyane haholo e bile e le a nakoana.”
19. Mokreste ea nang le bophelo bo fokolang o ile a hlōla likhopolo tse fosahetseng joang?
19 Ka linako tse ling, boemo bo tlaase ba bophelo ba ’mele, mohlomong bo kopane le ho nahana ka thata kapa mathata, bo ka lebisa boikutlong ba ho tepella. Sena se ka ’na sa etsa hore motho a hlobaele ka baka la ho ferekana, joalokaha ka linako tse ling ho ile ha etsahalla Mokreste e mong oa lilemo tse mahareng ea neng a e-na le bophelo bo fokolang. Empa o ile a fumana hore thapelo e tsoang botebong ba pelo e ne e le thuso ea sebele. Nako le nako ha a tsoha a ikutloa a tepeletse, o ne a rapela Jehova ka boikokobetso. Ka potlako sena se ne se etsa hore a ikutloe hamolemonyana. O ile a boela a ho fumana e le ho thobang ho pheta likarolo tse tšelisang tsa Bibele ka hlooho, tse kang Pesaleme ea 23. Kamehla, moea oa Jehova, o sebetsang ho arabela thapelo kapa Lentsoe la hae, o ne o tla thusa ho nkela boemo ba ho tepella kelellong sebaka ka boemo bo thabisang. Hamorao, monna eo o ne a ka nahana ka mathata a hae ka ho leka-lekana le ka botsitso, a bona hore na a ka a hlōla joang kapa a ikutloa a tiisitsoe hore a ka a mamella.
20. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha bonahala thapelo e lieha ho arabjoa ka linako tse ling?
20 Ona ke mohlala oa hore na thapelo e ka tlisa karabelo joang. Empa ka linako tse ling ho bonahala re lieha ho fumana tharollo. Hobane’ng? Mohlomong karabelo e tlameha ho emela nako ea Molimo e loketseng. Ho bonahala hore liketsahalong tse ling Molimo o lumella bakōpi ho paka botebo ba ho ameha ha bona, hore na takatso ea bona e matla hakae, le hore na boineelo ba bona ke ba ’nete hakae. E mong oa bapesaleme o ile a ba le phihlelo eo!—Pesaleme ea 88:13, 14; bapisa 2 Ba-Korinthe 12:7-12.
21. Ke hobane’ng ha e le tlotla e khōlō ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova kajeno, ’me re ka bontša kananelo joang?
21 Ho sa tsotellehe hore na ho etsahala eng, ho buisana le Molimo o Matla ’Ohle ka thapelo ke phihlelo e matlafatsang tumelo e ka re ntšang masoabing ea re isa tšepong. Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore oa utloa o bile oa arabela! Joalokaha Pauluse a ile a ngolla phutheho ea Filippi, re lokela ho fana ka lithapelo tsa rōna le likōpo tse “nang le teboho.” (Ba-Filippi 4:6) E, letsatsi le leng le le leng re lokela ho bulela Jehova lipelo tsa rōna ka teboho ’me re be ba “lebohang nthong tsohle.” (1 Ba-Thessalonika 5:18) Sena se tla tlatsetsa tlamahanong e haufi-ufi, e mofuthu le e tla re tlisetsa khotso. Sehlooho se latelang se tla bontša hore na sena ke sa bohlokoa hakae ho bahlanka ba Jehova mehleng ena ea pherekano, e kotsi.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tumellanong le ho nepahala ha New World Translation of the Holy Scriptures, Charles B. Williams o fetolela temana ena: “Le ’ne le kōpe . . . le ’ne le batle . . . le ’ne le kokote, ’me le tla buleloa monyako.”—The New Testament: A Translation in the Language of the People.
b Boikutlo ba ho sareloa ka nakoana bo fapane le ho tepella ho matla, ho nkang nako e telele, hoo e leng ho tebileng le boemo bo rarahaneng haholo ba kelello kapa ba maikutlo. Bona Tsoha! ea November 8, 1987, maqephe 17-30.
U Ne U Tla Araba Joang?
◻ Ke maemo afe a ka ’nang a etsa hore Bakreste ba ferekane?
◻ Re ka thusoa ke eng ho hlōla ho belaela?
◻ Ke hobane’ng ha Bakreste ba ka kholiseha hore Molimo o tla ba thusa ka litlhoko tsa bona tsa motheo?
◻ “Kōpo” e bolela eng, ’me mehlala ea nakong e fetileng e bontša tsela eo Jehova a arabang ka eona joang?
◻ Jehova a ka ’na a arabela lithapelo tsa rōna ka litsela life tse fapaneng?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
‘Ntat’a lōna ea maholimong o fepa linonyana. Na ha le ba bohlokoa ho li feta?’