Thusa ba Bang Hore ba Ntlafatse Bokhoni ba Bona
“Ke tla u fa keletso leihlo la ka le le holim’a hao.”—PES. 32:8.
1, 2. Jehova o talima bahlanka ba hae ba lefatšeng joang?
HANGATA batsoali ha ba shebeletse bana ba bapala, ba hlolloa ke bokhoni ba tlhaho boo ba nang le bona. Na le uena ke seo u se hlokometseng? Ngoana e mong a ka ’na a rata ho matha kapa a ipabola lipapaling tse hlokang hore a sebelise ’mele, ha e mong eena a ka rata tse hlokang hore a sebelise kelello kapa ho toroea. Empa ho sa tsotellehe hore na ngoana o na le neo efe, batsoali baa thaba ha ba e hlokomela.
2 Jehova le eena o thahasella bana ba hae ba lefatšeng. O nka bahlanka ba hae ba kajeno e le “lintho tse lakatsehang tsa lichaba tsohle.” (Hag. 2:7) O ba talima e le ba bohlokoa ka lebaka la tumelo le boinehelo ba bona. E ka ’na eaba u hlokometse hore balumeli-’moho le uena ba na le lineo tse sa tšoaneng. Barab’abo rōna ba bang ke libui tse hloahloa, ha ba bang ba ipabola tabeng ea ho hlophisa lintho. Baralib’abo rōna ba bangata ba khona ho ithuta lipuo tse ling le ho li sebelisa ha ba le tšebeletsong, ha ba bang ba beha mohlala o motle tabeng ea ho khothatsa ba nyahameng le ho hlokomela ba kulang. (Bar. 16:1, 12) Na ha re thabele ho kopanela le bara le barali baa babo rōna?
3. Re tl’o tšohla lipotso life sehloohong see?
3 Leha ho le joalo, eka ’na eaba balumeli-’moho le rōna ba bang, ho akarelletsa barab’abo rōna ba bacha lilemong kapa ba sa tsoa kolobetsoa ha ba e-s’o iphumane hantle. Re ka ba thusa joang hore ba ntlafatse bokhoni ba bona? Ke hobane’ng ha re lokela ho sheba makhabane a bona, ’me kahoo re ba talime ka tsela eo Jehova a ba talimang ka eona?
JEHOVA O SHEBA MAKHABANE A BAHLANKA BA HAE
4, 5. Tlaleho e ho Baahloli 6:11-16 e bontša joang hore Jehova o bona seo bahlanka ba hae ba ka khonang ho se etsa?
4 Litlaleho tse ngata tsa Bibele li bontša ka ho hlaka hore Jehova o bona makhabane a bahlanka ba hae le hore o bona seo ba ka khonang ho se etsa. Ka mohlala, ha Gideone a khethoa hore a lokolle sechaba sa Molimo letsohong la Bamidiane, e tlameha ebe o ile a makala ha a utloa lengeloi le mo lumelisa le re: “Jehova o na le uena, uena ea matla, ea sebete.” Ho bonahala eka ka nako eo Gideone o ne a sa ikutloe e le “ea matla.” O ile a bontša ho se itšepe le ho ikhalala. Empa puisano eo a ileng a ba le eona le Jehova e ile ea bontša hore Jehova o ne a nka Gideone e le oa bohlokoa ho feta kamoo a neng a italima kateng.—Bala Baahloli 6:11-16.
5 Jehova o ne a kholisehile hore Gideone a ka lokolla Baiseraele kaha o ne a tseba bokhoni ba hae. Har’a tse ling, lengeloi la Jehova le ne le hlokometse kamoo Gideone a neng a ikitlaetsa kateng ha a pola koro. Ho na le ntho e ’ngoe hape e ileng ea khahla lengeloi leo. Mehleng ea Bibele lihoai li ne li atisa ho polela seotlong e le hore moea o fefole ’mōkō. Empa Gideone eena o ne a polela koro ka sehatelong sa veine, a ipatetse Bamidiane hore ba se ke ba bona lijo tse seng kae tseo a li kotutseng. Ka sebele, leo e ne e le leqheka le letle! Ke kahoo Jehova a ileng a bona hore Gideone hase feela hore ke sehoai se seli—empa hape ke motho ea masene. Ha e le hantle, Jehova o ile a lemoha seo Gideone a ka khonang ho se etsa, ’me kahoo a mo sebelisa.
6, 7. (a) Tsela eo Jehova a neng a talima moprofeta Amose ka eona e ne e fapane joang le ea Baiseraele ba bang? (b) Ke’ng e bontšang hore Amose e ne e le motho ea rutehileng?
6 Re boetse re bona le tabeng ea moprofeta Amose hore Jehova o hlokomela bokhoni ba bahlanka ba hae, le hoja mohlomong ba bangata ba ne ba nka hore hase motho oa bohlokoa. Amose o ile a ipitsa molisa oa linku le mohlokomeli oa lifate tsa sikamora tsa feiga e neng e jeoa ke mafutsana. Ha Jehova a ne a khetha Amose hore a phatlalatse kahlolo ho meloko e leshome ea Iseraele e rapelang litšoantšo, mohlomong Baiseraele ba bang ba ne ba nahana hore ha a tšoanelehe.—Bala Amose 7:14, 15.
7 Amose o ne a tsoa motseng oa mahaeng, empa tsela eo a neng a tseba meetlo le babusi ba mehleng ea hae ka eona, e ile ea paka hore ho na le ho hongata hoo a ho tsebang. Mohlomong o ne a tseba lintho tse etsahalang Iseraele le linaheng tsa boahelani ka lebaka la ho sebelisana le bahoebi ba tsamaeang. (Amose 1:6, 9, 11, 13; 2:8; 6:4-6) Litsebi tse ling tsa Bibele tsa mehleng ena li tsota bokhoni ba Amose ba ho ngola. Moprofeta eo o ile a ngola ka tsela e bonolo empa e fetisang molaetsa o matla, ’me a sebelisa lipapiso le mekhabo-puo e loketseng. Ka sebele tsela e sebete eo Amose a ileng a araba moprista Amazia ea tsoileng tseleng ka eona, e ile ea tiisa hore Jehova o ne a khethile motho ea nepahetseng, ea neng a ka sebelisa bokhoni ba hae boo mohlomong bo neng bo sa bonahale qalong.—Amose 7:12, 13, 16, 17.
8. (a) Jehova o ile a tiisetsa Davida eng? (b) Ke hobane’ng ha mantsoe a Pesaleme ea 32:8 a ka ’na a khothatsa batho ba sa itšepeng le ba se nang bokhoni?
8 Ruri Jehova o hlokomela seo mohlanka e mong le e mong oa hae a ka khonang ho se etsa. O ile a tiisetsa Morena Davida hore o tla lula a mo tataisa a mo behile leihlo. (Bala Pesaleme ea 32:8.) Na see ha se re khothatse? Esita le haeba re sa itšepe, Jehova a ka re thusa hore re etse lintho tseo re neng re nahana hore re ke ke ra khona ho li etsa le ho finyella lipakane tseo re neng re sa nahane hore re ka li finyella. Feela joalokaha mokoetlisi a sheba ka hloko ha motho a ntse a ithuta ho hloa thaba ho bona hore o itšoareletsa hantle, Jehova le eena o ikemiselitse ho re tataisa ha re ntse re hatela pele moeeng. Jehova a ka boela a sebelisa balumeli-’moho le rōna ho re thusa hore re ntlafatse bokhoni ba rōna. O etsa see joang?
SHEBA MAKHABANE A BA BANG
9. Re ka sebelisa keletso ea Pauluse ea hore re amehe ka lintho tseo ba bang ba li thahasellang joang?
9 Pauluse o ile a khothalletsa Bakreste bohle hore ba amehe ka lintho tseo balumeli-’moho le bona ba li thahasellang. (Bala Bafilipi 2:3, 4.) Ha e le hantle, Pauluse o re eletsa hore re shebe lineo tseo ba bang ba nang le tsona ’me re ba babatse ka tsona. Re ikutloa joang ha motho e mong a bontša hore o thahasella tsela eo re hatelang pele ka eona moeeng? Hangata seo se etsa hore re ikitlaetse le ho feta. Ka ho tšoanang, ha re babatsa balumeli-’moho le rōna, re ba thusa hore ba hōle ’me ba hatele pele moeeng.
10. Ke bo-mang ka ho khetheha bao ho ka ’nang ha hlokahala hore re ba ele hloko?
10 Ke bo-mang ka ho khetheha ba ka ’nang ba hloka hore re ba ele hloko? Ke ’nete hore nako le nako kaofela ha rōna re thabela ho tseba hore ba bang ba re ela hloko. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba bacha lilemong kapa ba sa tsoa kolobetsoa ba rata ho ikutloa hore ke karolo ea phutheho. Seo se tla ba bontša hore re ba nka e le ba bohlokoa. Empa haeba re ba hlokomoloha, seo se ka ’na sa etsa hore ba se ke ba hahamalla litokelo tsa tšebeletso, e leng se khahlanong le seo Lentsoe la Molimo le se khothalletsang.—1 Tim. 3:1.
11. (a) Moholo e mong o ile a thusa mohlankana ea neng a le lihlong joang? (b) U ithuta’ng phihlelong ea Julien?
11 Moholo e mong ea bitsoang Ludovic ea ileng a bontšoa thahasello ha a sa le mocha o re: “Ha ke bontša mor’abo rōna hore kea mo thahasella, seo se etsa hore a hatele pele ka potlako.” Ha Ludovic a bua ka mohlankana e mong ea lihlong ea bitsoang Julien o re: “Kaha ka linako tse ling Julien o ne a leka ka matla ho itlhahisa, o ne a etsa lintho ka tsela e makatsang. Empa ke ne ke hlokomela hore o mosa ebile o rata ho thusa ba bang ka phuthehong. Ho e-na le ho belaella sepheo seo a etsang lintho ka sona, ke ile ka sheba litšobotsi tse ntle tseo a nang le tsona, ’me ka leka ho mo khothatsa.” Ha nako e ntse e ea, Julien o ile a tšoaneleha ho ba mohlanka ea sebeletsang, ’me hona joale ke pula-maliboho oa kamehla.
BA THUSE HORE BA NTLAFATSE BOKHONI BA BONA
12. Ke’ng se hlokahalang e le hore re thuse ba bang ho ntlafatsa bokhoni ba bona? Fana ka mohlala.
12 Ka ho utloahalang, re lokela ho ba seli e le hore re thuse ba bang ho ntlafatsa bokhoni ba bona. Joalokaha re bone phihlelong ea Julien re ka ’na ra lokela ho hlokomoloha mefokolo eo motho a nang le eona ’me re shebe litšobotsi tse ntle tseo a nang le tsona tseo a ka li ntlafatsang. Sena ke sona seo Jesu a ileng a se etsa ka moapostola Petrose. Le hoja ka linako tse ling Petrose a ne a bonahala eka ha aa tsitsa, Jesu o ile a bolela esale pele hore o tla tiea joaloka lefika.—Joh. 1:42.
13, 14. (a) Barnabase o ile a bontša ho ba le temoho joang tabeng ea Mareka? (b) Mor’abo rōna e mong ea mocha o ile a rua molemo joang thusong e kang eo Mareka a ileng a e fuoa? (Sheba setšoantšo se qalong.)
13 Barnabase le eena o ile a bontša temoho ha a sebelisana le Johanne, eo lebitso la hae le leng la Seroma e leng Mareka. (Lik. 12:25) Leetong la pele la Pauluse e le moromuoa hammoho le Barnabase, ba ile ba tsamaea le Mareka e le “mohlanka,” mohlomong a ba thusa ka lintho tseo ba li hlokang. Empa ha ba fihla Pamfilia, Mareka o ile a ba lahla kherehloa. Ba ile ba tlameha ho leba leboea ba tsamaea ba le bang sebakeng seo ho tsebahalang hore se tletse linokoane. (Lik. 13:5, 13) Empa kamoo ho bonahalang kateng, Barnabase o ile a hlokomoloha seo Mareka a se entseng, ’me hamorao a tsamaea le eena e le hore a qetele ho mo koetlisa. (Lik. 15:37-39) Sena se ile sa thusa mohlankana eo hore e be mosebeletsi oa Jehova ea hōlileng tsebong. Ho thahasellisang ke hore ha Mareka a le Roma le Pauluse ea neng a tšoeroe, ka bobeli ba ile ba romela Bakreste ba phutheho ea Kolose litumeliso ’me Pauluse a bua hantle ka eena. (Bakol. 4:10) U ka inahanela hore na Barnabase o ile a thaba hakaakang ha Pauluse a kōpa Mareka hore a mo thuse.—2 Tim. 4:11.
14 Alexandre eo e sa tsoa ba moholo, ea ileng a thusoa ke temohisiso ea mor’abo rōna e mong, o re: “Ke ne ke thatafalloa ho rapela phatlalatsa ha ke sa le monyenyane. Moholo e mong o ile a mpontša hore na nka etsa’ng hore ke phutholohe. Ho e-na le hore a se ke a hlola a nkabela ho rapela, o ile a mpha monyetla oa hore ke rapele khafetsa ha re le libokeng tsa tšebeletso ea tšimo. Ka mor’a nako ke ile ka ba sebete.”
15. Pauluse o ile a etsa’ng ho bontša hore o ananela barab’abo?
15 Ha re hlokomela hore Mokreste-’moho le rōna o na le tšobotsi e itseng e ntle, na rea mo bolella hore rea e ananela? Ho Baroma khaolo ea 16, Pauluse o ile a babatsa balumeli-’moho le eena ba fetang 20 ka litšobotsi tse ntle tseo ba nang le tsona tse etsang hore a ba rate. (Bar. 16:3-7, 13) Ka mohlala, Pauluse o ile a re Andronikase le Juniase ba sebelelitse Kreste nako e telele ho mo feta, kahoo a bontša hore ke Bakreste ba nang le mamello. Pauluse o ile a bua hantle le ka ’mè oa Rufase, mohlomong a babatsa tsela e lerato eo a ’nileng a mo hlokomela ka eona.
16. Ho babatsa bacha ho ka ’na ha e-ba le liphello life?
16 Ho ka ’na ha e-ba le liphello tse ntle ha re babatsa ba bang ho tsoa pelong. Nahana ka moshanyana e mong oa Fora ea bitsoang Rico, ea neng a nyahamisitsoe ke hore ntate oa hae ea sa lumelang o mo hanela ho kolobetsoa. Rico o ne a nahana hore o tla lokela ho ema ho fihlela a le lilemong, e le hore a sebeletse Jehova ka botlalo. O ne a boetse a nyahamisoa ke hore ba bang ba ne ba mo soma sekolong. Moholo e mong ea bitsoang Frédéric, ea neng a ithuta le eena o re: “Ke ile ka babatsa Rico, ka mo bolella hore ho hanyetsoa hoo ho bontša hore o bile sebete ’me a bolella ba bang seo a se lumelang.” Mantsoe ao a khothatso a ile a matlafatsa Rico hore a lule a tšepahala, ’me a mo thusa hore a atamelane le ntate oa hae. Rico o ile a kolobetsoa ha a le lilemo li 12.
17. (a) Re ka thusa barab’abo rōna joang hore ba hatele pele? (b) Moromuoa e mong o ile a bontša barab’abo rōna ba bacha joang hore o oa ba thahasella, hona liphello ea e-ba life?
17 Nako le nako ha re babatsa ba bang ha ba entse likabelo tsa bona hantle kapa ha ba entse ntho leha e le efe e ntle, re matlafatsa boikemisetso ba bona ba ho sebeletsa Jehova haholoanyane. Sylvie,a ea sebelelitseng Bethele ea Fora ka lilemo tse ngata, o re baralib’abo rōna le bona ba ka babatsa barab’abo rōna. O re basali ba ka ’na ba khahloa ke lintlha kapa lintho tse sa tšoaneng. Kahoo “khothatso eo ba fanang ka eona e ka ekeletsa ho seo barab’abo rōna ba hōlileng ba se buang.” O phaella ka ho re: “Ke nka hore ke tlamehile ho babatsa ba bang.” (Liprov. 3:27) Jérôme eo e leng moromuoa French Guiana o thusitse barab’abo rōna ba bangata ba bacha hore e be baromuoa. O re: “Ke hlokometse hore ha ke babatsa barab’abo rōna ba bacha lintlheng tse itseng ka ho khetheha tšebeletsong ea bona kapa ka likarabo tse ntle tseo ba faneng ka tsona, seo se etsa hore ba itšepe haholoanyane. Ka lebaka leo, ba ntlafatsa bokhoni ba bona.”
18. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho sebetsa le barab’abo rōna ba bacha?
18 Re ka boela ra khothalletsa balumeli-’moho le rōna hore ba tsoele pele moeeng ka ho sebetsa le bona tšebeletsong. Moholo a ka ’na a kōpa mor’abo rōna ea mocha ea tsebang k’homphieutha hore a printele batho ba hōlileng ba se nang lik’homphieutha boitsebiso bo itseng ho jw.org bo ka ba khothatsang. Kapa haeba u sebetsa Holong ea ’Muso, u ka mema mor’abo rōna ea mocha hore a tl’o sebetsa le uena. Ho etsa seo ho tla u fa monyetla oa hore u tsebe bacha ’me u ba babatse le hore u bone hore na ba arabela joang khothatsong ea hao.—Liprov. 15:23.
BA LOKISETSE BOKAMOSO
19, 20. Ke hobane’ng ha re lokela ho thusa ba bang hore ba hatele pele?
19 Ha Jehova a khetha Joshua hore a etelle Baiseraele pele, o ile a laela Moshe hore a mo “khothatse” a be a mo “matlafatse.” (Bala Deuteronoma 3:28.) Batho ba bangata ba ntse ba kena ka phuthehong lefatšeng ka bophara. Bakreste bohle ba nang le phihlelo—eseng baholo feela—ba ka thusa barab’abo rōna ba bacha lilemong le ba sa tsoa kolobetsoa hore ba ntlafatse bokhoni ba bona. Ka hona, ba eketsehileng ba tla kenela tšebeletso ea nako e tletseng ’me ba bang ba eketsehileng ba tla ‘tšoanelehela ho ruta.’—2 Tim. 2:2.
20 Ebang re kopanela le phutheho kapa le sehlopha seo e leng hona e tla ba phutheho, a re ba lokisetseng bokamoso. Ntho e ka sehloohong ke hore re etsise Jehova, eo kamehla a shebang makhabane a bahlanka ba hae.
a Lebitso le fetotsoe.