Buka ea Bibele ea 37—Haggai
Mongoli: Haggai
Sebaka Seo e Ngoletsoeng ho Sona: Jerusalema
Ho Ngoloa ho Phethiloe ka: 520 B.C.E.
Nako e Akarelitsoeng: Matsatsi a 112 (520 B.C.E.)
1, 2. Ho fanoe ka boitsebiso bofe ka moprofeta Haggai, ’me molaetsa oa hae o neng o le habeli e ne e le ofe?
HAGGAI e ne e le lebitso la hae; moprofeta le “lenģosa la Jehova” e ne e le boemo ba hae, empa o ne a tsoa hokae? (Hag. 1:13) E ne e le mang? Haggai ke oa leshome ho bao ho thoeng ke baprofeta ba banyenyane, ’me ke oa pele ho ba bararo ba ileng ba sebeletsa ka mor’a hore Bajode ba khutlele hahabo bona ka 537 B.C.E., ba bang ba babeli e le Zakaria le Malakia. Lebitso la Haggai (Chag·gaiʹ, ka Seheberu) le bolela “[Ea Hlahileng ka] Mokete.” Hona ho ka ’na ha bontša hore o hlahile ka letsatsi la mokete.
2 Joalokaha e phetelanoe ka neano ea Sejode, ke ho utloahalang ho qeta ka hore Haggai o hlahetse Babylona ’me a khutlela Jerusalema le Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua. Haggai o ne a sebetsa haufi-ufi le moprofeta Zakaria, ’me ho Esdrase 5:1, le 6:14, bobeli ba bontšoa ba khothatsa bana ba botlamuoa hore ba tsosolose ho haha tempele. E ne e le moprofeta oa Jehova ka litsela tse peli, ka hore o ile a khothaletsa Bajode hore ba phethe mesebetsi ea bona ho Molimo ’me a bolela esale pele, har’a lintho tse ling, ho sisinyeha ha lichaba tsohle.—Hag. 2:6, 7.
3. Bajode ba ile ba hlōleha ho hlokomela eng mabapi le morero oa ho khutla ha bona botlamuoeng?
3 Ke hobane’ng ha Jehova a ile a roma Haggai? Ka lebaka lena: Ka 537 B.C.E., Cyruse o ne a ile a ntša taelo e lumellang Bajode ho khutlela hahabo bona ho ea haha ntlo ea Jehova bocha. Empa joale e ne e se e le 520 B.C.E., ’me tempele e ne e sa le hōle le ho phethoa. Lilemo tsena tsohle Bajode ba ne ba ile ba lumella khanyetso ea sera hammoho le ho ikhauhela ha bona le lintho tse bonahalang ho ba thibela ho hlokomela morero oa ho khutla ha bona.—Esdr. 1:1-4; 3:10-13; 4:1-24; Hag. 1:4.
4. Ke eng e ileng ea thibela ho hahuoa ha tempele, empa ke liphetoho life tse ileng tsa etsahala ha Haggai a qala ho profeta?
4 Joalokaha tlaleho e bontša, nakoana ka mor’a hore ho raloe motheo oa tempele (ka 536 B.C.E.) “eaba sechaba sa naha tseo se qala ho tepeletsa matsoho a sechaba sa Juda, le ho ba tšabisa ho haha, le ho putsa baeletsi hore ba senye morero oa bona.” (Esdr. 4:4, 5) Qetellong, ka 522 B.C.E., bahanyetsi bana bao e seng Bajode ba ile ba atleha hore mosebetsi o thibeloe ka molao. E ne e le selemong sa bobeli sa puso ea morena oa Mopersia Dariuse Hystaspis, ke hore, ka 520 B.C.E., moo Haggai a ileng a qala ho profeta, ’me hona ha khothaletsa Bajode hore ba tsosolose ho haha tempele ea bona. Ntle ho tieho, ba ile ba romella lengolo ho Dariuse ka babusisi ba boahisani ba kōpa qeto ea molao tabeng ena; Dariuse a tsosolosa taelo ea Cyruse ’me a tšehetsa Bajode khahlanong le lira tsa bona.
5. Ke eng e pakang hore buka ea Haggai ke karolo ea libuka tsa Bibele?
5 Ha ho mohla ho kileng ha e-ba le pelaelo har’a Bajode ka boprofeta ba Haggai hore ke karolo e amohelehang ea Mangolo a Seheberu, ’me sena se boetse se tšehetsoa ka hore a qotsoe ho Esdrase 5:1 e le ea profetang “ka lebitso la Molimo oa Iseraele,” hammoho le ho Esdrase 6:14. Hore boprofeta ba hae ke karolo ea ‘Lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo’ ho pakoa ke hore Pauluse a bo qotse ho Ba-Heberu 12:26, (BPN): “O boletse hona, a re: ‘Ke sa tla boela ke reketlisa lefatše hanngoe hape; e seng lona feela, empa le lona leholimo.’”—Hag. 2:6.
6. Boprofeta ba Haggai bo fupere eng, ’me ke khatiso efe e beoang lebitsong la Jehova?
6 Boprofeta ba Haggai bo na le melaetsa e mene e fanoeng ka nako ea matsatsi a 112. Mokhoa oa hae ke o bonolo le o tobileng, ’me khatiso ea hae holim’a lebitso la Jehova ke e hlokomelehang ka ho ikhethang. Litemaneng tsa hae tse 38, o bolela lebitso la Jehova ka makhetlo a 35, ka makhetlo a 14 ka polelo “Jehova oa makhotla.” Ha a siee khoao ea hore molaetsa oa hae o tsoa ho Jehova: “Haggai, lenģosa la Jehova, a bua le sechaba ka taelo ea Jehova, a re: Ke na le lōna, ho bolela Jehova.”—1:13.
7. Haggai o ile a khothaletsa Bajode ho etsa eng, hona ’moko oa molaetsa oa hae e ne e le ofe?
7 Ena e ne e le nako ea bohlokoahali historing ea batho ba Molimo, ’me mosebetsi oa Haggai o ipakile o le molemo ka ho fetisisa. O ne a cheseha ha a phetha mosebetsi oa hae joaloka moprofeta, ’me ha a ka a hula mantsoe a hae ho Bajode. O ne a ba toba ha a ba bolella hore e ne e le nako ea ho tlohela ho lieha empa ea ho kena mosebetsing. E ne e le nako ea hore ho hahuoe ntlo ea Jehova bocha le ho tsosolosa borapeli bo hloekileng haeba ba batla ho thabela nala leha e le efe e tsoang letsohong la Jehova. ’Moko oa molaetsa oa Haggai ke hore haeba motho a tla thabela mahlohonolo a tsoang ho Jehova, o tlameha ho sebeletsa Molimo oa ’nete le ho etsa mosebetsi oo Jehova a laelang hore o etsoe.
LITABA TSE KA HARE TSA HAGGAI
8. Ke hobane’ng ha Jehova a sa hlohonolofatse Bajode linthong tse bonahalang?
8 Molaetsa oa pele (1:1-15). Ona o tobisitsoe ho ’Musisi Zorobabele le Moprista e Moholo Joshua, empa e le moo sechaba se utloang. Sechaba se ne se ntse se re, “Nako ha e e-so ho tle; hase nako eo ntlo ea Jehova e ka hahuoang ka eona.” Jehova o botsa potso e batlang maikutlo ka Haggai: “Hleka ho lōna ke nako ea ho lula matlung a lōna a manehiloeng ka liplanka, athe ntlo ena ke lesupi?” (1:2, 4) Ba jalile ho hongata ka tsela ea lintho tse bonahalang, empa ha baa rua letho lijong, linong, le liaparong. Jehova oa eletsa, “Lekolang litsela tsa lōna pelong tsa lōna.” (1:7) Nako e potlakile ea hore ho tlisoe lehong le ho haha ntlo ena, e le hore Jehova a ka tlotlisoa. Bajode ba hlokomela matlo a bona hantle, empa ntlo ea Jehova e setse e le lesupi. Kahoo, Jehova o tšoere phoka ea leholimo le keketseho ea tšimo le tlhohonolofatso ea hae ho motho le mosebetsi oa hae.
9. Jehova o tsosa Bajode joang hore ba kene mosebetsing?
9 Joale baa utloisisa! Haggai ha a ka a profetela lefeela. Babusi le sechaba ba qala ho “utloa lentsoe la Jehova, Molimo oa bona.” Ho tšaba Jehova ho nkela ho tšaba batho sebaka. Tiisetso ea Jehova ka lenģosa la hae Haggai ke hore: “Ke na le lōna.” (1:12, 13) Ke Jehova ka boeena ea tsosang moea oa ’musi, moea oa moprista e moholo, le moea oa masala a sechaba sa Hae. Ba kena mosebetsing, matsatsi a 23 feela ka mor’a hore Haggai a qale ho profeta ’me ho sa tsotelloe thibelo ea molao ea puso ea Persia.
10. Bajode ba bang ba ikutloa joang ka tempele eo ba e hahang, empa Jehova o tšepisa eng?
10 Molaetsa oa bobeli (2:1-9). Ha feta nako e ka tlaase ho khoeli ka mor’a hore tšebetso ea ho haha e tsosolosoe, ’me Haggai o fana ka molaetsa oa hae oa bobeli o bululetsoeng. Ona o lebisitsoe ho Zorobabele, Joshua, le masala a sechaba. Ka ho totobetseng Bajode ba bang ba khutlileng botlamuoeng ’me ba ile ba bona tempele ea pele ea Salomone ba ikutloa hore tempele ena e ke ke ea e-ba letho ha e bapisoa. Empa polelo ea Jehova oa makhotla ke efe? ‘Khothalang le be le sebetse; hobane ke na le lōna.’ (2:4) Jehova o ba hopotsa selekane sa hae le bona, ’me o ba bolella hore ba se ke ba tšaba. O ba matlafatsa ka tšepiso ea hore o tla sisinya lichaba kaofela ’me a etse hore lintho tsa tsona tse lakatsehang li kene le hore o tla tlatsa ntlo ea hae ka khanya. Khanya ea ntlo ena ea morao e tla ba kholoanyane le ho feta ea ea pele, ’me sebakeng sena o tla fana ka khotso.
11. (a) Ke ka setšoantšo sefe Haggai a supang tlhokomoloho ea baprista? (b) Phello e bile efe?
11 Molaetsa oa boraro (2:10-19). Likhoeli tse peli le matsatsi a mararo hamorao, Haggai o bua le baprista. O sebelisa setšoantšo hore ntlha ea hae e utloahale. Na moprista ea nkileng nama e halalelang o tla etsa hore lijo tse ling le tse ling tseo a li thetsang li halalele? Karabelo ke che. Na ho thetsa ntho e ’ngoe e litšila, e kang setopo, ho tla silafatsa ea e thetsang? Karabelo ke e. Joale Haggai o sebelisa setšoantšo seo. Batho ba naha ba litšila ka lebaka la ho hlokomoloha borapeli bo hloekileng. Eng le eng eo ba e nyehelang e hlaha e le litšila ho Jehova Molimo. Ka lebaka la sena, Jehova ha a hlohonolofatsa mesebetsi ea bona, ’me ho phaella moo o ba rometse mocheso o tlabolang, phoka, le sefako. A ba ke ba fetole litsela tsa bona. Joale Jehova o tla ba hlohonolofatsa.
12. Ke molaetsa ofe oa ho qetela oo Haggai a o tobisang ho Zorobabele?
12 Molaetsa oa bone (2:20-23). Haggai o fana ka molaetsa ona letsatsing le tšoanang le la molaetsa oa boraro, empa o lebisitsoe ho Zorobabele. Jehova o boetse o bua ka ho “thothometsa leholimo le lefatše,” empa lekhetlong lena o atolosetsa sehlooho sena thipitlong e feletseng ea mebuso ea lichaba. Ba bangata ba tla lihoa, “e mong le e mong ka lerumo la oa habo.” (2:21, 22) Haggai o qetella boprofeta ba hae ka tiisetso ea mohau oa Jehova ho Zorobabele.
LEBAKA LEO E LENG MOLEMO
13. Haggai o ne a profeta ka molemo ofe oa ka pele?
13 Melaetsa e mene ea Jehova e builoeng ka Haggai e ne e le molemo ho Bajode ba mehleng eo. Ba ile ba khothaletsoa ho kena mosebetsing hang, ’me ka lilemo tse ’ne le halofo, tempele e ne e phethiloe ho ntšetsa pele borapeli ba ’nete Iseraele. (Esdr. 6:14, 15) Jehova o ile a hlohonolofatsa tšebetso ea bona e chesehang. E ne e le nakong ena ea ho hahoa ha tempele moo Dariuse morena oa Persia a ileng a hlahloba litlaleho tsa naha le ho boela a tiisa taelo ea Cyruse. Ka tsela eo mosebetsi oa tempele o ile oa phethoa ka tšehetso ea hae ea molao.—Esdr. 6:1-13.
14. Haggai o fana ka keletso efe e bohlale bakeng sa mehla ea rōna?
14 Boprofeta bona bo boetse bo na le keletso e bohlale bakeng sa mehla ea rōna. Joang? Ka lebaka le le leng, bo totobatsa hore hoa hlokahala hore sebōpuoa se bee lithahasello tsa borapeli ba Molimo ka pele ho lithahasello tsa sona tsa botho. (Hag. 1:2-8; Matt. 6:33) Bo boetse bo hlakisa ntlha ea hore boithati ke ho ipolaea, hore ke lefeela ho phehella lintho tse bonahalang; ke khotso le tlhohonolofatso ea Jehova tse ruisang. (Hag. 1:9-11; 2:9; Liprov. 10:22) Bo boetse bo hatisa hore ho sebeletsa Molimo ka bo hona ha ho etse hore motho e be ea hloekileng ntle leha ho hloekile ’me ho etsoa ka sephefumolohi sohle, le hore ha hoa lokela ho silafatsoa ka boitšoaro bo litšila. (Hag. 2:10-14; Ba-Kol. 3:23; Ba-Roma 6:19) Bo bontša hore bahlanka ba Molimo ha baa lokela ho felloa ke tšepo, ba hetla ‘matsatsing a molemo a fetileng,’ empa ba talime pele, ‘ba lekola lipelo tsa bona litseleng tsa bona’ le ho batla ho tlisetsa Jehova khanya. Joale Jehova o tla ba le bona.—Hag. 2:3, 4; 1:7, 8, 13; Ba-Fil. 3:13, 14; Ba-Roma 8:31.
15. Buka ea Haggai e bontša eng mabapi le liphello tsa kutlo e chesehang?
15 Hang hoba ba tšoarehe mosebetsing oa tempele, Bajode ba ile ba hauheloa ke Jehova, ’me ba atleha. Litšitiso tsa nyamela. Mosebetsi o ile oa finyelloa ka nako e ntle. Tšebetso e se nang tšabo, e chesehelang Jehova ka mehla e tla putsoa. Mathata, ebang ke a sebele kapa ke a inahaneloang, a ka hlōloa ka ho bontša tumelo e sebete. Ho utloa “lentsoe la Jehova” ho na le litholoana.—Hag. 1:1.
16. Boprofeta ba Haggai bo na le kamano efe le tšepo ea ’Muso, hona e lokela ho re susumelletsa tšebeletsong efe kajeno?
16 Ho thoe’ng ka boprofeta ba hore Jehova o tla ‘sisinya leholimo le lefatše’? Moapostola Pauluse o fana ka tšebetso ea Haggai 2:6 ka mantsoe ana: “Empa kajeno [Molimo] o boletse hona, a re: ‘Ke sa tla boela ke reketlisa lefatše hanngoe hape; e seng lona feela, empa le lona leholimo.’ Joale mantsoe ana, ‘hanngoe hape’, a bolela ho tlosoa ha lintho tse ka sisinngoang, tse bōpiloeng, hore ho tle ho sale tse ke keng tsa sisinngoa. Kaha re amohela ’muso o ke keng oa sisinngoa, a re leboheng, re sebeletse Molimo ka mokhoa o khahlisang, ka tšabo le hlompho, hobane Molimo oa rōna ke mollo o chesang lore!” (Ba-Heb. 12:26-29, BPN) Haggai o bontša hore ho reketlisa hona ke hore ho tle ho ‘rapalatsoe literone tsa mebuso, ho timeletsoe matla a mebuso ea lichaba.’ (Hag. 2:21, 22) Ha a qotsa boprofeta bona, ka papiso Pauluse o bua ka ’Muso oa Molimo “o ke keng oa sisinngoa.” Ha re nahana ka tšepo ea ’Muso ona, a re beng ‘matla ’me re sebetse,’ re etsetsa Molimo tšebeletso e halalelang. A re hopoleng hape hore pele Jehova a ketola lichaba tsa lefatše, ho na le ntho ea bohlokoa e lokelang ho fuluhuoa ’me e tsoe ho tsona, bakeng sa pholoho: “Ke tla sisinya le lichaba tsohle, ’me tse lakatsehang tsa lichaba tsohle li tla tla mona, ke be ke tlatse ntlo ena ka khanya, ho bolela Jehova oa makhotla.”—2:4, 7.