Puisano Tšebeletsong ea Bokreste
“E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle.”—MATTHEU 28:19.
1. Ke thōmo efe eo Kreste a faneng ka eona e akarelletsang tlhokahalo ea ho buisana le ba bang?
THŌMO eo Jesu a faneng ka eona, e qotsitsoeng ka holimo, e re hlahisetsa phephetso ea ho buisana le batho tšebeletsong ea rōna ha re ntse re ea ka ntlo le ntlo, re etsa maeto a ho boela, le ha re kopanela litšobotsing tse ling kaofela tsa ho bolela ka ’Muso. Thōmo ena e akarelletsa boikarabelo ba ho tsebahatsa ’nete e buang ka Jehova Molimo, Jesu Kreste, le ’Muso oa Bomessia oo hona joale Jesu a busang ho oona.—Mattheu 25:31-33.
2. Ho hlokahala eng e le hore re ka buisana le ba bang ka katleho?
2 Ke joang re ka buisanang le ba bang ka katleho? Ntlha ea pele, re tlameha ho kholoa boitsebiso boo re buisanang le ba bang ka bona. Ka mantsoe a mang, re tlameha ho ba le tumelo e matla ea hore Jehova ke Molimo o le mong oa ’nete, le hore ka sebele Bibele ke Lentsoe la Molimo, le hore ’Muso oa Molimo ke oona feela tšepo bakeng sa batho. Ka tsela eo, seo re se rutang e tla ba se tsoang pelong, ’me re tla be re utloa keletso eo Pauluse a ileng a e fa Timothea: “Ikitlaetse ka matla hore u itlhahise u le ea amohelehang ho Molimo, mosebetsi eo ho seng letho leo a ka hlajoang ke lihlong ka lona, ea sebelisang lentsoe la ’nete ka nepo.”—2 Timothea 2:15, NW.
Puisano e Etsoang ho sa Sebelisoe Mantsoe
3-5. (a) Ke joang re ka buisanang le ba bang re sa ka ra bua letho? (b) Ke liphihlelo life tse tiisang see?
3 Hangata puisano e akarelletsa ho sebelisa mantsoe. Empa, ha e le hantle, re ka buisana le batho le pele re bua le bona. Joang? Ka boitšoaro ba rōna le ka tsela eo re aparang le ho itlhopha ka eona. Lilemong tse seng kae tse fetileng moromuoa e mong ea bileng Sekolong sa Bibele sa Gileade sa Watchtower o ne a palame sekepe a ea naheng esele eo a e abetsoeng. Ka mor’a matsatsi a seng makae ba le leoatleng, motho e mong eo a sa mo tsebeng o ile a ’motsa hore na ke hobane’ng ha a fapane le ba bang kaofela ba leng ka sekepeng. Moromuoa enoa o ile a fetisa molaetsa oa ntho e ’ngoe e tšoanelang ho hlokomeloa ka tsela ea puisano—hore o na le litekanyetso tse fapaneng le tsa bang ’me oa atameleha—ka ponahalo le boitšoaro ba hae feela. Sena se ile sa fa moromuoa enoa monyetla oa ho fana ka bopaki.
4 Ka lekhetlo le leng hape, khaitseli e mong ea neng a eme seterateng a ntse a nehelana ka lingoliloeng tsa Bibele ho batho ba fetang ka tsela o ile a bontša pososelo e nang le botsoalle ho mosali e mong ea ileng a feta haufi le eena. Mosali enoa o ile a theoha ka methati e eang seteisheneng sa terene e tsamaeang ka tlaase. O ile a fetola maikutlo, eaba o khutlela ho khaitseli, ’me a kōpa hore a khanneloe thuto ea lehae ea Bibele. O ne a khahliloe ke eng? Le hoja a sa ka a bontšoa likhatiso tsa Bibele, Paki e neng e ntse e etsa mosebetsi oa seterata e ne e ile ea ’montša pososelo e nang le botsoalle.
5 Mohlala oa boraro: Sehlopha sa bacha ba Lipaki se ne se ntse se e-ja lijo lebenkeleng la lijo ’me se ile sa makala ha motho e mong eo se sa mo tsebeng a se atamela tafoleng eo se neng se lutse ho eona ’me a lefella lijo tsa sona. Ke hobane’ng ha a ile a etsa joalo? O ne a khahliloe ke boitšoaro ba sona. Bacha bana ba Bakreste ba ne ba fetisitse molaetsa oa hore ke batho ba tšabang Molimo ka tsela ea puisano ho motho enoa eo ba sa mo tsebeng empa ba sa ka ba re letho. Ka ho hlakileng, ka boitšoaro ba rōna, ponahalo ea rōna, le botsoalle ba rōna, re ka buisana le ba bang le pele re bua.—Bapisa le 1 Petrose 3:1, 2.
Ho Beha Mabaka ke Habohlokoa Puisanong
6. Bontša kamoo ho beha mabaka e leng habohlokoa ka teng puisanong.
6 Hore re buisane ka mantsoe le batho ka litaba tse molemo, re tlameha ho ikemisetsa ho behelana mabaka le bona eseng re bue mocha-o-chele. Khafetsa re bala ka hore Pauluse o ne a behelana mabaka le batho bao a neng a leka ho ba bolella litaba tse molemo. (Liketso 17:2, 17, NW; 18:19, NW) Re ka latela mohlala oa hae joang? Maemo a lefatše a ntseng a mpefala mohlomong a susumellelitse ba bang ho belaella hore na e be Molimo o matla ’ohle le o lerato o tsotellang batho o teng kapa che. Leha ho le joalo, re ka behelana mabaka le bona ka hore Molimo o na le nako bakeng sa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. (Moeklesia 3:1-8) Ka hona, Ba-Galata 4:4 e re ha nako e loketseng ea Molimo e fihla, o ile oa romela Mora oa oona lefatšeng. Sena se etsahetse lilemo tse likete-kete ka mor’a hore o tšepise ka lekhetlo la pele hore o tla etsa joalo. Ka ho tšoanang, ha nako ea oona e loketseng e fihla, o tla felisa mahlomola le bokhopo. Ho feta moo, Lentsoe la Molimo le bontša hore Molimo o na le mabaka a o tlamang ho lumella bokhopo hore bo tsoele pele ka nako e telele hakana. (Bapisa le Exoda 9:16.) Ho beha mabaka ka tsela ena, le ho tšehetsa mabaka ao ka lipapiso le bopaki bo matla ba Mangolo, ho tla thusa batho ba tšepahalang ho hlokomela hore ho ata ha bokhopo ho ke ke ha sebelisoa e le pontšo ea hore Jehova ha a eo kapa hore ha a tsotelle.—Ba-Roma 9:14-18.
7, 8. Ho beha mabaka ho ka re thusa joang ha re buisana le Mojode oa Orthodox?
7 A re re mohlomong ha u ntse u ea ka ntlo le ntlo, mong’a ntlo o re ho uena: “Ke Mojode. Ha ke thahaselle.” U ka ntšetsa puisano pele joang? Moena e mong o tlaleha hore o atlehile ho sebelisa katamelo ena: ‘Kea kholoa u tla lumellana le ’na hore Moshe ke e mong oa baprofeta ba baholo ka ho fetisisa bao Molimo o kileng oa ba sebelisa. ’Me na u ne u tseba hore joalokaha ho tlalehiloe ho Deuteronoma 31:29 o ile a re: “Kea tseba hoba ha ke se ke shoele le tla . . . fapoha tsela eo ke le laetseng eona; ’me mehleng ea morao, le tla hlaheloa ke tlokotsi”? Moshe e ne e le moprofeta oa ’nete, kahoo mantsoe a hae a ne a lokela ho phethahala. Na e be mohlomong a phethahetse ha Molimo o romela Messia ho Bajode ’me ke ka lona lebaka leo ba sa kang ba mo amohela? Mohlomong ho joalo. Joale haeba ho joalo ’me eba ba ne ba entse phoso, na hoo ke lebaka leo ka lona ’na le uena re tlamehang ho etsa phoso e tšoanang?
8 Hape, hopola hore Bajode ba ile ba hlokofatsoa haholo ke Bokreste-’mōtoana, haholo-holo lekholong lena la lilemo. Kahoo mohlomong u ka bolella mong’a ntlo hore ha rea ka ra kenella ho seo. Ka mohlala, mohlomong u ka re: ‘Na u ne u tseba hore ha Hitler a sa ntse a busa, Lipaki tsa Jehova ke sona feela sehlopha se ileng sa mo hanyetsa ha a thibela Bajode? Hape li ile tsa hana ho re “Heil Hitler” le ho kenella lebothong la hae?’a
9, 10. Ho beha mabaka ho ka sebelisoa joang ho thusa motho ea lumelang hore ho na le lihele tsa mollo?
9 Ha u leka ho buisana le motho ea lumelang hore ho na le lihele tsa mollo, mohlomong u ka behelana mabaka le eena ka hore haeba motho o tla hlokofala ka ho sa feleng liheleng, e tlameha e be o na le sephefumolohi se sa shoeng. Motho ea lumelang hore ho na le lihele tsa mollo o tla lumellana le uena ntle ho tika-tiko. Joale u ka bua ka tlaleho ea ho bōptjoa ha Adama le Eva ’me ka mosa u ’motse hore na u kile a hlokomela moo ho buuoang ka sephefumolohi se joalo se sa shoeng tlalehong eo. Ha u tsoela pele ka mabaka a hao, joale u ka lebisa tlhokomelo ea hae ho Genese 2:7, (NW) moo Bibele e re bolellang hore Adama o ile a fetoha sephefumolohi. Hlokomela seo Molimo o ileng oa re e tla ba phello ea sebe sa Adama se lokela ho hlokomeloa: “U tla ja bohobe ka mofufutso oa phatla ea hao, u be u khutlele mobung oo u ntšitsoeng ho oona; hobane u lerōle, ’me u tla khutlela lerōleng.” (Genese 3:19) Ka hona, Adama eo e neng e le sephefumolohi o ile a khutlela lerōleng.
10 Mohlomong u ka ba ua lebisa tlhokomelo tabeng ea hore ha ho kae kapa kae tlalehong ea Genese moo Molimo o buang ka tlhokofatso ea ka ho sa feleng liheleng tsa mollo. Ha Molimo o ne o lemosa Adama hore a se ke a ja tholoana ea sefate se thibetsoeng, o ile oa re: “Mohla u ka se jang, ruri u tla shoa.” (Genese 2:17, BPN) Ha ho moo ho buuoang ka lihele tsa mollo! Haeba ka sebele phello ea sebe sa Adama e ne e ke ke ea e-ba lefu, e leng ‘ho khutlela lerōleng,’ empa e be tlhokofatso ea ka ho sa feleng, na ka toka Molimo o ka be o sa ka oa hlalosa see ka ho hlakileng? Ka hona, ho beha mabaka ka hloko le ka mosa ho ka thusa motho ea nang le maikutlo a matle ho bona ho se lumellane ha lintho tseo a li lumelang. E se eka le ka mohla re ke ke ra hlokomoloha bohlokoa ba ho behelana mabaka le batho ha re ntse re arolelana le bona ’nete ea Lentsoe la Molimo.—Bapisa le 2 Timothea 2:24-26; 1 Johanne 4:8, 16.
Litšoaneleho tse Hlokahalang Bakeng sa Puisano e Atlehileng
11-13. Ke litšoaneleho life tsa Bokreste tse ka re thusang ho buisana le ba bang ka katleho?
11 Joale, re tlameha ho hlaolela litšoaneleho life e le hore re ka buisana le ba bang ka linnete tsa ’Muso ka katleho e khōlō? Mohlala oa Jesu o re senolela eng? Ho Mattheu 11:28-30, re bala mantsoe ana a hae: “Tlong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imeloang, ’me ke tla le imolla! Inkeleng joko ea ka, ’me le ithute ho ’na; hobane ke mosa le pelo e nolo, ’me le tla fumanela meea ea lōna phomolo [“khatholoho,” NW]. Hobane joko ea ka e chatsi, le phahlo ea ka ha e na boima.” Mona re bona se neng se nolofalletsa Jesu hore a atlehe ho buisana le ba bang. O ne a le mosa a bile a le pelo e nolo. Batho ba lipelo li ntle ba ile ba hlokomela hore oa khatholla. Moapostola Pauluse le eena o ile a beha mohlala o motle, hobane, joalokaha a ile a bolella baholo ba Efese, ho tloha letsatsing la pele ha a fihla ho bona, o ne a sebeletsa Morena “ka boikokobetso bohle.”—Liketso 20:19.
12 Ha re bonahatsa boinyenyefatso le boikokobetso ka linako tsohle, ba bang ba tla hlokomela hore le rōna rea khatholla, ’me re tla nolofalloa ke ho buisana le bona. Ha re ka ba le boikutlo bo bong bosele, bo tla baka tšitiso pakeng tsa rōna le batho bao re lekang ho buisana le bona. Kannete, “bohlale bo ho ba ikokobetsang.”—Liproverbia 11:2.
13 E le hore re ka fetisa boitsebiso ka katleho, hape ho hlokahala hore re be le mamello ’me re be masene. Ka sebele moapostola Pauluse o ile a ba masene ha a pakela bo-rafilosofi ba neng ba bokane ka pel’a hae Leralleng la Mars. O ile a ba bolella litaba tse molemo ka tsela eo ba neng ba ka e utloisisa. (Liketso 17:18, 22-31) Haeba re lakatsa ho buisana ka katleho le ba re mametseng, re tlameha ho utloa keletso eo moapostola Pauluse a ileng a e fa Bakolosse ha a re: “Ka mehla moqoqo oa lōna e be o molemo, ’me ho se be mohla o hlohlontšang litsebe; ithuteng kamoo le ka buang le motho e mong le e mong eo le teanang le eena hamolemo.” (Ba-Kolosse 4:6, The New English Bible) Ka mehla lipuo tsa rōna e lokela ho ba tse molemo. Lipuo tse joalo li tla etsa hore ba re mametseng ba amohele molaetsa oa rōna, empa lipolelo tse hlabang li tla etsa hore ba se ke ba amohela molaetsa oa rōna.
14. Katamelo e phutholohileng, le e akarelletsang moqoqo e ka re thusa joang ha re buisana le ba bang?
14 Ka linako tsohle re batla ho bonahala re le ba phutholohileng. Sena se tla etsa hore ba re mametseng ba lokolohe. Ho phutholoha ho akarelletsa ho se phehelle ho bua mocha-o-chele. Ho fapana le hoo, ha re phutholohile ’me re botsa lipotso tse nang le botsoalle, re tla be re fa ba re mametseng monyetla oa hore ba itlhalose. Haholo-holo ha re etsa bopaki bo sa reroang ke bohlale hore re khothalletse motho e mong hore a bue. Ka mohlala, Paki e ’ngoe e kile ea iphumana e lutse pel’a moruti oa Roma e K’hatholike ka sefofaneng. Ka masene Paki ena e ile ea ’na ea botsa moruti enoa lipotso ka nako e fetang hora, ’me moruti enoa ha a arabela o ile a bua ka nako e telele. Empa nakong ea ha ba arohana, moruti eo o ne a rekile lingoliloeng tse ’maloa tsa Bibele. Katamelo e joalo e bontšang mamello e tla re thusa ho hlaolela tšoaneleho e ’ngoe hape e hlokahalang, e leng ho ipeha boemong ba batho ba bang.
15, 16. Ho ipeha boemong ba batho ba bang ho ka re thusa joang ha re buisana le bona?
15 Lentsoe la Senyesemane empathy le bolela ho ipeha boemong ba batho ba bang. Moapostola Pauluse o ne a utloisisa ka botlalo hore ho ipeha boemong ba batho ba bang hoa hlokahala, joalokaha ho bonoa ho seo a ileng a se ngolla Bakorinthe: “Leha ke le ea sa ruoang ke motho, ke ikentse mohlanka oa bohle, ke tle ke rue ba bangata. Ho ba-Jode, ke ikentse mo-Jode, hore ke rue ba-Jode; ho ba ka tlas’a molao, ke ikentse ea leng ka tlas’a molao, leha ke se ka tlas’a molao, ke tle ke rue ba leng ka tlas’a molao; ho ba seng ka tlas’a molao, ke ikentse ea seng ka tlas’a molao, leha ke se ea se nang molao ka ’nģa ho Molimo, athe ke molaong oa Kreste, ke tle ke rue ba seng ka tlas’a molao; ho ba fokolang, ke ikentse ea fokolang, ho rua ba fokolang; ke ikentse ntho tsohle ho bohle, hore ke mpe ke pholose ba bang.”—1 Ba-Korinthe 9:19-22.
16 Hore re etsise moapostola Pauluse litšobotsing tsena, ho hlokahala hore re be masene, re be le temoho, ’me re ele lintho hloko. Ho ipeha boemong ba batho ba bang ho tla re thusa ho buisana ka ’nete le ba bang ho latela tsela eo ba nahanang ka eona le maikutlo a bona. Buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo e fana ka thuso e khōlō mabapi le sena. E nke ka linako tsohle ha u ea tšebeletsong.
Lerato—Lea Thusa Puisanong
17. Har’a litšoaneleho tsohle tsa Bokreste, ke tšoaneleho efe ea bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ea ho buisana ka ’nete le ba bang ka katleho, hona e ka bontšoa joang?
17 Boinyenyefatso, boikokobetso, mamello, le ho ipeha boemong ba batho ba bang lia hlokahala bakeng sa ho fetisa boitsebiso ka puisano e atlehileng. Leha ho le joalo, ka holim’a tsohle, lerato le se nang boithati le tla re thusa ho atleha ho finyella lipelo tsa ba bang. Jesu o ile a utloela batho bohloko hobane ba ne ba “khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” Lerato ke lona le ileng la susumelletsa Jesu ho re: “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla.” (Mattheu 9:36; 11:28, BPN) Le rōna re batla ho khatholla batho le ho ba thusa ho kena tseleng e isang bophelong hobane rea ba rata. Molaetsa oa rōna ke oa lerato, kahoo a re tsoeleng pele ho o bolela ka tsela e bontšang lerato. Lerato lena le bonahala ka pososelo e nang le botsoalle, ka mosa le bonolo, ka thabo le mofuthu.
18. Re ka etsisa Pauluse joang, joalokaha a ne a etsisa Monghali oa hae?
18 Tabeng ena moapostola Pauluse o ile a etsisa Monghali oa hae, Jesu Kreste, hamolemo. Ke hobane’ng ha a ne a atleha hakaale ho qalisa liphutheho ka ho latellana? Na ke ka baka la cheseho ea hae? E. Empa o ne a boetse a atleha ka baka la lerato leo a neng a le bontša. Hlokomela mantsoe a hae a tletseng lerato mabapi le phutheho e ncha ea Thessalonika: “Re bile mosa har’a lōna, joale ka moanyesi ha a hlokomela bana ba hae ka lerato. Ka mokhoa o joalo, ka baka la ho le rata, re elelitse hore re tla le nea e seng Evangeli ea Molimo feela, empa le eona meea ea rōna, kahobane le le baratuoa ba rōna ruri.” Ho etsisa Pauluse ho tla re thusa boitekong ba rōna ba ho buisana le ba bang.—1 Ba-Thessalonika 2:7, 8.
19. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lumella hore tšimo e nang le batho ba sa arabeleng e re nyahamise?
19 Haeba re entse sohle seo re ka se khonang hore re buisane le ba bang empa re sa fumane liphello tseo re li lebelletseng, na re lokela ho nyahama? Le hanyenyane. Liithuti tsa Bibele (kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa ka teng pele) li ne li atisa ho re e le hore batho ba ka amohela ’nete, ho hlokahala hore ba be le litšoaneleho tse tharo. Ho hlokahala hore e be ba tšepahalang, ba ikokobelitseng, ’me e be ba lapetseng lintho tsa moea. Re ke ke ra lebella hore batho ba baikaketsi, batho ba se nang maikutlo a matle, ba amohele ’nete hamolemo; ’me re ke ke ra lebella hore batho ba ikhohomosang kapa ba ikhantšang ba mamele litaba tse molemo. Ho phaella moo, esita le haeba motho ea itseng a na le boikutlo bo botle a bile a ikokobelitse ho isa bohōleng bo itseng, a ka ’na a se ke a amohela ’nete haeba a sa lapela lintho tsa moea.
20. Ka linako tsohle ke hobane’ng ha ho ka thoe boiteko ba rōna ha ea ka ea e-ba ba lefeela?
20 Ntle ho pelaelo ho ka etsahala hore batho ba bangata bao u teanang le bona tšimong ba haelloa ke tšoaneleho e le ’ngoe kapa tse eketsehileng litšoanelehong tsena. Moprofeta Jeremia o ile a hlaheloa ke se tšoanang. (Jeremia 1:17-19; bapisa le Mattheu 5:3.) Ho sa tsotellehe hoo, le ka mohla boiteko ba rōna e ke ke ea e-ba ba lefeela. Ke hobane’ng ha e ke ke ea e-ba ba lefeela? Ke hobane re phatlalatsa lebitso la Jehova le ’Muso oa hae. Ka boboleli ba rōna le ho ba teng tšimong, re lemosa batho ba khopo. (Ezekiele 33:33) ’Me le ka mohla u se lebale hore re ithuisa molemo ka ho etsa boiteko ba ho buisana ka ’nete le ba bang. (1 Timothea 4:16) Re boloka tumelo ea rōna e le matla ’me re boloka tšepo ea rōna ea ’Muso e ntse e khanya. Ho feta moo, re boloka botšepehi ’me ka ho etsa joalo re kopanela ho halaletsoeng ha lebitso la Jehova Molimo, re thabisa pelo ea hae.—Liproverbia 27:11.
21. Ha re akaretsa taba re ka re’ng?
21 Ha re akaretsa: Puisano ke ho fetisa boitsebiso ka katleho. Tsebo ea ho buisana le ba bang ke ea bohlokoa, ’me ha puisano e fela ho hlaha kotsi e khōlō. Re se re bone hore Jehova Molimo le Jesu Kreste ke bona ba ka sehloohong tabeng ea puisano le hore Jesu Kreste o rometse mocha oa puisano mehleng ea rōna. Hape re hlokometse hore ka boitlhopho le ka boitšoaro ba rōna, re buisana le ba bang, re fetisetsa melaetsa e itseng ho bona. Re ithutile hore ho beha mabaka ho phetha karolo e khōlō boitekong ba rōna ba ho buisana le ba bang le hore e le hore re ka buisana le ba bang ka katleho, ho hlokahala hore re be ba inyenyefatsang le ba ikokobelitseng, re ipehe boemong ba batho ba bang, re bontše mamello, ’me, ka holim’a tsohle, re susumetsoe ke lipelo tse tletseng lerato. Haeba re hlaolela litšoaneleho tsena ’me re latela mehlala ea Bibele, re tla ba Bakreste ba atlehang ha re buisana le ba bang.—Ba-Roma 12:8-11.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bakeng sa litlhahiso tse eketsehileng mabapi le kamoo u ka buisanang le balumeli ba Bajode le ba bang, bona Ho Bea Mabaka ka Mangolo, maqephe 21-4.
U ne U tla Arabela Joang?
◻ Ke ka tsela efe puisano e qalang pele motho a bua?
◻ Mehlala e meng ke efe ea ho buisana ka ho behelana mabaka ho atlehileng?
◻ Ke litšoaneleho life tse ileng tsa nolofalletsa Jesu Kreste le Pauluse ho buisana ka katleho le ba bang?
◻ Ke hobane’ng ha ho sa hlokahale hore re nyahame haeba re lieha ho fumana liphello tse molemo?