Emang le Feletse ka Kholiseho e Tiileng
“Ka mehla [o] ikitlaetsa molemong oa lōna lithapelong tsa hae, e le hore qetellong le ka ema le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.”—BAKOLOSE 4:12.
1, 2. (a) Ba ka ntle ba ile ba hlokomela eng ka Bakreste ba pele? (b) Buka ea Bakolose e bontša thahasello e lerato joang?
BALATELI ba Jesu ba ne ba thahasella barapeli-’moho le bona ka botebo. Tertullian (e leng mongoli oa lekholong la bobeli le la boraro la lilemo C.E.) o boletse ka mosa oo ba neng ba o bontša likhutsana, mafutsana le ba hōlileng. Bopaki boo ba lerato le bontšoang ka liketso bo ile ba khahla bao e neng e se balumeli hoo ba bang ba ileng ba bolela sena ka Bakreste, ‘Bonang kamoo ba ratanang kateng.’
2 Buka ea Bakolose e bontša thahasello e lerato joalo ea moapostola Pauluse le molekane oa hae Epafrase bakeng sa bara le barali babo bona ba Kolose. Pauluse o ile a ba ngolla, a re: Epafrase “ka mehla [o] ikitlaetsa molemong oa lōna lithapelong tsa hae, e le hore qetellong le ka ema le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.” Selemong sa 2001, temana ea selemo ea Lipaki tsa Jehova e tla ba mantsoe ana a Bakolose 4:12, a reng: ‘Emang le feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’
3. Epafrase o ile a rapella lintho life tse peli?
3 U ka bona hore lithapelo tsa Epafrase tseo a neng li etsetsa baratuoa ba hae li ne li e-na le litšobotsi tse peli: (1) hore ‘qetellong ba eme ba feletse’ le (2) hore ba eme “ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.” Boitsebiso bona bo ile ba akarelletsoa ka Mangolong molemong oa rōna. Kahoo, ipotse, ‘Ebe ho hlokahala hore ke etse’ng e le hore qetellong ke eme ke feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo? Hona ha ke etsa joalo, phello e tla ba efe?’ A re boneng.
Loanela ho ‘Ema U Feletse’
4. Ho ne ho hlokahala hore Bakolose e be ‘ba feletseng’ ka kutloisiso efe?
4 Epafrase o ne a lakatsa ka matla hore bara le barali babo ba moea ba Kolose ‘qetellong ba eme ba feletse.’ Lentsoe leo Pauluse a le sebelisitseng, le fetoletsoeng e le “feletse” mona, le ka ba le moelelo oa ntho e phethahetseng, e hōtseng ka ho feletseng, kapa e butsoitseng. (Matheu 19:21; Baheberu 5:14; Jakobo 1:4, 25) Mohlomong ua tseba hore ha motho e e-ba Paki ea Jehova e kolobelitsoeng hoo ka bohona ha ho bolele hore ke Mokreste ea hōlileng ka ho feletseng. Pauluse o ile a ngolla Baefese, ba neng ba lula ka bophirimela ho Kolose, hore balisa le mesuoe ba leke ho thusa “bohle [ho] fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo boo e leng ba botlalo ba Kreste.” Libakeng tse ling Pauluse o ile a phehella Bakreste ho ba “ba hōlileng ka ho feletseng matleng a kutloisiso.”—Baefese 4:8-13; 1 Bakorinthe 14:20.
5. Re ka etsa hore ho ba ba feletseng e be pakane ea rōna e ka sehloohong joang?
5 Haeba ho ne ho e-na le ba bang Kolose ba neng ba e-s’o hōle ka ho feletseng, kapa ba e-s’o butsoe moeeng, ho ne ho hlokahala hore seo e be pakane ea bona. Na ha hoa lokela hore ho be joalo kajeno? Ebang ke khale re kolobelitsoe kapa re sa tsoa kolobetsoa, na re ka bona ka ho hlaka hore re tsoetse pele matleng a rōna a ho nahana le ponong ea rōna? Na re nahana ka melao-motheo ea Bibele pele re etsa liqeto? Na re sebelisa karolo e khōloanyane ea bophelo ba rōna litabeng tse amanang le Molimo le lithahasello tsa phutheho, ho e-na le hore re amehe ho tsona ka seoelo? Mona re ke ke ra bolela litsela tsohle tseo ka tsona re ka bontšang khōlo e joalo e isang ho felleng, empa nahana ka mehlala e ’meli feela.
6. Ke karolong efe moo motho a ka ’nang a khona ho ntlafatsa ho ea phethehong, joalokaha Jehova a phethahetse?
6 Mohlala oa pele: Nka hore re hōletse tikolohong e tsebahalang ka leeme kapa lehloeo ho batho ba morabe o mong, sechaba, kapa sebaka. Joale rea tseba hore Molimo ha a ee ka tšobotsi le hore ha rea lokela ho ea ka tšobotsi. (Liketso 10:14, 15, 34, 35) Phuthehong kapa potolohong ea habo rōna, ho na le batho ba semelo seo se seng, kahoo re har’a bona. Empa, re lisua hakae ho batho ba semelo seo kapa re ba belaella hakae? Na re na le ‘sekhopi,’ ’me re potlakela ho nahana bobe haeba motho oa semelo seo a fosa kapa a re siteloa hanyenyane feela? Ipotse, ‘Na ho hlokahala hore ke ntlafatse haholoanyane tabeng ea ho ba le pono ea Molimo ea ho hloka leeme?’
7. Ho ba Mokreste ea feletseng ho ka ’na ha ama ho ba le pono efe ka ba bang?
7 Mohlala oa bobeli: Ho ea ka Bafilippi 2:3, ha rea lokela ho ‘etsa letho ka lebaka la ho rata likhang kapa ka lebaka la ho ipolelisa, empa ka ho ikokobetsa kelellong re nke hore ba bang ba re phahametse.’ Re ntse re ntlafatsa joang ntlheng ee? Motho e mong le e mong o na le moo a fokolang le moo a leng matla. Haeba nakong e fetileng re ne re potlakela ho hlokomela bofokoli ba batho ba bang, na re ntlafalitse, ’me ha re sa lebella hore ebe ba haufi le ‘phetheho’? (Jakobo 3:2) Joale, ho feta leha e le neng pele, na re khona ho bona—esita le ho batla litsela tseo ba bang ba phahameng ka tsona? ‘Kea lumela hore morali enoa oabo rōna o mpheta ka mamello.’ ‘Eane o bonahatsa tumelo e matla haholoanyane.’ ‘Ho bua ’nete, ke mosuoe ea molemo ho mpheta.’ ‘O mpheta ka ho laola maikutlo.’ Mohlomong Bakolose ba bang ho ne ho hlokahala hore ba ntlafatse ntlheng ena. Na le rōna re ka ntlafatsa?
8, 9. (a) Epafrase o ile a rapella Bakolose ka kutloisiso efe hore ba ‘eme’ ba feletse? (b) ‘Ho ema ba feletse’ ho ne ho fana ka maikutlo afe mabapi le nako e tlang?
8 Epafrase o ile a rapella hore Bakolose ba ‘eme ba feletse.’ Ho hlakile hore Epafrase o ne a rapela Molimo hore e se eka tsela eo ka eona Bakolose e leng Bakreste ba feletseng, ba butsoitseng le ba hōlileng ka ho feletseng, ba ne ba ka “ema,” kapa ba lula ba le joalo.
9 Re ke ke ra nka hore e mong le e mong eo e bang Mokreste, le haeba e le ea butsoitseng, o tla tsoela pele a le joalo. Jesu o boletse hore mora oa Molimo oa lengeloi “ha aa ka a ema a tiile ’neteng.” (Johanne 8:44) Pauluse le eena o ile a hopotsa Bakorinthe ka ba bang bao nakong e fetileng ba neng ba sebelelitse Jehova ka nakoana empa joale ba se ba hlōleha. O ile a lemosa barab’abo ba tlotsitsoeng ka moea, a re: “Ka lebaka leo ea nahanang hore o eme a a hlokomele hore a se ke a oa.” (1 Bakorinthe 10:12) Sena se eketsa matla thapelong ea hore Bakolose ‘qetellong ba eme ba feletse.’ Ha ba se ba feletse, ba hōtse ka ho feletseng, ho ne ho hlokahala hore ba phehelle, ba se ke ba ikhula, ba khathala, kapa ho suthela hōle. (Baheberu 2:1; 3:12; 6:6; 10:39; 12:25) Kahoo ba ne ba tla be ba “feletse” letsatsing la ho hlahlojoa ha bona le la ho amoheloa ka ho feletseng.—2 Bakorinthe 5:10; 1 Petrose 2:12.
10, 11. (a) Epafrase o re behetse mohlala ofe tabeng ea thapelo? (b) Tumellanong le se entsoeng ke Epafrase, u ka rata ho etsa qeto efe?
10 Re se re buile ka bohlokoa ba ho rapella ba bang re ba bolela ka mabitso, re toba ha re kōpa Jehova hore a ba thuse, a ba tšelise, a ba hlohonolofatse le ho ba fa moea o halalelang. Lithapelo tsa Epafrase bakeng sa Bakolose e ne e le tsa mofuta oo. Mantsoeng ao re fumana litlhahiso tsa bohlokoa mabapi le seo re ka buang ka sona ho Jehova ha re ithapella. Ha ho pelaelo hore re lokela ho kōpa thuso ea Jehova hore ka bomong re qetelle re ‘eme re feletse.’ Na u etsa joalo?
11 Ke hobane’ng ha u sa bolele boemo ba hao thapelong? Bua le Molimo ka hore na u se u tsoetse pele hakae mabapi le ho ba ‘ea feletseng,’ ea hōlileng ka ho feletseng, ea butsoitseng. Mo kōpe ka tieo hore a u thuse ho hlokomela likarolo tseo u ntseng u hloka ho hōla moeeng ho tsona. (Pesaleme ea 17:3; 139:23, 24) Ha ho pelaelo hore ho na le likarolo tse joalo. Joale, ho e-na le ho nyahamisoa ke sena, kōpa Molimo ka tieo ka mokhoa o hlakileng le o tobileng hore a u thuse ho tsoela pele. Etsa sena ka makhetlo a mangata. Ha e le hantle, ke hobane’ng ha u sa etse qeto ea hore bekeng ena e tlang u tla rapela ka ho qaqileng o rapella hore ‘qetellong u eme u feletse’? U lokisetse ho ho etsa haholoanyane ha u ntse u nahana ka temana ea selemo. Lithapelong tsa hao, lebisa tlhokomelo litšekamelong tseo e ka ’nang eaba u na le tsona tsa ho ikhula, ho khathala, kapa ho suthela hōle le tšebeletso ea Molimo le kamoo u ka li qobang kateng.—Baefese 6:11, 13, 14, 18.
Rapella Kholiseho e Tiileng
12. Ke hobane’ng ha ka ho khetheha Bakolose ba ne ba hloka “kholiseho e tiileng”?
12 Epafrase o ile a boela a rapella ntho e ’ngoe e neng e hlokahala haeba qetellong Bakolose ba ne ba tla fumanoa ba eme ba amoheleha ho Molimo. Le ho rōna ke ea bohlokoa. E ne e le eng? O ile a rapela hore ba ka ema “ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.” Ba ne ba pota-potiloe ke bokhelohi le lifilosofi tse senyang, tse ling tsa tsona li e-na le ponahalo e thetsang ea borapeli ba ’nete. Ka mohlala, ba ne ba le tlas’a khatello ea hore ba boloke matsatsi a khethehileng ka ho itima lijo kapa ka mekete, joalokaha ho ne ho kile ha hlokahala borapeling ba Sejuda. Mesuoe ea bohata e ne e lebisitse tlhokomelo mangeloing, libōpuoa tseo tse matla tsa moea tse ileng tsa sebelisetsoa ho fana ka Molao oa Moshe. Nahana u le tlas’a khatello ea mofuta oo! Ho ne ho e-na le likhopolo tse ngata tse loantšanang.—Bagalata 3:19; Bakolose 2:8, 16-18.
13. Ke ho hlokomela ntlha efe ho neng ho ka thusa Bakolose, ’me hoo ho ka re thusa joang?
13 Pauluse o ile a araba ka ho hatisa karolo ea Jesu Kreste. “Joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le tsoele pele le tsamaea kopanong le eena, le metse ka metso ’me le ntse le hahuoa ho eena ’me le ntse le tsitsisoa tumelong, feela joalokaha le ile la rutoa.” E, ho ne ho hlokahala (ho Bakolose le ho rōna) kholiseho e feletseng tabeng ea karolo ea Kreste morerong oa Molimo le bophelong ba rōna. Pauluse o ile a hlalosa: “Ke ho eena botlalo bohle ba tšobotsi ea bomolimo bo lulang ka ’mele. ’Me kahoo le na le botlalo ka eena, eo e leng hlooho ea puso eohle le matla a ho laela.”—Bakolose 2:6-10.
14. Ke hobane’ng ha tšepo e ne e le ntho ea sebele ho ba neng ba le Kolose?
14 Bakolose e ne e le Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea. Ba ne ba e-na le tšepo e khethehileng, ea bophelo maholimong, ’me ba ne ba e-na le mabaka ’ohle a hore ba boloke tšepo eo e khanya. (Bakolose 1:5) E ne e le ‘thato ea Molimo’ hore ba kholisehe ka ho tiileng hore tšepo ea bona ke ea ’nete. Na har’a bona ho ne ho e-na le ea ka belaellang tšepo eo? Le hanyenyane! Ho bohle bao Molimo a ba tšepisitseng hore ba tla phela lefatšeng la paradeise, na ho lokela hore ho be le phapang? Le hanyenyane! Ho hlakile hore tšepo eo e tiileng ke karolo ea ‘thato ea Molimo.’ Joale, nahana ka lipotso tsena: Haeba u loanela ho ba e mong oa “bongata bo boholo” bo tla pholoha “matšoenyeho a maholo,” tšepo ea hao ke ea sebele hakae? (Tšenolo 7:9, 14) Na ke karolo ea “kholiseho [ea hao] e tiileng thatong eohle ea Molimo”?
15. Pauluse o thathamisitse letoto lefe le neng le akarelletsa tšepo?
15 Ha re bua ka “tšepo” ha re bolele takatso feela tjee, kapa ho lora u shebile. Sena re ka se bona letotong la lintlha tseo Pauluse a ileng a li beha ka pel’a Baroma pejana. Letotong leo, ntho e ’ngoe le e ’ngoe e boleloang e hokahana le e latelang kapa e amana le eona ka tsela e itseng. Hlokomela hore na Pauluse o beha “tšepo” hokae letotong la hae: “A re thabeng ka ho fetisisa ha re ntse re le matšoenyehong, kaha rea tseba hore matšoenyeho a hlahisa mamello; mamello, eona, boemo bo amohelehang; boemo bo amohelehang, bona, tšepo, ’me tšepo ha e ise ho soetseheng; hobane lerato la Molimo le tšolletsoe ka lipelong tsa rōna ka moea o halalelang, oo re ileng ra o fuoa.”—Baroma 5:3-5.
16. Ha u ntse u ithuta ’nete ea Bibele, u fumane tšepo efe?
16 Ha Lipaki tsa Jehova li ne li qala ho u abela molaetsa oa Bibele, e ka ’na eaba ’nete e itseng e ile ea hapa tlhokomelo ea hao, e kang boemo ba bafu kapa tsoho. Ho ba bangata, ntho e ncha ea sehlooho e ileng ea hapa tlhokomelo ea bona e bile monyetla o thehiloeng Bibeleng oa bophelo lefatšeng la paradeise. Hopola ha u ne u qala ho utloa thuto eo. E ne e le tšepo e babatsehang hakaakang—ho kula le botsofali ha li sa tla ba teng, u ka tsoela pele u phela e le hore u thabele litholoana tsa mosebetsi oa hao, ’me liphoofolo li tla ba khotsong! (Moeklesia 9:5, 10; Esaia 65:17-25; Johanne 5:28, 29; Tšenolo 21:3, 4) U ile ua fumana tšepo e babatsehang!
17, 18. (a) Letoto leo Pauluse a ileng a le teka ka pel’a Baroma le ile la isa tšepong joang? (b) Ho Baroma 5:4, 5 ho boleloa ka tšepo ea mofuta ofe, ’me na u na le tšepo e joalo?
17 Ka mor’a nako, mohlomong u ile ua tobana le khanyetso kapa mahloriso. (Matheu 10:34-39; 24:9) Esita le mehleng ea morao tjena, linaheng tse sa tšoaneng matlo a Lipaki a ’nile a tlatlapuoa thepa kapa tsa tlameha ho ba baphaphathehi. Tse ling li ile tsa shapuoa, tsa amohuoa lingoliloeng tsa Bibele, kapa tsa etselletsoa ka litlaleho tsa leshano mecheng ea litaba. Ho sa tsotellehe hore na u ile ua thulana le mahloriso a mofuta ofe, joalokaha Baroma 5:3 e bolela, u ka thaba har’a matšoenyeho, ’me ho ile ha tlisa liphello tse molemo. Feela joalokaha Pauluse a ile a ngola, matšoenyeho a ile a u hlahisetsa mamello. Mamello eona ea u hlahisetsa boemo bo amohelehang. U ne u tseba hore u etsa se nepahetseng, u etsa thato ea Molimo, kahoo u ile ua ikutloa u kholisehile hore ua amoheleha ho eena. Ka mantsoe a Pauluse, u ile ua ikutloa hore u ‘boemong bo amohelehang.’ Ha Pauluse a tsoela pele, o ile a ngola hore ‘boemo bo amohelehang bona bo hlahisa tšepo.’ Hoo ho ka ’na ha utloahala ho makatsa. Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a thathamisa “tšepo” hōle hakaale letotong lee? Na e ne e se khale u e-na le tšepo ha u qala ho utloa litaba tse molemo?
18 Ho hlakile hore mona Pauluse ha a bue ka boikutlo boo re neng re e-na le bona qalong ba tšepo ea bophelo bo phethahetseng. Seo a buang ka sona ha se felle moo; se tebile haholoanyane ebile se susumetsa haholoanyane. Ha re mamella ka botšepehi ’me kahoo re hlokomela hore Molimo oa re amohela, sena se na le phello e tebileng ea ho eketsa le ho matlafatsa tšepo eo re neng re e-na le eona qalong. Joale tšepo eo re neng re e-na le eona qalong e ba ea sebele haholoanyane, e tiileng haholoanyane le e re amang haholoanyane. Tšepo ena e tebileng e khanya haholoanyane. E kenella ka hare ho rōna, e fetoha karolo ea rōna. “Tšepo ha e ise ho soetseheng; hobane lerato la Molimo le tšolletsoe ka lipelong tsa rōna ka moea o halalelang.”
19. Tšepo ea hao e lokela ho akarelletsoa joang lithapelong tsa hao tsa kamehla?
19 Thapelo e tiileng ea Epafrase e ne e le hore bara le barali babo ba Kolose ba lule ba ntse ba angoa ke se larileng ka pel’a bona ’me ba ntse ba kholisehile ka sona, ba e-na le “kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.” E mong le e mong ho rōna a ke a atamele Molimo kamehla mabapi le tšepo ea rōna. Lithapelong tsa hao tsa boinotšing, akarelletsa tšepo ea hao ea lefatše le lecha. Hlalosetsa Jehova kamoo u le labalabelang kateng, ka kholiseho e feletseng hore le tla tla. Mo kōpe thuso ka tieo hore a tebise le ho eketsa kholiseho ea hao. Joalokaha Epafrase a ile a rapela hore Bakolose ba be le “kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo,” etsa se tšoanang. Se etse hangata.
20. Haeba ba seng bakae ba kheloha tseleng ea Bokreste, ke hobane’ng ha see e sa lokela ho ba lebaka la ho nyahama?
20 U se ke ua ferekanngoa kapa ua nyahamisoa ke ’nete ea hore hase bohle ba emang ba feletse le ka kholiseho e tiileng. Ba bang ba ka ’na ba hlōleha, ba khelosoa, kapa ba tlohela feela ka lehare. Seo se ile sa etsahala har’a baapostola, ba neng ba le haufi-ufi le Jesu. Empa ha Judase e e-ba lehlaba-phio, na baapostola ba bang ba ile ba khoehlisa kapa ba tlohela? Le hanyenyane! Petrose o ile a sebelisa Pesaleme ea 109:8 ho bontša hore e mong o ne a tla nka sebaka sa Judase. Ho ile ha khethoa ea nkang sebaka sa hae, ’me ba tšepahalang ba Molimo ba ile ba tsoela pele kabelong ea bona ea ho bolela ka mafolofolo. (Liketso 1:15-26) Ba ne ba ikemiselitse ho ema ba feletse ka kholiseho e tiileng.
21, 22. Ho ema u feletse le ka kholiseho e tiileng ho tla hlokomeloa ka kutloisiso efe?
21 U ka kholiseha ka ho feletseng hore ho ema ha hao u feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo ho tla eloa hloko. Ho tla bonoa le ho ananeloa. Ke mang?
22 Bara le barali beno ba u tsebang le ba u ratang, ba tla hlokomela. Le haeba ba bangata ba sa bolele ka molomo, phello e tla tšoana le eo re e balang ho 1 Bathesalonika 1:2-6: “Ka mehla re leboha Molimo ha re bua malebana le lōna bohle lithapelong tsa rōna, etsoe re hopola re sa phetse mosebetsi oa lōna o tšepahalang le mosebetsi oa lōna o lerato le mamello ea lōna ka lebaka la tšepo ea lōna ho Morena oa rōna Jesu Kreste ka pel’a Molimo le Ntate oa rōna. Etsoe . . . litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa hape le ka matla le ka moea o halalelang le kholiseho e matla . . . ; ’me le ile la ba baetsisi ba rōna le ba Morena.” Bakreste ba tšepahalang ba pel’a hao ba tla ikutloa ka mokhoa o tšoanang ha ba hlokomela hore ‘u eme u feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’—Bakolose 1:23.
23. Selemong see, boikemisetso ba hao e lokela ho ba bofe?
23 Ka ho tšoanang, Ntat’ao oa leholimo le eena o tla bona ’me a thabe. Kholiseha ka seo. Hobane’ng? Hobane u eme u feletse le ka kholiseho e tiileng “thatong eohle ea Molimo.” Pauluse o ile a ngolla Bakolose ka mokhoa o khothatsang ka ho tsamaea ha bona “ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore [ba] mo khahlise ka botlalo.” (Bakolose 1:10) E, hoa khoneha hore batho ba sa phethahalang ba mo khahlise ka botlalo. Bara le barali beno ba Kolose ba ile ba etsa joalo. Bakreste ba u potolohileng hona joale ba etsa joalo. Le uena u ka etsa joalo! Kahoo, selemong sena, lithapelo tsa hao tsa letsatsi le letsatsi le liketso tsa hao tsa kamehla li ke li bontše hore u ikemiselitse hore ‘qetellong u ka ema u feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’
Na U ka Hopola?
• Ke eng e amehang ho ‘emeng ha hao u feletse’?
• U lokela ho akarelletsa lintho life tse u amang thapelong?
• Joalokaha ho entsoe tlhahiso ho Baroma 5:4, 5, u batla ho ba le tšepo ea mofuta ofe?
• Thuto ea rōna e u susumelitse hore u be le pakane efe selemong see?
[Setšoantšo se leqepheng la 20]
Epafrase o ile a rapella hore barab’abo ba eme ba feletse, ka kholiseho e tiileng ka Kreste le ka tšepo ea bona
[Litšoantšo tse leqepheng la 23]
Ba bang ba limilione ba na le tšepo e sa thekeseleng le kholiseho e tiileng tseo u nang le tsona