Filosofi
Tlhaloso: Lentsoe filosofi le nkiloe likutung tsa Segerike tse bolelang “lerato la bohlale.” Kamoo le sebelisitsoeng mona, filosofi ha e-ea hahuoa kamohelong ea tumelo ho Molimo, empa e leka ho nea batho pono e momahaneng ea bokahohle ’me e leka ho ba etsa hore e se be ba lumelang feela. E sebelisa haholo mekhoa e phahameng ea khopolo-taba ho e-na le ho lebella patlong ea ’nete.
Mang kapa mang ho rōna a ka fumana tsebo ea ’nete le bohlale joang?
Liprov. 1:7; Pes. 111:10: “Ho tšaba Jehova ke motheo oa tsebo . . . [le oa] bohlale.” (Haeba bokahohleng e ne e se tholoana ea ’Mōpi ea bohlale empa e le ea matla a mang feela a sefofu le a sa nahaneng, pono e momahaneng ea bokahohle e ne e ke ke ea e-ba teng, na ha ho joalo? Ha ho letho le neng le ka tšoaneleha e le bohlale le ka hlahang boithutong ba ntho e se nang kelello ka boeona, na ha ho joalo? Ba lekang ho utloisisa bokahohle, kapa bophelo ka bobona, empa ba ntse ba leka ho sia Molimo le morero oa oona kantle, ba thulana le tsieleho e sa feleng. Ba toloka seo ba ithutang sona hampe ’me ba sebelisa linnete tseo ba li khoahlapisitseng hampe. Ho se lumele ho Molimo ho senya senotlolo sa tsebo ea ’nete ’me ho thatafatsa moralo leha e le ofe o tsitsitseng kannete oa ho nahana.)
Liprov. 2:4-7: “Ua e batla joale ka silevera, ua e rafa joale ka matlotlo a patiloeng mobung; ke moo u tla tseba ho tšaba Jehova, u fihlele tsebo ea Molimo: hobane Jehova ke eena ea fanang ka bohlale; tsebo le kutloisiso li tsoa molomong oa hae. O bolokela ba lokileng poloko [“bohlale bo sebetsang,” NW].” (Jehova o fana ka thuso e hlokahalang ka Lentsoe le ngoliloeng la hae le ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae o bonahalang. Takatso e tiileng le boiteko ba botho, ho akarelletsa le tšebeliso ea matla a motho a ho nahana ka tsela e hahang, le tsona lia hlokahala.)
Na hoa utloahala ho lebella ho fumana ’nete e feletseng Mohloling ona?
2 Tim. 3:16; Joh. 17:17: ‘Lengolo lohle le bulutsoe ke Moea oa Molimo.’ “[Jesu a re ho Ntate oa hae oa leholimo:] Lentsoe la hao ke ’nete.” (Na hase ho utloahalang hore ’Mōpi oa bokahohleng o ne a tla bo utloisisa ka ho feletseng? Ka Bibeleng ha aa re bolella sohle ka bokahohleng, empa seo a entseng hore se ngoloe teng hase khopolo-taba; ke ’nete. Hape o boletse ka Bibeleng hore na morero oa hae ka lefatše le batho ke ofe le hore na o tla o finyella joang. Matla ’ohle a hae, bohlale bo fetisisang, toka e se nang sekoli le lerato le leholo li tiisa hore morero ona o tla finyelloa ka botlalo, le ka mokhoa o molemohali. Ka hona litšoaneleho tsa hae li re tiisetsa hore morero oa hae oo a o boletseng o tšepahala ka ho feletseng; ke ’nete.)
Tšimoloho ea lifilosofi tsa batho ke efe?
Li tsoa ho batho ba nang le likhaello: Bibele e-ea re tsebisa: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.” (Jer. 10:23) Histori e paka hore ho leka ho hlokomoloha khaello eo ha hoa hlahisa litholoana tse ntle. Ka lekhetlo le leng, “Eaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re: Ea fifatsang morero oa ka ka lipolelo tse se nang kelello ke mang? Joale, u itlame letheka joale ka monna, ke tle ke u botse, ’me u nthute. U no u le kae, mohla ke theang lefatše? Bolela, ha u e-na le tsebo.” (Jobo 38:1-4) (Ka tlhaho batho ba na le likhaello. Ho phaella moo, ha ho bapisoa, phihlelo ea bona bophelong e khutšoaane haholo ’me hangata e lekanyelitsoe meetlong le tikolohong tsa habo bona feela. Ka tsela eo, tsebo eo ba nang le eona e lekanyelitsoe, ’me ntho eohle e lohellane hoo nako le nako ba fumanang litšobotsi tseo ba neng ba e-s’o li nahane ka ho lekaneng. Filosofi efe kapa efe eo ba e qapang e tla bontša likhaello tsena.)
Li qaptjoa ke batho ba sa phethahalang: “Bohle ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) “Mohlomong, ho motho, tsela e ’ngoe e bonahala e ntse e ka e lokile, athe bofello ba eona bo isa lefung.” (Liprov. 14:12) (Ka lebaka la ho se phethahale ho joalo, lifilosofi tsa batho li atisa ho bonahatsa boithati bo boholo, ka mohlomong bo isa monyakeng oa nakoana empa hape bo isa tsielehong le masoabing a maholo.)
Li susumetsoa ke meea ea bademona: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” (1 Joh. 5:19) “E bitsoang Diabolose le Satane, e thetsang lefatše kaofela.” (Tšen. 12:9) “Tseo khale le neng le itsamaela ho tsona ka mokhoa oa lefatše lena, ha le ne le sa busoa ke morena ea busang matla a sebaka, e leng moea o sebetsang joale baneng ba ho se lumele.” (Ba-Ef. 2:2) (Lifilosofi tse khothalletsang batho ho hlompholla se hlokoang ke Molimo se molemo le se khabane li bontša tšusumetso e joalo. Hase feela, joalokaha histori e paka, hangata lifilosofi tsa batho le merero li ’nileng tsa tlisetsa karolo e khōlō ea batho masoabi le likarohano.)
Ke hobane’ng haele bopaki ba monahano o hlakileng ho ithuta lithuto tsa Jesu Kreste ho e-na le lifilosofi tsa batho?
Ba-Kol. 1:15-17: “Ke eena [Jesu Kreste] e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng. Hobane ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng, . . . tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena. Ke eena ea leng ka pele ho lintho tsohle, ’me tsohle li eme ka eena.” (Kamano ea hae e haufi-ufi le Molimo e re thusa ho ithuta ’nete e buang ka Molimo. Ho feta moo, joaloka eo ka eena ho entsoeng lintho tsohle, Jesu o na le tsebo e feletseng ea bokahohleng bohle bo bōpiloeng. Ha ho mohlalefi lea mong oa filosofi oa motho ea ka etsang hona.)
Ba-Kol. 1:19, 20: “Botlalo kaofela bo ratile ho ikahela ka ho eena [Jesu Kreste]; le ho busetsa lintho tsohle khotsong ea Molimo ka eena, . . . kahobane e le eena ea entseng khotso ka mali a sefapano sa hae.” (Ka hona ke ka Jesu Kreste Molimo o rerileng ho khutlisetsa pōpo eohle kutloanong le oona. Ho Jesu, Molimo o boetse o beile puso holim’a lefatše lohle, joalokaha ho bontšoa ho Daniele 7:13, 14. Ka hona litebello tsa rōna tsa bophelo ba kamoso li itšetlehile ka ho mo tseba le ho arabela hantle taeong ea hae.)
Ba-Kol. 2:8: “Itebeleng, motho a se ke a le hulanya ka bohlale [filosofi] ba batho le ka mashano a lefeela, ka ho ea ka lithuto tsee batho ba neanang tsona, ka ho latela litaba tsa qalo tsa lefatše, e seng Kreste.” (Ekaba phoso e bohloko hakaakang ho ikhethela ho latela filosofi e thetsang joalo ea batho bakeng sa ho fumana bohlale ba ’nete u le morutuoa oa Jesu Kreste, motho oa bobeli e moholo haholo bokahohleng, ea hlahlamang Molimo ka booona!)
Molimo o talima “bohlale” bo fanoang ke filosofi ea batho joang?
1 Ba-Kor. 1:19-25: “Hobane ho ngoliloe ho thoe: Ke tla felisa bohlale joa ba bohlale, ke fetole tsebo ea batsebi lefeela. Ea bohlale o kae na? Ea matla Mangolong o kae na? Mophea-khang oa mehla ena o kae na? Na Molimo ha oa ka oa etsa bohlale ba lefatše lena bohlanya na? Hobane ereka ha lefatše le sa ka la tseba Molimo bohlaleng ba Molimo, ka bohlale ba lona, Molimo o ithatetse ho pholosa ba lumelang ka bohlanya [kamoo ho bonahalang lefatšeng] ba polelo ea Evangeli. . . . Hobane bohlanya ba Molimo [kamoo lefatše le bo talimang kateng] bo fetisa bohlale ba batho. Le ho fokola ha Molimo [kamoo lefatše le ka ’nang la ho talima kateng] ho fetisa matla a batho.” (Pono e joalo ka lehlakoreng la Molimo ka ho tiileng ha e hatelle ebile e-ea utloahala. Ka Bibeleng, buka e tsamaisoang ka bophara ka ho fetisisa lefatšeng, o boletse morero oa oona ka ho hlakileng. O rometse lipaki tsa hae ho bua ka eona ho bohle ba tla mamela. Ke booatla bo bokaakang bakeng sa sebopuoa sefe kapa sefe hore se nahane hore se bohlale ho feta Molimo!)