Boraro-bo-bong
Tlhaloso: Thuto e setsing ea malumeli a Bokreste-’mōtoana. Ho latela Tumelo ea Athanasia, ho na le Batho ba halalelang ba bararo (Ntate, Mora, Moea o Halalelang), e mong le e mong ho boleloa hore ke oa ka ho sa feleng, o matla ’ohle, ha ho ea moholo kapa ea monyenyane ho ba bang, e mong le e mong ho thoe ke Molimo, ’me leha ho le joalo, kaofela ke Molimo o le mong. Lipolelo tse ling tsa thuto ena li hatisa hore “Batho” bana ba bararo, hase batho ba arohaneng kapa ba khethollehang e mong ho e mong, empa ke boleng bo hararo boo ho bona ho leng teng bomolimo. Ke kahoo ba bang ba Boraro-bo-bong ba hatisang tumelo ea bona ea hore Jesu Kreste ke Molimo, kapa hore Jesu le Moea o Halalelang ke Jehova. Hase thuto ea Bibele.
Thuto ea Boraro-bo-bong e simolohile hokae?
The New Encyclopædia Britannica e re: “Lentsoe Boraro-bo-bong, kapa eona thuto ka ho toba, ha li hlahe Testamenteng e Ncha, leha e le hore Jesu le balateli ba hae ba kile ba rera ho hanyetsa tumelo ea Sejode e ka Testamenteng ea Khale: ‘Utloa, Oho, Iseraele; Morena Molimo oa rōna, ke Morena a ’notši.’ (Deut. 6:4) . . . Thuto ena e tsoetse pele butle-butle ka makholo-kholo a lilemo le ka likhang tse ngata. . . . Qetellong ea lekholo la bo4 la lilemo . . . thuto ea Boraro-bo-bong e ile ea nka ka tieo sebopeho seo e nang le sona ho tla fihlela joale.”—(1976), Micropædia, Moq. X, leq. 126.
New Catholic Encyclopedia e re: “Polelo e hlakileng ‘Molimo o le mong ho batho ba bararo’ ha e-ea ka ea theoa ka ho tiileng, ka sebele ha e-ea ka ea nkeloa ka botlalo bophelong ba Bokreste le boipolelong ba bona ba tumelo, pele ho fela lekholo la bo4 la lilemo. Empa ka ho toba ke polelo ena e ikarabellang ka hore ebe ho na le ho bitsoang thuto ea Boraro-bo-bong. Har’a bo-Ntate ba Baapostola, ho ne ho se letho le nkhang maikutlo a joalo kapa pono e joalo.”—(1967), Moq. XIV, leq. 299.
Ho The Encyclopedia Americana rea bala: “Bokreste bo simolohile Bojodeng ’me Bojode bo ne bo lumela ka tieo hore Molimo ke motho a le mong feela. Ho hang tsela e neng e tloha Jerusalema ho ea Nicea e ne e sa otloloha. Thuto ea Boraro-bo-bong ea lekholo la bone la lilemo ha e-ea ka ea bonahatsa ka nepo thuto ea pele ea Bokreste mabapi le boleng ba Molimo; ho fapana le moo, e khelohile thutong ena.”—(1956), Moq. XXVII, leq. 294L.
Ho ea ka Nouveau Dictionnaire Universel, “Boraro-bo-bong ba Plato, boo ka bobona e mpang e le tokiso ea boraro-bo-bong ba khale bo qalileng ho batho ba boholo-holo, ho bonahala e le mohopolo oa motheo oa boraro-bo-bong o iqapetsoeng ha ho tla hlaha maikutlo a rutoang ke likereke tsa Bokreste a hore ho na le batho ba bararo ho a le mong ba halalelang. . . . Maikutlo ana a boraro-bo-bong bo halalelang a mohlalefi enoa [Plato, oa lekholong la bone la lilemo B.C.E.] oa Mogerike . . . a ka fumanoa bolumeling bohle ba boholo-holo [ba bohetene].”—(Paris, 1865-1870), e hlophisitsoeng ke M. Lachâtre, Moq. 2, leq. 1467.
John L. McKenzie, S.J., ho Dictionary of the Bible ea hae, o re: “Boraro-bo-bong ba batho bonngoeng ba tlhaho bo hlalosoa e le ‘motho’ le ‘tlhaho,’ mantsoe a filosofi ea Segerike; haele hantle, mantsoe ha a fumanehe ka Bibeleng. Tlhaloso tsa ba emelang boraro-bo-bong li hlahile ka lebaka la likhang tse telele tseo ho tsona mantsoe ana le a mang a kang boleng le ‘ntho’ a ileng a sebelisetsoa Molimo ka phoso ke baruti ba bang ba bolumeli.”—(New York, 1965), leq. 899.
Le hoja, joalokaha ba lumelang Boraro-bo-bong ba lumela hore lentsoe “Boraro-bo-bong” kapa eona polelo ea thuto ea Boraro-bo-bong li sa hlahe ka Bibeleng, na ka Bibeleng ho fumaneha maikutlo a amang thuto eo?
Na Bibele e ruta hore “Moea o Halalelang,” ke motho?
Litemana tse ling tse buang ka moea o halalelang ekare li bua ka motho. Ka mohlala, moea o halalelang o boleloa e le mothusi (pa·raʹkle·tos ka Segerike; “Motšelisi,” KJ; “’Muelli,” JB, NE) ea ‘rutang,’ ea ‘pakang,’ ea ‘buang’ le ea ‘utloang.’ (Joh. 14:16, 17, 26; 15:26; 16:13) Empa litemana tse ling li re batho ba ile ba “tlala” moea o halalelang, hore ba bang ba ile ba ‘kolobetsoa’ ka oona kapa ‘ba tlotsoa’ ka oona. (Luka 1:41; Matt. 3:11; Lik. 10:38) Litemana tsena tseo ho boletsoeng ka tsona hamorao ka moea o halalelang ho hang ha li lokele motho. Ho tlameha hore ho nahanoe ka litemana tsena tsohle e le hore ho utloisisoe seo Bibele eohle e se rutang. Qeto e utloahalang ke efe? Hore litemana tse qotsitsoeng pele mona li sebelisitse mokhoa oa ho ngola puo ka moea o halalelang, matla a sebetsang a Molimo, joalokaha eka ke motho, joalokaha Bibele e boetse e bua ka bohlale, sebe, lefu, metsi le mali joalokaha eka ke motho. (Bona le maqephe 317, 318, tlas’a sehlooho “Moea [Spirit].”)
Mangolo a Halalelang a re bolella lebitso la botho la Ntate, Jehova. A re tsebisa hore Mora ke Jesu Kreste. Empa ha ho kae kapa kae moo Mangolo a sebelisang lebitso la botho bakeng sa moea o halalelang.
Liketso 7:55, 56 e tlaleha hore Setefane o ile a neoa pono ea leholimo eo ho eona a boneng “Jesu a eme letsohong le letona la Molimo.” Empa ha ho moo a bolelang hore o bone moea o halalelang. (Bona le Tšenolo 7:10; 22:1, 3.)
New Catholic Encyclopedia e-ea lumela: “Boholo ba litemana tsa Testamente e Ncha li senola moea oa Molimo e le ho hong, e seng e mong; hona ho bonoa ka ho khethehileng ho tšoaneng ho teng pakeng tsa moea le matla a Molimo.” (1967, Moq. XIII, leq. 575) E boetse e-ea tlaleha: “Bangoli ba Bagerike ba Bakreste ba lekholo la bobeli la lilemo [Apologists] ba buile ka pelaelo ka Moea; ka tebello eitseng, motho a ka ’na a re, joalokaha eka hase motho.”—Moq. XIV, leq. 296.
Na Bibele e lumellana le ba rutang hore Ntate le Mora ke batho ba sa arohanang, ba ke keng ba khetholloa?
Matt. 26:39: “A [Jesu Kreste] ntoo ea pejana a oela fatše ka sefahleho, a rapela, a re: Ntate, ekare ha ho ka etsoa, ak’u fetisetse senoelo sena hole le ’na! Empa ho se ke ha etsoa thato ea ka, ho mpe ho etsoe ea hao!” (Haeba Ntate le Mora e le batho ba babeli ba ke keng ba khetholloa, thapelo e joalo e ne e ke ke ea bolela letho. Jesu o ne a tla be a ithapela, ’me kamoo ho leng kateng thato ea Ntate e ne etlaba ea hae.)
Joh. 8:17, 18: “[Jesu a arabela Bafarisi ba Bajode:] Esita le molaong oa lōna ho ngoliloe hore bopaki ba batho ba babeli ke ba ’nete. Ke ’na ke ipakang, le Ntate ea nthomileng oa mpaka le eena.” (Kahoo, Jesu o ipoletse ka ho tiileng hore ke motho ea arohileng le ea khethollehileng ho Ntate.)
Bona le leqephe 188, tlas’a “Jehova.”
Na Bibele e ruta hore bohle bao ho boleloang hore ke karolo ea Boraro-bo-bong ke ba ka ho sa feleng, ha ho ea bileng le qaleho?
Ba-Kol. 1:15, 16: “Ke eena [Jesu Kreste] e leng setšoantšo sa Molimo o sa bonoeng, letsibolo la tsohle tse hloliloeng. Hobane ka ho eena ho hloliloe tsohle tse maholimong le tse lefatšeng.” Jesu Kreste ke “letsibolo la tsohle tse hloliloeng” ka kutloisiso efe? (1) Ba thuto ea Boraro-bo-bong ba bolela hore “letsibolo” mona le bolela ntho ea pele, e ntle ka ho fetisisa, e khethollehileng ka ho fetisisa; ka hona Kreste ho ne ho tla utloisisoa hore hase karolo ea pōpo, empa ke ea khethollehileng ka ho fetisisa mabapi le ba bōpiloeng. Haeba hoo ho joalo, le haeba thuto ea Boraro-bo-bong ke ’nete, ke hobane’ng ha Ntate le moea o halalelang ho sa thoe ke matsibolo a pōpo eohle? Empa Bibele e sebelisa polelo ena ho Mora feela. Kamoo tšebeliso ea “letsibolo” e tloaelehileng kateng, e bontša hore Jesu ke e moholo lelapeng la Jehova la bara. (2) Pele ho Ba-Kolosse 1:15, mantsoe “letsibolo la” a hlaha ka makhetlo a ka bang 30 ka Bibeleng, ’me ka lekhetlo le leng le le leng moo a sebeliselitsoeng libopuoa tse phelang a sebelisoa ka tlhaloso eona eo—letsibolo ke karolo ea sehlopha. “Letsibolo la Iseraele” ke e mong oa bara ba Iseraele; “letsibolo la Faro” ke e mong oa lelapa la Faro; “matsibolo a liphoofolo” ke liphoofolo ka botsona. Joale, ke eng e etsang hore ba bang ba re tlhaloso e ho Ba-Kolosse 1:15 ke e fapaneng? Na ke tšebeliso ea Bibele kapa ke tumelo eo ba seng ba ntse ba itšoarelletse ho eona le eo ba e batlelang bopaki? (3) Na Ba-Kolosse 1:16, 17 e behella Jesu kathōko ho tse bōpiloeng, ha e re “ka ho eena ho hloliloe tsohle . . . tsohle li hloliloe ka eena, ’me li hloletsoe eena”? Lentsoe la Segerike le ngotsoeng e le “tsohle” mona, ke panʹta, pas ha e fetotsoe sebopeho. Ho Luka 13:2, RS e ngola sena e le “tse ling . . . tsohle”; JB e re “leha e le life”; NE e re “leha e le efe hape.” (Bona le Luka 21:29 ho NE le Ba-Filippi 2:21 ho JB.) Tumellanong le ho hong hohle hoo Bibele e ho buang ka Mora, NW e hlalosa se ho Ba-Kolosse 1:16, 17 ka tsela e tšoanang le eo e hlalosang panʹta ka eona e le hore karolo e ’ngoe ea eona e balehe ka tsela ena, “ke ka eena lintho tse ling tsohle li ileng tsa boptjoa . . . Lintho tse ling tsohle li bōpiloe ka eena li bōpeloa eena.” Kahoo ho bontšoa hore ke sebopuoa, karolo ea pōpo e entsoeng ke Molimo.
Tšen. 1:1; 3:14: “Tšenolo ea Jesu Kreste, eo a e neiloeng ke Molimo . . . Ngolla le lengeloi la kereke ea Laodicea, u re: Ke tsena tse boleloang ke eo e leng Amen, paki e tšepehang, ea ’nete, hloho [“qalo,” RS, KJ, Dy, CC, le NW, hammoho le tse ling, ar·kheʹ, ka Segerike] ea libopuoa tsa Molimo.” Na ka mokhoa oo ho ngotsoe ka nepo? Ba bang ba ba le pono ea hore se boleloang ke hore Mora e ne e le ‘moqali oa pōpo ea Molimo,’ hore e ne e le ‘mohloli oa eona oa ho qetela.’ Empa Greek-English Lexicon ea Liddell le Scott e thathamisa “qalo” e le tlhaloso ea eona ea pele ea ar·kheʹ. (Oxford, 1968, leq. 252) Qeto e utloahalang ke hore ea qotsoang ho Tšenolo 3:14 ke sebopuoa, sebopuoa sa pele sa Molimo, hore o bile le qaleho. Bapisa Liproverbia 8:22, moo, joalokaha bahlalosi ba bangata ba Bibele ba lumela, Mora o boleloa e le bohlale bo mothofalitsoeng. Ho latela RS, NE, JB le Bibele ea Sesotho, eo ho buuoang ka eena moo ho thoe o ‘bōpiloe.’)
Ka boprofeta, mabapi le Messia, Mikea 5:2 e re ke “eena ea leng teng e sa le tšimolohong, e sa le mehleng e sa qaleng.” Dy e re: “o bile teng tšimolohong, ho tloha mehleng ea ka ho sa feleng.” Na hoo ho mo etsa motho a le mong le Molimo? Hoa hlokomeleha hore, ho e-na le hore “mehleng ea ka ho sa feleng,” RS e ngola Seheberu e le “mehleng ea boholo-holo”; JB, “mehleng ea khale”; NW, “mehleng e sa tsejoeng.” Ha e talingoa leseling la Tšenolo 3:14, eo ho buuoeng ka eona kaholimo, Mikea 5:2 ha e pake hore Jesu ha a na tšimoloho.
Na Bibele e ruta hore ha ho lea mong oa bao ba akarelletsoang ho Boraro-bo-bong ea moholo kapa ea monyenyane ho ba bang, hore bohle baa lekana, hore bohle ba matla ’ohle?
Mar. 13:32: “Ha e le bakeng sa letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang, leha e le mangeloi a leholimong, leha e le Mora, ha e se Ntate feela.” (Haele hantle, hoo ho ne ho ke ke hoa etsahala, haeba Ntate, Mora, le Moea o Halalelang ba ne ba lekana, ba etsa boleng ba Molimo o le mong. ’Me haeba, joalokaha ba bang ba bolela, tsebo ea Mora e ile ea fokotsoa ke sebopeho sa hae sa botho, potso e-ea sala, Ke hobane’ng ha Moea o Halalelang o sa ka oa tseba?)
Matt. 20:20-23: “’M’a bara ba Zebedea . . . a kōpa ho hong ho eena [Jesu]. . . . Ak’u re, bara bana ba ka ba babeli ba lule ’musong oa hao, e mong letsohong la hao le letona, e mong ho le letšehali. Jesu a fetola, a re: . . . Efela le tla noela senoelong sa ka, ’me le tla kolobetsoa ka kolobetso eo ke tla kolobetsoa ka eona; empa ha e le ho lula letsohong la ka le letona, kapa ho le letšehali, ha ke na ho ho nea motho, ha e se ba ho lokiselitsoeng ke Ntate.” (Ke ho makatsang hakaakang, haeba joalokaha ho boleloa, Jesu ke Molimo! Na mona Jesu o ne a mpa a arabela feela ho latela “sebopeho sa hae sa botho”? Haeba joalokaha ba thuto ea Boraro-bo-bong ba bolela, kannete Jesu e ne e le “Molimo-motho”—Molimo le motho, e se hona kapa hoane—na kannete e ne etlaba ho tsitsitseng ho fana ka tlhaloso e joalo? Na ho e-na le hoo Mattheu 20:23 ha e bontše hore Mora ha a lekane le Ntate, hore Ntate o ipoloketse bophahamo bo itseng?)
Matt. 12:31, 32: “Batho ba ka tšoareloa sebe se seng le se seng le nyefolo e ’ngoe le e ’ngoe; empa nyefolo e nyefotseng Moea, batho ba ke ke ba e tšoareloa. Ha motho a sebile Mor’a motho, a ka tšoareloa; empa ha a sebile Moea o Halalelang, a ke ke a tšoareloa, leha e le mehleng ena, leha e le ho e tlang ho tla.” (Haeba Moea o Halalelang e ne e le motho, ’me e le Molimo, temana ena e ne e tla hanyetsa thuto ea Boraro-bo-bong ka ho tiileng, hobane e ne e tla bolela hore ka tsela e ’ngoe eitseng Moea o Halalelang o ne o le moholoanyane ho Mora. Ho e-na le hoo, seo Jesu a se buileng se bontša hore Ntate, eo “Moea” e leng oa hae, o moholo ho Jesu, Mor’a motho.)
Joh. 14:28: “[Jesu a re:] Hoja lea nthata, le ka be le thabile, ha ke itse: Ke ea ho Ntate; hobane Ntate o moholo ho ’na.”
1 Ba-Kor. 11:3: “Ke rata ha le ka tseba hoba hloho ea monna e mong le e mong ke Kreste, ’me hloho ea mosali ke monna, ’me hloho ea Kreste ke Molimo.” (Ka ho hlakileng, he, Kreste hase Molimo, ’me Molimo o boemong bo phahameng ho feta Kreste. Ho ke ho hlokomeloe hore hona ho ngotsoe hoo e ka bang ka 55 C.E., lilemo tse ka bang 22 Jesu a khutletse leholimong. Ka hona ’nete e boleloang mona e sebetsa kamanong e pakeng tsa Molimo le Kreste leholimong.)
1 Ba-Kor. 15:27, 28: “Molimo o fela o beile tsohle ka tlas’a maoto a hae [Jesu]. ’Me ha ho itsoe, tsohle li beiloe ka tlas’a hae, hoa utloahala hobane ea beileng tsohle ka tlas’a hae, eena ha a baloe. ’Me e tla re ha tsohle li beiloe ka tlas’a hae, ke hona Mora le eena a tla beoa ka tlas’a ea beileng tsohle ka tlas’a hae, hore Molimo e tle e be tsohle ho bohle.”
Lentsoe la Seheberu Shad·daiʹ le lentsoe la Segerike Panto·kraʹtor ka bobeli a fetoleloa e le “Matla ’Ohle.” Nako le nako lipuong tsa tšimolohong, mantsoe ao ka bobeli a sebelisetsoa Jehova, Ntate. (Ex. 6:3; Tšen. 19:6) Ha ho mohla lipolelo tsena tse peli li sebelisetsoang Mora kapa moea o halalelang.
Na Bibele e ruta hore e mong le e mong ho bao ho thoeng ke karolo ea Boraro-bo-bong ke Molimo?
Thapelong Jesu o itse: “Ntate . . . bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Joh. 17:1-3, mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Mona liphetolelo tse ngata li sebelisa mantsoe “Molimo o ’notši oa ’nete” ho Ntate. NE e re, “uena feela u leng Molimo kannete.” E ke ke ea e-ba “Molimo o ’notši oa ’nete,” oona ‘feela Molimo kannete’ haeba ho e-na le ba bang ba babeli bao e leng Molimo ka tekanyo e tšoanang le ea hae, na ha ho joalo? Ba bang bao e ka ’nang eaba ba boleloa e le “melimo” ba tlameha hore e be ke ba bohata kapa e mpa e le setšoantšo feela sa Molimo oa ’nete.)
1 Ba-Kor. 8:5, 6: “Hobane leha ho le ba bitsoang melimo maholimong le lefatšeng—ho batho melimo e fela e le mengata, le marena a mangata—leha ho le joalo, ho rōna Molimo o mong feela, e leng Ntat’a rōna, e leng oo tsohle li tsoang ho oona, oo re leng ho oona; ’me re na le Morena a le mong feela, e leng Jesu Kreste, eo tsohle li entsoeng ka eena, le rōna re leng ka eena.” (Hona ho hlahisa Ntate e le “Molimo o mong feela” oa Bakreste ’me a le sehlopheng se khethollehileng ho hang ho Jesu Kreste.)
1 Pet. 1:3: “Ho bokoe Molimo, Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste.” (Nako le nako, le kamor’a hoba Jesu a nyolohele leholimong, Mangolo a bua ka Ntate e le “Molimo” oa Jesu Kreste. Ho Johanne 20:17, kamorao ho tsoho ea Jesu, eena ka boeena o buile ka Ntate e le “Molimo oa ka.” Hamorao, ha a le leholimong, joalokaha ho tlalehiloe ho Tšenolo 3:12, o sebelisitse polelo eo hape. Empa ha ho mohla ka Bibeleng ho tlalehoang Ntate a bua ka Mora e le “Molimo oa ka,” leha e le hore Ntate kapa Mora ba bua ka moea o halalelang e le “Molimo oa ka.”)
Bakeng sa litlhaloso tsa mangolo ao ba bang ba a sebelisang ka boiteko ba ho paka hore Kreste ke Molimo, bona maqephe 192-196, tlas’a sehlooho “Jesu Kreste.”
Ho Theological Investigations, Karl Rahner, S.J., o-oa lumela: “Θεός [Molimo] le joale ha ho mohla e sebelisetsoang Moea,” ’me: “ὁ Θεός [Molimo] ha ho mohla e sebelisoang ka Testamenteng e Ncha ho bua ka πνεῦμα ἅγιον [moea o halalelang].”—(Baltimore, Md.; 1961), e fetoletsoeng ho tloha Sejeremaneng, Moq. I, maq. 138, 143.
Na mangolo leha e le afe a sebelisoang ke ba thuto ea Boraro-bo-bong ho tšehetsa tumelo ea bona a fana ka motheo o tiileng bakeng sa thuto eo?
Motho ea hlileng a batlang ho tseba ’nete ka Molimo a ke ke a batla ka Bibeleng ka tšepo ea hore a fumane temana eo a ka hlalosang hore e tšoanela seo a seng a ntse a se lumela. O batla ho tseba seo Lentsoe la Molimo ka bolona le se bolelang. A ka ’na a fumana litemana tse ling tseo a ikutloang hore li ka baloa ka litsela tse ngata, empa ha li bapisoa le lipolelo tse ling tsa Bibele tse buang ka taba eona eo tlhaloso ea tsona e tla hlaka. Ho ke ho hlokomeloe esale qalong hore boholo ba litemana tse sebelisoang e le “bopaki” ba thuto ea Boraro-bo-bong haele hantle li bua ka batho ba babeli feela, e seng ba bararo; ka hona le haeba tlhaloso ea ba thuto ea Boraro-bo-bong ea litemana tseo e ne e nepahetse, li ne li sa tl’o paka hore Bibele e ruta Boraro-bo-bong. Nahana ka tse latelang:
Litemana tseo ho tsona tlotla e lebisoang ho Jehova e sebelisoang ho Jesu Kreste kapa ho boleloang hore e sebetsa ho Jesu
Alfa le Omega: Tlotla ee e hlile ke ea mang? (1) Ho Tšenolo 1:8, ho thoe ke ea Molimo, o Matla ’Ohle. Temaneng ea 11 ho latela Bibele ea Sesotho, KJ, tlotla eo e sebelisoa ho eo kamorao ho moo a hlalosoang e le Jesu Kreste. Empa liithuti li hlokomela hore Alfa le Omega temaneng ea 11 e kentsoe ka bolotsana, ’me kahoo ha e hlahe ho RS, NE, JB, NAB, Dy. (2) Liphetolelo tse ngata tsa Tšenolo tse fetoletseng Seheberu li hlokomela hore ea hlalosoang temaneng ea 8 ke Jehova, ’me ka hona li boloka lebitso la botho la Molimo mono. Bona NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984. (3) Tšenolo 21:6, 7 e bontša hore Bakreste bao e leng bahlōli moeeng ba tla bitsoa ‘bana’ ba ea tsejoang e le Alfa le Omega. Ha ho mohla ho boleloang joalo ka kamano ea Bakreste ba tsoetsoeng ka moea le Jesu Kreste. Jesu o buile ka bona e le ‘banab’abo.’ (Ba-Heb. 2:11; Matt. 12:50; 25:40) Empa “baena” bao ba Jesu ba bitsoa “bana ba Molimo.” (Ba-Gal. 3:26; 4:6) (4) Ho Tšenolo 22:12, TEV ho kenngoa lebitso Jesu, ka hona Alfa le Omega e ho temana ea 13 e etsoa hore e bonahale e sebetsa ho eena. Empa lebitso Jesu ha le hlahe mono ka Segerike, ’me liphetolelo tse ling ha li le akarelletse. (5) Ho Tšenolo 22:13, Alfa le Omega e boetse e boleloa e le “oa pele le oa morao,” e leng polelo e sebelisetsoang Jesu ho Tšenolo 1:17, 18. Ka ho tšoanang, lentsoe “moapostola” le sebelisetsoa Jesu Kreste le balateli ba bang ba itseng ba hae. Empa hoo ha ho pake hore ke batho ba le bang kapa hore ba boemong bo lekanang, na ho joalo? (Ba-Heb. 3:1) Ka hona bopaki bo lebisa qetong ea hore tlotla “Alfa le Omega” e sebetsa ho Molimo o Matla ’Ohle, Ntate, e seng ho Mora.
’Moloki: Nako le nako Mangolo a bua ka Molimo e le ’Moloki. Ho Esaia 43:11 Molimo o bile o re: “Ha ho ’moloki e mong, ha e se ’na.” Kaha Jesu le eena o boleloa e le ’Moloki, na Molimo le Jesu ke ntho e le ’ngoe? Le hanyenyane. Tite 1:3, 4 e bua ka “Molimo, ’Moloki oa rōna,” ’me ka bona ka bobeli e le “Molimo Ntate, le . . . Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.” Ka hona, bona ka bobeli ke baboloki. Juda 25 e bontša kamano, e re: “Molimo . . . ’Moloki oa rōna, . . . ka Morena oa rōna Jesu Kreste.” (Mongolo o tšekaletseng ke keketso.) (Bona le Liketso 13:23.) Ho Baahloli 3:9, lona lentsoe leo la Segerike (mohshiʹa‛, le ngoloa e le “’moloki” kapa “molopolli”) le sebelisitsoeng ho Esaia 43:11 le sebelisoa ho Othniele, moahloli oa Iseraeleng, empa hoo ka sebele ha hoa ka hoa etsa Othniele Jehova, na ho joalo? Ha ho baloa Esaia 43:1-12 ho bonahala hore temana ea 11 e bontša hore ke Jehova feela Ea neng a fana ka poloko, kapa topollo, bakeng sa Iseraele; hore poloko e ne e sa tsoe ho melimo leha e le efe ea lichaba tse potolohileng.
Molimo: Ho Esaia 43:10 Jehova o re: “Ha ho Molimo o bileng teng pele ho ’na, ’me o mong o ke ke oa e-ba teng ka morao ho ’na.” Na hoo ho bolela hore, hobane Jesu Kreste ka boprofeta o bitsoa “Molimo o matla” ho Esaia 9:6, Jesu o tlameha hore e be ke Jehova? Le hona mona taba eo ho buuoang ka eona e re, Che! Ha ho sechaba le se seng sa balichaba ba rapelang litšoantšo se kileng sa etsa molimo pele ho Jehova, hobane ha ho le se seng se bileng teng pele ho Jehova. Leha e le hore ka nako leha e le efe e tlang se ne se ka etsa molimo leha e le ofe oa sebele, o phelang, o nong o tla tseba ho profeta. (Esa. 46:9, 10) Empa hoo ha ho bolele hore Jehova ha ho mohla a kileng a etsa hore ho be le e mong eo ka tšoanelo a ka bitsoang molimo. (Pes. 82:1, 6; Joh. 1:1, NW) Ho Esaia 10:21 Jehova o bitsoa “Molimo o matla,” joalokaha Jesu a boleloa joalo ho Esaia 9:6; empa ke Jehova feela ea bitsoang “Molimo o Matla ’Ohle.”—Gen. 17:1.
Haeba tlotla eitseng kapa lentsoe le hlalosang li fumanoa libakeng tse sa tšoaneng ka Mangolong, le kamohla ho se potlakeloe qeto ea hore li tlameha hore ka linako tsohle li bue ka motho a le mong. Ho nahana ka tsela e joalo ho ka isa qetong ea hore Nebukadnezare e ne e le Jesu Kreste, hobane ka bobeli ba ne ba bitsoa “morena oa marena” (Dan. 2:37; Tšen. 17:14); le hore barutuoa ba Jesu e ne e hlile e le Jesu Kreste, hobane le bona ba ne ba bitsoa “leseli la lefatše.” (Matt. 5:14; Joh. 8:12) Ka linako tsohle re lokela ho nahana ka se likolohileng taba le ka makhetlo a mang ao ka oona polelo eona eo e hlahang ka Bibeleng.
Ho sebelisa hoa bangoli ba bululetsoeng ba Bibele ho Jesu Kreste lirapa tseo ka ho hlakileng li sebelisetsoang Jehova Mangolong a Seheberu
Ke hobane’ng ha Johanne 1:23 e qotsa Esaia 40:3 ’me e e sebelisetsa seo Johanne Mokolobetsi a ileng a se etsa ha a hlekela Jesu Kreste tsela, ha Esaia 40:3 ka ho hlakileng e bua ka ho hlekela Jehova tsela? Hobane Jesu o ne a emela Ntate oa hae. O tlile ka lebitso la Ntate oa hae ’me o ne a e-na le tiiso ea hore Ntate oa hae o na le eena kamehla hobane o ne a etsa lintho tse khahlisang Ntate oa hae.—Joh. 5:43; 8:29.
Ke hobane’ng ha Ba-Heberu 1:10-12 e qotsa Pesaleme ea 102:25-27 ’me e e sebelisa ho Mora, ha pesaleme e bolela hore e tobisitsoe ho Molimo? Hobane Mora ke eo ka eena Molimo o entseng mesebetsi ea pōpo e hlalositsoeng moo ke mopesaleme. (Bona Ba-Kolosse 1:15, 16; Liproverbia 8:22, 27-30.) Ho ke ho hlokomeloe ho Ba-Heberu 1:5b hore ho qotsoa ho 2 Samuele 7:14 ’me e sebelisetsoa Mora oa Molimo. Le hoja temana eo e qalile e sebetsa ho Salomone, hore hamorao e ile ea sebetsa ho Jesu Kreste ha ho bolele hore Salomone le Jesu Kreste ke ntho e le ’ngoe. Jesu o “moholo ho Salomone” ’me o phethahatsa mosebetsi o ileng oa tšoantšetsoa ke Salomone.—Luka 11:31.
Mangolo a bolelang hammoho Ntate, Mora, le Moea o Halalelang
Mattheu 28:19 le 2 Ba-Korinthe 13:13 ke mehlala ea sena. Ha ho le le leng mangolong ana le bolelang hore, Ntate, Mora le Moea o Halalelang baa lekana kapa ke ba ka ho sa feleng ka mokhoa o lekanang kapa hore kaofela ke Molimo. Bopaki ba Mangolo bo seng bo fanoe maqepheng a 93-97 bo hanana le ho bala maikutlo a joalo ka litemaneng tsena.
Cyclopedia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea McClintock le Strong, le hoja e buella thuto ea Boraro-bo-bong, mabapi le Mattheu 28:18-20 e lumela hore: “Leha ho le joalo, litemana tsena, ha li nkoa e le tsona feela, li ke ke tsa fana ka bopaki bo qetang taba ho paka boleng ba batho ba bararo ba boleloang, kapa ho lekana hoa bona, kapa bomolimo ba bona.” (Khatiso e phetiloeng ea 1981 Moq. X, leq. 552) Ka mangolo a mang a boetseng a bolelang bana ba bararo hammoho, Cyclopedia ena e lumela hore, ha a baloa e le oona feela ha aa “lekana” ho paka Boraro-bo-bong. (Bapisa 1 Timothea 5:21, moo ho boleloang ka Molimo, Kreste le mangeloi hammoho.)
Litemana tseo ho tsona Molimo o sebelisetsoang mareho ka bongateng Mangolong a Seheberu
Ho Genese 1:1 tlotla “Molimo” e fetoletse ’Elo·himʹ, lentsoe le ka bongateng ka Seheberu. Ba rutang Boraro-bo-bong ba hlalosa sena e le pontšo ea Boraro-bo-bong. Ba boetse ba hlalosa Deuteronoma 6:4 e fana ka maikutlo a bonngoe ba litho tsa Boraro-bo-bong ha e re: “MORENA Molimo [’Elo·himʹ] oa rōna ke MORENA a ’notši.”
Sebopeho se ka bongateng sa lereho ka Seheberu mona, ke sebopeho se ka bongateng sa boholo kapa bokhabane. (Bona NAB khatiso ea St. Joseph, Bible Dictionary, leq. 330; le New Catholic Encyclopedia, 1967, Moq. V, leq. 287.) Ha ho moo e fanang ka maikutlo a hore ho buuoa ka batho ba bangata ho Molimo o le mong. Ka mokhoa o tšoanang, ho Baahloli 16:23 ha ho buuoa ka molimo oa bohata Dagone, ho sebelisitsoe tlotla ’elo·himʹ; leetsi le ngotsoeng le eona le ka bonoosing, ho bontša hore ho buuoa ka molimo o le mong feela. Ho Genese 42:30 Josefa o bitsoa “morena” (’adho·nehʹ, bokhabane ka bongateng) oa Egepeta.
Puo ea Segerike ha e na ‘boholo kapa bokhabane ka bongateng.’ Ka hona, ho Genese 1:1 bafetoleli ba LXX ba sebelisitse ho The·osʹ (Molimo, ka bonoosing) ka tekanyo e tšoanang le ’Elo·himʹ. Ho Mareka 12:29, moo ho ngoliloeng karabelo ea Jesu eo ho eona a qotsitseng Deuteronoma 6:4, ho The·osʹ e ka bonoosing ea Segerike e sebelisitsoe joalo.
Ho Deuteronoma 6:4, temana ea Seheberu e na le litlhaku tse ’nè tse emelang lebitso la Molimo ka makhetlo a mabeli, ’me e ka nepahala haholoanyane ha e ka re: “Jehova Molimo oa rōna, ke Jehova a ’notši.” (NW) Sechaba sa Iseraele seo mantsoe ao a builoeng ho sona, se ne se sa lumele Boraro-bo-bong. Bababylona le Baegepeta ba ne ba rapela melimo e meraro ho o le mong, empa Iseraele e ile ea hlakisetsoa hore Jehova ha a joalo.
Litemana tseo motho a ka ’nang a fihlela liqeto tse sa tšoaneng ho tsona, ho itšetlehile ka hore na ho sebelisoa phetolelo efe ea Bibele
Haeba ho latela molao oa ho ngoloa hoa puo serapa se ka fetoleloa ka litsela tse ngata, phetolelo e nepahetseng ke efe? E tumellanong le Bibele eohle. Haeba motho a hlokomoloha likarolo tse ling tsa Bibele ’me a pota-potisa tumelo ea hae phetolelong eo a e ratang ea temana eitseng, seo a se lumelang se bontša hantle hore ha a lumele Lentsoe la Molimo empa o lumela maikutlo a hae ’me mohlomong le a motho e mong ea sa phethahalang.
E re: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le le ho [“le e-na le,” RS, KJ, Dy, JB, NAB] Molimo, ’me Lentsoe e ne e le Molimo. Le ne le e-na le Molimo tšimolohong.” Leha ho le joalo, NW e re: “Lentsoe le ne le le tšimolohong, ’me Lentsoe le ne le e-na le Molimo, ’me Lentsoe e ne e le molimo [a god]. Enoa o ne a e-na le Molimo tšimolohong.” Hlokomela hore ka lekhetlo le leng lentsoe “molimo” le ngotsoe kaofela ka litlhaku tse nyenyane, le khetholla molimo ona ho “Molimo” o mong oo ho buuoang ka oona litemaneng tsena.
Ke phetolelo efe ea Johanne 1:1, 2 e lumellanang le se potolohileng taba? Johanne 1:18 e re: “Molimo ha oa ka oa bonoa ke motho le ka mohla o le mong.” Temana ea 14 ka ho hlakileng e re “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna . . . re bohile khanya ea lona.” Hape, litemana tsa 1, 2 li re tšimolohong o ne a e-na “le Molimo.” Na motho a ka ba le e mong ’me ka nako eona eo ea e-ba motho eo? Ho Johanne 17:3, Jesu o re Ntate ke “Molimo o ’notši oa ’nete”; ka hona, Jesu joaloka “molimo” o mpa a bonahatsa feela litšobotsi tsa bomolimo tsa Ntate oa hae.—Ba-Heb. 1:3.
Na ha e ngoloa e le “molimo [a god]” ho tumellanong le melao ea ho ngoloa ha puo ea Segerike? Libuka tse ling tsa litšupiso li latola ka matla hore temana ea Segerike e tlameha ho fetoleloa e le, “Lentsoe e ne e le Molimo.” Empa hase tsohle tse lumelang. Sehloohong sa hae “Mareho a Tšobotsi a se Nang Lebōpi la Leetsi: Mareka 15:39 le Johanne 1:1,” Philip B. Harner o ile a re likarolo tsa polelo tse joaloka e ho Johanne 1:1, “ka leetsi le se nang lebōpi le etellang ketso pele, hangata li bolela tšobotsi. Li bontša hore logos ke ea mofuta oa theos.” O etsa tlhahiso: “Mohlomong karolo eo ea polelo e ka fetoleloa e le, ‘Lentsoe e ne e le la mofuta o tšoanang le Molimo.’” (Journal of Biblical Literature, 1973, maq. 85, 87) Ka hona, temaneng ena, ’nete ea hore lentsoe the·osʹ moo le hlahang la bobeli ha le na lebōpi-khetho (ho) ’me le behiloe pele ho ketso polelong ea Segerike ke habohlokoa. Sesotho ha se na mabōpi-kakaretso kapa mabōpi-khetho. Ka ho thahasellisang, bafetoleli ba phehellang ho fetolela Johanne 1:1, “Lentsoe e ne e le Molimo,” ha ba tsila-tsile ho sebelisa lebōpi-kakaretso (a, an) liphetolelong tsa bona tsa litemana tse ling moo lereho le ka boinotšing la leetsi le se nang lebōpi le hlahang pele ho ketso. Ka hona ho Johanne 6:70, JB le KJ li bua ka Judase Iskariota e le “diabolose [a devil],” ’me ho Johanne 9:17 li hlalosa Jesu e le “moprofeta [a prophet].”
John L. McKenzie, S.J., ho Dictionary of the Bible ea hae, o re: “Ka ho toba Jn 1:1 e lokela ho fetoleloa tjena, ‘lentsoe le ne le e-na le Molimo [= Ntate], ’me lentsoe e ne e le boleng ba bomolimo.’”—(Masakana ke a hae. E hatisitsoe ka tumello ea molao le ea kereke.) (New York, 1965), leq. 317.
Tumellanong le se ka holimo Mo, “Logos e ne e e-na le bomolimo”; NTIV, “lentsoe e ne e le molimo,” NW, “Lentsoe e ne e le molimo.” Phetolelong ea hae ea Sejeremane Ludwig Thimme o e hlalosa ka tsela ena: “Lentsoe e ne e le Molimo oa mofuta o itseng.” Ho bua ka Lentsoe (leo e bileng Jesu Kreste) e le “molimo” ho lumellana le tšebeliso ea lentsoe leo Mangolong ka kakaretso. Ka mohlala, ho Pesaleme ea 82:1-6 baahloli ba batho ba Iseraeleng ba ne ba bitsoa “melimo” (’elo·himʹ, ka Seheberu; the·oiʹ, ka Segerike, ho Johanne 10:34) hobane e ne e le baemeli ba Jehova ’me ba lokela ho bua ka molao oa hae.
Bona le sehlomathiso sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, leq. 1579.
E re: “Jesu a re ho bona: Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Abrahama ha a e-so ho hlahe, ke ntse ke le teng [e·goʹei·miʹ, ka Segerike].” (NE, KJ, TEV, JB, NAB kaofela li re “ke ’na,” tse ling li bile li sebelisa litlhaku tse khōlō ho fana ka maikutlo a hore ke tlotla. Ka hona li leka ho amahanya polelo le Exoda 3:14, moo, ho ea ka phetolelo ea tsona, Molimo o ipitsang ka tlotla “Ke ’Na.”) Leha ho le joalo, ho NW karolo e qetellang ea Johanne 8:58 e re: “Pele Abrahama a e-ba teng, ke ne ke se ntse ke le teng.” (Ho fanoa ka maikutlo ’ona ao ka mantsoe a ho AT, Mo, CBW, le SE.)
Ke phetolelo efe e lumellanang le taba e potolohileng? Potso ea Bajode (temana ea 57) eo Jesu a neng a e arabela, e ne e amana le lilemo, eseng hore na mang ke mang. Karabelo ea Jesu ka ho utloahalang e ne e amana le lilemo tsa hae, hore na o bile teng neng. Ho khahlisang, ha ho mohla ho etsoang boiteko ba ho sebelisa e·goʹei·miʹ e le tlotla ho moea o halalelang.
A Grammar of the Greek New Testament in the Light of Historical Research, ea A. T. Robertson, e re: “Leetsi [ei·miʹ] . . . Ka linako tse ling le hlalosa ho ba teng e le seboleli joaloka leetsi le leng le le leng, joaloka ho [e·goʹ ei·miʹ] (Jo. 8:58).”—Nashville, Tenn.; 1934, leq. 394.
Bona le sehlomathiso sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, maq. 1582, 1583.
E re: “Lōna, hlong le itise, le lise le mohlape kaofela, oo Moea o Halalelang o le beileng balebeli ba oona, ho alosa kereke ea Molimo eo o ithuetseng eona ka mali ao e leng a oona ka sebele.” (JB, KJ, Dy, NAB, le tsona li ngola joalo.) Leha ho le joalo, ho NW karolo ea ho qetela ea temana ena e re: “mali a [mora] oa hae.” (TEV e cho joalo le eona. Le hoja khatiso ea 1953 ea RS e re “ka mali a oona,” khatiso ea 1971 e re “ka mali a Mora oa hae.” Ro le Da li re feela “mali ao e leng a hae.”)
Ke liphetolelo life tse lumellanang le 1 Johanne 1:7, e reng: “Mali a Jesu Kreste, Mora oa oona [Molimo], a re hlatsoa libe tsohle”? (Bona le Tšenolo 1:4-6.) Joalokaha ho boletsoe ho Johanne 3:16, na Molimo o ile oa romela Mora oa oona ea tsoetsoeng a ’notši, kapa o ile oa tla ka seqo e le motho, e le hore re ka phela? Ke mali a Mora oa oona, e seng a Molimo, a tšolotsoeng.
Bona le sehlomathiso sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, leq. 1580.
TLP e re: “Ke litlōhōlō tsa baholo-holo, ke bao Kreste a tsoileng ho bona ka tsoalo [“nama le mali” JB, KJ, Dy], eena eo e leng Molimo, ea renang holim’a tsohle, ea bokoang ka ho sa feleng. Amen.” Leha ho le joalo, ho NW karolo e qetellang ea temana ena e re: “bao Kreste a tsoileng ho bona ka nama: Molimo, o phahametseng bohle, o bokoe ka ho sa feleng. Amen.” (RS, NE, TEV, NAB, Mo kaofela li tšoana le NW.)
Na temana ee e re Kreste ‘o phahametse tsohle’ le hore ka lebaka leo ke Molimo? Kapa e bua ka Molimo le Kreste e le batho ba khethehileng ’me e re Molimo o “holim’a lintho tsohle”? Ke phetolelo efe ea Ba-Roma 9:5 e lumellanang le Ba-Roma 15:5, 6, e qalang ka ho khetholla Molimo ho Kreste Jesu ebe joale e phehella ’mali hore a “tlotlise Molimo, e leng Ntat’a Morena oa rōna Jesu Kreste”? (Bona le 2 Ba-Korinthe 1:3 le Ba-Efese 1:3.) Nahana ka se latelang ho Ba-Roma khaolo ea 9. Litemana 6-13 li bontša hore ho phethahala hoa morero oa Molimo ha hoa itšetleha ka lefa la nama empa ka thato ea Molimo. Litemana tsa 14-18 li bua ka molaetsa oa Molimo ho Faro, joalokaha o tlalehiloe ho Exoda 9:16, ho phahamisa ’nete ea hore Molimo o holim’a tsohle. Litemaneng tsa 19-24 bophahamo ba Molimo bo boetse bo tšoantšetsoa ka sebopi le lipitsa tsa letsopa tseo se li etsang. Ka hona, mantsoe a temana ea 5 ke a loketseng hakaakang: “Molimo, o phahametseng bohle, o bokoe ka ho sa feleng. Amen!”—NW.
The New International Dictionary of New Testament Theology e re: “Ba-Roma 9:5 e-ea hanyetsoa. . . . Ho ka ba bonolo, eaba ea e-ba ho lumellanang hantle le melao ea ho ngoloa hoa puo ho lebisa polelo eo ho Kreste. Joale temana e ne e tla baleha tjena, ‘Kreste eo e leng Molimo holim’a tsohle, a bokoe ka mehla le mehla. Amen.’ Le haeba ho le joalo, Kreste o ne a ke ke a lekanngoa ka ho feletseng le Molimo, empa a ka hlalosoa feela a e-na le sebopeho sa bomolimo, hobane lentsoe theos ha lea etoa pele ke lebopi. . . . Tlhaloso e atamelang taba haholo ke ea hore polelo ena ke thoriso feela e tobisitsoeng ho Molimo.”—(Grand Rapids, Mich.; 1976), e fetoletsoeng ho tloha Sejeremaneng, Moq. 2, leq. 80.
Bona le sehlomathiso sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, maq. 1580, 1581.
E re: “Le fele le be le pelo e bileng le ho Jesu Kreste; eo leha a na a ema ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a lekanya hobane oa utsoa ha a iketsa ea lekanang le Molimo.” (KJ, Dy li na le mantsoe a joalo. JB e re: “ha a ka a khomarela ho lekaneng hoa hae le Molimo.”) Leha ho le joalo, ho NW karolo e qetellang ea litemana tseno e re: “eo, le hoja a ne a le ka sebopeho sa Molimo, a sa kang a nahana ka ho ikhapela [har·pag·monʹ, ka Segerike], e leng hore, hore o lokela ho lekana le Molimo.” (RS, NE, TEV, NAB li fana ka maikutlo a joalo.)
Ke maikutlo afe a lumellanang le se potolohileng taba? Temana ea 5 e eletsa Bakreste hore ba etsise Kreste tabeng eo ho buuoang ka eona mona. Na ba ne ba ka phehelloa hore ba nahane ‘e se ho utsoa,’ empa e le tokelo ea bona, ‘ho lekana le Molimo’? Ka sebele ha ho joalo! Leha ho le joalo, ba ka etsisa ‘ea sa kang a nahana ho ikhapela, e leng hore, hore o lokela ho lekana le Molimo.’ (NW) (Bapisa Genese 3:5.) Phetolelo e joalo e boetse e lumellana le Jesu Kreste ka boeena, ea ileng a re: “Ntate o moholo ho ’na.”—Joh. 14:28.
The Expositor’s Greek Testament e re: “Ha re fumane serapa leha e le sefe moo [har·paʹzo] kapa lentsoe leha e le lefe le tsoang ho eona [ho akarelletsa har·pag·monʹ] le nang le kutloisiso ea ‘ho ithuela,’ ‘ho ipolokela.’ Ho bonahala e ikemetse feela ho boleleng ‘ho ikhapela,’ ‘ho phamola ka likhoka.’ Ka hona ha ho lumellehe ho tloha kutloisisong ea ’nete ea ‘ho tšoarella’ ho ea ho e fapaneng ho hang, ea ‘ho mamarela.’”—(Grand Rapids, Mich.; 1967), e hlophisitsoeng ke W. Robertson Nicoll, Moq. III, maq. 436, 437.
KJ e re: “Ho eena [Kreste] ho lutse botlalo ba boleng ba Molimo [the·oʹte·tos, ka Segerike] ’meleng.” (Maikutlo a joalo a fanoa ke phetolelo ea NE, RS, JB, NAB, Dy.) Leha ho le joalo, Bibele ea Sesotho e re: “Botlalo kaofela ba bomolimo bo ahile ka ho eena ka ’mele.” (AT, We, le CKW li re “sebopeho sa Molimo,” e seng “Boleng ba Molimo.” Bapisa 2 Petrose 1:4.)
Ke ’nete hore hase bohle ba hlalosang Ba-Kolosse 2:9 ka mokhoa o tšoanang. Empa ke eng e lumellanang le lengolo lohle le bululetsoeng le eang ho Bakolosse? Na Kreste ka ho eena o ne a e-na le ho hong hoo e leng hoa hae hobane e le Molimo, karolo ea Boraro-bo-bong? Kapa “botlalo” bo lutseng ka ho eena ke ntho eo a bileng le eona ka lebaka la qeto ea e mong osele? Ba-Kolosse 1:19 (KJ, Dy) e bolela hore botlalo bohle bo ahile ka ho Kreste ka hobane “ho khahlile Ntate” hore ho be joalo. NE e re ebile ka “boikhethelo ba Molimo.”
Nahana ka se potolohileng Ba-Kolosse 2:9 haufinyane: Temaneng ea 8, babali ba lemosoa ka hore ba se ke ba thetsoa ke ba buellang bohlale ba batho le lineano tsa batho. Hape ba bolelloa hore ‘matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patiloe’ ka ho Kreste ’me ba phehelloa hore ba ‘phele ka ho eena,’ le ‘ho tebisa metso ka ho eena, ba theoe ka ho eena, ba tiee tumelong.’ (Litemana 3, 6, 7) Ke ka ho eena, e seng ho basimolli kapa baruti ba bohlale ba batho, moo ho ahileng “botlalo” bo itseng ba bohlokoa. Na moapostola Pauluse moo o ne a re “botlalo” bo neng bo le ka ho Kreste bo entse Kreste Molimo? E seng ho ea ka Ba-Kolosse 3:1, moo ho boleloang hore Kreste o ‘lutse ka letsohong le letona la Molimo.’—Bona KJ, Dy, TEV, NAB.
Ho latela Greek-English Lexicon, ea Liddell le Scott the·oʹtes (sehlalosi, seo ho sona ho tsoang the·oʹte·tos) e bolela “bomolimo, sebopeho sa bomolimo.” (Oxford, 1968, leq. 792) Ho ba le “bomolimo” kannete, kapa ho ba le “sebopeho sa bomolimo” ha ho etse Jesu hore e le Mora oa Molimo a lekane kapa e be oa ka ho sa feleng le Ntate, joalokaha ’nete ea hore batho bohle ba kopanela “botho” kapa “sebopeho sa botho” e sa ba etse ba lekanang kapa hore ebe lithaka.
E re: “Re ntse re lebeletse tšepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha khanya ea Molimo o moholo, Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna.” (Mantsoe a joalo a fumanoa ho RS, NE, TEV, JB.) Leha ho le joalo, NW e re: “ha re ntse re emetse tšepo e thabileng le ponahalo e khanyang ea Molimo o moholo le ea ’Moloki oa rōna, Kreste Jesu.” (NAB le eona e ngotsoe joalo.)
Ke phetolelo efe e lumellanang le Tite 1:4, e buang ka “Molimo Ntate, le . . . Morena Jesu Kreste, ’Moloki oa rōna”? Le hoja Mangolo a boetse a bua ka Molimo e le ’Moloki, temana ena e khetholla ka ho hlakileng pakeng tsa Molimo le Kreste Jesu, eena eo Molimo o fanang poloko ka eena.
Ba bang ba phea khang hore Tite 2:13 e bontša hore Kreste ke Molimo le ’Moloki. Ho khahlisang, Bibele ea Sesotho, RS, NE, TEV, JB li ngola Tite 2:13 ka tsela e ka ’nang ea hlalosoa e le e lumellang maikutlo ao, empa ha li latele molao oo ha li fetolela 2 Ba-Thessalonika 1:12. Henry Alford, ho The Greek Testament, o re: “Nka bolela hore [phetolelo e khethollang Molimo le Kreste ka ho hlakileng, ho Tite 2:13] e lumellana le sohle se hlokoang ke molao oa ho ngoloa hoa puo oa polelo eo: hore ke e utloahalang haholo kahehong ea eona le ho se potolohileng taba, ’me e lumellana haholoanyane le tsela eo Moapostola a ngolang ka eona.”—(Boston, 1877), Moq. III, leq. 421.
Bona le sehlomathiso sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, maq. 1581, 1582.
E re: “Ha e le ka Mora, o itse: Molimo, terone ea hao e tiile ka ho sa feleng.” (RS, KJ, NE, TEV, Dy, JB, NAB li fetoletsoe ka ho tšoanang.) Leha ho le joalo, NW e re: “Empa mabapi le Mora: ‘Molimo ke terone ea hao kamehla le mehla.’” (AT, Mo, TC, By li fetisa maikutlo a tšoanang.)
Ke phetolelo efe e tumellanong le se potolohileng taba? Litemana tse tlang pele li bolela hore ho bua Molimo, e seng hore ho buuoa le oona; ’me temana e latelang e sebelisa polelo “Molimo, Molimo oa hao,” ho bontša hore eo ho buuoang le eena hase Molimo o Holimo-limo empa ke morapeli oa Molimo oo. Ba-Heberu 1:8 e qotsa ho Pesaleme ea 45:6, eo qalong e neng e tobisitsoe ho morena oa motho oa Iseraeleng. Ka ho totobetseng, mongoli oa Bibele oa pesaleme ena o ne a sa nahane hore morena enoa oa motho ke Molimo o Matla ’Ohle. Ho e-na le hoo, Pesaleme ea 45:6 e re “terone ea Molimo,” ho RS e re “terone ea hao ea bomolimo.” (NE e re “terone ea Hao e tšoana le terone ea Molimo.” JP [temana ea 7]: “Terone ea Hao eo u e filoeng ke Molimo.”) Salomone, eo mohlomong e leng eena morena eo ho neng ho buuoa le eena ho Pesaleme ea 45, ho ne ho thoe o lutse “teroneng ea Jehova.” (1 Likron. 29:23) Tumellanong le ’nete ea hore Molimo ke “terone,” kapa Mohloli le Mophahamisi oa borena ba Kreste, Daniele 7:13, 14 le Luka 1:32 li bontša hore Molimo o neile Kreste matla a joalo.
Ba-Heberu 1:8, 9 e qotsa ho Pesaleme ea 45:6, 7, eo ka eona seithuti sa Bibele B. F. Westcott se reng: “LXX. e lumela liphetolelo tsa mefuta e ’meli: [ho the·osʹ] e ka nkoa e le moetsuoa mabakeng ka bobeli (terone ea Hao, Oho Molimo, . . . ka baka leo, Oho Molimo, Molimo oa Hao . . .), kapa e ka nkoa e le moetsi tabeng ea pele (Molimo ke terone ea Hao, kapa terone ea hao ke Molimo . . .) ’me e tlatsana le [ho the·osʹ sou] tabeng ea bobeli (Ka baka leo Molimo, le oona Molimo oa Hao . . .). . . . Ha ho bonolo haholo hore [’Elo·himʹ] qalehong e ka tobisoa ho morena. Ka baka leo maikutlo a hanana le tumelo ea hore [ho the·osʹ] ke moetsuoa ho LXX. Ka hona tabeng eohle ho bonahala ho le molemo ho ngola poleloana ea pele ka tsela ena: Molimo ke terone ea Hao (kapa, terone ea Hao ke Molimo), ke hore ‘’muso oa Hao o theiloe holim’a Molimo, Lefika le sa sisinyeheng.’”—The Epistle to the Hebrews (London, 1889), maq. 25, 26.
KJ e re: “Hobane ho na le ba bararo ba beang bopaki leholimong, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe. ’Me ho na le ba bararo ba beang bopaki lefatšeng, moea, le metsi, le mali: ’me bana ba bararo ba lumellana ho a le mong.” (Dy le eona e akarelletsa serapa sena sa Boraro-bo-bong.) Leha ho le joalo, Bibele ea Sesotho ha e akarelletse mantsoe “leholimong, Ntate, Lentsoe, le Moea o Halalelang: ’me bana ba bararo ke ntho e le ’ngoe, ’me ho na le ba bararo ba beang bopaki lefatšeng.” (NW, RS, NE, TEV, JB, NAB le tsona li sia serapa sena sa Boraro-bo-bong.)
Ka serapa sena sa Boraro-bo-bong, mophenya-phenyi oa lingoliloeng F. H. A. Scrivener o ile a ngola: “Ha ho hlokahale hore re tsila-tsile ho bolela kholiseho ea rōna ea hore mantsoe ao ho hanyetsanoang ka oona ha a ka a ngoloa ke Mohalaleli Johanne: hore a kentsoe ka lekhetlo la pele likoping tsa Selatine tsa Afrika ho tloha ho se ngotsoeng kathoko ho leqephe, moo a ileng a phahamisoa le ho khabisoa temaneng ea 8: hore ho tloha Selatineng a ile a nyonyobela meqolong e ’meli kapa e meraro ea lingoliloeng tsa boholo-holo, ’me ho tloha moo a hatisoa mangolong a Segerike, sebaka seo a neng a se na tokelo ho sona.”—A Plain Introduction to the Criticism of the New Testament (Cambridge, 1883, khat. ea boraro.), leq. 654.
Bona le se ngotsoeng botlaaseng ba leqephe ka litemana tsena ho JB le sehlomathisong sa NW, khatiso ea Litšupiso ea 1984, leq. 1580.
Mangolo a mang ao ba Boraro-bo-bong ba reng a hlalosa likarolo tsa thuto ea bona
Hlokomela hore temana ea pele ho tsena e bua feela ka Mora; tse ling li bua ka Ntate le Mora, ha ho e buang ka Ntate, Mora, le Moea o Halalelang ’me e re ba etsa Molimo o le mong.
Ka seo Jesu a se buileng mona, na o ne a bolela hore o ne a tla itsosa bafung? Na hoo ho bolela hore Jesu ke Molimo, hobane Liketso 2:32 e re, “Molimo o tsositse Jesu eo”? Le hanyenyane. Maikutlo a joalo a ne a tla loantšana le Ba-Galata 1:1, e reng Jesu o tsositsoe ke Ntate, e seng ke Mora. Ha a sebelisa mantsoe a batlang a tšoana le ao ho Luka 8:48, Jesu o qotsoa a re ho mosali: “Tumelo ea hao e u pholositse.” Na mosali eo o ile a iphekola? Che; ke matla a tsoang ho Molimo ka Kreste a mo phekotseng hobane o ne a e-na le tumelo. (Luka 8:46; Lik. 10:38) Ka ho tšoanang, ka kutlo ea hae e phethahetseng e le motho, Jesu o fane ka motheo oa boitšoaro bakeng sa hore Ntate a mo tsose bafung, kahoo a lumela hore Jesu ke Mora oa Molimo. Ka lebaka la ho phela hoa Jesu ka botšepehi, ke ka tšoanelo ho neng ho ka thoe Jesu ka boeena o ne a ikarabella bakeng sa tsoho ea hae.
A. T. Robertson ho Word Pictures in the New Testament o re: “Hopola Johanne 2:19 moo Jesu a itseng: ‘’Me ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.’ O ne a sa bolele hore o tla itsosa bafung Ntate a sa nka karolo e khōlō (Ba-Roma 8:11).”—(New York, 1932), Moq. V, leq. 183.
Ha a ne a re, “’Na le Ntate, re bang,” na Jesu o ne a bolela hore ba ne ba lekana? Ba bang ba lumelang Boraro-bo-bong ba re ho joalo. Empa ho Johanne 17:21, 22, Jesu o ile a rapela mabapi le balateli ba hae: “Ba tle ba be bang,” ’me a eketsa, “ba tle ba be bang, joale ka ha rōna re le bang.” O sebelisitse lentsoe le tšoanang la Segerike (hen) bakeng sa “bang” mabakeng ana kaofela. Ka ho hlakileng, barutuoa ba Jesu ha ba fetohe karolo ea Boraro-bo-bong. Empa ba kopanela bonngoe ba morero le Ntate le Mora, bonngoe bo tšoanang le bo kopanyang Molimo le Kreste.
Ho lumela Boraro-bo-bong ho bea ba ho khomaretseng boemong bofe?
Ho ba bea boemong bo kotsi haholo. Bopaki ba hore thuto ea Boraro-bo-bong ha e fumanoe ka Bibeleng bo ke ke ba hanyetsoa, leha e le hore e tumellanong le se rutoang ke Bibele. (Bona maqephe a fetileng.) E emela Molimo oa ’nete hampe haholo. Empa leha ho le joalo, Jesu Kreste o itse: “Nako ea tla, le joale e setse e le eona, eo barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete; hobane Ntate o batla ba mo rapelang joalo. Molimo ke Moea: ba o rapelang e ka khona ba rapele ka moea le ka ’nete.” (Joh. 4:23, 24) Kahoo Jesu o hlakisitse hore bao borapeli ba bona bo seng “ka ’nete,” bo seng tumellanong le ’nete e beiloeng Lentsoeng la Molimo, hase “barapeli ba ’nete.” Ho baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba lekholong la pele la lilemo, Jesu o itse: “Le fetotse molao oa Molimo lefeela ka mokhoa oo le o neanang. Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.” (Matt. 15:6-9) Hoo ho sebetsa ka matla a lekanang kajeno ho ba Bokreste-’mōtoana ba buellang lineano tsa batho ho e-na le linnete tse hlakileng tsa Bibele.
Mabapi le Boraro-bo-bong, Tumelo ea Athanasia e bolela hore sebopeho sa litho tsa Boraro-bo-bong ha se “utloisisoe.” Ba rutang tumelo ena ba atisa ho bolela hore ke “’misteri.” Ka ho hlakileng Molimo o joalo oa Boraro-bo-bong hase oona oo Jesu a neng a hopotse ka oona ha a re: “Re rapela seo re se tsebang.” (Joh. 4:22) Na u hlile u tseba Molimo oo u o rapelang?
Bohle re talimane le lipotso tse tebileng: Na re rata ’nete ka sebele? Na re hlile re batla kamano e amohelehang le Molimo? Hase e mong le e mong ea ratang ’nete ka tieo. Ba bangata ba etellelitse pele ho amoheloa ke beng ka bona le metsoalle ea bona kapele ho ho rata ’nete le Molimo. (2 Ba-Thess. 2:9-12; Joh. 5:39-44) Empa, joalokaha Jesu a boletse thapelong e tlohang botebong ba pelo ho Ntate oa hae oa leholimo: “Bophelo bo sa feleng ke hore ba u tsebe, uena Molimo o ’notši oa ’nete, le Jesu Kreste eo u mo romileng.” (Joh. 17:3) ’Me Pesaleme ea 144:15 e bolela kannete: “Ho lehlohonolo sechaba seo Jehova e leng Molimo oa sona!”
Ha e Mong a Re—
‘Na u lumela Boraro-bo-bong?’
U ka ’na ua arabela: ‘Eo ke tumelo e ratehang haholo mehleng ea rōna. Empa na u ne u tseba hore Jesu le barutuoa ba hae ha baa ka ba e ruta? Ka hona, re rapela eo Jesu a itseng a rapeloe.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ha Jesu a ne a ruta, molao oo a itseng ke o moholo ho eohle ke ona . . . (Mar. 12:28-30).’ (2) ‘Ha ho mohla Jesu a kileng a re o lekana le Molimo. O itse . . . (Joh. 14:28).’ (3) ‘Ebe joale thuto ea Boraro-bo-bong e qalile hokae? Hlokomela seo libuka tse tsebisahalang tsa liphuputso li se bolelang ka eona. (Bona maqephe 91, 92.)’
Kapa u ka re: ‘Che, ha ke bo lumele. Taba ke hore, ho na le litemana tsa Bibele tseo ke neng ke sitoa ho li etsa hore li nyallane le tumelo eo. E ’ngoe ea tsona ke ena. (Matt. 24:36) Mohlomong u ka ntlhalosetsa eona.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Haeba Mora a lekana le Ntate, ho tla joang hore Ntate a tsebe lintho tseo Mora a sa li tsebeng?’ Haeba ba arabela ka hore hona e ne e le ’nete feela ha e ne e le motho oa nama, joale botsa: (2) ‘Empa ke hobane’ng ha moea o halalelang o sa tsebe?’ (Haeba motho a bontša thahasello ea sebele ’neteng, mo bontše seo Mangolo a se buang ka Molimo.) (Pes. 83:18; Joh. 4:23, 24)
Monyetla o mong: ‘Re lumela ho Jesu Kreste empa ha re lumele ho Boraro-bo-bong. Hobane’ng? Hobane re lumela seo moapostola Petrose a neng a se lumela ka Kreste. Hlokomela seo a se buileng . . . (Matt. 16:15-17).’
Tlhahiso e ’ngoe hape: ‘Ke fumana hore hase bohle ba nahanneng ka ntho e tšoanang ha ba bua ka Boraro-bo-bong. Mohlomong ke ne ke tla arabela potso ea hao hamolemo ha ke ne ke tseba seo u se bolelang.’ ’Me mohlomong u ka eketsa: ‘Ke ananela tlhaloso eo. Empa ke lumela feela se rutoang ke Bibele. Na u kile ua bona lentsoe “Boraro-bo-bong” ka Bibeleng? . . . (Haeba u sebelisa Bibele e nang le tatelano ea mantsoe ka qetellong, u ka e phetla.) Empa na ho na le moo Bibele e buang ka Kreste? . . . E, ’me re lumela ho eena. Hlokomela mona tatelanong ea mantsoe tlas’a “Kreste,” tšupiso e ’ngoe ke Mattheu 16:16. (E bale.) Ke sona seo ke se lumelang.’
Kapa u ka ’na ua arabela (haeba motho a hlokomelisa ka ho khetheha ka Johanne 1:1): ‘Ke tloaelane le temana eo. Liphetolelong tse ling tsa Bibele e re Jesu ke “Molimo,” (ka tlhaku e qalang e le khōlō) ’me tse ling li re ke “molimo” (ka tlhaku e qalang e le nyenyane). Ke hobane’ng ha ho le joalo?’ (1) ‘Na ebe mohlomong ke hobane temana e latelang e re o ne a le “ho Molimo”?’ (2) ‘Na ebe mohlomong hape ke ka lebaka la se fumanoang mona ho Johanne 1:18?’ (3) ‘Na u kile ua ipotsa hore na Jesu o na le eo a mo rapelang e le Molimo? (Joh. 20:17)’
‘Na u lumela bomolimo ba Kreste?’
U ka ’na ua arabela: ‘E, hantle haholo. Empa mohlomong ha kea hopola ka seo u se hopotseng ha u bua ka “bomolimo ba Kreste.”’ ’Me mohlomong u ka eketsa: (1) ‘Ke hobane’ng ha ke bua joalo? Ke hore, ho Esaia 9:6 Jesu Kreste o hlalosoa e le “Molimo o matla,” empa ke Ntate oa hae feela eo Bibele e keng e bue ka eena e le Molimo o Matla ’Ohle.’ (2) ‘’Me hlokomela hore ho Johanne 17:3 Jesu o bitsa Ntate oa hae “Molimo o ’notši oa ’nete.” Ka hona, ho ka mpang hoa boleloa ke hore Jesu ke lehlaseli feela la Molimo oa ’nete.’ (3) ‘Ho hlokoa eng ho rōna hore re khahlise Molimo? (Joh. 4:23, 24)’