Kahlolo ea Molimo Khahlanong le “Motho ea Hlokang Molao”
“Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong.”—MATTHEU 7:19.
1, 2. Motho ea hlokang molao ke eng, ’me o hlahile joang?
HA MOAPOSTOLA Pauluse a bululeloa ke Molimo hore a bolele esale pele ka ho tla ha “motho ea hlokang molao,” o ile a re o ne a se a ntse a qala ho bonahala esita le mehleng ea hae. Joalokaha sehlooho se ka pele se hlalositse, Pauluse o ne a bua ka sehlopha sa batho ba neng ba tla etella pele ho koeneheleng Bokreste ba ’nete. Ho furalla ’nete hoo ho qalile ho ea qetellong ea lekholo la pele la lilemo, haholo-holo ka mor’a lefu la moapostola oa ho qetela. Sehlopha se hlokang molao se ile sa tlisa lithuto le mekhoa e neng e le khahlanong le Lentsoe la Molimo.—2 Ba-Thessalonika 2:3, 7, NW; Liketso 20:29, 30; 2 Timothea 3:16, 17; 4:3, 4.
2 Ka mor’a nako, sehlopha sena se hlokang molao se ile sa hōla ho fetoha baruti ba Bokreste-’mōtoana. Matla a sona a ile a tiisoa ke hlooho ea ’muso ea Roma Constantine lekholong la bone la lilemo ha likereke tsa bokoenehi li matahanngoa le Naha ea bohedene. Ha Bokreste-’mōtoana bo ntse bo tsoela pele ho tsekoloha ho ba lihlotšoana tsa bokhelohi tse ngata-ngata, baruti ba ile ba tsoela pele ho iphahamisetsa ka holimo ho batho feela ’me hangata esita le ka holim’a babusi ba lefatše.—2 Ba-Thessalonika 2:4.
3. Qetello ea motho ea hlokang molao e tla ba efe?
3 Qetello ea motho ea hlokang molao e ne e tla ba efe? Pauluse o boletse esale pele: “Ea hlokang molao o tla senoloa, eo Morena Jesu a tla mo felisa . . . ’me a mo ripitle ka ponahatso ea boteng ba hae.” (2 Ba-Thessalonika 2:8, NW) Sena se bolela hore timetso ea baruti e tla etsahala ha Molimo o felisa tsamaiso eohle ea Satane. Molimo o sebelisa Morena oa leholimo ea behiloeng ke oona, Kreste Jesu, ho etella pele makhotla a mangeloi a phethahatsang kahlolo. (2 Ba-Thessalonika 1:6-9; Tšenolo 19:11-22) Baruti ba letetsoe ke qetello ena hobane ba hlomphollotse Molimo le Kreste ’me ba khelositse batho ba limillione borapeling ba ’nete.
4. Motho ea hlokang molao o tla ahloloa ka molao-motheo ofe?
4 Jesu o fane ka molao-motheo oo motho ea hlokang molao a neng a tla ahloloa ka oona, a re: “Phemang baprofeta ba bohata, ba tlang ho lōna ba apere kobo ea nku, empa kahare e le liphiri tse hapakang. Le tla ba tseba ka ho bea ha bona. Ana morara o khōloa meutloeng, kapa a lifeiga li khōloa libajoeng na? Efela sefate ka seng se monate se bea litholoana tse monate; le sefate ka seng se sebe se bea litholoana tse mpe. Sefate se monate se ka sitoa ho bea litholoana tse mpe, ’me sefate se sebe se ka sitoa ho bea litholoana tse monate. Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong. . . . Hase bohle ba reng ho ’na: Morena! Morena! ba tlang ho kena ’musong oa maholimo; empa ho tla kena ea etsang thato ea Ntate ea maholimong.”—Mattheu 7:15-21; bona le Tite 1:16; 1 Johanne 2:17.
Litholoana Tsa Bokreste Tse Ntle
5. Motheo oa litholoana tsa Bokreste tse ntle ke ofe, ’me taelo ea motheo ke efe?
5 Motheo oa litholoana tse ntle tsa Bokreste o boletsoe ho 1 Johanne 5:3, e reng: “Hobane ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona.” ’Me taelo ea motheo ke ena: “Rata oa heno joale ka ha u ithata.” (Mattheu 22:39) Ka hona, bahlanka ba ’nete ba Molimo ba tlameha ho rata baahisani ba bona ho sa tsotellehe morabe oa bona kapa bochaba.—Mattheu 5:43-48; Ba-Roma 12:17-21.
6. Lerato la Bokreste le tlameha ho bontšoa bo-mang ka ho khetheha?
6 Bahlanka ba Molimo ka ho khetheha ba tlameha ho rata bao e leng banab’abo bona ba moea. “E mong ha a re: Ke rata Molimo, ’me a hloea ngoan’abo, o leshano; hobane ea sa rateng ngoan’abo eo a ’monang, a ka tseba joang ho rata Molimo oo a sa o boneng? ’Me re filoe ke oona taelo ena, e reng: Ea ratang Molimo a rate le ngoan’abo.” (1 Johanne 4:20, 21) Jesu o boletse hore lerato leo e ne e tla ba letšoao le khethollang Bakreste ba ’nete: “Seo bohle ba tla tseba hobane le barutuoa ba ka ka sona, ke ha le ratana.”—Johanne 13:35; bona le Ba-Roma 14:19; Ba-Galata 6:10; 1 Johanne 3:10-12.
7. Bakreste ba ’nete ba tlamahane joang lefatšeng ka bophara?
7 Lerato la boena ke “sekhomaretsi” se tlamahanyang bahlanka ba Molimo bonngoeng: “Le apare lerato, e leng tlamo ea phetheho.” (Ba-Kolosse 3:14) ’Me Bakreste ba ’nete ba tlameha ho ba bonngoeng le baena ba bona lefatšeng ka bophara, hobane Lentsoe la Molimo lea laela: “Le bolele bohle taba e le ’ngoe; likhaohano li se ke tsa e-ba teng har’a lōna . . . le phethehe boikutlong bo le bong le khopolong e le ’ngoe.” (1 Ba-Korinthe 1:10) Ho boloka lerato lena le bonngoe lefatšeng lohle, bahlanka ba Molimo ba tlameha hore ba se nke lehlakore litabeng tsa lipolotiki tsa lefatše lena. Jesu o itse: “Hase karolo ea lefatše, feela joalokaha ke se karolo ea lefatše.”—Johanne 17:16, NW.
8. Jesu o bontšitse seo Bakreste ba tlamehang ho se etsa joang?
8 Jesu o ile a bontša tekanyo ea seo a neng a se hopotse ha Petrose a sebelisa sabole ho hlatha tsebe ea e mong oa banna ba neng ba tlil’o tšoara Jesu. Na Jesu o ile a khothalletsa ho sebelisa mabifi joalo esita le ho sireletsa Mora oa Molimo khahlanong le bahanyetsi? Che, empa o ile a re ho Petrose: “Busetsa sabole ea hao selateng sa eona.” (Mattheu 26:52) Ka hona, Bakreste ba ’nete ha ba kenelle lintoeng tsa lichaba kapa tšollong efe kapa efe ea mali a motho esita le haeba ho hana ho fella ka ho bolaeloa lefu ka lebaka la boemo ba bona ba ho se nke lehlakore, joalokaha ba bangata ba ’nile ba bolaoa joalo ho theosa le makholo a lilemo esita le nakong ea rōna. Baa tseba hore ke ’Muso oa Molimo feela tlas’a Kreste o tla felisa ntoa le tšollo ea mali ka ho sa feleng.—Pesaleme ea 46:9; Mattheu 6:9, 10; 2 Petrose 3:11-13.
9. (a) Histori e re bolella eng ka Bakreste ba pele? (b) See se fapane joang le malumeli a Bokreste-’mōtoana?
9 Histori e tiisa hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ke ke ba tšolla mali a motho. Eo e neng e le moprofesa oa thuto ea bolumeli Engelane, Peter De Rosa, oa ngola: “Ho tšolla mali e ne e le sebe se tebileng. Ke ka lebaka lena Bakreste ba neng ba le khahlanong le ho loana ka mokhoa oa papali mabaleng a lipapali. . . . Le hoja ntoa le ho sebelisa mabifi li ne li hlokahala ho boloka Roma, Bakreste ba ne ba ikutloa ba sitoa ho kenella. . . . Joaloka Jesu, Bakreste ba ne ba italima e le manģosa a khotso; e ne e ke ke ea e-ba likofuto tsa lefu boemong bofe kapa bofe.” Ka lehlakoreng le leng, malumeli a tsekolohileng a Bokreste-’mōtoana a ’nile a tlōla taelo ea lerato ’me a tšolla mali a mangata haholo. Ha ea ba manģosa a khotso empa ka makhetlo-khetlo e ’nile ea ba likofuto tsa lefu.
Babylona e Moholo e Molato oa Mali
10. Babylona e Moholo ke eng, ’me ke hobane’ng ha e bitsoa joalo?
10 Satane ke “’musi oa lefatše lena,” “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (Johanne 12:31, TLP; 2 Ba-Korinthe 4:4, NW) Karolo ea lefatše la Satane ke tsamaiso ea lefatše ka bophara ea bolumeli ba bohata eo a e hahileng ka makholo a lilemo, ho akarelletsa Bokreste-’mōtoana le baruti ba bona. Bibele e bitsa tsamaiso ena ea lefatše ka bophara ea bolumeli ba bohata “Babylona e moholo, ’m’a liotsoa [tsa moea] le a manyala a lefatše.” (Tšenolo 17:5) Metso ea malumeli a bohata a kajeno e tloha morao koana motseng oa boholo-holo oa Babylona, o neng o tetebetse ka har’a bolumeli ba bohata le lithuto le mekhoa e hlomphollang Molimo. Ke ka baka lena ho tšoanang le Babylona ea boholo-holo ho bitsoang Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata.
11. Bibele e re’ng ka Babylona e Moholo, hona hobane’ng?
11 Mabapi le Babylona ea bolumeli, Lentsoe la Molimo le re: “Ke ho oona ho fumanoeng mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng.” (Tšenolo 18:24) Ke joang malumeli a lefatše lee a ikarabellang ka mali a bohle ba bolailoeng? Ka hore malumeli ana kaofela—likereke tsa Bokreste-’mōtoana le malumeli ao e seng a Bokreste ka ho tšoanang—a ’nile a tšehetsa, a lumella, kapa a ba a etella pele lintoeng tsa lichaba; hape a ’nile a hlorisa le ho bolaea batho ba tšabang Molimo ba neng ba sa lumellane le ’ona.
Tlaleho e Hlomphollang Molimo
12. Ke hobane’ng ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba nyatseha le ho feta baeta-pele ba bang ba bolumeli?
12 Tšollong ea mali baruti ba Bokreste-’mōtoana ke ba nyatsehang le ho feta baeta-pele ba bang ba bolumeli. Hobane’ng? Hobane ho phaella tabeng ea ho inkela lebitso la Molimo, ba boetse ba nkile le la Kreste. Ka ho etsa joalo ba ile ba itlama ho latela lithuto tsa Jesu. (Johanne 15:10-14) Empa ha baa latela lithuto tseo, ka hona ba tlisitse thohako e khōlō lebitsong la Molimo le la Kreste. Boikarabelo ba baruti tšollong ea mali e bile bo tobileng, Lintoeng tsa Bokreste, lintoeng tse ling tsa bolumeli, makhotleng a otlang bakhelohi, le mahlorisong, le ka ho sa tobang, ka ho lumella lintoa tseo ho tsona litho tsa likereke li ’nileng tsa bolaea ba habo tsona ba linaheng tse ling.
13. Ke eng eo baruti ba neng ba ikarabella bakeng sa eona lekholong la bo11 ho ea ho la bo13 la lilemo?
13 Ka mohlala, ho tloha lekholong la bo11 ho ea ho la bo13 la lilemo, baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ile ba tlisa Lintoa tsa Bokreste. Lintoa tsena li ile tsa fella ka tšollo ea mali le khapo e tšabehang ka lebitso la Molimo le la Kreste. Ba makholo a likete ba ile ba bolaoa. Lintoa tsa Bokreste li ile tsa akarelletsa ho bolaoa ho se nang kelello ha bana ba likete ba ileng ba susumelletsoa ho kenella Ntoeng ea Bokreste ea Bana ea selemo sa 1212.
14, 15. Mongoli e mong oa Mok’hatholike o hlalosa seo Kereke ea K’hatholike e ileng ea se tlisa lekholong la bo13 la lilemo joang?
14 Lekholong la bo13 la lilemo, Kereke ea Roma e K’hatholike e ile ea amohela ka molao ntho e ’ngoe e sisimosang e hlomphollang Molimo—Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Le ile la qala Europe ’me la hasana ho ea Amerika Leboea le Amerika Boroa, la tšoarella ka lilemo tse fetang makholo a tšeletseng. Le qaliloe e bile le tšehelitsoe ke bapapa, e ne e le boiteko bo tletseng polao ba ho hlokofatsa le ho ntša ka metso bohle ba neng ba sa lumellane le kereke. Le hoja pele kereke e ne e ’nile ea hlorisa bao e seng Mak’hatholike, Lekhotla le Otlang Bakhelohi le ile la etsa ho fetang hoo haholo.
15 Peter De Rosa, ea boletseng hore eena ke “Mok’hatholike ea ratang naha,” bukeng ea hae ea haufinyane Vicars of Christ—The Dark Side of the Papacy o re: “Kereke e ne e ikarabella bakeng sa ho hlorisa Bajode, bakeng sa Lekhotla le Otlang Bakhelohi, bakeng sa ho bolaea bakhelohi ka likete, bakeng sa ho tlisa tlhokofatso bocha Europe e le karolo ea mosebetsi oa boahloli. . . . Bapapa ba ne ba khetha ba bile ba leleka lihlooho tsa mebuso, ba laela hore li qobelle bafo ba tsona Bokreste tlas’a tšokelo ea tlhokofatso le lefu. . . . Sehlabelo se entsoeng bakeng sa Molaetsa o Molemo e bile se tšabehang.” “Tlōlo” feela ea ba bang ba ileng ba bolaoa e ne e le hore ba ne ba e-na le Bibele.
16, 17. Ho boletsoe litlhaloso life ka Lekhotla le Otlang Bakhelohi?
16 Mabapi le Mopapa Innocent III oa qalong ea lekholo la bo13 la lilemo, De Rosa o re: “Ho ’nile ha lekanngoa hore mahlorisong a ho qetela le a tletseng bobatana ka ho fetisisa tlas’a Hlooho ea ’Muso [oa Roma] Diocletian [oa lekholong la boraro la lilemo] Bakreste ba ka bang likete tse peli ba ile ba shoa, lefatšeng ka bophara. Ketsahalong ea pele e sehlōhō ea Ntoa ea Bokreste ea Mopapa Innocent [khahlanong le “bakhelohi” Fora] batho ba etsang palo e menang eo haleshome ba ile ba bolaoa. . . . Ho tla e le ho nyarosang ho sibolla hore, ka ho panya ha leihlo, mopapa o ile a bolaea Bakreste ba bangata haholo ho feta Diocletian. . . . [Innocent] ha aa ka a ba lihlong ka ho sebelisa lebitso la Kreste ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo Kreste a neng a e hanyetsa.”
17 De Rosa o bolela hore “ka lebitso la mopapa, [litho tsa lekhotla le otlang bakhelohi] li ne li ikarabella bakeng sa tlhaselo e tletseng bobatana ka ho fetisisa le e ntšetsoang pele khahlanong le seriti sa botho historing ea moloko oa batho.” Mabapi le setho sa lekhotla le otlang bakhelohi Torquemada oa Dominic Spain, o re: “O ile a khethoa ka 1483, a busa ka bompoli ka lilemo tse leshome le metso e mehlano. Batho bao a ileng a ba etsa hampe ba ne ba le ka holimo ho 114 000 ka palo bao har’a bona ba 10 220 ba ileng ba chesoa.”
18. Sengoli se seng se hlalosa Lekhotla le Otlang Bakhelohi joang, ’me se fana ka lebaka lefe bakeng sa ho ba teng ha lona ka lilemo tse fetang makholo a tšeletseng?
18 Sengoli sena se qetella ka hore: “Tlaleho ea Lekhotla le Otlang Bakhelohi e ne e tla ba e hlabisang lihlong bakeng sa mokhatlo leha e le ofe o hlophisitsoeng; bakeng sa kereke e K’hatholike, ke e sithabetsang. . . . Seo histori e se bontšang ke hore, ka lilemo tse makholo a tšeletseng ho se na khefu, bapapa e ile ea e-ba lira tse ikemiselitseng tsa toka ea motheo. Ho bapapa ba mashome a robeli ba hlahlamanang ho tloha lekholong la bo13 la lilemo ho ea pele, ha ho lea mong oa bona ea ileng a nyatsa thuto ea bolumeli le ho sebelisoa ha Lekhotla le Otlang Bakhelohi. Ho fapana le hoo, ka ho latellana e mong le e mong o ile a phaella ka tšehetso ea hae e sehlōhō mesebetsing ea sehlopha sena se bolaeang. Sephiri ke sena: ke joang bapapa ba neng ba ka tsoela pele ka bokhelohi boo bo totobetseng melokong le melokong? Ke joang ba neng ba ka hana Molaetsa o Molemo oa Jesu ntlheng e ’ngoe le e ’ngoe?” Oa arabela: “Bapapa ba ile ba ikhethela ho hanyetsa Molaetsa o Molemo ho e-na le eo ba mo hlahlamang ‘ea sa foseng,’ hobane hono ho ne ho tla felisa tlhahlamano ea bapapa ka bobona.”
19. Mosebetsi o mong o hlokang molao oo boholo ba baruti ba ileng ba o lumella ke ofe?
19 Ho hong ho hlokang molao e bile karolo eo baruti ba ileng ba e phetha ho theoeng ho mabifi ha bokhoba. Lichaba tsa Bokreste-’mōtoana li ile tsa koetela Maafrika a likete tse ngata, tsa a isa hōle le linaha tsa habo ’ona, ’me ka makholo a lilemo tsa a hlokofatsa hampe ’meleng le kelellong e le makhoba. Ha ho bapisoa ke ba seng bakae sehlopheng sa baruti ba ileng ba hanyetsa hoo ka tieo. Ba bang ba bona ba ne ba bile ba bolela hore ke thato ea Molimo.—Bona Mattheu 7:12.
Molato oa Mali Lekholong la Bo20 la Lilemo
20. Molato oa mali oa motho ea hlokang molao o fihlile tlhōrōng joang lekholong lee la lilemo?
20 Molato oa mali oa motho ea hlokang molao o ile oa fihla tlhōrōng lekholong la rōna la lilemo. Baruti ba ’nile ba tšehetsa lintoa tse nkileng bophelo ba batho ba mashome a limillione, lintoa tse mpe ka ho fetisisa historing eohle. Ba ile ba tšehetsa mahlakore ka bobeli lintoeng tse peli tsa lefatše, tseo ho tsona batho ba bolumeli bo le bong, “baena,” ba ileng ba bolaeana. Ka mohlala, Ntoeng ea II ea Lefatše, Mak’hatholike a Fora le a Amerika a ile a bolaea Mak’hatholike a Jeremane le a Italy; Maprostanta a Brithani le a Amerika a ile a bolaea Maprostanta a Jeremane. Ka linako tse ling, a ile a bolaea ba bang bao e neng e se feela ba bolumeli bo le bong empa hape e le ba semelo se le seng sa bochaba. Lintoa tse peli tsa lefatše li ile tsa qhoma khubung ea ’Muso oa Bokreste-’mōtoana ’me li ka be li sa ka tsa e-ba teng hoja baruti ba ile ba mamela taelo ea lerato, ’me ba ruta balateli ba bona ho etsa se tšoanang.
21. Lingoloa tsa lefatše li re’ng ka ho kenella ha baruti ntoeng?
21 The New York Times e ile ea tiisa: “Nakong e fetileng e batla e le ka mehla ba boholong K’hatholike libakeng ka ho fapana ba neng ba tšehetsa lintoa tsa lichaba tsa habo bona, ba hlohonolofatsa mabotho ’me ba rapella tlhōlo, ha sehlopha se seng sa babishopo ka lehlakoreng le leng se ntse se rapela phatlalatsa bakeng sa phello e khahlanong le eo. . . . Khanyetsano e pakeng tsa moea oa Bokreste le boitšoaro ba ntoa . . . e bonahala e ntse e hlaka ka ho eketsehileng ho ba bangata, ha libetsa e ntse e e-ba tse kotsi haholoanyane.” ’Me U.S.News & World Report e boletse: “Botumo ba Bokreste lefatšeng bo sentsoe ka mokhoa o tebileng ke makhetlo a mangata ao ka ’ona lichaba tseo ho thoeng ke tsa Bokreste li ’nileng tsa sebelisa mabifi.”
22. Ntho e ’ngoe hape eo baruti ba ikarabellang ka eona mehleng ea rōna ke efe?
22 Hape, le hoja ho se Lekhotla le Otlang Bakhelohi la molao kajeno, baruti ba ’nile ba sebelisa matla a Naha ho hlorisa “baprofeta” le “bahalaleli” ba fapaneng le bona. Ba ’nile ba hatella baeta-pele ba lipolotiki ho ‘loha mano a ho hlorisa tlas’a lekoko la molao.’ Ka tsela ena, ba tlisitse kapa ba ananetse ho thibeloa, ho kenngoa teronkong, ho otloa, ho hlokofatsoa, esita le ho shoa ha batho ba tšabang Molimo lekholong la rōna la lilemo.—Tšenolo 17:6; Pesaleme ea 94:20, The New English Bible.
Ba Bitsetsoa ho Tla Ikarabella
23. Ke hobane’ng ha Molimo o tla bitsa motho ea hlokang molao ho tla ikarabella?
23 Ruri bolumeling ba bohata ho fumanoe mali a baprofeta, le a bahalaleli, le a bohle ba bolailoeng lefatšeng. (Tšenolo 18:24) Kaha tšollo ea mali e mpe ka ho fetisisa e hlahile Bokreste-’mōtoaneng, molato oa baruti ke o moholo ka ho fetisisa. Ke ho nepahetseng hakaakang ha Bibele e ba bitsa “motho ea hlokang molao”! Empa Lentsoe la Molimo le boetse le re: “Le se ke la thetsoa, Molimo ha o songoe; hobane seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Galata 6:7) Kahoo Molimo o tla bitsa baruti ba ba hlokang molao ho tla ikarabella.
24. Ke liketsahalo life tse tla sisinya lefatše tse tla etsahala haufinyane?
24 Jesu o itse: “Tlohang ho ’na, lōna ba sebetsang ho hloka molao.” (Mattheu 7:23, NW) Hape a phatlalatsa: “Sefate se seng le se seng se sa beeng litholoana tse monate, se tla rengoa, se lahleloe mollong.” (Mattheu 7:19) Nako e atamela ka potlako bakeng sa bofelo bo bohale ba motho ea hlokang molao, hammoho le bolumeli bohle ba bohata, ha likarolo tsa lipolotiki tseo bo ’nileng ba iketsa seotsoa le tsona li bo fetohela: “Li tla hloea seotsoa, li se felise, li se hlobolise, li je nama tsa sona, ’me li se chese mollong.” (Tšenolo 17:16) Kaha liketsahalo tse joalo tse tla sisinya lefatše li haufi le ho etsahala, bahlanka ba Molimo ba tlameha ho li tsebisa ba bang. Sehlooho se latelang se tla hlahloba hore na ba ’nile ba etsa sena joang.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Motho ea hlokang molao ke eng, ’me o ile a hōla joang?
◻ Litholoana tse ntle tseo Bakreste ba ’nete ba tlamehang ho li hlahisa ke life?
◻ Babylona e Moholo ke mang, ’me o molato oa mali hakae?
◻ Ke tlaleho efe e hlomphollang Molimo eo motho ea hlokang molao a e entseng?
◻ Molimo o tla bitsa motho ea hlokang molao ho tla ikarabella joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lintoa tsa Bokreste li ile tsa fella ka tšollo e tšabehang ea mali e entsoeng ka lebitso la Molimo le la Kreste
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
By courtesy of The British Library
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
“E batla e le ka mehla ba boholong K’hatholike libakeng ka ho fapana ba neng ba tšehetsa lintoa tsa lichaba tsa habo bona”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
U.S. Army