Na re Phela Mehleng ea Qetello?
POLELO “linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona” e fetoletsoe ho tsoa ho kai·roiʹ kha·le·poiʹ ea Segerike. (2 Timothea 3:1, NW) Lentsoe kha·le·poiʹ ke bongata ba lentsoe leo ha e le hantle le bolelang “mabifi” ’me le fetisa mohopolo oa tšoso le kotsi. Mohlalosi e mong oa Bibele o bolela hore lentsoe lena le supa “tlhaselo e tšosang ka ho fetisisa ea bobe.” Ka hona, le hoja linako tse fetileng li bile le pherekano, ‘mehla ea qetello’ e ne e tla ba mabifi ka ho khethehileng. Joalokaha 2 Timothea 3:13 (NW) e hlalosa, “batho ba khopo le bathetsi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo eketsehileng.”
Na sena se hlalosa mehla ea rōna? Ha re ke re hlahlobisiseng bo bong ba bopaki bo tobileng bo tlalehiloeng ho 2 Timothea 3:2-5 (NW) ho bona haeba bo bontša hore re phela mehleng ea qetello.
“Batho e tla ba . . . ba ratang chelete.”—2 Timothea 3:2, NW.
Ho qhekella, kamoo U.S.News & World Report e ho bitsang kateng ho fetohile “boitšoaro bo hlephileng ka ho feletseng ba tlōlo ea molao moruong.” United States, ho qhekella ho etsoang tlhokomelong ea bophelo feela ho lekana le chelete e mahareng a lidolara tse limilione tse likete tse 50 (liranta tse limilione tse likete tse 181) le lidolara tse limilone tse likete tse 80 (liranta tse limilione tse likete tse 290) selemo le selemo. Ka masoabi, bolotsana bo joalo ke kobo-anela. Ho joalokaha mopresidente oa Setsi sa Litekanyetso tsa Mehloli ea Batho Gary Edwards a bolela, re na le “tloaelo ea hore ka linako tse ling re hlomphe ho se tšepahale.” Oa hlalosa: “Re thoholetsa likebekoa, bo-ralipolotiki, bo-rakhoebo, ba hanyapetsang ’muso ’me ba sa fumane kotlo.”
“Ba ikhohomosang.”—2 Timothea 3:2, NW.
Motho ea ikhohomosang o shebela batho ba bang tlaase ka ho ba nyatsa. Sena se hlakile hakakaang leemeng la bochaba le bomorabe kajeno! The Globe and Mail ea Toronto, Canada, e re: “Lihlotšoana tsohle tse nyenyane ke tsona bahlaseluoa. Pefo ea morabe ea eketseha Jeremane, mokha oa Ku Klux Klan o iphile matla United States ’me li-swastika li senya ponahalo ea litselana tsa Toronto le lisynagoge.” Irving Abella, mopresidente oa Mokhatlo oa Bajode oa Canada, o re: “Re bona pefo ea merabe hohle: Sweden, Italy, Holland le Belgium esita le Jeremane.”
“Ba sa utloeng batsoali.”—2 Timothea 3:2.
The Toronto Star ea hlokomela: “Ho lumeloa hore batho ba hlahileng ka mor’a ntoa ea bobeli ea lefatše ke bona ba hōlisitseng moloko oa mahehle, o ratang likhohlano, le o mekhoa e mebe o bileng o hlokang tlhompho.” Hangata bofetoheli bo simollang lapeng bo bonahala boitšoarong ba ngoana sekolong. Tichere e ’ngoe e hlokometse hore bana ba ka bang lilemo tse ’nè ba tseba ho arabisa motho hampe. E itse: “Matichere a qeta nako e ngata a sebetsana le boitšoaro ho feta ho ruta.” Bonneteng hase bacha bohle bao e leng bafetoheli. Leha ho le joalo, “e le tloaelo,” kamoo ho hlokomelang tichere ea sekolo se phahameng Bruce MacGregor, “ho bonahala ba sa hlomphe ntho leha e le efe.”
“Ba se nang kameho e lerato ea tlhaho.”—2 Timothea 3:3, NW.
Mehla ea qetello e ne e tla bonoa ka tšenyeho e hlokomelehang lapeng—e leng moo ho feta kae kapa kae, lerato la tlhaho le lokelang ho ba le ngata. The New York Times e tlaleha hore “pefo ea lelapa ke eona sesosa se seholo sa likotsi le mafu a basali ba Maamerika, e baka likotsi tse ngata ho feta likotsi tsa makoloi, lipeto le litlhaselo li kopane.” Litlhekefetso tse ngata tsa bana li etsoa ke litho tsa lelapa tse tšeptjoang. Sekhahla sa tlhalo, ho hlekefetsoa ha ba hōlileng, le ho ntša mpa ho boetse ho fana ka bopaki ba hore ba bangata ba “haelloa ka ho feletseng . . . ke lerato la tlhaho.”—Phillips.
“Ba bohale ka ho tšosang, ba sa rateng molemo.”—2 Timothea 3:3, NW.
Mongoli oa koranta Bob Herbert oa ngola: “Bacha ba babolai ha ba hloke lebaka la ho bolaea motho e mong. Bana ba bangata ka cheseho ba amohetse khopolo ea ho bolaea motho e mong ‘ntle ho lebaka.’” Esita le batsoali ba bang ho bonahala ba haelloa ke maikutlo a boitšoaro. Ha sehlopha sa bashemane se ne se qosoa ka hore na ke mang ea neng a tla hlolisa ba bang mabapi le ho ba le likamano tsa botona le botšehali le banana ba bangata, ntate e mong o ile a re: “Ha ho letho le lebe leo mor’a ka a le entseng leo moshemane ea matla oa Leamerika a neng a ke ke a le etsa ha a le lilemong tsa hae.”
“Barati ba menyaka ho e-na le ho rata Molimo.”—2 Timothea 3:4, NW.
Ho latela khakanyetso e ’ngoe, bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba qeta lihora tse 15 le thepa ea motlakase ea mecha ea boithabiso bakeng sa hora e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e qetang le sehlopha sa bolumeli. Altoona Mirror ea tlaleha: “Kajeno, mokhoa oa bophelo oa sechaba o susumetsoang ka matla ke mecha ea puisano e atlehang haholo mabenkeleng a maholo le liphasejeng tsa sekolo o laola bophelo ba bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Joale ho latela tšusumetso ea lelapa. Tšusumetso ea kereke [e] tlaase-tlaase letotong lena.” Mirror e boetse e bolela hore, “haeba batsoali ba le sieo, ’me likereke li sa fane ka likarabo, joale mecha ea khaso ke eona e nang le tšusumetso e matla ka ho fetisisa bophelong ba bacha.”
“Ba nang le mofuta oa boinehelo ba bomolimo empa ba ipaka ba sa tšepahalle matla a bona.”—2 Timothea 3:5, NW.
’Nete ea Bibele e na le matla a ho fetola bophelo. (Ba-Efese 4:22-24) Empa tse ling tsa liketso tseo e seng tsa bomolimo li etsahala lebitsong la bolumeli. Mohlala o utloisang bohloko ke oa baruti ba hlekefetsang bana ka likamano tsa botona le botšehali. Ho latela The New York Times, ’muelli oa molao United States “o bolela hore o sa emetsoe ke linyeoe tse 200 lebitsong la basireletsuoa ba bolelang hore ba ile ba hlekefetsoa ke baprista linaheng tse 27.” Ka sebele, mofuta leha e le ofe oa boikhakanyo ba boinehelo ba bomolimo oa baruti bana o pepesoa ke boikaketsi ba bona le mesebetsi e khopo.
BOPAKI BO EKETSEHILENG BA MEHLA EA QETELLO
2 TIMOTHEA 3:2-4 (NW) E BOETSE E BOLELA HORE BATHO E TLA BA . . .
□ Ba ikhopolang ho tlōla
□ Banyefoli
□ Ba sa leboheng
□ Ba sa tšepahaleng
□ Ba sa bulehelang tumellano leha e le efe
□ Baetselletsi
□ Ba se nang boitšoaro
□ Baeki
□ Ba lihlooho li thata
□ Ba tletseng boikakaso
“PONTŠO EA HO BA TENG HA HAO”
Nakoana pele ho lefu la hae, Jesu o ile a botsoa: “Pontšo ea ho ba teng ha hao le ea ho fela ha tsamaiso ea lintho e tla ba efe?” (Mattheu 24:3, NW) Jesu o ile a bolela ka ho toba maemo le liketsahalo tse neng li tla tšoaea mehla ea qetello. Ha re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.
“Sechaba se seng se tla tsohela sechaba se seng matla, ’muso o mong o loantše ’muso o mong.”—Mattheu 24:7.
“Lekholo la mashome a mabeli la lilemo—le hoja ka kakaretso e le le leng la ntlafatso ea bophelo ba sechaba le kameho e phahameng ea ’muso ka bophelo ba mafutsana—le ’nile la laoloa ke lithunya tsa merathatha, litanka, lifofane tse lihang libomo tsa B-52, libomo tsa nyutlelie, ’me qetellong, limisaele. Le ile la tšoauoa ka lintoa tse bileng le tšollo ea mali le tse senyang ho feta tsa mehla leha e le efe.”—Milestones of History.
“Litšisinyeho tsa lefatše libakeng ka ho latellana.”—Mattheu 24:7, NW.
Lekholong lena la lilemo, litšisinyeho tsa lefatše tsa tekanyo ea 7,5 ho isa ho 8,3 sekaleng sa Richter li bile teng Chaena, Chile, India, Iran, Italy, Japane, Peru, le Turkey.
“Ho tla ba le lipontšo tse tšosang.”—Luka 21:11, NW.
Ka lebaka la tsoelo-pele e tšosang lilemong tsa morao tjena, mohlomong tšabo ke ntho e ’ngoe e khōlō ka ho fetisisa maikutlong bophelong ba batho. Batho ba tšaba ntoa, bonokoane, tšilafalo, mafu, ho phahama ha theko ea lintho le lintho tse ling tse ngata tse sokelang tšireletso le bophelo ba bona.
“Litlala.”—Mattheu 24:7.
Makasine oa New Scientist o ile oa tsebisa sehloohong sa litaba: “Tlala ea Sekoboto ea Eketseha ha Lihlopha Tsa Thuso li Ntse li Qothisana Lehlokoa.” Ho latela eo e neng e le mopresidente oa United States, tlala e sokela ho ripitla polanete ena nakong ea lilemo tse mashome a mabeli. Sehlooho seo se ile sa hlokomela: “Ho sa tsotelehe ponelo-pele e joalo e tšosang, thuso eo linaha tse ruileng li fanang ka eona ntšetso-peleng ea temo linaheng tse hōlang moruong e ntse e fokotseha ka sekhahla.”
“Mafu libakeng ka ho latellana.”—Luka 21:11, NW.
Ho latela lemuloana la litsebi, ho loantša AIDS ha ’muso oa United States—ho bitsa chelete e fetang lidolara tse limilione tse 500 (liranta tse limilione tse 1 815) selemo le selemo—ho ’nile ha bitsoa ho hlōleha ho soabisang. Dr. Donna Sweet ea sebetsanang le bakuli ba ka bang 200 ho isa ho ba 300 oa hlokomelisa: “Re lahleheloa ke mosebetsi oa moloko ’ohle ka lebaka la AIDS.” Hona joale United States, AIDS ke eona sesosa se itlhommeng pele sa lefu la banna ba mahareng a lilemo tse 25 ho isa ho tse 44.
“Keketseho ea ho hloka molao.”—Mattheu 24:12, NW.
Phuputso ea United States har’a bacha ba 2 500 e senotse hore karolo ea 15 lekholong e kile ea ba le sethunya nakong e itseng matsatsing a 30 a fetileng, ba etsang karolo ea 11 lekholong ba kile ba thunngoa selemong se fetileng, ’me ba etsang karolo ea 9 lekholong ka nako e ’ngoe ba kile ba thunya motho.
KE ENG SE LARILENG KA PELE?
Joalokaha re bone, motho o khelohile tsela e nepahetseng, o hōle haholo le lefatše la khotso. Ka lebaka la ho hlaka ha lintho tsena, maemo a boletsoeng ka holimo ke a ke keng a lekanngoa. Ka sebele, lelapa la moloko oa batho le iphumana le le sebakeng seo le sa se tsebeng. Le feta nakong e bitsoang mehla ea qetello.
Ke eng se tla latela kamor’a nako ee?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 4]
Michael Lewis/Sipa Press